Re ka Lebella Eng Nakong e Tlang?
KE HOBANE’NG HA KARABO EA POTSO EE E LE EA BOHLOKOA? Seo motho a lebeletseng hore se tla etsahala nakong e tlang se ama tsela eo a etsang lintho ka eona hona joale. Ka mohlala, ba sa lebellang bokamoso bo khanyang ba ka ’na ba ba le maikutlo ana: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakorinthe 15:32) Hangata maikutlo a joalo a fella ka hore motho a je ho tlōla, a noe ho tlōla, ’me a khathatsehe ho e-na le hore a imolohe kelellong e le kannete.
Ka sebele, haeba bokamoso bo ne bo laoloa ka ho feletseng ke batho, tšepo ea rōna e ne e tla ba lerootho. Moea, metsi le lefatše li silafatsoa ho feta leha e le neng pele. Tšokelo ea ntoa ea nyutlelie le litlhaselo tsa likhukhuni li ntse li eketseha. Lefatšeng lohle batho ba limilione tse likete baa kula ebile ba futsanehile. Empa ho na le mabaka a utloahalang a ho ba le tšepo.
Le hoja batho ba ke ke ba profeta bokamoso ka nepo, Jehova Molimo o bolela hore ke “Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong, le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe.” (Esaia 46:10) Jehova o re’ng ka seo re ka se lebellang nakong e tlang?
Bibele e Re’ng?
Jehova a ke ke a lumela hore lefatše kapa lintho tse phelang ho lona li senyetsoe ruri. Ha e le hantle, Bibele e tšepisa hore Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ka ’Muso oa hae, kapa puso e leholimong, Jehova o tla felisa bokhopo lefatšeng ’me a tlise maemo ao a neng a a rerile tšimolohong. (Genese 1:26-31; 2:8, 9; Matheu 6:9, 10) Litemana tsa Bibele tse latelang li fana ka leseli la se tla etsahala nakong e tlang, li hlalosa liketsahalo tseo haufinyane li tla ama motho e mong le e mong ea holim’a lefatše.
Pesaleme ea 46:8, 9. “Tloong, le bone mesebetsi ea Jehova, kamoo a entseng liketsahalo tse makatsang lefatšeng. O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.”
Esaia 35:5, 6. “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo. Etsoe metsi a tla tšikhunya lefeelleng, le melapo e phoroselang e tšikhunye thoteng ea lehoatata.”
Esaia 65:21, 22. “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.”
Daniele 2:44. “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”
Johanne 5:28, 29. “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.”
Tšenolo 21:3, 4. “Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”
Kamoo Karabo ea Bibele e ka re Imollang Kelellong e le Kannete
Ha u qala ho utloa ka maemo ao a boletsoeng, u ka ’na ua sitoa ho lumela hore a ka ba teng. Empa ke Molimo ea re tšepisang ’ona, eseng batho. ’Me Jehova Molimo ‘a ke ke a bua leshano.’—Tite 1:2.
Haeba u itloaetsa ho tšepa hore lintho tseo Molimo a li tšepisang li tla etsahala ’me u phela ka melao ea hae, kelello ea hao e tla imoloha ho sa tsotellehe maemo a boima ka ho fetisisa. Ntoa, bofutsana, ho kula, esita le mathata a botsofali kapa ho tseba hore u ka ’na ua shoa—ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ka etsang hore u hloke khotso ka ho sa feleng. Hobane’ng? Hobane u tla be u kholisehile hore ’Muso oa Molimo o tla felisa lintho tse bakoang ke mahlomola ana ’ohle.
U ka etsa’ng hore u be le tšepo ea hore lintho tsee li tla etsahala nakong e tlang? U lokela ho ‘fetola kelello ea hao’ ’me u ipakele e le uena “thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Mohlomong u tla hloka bopaki bo eketsehileng ba hore u tšepe seo Bibele e se tšepisang. Ho etsa joalo hoa putsa. Ke e ’ngoe ea lintho tse tla u imolla kelellong ka ho fetisisa.
[Litšoantšo leqepheng la 8, 9]
Lentsoe la Molimo le re’ng ka nako e tlang?