Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • sp maq. 8-10
  • Bofetoheli Sebakeng sa Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bofetoheli Sebakeng sa Moea
  • Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangeloi a Mang a Fetoha Bafetoheli
  • Satane o Lahleloa ka Ntle ho Leholimo
  • Basebetsi ba Bokhopo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Motsoalle oa Rōna e Moholo ka ho Fetisisa o Sebakeng sa Moea
    Tsoha!—1996
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
sp maq. 8-10

Bofetoheli Sebakeng sa Moea

Batho bohle ba moea bao Jehova a ba bōpileng ba ne ba lokile. Eaba lengeloi le leng le fetoha le lebe. Ke Satane Diabolose. Satane o ne a batla hore batho ba lefatšeng ba mo rapele ho e-na le ho rapela Jehova. Ho ile ha etsahala tjena:

Tšimong ea Edene, ho ne ho e-na le lifate tse ngata tse neng li beha litholoana tse monate. Jehova o ile a bolella Adama le mosali oa hae, Eva, hore ba ka itjella tsona ka bolokolohi. Empa ho na le sefate se seng seo Molimo o ileng oa re ha baa lokela ho se ja. O ile oa re haeba ba ka se ja, joang kapa joang ba ne ba tla shoa.—Genese 2:9, 16, 17.

Ka letsatsi le leng Eva o ne a le mong ha noha e bua le eena. Ha e le hantle, hase noha e neng e hlile e bua; ke Satane Diabolose ea ileng a etsa hore ho bonahale eka noha ea bua. Satane o ile a bolella Eva hore haeba a ka ja sefate se thibetsoeng, o ne a tla ba bohlale joaloka Molimo. Hape o ile a re Eva a ke ke a shoa. Lipolelo tsena tse peli e ne e le mashano. Leha ho le joalo, Eva o ile a kholoa Satane ’me a ja tholoana. Hamorao, o ile a fa le Adama, ’me le eena o ile a e ja.—Genese 3:1-6.

Paleng ena ea ’nete, re ithuta hore Satane ke mofetoheli le raleshano. O ile a bolella Eva hore haeba a ke ke a utloa Molimo, o ne a ke ke a shoa. Hoo e ne e le leshano. Eva o ile a fela a shoa ’me Adama le eena o ile a shoa. Satane ha aa ka a shoa ka eona nako eo, le hoja qetellong a tla shoa hobane o entse sebe. Leha ho le joalo, ho sa le joalo, o ntse a phela ’me o ntse a tsoela pele ho thetsa batho. E sa ntse e le raleshano, ’me o leka ho susumetsa batho hore ba tlōle melao ea Molimo.—Johanne 8:44.

Mangeloi a Mang a Fetoha Bafetoheli

Hamorao, mangeloi a mang a ile a fetoha a mabe. Mangeloi ana a ile a hlokomela basali ba batle ba leng lefatšeng ’me a batla ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bona. Kahoo a ile a theohela lefatšeng ’me a apara ’mele ea batho e a etsang banna. Eaba a inkela basali. Sena se ne se le khahlanong le morero oa Molimo.—Genese 6:1, 2; Juda 6.

Hape sena se ile sa bakela batho khathatso e khōlō. Basali ba mangeloi ana ba ile ba tsoala bana, empa e ne e se bana ba tloaelehileng. Ba ile ba hōla ’me ea ba linatla tse mabifi le tse sehlōhō. Qetellong lefatše le ile la tlala pefo hoo Jehova a ileng a rera ho felisa batho ba khopo ka moroallo o moholo. Noe ea lokileng le lelapa la hae ke bona feela batho ba ileng ba pholoha Moroallo.—Genese 6:4, 11, NW; 7:23.

Leha ho le joalo, mangeloi a khopo a ile a khutlela sebakeng sa moea; ha aa ka a shoa. Empa a ile a fuoa kotlo. Ha aa ka a lumelloa ho khutlela lelapeng la Molimo la mangeloi a lokileng. Ho phaella moo, Jehova ha aa ka a hlola a a lumella hore a apare ’mele e a etsang batho. ’Me qetellong a tla shoa mohla kahlolo e khōlō.—2 Petrose 2:4; Juda 6.

Satane o Lahleloa ka Ntle ho Leholimo

Mathoasong a lekholo la rōna la lilemo, ho ile ha ba le ntoa leholimong. Buka ea Bibele ea Tšenolo e hlalosa se ileng sa etsahala: “Joale ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele [Jesu Kreste ea tsositsoeng] le mangeloi a hae [a matle] a loantša drakone [Satane]. Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona [a mabe]; empa ha ba ka ba hlōla, ’me ha ba ka ba hlola ba e-na le litulo leholimong. ’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona [a mabe].”

Phello e ile ea ba efe? Tlaleho e tsoela pele: “Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng.” Mangeloi a matle a ne a lokela ho thaba hobane Satane le mangeloi a mabe, kapa meea, ba ne ba se ba le sieo leholimong. Empa ho thoe’ng ka batho ba leng lefatšeng? Bibele e re: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšenolo 12:7-9, 12.

E, Satane le metsoalle ea hae e khopo ba thetsa batho ba lefatšeng ebile ba ba bakela bomalimabe bo boholo. Mangeloi ana a khopo a bitsoa bademona. Ke lira tsa Molimo. Kaofela ha ’ona a mabe.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ha Satane a ne a sebelisa noha hore e bue le Eva, Eva o ile a kopanela bofetoheling ba hae ho Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Mangeloi a khopo a ile a tla lefatšeng hore a tl’o etsa boitšoaro bo bobe le basali

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Satane le mangeloi a hae a mabe ba ile ba lahleloa ka ntle ho leholimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela