Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 2/1 maq. 4-5
  • Re Bile Teng Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Bile Teng Joang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Bibele e se Buang
  • Kamoo Karabo ea Bibele e Etsang Hore re Imolohe Kelellong e le Kannete
  • Na Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lumellana le Bibele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Bibele—Buka ea Batho Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • ’Mōpi eo re Tšoanelang ho mo Rorisa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Molimo o Sebelisitse ho Iphetola ha Lintho ho Hlahisa Bophelo?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 2/1 maq. 4-5

Re Bile Teng Joang?

KE HOBANE’NG HA KARABO EA POTSO EE E LE EA BOHLOKOA? Batho ba bangata ba rutoa hore bophelo lefatšeng bo itlhahetse feela. Ba bolelloa hore ka mohlolo lintho li ile tsa iphetola hoo ho ileng ha hlaha batho ba nang le maikutlo, ba bohlale le ba labalabelang ho tseba hore na ba phelela eng.

Empa hlokomela: Haeba ka sebele re bile teng ka lebaka la ho iphetola ha lintho ’me ho se na ’Mōpi, moloko oa batho o ne o tla be o setse lepalapaleng. Moloko oa batho o ne o ke ke oa e-ba le motho ea bohlale ka ho fetisisa eo o ka kōpang keletso ho eena—ho ne ho ke ke ha e-ba le motho ea re thusang ho rarolla mathata a rōna. Re ne re tla lokela ho tšepa bohlale ba batho hore re qobe ho senya lefatše, re rarolle lintoa tsa lipolotiki, le bakeng sa hore bo re tataise mathateng a rōna.

Na ha u nahana ka see ua imoloha kelellong? Haeba ha ho joalo, nahana ka boemo bo fapaneng le boo. Hase feela hore bo ipiletsa haholoanyane, empa hape bo utloahala haholoanyane.

Seo Bibele e se Buang

Bibele e ruta hore moloko oa batho o bōpiloe ke Molimo. Ha rea ba teng ka ho iphetola ha lintho ho se nang maikutlo, le ho se nang kelello. Ho e-na le hoo, re bana ba Ntate ea lerato, le ea bohlale. Hlokomela lipolelo tsena tse hlakileng tse ka Bibeleng.

Genese 1:27. “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.”

Pesaleme ea 139:14. “Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla, joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.”

Matheu 19:4-6. “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”

Liketso 17:24, 25. “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona, e leng Morena oa leholimo le lefatše, ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho, leha e le hore o hlokomeloa ke matsoho a batho joalokaha eka o hloka letho, hobane o fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.”

Tšenolo 4:11. “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”

Kamoo Karabo ea Bibele e Etsang Hore re Imolohe Kelellong e le Kannete

Ho tseba hore “lelapa le leng le le leng . . . lefatšeng le [bitsoa] ka” Molimo ho fetola tsela eo re talimang batho ba bang ka eona. (Baefese 3:15) Ho ba le tsebo e joalo ho boetse ho ama kamoo re italimang le kamoo re talimang mathata a rōna kateng. Tsela eo re nahanang ka eona e tla ameha ka litsela tse latelang.

Ha re lokela ho etsa liqeto tse boima, ho ke ke ha hlokahala hore re tšoenyehe ka maikutlo a motho a loantšanang. Ho e-na le hoo, re tla itšetleha ka keletso ea Bibele e tšepahalang. Hobane’ng? Hobane “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.

Ke ’nete hore ho sebelisa keletso ea Bibele ho hloka boiteko le boitšoaro. Ka linako tse ling e ka re eletsa hore re etse lintho tseo re nkang hore li boima. (Genese 8:21) Leha ho le joalo, haeba re lumela hore re bōpiloe ke Ntate ea lerato ea leholimong, hoa utloahala ho lumela hore o tseba tsela e molemohali eo re lokelang ho e latela. (Esaia 55:9) Kahoo, Lentsoe la hae le re tiisetsa sena: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Haeba re sebelisa keletso eo, re ke ke ra tšoenyeha hakaalo ha re le mathateng ’me re lokela ho etsa liqeto.

Ha re tšoaroa ka leeme, re ke ke ra tšoenngoa ke maikutlo a ho ikhalala, ebe re nahana hore ha re na thuso ha re bapisoa le batho ba morabe o mong kapa ba semelo se seng. Ho e-na le hoo, re tla itšiela seriti. Hobane’ng? Hobane Ntate oa rōna, Jehova Molimo, “ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.

Hape ho hlokomela sena ho tla etsa hore re se ke ra lumella leeme ho ama tsela eo re nkang ba bang ka eona. Re tla utloisisa hore ha ho na mabaka a utloahalang a hore re ikutloe re phahametse batho ba morabe o mong, kaha Molimo “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše.”—Liketso 17:26.

Ka sebele, ho tseba hore re bōpiloe le hore ’Mōpi oa rōna oa re tsotella ke le leng la mabaka a re imollang kelellong e le kannete. Empa ho hlokahala ho eketsehileng e le hore re lule re imolohile kelellong.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

Na moloko oa batho o bile teng ka hore lintho li iphetole?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ho tseba hore ’Mōpi oa rōna oa re tsotella ho ka re imolla kelellong e le kannete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela