Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lff thuto 25 ntlha ea 1-5
  • Molimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Joang?
  • U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE LINTLHA TSE LING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Morero oa Sebele oa Bophelo
    Tsoha!—1992
  • Bophelo bo na le Morero o Hlollang
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Molimo ke Mang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bophelo bo Bile Teng Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 25 ntlha ea 1-5
Khaolo ea 25. Kamoo lefatše le shebahalang kateng ha u le sepakapakeng.

KHAOLO EA 25

Molimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Joang?

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

Bibele e re batho ba phela bophelo bo ‘bokhutšoanyane le bo tletseng likhathatso.’ (Jobo 14:1) Na ke tsela eo Molimo a neng a batla hore re phele ka eona? Haeba ha ho joalo, morero oa hae ke ofe ka rona batho? Na morero oa hae o tla ke o phethahale? Fumana likarabo ka Bibeleng.

1. Jehova o batla hore re phele bophelo bo joang?

Jehova o batla hore re phele hamonate. Ha a qeta ho bopa batho ba pele, e leng Adama le Eva, o ile a ba beha serapeng se setle sa Edene. Ka mor’a moo, “Molimo a ba hlohonolofatsa ’me Molimo a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.’” (Genese 1:​28) Jehova o ne a batla hore ba be le bana, ba etse lefatše lohle paradeise ’me ba hlokomele liphoofolo. O ne a batla hore batho kaofela ba phele hamonate ba sa kule le hore ba phele ka ho sa feleng.

Le hoja re sa phele ka tsela eo Molimo a neng a batla hore re phele ka eona,a o ntse a batla hore nakong e tlang re phele hamonate. (Esaia 46:​10, 11) O ntse a batla hore batho ba mo mamelang ba phele ka ho sa feleng maemong a matle.​—Bala Tšenolo 21:​3, 4.

2. Ke joang re ka lulang re thabile hona joale?

Jehova o re bopile re e-na le tlhoko ea ho batla ho tataisoa ke eena, ke kahoo re batlang ho mo tseba le ho mo sebeletsa. (Bala Matheu 5:​3-6.) O batla hore re be metsoalle ea hae, re “tsamaee litseleng tsohle tsa hae le ho mo rata” ’me re mo sebeletse ka ‘lipelo tsohle tsa rona.’ (Deuteronoma 10:​12; Pesaleme ea 25:​14) Haeba re etsa joalo, re tla thaba le hoja re e-na le mathata. Ha re sebeletsa Jehova, rea thaba hobane re phela ka tsela eo a e batlang.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute ka lerato leo Jehova a ileng a re bontša lona ha a ne a bopa lefatše le ka seo Bibele e se rutang ka morero oa hae ka batho.

Adama and Eva ba shebile lehae la bona le serapeng se setle se nang le limela tse ntle le liphoofolo.

3. Jehova o batla hore batho ba phele hamonate

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

VIDEO: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Bopa Lefatše?​—Karoloana (1:41)

  • Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bopa lefatše?

Bala Moeklesia 3:​11 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • U ithuta’ng ka Jehova temaneng ee?

4. Morero oa Jehova ha o e-s’o fetohe

Bala Pesaleme ea 37:​11, 29 le Esaia 55:​11 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Re tseba joang hore morero oa Jehova ka rona ha o e-s’o fetohe?

A. Ntlo e senyehileng. Marulelo aa oela, lifensetere li pshatlehile le jarete e tletse lithole. B. Ntlo eona eo e se e lokisitsoe, e le ntle ebile le jarete e hloekisitsoe.

Ntlo e senyehileng e ka lokisoa. Ka tsela e tšoanang, Molimo o tla lokisa lefatše molemong oa batho ba mo ratang

5. Ho sebeletsa Jehova ho etsa hore re thabe

Ho tseba hore na re phelela’ng ho ka etsa hore re thabe. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

VIDEO: Ke Ile ka Ithuta Hore na ke Phelela’ng (5:03)

  • Taba ea hore ’mè Terumi o ne a tseba hore na o phelela’ng e ile ea mo thusa joang?

Bala Moeklesia 12:​13 ebe le buisana ka potso ena:

  • Re ka bontša joang hore re ananela lintho tse ngata tseo Jehova a re etselitseng tsona?

MOTHO A KA ’NA A RE: “Re phelela’ng?”

  • U ka mo araba joang?

KAKARETSO

Jehova o batla hore re thabele ho phela ka ho sa feleng maemong a matle mona lefatšeng. Ha re sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle tsa rona, re ka lula re thabile le hona joale.

Re Ithutile’ng?

  • Jehova o ne a batla hore Adama le Eva ba phele bophelo bo joang?

  • Re tseba joang hore morero oa Molimo ka batho ha o e-s’o fetohe?

  • Ke’ng e ka u thusang hore u lule u thabile?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na ke hobane’ng ha o ka kholiseha hore serapa sa Edene se ne se le teng.

“Serapa sa Edene ​—Na ke ’Nete Kapa ke Pale e Iqapetsoeng?” (Molula-Qhooa, January 1, 2011)

Ithute hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore lefatše le tla lula le le teng.

“Na Lefatše le Tla Felisoa?” (Sehlooho se websaeteng)

Hlokomela hore na Bibele e re re phelela’ng.

“Morero oa Bophelo ke Ofe?” (Sehlooho se websaeteng)

Hlokomela hore na ntate e mong o ne a se na eng bophelong le hoja a ne a nahana hore o na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

Hona Joale ke se ke Tseba Hore na ke Phelela’ng (3:​55)

a Khaolong e latelang, u tla ithuta hore na bothata bo qalile hokae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela