Ho Iphetola Hoa Lintho
Tlhaloso: Ho iphetola hoa litho tsa ntho ke khopolo ea hore litho tsa pele tsa ntho e phelang li hlahile nthong e sa pheleng. Joale, ho boleloa hore, ha ntho ena e ntse e ikatisa, e ile ea fetoha ho ba mefuta e sa tšoaneng ea lintho tse phelang, e qetella e hlahisitse mefuta eohle ea bophelo ba limela le ba liphoofolo boo esaleng bo le teng lefatšeng lena. Ho boleloa hore hona hohle ho finyelletsoe ntle ho ho kenella hoa matla a phahametseng tlhaho a ’Mōpi. Batho ba bang ba leka ho tsoaka tumelo ho Molimo le ho iphetola hoa lintho, ba bolela hore Molimo o bōpile ka ho iphetola hoa lintho, hore o entse mefuta ea bophelo ba pele ba khale-khale le hore joale mefuta ea bophelo bo seng bo phaha-phahame, bo akarelletsang motho, e entsoe ka ho iphetola hoa lintho. Hase thuto ea Bibele.
Na ho iphetola hoa lintho ho hlile ho lumellana le thuto ea mahlale?
“Mokhoa oa thuto ea mahlale” o ka tsela e latelang: Shebella ho etsahalang; motheong oa hoo ho shebelletsoeng, qapa khopolo ka hore na ’nete e ka ’na ea e-ba efe; leka khopolo ka ho shebella hape le ka liteko (experiments); ’me u lebelle ho bona hore na ho neng ho shebelletsoe motheong oa khopolo hoa phethahala. Na ona ke mokhoa o lateloang ke ba lumelang le ba rutang ho iphetola hoa lintho?
Setsebi sa linaleli Robert Jastrow o re: “Tšoabong ea bona [bo-ramahlale] ha ba na karabo e tobileng, hobane litsebi tsa metsoako ha ho mohla li kileng tsa atleha ho pheta liteko tsa tlhaho tsa ho bōptjoa hoa bophelo ka lintho tse sa pheleng. Bo-ramahlale ha ba tsebe hore na hoo ho etsahetse joang.”—The Enchanted Loom: Mind in the Universe (New York, 1981), leq. 19.
Setsebi sa ho iphetola hoa lintho Loren Eiseley o lumetse: “Hoba e nyatse moruti oa bolumeli ka ho itšetleha hoa hae ka litšōmo le mehlolo, thuto ea mahlale e iphumane e le boemong bo sa rateheng ba ho qapa tšōmo ea eona: khopolo ea hore seo, kamor’a boiteko bo bolelele, se ke keng sa pakoa hore sea etsahala kajeno, haele hantle, se etsahetse mehleng ea khale-khale e fetileng.”—The Immense Journey (New York, 1957), leq. 199.
Ho latela New Scientist: “Palo e ntseng e phahama ea bo-ramahlale, haholo-holo palo e ntseng e phahama ea litsebi tsa ho iphetola hoa lintho, . . . e phea khang ea hore khopolo ea Darwin ea ho iphetola hoa lintho ho hang hase khopolo ea ’nete ea thuto ea mahlale. . . . Bongata ba ba nyatsang bo na le mangolo a phahameng haholo a thuto ea mahlale.”—June 25, 1981, leq. 828.
Setsebi sa lintho tsa tlhaho H. S. Lipson o itse: “Tlhaloso feela e amohelehang ke pōpo. Kea tseba hore hona ke tlhapa ho litsebi tsa lintho tsa tlhaho, joalokaha ka sebele e le tlhapa ho ’na, empa ha rea tlameha ho latola khopolo eo re sa e rateng haeba bopaki ba liteko bo e tšehetsa.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.)—Physics Bulletin, 1980, Moq. 31, leq. 138.
Na ba buellang ho iphetola hoa lintho baa lumellana? Linnete tsee li u etsa hore u ikutloe joang ka seo ba se rutang?
Selelekela sa khatiso ea boikhopotso ba lilemo tse lekholo sa The Origin of Species ea Darwin (London, 1956), se re: “Joalokaha re tseba, litsebi tsa lintho tse phelang li fapana haholo ka maikutlo, e seng feela ka lisosa tsa ho iphetola hoa lintho empa le ka hore na ho hlile ho etsahala joang. Phapang ena e hlahisoa ke hobane bopaki bo sa khotsofatse ’me ha bo lumelle qeto leha e le efe e tiileng. Ka baka leo ho nepahetse ho bile hoa tšoaneleha ho hlokomelisa batho bao e seng ba thuto ea mahlale ka ho se lumellane ho amanang le ho iphetola hoa lintho.”—Ea W. R. Thompson, eo ka nako eo e neng e le motsamaisi oa Commonwealth Institute of Biological Control, Ottawa, Canada.
“Kamorao ho lilemo tse lekholo Darwin a shoele, re sa ntsane re se na leha e le tlhase feela e ka bontšoang kapa eona khopolo e ka utloahalang ea hore na ho iphetola hoa lintho ho hlile hoa etsahala joang—’me lilemong tsa morao tjena hona ho tsoetse letoto le sa tloaelehang la lintoa ka taba ena eohle. . . . boemo ba ntoa e batlang e le pepeneneng bo teng har’a litsebi tsa ho iphetola hoa lintho ka botsona, ka mekha ea mefuta eohle [ea ho iphetola hoa lintho] e phehellang ntlafatso eitseng e ncha.”—C. Booker (sengoli sa London Times), The Star, (Johannesburg), April 20, 1982, leq. 19.
Makasine oa bo-ramahlale Discover o itse: “Ho iphetola hoa lintho . . . ha ho hlaseloe feela ke Bakreste ba pelo-thata, empa hape ho belaelloa le ke bo-ramahlale ba hlomphehang. Har’a bo-ramahlale ba ithutetseng mesalla ea lintho tsa khale-khale, maikutlo a ntse a loantšana ho ea pele.”—October 1980, leq. 88.
Tlaleho ea mesalla ea lintho tsa khale-khale e tšehetsa maikutlo afe?
Darwin o ile a lumela: “Haeba mefuta e mengata-ngata . . . e hlile e qalile ho phela hang, ’nete eo e ne etlaba e bolaeang khopolong ea ho iphetola hoa lintho.” (The Origin of Species, New York, 1902, Karolo ea Bobeli, leq. 83) Na bopaki bo supa hore “mefuta e mengata-ngata” e hlahile ka nako e le ’ngoe, kapa na bo supa ho ntlafala ho tlileng butle-butle, joalokaha ho bolela [khopolo ea] ho iphetola hoa lintho?
Na ho fumanoe mesalla e lekaneng ea lintho tsa khale-khale hore ho etsoe qeto e utloahalang?
Ramahlale oa Mokhatlo oa Smithson Porter Kier o re: “Ho na le mesalla ea lintho tsa khale-khale e limillione tse lekholo, kaofela e thathamisitsoe le ho tšoauoa hantle libakeng tsa polokelo ea lintho tsa khale lefatšeng lohle.” (New Scientist, January 15, 1981, leq. 129) A Guide to Earth History e-ea eketsa: “Ka thuso ea mesalla ea lintho tsa khale-khale bo-ramahlale ba ithutetseng hoo joale ba ka re nea leseli le babatsehang la bophelo ba mehleng e fetileng.”—(New York, 1956), Richard Carrington, khatiso ea Mentor, leq. 48.
Tlaleho ea mesalla ea lintho tsa khale-khale e hlile e bontša eng?
Bulletin ea Polokelo ea lintho tsa khale tsa Naha tsa Histori ea Tlhaho ea Chicago e ile ea totobatsa: “Khopolo ea Darwin [ea ho iphetola hoa lintho] kamehla e ’nile ea amana haufi-ufi le bopaki bo tsoang mesalleng ea lintho tsa khale-khale, ’me mohlomong batho ba bangata ba nka hore mesalla ea lintho tsa khale-khale e fana ka karolo ea bohlokoa haholo khanng e akaretsang e etsoang ho emela litlhaloso tsa Darwin tsa histori ea bophelo. Ka bomalimabe, hona hase ’nete hakaalo-kaalo. . . . tlaleho ea mafika ka nako eo le hona joale e ntse e sa fane ka letoto le hlakileng hantle la ho iphetola hoa lintho ho tlang butle-butle le ho tsoelang pele.”—January 1979, Moq. 50, No. 1, maq. 22, 23.
A View of Life e re: “Ho qaloa tlaase mehleng ea Cambria ’me ho uoa pele ka lilemo tse ka bang limillione tse 10, lihlopha tsohle tse khōlō tsa liphoofolo tse se nang lesapo la mokokotlo li qalile ho ba teng ka tlhaho e ikhethang haholo ka mefuta-futa e sa tšoaneng eo ho seng e kileng ea tšoana le eona tlalehong ea lefatše la rōna.”—(California, 1981), Salvador E. Luria, Stephen Jay Gould, Sam Singer, leq. 649.
Setsebi sa mesalla ea lintho tsa khale-khale Alfred Romer se ngotse: “Tlas’a [mehla ena ea Cambria], ho na le libaka tse khōlō tsa seqe-seqe e tenya e tšekehileng eo ho eona ho neng ho ka lebelloa hore ho fumanehe libopeho tsa baholo-holo ba [mehla ea] Cambria. Empa ha re li fumane; seqe-seqe ena ea khajana ho hang ha e na bopaki ba bophelo, ’me ka ho utloahalang pono e akaretsang ho ka thoe e lumellana le maikutlo a pōpo e khethehileng qalehong ea mehla ea Cambria.”—Natural History, October 1959, leq. 467.
Harold Coffin, setsebi sa bophelo ba liphoofolo, o re: “Haeba ho iphetola hoa lintho ho tsoelang pele ho tloha ho e bonolo ho isa ho e rarahaneng ho nepahetse, baholo-holo ba libopuoa tsena tse phelang tse hōtseng ka ho feletseng [khopolong ea] Cambria ba lokela ho fumaneha; empa ha ba s’o fumanoe ’me bo-ramahlale ba lumela hore tšepo e-ea fokola ea hore ba tla ke ba fumanoe. Motheong oa linnete feela, motheong oa se hlileng se fumanoeng lefatšeng, khopolo ea pōpo e ileng ea hlaha hang, eo ho eona ho ileng hoa etsoa mefuta e meholo ea bophelo, ke eona e tšoanelehang hamolemo haholo.”—Liberty, September/October 1975, leq. 12.
Bukeng ea hae Cosmos, Carl Sagan, ntle ho tika-tiko o lumetse hore: “Bopaki ba mesalla ea lintho tsa khale-khale bo ka lumellana le khopolo ea Moqapi e Moholo.”—(New York, 1980), leq. 29.
Na ebe mohlomong mokhoa oa ho iphetola hoa lintho o etsahetse ka lebaka la liphetoho tse khōlō tse tlang ka tšohanyetso liphatseng tsa lefutso?
Science Digest e re: “Babuelli ba ho iphetola hoa lintho ba lumela hore liphetoho tse ileng tsa etsahala liphatseng tse khōlō tse laolang lefutso mohlomong e ka ba ke tsona lihamore tse arohanyang liphatsa tsa lefutso tse hlokoang ke khopolo ea bona ea ho iphetola hoa lintho ho tlileng ho sa lebelloa.” Leha ho le joalo, makasine e boetse e qotsa setsebi sa bophelo ba liphoofolo sa Lenyesemane Colin Patterson se re: “Khopolo-taba e iketsetsoa ka bolokolohi. Ha ho letho leo re le tsebang ka liphatsa tsena tse laolang lefutso.” (February 1982, leq. 92) Ka mantsoe a mang, ha ho bopaki bo tšehetsang khopolo ena.
The Encyclopedia Americana e-ea lumela: “’Nete ea hore boholo ba liphetoho liphatseng tsa lefutso bo kotsi linthong tse phelang e bonahala e le thata ho e etsa hore e lumellane le maikutlo a hore phetoho liphatseng tsa lefutso ke mohloli oa qaleho ea taba ho iphetoleng hoa lintho. Ka sebele, liphetoho tsa liphatsa tsa lefutso tse bontšitsoeng libukeng tsa thuto ea lintho tse phelang ke pokello ea lintho tseo e seng tsa tlhaho le tse sa tloaelehang ’me phetoho ea liphatsa tsa lefutso ho bonahala e le tšebetso e senyang ho e-na le ho ba e hahang.”—(1977), Moq. 10, leq. 742.
Ho thoe’ng ka “batho ba litšoene” ba bontšoang libukeng tsa ho ithuta tsa sekolo, tsa liphuputso le matlong a pokello ea lintho tsa khale?
“Nama le moriri tse linthong tse joalo li tlameha ho tlatsoa ka ho inahanela. . . . Lebala la letlalo: ’mala, sebopeho, le ho mela hoa moriri; litšobotsi; le sefahleho—litšobotsing tsena ha re tsebe letho ho hang ka batho ba pele ho histori.”—The Biology of Race (New York, 1971), James C. King, maq. 135, 151.
“Boholo ba maikutlo a litsebi tsa litšoantšo bo theiloe haholo boinahanelong ho e-na le bopaking bo teng. . . . Baetsi ba litšoantšo ba tlameha ho etsa ntho e ’ngoe e pakeng tsa tšoene le motho; ha ntho eo ba e etsang ho boleloa hore ke ea khale haholo, ba etsa hore e tšoane le tšoene haholoanyane.”—Science Digest, April 1981, leq. 41.
“Hantle joalokaha re ntse re ithuta butle-butle hore batho ba khale ba ne ba se hlaha hakaalo, ka hona re tlameha ho ithuta ho hlokomela hore batho ba pele ba Mehla ea Leqhoa e ne e se libatana kapa bo-tšoene-motho kapa limathuoa. Ke ka hona boiteko bohle ba ho etsa setšoantšo sa motho oa Neanderthal kapa eena oa Peking e leng booatla bo ke keng ba hlalosoa.”—Man, God and Magic (New York, 1961), Ivar Lissner, leq. 304.
Empa na libuka tsa ho ithuta ha li behe ho iphetola hoa lintho e le ’nete?
“Bo-ramahlale ba bangata ba inehella molekong oa ho hana feela ka hlooho e thata, . . . nako le nako taba ea tšimoloho ea mefuta ea lintho e ’nile ea hlahisoa joalokaha eka e qetelletse e rarolotsoe. Ha ho leshano le fetang leo. . . . Empa tšekamelo ea ho hana feela ka hlooho e thata e ntse e phehelletse, ’me ha e tsoele thuto ea mahlale molemo oa letho.”—The Guardian, London, England, December 4, 1980, leq. 15.
Empa na hoa utloahala ho lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng lee e hlotsoe ka matsatsi a tšeletseng?
Ho na le lihlopha tse ling tsa bolumeli tse rutang hore Molimo o hlotse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24. Empa hase se boleloang ke Bibele.
Genese 1:3-31 e bolela kamoo Molimo o ileng oa lokisa lefatše le neng le se ntse le le teng hore batho ba ahe ho lona. E bolela hore hona ho entsoe nakong ea matsatsi a tšeletseng, empa ha e bolele hore matsatsi ana e ne e le a lihora tse 24. Ka Senyesemane ho tloaelehile hore motho a bue ka “letsatsing la ntat’ae moholo,” ho bolelang nako eohle eo eo a e phetseng. Kahoo, Bibele le eona e atisa ho sebelisa lentsoe “letsatsi” ho hlalosa nako e telele. (Bapisa 2 Petrose 3:8.) Ka hona ‘matsatsi’ a Genese khaolo ea 1 ka ho utloahalang a ne a ka ba malelele ka likete-kete tsa lilemo.
Bakeng sa lintlha tse ling, bona leqephe 375.
Haeba e Mong a Re—
‘Ke lumela ho iphetola hoa lintho’
U ka ’na ua arabela: ‘Na u lumela hore Molimo o ile oa kenya letsoho ka tsela leha e le efe litabeng, kapa u lumela hore ho tloha sethathong bophelo bo ile ba hōla ka tsietsi feela tjee? (Ebe joale u tsoela pele motheong oa seo motho a se buang.)’
Kapa u ka re: ‘E ke ke ea e-ba ho utloahalang ho hana ntho e ’ngoe e pakiloeng ka botlalo hore ke ’nete ea thuto ea mahlale, ha ke re? . . . Mona ke na le litlhaloso tse ling tsa ba thuto ea mahlale tse khahlisang haholo mabapi le ntlha ena. (Sebelisa taba e maqepheng 137, 138, tlas’a sehlohoana “Na ho iphetola hoa lintho ho hlile ho lumellana le thuto ea mahlale?” kapa e maqepheng 138, 139, tlas’a “Na ba buellang ho iphetola hoa lintho baa lumellana? . . . ”)’
Monyetla o mong: ‘Ha ho e-na le bopaki bo tiileng bo pakang ntho, ke seo bohle re lokelang ho se lumela, na ha ho joalo? . . . Ke sa hopola hore libukeng tsa ka tsa ho ithuta ho ne ho entsoe litšoantšo tsa mesalla ea lintho tsa khale-khale ho tšehetsa khopolo ea ho iphetola hoa lintho. Empa ho tloha nakong eo, ke balile litlhaloso tse khahlisang haholo tsa bo-ramahlale mabapi le tlaleho ea mesalla ea lintho tsa khale-khale. Ke na le tse ling mona. (Sebelisa taba e maqepheng 139, 140, tlas’a sehlohoana “Tlaleho ea mesalla ea lintho tsa khale-khale e tšehetsa maikutlo afe?”)’
Tlhahiso e ’ngoe: ‘Na ke nepile ha ke etsa qeto ea hore u motho ea ratang ho talimana le bophelo ka tsela eo bo hlileng bo leng ka eona? . . . Le ’na ke joalo.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Haeba ke tsamaea hlatheng ’me ke fumana lithupa le majoe li entsoe ntlo, ho lokela ho hlaka ho ’na hore ho na le e mong ea bileng moo pele ho ’na ’me o e hahile; ke nepile? . . . Empa, joale, na ekaba ho utloahalang hore ke fihlele qeto ea hore lipalesa tse melang pel’a ntlo li bile teng ka tsietsi feela tjee? Haeba ke ikutloa ka tsela eo, ho tla hlokahala hore ke shebisise mokhoa o lohakaneng oo li lemiloeng ka oona, hobane ke tseba ’nete ea motheo ea hore moo lintho li entsoeng ka mokhoa o itseng, ho tlameha ho be ho e-na le moetsi. Ke sona seo Bibele e re bolellang sona ho Ba-Heberu 3:4.’
Kapa u ka ’na ua arabela (motho e moholo): ‘A mang a maikutlo a motheo khopolong ea ho iphetola hoa lintho ke hore ho ikarabella bakeng sa tsoelopele ea motho, ho hōla hoa hae ho tla fihlela ho seo a leng sona kajeno, na ha ho joalo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ho matsatsi joale u le teng. Na u sa hopola hore na lintho li ne li le joang ha u sa le ngoana? Na bokebekoa bo ne bo le bongata joaloka kajeno? . . . Na kamehla u ne u tlameha ho notlela monyako? . . . Na u ka re nakong eo batho ba ne ba bontša kameho e khōloanyane bakeng sa baahelani le bakeng sa batho ba baholo, ho feta kajeno? . . . Kahoo, leha tsoelopele ebile khōlō mabaleng a lintho tse sebelisoang tsa mahlale, batho ka bobona ho bonahala ba lahleheloa ke litšobotsi tseo e leng tsona tsa bohlokoa haholo. Hobane’ng?’ (2) ‘Ke fumana hore linnete tsena tsa bophelo tseo re li shebisaneng li lumellana le se ngotsoeng mona Bibeleng ho Ba-Roma 5:12. . . . Ka hona, ka sebele ho bile le ho nyotobela ho hongata.’ (3) ‘Empa Bibele e bontša hore na hoo ho tla fetoha joang. (Dan. 2:44; Tšen. 21:3, 4)’
‘Ke lumela hore Molimo o bōpile motho ka ho iphetola hoa lintho’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke ’nile ka buisana le ba bang ba nang le pono ea hao. Na ke nepile ha ke fihlela qeto ea hore u motho ea nang le tumelo e matla ho Molimo? . . . Ka hona tumelo ea hao e nka sebaka sa pele bophelong ba hao; u tataisoa ke eona ho lekanyetsa lintho tse ling, na ke nepile? . . . Le ’na ke kamoo ke talimang litaba kateng.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Kea tseba hore haeba seo ke se lumelang e le ’nete ka sebele, se ke ke sa loantšana le linnete tse nang le bopaki tsa thuto ea mahlale. Le teng, kea tseba hore e ne etlaba booatla hore ke hlokomolohe se boleloang ke Lentsoe la Molimo, hobane Molimo o tseba haholo ka mesebetsi ea oona ho feta mang le mang ho rōna. Ke khahloa ke seo Bibele, Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, le se bolelang mona ho Genese 1:21 (hatisa “ka mefuta ea tsona”).’ (2) ‘Joale ho Genese 2:7 re ithuta hore Molimo ha o-oa ka oa etsa motho ka liphoofolo tsa pele, empa o mo entse ka lerōle.’ (3) ‘’Me litemaneng tsa 21, 22 re fumana hore Eva ha a ka a theoa ka phoofolo, empa o theiloe ka e ’ngoe ea likhopo tsa Adama.’
Kapa u ka re: ‘(Hoba le rale taba ka kutloano, joaloka kaholimo . . . ) Ba bang ba re ho bua hoa Bibele ka Adama e ne e le papiso feela. Empa haeba hoo ke ’nete, ho isa qetong efe?’ (1) ‘Hlokomela se boletsoeng mona ho Ba-Roma 5:19: “Hobane joale ka ha ba bangata ba beiloe baetsalibe ka ho se utloe ha motho [Adama] a le mong, ka mokhoa o joalo, ba bangata ba tla beoa ba lokileng ka ho utloa ha a [Jesu Kreste] le mong.” Ka ho tšoanang, 1 Ba-Korinthe 15:22 e re: “Joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.” Empa haeba ka sebele ho ne ho se “motho a le mong” ea neng a bitsoa Adama, ka hona motho ea joalo ha ho mohla a kileng a etsa sebe. Haeba a sa ka a etsa sebe ’me a fetisetsa lefa la sebe ho bana ba hae, ka hona ho ne ho sa hlokahale hore Kreste a tele bophelo ba hae molemong oa batho. Haeba kannete Kreste a sa ka a tela bophelo ba hae molemong oa rōna, ka hona ha ho na tebello ea bophelo bo fetang lilengoana tsa rōna tsa hona joale. Hoo ho ne ho tla bolela hore hantle-ntle ha ho letho le saletseng Bokreste.’ (2) ‘Leha ho le joalo, Bokresteng ho lohelletsoe metheo e phahameng ka ho fetisisa ea boitšoaro e ka fumanehang kae kapa kae. Na ho bonolo hore thuto e ntle ka ho fetisisa e amanang le ’nete le botšepehi e ka simoloha nthong e theiloeng leshanong?’ (Bona le maqephe 25-27, tlas’a sehlooho se seholo “Adama le Eva.”)
‘Empa batho ba rutehileng haholo baa ho lumela’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke ’nete, empa ke hlokometse hore le bona ba reng baa ho lumela ba ka ’na ba hanana ka matla le ba bang ba lumelang ho iphetola hoa lintho. (Bolela mehlala e tsoang tabeng e maqepheng 138, 139.) Ka hona, re lokela ho itlhahlobela bopaki ho bona hore na re lokela ho lumela hofe—ho iphetola hoa lintho kapa pōpo.’
Kapa u ka re: ‘Ke ’nete. Empa ho tlile tlhokomelong ea ka hore ho na le batho ba bang ba rutehileng haholo ba sa ho lumeleng.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Phapang e bakoa ke eng? Bohle ba tloaelane le bopaki bo tšoanang. Na tšusumetso e ka kenella tabeng? Mohlomong.’ (2) ‘U ka lekanyetsa joang hore na u lumele bafe? Haele hantle, ho talima sehlopha ka kakaretso (e seng ho nyatsa batho ka bomong), u lumela hore ke sehlopha sefe se neng se tla tšepahala haholoanyane—se lumelang hore motho o bōpiloe ke Molimo ’me kahoo se ikutloa hore se ikarabella ho oona, kapa se bolelang hore se itlhahetse feela tjee ka tsietsi ’me kahoo se itjere?’ (3) ‘Ka hona, he, ho hlokahala hore re itlhahlobele bopaki ho bona hore na pōpo kapa ho iphetola hoa lintho ho fana ka likarabelo tse khotsofatsang ka ho fetisisa bophelong.’