Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 5/8 maq. 9-11
  • Nako e Molemo ka ho Fetisisa—E Haufi Haholo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako e Molemo ka ho Fetisisa—E Haufi Haholo!
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LITLHOHONOLOFATSO TLAS’A ’MUSO OA MOLIMO
  • SEO HO HLOKAHALANG HORE U SE ETSE
  • Lefatše la Paradeise
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Re ka Lebella Eng Nakong e Tlang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Phela ka ho sa Feleng Lefatšeng la Paradeise
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 5/8 maq. 9-11

Nako e Molemo ka ho Fetisisa—E Haufi Haholo!

HO EA ka Bibele, Molimo o ne a rerile hore moloko oa batho o phele ka ho sa feleng paradeiseng ea lefatše lohle. (Genese 1:28; 2:8, 9) Ka ho hlakileng, re khelohile morerong oa Molimo oa pele. Ho etsahetse’ng?

Banyalani ba pele ha baa ka ba mamela Molimo, e leng ho feletseng ka ho se phethahale le lefu ho bona ka bobona le bana ba bona kaofela. (Genese 2:16, 17; 3:6, 7, 17-19; Ba-Roma 6:23) Bibele ea hlalosa: “Sebe se tlile lefatšeng ka motho a le mong, ’me sebe sa hae se tlisitse lefu. Ka lebaka leo, lefu le aparetse moloko ’ohle oa batho hobane e mong le e mong o entse sebe.”—Ba-Roma 5:12, Today’s English Version.

Ho sa tsotelehe boemo bona, morero oa Molimo ha oa fetoha. “Lentsoe la ka le tšoana le lehloa le pula tse theohang leholimong ho nosetsa lefatše. Li etsa hore lijalo li hōle le ho fana ka peō e jaloang le lijo tse jeoang. Ho tla ba joalo ka lentsoe leo ke le buang . . . Le tla etsa sohle seo ke le rometseng sona.” (Esaia 55:10, 11, TEV) Molimo o tšepisa ho re etsetsa eng?

LITLHOHONOLOFATSO TLAS’A ’MUSO OA MOLIMO

Bophelo bo sa Feleng

“Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

“Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšenolo 21:4.

Tšireletseho

“Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo.”—Pesaleme ea 37:10.

Mosebetsi o Khotsofatsang

“Batho ba tla haha matlo le ho lula ka har’a oona—a ke ke a sebelisoa ke motho e mong. Ba tla jala merara ’me ba thabele veine—e ke ke ea nooa ke batho ba bang. Joaloka lifate, batho ba ka ba tla phela halelele. Ba tla thabela ka botlalo lintho tseo ba li sebelelitseng.”—Esaia 65:21, 22, TEV.

Bophelo bo Botle

“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’ Batho ba ahileng ka hare ho naha e tla ba ba tšoaretsoeng phoso ea bona.”—Esaia 33:24, NW.

Ha ho Kholofalo

“Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng.”—Esaia 35:5, 6.

Lijo Tse Ngata

“Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

Khotso

“Tloong, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše kateng. O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pesaleme ea 46:8, 9.

SEO HO HLOKAHALANG HORE U SE ETSE

Ke eng seo u lokelang ho se etsa hore u thabele litlhohonolofatso tsena tseo Molimo a li tšepisitseng? Bibele ea arabela ho Johanne 17:3, (NW): “Sena se bolela bophelo bo sa feleng‚ ho bokella ha bona tsebo ka uena‚ Molimo a le mong oa ’nete‚ le eo u mo romileng‚ Jesu Kreste.” E, ka ho ithuta ka Molimo—lebitso la hae, morero oa hae, le melao ea hae—re fumana boikutlo ba tataiso. Ho feta moo, ho ithuta ka Jesu—bophelo ba hae lefatšeng, sehlabelo sa hae sa thekollo bakeng sa libe tsa rōna, boemo ba hae joaloka ’Musi oa ’Muso oa Molimo—re na le kholiseho ea hore morero oa Molimo o tla phethahatsoa.

Ho lumella ha Molimo bokhopo ho bontšitse ka ho qaqileng hore motho, joaloka motsamai sebakeng seo a sa se tloaelang, a ke ke a laola mehato ea hae. (Jeremia 10:23) Ka sebele, ka mebuso e mengata—ho tloha ho ea bohatelli ho isa ho ea sechaba ka sechaba—motho o lekile litsela tsohle tseo ho ka nahanoang ka tsona. Leha ho le joalo, katleho ea motho ebile e fokolang haholo.

Re ka leboha hakakaang hore ’Muso oa Molimo o tla arabela thapelo e rapeloang ke ba limilione: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo li tla thabeloa lefatšeng hang feela ha mebuso eohle ea batho e nketsoe sebaka. Bibele ea tšepisa: “Empa mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

Eo e tla ba nako e molemo hakakaang! Ka sebele tsebo ea Bibele e ka re neha tšepo eo. E, tsena ke linako tsa likhathatso—li ntse li mpefala. Seo se mpa se paka feela hore re phela mehleng ea qetello ea tsamaiso ena e khopo ea lintho. Haufinyane linako tsena tse bohloko li tla nkeloa sebaka ke linako tse molemo ka ho fetisisa tlas’a ’Muso oa Molimo!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela