Lebaka Leo re Leng Teng ka Lona ke Lefe?
HO EA ka Bibele, Molimo eo lebitso la hae e leng Jehova, ke ea bohlale ka ho fetisisa. Ke Mohloli oa lintho tsohle tse bokahohleng ebile ke eena ’Mōpi oa bona. (Pesaleme ea 83:18; 92:5) Khaolo e qalang ea Bibele e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” Ka mor’a moo, Molimo o ile a bōpa motho ka “setšoantšo” sa hae—ke hore a e-na le litšobotsi tse kang tsa hae—’me a re batho ba ate ’me ba tlale lefatše.—Genese 1:1, 26, 28.
Na see se bolela hore Molimo o bōpile bokahohle ho akarelletsa le lefatše le liphoofolo tse ngata le limela tse ho lona, e le hore feela batho ba be le lehae? Hona na re moo e le hore feela re thabele bophelo ka lilemo tse mashome a seng makae, re je, re noe, ’me re be le bana?
Molimo o re Bōpile ka Lebaka Lefe?
Jehova Molimo o bōpile batho e le hore a bonahatse lerato la hae—o ne a batla hore batho ba be teng ’me le bona ba thabele bophelo. Ha ho pelaelo hore Molimo o ile a thaba haholo ha a ne a bōpa lintho tsohle, e le hore batho ba phele har’a lintho tse ngata tse ntle. Ho feta moo, batho ba ne ba lokela ho ba le kamano e haufi-ufi le ’Mōpi oa bona, ba mo tsebe ’me ba buisane le eena. Ba ne ba bōpetsoe hore ba phele ka ho sa feleng maemong a phethahetseng a nang le khotso.—Genese 3:8, 9; Pesaleme ea 37:11, 29.
Jehova o ile a boela a fa batho mosebetsi oa bohlokoa le o khotsofatsang. Molimo o ile a re ho batho ba pele: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Ha e le hantle, banyalani ba pele le bana ba bona ba ne ba lokela ho fetola lefatše lohle paradeise e nyakallisang.
Lintho ha lia ka tsa tsamaea ka tsela eo Jehova a neng a e rerile.a Leha ho le joalo, seo Molimo a neng a se rerile ho tloha qalong ka moloko oa batho se tla phethahala.—Esaia 46:9-11; 55:11.
Ho sa le joalo, bopaki ba hore motho oa lakatsa ebile o hloka hore a tsebe Molimo ’me a be le kamano le eena bo bonahatsoa ke tsela eo a fuputsang morero oa bophelo ka eona. Motho o bōpiloe e le sebōpuoa se bohlale, a e-na le takatso ea ho ithuta le ea ho utloisisa lintho. ’Me Bibele e re motho o tla tsoela pele ka ho sa feleng, a fumana tsebo e khotsofatsang ka Molimo le lintho tseo a li bōpileng.
Mongoli e mong oa Bibele o ile a hlalosa morero oo motho a entsoeng ka oona ka tsela ena: “Ke bone mosebetsi oo Molimo a o fileng bara ba moloko oa batho oo ba lokelang ho tšoareha ka oona. O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona. O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong. Kea tseba hore ha ho letho le molemo ho bona ho feta ho thaba le ho etsa se molemo nakong ea bophelo ba motho; le hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.” (Moeklesia 3:10-13) Kahoo ha ho mohla batho ba tla qeta ho ithuta ka Molimo le ka lintho tseo a li bōpileng.
Ithute ka Molimo
U ka ithuta ka Jehova ka hore u hlahlobe lintho tseo a li bōpileng. Mongoli e mong oa Bibele o ile a re “litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.” (Baroma 1:20) Ka sebele, pōpo e bonahatsa ho hongata ka lerato la Jehova, bohlale ba hae le matla a hae.
Mohloli o mong oa bohlokoa o fanang ka boitsebiso ka Molimo ke Bibele. Buka eo e bululetsoeng e re bolella lintho tse ngata ka Jehova ho feta tseo re ithutang tsona ha re hlahloba pōpo ea hae, e re bolella tsela eo a talimang lintho ka eona, litšobotsi tsa hae le morero oa hae.
Bibele e re ka morero oa Molimo: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, empa lefatše o le file bara ba batho.” (Pesaleme ea 115:16) Ho bonahala eka sebaka feela bokahohleng se loketseng hore batho ba phele ho sona ke lefatše, e leng oona morero oo Jehova a le bōpileng ka oona.
Joale, ho thoe’ng ka lintho tse ling tse ngata tse teng bokahohleng? Na linaleli tsohle tse re potolohileng li teng hore feela li boloke setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete se tsitsitse e le hore lintho li khone ho phela lefatšeng? Na lihloliloeng tsa leholimo li teng e le hore feela li khabise leholimo bosiu? Re lokela ho lemoha hore ho na le lintho tse ngata tseo re sa li tsebeng. Empa ke hantle hore ebe ho joalo! Hobane’ng?
Bophelo bo sa feleng ha bo na ho lekana hore batho ba utloisise lintho tsohle tseo Molimo a li entseng le tseo a li rerileng. O batla hore re lule re sibolla lintho tse ncha ’me re thabe ka ho sa feleng. Batho ba mamelang ba tla phela ka ho sa feleng ba thabile lefatšeng, ’me ba tla ba le monyetla oa ho sibolla lintho tse ngata haholo ka bokahohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batho ba bangata ba sitoa ho lumela hore ho na le ’Mōpi ea lerato, ka lebaka la hore ho etsahala lintho tse mpe le tse bohloko. Tabeng ena, ka kōpo sheba khaolo ea 11 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
Motho o bōpiloe e le sebōpuoa se bohlale, a e-na le takatso ea ho ithuta le ea ho utloisisa lintho
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Bibele e bontša hore ha e le hantle lefatše le etselitsoe hore batho ba thabele bophelo