Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 12/8 maq. 4-7
  • Ke Bo-mang ba Phelang—Sebakeng sa Moea?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bo-mang ba Phelang—Sebakeng sa Moea?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova, Molimo ea Matla ’Ohle
  • Mangeloi, Basebeletsi ba Matla ba Molimo
  • Satane le Bademona, Lira Tsa Molimo le Batho
  • Balimo ba Hokae?
  • Ho Khutlela Lerōleng
  • Ke Bo-mang ba Phelang Sebakeng sa Moea?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Baholo-holo ba Rōna ba Hokae?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Meea ha ea ka ea Phela Lefatšeng le ho Shoella Teng
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Lipono Tsa Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 12/8 maq. 4-7

Ke Bo-mang ba Phelang—Sebakeng sa Moea?

LEFATŠE le fetohile “suphamakete” ea litumelo le lithuto tsa malumeli. Afrika feela ho na le lihlopha tse likete-kete tsa malumeli, se seng le se seng se na le maikutlo a sona mabapi le ho etsahalang sebakeng sa moea. Empa bakeng sa ho fumana boitsebiso bo hlakileng le ba ’nete, ho hlokahala hore re hlahlobe Bibele. E khetholla meea—e molemo hammoho le e mebe—e lulang sebakeng sa moea. E boetse e bontša hore na ke ho mang moo re ka ipiletsang ka katleho bakeng sa thuso le tšireletso.

Jehova, Molimo ea Matla ’Ohle

Bolumeli ba moetlo Afrika bo ruta hore ea okametseng balimo le melimo ke Molimo ea matla ’ohle. Buka ea African Mythology e re: “Ha ho pelaelo hore hoo e ka bang Maafrika ’ohle, haeba hase kaofela ha ’ona, a lumela ho Boleng bo Phahameng ka ho Fetisisa, ’mōpi oa lintho tsohle.” Buka ea African Religion in African Scholarship e re: “Kaha Molimo ke ’musi ea feletseng oa bokahohle, lintho tsohle tse ling tse teng le matla li teng ka lebaka la Hae. Matla a ho laela le a ho busa a ho Eena ka ho feletseng.”

Bibele ea lumela hore ho na le Ea busang ka ho phahameng ka ho fetisisa sebakeng sa moea. E mo hlalosa e le “Molimo oa melimo, le Morena oa marena, Molimo o moholo, o matla, o tšabehang, o sa talimeng tšobotsi ea motho, o sa amoheleng limpho.”—Deuteronoma 10:17.

Ho pholletsa le Afrika ho na le mabitso le litlotla tse makholo-kholo tse rehiloeng enoa ea nkoang a phahame ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le re’ng ka lebitso la Molimo? Mopesaleme o ile a ngola: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Lebitso lena le halalelang le hlaha ka makhetlo a fetang 7000 tlalehong ea Bibele, le hoja bafetoleli ba bang ba Bibele ba behile litlotla tse kang “Molimo” kapa “Morena” sebakeng sa lona.

Kaha Jehova o na le matla ’ohle, a ka re thusa. O itlhalosa e le “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete, o hauhelang meloko e likete, o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe, o sa latoleng molato oa motho ea nang le oona.”—Exoda 34:6, 7; 1 Samuele 2:6, 7.

Mangeloi, Basebeletsi ba Matla ba Molimo

Nako e telele pele Jehova a bōpa batho esita le lona lefatše ka bolona, o ile a bōpa batho ba moea leholimong. Bibele e bolela hore nakong ea ha Molimo a ‘theha lefatše . . . , bara bohle ba mangeloi ba Molimo ba ile ba bina ka nyakallo.’ (Jobo 38:4-7) Ho na le mangeloi a limilione. Mohlanka oa Jehova, Daniele, o ile a ngola ka pono ea lintho tsa leholimo eo ho eona a ileng a bona “[Molimo] a sebeletsoa ke likete tsa likete, limilione tsa limilione li ne li eme pel’a hae.”—Daniele 7:10.

Motho oa pele oa moea eo Jehova a ileng a mo bōpa ke ea ileng a tsejoa hamorao e le Jesu Kreste. (Johanne 17:5; Bakolose 1:15) Pele a phela lefatšeng e le motho oa nama, Jesu o ne a phela leholimong e le sebōpuoa se matla sa moea. Ka mor’a lefu la hae e le motho oa nama, Jesu o ile a tsosetsoa leholimong, moo a boetseng a phelang teng e le sebōpuoa se matla sa moea.—Liketso 2:32, 33.

Jesu o na le matla a maholo leholimong. Ho Jude 9, Jesu, eo hape a tsejoang e le Mikaele, o bitsoa “lengeloi le ka sehloohong,” ho bolelang hore ke lengeloi le leholo kapa le ka pele-pele. (1 Bathesalonika 4:16) Hape o na le matla a ho laela holim’a lefatše. Jehova o mo nehile “’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse.” (Daniele 7:13, 14) Ho sa tsotellehe matla a hae a ho laela a maholo, Jesu o tsoela pele ho ikokobelletsa Ntate oa hae, Jehova.—1 Bakorinthe 11:3.

Le hoja mangeloi a tšepahalang a sebeletsa Jehova, a boetse a sebeletsa bahlanka ba Molimo lefatšeng. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Na [mangeloi] kaofela hase meea bakeng sa tšebeletso ea sechaba, e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko?” (Baheberu 1:14) A amehile ka ho khetheha ka hore batho ba ithute ’nete mabapi le Jehova. Moapostola Johanne o ile a bona ponong “lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng ho li bolela e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le sehlopha se seng le se seng sa batho, le re ka lentsoe le phahameng: ‘Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise.’”—Tšenolo 14:6, 7.

Satane le Bademona, Lira Tsa Molimo le Batho

Ka masoabi, hase mangeloi ’ohle a ileng a tšepahala ho Molimo. A mang a ile a rabela, a fetoha lira tsa Molimo le batho. Lerabele le ka sehloohong ke Satane Diabolose.

Le hoja ba bangata kajeno ba latola hore Satane o teng, ha ho le ea mong ea latolang hore bokhopo bo teng. Buka ea The Death of Satan ea hlokomela hore ho lumela hore bokhopo bo teng ’me ka nako e tšoanang ho sa lumeloe hore bo na le sesosa ho lebisa “bothateng bo ke keng ba qojoa. Re hlokomela boteng ba ho hong hoo litumelo tsa rōna tsa moetlo li seng li se na lentsoe la ho ho hlalosa.”

Ho fapana le hoo, Bibele e na le lentsoe ’me e totobatsa ’nete mabapi le mohloli oa bokhopo. E hlalosa hore libōpuoa tsa mangeloi tseo Jehova a ileng a li bōpa li ne li lokile ’me li le molemo kaofela; o ne a sa bōpa mangeloi leha e le afe a khopo. (Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 5:4) Leha ho le joalo, mangeloi, ho tšoana le batho, a ne a filoe matla a ho ikhethela pakeng tsa se lokileng le se fosahetseng. E mong oa bara bana ba phethahetseng ba moea o ile a hōlisa takatso ea boithati ea ho inkela ka mahahapa borapeli boo ka tšoanelo bo eang ho Jehova. Kahoo o ile a fumana lebitso Satane, le bolelang “Mohanyetsi.” (Bapisa le Jakobo 1:14, 15.) Satane hase feela senonnori, joalokaha malumeli a mang a Afrika a ruta; leha e le hore ke “molebeli” ea sireletsang ba mo etsetsang mahlabelo kamehla. Bibele e mo bontša e le ea khopo le ea sehlōhō ka ho feletseng.

Mangeloi a mang a ile a ikopanya le Satane borabeleng ba hae ho Molimo. Mangeloi ana a bademona le ’ona ke lira tsa batho ba lefatšeng. Le ’ona ka ho tšoanang a kotsi ’me a khopo. Nakong e fetileng, a ile a etsa batho ba bang limumu le lifofu. (Matheu 9:32, 33; 12:22) Ba bang, ho akarelletsa bana, a ile a ba hlokofatsa ka ho kula le ka bohlanya. (Matheu 17:15, 18; Mareka 5:2-5) Ka ho hlakileng, ha ho motho ea nang le kelello e hlaphohileng ea ka batlang ho sebelisana le Satane kapa le bademona bao ka ntho leha e le efe.

Balimo ba Hokae?

Batho ba limilione Afrika le libakeng tse ling ba lumela hore lefu hase qetello ea bophelo empa e le feela ho tloha boemong bo bong ho fetela ho bo bong kapa tsela e isang bophelong ba sebaka sa moea, tulong ea melimo le balimo. Setsebi John Mbiti, ea nang le tsebo e hloahloa ka malumeli a Afrika, oa ngola mabapi le tumelo ea balimo, bao a ba bitsang “bafu ba phelang”: “Bana ke ‘meea’ eo Maafrika a amehileng haholo ka eona . . . Ea tseba ’me e na le thahasello ea se etsahallang litho tsa lelapa [tse lefatšeng]. . . . Ke bahlokomeli ba litaba tsa lelapa, tsa meetlo, litekanyetso tsa boitšoaro le mesebetsi. Ho tlōla molao ho e ’ngoe ea lintho tsena ke ho tlōla molao oa baholo-holo bao, boemong boo, ba sebetsang joaloka balebeli ba sa bonahaleng ba malapa le sechaba. Kaha e ntse e le ‘batho,’ ka hona bafu ba phelang ke sehlopha se molemo ka ho fetisisa sa bakena-lipakeng pakeng tsa batho le Molimo: ba tseba litlhoko tsa batho, ba ‘sa tsoa’ phela mona le batho, ’me ka nako e tšoanang ba na le mecha e bulehileng ka ho feletseng ea puisano le Molimo.”

Leha ho le joalo, ke’ng seo Bibele e se buang ka boemo ba bafu? E bontša hore ha ho ntho e kang “bafu ba phelang.” Batho baa phela kapa ha ba phele—eseng ka bobeli. Lentsoe la Molimo le ruta hore bafu ha ba khone ho utloa, ho bona, ho bua leha e le ho nahana. Bafu ha ba boemong ba ho lebela ba phelang. Bibele e re: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse . . . Nģalong ea bafu [lebitleng] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.” (Moeklesia 9:5, 6, 10) “[Batho] ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.”—Pesaleme ea 146:4.

Ho Khutlela Lerōleng

Haeba u fumana ho le thata ho lumela sena, nahana ka se ileng sa etsahalla motho oa pele, Adama. Jehova o ile a bōpa Adama “ka lerōle la lefatše.” (Genese 2:7) Ha Adama a hana ho mamela taelo ea Jehova, kotlo e ile ea e-ba lefu. Molimo o ile a re ho eena: “U [tla] be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.”—Genese 3:19.

Pele Jehova a bōpa Adama ka lerōle, Adama o ne a le sieo. Kahoo ha a ‘khutlela lerōleng,’ o ne a boetse a hloka bophelo, ho tšoana le lerōle. Ha aa ka a tšelela sebakeng sa meea ea balimo. Ha aa ka a ea leholimong kapa liheleng. Ha a e-shoa, e ile ea e-ba qetello ea hae.

Na ho etsahala ntho e tšoanang ka batho ba bang ha ba e-shoa? E, ea etsahala. Bibele e re: “Tsohle [batho hammoho le liphoofolo] li ikela nģalong e le ’ngoe tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng.” (Moeklesia 3:20) Bibele e tšepisa hore Molimo o tla tsosetsa batho ba shoeleng bophelong lefatšeng la paradeise, empa nako eo ke hona e tlang ho tla. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Kahoo, ha rea lokela ho tšaba bafu kapa ho ba hlabela, kaha ba ke ke ba re thusa leha e le ho re ntša kotsi.

Satane le bademona ba hae ba batla ho khelosa batho mabapi le boemo ba baholo-holo ba bona ba shoeleng, kahoo ba ntšetsa pele leshano la hore batho ba tsoela pele ho phela ka mor’a lefu. Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ka ho sebelisa lipale tsa bohata. (1 Timothea 4:1) Ba boetse ba sebelisa lipono, litoro le lilaoli ho qhekella batho hore ba nahane hore ba buisane le bafu. Empa hase bafu bao ho kopanoeng le bona. Ho e-na le hoo, ke bademona ba ikhakantseng eka ke batho ba shoeleng. Ke ka lebaka leo Jehova a nyatsang ka matla ba botsang bafu, ebang ke ka ho toba kapa hase ka ho toba, ba sebelisa lithuso tse ling, tse kang ho laola.—Deuteronoma 18:10-12.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Bademona ba thetsa batho le ho ba tšosa, ka ho sebelisa lipono, litoro le lilaoli

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

E le hore ba khelose batho, bademona ba ikhakanya eka ke batho ba shoeleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela