Atamela ho Molimo
’Mōpi eo re Tšoanelang ho mo Rorisa
NA U kile ua ipotsa hore na, ‘Morero oa bophelo ke ofe?’ Ba lumelang hore bophelo bo bile teng ka lebaka la ho iphetola ha lintho ho sa utloahaleng ha ba fumane karabo ea potso eo. Empa ha ho joalo ka batho ba lumelang ’nete e tsebahalang ea hore Jehova Molimo ke Mohloli oa bophelo. (Pesaleme ea 36:9) Baa tseba hore o re bōpile a e-na le morero. Morero oo o boletsoe ho Tšenolo 4:11. A re hlahlobeng hore na mantsoe ao a ngotsoeng ke moapostola Johanne a re’ng ha a hlalosa lebaka la hore ebe re mona.
Johanne o re ngolla pina e binoang leholimong e tlotlisang Molimo e reng: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” Ke Jehova feela ea tšoaneloang, kapa ea lokeloang ke tlhompho ea mofuta oo. Hobane’ng? Hobane ke eena ea ‘bōpileng lintho tsohle.’ Seo se susumelletsa libōpuoa tsa hae tse bohlale hore li etse’ng?
Temana ena e re Jehova oa tšoaneleha ho “amohela” khanya, tlhompho le matla. Ha ho pelaelo hore ke eena Motho ea tlotlehang ka ho fetisisa, ea hlomphehang le ea matla ka ho fetisisa bokahohleng. Leha ho le joalo, boholo ba batho ha bo lumele hore ke eena ’Mōpi oa lintho tsohle. Ho ntse ho le joalo, ho sa na le batho ba bonang “litšobotsi tse sa bonahaleng” tsa Molimo ka ho hlakileng linthong tseo a li entseng. (Baroma 1:20) Kaha ba ananela lintho tsena tsohle, seo se ba susumelletsa hore ba fe Jehova khanya le tlhompho. Ba bolella bohle ba mamelang bopaki bo matla ba hore Jehova ke eena ea entseng lintho tsohle ka tsela e hlollang ’me ka lebaka leo o tšoaneloa ke ho hlomphuoa ka tsela e tebileng.—Pesaleme ea 19:1, 2; 139:14.
Leha ho le joalo, Jehova o amohela matla a tsoang ho barapeli ba hae joang? Ho hlakile hore ha ho sebōpuoa se ka fang ’Mōpi ea matla-’ohle matla. (Esaia 40:25, 26) Leha ho le joalo, kaha re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, re filoe litšobotsi tseo Molimo a nang le tsona empa eseng ka tsela e phethahetseng joaloka eena ’me e ’ngoe ea tsona ke matla. (Genese 1:27) Haeba re fela re ananela seo ’Mōpi oa rōna a re etselitseng sona, seo se tla re susumelletsa hore re sebelise matla le mahlahahlaha a rōna hore re mo hlomphe ’me re mo tlotlise ka ’ona. Ho e-na le ho sebelisa matla ’ohle a rōna mesebetsing ea rōna, rea lemoha hore Jehova Molimo oa tšoaneleha ho amohela matla ’ohle a rōna ha re ntse re mo sebeletsa.—Mareka 12:30.
Ke hobane’ng ha re entsoe? Karolo e qetellang ea Tšenolo 4:11 e araba potso eo tjena: “Ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” Ha rea iketsa. Re bōpiloe hobane Molimo a rata. Ka lebaka leo, ho phelela boithati ha ho na thuso ebile ha ho khotsofatse. E le hore re fumane khotso ea sebele, thabo le khotsofalo, re lokela ho ithuta hore na thato ea Molimo ke efe ’me re phele ka tsela e lumellanang le eona. Ke ka ho etsa joalo feela re ka fumanang morero oa hore na re bōpetsoe’ng le hore na ke hobane’ng ha re entsoe.—Pesaleme ea 40:8.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
NASA, ESA, and A. Nota (STScI)