Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 12/8 maq. 3-4
  • Ho Kopana le ba Sebakeng sa Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Kopana le ba Sebakeng sa Moea
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Menyako e Lebisang Lefatšeng la Moea
  • Ke Bo-mang ba Phelang—Sebakeng sa Moea?
    Tsoha!—1996
  • Morena o Hlahloba Bokamoso ba Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lipotso Tseo Batho ba li Botsang ka Leholimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Baholo-holo ba Rōna ba Hokae?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 12/8 maq. 3-4

Ho Kopana le ba Sebakeng sa Moea

BOHARENG ba toropo e ’ngoe e tloaelehileng Afrika Bophirimela ho eme mohaho o majaba-jaba o mokato o mong, o pentiloeng ka bosoeu le botala. Sebakeng sa kamohelo ea baeti, bangoli ba babeli ba ntse ba sebetsa ka mechine ea ho thaepa. Batho ba bangata ba phomotse litulong, ba letetse ho bona babaláwo, selaoli.

Ka mor’a deske ofising e latelang, ka thōko ho mochine oa fax, ho lutse babaláwo. Ke seqhenqha, o tabile moriri, o apere liaparo tse telele tse tšoeu—tse theko e boima, tse khabisitsoeng ka morōko. O ile a re: “Ntate e ne e le selaoli. Ke tsoaletsoe moetlong ona. Ke hōletse ho oona. Ha ke ne ke le lilemo li hlano, ke ne ke se ke tsamaea le Ntate ha a il’o laola. Ke ne ke shebella hore na o laola joang, ’me ke ile ka mo etsisa ho fihlela ha hoo ho fetoha karolo ea ka.”

Babaláwo o ile a supa lematjaneng le leholo la lehong le bontšang mokhoa o rarahaneng oa ho laola oo batho ba habo ba ileng ba ’na ba o sebelisa melokong e se nang palo. Mokhoa oa ho laola ka ho akhela lithootse tse 16 tsa palema fatše, o phatlaletse hohle Afrika Bophirimela le mathōkong a eona. O ile a re: “Batho ba tla ho ’na ka mefuta eohle ea mathata. Mathata a basali, bonyopa, ho hloka mosebetsi, bohlanya, bokuli le a mang a joalo. Ho itšetlehiloe ka hore na litaola li re’ng, ho ipiletsoa ho balimo kapa ho makhotla a leholimo [melimo]. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, mofuta o itseng oa sehlabelo o lokela ho etsoa.”

Mekhoa ea bolumeli ba moetlo, ho akarelletsa ho laola, e atile haholo sebakeng seo, empa ho boetse ho atile le likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Haufi le liofisi tsa babaláwo ke mehaho e litsoeng ka bosoeu e nang le matšoao ka pele: Kereke ea Morena Solomone oa II, Kerubime le Serafime, Kereke ea Kreste ea Leholimo, Kereke ea Boapostola ea Kreste, Kereke ea Baletsi ba Literompeta ba Kreste. Likereke tsena li phelisana ka khotso le bolumeli ba moetlo ’me ka linako tse ling li amohela mekhoa ea bona. Babaláwo o ile a re: “Haufinyane tjena ke ne ke buisana le mobishopo. O ne a tlile mona. Ka mor’a ho tšohla litaba ka metsotso e ka bang 30, o ile a bolela hore o batla hore re rale motheo oo ka oona Bakreste le bo-rameetlo ba ka lulang fatše ho fapanyetsana maikutlo le ho tlosa ho se utloisisane ho teng.”

Menyako e Lebisang Lefatšeng la Moea

Ho se utloisisane ho joalo hangata ho akarelletsa ho khetholla ba lulang sebakeng sa moea. Ho pholletsa le Afrika ka boroa ho Sahara, ho atile tumelo ea hore ho na le lihlopha tse peli tsa batho tse phelang lefatšeng la moea. Sehlopha sa pele ke se entsoeng ka melimo kapa melingoana, eo ho seng mohla e kileng ea e-ba batho. Sehlopha sa bobeli se entsoe ka balimo, kapa meea ea bafu, bao boikarabelo ba bona e leng ho sireletsa le ho atlehisa malapa a bona a lefatšeng. Ho lumeloa hore melimo hammoho le balimo ba na le matla a ho thusa esita le a ho ntša ba lefatšeng kotsi. Ka lebaka leo, ka bobeli ba lokela ho bontšoa tlhompho le tlotla tse loketseng.

Litumelo tse tšoanang lia fumanoa likarolong tse ngata tsa lefatše. Ba sebelisa mekhoa e sa tšoaneng, batho hohle ba atamela matla a phahametseng a tlhaho, bakeng sa ho batla tsebo ka bokamoso le thuso le tataiso mathateng a bophelo a letsatsi le letsatsi. Na ka sebele ho ka khoneha ho fumana thuso ho tsoa sebakeng sa moea? Jesu Kreste, ea neng a ile a phela teng, o bontšitse hore ho ka khoneha. O ile a re: “Le ’ne le tsoele pele ho kōpa, ’me le tla fuoa; le ’ne le tsoele pele ho batla, ’me le tla fumana; le ’ne le tsoele pele ho kokota, ’me le tla buleloa.” (Matheu 7:7) Empa e le hore re fumane thuso eo, re tlameha ho kōpa ho motho ea nepahetseng, re batle ka mokhoa o nepahetseng, ’me re kokote monyakong o nepahetseng. Haeba re kokota monyakong o fosahetseng, o ka ’na oa buloa ke e mong ea tla re ntša kotsi, e seng ho re sireletsa.

Ka lebaka leo, ke habohlokoa haholo ho tseba ba phelang sebakeng sa moea le ba sa pheleng ho sona. Re boetse re hloka ho tseba phapang pakeng tsa ba tla re thusa le ba tla re ntša kotsi. Qetellong, re hloka ho tseba hore na re tlameha ho etsa eng e le hore re fumane thuso e tsoang ho ba itokiselitseng ho re neha eona. Lihlooho tse latelang li tla hlahloba lintlha tsena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Photo on pages 3-4: The Star, Johannesburg, S.A.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela