Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 4/15 maq. 4-7
  • Bibele—Buka ea Batho Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele—Buka ea Batho Bohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molaetsa oa Batho Bohle
  • Pono ea Lefatše ho Tloha Qalong
  • Tšepiso e Tla Tsoela Batho Bohle Molemo
  • Tsamaiso ea Khotso
  • Ha Batho Ba Merabe Eohle Ba Phela Hammoho Ka Khotso
    Tsoha!—1993
  • Molimo o ’Nile oa Etsa’ng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Khethollo ea Morabe
    Tsoha!—2014
  • Tšepa Hore Jehova o Tla Phethahatsa Morero oa Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 4/15 maq. 4-7

Bibele—Buka ea Batho Bohle

“KA TALIMA, ’me ka bona bongata bo bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone.”

Ke batho ba bangata ba mofuta ofe? ’Me ba ntse ba etsa’ng?

Tlaleho e tsoela pele hore ba ne “ba tsoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” Che, hase mokhopi o mabifi o batlang ho hong kapa o etsang lipontso tsa nyatso ka lebaka le itseng. Ho e-na le hoo, ke batho ba bangata ba thabileng, ba nyakaletseng ba sa tsoa feta phihlelong e hlasimollang. “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo; . . . Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyoroa; . . . ’me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”

Molaetsa oa Batho Bohle

Setsoantso sa ‘bongata boo bo boholo ba batho’ ba lichaba tsohle se fumanoa bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, khaolo ea 7, litemana 9 ho ea ho 17. Ka mokhoa oa tšoantšetso, e re fa ponelo pele ea nako ea ha batho e ke ke ea hlola e e-ba ba arohantsoeng ke merabe, lipuo le bochaba empa ba tla kopana ka khotso le kutloano ’me ba thabele tokoloho ea ’nete tsabong le bofumeng. Oo, ’mokong oa taba, ke molaetsa o khethehileng oo Bibele e o fang batho bohle.

‘Empa,’ u ka ’na ua botsa, ke ka tsela efe molaetsa oo e leng o khethehileng? Na ho pota lefatše batho ha ba ka ba ’na ba bua ka khotso le bonngoe?’ Ruri, ba ho entse. Mehleng ena ea ho hloka botsitso ka lebaka la hloeano e pakeng tsa lichaba, ho totisoang ke liqhoebeshano tsa bopolotiki, merabe, moruo le bolumeli, ke mang eo kelello ea hae e sebetsang hantle ea sa amehang ka khotso ea lefatše? Empa khale pele liqhoebeshano tse joalo tsa machaba li e-ba teng le khale pele ho pholoha hoa batho e ka ba tseko, Bibele e buile ka nako eo batho bohle ba tla beng ba thabela khotso le bonngoe tlas’a puso e le ’ngoe, ’Muso oa Molimo.

Pono ea Lefatše ho Tloha Qalong

Ho tloha qalong ea eona, Bibele e fana ka pono ea lefatše ha e bua ka bokamoso ba batho. “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona” ebile taelo ea pele e filoeng Adama le Eva ke ’Mōpi oa bona, Jehova Molimo. (Genese 1:28) Adama le Eva e ne e sa tl’o ba baholoholo ba moloko kapa sechaba se le seng feela se itseng. Ho e-na le hoo, ba ne ba tsoanela ho ba batsoali ba moloko oa batho. Moapostola Pauluse o ile a paka ’nete ena ha a ne a isitse molaetsa oa Bibele ho Bagerike ba Athene. O ba bolelletse hore Molimo “o entse lichaba tsohle ka mali a motho a le mong, hore li ahe lefatšeng lohle.”—Liketso 17:26, TLP.

Re tlameha ho amohela hore khopolo ea ho ba baena le likhaitseli hoa moloko oohle oa batho e ne e phahametse hōle monahano oa batho ka kakaretso. Le kajeno, ho sa tsotellehe lipuo tsohle ka khotso ea lefatše le boena, na hase ’nete hore lehloeo la merabe le bochaba li ntse li le har’a litšusumetso tse arolang ka ho fetisisa tse tšoenyang batho? Empa Bibele e tšela meeli ena le e meng. E bua le batho ba lichaba tsohle joaloka lelapa le le leng le leholo ’me e bua ka lefatše e le lehae le le leng le leholo bakeng sa moloko oohle oa batho. Ka kutloisiso ena, ruri ke buka ea batho bohle.

Tebello ea hore moloko oohle oa batho o phele joaloka lelapa le thabileng lefatšeng ka bophara e ka be e etsahetse hoja Adama le Eva ba ile ba lula ba ikokobelelitse Jehova Molimo. Empa ha hoa ka hoa etsahala ka tsela eo. Bibele e re bolella hore “sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama], ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.”—Baroma 5:12.

Leseling la sena, ha ho moloko kapa sechaba se phahametseng kapa se ka tlaase ho moloko kapa sechaba sefe kapa sefe se seng. Le hona mona Bibele e bua le batho bohle ntle le leeme kapa khethollo. E bontša feela hore “bohle ba sitiloe, ’me ha ba tsoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Le hoja batho ba libakeng tse ling e ka ’na ea e-ba ba ruileng ho feta ba bang, ba rutehileng ho feta ba bang, joalo-joalo, na hase ’nete hore hohle moo re talimang, re bona batho ba tobane le mathata a tšoanang a sehlooho—ho kula, botsofali, ho se phethahale le lefu?

Tšepiso e Tla Tsoela Batho Bohle Molemo

Le hoja boemo ba batho bo ne bo le thata ’me bo le kotsing, motho ha a ka a siuoa a se na tšepo. Nakong eo e mahlonoko, Jehova Molimo a kenella ka tšepiso. Ho Abrahama Molimo o itse: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” (Genese 22:18) Ha e le hantle, tšepiso ena e amohetsoe ke malumeli a mararo a maholo a lefatše—Bojode, Bokreste le Bosolomane—e le karolo ea litumelo tsa bona. Ke Bibele feela e manollang phethahatso ea tšepiso ena ka ho tlaleha litšebelisano tsa Jehova le Abrahama le litloholo tsa hae, ho akarelletsa le sechaba sa Iseraele ea boholo-holo.

Empa mona ke moo batho ba bangata ba khenang. Ba lumela hore ona ke mohlala oa khethollo ea bochaba kapa leeme. Motheong ona ba hanyetsa Bibele, kapa bonyane boholo ba Mangolo a Seheberu, ka hore ke meetlo feela ea morabe. Empa na lee ke lebaka le utloahalang? Ke hobane’ng ha Jehova a bontšitse kholiseho e joalo ho Abrahama ’me a mo etsetsa tšepiso eo?

Bibele e-ea hlalosa: “Abrahama o lumetse Molimo, ’me a balloa hona hoba ke ho loka, ’me a neoa lebitso la motsoalle oa Molimo.” (Jakobo 2:23) Ka ho thahasellisang, buka e halalelang ea Masolomane, Koran, le eona e supa tumelo e le lebaka la ho amoheloa hoa Abrahama ke Molimo joaloka motsoalle. “Ke mang ea nang le bolumeli bo molemo ho feta ba ea inehelang ka ho feletseng ho Allah? ’Me ke ea etsang molemo (ho ba bang) ’me a latela tumelo ea Ibrahim [Abrahama], ea lokileng, ’me Allah o ile a nka Ibrahim e le motsoalle.”—KHAOLO IV, temana 125, Holy Qur’an, e fetoletsoeng ke M. H. Shakir.

Ho thoe’ng ka Baiseraele? Lilemo tse fetang 400 kamor’a hore Molimo o etse tšepiso ho Abrahama, Moshe a ba bolella: “Hase kahobane le fetisa lichaba tse ling ka bongata Jehova a le ratileng, a le khethileng; hobane le sechaba se senyenyane ho lichaba tsohle. Empa kahobane Jehova a le ratile, ’me a bolokile kano eo a e anetseng bo-ntat’a lona.”—Deuteronoma 7:7, 8.

Ka hona e ne e se ka lebaka la hobane Abrahama kapa Baiseraele e ne e le ba moloko kapa sechaba se phahameng, kapa kahobane ba ne ba feta batho ba bang leha e le ka tsela efe kapa efe. Ho e-na le hoo, e ne e le ka lebaka la lerato la Molimo le lereko tse bontšitsoeng motheong oa tumelo le mesebetsi e lokileng. Moapostola Petrose o boletse ntlha ena ha a re: “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.”—Liketso 10:34, 35.

Ka hona, le hoja Jehova Molimo a sebelitse ka ho khetheha le sechaba sa Iseraele ka nakoana, o ne a hlile a ntse a hopotse ka boiketlo ba batho bohle. Litšebelisano tsa hae le Iseraele ha li ea tlalehoa ka Bibeleng ho phahamisa moea oa bochaba kapa ho phahamisa sechaba se seng holim’a se seng. Ho e-na le hoo, “taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Baroma 15:4) E, liketsahalo tsena li totobatsa lerato la Molimo le mamello ho haheng tšepo ea hore batho bohle ba tla boetse hape ba kopane ka khotso le kutloano. Tšepo ee e tla phethahatsoa joang?

Tsamaiso ea Khotso

Pauluse o hlalositse, “Oa re tsebisa sephiri sa thato ea oona ka boithatelo ba oona, kamoo o nong o itherele kateng; [“bakeng sa tsamaiso,” NW] hore, etlere nako tse beiloeng ke oona ha li se li phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong, leha e le tse lefatšeng.” (Baefese 1:9, 10) “Tsamaiso” ee ke eng?

Lentsoe lena le fetoletsoe lentsoeng la Segerike oi·ko·no·miʹa, leo motsong oa lona le bolelang “tsamaiso ea lelapa.” Ka hona, le hoja batho ba arohantsoe ke lipolotiki, merabe, moruo le bolumeli, Molimo o rerile ho falatsa litšusumetso tsena tsohle tse arolang le ho bokella hammoho hape batho bohle ba ikokobelitseng joaloka lelapa le thabileng lefatšeng ka bophara. O tla etsa see joang? O tla phethahatsa sena ka ’Muso oa Messia matsohong a Mora oa hae, Jesu Kreste.—Bona Daniele 2:44; Esaia 9:6, 7.

Kajeno, har’a mathata le ho hloka botsitso tse bakoang ke hloeano hoa lefatše, batho ba limillione ho pota lefatše ba amohetse molaetsa oa Bibele o buang ka khotso le kutloano. Ba itlhahisitse e le ‘bongata bo boholo bane ba batho’ bo se nang palo bo hlalositsoeng bukeng ea Tšenolo. Ka tšoantšetso, ba se ba ntse ba tsoka lipalema ka pel’a terone ea Molimo, ba rorisa le ho ikokobelletsa ea “lutseng teroneng,” Jehova Molimo, ‘le Konyana,’ Jesu Kreste.—Tšenolo 7:9, 10.

Na molaetsa oo o-oa ipiletsa ho uena? Ho sa tsotellehe hore na u-ua morabe ofe, bochaba bofe, kapa puo efe, ka ho batlisisa le ho amohela molaetsa oa Bibele hona joale, u ka ikopanya le ‘bongata boo bo boholo ba batho’ ba lichaba tsohle. Ka kholiseho u ka re le bona: “Empa re lebeletse, ka pallo ea oona [Molimo], maholimo a macha le lefatse le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13.

Ruri, Bibele ekaba Buka ea hao!

[Setsoantso se leqepheng la 5]

Adama le Eva e ne e le batsoali ba moloko oa batho

[Setsoantso se leqepheng la 7]

Abrahama, ea siileng naha ea habo, o fumane mohau oa Molimo ka tumelo le mesebetsi e lokileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela