Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 12/8 maq. 8-10
  • Motsoalle oa Rōna e Moholo ka ho Fetisisa o Sebakeng sa Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motsoalle oa Rōna e Moholo ka ho Fetisisa o Sebakeng sa Moea
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bademona ba Batla Borapeli ba Rōna
  • Borapeli bo ea ho Jehova
  • Makhotla a Khopo a Tla Felisoa
  • Bokamoso bo se Nang Bokhopo
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bofetoheli Sebakeng sa Moea
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Ke Bo-mang ba Phelang Sebakeng sa Moea?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Ke Bo-mang ba Phelang Leholimong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 12/8 maq. 8-10

Motsoalle oa Rōna e Moholo ka ho Fetisisa o Sebakeng sa Moea

BIBELE e re neha setšoantšo se hlakileng sa ba phelang sebakeng sa moea. Jehova Molimo ke ea phahameng ka ho fetisisa leholimong. Jesu Kreste ke ea latelang Jehova ka matla le bolaoli. Mangeloi a tšepahalang ho Molimo a sebeletsa e le basebeletsi ba Molimo hammoho le ba batho ba hae ba lefatšeng. Satane le bademona ba hae ba hanyetsa Molimo ’me ba khelosa batho. Bafu ba robetse lefung ho fihlela ha Molimo a ba tsosa bafung.

Bademona ba Batla Borapeli ba Rōna

Kaha bafu ha ba phele, ha ho letho le ka fumanoang ka ho ba rapela. Ho hlabela bafu ke feela ho ntšetsa pele mashano a Satane le bademona.

Na mangeloi a Molimo a batla borapeli ba rōna? Le hanyenyane! Mangeloi a tšepahalang a lebisa khanya ho Molimo ’me a khothalletsa batho ho etsa ka ho tšoanang. Ka makhetlo a mabeli, moapostola Johanne o ile a leka ho rapela mangeloi, empa a ile a mo khalemela ka matla, a re: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo! . . . Rapela Molimo.”—Tšenolo 19:10; 22:8, 9.

Satane le bademona ba hae, ho fapana le mangeloi a tšepahalang, ba batla ho rapeloa hammoho le ho neoa khanya. Sena se ile sa totobala ha Satane a ne a leka Jesu ha Jesu e ne e le motho lefatšeng. Bibele ea bolela: “Diabolose a nka [Jesu] a tsamaea le eena ho ea thabeng e phahameng ka ho sa tloaelehang, ’me a mo bontša mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona, ’me a re ho eena: ‘Lintho tsena tsohle ka sebele ke tla u fa tsona haeba u ka itihela fatše ’me ua nketsetsa ketso ea borapeli.’”—Matheu 4:8, 9.

Jesu o ile a araba: “Tloha, Satane! Etsoe ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela, ’me ke eena feela eo u lokelang ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang.’” (Matheu 4:10) Jesu o ne a tseba Molao oa Jehova, ’me o ile a hana ho o tlōla.—Deuteronoma 6:13.

Le hoja Satane a ile a sitoa ho etsa hore Jesu a mo rapele, o atlehile ho ba bang. Ka ho hlakileng, ke batho ba seng bakae feela ba rapelang Satane ka boikemisetso. Leha ho le joalo, ka ho sebelisa maqheka a bolotsana, thetso, mashano le tšabo, Satane le bademona ba furallisitse batho ba bangata borapeling bo hloekileng ba Jehova hoo moapostola Johanne a ileng a ngola: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Ba rapelang ka litsela tse khahlanong le Lentsoe la Molimo ba hlompha Satane, e seng Jehova. Bibele ea lemosa: “Lintho tseo lichaba li li etsang sehlabelo li li hlabela bademona, eseng Molimo.”—1 Bakorinthe 10:20.

Borapeli bo ea ho Jehova

Borapeli ba rōna bo lokela ho lebisoa ho Molimo a inotši. Jehova o ile a bolella Moshe: “U se ke ua ba le melimo e meng pel’a sefahleho sa ka. U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa: hobane ’na Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o boulelang.”—Exoda 20:3-5.

Le hoja Jehova a phahame ka mokhoa o susumetsang tšabo, oa atameleha. Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Moapostola Pauluse o ile a re: ‘Molimo ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) ’Me moapostola Johanne o ile a ngola: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho [Jehova], hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa. Ho ekelletsa moo, haeba re tseba hore oa re utloa mabapi le eng kapa eng eo re e kōpang, rea tseba hore re tla ba le lintho tse kōpiloeng kaha re li kōpile ho eena.”—1 Johanne 5:14, 15.

Hlokomela hore Johanne o ile a ngola hore Jehova o tla re neha likōpo tsa rōna haeba re kōpa “ho ea ka thato ea hae.” E le hore re tsebe seo e leng thato ea Molimo, re lokela ho tseba seo Bibele e se rutang. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho utloisisa Bibele.

Ha u ntse u ithuta ka ho eketsehileng ka Jehova, u tla fumana tsebo e eketsehileng ka ba phelang sebakeng sa moea. Tsebo ena e lokolla litumela-khoeleng, litumelong le meetlong tseo Satane a li sebelisang ho boloka batho ba le tšabong le botlamuoeng. Ka ho ba le tsebo e nepahetseng ka Molimo, u tla tseba ho mo tšepa bakeng sa hore a u thuse ho qoba kapa ho hlōla mathata a bophelo a letsatsi le letsatsi. U ka ba motsoalle oa Molimo. ’Me Molimo o tla ipaka ho ba ‘setšabelo sa hao le matla a hao, le thuso e fetisisang litsietsing.’—Pesaleme ea 46:1.

Makhotla a Khopo a Tla Felisoa

Le ka mohla u se ke ua belaella hore makhotla a moea a botle a tla hlōla makhotla a moea a bokhopo. Ntoa e se e loannoe sebakeng sa moea e ileng ea tlosa Satane le bo-mphato ba hae ba khopo maholimong. Buka ea Tšenolo ea bolela: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele [Jesu Kreste ea tsositsoeng] le mangeloi a hae ba loana le drakone, ’me drakone le mangeloi a eona ba loana empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.”—Tšenolo 12:7-9.

Phello ea ntoa eo e bile efe? Tlaleho e tsoela pele: “Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona! Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Ba leholimong ba ne ba ka thaba, kaha Satane le bademona ba hae ba ne ba se ba le sieo ho baka khathatso. Leha ho le joalo, ho lelekoa ha hae leholimong ho tliselitse ba lefatšeng bomalimabe bo boholo le khathatso e tšabehang. Re phela nakong eo ea bomalimabe hona joale.—2 Timothea 3:1-5.

Bokamoso bo se Nang Bokhopo

Leha ho le joalo, Bibele e boetse e fana ka tšepo. E re tiisetsa hore Diabolose o na le “nako e khutšoanyane” pele a timetsoa. Ha seo se etsahala, Jehova o tla tlisetsa bohle ba lefatšeng ba batlang botsoalle le eena mahlohonolo a babatsehang. Nahana ka tse seng kae tsa litšepiso tsa hae ka bokamoso:

“Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

“Bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela.”—Esaia 65:22, 23.

“Ha ho [moahi, NW] ea tla re: Ke bohloko!”—Esaia 33:24.

“Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina.”—Esaia 35:5, 6.

“’Me [Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.

“Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

Ke Jehova feela, Molimo oa ’nete, ea ka phethahatsang litšepiso tse hlollang joalo. Ha ho letho le tla mo thibela ho finyella morero oa hae. “Ho Molimo ha ho polelo e se nang ho khoneha.”—Luka 1:37.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Hang ha u le motsoalle oa Molimo, o tla u thusa ho sebetsana le mathata a bophelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela