Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 11/15 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Silakanya Hlooho ea Noha
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Bokamoso bo Tsotehang
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Motsoalle oa Rōna e Moholo ka ho Fetisisa o Sebakeng sa Moea
    Tsoha!—1996
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 11/15 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Bademona ba tla be ba le hokae nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete?

Bibele ha e arabe potso ena ka ho toba. Leha ho le joalo, re ka fihlela qeto e utloahalang tabeng ea hore na bademona ba tla be ba le hokae nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.

Ha a fana ka tlhase ea hore na ho tla etsahala eng qalong le qetellong ea Lilemo tsena Tse Sekete, moapostola Johanne o re: “Ka bona lengeloi le theoha leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlō letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me la e tlama ka lilemo tse sekete. La e lihela ka mohohlong ’me la o koala le ho o tiisa holim’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile. Ka mor’a lintho tsena e tla lokolloa ka nakoana.” (Tšenolo 20:1-3) Litemana tsena li bua feela ka hore Satane o tla kenngoa mohohlong le hore qetellong o tla lokolloa ka nakoana. Le hoja ho sa buuoa ka bademona, hoa utloahala hore ha lengeloi le nang le senotlolo sa mohohlo—Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng—a tšoara Diabolose a bile a mo kenya ka mohohlong, o tla etsa se tšoanang ka bademona.—Tšenolo 9:11.

Ha Jesu Kreste e e-ba Morena leholimong ka 1914, o ile a nka khato eo Satane hammoho le bademona ba ileng ba utloa liphello tse tebileng tsa eona. Tšenolo 12:7-9 e re: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone, ’me drakone le mangeloi a eona [bademona] ba loana empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.” Ho tloha ka nako eo, Satane le bademona ba hae ba ’nile ba koalloa lefatšeng. Hoa utloahala ho nahana hore ha Jesu Kreste a nka bohato bo boholoanyane ba ho thibela mosebetsi oa Satane e le hore a ka lokolla lefatše tšusumetsong ea Satane e khopo, O tla etsa se tšoanang le ka bademona.

Ak’u boele u hlokomele boprofeta ba pele ba Bibele. Bo baleha tjena: “[’Na Molimo] ke tla beha bora pakeng tsa hao [Satane] le mosali [mokhatlo oa Jehova oa leholimo] le pakeng tsa peō ea hao [ea Satane] le peō ea hae [Jesu Kreste]. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 3:15) Ho khojoa ha hlooho ea noha ho akarelletsa ho kenngoa ha Satane ka mohohlong nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Boprofeta bona bo tsoela pele ho bolela hore ho na le bora pakeng tsa Ea khobang le peō ea Satane. Peō ena, kapa mokhatlo, e akarelletsa karolo e sa bonahaleng ea mangeloi a khopo kapa bademona. Kahoo, hoa utloahala ho etsa qeto ea hore ha Jesu a kenya Satane ka mohohlong, o boetse o tlama bademona le ho ba koalla ka mohohlong. Ntlha ea hore ebe meea e mebe e bontšitse hore e tšaba mohohlo haholo ke pontšo ea hore ea tseba hore e tla tlangoa.—Luka 8:31.

Leha ho le joalo, na ho ka khoneha hore ebe Tšenolo 20:1-3 ha e bue ka bademona hobane ba tla be ba felisitsoe ka Armagedone hammoho le karolo e bonahalang ea peō ea Satane? Bibele ha e bontše eka ho ka ba joalo. Mabapi le se reriloeng bakeng sa qetello ea Satane e re: “Diabolose ea neng a li khelosa a liheloa ka letšeng la mollo le sebabole, moo sebata le moprofeta oa bohata ba neng ba se ba le hona teng; ’me ba tla hlokofatsoa bosiu le motšehare ka ho sa feleng le kamehla.” (Tšenolo 20:10) Sebata le moprofeta oa bohata ke mekhatlo ea lipolotiki ebile ke karolo ea mokhatlo oa Satane o bonahalang. (Tšenolo 13:1, 2, 11-14; 16:13, 14) Karolo ena e tla felisoa ka Armagedone, ha ’Muso oa Molimo o silakanya le ho felisa mebuso eohle ea lefatše. (Daniele 2:44) Bibele e bua ka ‘mollo o sa feleng o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae.’ (Matheu 25:41) Satane le bademona ba hae ba tla liheloa ‘ka letšeng le le leng la mollo le sebabole’ hammoho le sebata le moprofeta oa bohata ka kutloisiso ea hore le bona ba tla timetsoa ka ho sa feleng. Haeba bademona, e leng karolo e sa bonahaleng ea moea e matla haholo ea peō ea Satane, ba ne ba tla be ba felisitsoe ka Armagedone, ka sebele ho ka be ho boletsoe hore bademona ba se ba le ka letšeng la tšoantšetso le sebata le moprofeta oa bohata. Hore ebe ha ba eo ho Tšenolo 20:10 ho bontša hore bademona ha ba na ho timetsoa ka Armagedone.

Ha hoa boleloa ka ho toba hore bademona ba liheloa ka mohohlong, ebile ha hoa boleloa ka ho khetheha hore ba lokolloa mohohlong. Leha ho le joalo, phello ea bona e tšoana le ea Diabolose. Ka mor’a ho lokolloa le Diabolose ’me ba sebetsa hammoho le eena nakong ea teko ea ho qetela ea moloko oa batho qetellong ea lilemo tse sekete, bademona le bona ba tla lahleloa ka letšeng la mollo ’me kahoo ba tla timetsoa ka ho sa feleng.—Tšenolo 20:7-9.

Kahoo, le hoja Tšenolo 20:1-3 e bua feela ka hore Satane o tla tšoaroa le ho liheloa ka mohohlong moo a se nang ho etsa letho, hoa utloahala ho etsa qeto ea hore mangeloi a hae le ’ona a tla be a tlanngoe le ho koalloa ka mohohlong. Satane le lekhotla la hae la bademona ba ke ke ba lumelloa hore ba kena-kenane le morero oa Molimo oa ho fetola lefatše paradeise le ho khutlisetsa moloko oa batho phethehong nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela