Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 1/1 maq. 14-17
  • Na Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lumellana le Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lumellana le Bibele?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Motho a ne a sa le Mong Feela
  • Kamoo Motho a Ileng a Fetoha ea sa Phethahalang
  • Na U ka Lumela Hore Lintho li Iphetotse Ua ba Ua Lumela Bibeleng?
  • Se Etsang hore Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Khahle Batho
  • Ho na le Bopaki bo Tšehetsang ho Lumela ho ’Mōpi
  • Na Molimo o Sebelisitse ho Iphetola ha Lintho ho Hlahisa Bophelo?
    Tsoha!—2006
  • Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 2: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?
    Bacha Baa Botsa
  • Na Molimo o Entse hore Lintho Tse Phelang li Iketse?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Iphetola Hoa Lintho
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 1/1 maq. 14-17

Na Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lumellana le Bibele?

NA MOHLOMONG Molimo o ile a etsa hore lintho li ’ne li iphetole ho fihlela qetellong liphoofolo li fetoha batho? Na Molimo o ile a etsa hore bacteria e fetohe litlhapi ebe joale e ntse e fetoha ’me e qetella e se e le lihahabi le liphoofolo tse anyesang, ho fihlela litšoene li fetoha batho? Bo-rasaense le baruti ba bang ba re ba lumela hore lintho li iphetotse ba bile ba lumela se boleloang ke Bibele. Ba bolela hore buka ea Bibele ea Genese ke tšōmo feela. Mohlomong u kile ua ipotsa hore na ‘khopolo ea hore motho o tsoa liphoofolong e lumellana le Bibele kapa che.’

Ho utloisisa hantle hore na re bile teng joang ho tla re thusa hore re tsebe hore na re bo-mang, re phelela eng, le hore na re lokela ho phela joang. Ke hafeela re tseba hore na motho o bile teng joang re ka utloisisang hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola le hore na o rerile eng ka bokamoso ba batho. Ho ke ke ha etsahala hore re be le kamano e ntle le Molimo haeba re sa kholiseha hore ke ’Mōpi oa rōna. Kahoo, a re hlahlobeng hore na Bibele e re motho o bile teng joang, ho etsahala’ng ka eena hahajoale, ’me ho tla etsahala eng ka eena nakong e tlang. Joale re tla lemoha hore na khopolo ea hore lintho li iphetotse e lumellana le Bibele kapa che.

Ha Motho a ne a sa le Mong Feela

Batho ba reng lintho li iphetotse ba bolela hore butle-butle liphoofolo li ile tsa fetoha batho, ’me ha ba lumele hore qalong ho ne ho e-na le motho a le mong feela. Leha ho le joalo, Bibele ha e lumellane le seo. E re re tsoa mothong a le mong, Adama. Bibele e bontša hore Adama e ne e le motho oa sebele. E re bolella lebitso la mosali oa hae le mabitso a bana ba bang ba hae. E re bolella ka ho qaqileng hore na o ile a etsa’ng, a re’ng, a phela neng, ’me a shoa neng. Jesu ha aa ka a nka litaba tseo e le tšōmo feela e ngoletsoeng batho ba sa rutehang. Ha a bua le Bafarisi ba rutehileng, o ile a re: “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali?” (Matheu 19:3-5) Ka mor’a moo Jesu o ile a qotsa Genese 2:24 e buang ka Adama le Eva.

Luka, e mong oa batho ba ngotseng Bibele ebile e le rahistori ea hloahloa, o ile a bua ka Adama e le motho oa sebele joalokaha le Jesu e ne e le motho oa sebele. Luka o ile a lokolisa leloko la Jesu ho ea fihla ho motho oa pele. (Luka 3:23-38) Ntle ho moo, ha moapostola Pauluse a bua le batho ba neng ba akha bo-rafilosofi ba keneng likolo tse tsebahalang tsa Bagerike, o ile a re: “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona . . . o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle.” (Liketso 17:24-26) Ho hlakile hore Bibele e ruta hore re tsoa “mothong a le mong.” Na seo Bibele e se bolelang mabapi le hore na motho o bile teng joang se lumellana le hore lintho li iphetotse?

Kamoo Motho a Ileng a Fetoha ea sa Phethahalang

Bibele e re Jehova o ile a etsa motho oa pele a phethahetse. Ho ke ke ha etsahala hore Molimo a etse lintho tse sa phethahalang. Tlaleho e buang ka pōpo e re: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae . . . Ka mor’a moo Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.” (Genese 1:27, 31) Motho ea phethahetseng o joang?

Motho ea phethahetseng o na le boikhethelo ’me o khona ho bontša litšobotsi tse kang tsa Molimo ka ho feletseng. Bibele e re: “Molimo oa ’nete o ile a etsa moloko oa batho o lokile, empa ke oona o batlileng mano a mangata.” (Moeklesia 7:29) Adama o ile a ikhethela ho fetohela Molimo. Ka lebaka la ketso ena, Adama o ile a fetoha ea sa phethahalang ’me ho bile joalo le ka bana ba hae. Ho se phethahale hona ke hona ho bakang hore hangata re etse liphoso le hoja re batla ho etsa se nepahetseng. Moapostola Pauluse o ile a re: “Seo ke se lakatsang, ha kea tloaela ho se etsa; empa seo ke se hloileng ke sona seo ke se etsang.”—Baroma 7:15.

Bibele e re motho ea phethahetseng o ne a tla phela ka ho sa feleng a phetse hantle. Seo Molimo a ileng a se bolella Adama ke bopaki ba hore hoja o ile a mamela Molimo a ka be a sa shoa. (Genese 2:16, 17; 3:22, 23) Ka mor’a ho bōpa motho, Jehova a ka be a sa ka a re seo se ne se le “molemo haholo” haeba motho o ne a tla kula kapa a mo fetohele. Ho se phethahale ho hlalosa lebaka leo ’mele oa motho, le hoja o entsoe ka bokhabane bo boholo, o holofalang o bileng o kulang. Kahoo, khopolo ea hore lintho li iphetotse ha e lumellane le Bibele. Khopolo ea hore lintho li iphetotse e re motho oa kajeno ke phoofolo e ntseng e ntlafala. Bibele eona e re motho oa kajeno ke setloholo sa motho ea phethahetseng se ntseng se sohlokeha ho ea pele.

Khopolo ea hore Molimo o ile a etsa hore lintho li ’ne li iphetole e le hore motho a tle a qetelle a bile teng le eona ha e lumellane le seo Bibele e reng Molimo o sona. Haeba Molimo o ile a lumella hore lintho li ’ne li iphetole, sena se ne se tla bolela hore ke eena ea entseng hore ebe kajeno moloko oa batho oa kula o bile o maqakabetsing. Leha ho le joalo, Bibele e re Molimo “ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane. Ba entse ka mokhoa o senyang; hase bana ba hae, sekoli ke sa bona.” (Deuteronoma 32:4, 5) Kahoo, hore ebe batho ba utloa bohloko hase kahobane Molimo a ile a etsa hore lintho li ’ne li iphetole. Ba utloa bohloko kahobane motho a le mong a ile a fetoha ea sa phethahalang a ba a etsa hore le bana ba hae e be ba sa phethahalang ha a fetohela Molimo. Joale, ha e le mona re buile ka Adama, a re bueng ka Jesu. Na khopolo ea hore lintho li iphetotse e lumellana le seo Bibele e se buang ka Jesu?

Na U ka Lumela Hore Lintho li Iphetotse Ua ba Ua Lumela Bibeleng?

“Kreste o ile a shoela libe tsa rōna.” Joalokaha mohlomong u tseba, ena ke e ’ngoe ea lithuto tse rutoang haholo ke Bakreste. (1 Bakorinthe 15:3; 1 Petrose 3:18) E le ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha khopolo ea hore lintho li iphetotse e sa lumellane le hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna, re lokela ho utloisisa pele hore na ke hobane’ng ha Bibele e re re baetsalibe le hore na sebe se etsa eng ho rōna.

Bohle re baetsalibe kahobane re sitoa ho bontša litšobotsi tse hlollang tsa Molimo ka ho phethahetseng, tse kang lerato la hae le toka. Ke ka lebaka leo Bibele e reng: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Bibele e ruta hore lefu le bakiloe ke sebe. Bakorinthe ba Pele 15:56 e re: “Motsu o hlahisang lefu ke sebe.” Sebe seo re se futsitseng ke lona lebaka le ka sehloohong le etsang hore re kule. Jesu o ile a bontša hore re kula ka lebaka la sebe. O ile a re ho monna ea shoeleng litho, “U tšoaretsoe libe,” ’me monna eo a fola.—Matheu 9:2-7.

Lefu la Jesu le re thusa joang? Bibele e bontša phapang pakeng tsa Adama le Jesu Kreste, e re: “Feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakorinthe 15:22) Ka ho etsa bophelo ba hae sehlabelo, Jesu o ile a lefella sebe seo re se futsitseng ho Adama. Kahoo, bohle ba bontšang tumelo ho Jesu le ba mo mamelang ba tla fumana se ileng sa lahlehela Adama—e leng monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.—Johanne 3:16; Baroma 6:23.

Joale, na ua hlokomela hore khopolo ea hore lintho li iphetotse ha e lumellane le Bibele? Haeba re sa lumele hore “ka Adama bohle [baa] shoa,” ke joang re ka tšepang hore “bohle ba tla phelisoa ka Kreste”?

Se Etsang hore Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Khahle Batho

Bibele e re bolella hore na ho tla joang hore lithuto tse kang ea hore lintho li iphetotse li ratoe. E re: “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe; ’me ba tla retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete, athe ba tla khelosetsoa lipaleng tsa bohata.” (2 Timothea 4:3, 4) Le hoja hangata ho fanoa ka maikutlo a hore khopolo ea ho iphetola ha lintho ke ea saense, ha e le hantle, ke thuto ea bolumeli. E ruta batho hore na ba talime bophelo joang le hore na ba ikutloe joang ka Molimo. Ka tsela e potelletseng, litumelo tsa eona li khahla batho kahobane e le baithati ebile ba rata ho ipusa. Ba bangata ba lumelang hore lintho li iphetotse, ba boetse ba re ba lumela ho Molimo. Leha ho le joalo, ba nka hore ha ho phoso ho nahana hore Molimo ha aa bōpa lintho, ha a kenelle litabeng tsa batho, ebile a ke ke a ahlola batho. Thuto ena e isa batho le khongoana holimo.

Ba rutang hore lintho li iphetotse hangata ha ba susumetsoe ke ’nete, empa ba susumetsoa ke “litakatso tsa bona”—mohlomong takatso ea hore ba amoheloe ke bo-rasaense ba nketseng khopolo ena holimo. Moprofesa oa biochemistry, ea bitsoang Michael Behe, ea qetileng nako e telele a ithuta mesebetsi e rarahaneng ea lisele tse phelang, o ile a hlalosa hore ba rutang hore sele e ’nile ea iphetola ha ba na seo ba ka tšehetsang taba eo ka sona. Na ho ka etsahala hore le limolek’hule tsee tse nyenyane ka ho fetisisa li iphetole? O ile a ngola a re: “Khopolo ea hore limolek’hule li iphetotse ha ea thehoa saenseng. Ha ho lingoliloeng tsa saense—ebang ke limakasine tse tsebahalang, limakasine tse buang ka lintho tse itseng ka ho khetheha, kapa libuka—tse hlalosang kamoo limolek’hule li ileng tsa iphetola kateng kapa ho ka etsahalang hore ebe li ile tsa iphetola, ebang ke limolek’hule tsa ntho ea sebele, e rarahaneng, e phelang kapa che. . . . Ho bua ka khopolo ea Darwin ea hore limolek’hule li iphetotse ke ho itlatlarietsa feela.”

Haeba batho ba lumelang khopolo ea hore lintho li iphetotse ha ba khone ho ikemela, ke hobane’ng ha ba e buella hakaale? Behe o re: “Batho ba bangata, ho kopanyelletsa le bo-rasaense ba nketsoeng holimo le ba hlomphuoang haholo, ho hang ha ba batle ho lumela matleng leha e le afe ao e seng a tlhaho.”

Thuto ea hore lintho li iphetotse e ratoa ke baruti ba bangata ba batlang ho hlaha eka ba hlalefile. Ba tšoana le batho bao moapostola Pauluse a ileng a bua ka bona lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Roma, ha a re: “Se ka tsejoang ka Molimo se bonahala har’a bona . . . Litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng, hoo ba se nang boikemelo; hobane, le hoja ba tsebile Molimo, ha baa ka ba mo tlotlisa e le Molimo kapa ba mo leboha, empa ba ile ba fetoha ba thotofetseng menahanong ’me lipelo tsa bona tse seng bohlale tsa fifala. Le hoja ba ne ba tiisa hore ba bohlale, e bile maoatla.” (Baroma 1:19-22) U ka qoba joang ho thetsoa ke baruti ba bohata?

Ho na le Bopaki bo Tšehetsang ho Lumela ho ’Mōpi

Ha Bibele e hlalosa hore na tumelo ke eng, e bontša hore bopaki ke ba bohlokoa. E re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Tumelo ea ’nete ho Molimo e lokela ho ba le bopaki ba hore ’Mōpi o teng. Bibele e bolela hore na u ka fumana bopaki boo hokae.

Davida, ea ileng a bululeloa ho ngola Bibele o ile a re: “Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14) Ho ipha nako ea ho nahana kamoo ’mele ea rōna e entsoeng ka ho hlollang kateng le kamoo lintho tse ling tse phelang li entsoeng ka ho hlollang kateng, ho etsa hore re tsote bohlale ba ’Mōpi oa rōna. Tšebelisano e ntle ea litho tsa ’mele ea rōna e etsang hore re phele e bontša hore li entsoe ka tsela e phethahetseng. Ntle ho moo, sepakapakeng re bona kamoo lihloliloeng li entsoeng ka mokhoa o nepahetseng kateng li bileng li hlophisehileng kateng. Davida o ile a re: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae.”—Pesaleme ea 19:1.

Ka Bibeleng re fumana bopaki bo bongata ba hore ’Mōpi o teng. Haeba u ka ipha nako ea ho hlahloba kamoo libuka tsa eona tse 66 li lumellanang kateng, kamoo melao ea eona ea boitšoaro e phahameng kateng, le kamoo boprofeta ba eona bo phethahetseng ka nepo kateng, u tla fumana bopaki bo bongata ba hore mongoli oa eona ke ’Mōpi. Ho utloisisa lithuto tsa Bibele ho tla u kholisa hore ka sebele Bibele ke Lentsoe la ’Mōpi. Ka mohlala, ha u utloisisa lithuto tsa Bibele tse kang hore na ke hobane’ng ha re utloa bohloko, hore na ’Muso oa Molimo ke eng, hore na moloko oa batho o tla ba le bokamoso bofe, le hore na re ka fumana thabo joang, u tla bona bopaki bo totobetseng ba hore Molimo o bohlale. U ka ’na ua ikutloa joaloka Pauluse ea ileng a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!”—Baroma 11:33.

Ha u ntse u hlahloba bopaki ’me tumelo ea hao e hōla, u tla kholiseha hore ha u bala Bibele, u mamela ’Mōpi ka ho toba. O re: “Ke entse lefatše ’me ke bōpile le motho holim’a lona. ’Na—matsoho a ka a otlolotse maholimo, ’me ke laetse makhotla ’ohle a ’ona.” (Esaia 45:12) Ka sebele, ha ho mohla u tla ikoahlaela hore u ile ua etsa boiteko ba ho batla bopaki ba hore Jehova ke ’Mōpi oa lintho tsohle.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Moapostola Pauluse o ile a re ho Bagerike ba rutehileng: “Molimo . . . o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

Khopolo ea hore lintho li iphetotse e re motho oa kajeno ke phoofolo e ntseng e ntlafala. Bibele eona e re motho oa kajeno ke setloholo sa motho ea phethahetseng se ntseng se sohlokeha ho ea pele

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 16]

“Khopolo ea hore limolek’hule li iphetotse ha ea thehoa saenseng”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]

Tsela e hlollang eo lintho tse phelang li entsoeng ka eona e etsa hore re tsote bohlale ba ’Mōpi oa rōna

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela