Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 2/1 maq. 4-7
  • Basebetsi ba Bokhopo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Basebetsi ba Bokhopo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mofetoheli oa Pele
  • Mangeloi a Mang e ba Bafetoheli
  • Lira tsa Batho
  • Ba Tla Mamelloa Halelele Hakae?
  • Bofetoheli Sebakeng sa Moea
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Motsoalle oa Rōna e Moholo ka ho Fetisisa o Sebakeng sa Moea
    Tsoha!—1996
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 2/1 maq. 4-7

Basebetsi ba Bokhopo

TLHALOSO ea Bibele ka karolo e phethoang ke bademona litabeng tsa batho e araba lipotso tsa motheo tse mabapi le bokhopo tseo ho neng ho tla ba thata ho li araba. Ka mohlala, nahana ka polelo ena e tsoang ho International Herald Tribune e mabapi le ntoa e ntseng e kupa linaheng tsa Balkan: “Sehlopha sa batho ba etsang lipatlisiso se tsoang mokhatlong oa European Community se entse qeto ea hore ba [masole] betile basali le banana ba ka bang 20 000 ba Mamosleme . . . e le karolo ea tsamaiso ea ho baka tšabo e etselitsoeng ho tšosa, ho nyahamisa le ho ba ntša mahaeng a bona.”

Moqoqo makasineng oa Time o ile oa leka ka ntle le katleho ho hlalosa boemo: “Ka linako tse ling, bahlankana ba leng ntoeng ba ka beta e le ho thabisa ba hōlileng, liofisiri tsa bona, ’me ba iphumanele kamohelo e tšoanang le ea mora ho ntate. Peto ke bopaki ba boitlamo bohaleng bo chesang ba sehlopha. Mohlankana ea ikemiselitseng ho etsa lintho tse mpe o kokobelitse letsoalo la hae e le hore a tsoakane hantle le merero e sa sekisetseng ea sehlopha sa hae. Monna o tiisa boinehelo ba hae ka ho etsa liketso tse sehlōhō.”

Empa ke hobane’ng ha “merero e sa sekisetseng ea sehlopha” e hlephile ho feta matsoalo a litho tsa sona? Motho e mong le e mong o lakatsa ho phela ka khotso le moahisani oa hae. Kahoo ke hobane’ng ha nakong ea ntoa, batho ba beta, ba hlokofatsa, ’me ba bolaeana? Lebaka la sehlooho ke hore matla a bodemona aa sebetsa.

Ho utloisisa karolo ea bademona ho boetse ho fana ka tharollo ho seo ba bang ba se bitsang “bothata ba seithuti sa thuto ea bolumeli.” Bothata ke hore na ho ka kopanngoa lintlha tsena tse tharo joang: (1) Molimo o matla ’ohle; (2) Molimo o lerato ’me o molemo; le (3) ho etsahala lintho tse tšabehang. Ba bang ba na le maikutlo a hore ho ka etsahala hore tse peli tsa lintlha tsena li kopanngoe, empa le ka mohla u ke ke ua li kopanya boraro ba tsona. Lentsoe la Molimo le fana ka karabo, ’me karabo ena e ama meea e sa bonahaleng, basebetsi ba bokhopo.

Mofetoheli oa Pele

Bibele e re bolella hore Molimo ka boeena ke moea. (Johanne 4:24) Ka mor’a nako e itseng o ile a fetoha ’Mōpi oa libōpuoa tse ling tse limilione tsa moea, e leng bara ba mangeloi. Ponong, mohlanka oa Molimo Daniele o ile a bona mangeloi a limilione tse lekholo. Batho bohle ba moea bao Jehova a ba bōpileng ba ne ba lokile ’me ba lumellana le thato ea hae.—Daniele 7:10; Ba-Heberu 1:7.

Hamorao, ha Molimo a “theha lefatše,” bara bana ba Molimo ba mangeloi ba ile ba “hooa ka thabo” ’me ba etsa “litlatse.” (Jobo 38:4-7) Empa e mong oa bona o ile a ba le takatso ea hore a inkele borapeli bo neng bo loketse ’Mōpi. Ka ho fetohela Molimo, lengeloi lena le ile la iketsa satane (e bolelang “mohanyetsi”) le diabolose (e bolelang “moetselletsi”).—Bapisa le Ezekiele 28:13-15.

Satane a sebelisa noha Edene ho bua le mosali oa pele, Eva, o ile a mo susumeletsa ho se utloe taelo e tobileng ea Molimo ea hore a se je tholoana ea sefate se itseng serapeng. Ka mor’a moo, monna oa hae o ile a ikopanya le eena. Ka hona, banyalani ba pele ba batho ba ile ba ikopanya le lengeloi ho fetohela Jehova.—Genese 2:17; 3:1-6.

Le hoja liketsahalo tsa Edene ho ka bonahala e le thuto e tobileng ea kutlo, Satane o ile a phahamisa litseko tse peli tsa litekanyetso tsa se lokileng le se fosahetseng boitšoarong. Ea pele, Satane o ile a pheha khang hore puso ea Jehova ho libōpuoa tsa hae e ne e sa etsoe ka ho loka le molemong oa lithahasello tsa bona. Mohlomong batho ba ka ipusa hamolemo. Ea bobeli, Satane o ile a belaela hore libōpuoa leha e le life tse bohlale li ka lula li tšepahala ’me li tiile ho Molimo ha ho bonahala hore kutlo ha e tlise melemo ea lintho tse bonahalang.a

Kutloisiso e hlakileng ea litseko tse phahamisitsoeng Edene, hammoho le tsebo ea litšoaneleho tsa Jehova, e re thusa ho utloisisa tharollo ea “bothata ba seithuti sa thuto ea bolumeli,” e leng ho kopanya ho ba teng ha bokhopo le litšoaneleho tsa Molimo tsa matla le lerato. Le hoja e le ’nete hore Jehova o na le matla a sa lekanngoeng ’me ke mothofatso oa lerato, o boetse o bohlale ’me o na le toka. O sebelisa litšoaneleho tsena ka ho leka-lekana ho phethahetseng. Ka hona, haa ka a sebelisa matla a hae a sa thijoeng ke letho ho felisa bafetoheli ba bararo hang-hang. Sena e ne e tla ba toka empa se se bohlale kapa se sa bontše lerato. Ho feta moo, haa ka a tšoarela a ba a lebala, e leng tsela eo ba bang ba ka ikutloang eka e ne e tla ba khetho e bontšang lerato. Ho etsa sena ho ne ho ke ke ha ba bohlale kapa ha bontša toka.

Ho ne ho hlokahala nako ho rarolla litseko tse phahamisitsoeng ke Satane. Ho ne ho tla hlokahala nako ho paka hore na ebe batho ba ne ba ka ipusa ka katleho ba itokolotse ho Molimo. Ka ho lumella hore bafetoheli bana ba bararo ba tsoele pele ba phela, Jehova o boetse a etsa hore ho khonehe hore libōpuoa li kopanele ho pakeng polelo ea Satane e le leshano ka ho sebeletsa Molimo ka botšepehi tlas’a maemo a thata.b

Jehova o ne a boletse ka ho hlakileng ho Adama le Eva hore ha ba ka ja tholoana e thibetsoeng, ba tla shoa. ’Me ba ile ba fela ba shoa, le hoja Satane a ne a tiiselitse Eva hore a ke ke a shoa. Satane le eena o ahloletsoe lefu; khabareng o sa ntse a tsoela pele ho thetsa batho. Ha e le hantle, Bibele e re: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.”—1 Johanne 5:19; Genese 2:16, 17; 3:4; 5:5.

Mangeloi a Mang e ba Bafetoheli

Eseng khale ka mor’a liketsahalo tsa Edene, mangeloi a mang a ile a kopanela bofetoheling khahlanong le bobusi ba Jehova. Bibele e re: “Eitse hobane batho ba qale ho ata lefatšeng, ha ba tsoetse basetsana, bara ba Molimo ba bona barali ba batho hoba ba batle, ’me ba inkela basali har’a bohle bao ba ikhethetseng bona.” Ka mantsoe a mang, mangeloi ana a ile a tloha “tulong tseo e neng e le tsa ’ona [leholimong]” ’me a tla lefatšeng, a nka ’mele ea nama, ’me a thabela menate ea nama le basali.—Genese 6:1, 2; Juda 6.

Tlaleho e tsoela pele ho Genese 6:4: “Ho no ho le lifontoane tsa batho [“Banefilime,” NW] lefatšeng mehleng eo, hobane bara ba Molimo ba tle ho barali ba batho, ’me ba ba tsoalle bana; ke tsona linatla tsa boholo-holo, tse mabitso a tumileng.” Bara bana ba mofuta o tsoakaneng ba tsoetsoeng ke basali ’me bo-ntat’a bona e le mangeloi ba ne ba le matla ka ho sa tloaelehang, e le “linatla.” E ne e le batho ba tletseng pefo, kapa Banefilime, e leng lentsoe la Seheberu le bolelang “ba etsang hore ba bang ba oe.”

Ke habohlokoa ho hlokomela hore liketsahalo tsena hamorao li ile tsa boleloa litšōmong tsa batho ba boholo-holo. Ka mohlala, lithoko tsa Babylona tse lilemo li 4 000 li hlalosa tlhōlo e bontšang matla a fetang a batho ea Gilgamesh, molimo-motho ea matla le ea tletseng pefo eo “takatso ea hae e sa kholoeng e neng e etsa hore ho se be le moratuoa oa hae eo e ntseng e le moroetsana.” Mohlala o mong, o tsoang litšōmong tsa Magerike, ke Hercules (kapa Heracles) ea matla a fetang a batho. A tsoetsoe ke Alcmene, eo e leng motho, ’me ntat’ae e le molimo Zeus, Hercules o ile a kenella liketsong tse latellanang tse sehlōhō ka mor’a ho bolaea mosali oa hae le bana nakong ea ha a ne a hlanya. Le hoja lipale tse joalo li ne li ile tsa fetoloa ha li ntse li phetoa ho tloha molokong ona ho ea ho o mong, li amana le seo Bibele e se bolelang ka Banefilime le bo-ntat’a bona ba bafetoheli ba mangeloi.

Ka lebaka la tšusumetso ea mangeloi a khopo le bara ba ’ona ba mangeloi, lefatše le ile la tlala pefo hoo Jehova a ileng a rera ho felisa lefatše ka moroallo o moholo. Banefilime ba ile ba felisoa hammoho le batho ba sa tšabeng Molimo; batho feela ba ileng ba pholoha ke Noe ea lokileng le lelapa la hae.—Genese 6:11; 7:23.

Leha ho le joalo, mangeloi a khopo haa ka a shoa. Ho e-na le hoo, a ile a tlohela ’mele ea ’ona ea nama ’me a khutlela sebakeng sa moea. Ka lebaka la ho se utloe ha ’ona, haa ka a lumelloa ho khutlela lelapeng la Molimo la mangeloi a lokileng; leha e le hona ho lumelloa hore a apare ’mele ea nama joalokaha a ile a etsa mehleng ea Noe. Ho ntse ho le joalo, a ntse a tsoela pele ho fana ka tšusumetso e senyang litabeng tsa batho, tlas’a matla a “morena oa bademona,” Satane Diabolose.—Mattheu 9:34; 2 Petrose 2:4; Juda 6.

Lira tsa Batho

Ka linako tsohle Satane le bademona ba ’nile ba rata polao le sehlōhō. Satane, ka litsela tse sa tšoaneng, o ile a bolaea liphoofolo le bahlanka ba Jobo. Ka mor’a moo, o ile a bolaea bana ba Jobo ba leshome ka ho tsosa “moea o moholo” ho lihela ntlo eo ba neng ba le ka ho eona. Ka mor’a moo, Satane o ile a utloisa Jobo bohloko ka “mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa har’a hlooho.”—Jobo 1:7-19; 2:3, 7.

Bademona ba bontša boikutlo bo tšoanang ba bokhopo. Linakong tsa Jesu, ba ne ba amoha batho matla a ho bua le a ho bona. Ba ile ba etsa hore monna e mong a itabole ka majoe. Ba ile ba tabanya moshanyana fatše ’me ba “’mipetsa.”—Luka 9:42; Mattheu 9:32, 33; 12:22; Mareka 5:5.

Litlaleho tse tsoang lefatšeng lohle li bontša hore Satane le bademona ba ntse ba le khopo joaloka pele. Ba kulisa batho ba bang. Ba bang ba ba sohloka ka ho ba nkela boroko kapa ho ba fa litoro tse tšosang kapa ho ba hleka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali. ’Me ba bang ba ba entse hore ba hlanye, ba bolaee ba bang, kapa ba ipolaee.

Ba Tla Mamelloa Halelele Hakae?

Satane le bademona ba hae ba ke ke ba mamelloa ka ho sa feleng. Ka mabaka a utloahalang Jehova o ba tloheletse hore ba ’ne ba be teng ho fihlela kajeno, empa hona joale nako ea bona e khutšoaane. Maqalong a lekholo lena la lilemo, ho ile ha nkoa mohato o moholo bakeng sa ho lekanyetsa sebaka seo ba sebeletsang ho sona. Buka ea Tšenolo ea hlalosa: “Joale ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele [Jesu Kreste ea tsositsoeng] le mangeloi a hae a loantša drakone [Satane]. Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona; empa ha ba ka ba hlōla, ’me ha ba ka ba hlola ba e-na le litulo leholimong. ’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona.”—Tšenolo 12:7-9.

Phello e bile efe? Tlaleho e tsoela pele: “Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng.” Mangeloi a lokileng a ne a ka thaba hobane Satane le bademona ba hae ba ne ba se ba se leholimong. Empa ho thoe’ng ka batho ba leng lefatšeng? Bibele e re: “Ho malimabe lona ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšenolo 12:12.

Bohaleng ba bona Satane le ba tlas’a hae ba ikemiselitse ho baka mahlomola a mangata kamoo ho ka khonehang pele ho pheliso ea bona e haufi. Lekholong lena la lilemo ho bile le lintoa tse peli tsa lefatše le tse ka tlaase ho tsona tse 150 ho tloha bofelong ba ntoa ea bobeli ea lefatše. Mantsoeng ao re a sebelisang re fumana mantsoe a bontšang pefo ea moloko ona: “ho sebelisoa ha likokoana-hloko joaloka libetsa,” “Polao e Sehlōhō,” “killing fields” (libaka tsa polao), “likampo tsa peto,” “babolai ba bolaeang batho ka ho latelana,” le “bomo.” Litaba li tletse ka lipale tsa lithethefatsi, polao, ho sebelisa libomo, ho ja linama tsa batho ka lebaka la bohlanya, lipolao tsa batho ba bangata, tlala, le tlhokofatso.

Litaba tse molemo ke hore lintho tsena ke tsa nakoana. Nakong e tlang e haufi, Molimo o tla boela a nke khato khahlanong le Satane le bademona ba hae. E le ha moapostola Johanne a hlalosa pono e tsoang ho Molimo, o ile a re: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona, hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe.”—Tšenolo 20:1-3.

Ka mor’a moo, Diabolose le bademona ba hae ba tla “lokolloa motsotso o se mokae,” ebe ba felisoa ka ho sa feleng. (Tšenolo 20:3, 10) E tla ba nako e monate hakaakang! Kaha Satane le bademona ba hae ba tla be ba tlositsoe ka ho sa feleng, Jehova e tla ba “tsohle ho bohle.” ’Me e mong le e mong ka sebele o tla “ithabela khotsong e khōlō.”—1 Ba-Korinthe 15:28; Pesaleme ea 37:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sena se ile sa hlakisoa hamorao ha Satane a re ka Jobo mohlanka oa Molimo: “Letlalo ka letlalo! tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka li ntšetsa bophelo ba hae. U mpe u otlolle letsoho la hao joale, u ame masapo a hae le nama ea hae, ’me u bone ha a ke ke a u rohaka pepeneneng.”—Jobo 2:4, 5.

b Bakeng sa puisano e qaqileng ea lebaka leo Molimo a lumeletseng bobe ka lona, bona buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na ke motho a ’notši feela ea ikarabellang bakeng sa lintho tsee, kapa matla a ipatileng, a sa bonahaleng le ’ona a tlameha ho behoa molato?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Oil wells burning in Kuwait, 1991: Chamussy/Sipa Press

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

E tla ba nako e hlollang hakaakang ha bademona ba se ba sa hlole ba khathatsa batho!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela