Re Phelela Eng?
KE HOBANE’NG HA KARABO EA POTSO EE E LE EA BOHLOKOA? E ’ngoe ea lintho tse hlorisang motho moeeng ka ho fetisisa ke ho se tsebe hore na o phelela eng. Ka lehlakoreng le leng, motho ea tsebang hantle hore na o phelela eng o khona ho mamella mathata. Viktor E. Frankl, eo e leng ngaka ea boloetse ba methapo ea ileng a pholoha Polao e Sehlōhō ea Bajuda Ntoeng ea II ea Lefatše, o ile a re: “Ke bua ka sebete hore ha ho letho lefatšeng, leo ka katleho le ka thusang motho ho pholoha esita le maemo a boima ka ho fetisisa, joaloka ho tseba hore na o phelela eng.”
Leha ho le joalo, ho na le maikutlo a mangata a sa tšoaneng tabeng ena. Ba bangata ba na le maikutlo a hore ho tsoa ho motho ho etsa qeto ea hore a phelele eng. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba lumelang hore lintho li iphetotse ba ruta hore bophelo ha bo na morero oa sebele.
Leha ho le joalo, e le hore re tsebe seo re se phelelang re lokela ho botsa Jehova Molimo, Ea re Fileng Bophelo. Hlokomela se boleloang ke Lentsoe la hae tabeng ena.
Bibele e Re’ng?
Bibele e ruta hore Jehova Molimo o ile a bōpa monna le mosali ka morero o itseng. Jehova o ile a laela batsoali ba rōna ba pele, a re:
Genese 1:28. “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.”
Morero oa Molimo e ne e le hore Adama le Eva le bana ba bona ba etse lefatše lohle paradeise. O ne a sa rera hore batho ba tsofale ’me ba shoe; hape o ne a sa batle hore batho ba senye lefatše. Leha ho le joalo, kaha batsoali ba rōna ba pele ha baa ka ba etsa liqeto tse nepahetseng, re futsitse sebe le lefu. (Genese 3:2-6; Baroma 5:12) Leha ho le joalo, morero oa Jehova ha oa fetoha. Haufinyane lefatše e tla ba paradeise.—Esaia 55:10, 11.
Ha Jehova a re bōpa, o re file matla le bohlale ba ho phetha morero oa hae. Ha aa ka a re bōpela hore re be mohlape-maitisi. Hlokomela hore na morero oa Molimo o hlalosoa joang litemaneng tsa Bibele tse latelang.
Moeklesia 12:13. “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.”
Mikea 6:8. “Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”
Matheu 22:37-39. “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’”
Kamoo Karabo ea Bibele e re Imollang Kelellong e le Kannete
Hore mochine ofe kapa ofe oo ho seng bonolo ho o sebelisa o sebetse hantle, o lokela ho sebelisetsoa morero oo moetsi oa oona a o etselitseng oona ’me o sebelisoe kamoo a boletseng kateng. Ka ho tšoanang, e le hore re se ke ra itematsa—ebang ke kamanong ea rōna le Molimo, kelellong, maikutlong, kapa ’meleng—ho hlokahala hore re phele kamoo Moetsi oa rōna a rerileng hore re phele kateng. Hlokomela kamoo ho tseba ha rōna morero oa Molimo ho ka re imollang kelellong maemong a bophelo a latelang.
Ha ba khetha lintho tsa bohlokoa bophelong ba bona, kajeno batho ba bangata ba ikakhela ka setotsoana ho bokelleng leruo. Leha ho le joalo, Bibele e fana ka temoso ena: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi.”—1 Timothea 6:9, 10.
Ka lehlakoreng le leng, ba ithutang ho rata Molimo ho e-na le ho rata chelete ba lemoha hore na ke eng e ka ba khotsofatsang. (1 Timothea 6:7, 8) Baa tseba hore ba tlameha ho sebetsa ka thata e le hore ba fumane lintho tseo ba li hlokang bophelong. (Baefese 4:28) Empa ba boetse ba nkela hloohong temoso ea Jesu e reng: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.”—Matheu 6:24.
Ka lebaka leo, ba ratang Molimo ba nka ho etsa thato ea hae e le habohlokoa ho feta ho etsa mosebetsi oa boipheliso kapa ho lelekisa leruo. Baa tseba hore haeba ho etsa thato ea Molimo e le ntho ea bohlokoahali bophelong ba bona, joale Jehova Molimo o tla ba hlokomela. Ha e le hantle, Jehova o ikutloa a tlamehile ho etsa joalo.—Matheu 6:25-33.
Batho ba bangata ba iketelletsa pele ha ba sebelisana le ba bang. Kajeno, lefatše ha le na khotso, haholo hobane batho ba bangata e se e le “baithati, . . . ba se nang lerato la tlhaho.” (2 Timothea 3:2, 3) Ha motho a ba soetsa kapa a sa lumellane le maikutlo a bona, ba bua ka “bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang.” (Baefese 4:31) Ho e-na le hore ho hloka boitšoaro ho joalo ho imolle motho kelellong, ho mpa ho “tsosa ho hloka kutloano.”—Liproverbia 15:18.
Ka lehlakoreng le leng, ba mamelang taelo ea Molimo ea ho rata baahelani ba bona joalokaha ba ithata ba ‘bontšana mosa, ba na le qenehelo e bonolo, ba tšoarelana ka bolokolohi.’ (Baefese 4:32; Bakolose 3:13) Leha ba bang ba sa ba tšoare ka mosa, ba leka ho etsisa Jesu, eo ha a ne a hlapaoloa, ‘a sa kang a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola.’ (1 Petrose 2:23) Joaloka Jesu, baa utloisisa hore ho sebeletsa ba bang ho khotsofatsa e le kannete, esita leha ba bang ba sa ananele seo ba ba etsetsang sona. (Matheu 20:25-28; Johanne 13:14, 15; Liketso 20:35) Jehova Molimo o fana ka moea oa hae ho ba lekang ho etsisa Mora oa hae, ’me moea ona o ba imolla kelellong e le kannete.—Bagalata 5:22.
Leha ho le joalo, tsela eo u ikutloang ka eona ka bokamoso e amana joang le hore u imolohe kelellong?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ho hlokahala hore motho a tsebe hantle hore na o phelela eng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Jesu o re ruta tsela ea ho imoloha kelellong