Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • sp maq. 28-29
  • Bokamoso bo Tsotehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokamoso bo Tsotehang
  • Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bafu ba Tla Phela Hape!
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho Silakanya Hlooho ea Noha
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Jesu o Matla ho Feta Bademona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Thuto ea Bomolimo Khahlanong le Lithuto tsa Bademona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
sp maq. 28-29

Bokamoso bo Tsotehang

Satane le bademona ba hae ba ke ke ba hlola ba thetsa batho ka nako e telele. Jehova o se a ba lahletse ntle leholimong. (Tšenolo 12:9) Haufinyane, Molimo o tla boela o nka khato ea ho loantša Satane le bademona ba hae. Ponong e neng e tsoa ho Molimo, moapostola Johanne o itse: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona, hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe.” (Tšenolo 20:1-3) Hamorao, Diabolose le bademona ba hae ba tla timetsoa ka ho sa feleng.—Tšenolo 20:10.

Batho ba babe ba leng lefatšeng le bona ba tla felisoa.—Pesaleme ea 37:9, 10; Luka 13:5.

Bafu ba Tla Phela Hape!

Ka mor’a hore Satane le bademona ba tlosoe tseleng, Jehova o tla tlisetsa batho mahlohonolo a mangata. U tla hopola hore bafu ha ba phele, ha ba eo. Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko—boroko bo tebileng boo ho bona motho a sa loreng litoro. (Johanne 11:11-14) O ile a etsa joalo hobane o ne a tseba hore nako e tla tla eo ka eona ba robetseng lefung ba neng ba tla tsosoa hore ba boele ba phele. O itse: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla . . . tsoa ho ’ona.”—Johanne 5:28, 29; bapisa le Liketso 24:15.

Ba tla tsosetsoa mona lefatšeng. Ho e-na le hore ho be le lipehi tsa bafu, ho tla ba le litlaleho tse thabisang tse bolelang ka ba tsositsoeng! E tla ba thabo e kaakang ho amohela baratuoa ba tsoang mabitleng!

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Haufinyane Satane le bademona ba tla etsoa hore ba se hlole ba sebetsa

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Bafu ba tla tsosoa hore ba boele ba phele lefatšeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela