Bophelo Lefatšeng Le Lecha la Khotso
Ha u sheba setšoantšo se pampitšaneng ena, u ikutloa joang? Na pelo ea hao ha e labalabele khotso, thabo, le nala tseo u li bonang mona? Ka sebele ho joalo. Empa na ke toro feela, ho lumela hore maemo ana a tla hle a be teng lefatšeng?
Mohlomong batho ba bangata ba nahana joalo. Liketsahalo tsa kajeno tsa letsatsi le letsatsi ke ntoa, bonokoane, tlala, boloetse, botsofali—ha re bua feela tse ’maloa. Leha ho le joalo ho na le lebaka la tšepo. Ha re sheba bokamoso, Bibele e bua ka “maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li lebelletseng, ho ea ka pallo ea [Molimo], moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13; Esaia 65:17.
Ho ea ka Bibele, ‘maholimo ana a macha’ le “lefatše le lecha,” hase maholimo a macha a bonahalang kapa lefatše le lecha la sebele. Lefatše la rōna la sebele le maholimo li entsoe li phethahetse, ’me Bibele e bontša hore li tla lula ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 89:36, 37; 104:5) “Lefatše le lecha” e tla ba mokhatlo oa batho ba lokileng ba phelang lefatšeng, ’me “maholimo a macha” e tla ba ’muso oa leholimo o phethahetseng, kapa puso, e tla busa mokhatlo ona oa lefatšeng oa batho. Empa na ho nepahetse ho lumela hore “lefatše le lecha,” kapa lefatše le khanyang, le ka ba teng?
Koana, hlokomela ’nete ea hore maemo a joalo a matle ebile karolo ea morero oa mathomo oa Molimo ka lefatše lena. O ile a beha batho ba pele ba babeli Paradeiseng ea lefatšeng ea Edene ’me a ba neha mosebetsi o motle: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.” (Genese 1:28) E, morero oa Molimo e ne e le hore ba be le bana ’me qetellong ba atolosetse Paradeise ea bona lefatšeng lohle. Le hoja hamorao ba ile ba ikhethela ho se mamele Molimo, kahoo ba ipaka ba sa lokela ho phela ka ho sa feleng, morero oa mathomo oa Molimo ha oa ka oa fetoha. ’Me o lokela ho phethahatsoa lefatšeng le lecha!—Esaia 55:11.
Ha e le hantle, ha u rapela Thapelo ea Morena, kapa Ntat’a Rōna, u kōpa hore ’Muso oa Molimo o tle, u rapela hore ’muso oa hae oa leholimo o felise bokhopo ’me o buse lefatše lena le lecha. (Mattheu 6:9, 10) ’Me re ka kholiseha hore Molimo o tla arabela thapelo eo, kaha Lentsoe la oona lea tšepisa: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.
Bophelo Lefatšeng le Lecha la Molimo
’Muso oa Molimo o tla tlisa melemo ea lefatše e ke keng ea bapisoa, o tla phethahatsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle eo Molimo o neng o e rerile e sa le pele hore batho ba oona ba e thabele lefatšeng. Lehloeo le leeme li ke ke tsa hlola li e-ba teng, ’me qetellong e mong le e mong lefatšeng e tla ba motsoalle oa ’nete oa e mong. Ka Bibeleng, Molimo o tšepisa hore o tla ‘felisa lintoa le lipheletsong tsa lefatše.’ “Sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Pesaleme 46:9; Esaia 2:4.
Qetellong lefatše lohle le tla etsoa paradeise e kang serapa se setle. Bibele e re: “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joale ka leshoma. . . . Hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng. Mahoatata a mahlabathe a tla fetoha matša a metsi, naha e omeletseng e be le liliba tsa metsi.”—Esaia 35:1, 6, 7.
Ho tla ba le mabaka ’ohle a ho thaba Paradeiseng lefatšeng. Batho ha ba sa tla hlola ba lapa ka baka la ho hloka lijo. Bibele e re, ‘Lefatše le tla melisa lijo tsa lona.’ (Pesaleme 67:6; 72:16) Bohle ba tla thabela litholoana tsa mosebetsi oa bona, joaloka ha ’Mōpi oa rōna a tšepisa: ‘Ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. . . . Ba ke ke ba hloma merara, osele a je litholoana tsa eona.’—Esaia 65:21, 22.
Lefatšeng le lecha la Molimo, batho ba ke ke ba hlola ba petetsana har’a mehaho e moholo ea bolulo kapa litakaneng, hobane Molimo o tšepisitse: ‘Ba tla haha matlo, ba lule ho ona; . . . Ba ke ke ba haha matlo, osele a lule teng.’ Hape Bibele ea tšepisa: “Ba ke ke ba sebeletsa lefeela.” (Esaia 65:21-23) Kahoo batho ba tla ba le mosebetsi o hlahisang litholoana, le o khotsofatsang. Bophelo bo ke ke ba tena.
Ha ’mila o ntse o puta, ’Muso oa Molimo o tla tsosolosa le likamano tsa khotso tse kileng tsa e-ba teng tšimong ea Edene pakeng tsa liphoofolo, le pakeng tsa liphoofolo le batho. Bibele e re: “Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e notšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana.”—Esaia 11:6-9; Hosea 2:18.
Ak’u nahane feela, Paradeiseng ea lefatšeng maloetse ’ohle le mefokolo ea ’mele e tla phekoloa! Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa: “Ha ho motho ea tla re: Ke bohloko!” (Esaia 33:24) “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
Kamoo ho ka Khonehang hore U Thabele Tsena
Ka sebele e tlameha e be pelo ea hao e anngoe ke litšepiso tsa Molimo mabapi le bophelo lefatšeng la oona le lecha la ho loka. ’Me leha ba bang ba ka nahana hore mahlohonolo a joalo a matle haholo hore e ka ba ’nete, empa ha a matle haholo hore a ka tsoa letsohong la ’Mōpi oa rōna ea lerato.—Pesaleme ea 145:16; Mikea 4:4.
Empa, ho na le litlhokahalo tseo re lokelang ho li khahlanyetsa haeba re tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng e tlang lefatšeng. Jesu o bontšitse tlhokahalo e khōlō, ha a rapela Molimo a re: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.
Ka baka leo haeba ka sebele re batla ho phela lefatšeng le lecha la Molimo, pele re lokela ho ithuta thato ea Molimo ’me re e etse. Hobane ke ’nete hore: “Lefatše [lena] lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng” hore a tsebe ho thabela ka ho sa feleng mahlohonolo a tla tlisoa ke ’Mōpi oa rōna ea lerato.—1 Johanne 2:17.
Ntle leha ho bontšitsoe ka hosele, litšupiso tsohle tsa Bibele li hlaha Bibeleng ea Sesotho.