Karolo 8
Phela ka ho sa Feleng Lefatšeng la Paradeise
1, 2. Bophelo bo tla ba joang tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo?
1 Bophelo bo tla ba joang ha Molimo a tlosa bokhopo le ho utloa bohloko lefatšeng ’me a tlisa lefatše la hae le lecha tlas’a taolo e lerato ea ’Muso oa hae oa leholimo? Molimo o tšepisa ho ‘fuparolla seatla sa hae le ho khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.’—Pesaleme ea 145:16, NW.
2 Litakatso tsa hao tse loketseng ke life? Na hase bophelo bo thabisang, mosebetsi o loketseng, ho ateloa ke lintho tse bonahalang, tikoloho e ntle, khotso har’a batho bohle, le ho lokoloha ho hlokeng toka, ho kula, ho utloa bohloko, le lefu? ’Me ho thoe’ng ka ho ba le pono e thabisang ea moea? Lintho tseo kaofela li tla phethahatsoa haufinyane tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. Hlokomela seo boprofeta ba Bibele bo se bolelang ka mahlohonolo a tsotehang a tla tla lefatšeng leo le lecha.
Batho ba Khotsong e Phethahetseng
3-6. Re na le tiiso efe ea hore batho ba tla ba le khotso lefatšeng le lecha?
3 “[Molimo] o felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.”—Pesaleme ea 46:9.
4 “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4.
5 “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11.
6 “Lefatše kaofela le phomotse, le na le khotso, ho hlajoa lipina tsa nyakallo.”—Esaia 14:7.
Batho le Liphoofolo ba Khotsong
7, 8. Ho tla ba le khotso ea mofuta ofe pakeng tsa batho le liphoofolo?
7 “Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana. Sethole sa khomo le sa bere li tla fula hammoho, manamane a tsona a robale hammoho; tau e tla fula joang joale ka khomo. Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng oa marabe, ngoana ea khoesoang a kenye letsoho lefarung la qoaane. ’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa.”—Esaia 11:6-9.
8 “Ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le liphoofolo tsa naha, le linonyana tsa leholimo, le tse hahabang lefatšeng . . . ke tla ba ahisa ka khotso.”—Hosea 2:18.
Bophelo bo Phethahetseng ba ’Mele, Bophelo bo sa Feleng
9-14. Hlalosa maemo a bophelo lefatšeng le lecha.
9 “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joale ka khama, leleme la semumu le tla bina.”—Esaia 35:5, 6.
10 “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšenolo 21:4.
11 “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW.
12 “Ke ha nama ea hae e se e nchafala ho fetisa bonyenyaneng ba hae; o khutlela matsatsing a bocha ba hae.”—Jobo 33:25.
13 “Neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Ba-Roma 6:23.
14 “E mong le e mong ea lumelang ho eena [o tla ba] . . . le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Bafu ba Khutlisetsoa Bophelong
15-17. Ho na le tšepo efe bakeng sa ba seng ba shoele?
15 “Tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
16 “Hora ea tla eo ka eona bohle ba leng mabitleng a khopotso [khopolong ea Molimo] ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe ho ’ona.”—Johanne 5:28, 29, NW.
17 “Leoatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntša bafu ba ho tsona.”—Tšenolo 20:13.
Lefatše, Paradeise ea Nala
18-22. Lefatše lohle le tla fetoloa eng?
18 “Likhohola li tla ba teng tsa mahlohonolo. Sefate se naheng se tla bea litholoana tsa sona, lefatše le bee tsa lona; ba tla iketla naheng ea bona.”—Ezekiele 34:26, 27.
19 “Lefatše le melisitse lijo tsa lona. Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa!”—Pesaleme ea 67:6.
20 “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joale ka leshoma.”—Esaia 35:1.
21 “Lithaba le maralla li tla ntša mehoo ea nyakallo pel’a lōna, lifate tsohle tsa naha li ope liatla. Bakeng sa sehlahla ho tla mela kyprese, le myrte sebakeng sa moutloa.”—Esaia 55:12, 13.
22 “U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:43, NW.
Bolulo bo Botle Bakeng sa Bohle
23, 24. Re na le tiiso efe ea hore ho tla ba le bolulo bo molemo le bo lekaneng bakeng sa bohle?
23 “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona . . . Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, . . . bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tsoala bana ’me ba lahleheloa ke bona kapele.”—Esaia 65:21-23.
24 “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.”—Mikea 4:4.
U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng
25. Ke pono efe e tsotehang eo re nang le eona bakeng sa nako e tlang?
25 Ke pono e hlollang hakaakang bakeng sa nako e tlang! Ke morero oa sebele hakaakang oo bophelo bo ka bang le oona hona joale ha bo thehiloe holim’a tšepo e tiileng ea hore lefatšeng le lecha la Molimo mathata ’ohle a kajeno e tla ba lintho tsa nako e fetileng ka ho sa feleng! “Tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.” (Esaia 65:17) ’Me ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore ka nako eo bophelo e tla ba bo sa feleng: “[Molimo] o tla felisa lefu ka ho sa eeng kae.”—Esaia 25:8.
26. Senotlolo sa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo ke sefe?
26 Na u batla ho phela ka ho sa feleng lefatšeng leo le lecha la Paradeise le seng le atametse hakaale? U ka ’na ua botsa: ‘Ho tla hlokahala hore ke etse eng e le hore nka fumana kamohelo ea Molimo bofelong ba lefatše lee ’me ke tsoele pele ke phela ho kena lefatšeng la hae le lecha? ’ Ho hlokahala hore u etse seo Jesu a se bontšitseng thapelong ho Molimo: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.
27. U tlameha ho etsa eng e le hore u ka kopanela morerong oa Molimo?
27 Ka hona, fumana Bibele, ’me u tiise seo u se balileng bukaneng ena e lekanang le makasine. Batla ba bang ba ithutang le ba rutang linnete tsena tsa Bibele. Ikarole malumeling a boikaketsi a rutang le ho etsa lintho tse khahlanong le Bibele. Ithute kamoo uena, hammoho le ba bang ba limillione ba seng ba ntse ba etsa thato ea Molimo, u ka kopanelang morerong oa Molimo oa hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. ’Me u nke ka botebo seo Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le se bolelang mabapi le nako e tlang e haufi: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Morero oa Molimo oa ho tsosolosa paradeise ea lefatše o tla phethahatsoa haufinyane