Ha Batho Ba Merabe Eohle Ba Phela Hammoho Ka Khotso
MOLIMO “o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle.” (Liketso 17:26) Eo ke polelo e bonolo ea Bibele mabapi le hore na lelapa la motho le qalile hokae.
Seo e se bolelang ke hore moloko oohle oa motho, ho sa tsotellehe hore na ba phela hokae kapa hore na ba na le litšobotsi life tsa ’mele, ba tsoa lelapeng le le leng. E boetse e bolela hore ho sa tsotellehe liphapang tsohle tse bonahalang, “mefuta eohle ea batho” e na le matla a tšoanang mabapi le bokhoni ba ho etsa lintho le bohlale. E, mahlong a Molimo, batho ba merabe eohle kapa bochaba baa lekana.—Liketso 10:34, 35.
Haeba pono ea Bibele e nepahetse, ho na le tšepo ea hore leeme lohle le ho hloka toka tse theiloeng holim’a liphapang tsa merabe li ka felisoa. Ho feta moo, haeba Bibele e nepile mabapi le hore na lelapa la motho le qalile hokae, kahoo ka ho utloahalang eona buka eo e ka boela ea re fa boitsebiso bo senolang kamoo merabe ea batho e ka phelang hammoho ka khotso.
Joale, linnete li bontša eng? Na tlaleho ea Bibele mabapi le qaleho ea batho e tiisoa ke saense?
Bopaki ba Saense
Buka The Races of Mankind, ea litsebi tsa thuto ea ’mele oa motho R. Benedict le G. Weltfish, ea hlokomela: “Makholong a fetileng a lilemo, pale ea Bibele ea Adama le Eva, ntate le ’mè ba morabe oohle oa batho, e boletse ’nete e bontšoang kajeno ke saense: hore batho bohle ba lefatše ke lelapa le le leng le hore ba simolohile ’nģa e le ’ngoe.” Bangoli bana ba boetse ba supa hore “sebōpeho se rarahaneng sa ’mele oa motho . . . e ke ke eaba ho ‘iketsahalletse feela’ hore se tšoane bathong bohle haeba ba ne ba sa simoloha ’nģa e le ’ngoe.”
Pampitšana Race and Biology, ea L. C. Dunn, moprofesa oa thuto ea liphoofolo oa Univesithi ea Columbia, o re: “Ka ho hlakileng batho bohle ke mofuta o le mong, ba tšoana ka litšobotsi tsohle tsa motheo tsa ’mele. Litho tsa lihlopha tsohle li ka nyalana ’me ebile lia nyalana.” Joale e tsoela pele ho hlalosa: “Empa motho e mong le e mong oa ikhetha ’me o fapana le e mong le e mong ka litsela tse fokolang. Ka karolo e ’ngoe sena se bakoa ke litikoloho tse fapaneng tseo batho ba phelang ho tsona ’me ka karolo e ’ngoe ke ho fapana ha li-gene tseo ba li futsitseng.”
Bopaki ba saense bo thusa ho felisa lipelaelo. Ha re bua re itšetlehile ka thuto ea bophelo, ha ho na ntho e joalo ka morabe o phahameng kapa o tlaase, morabe o hloekileng kapa o silafetseng. Litšobotsi tse kang ’mala oa letlalo, moriri, kapa mahlo—lintho tseo ba bang ba ka li nkang e le tsa bohlokoa ho khetholla morabe—hase sesupo sa hore motho o bohlale kapa matla a hae. Ho e-na le hoo, ke liphello tsa lefutso la li-gene.
Ka sebele, phapang ea merabe ea fokola, joalokaha Hampton L. Carson a ngola ho Heredity and Human Life: “Qaka eo re talimaneng le eona ke hore sehlopha ka seng sa batho se bonahala ka ntle se fapane empa ka tlaase-tlaase ho phapang ena ho na le ho tšoana hoa bohlokoa.”
Haeba batho bohle ba hlile ba etsa lelapa le le leng, joale ke hobane’ng ha ho e-na le mathata a tšabehang hakaale a merabe?
Lebaka Leo Bothata bo Leng Teng ka Lona
Lebaka la motheo la ho ba teng ha khethollo ea morabe ke ho qala ho fosahetseng hoo batsoali ba pele ba ileng ba ho fa bana ba bona. Adama le Eva ka boomo ba ile ba rabela khahlanong le Molimo ’me kahoo ea e-ba ba sa phethahalang, ba e-ba le sekoli. Ka lebaka leo, ho se phethahale ha Adama—tšekamelo ena ea ho etsa bobe—e ile ea fetisetsoa litloholong tsa hae. (Ba-Roma 5:12) Kahoo ho tloha tsoalong, batho bohle ba na le tšekamelo ea boithati le boikhohomoso, e leng tsona tse bakileng liphapang le mefere-fere tsa morabe.
Ho na le lebaka le leng leo khethollo ea merabe e leng teng ka lona. Ha Adama le Eva ba ikhula pusong ea Molimo, ba ile ba oela ka tlas’a puso ea sebōpuoa sa moea se khopo seo Bibele e se bitsang Satane, kapa Diabolose. Ka tlas’a tšusumetso ea eo, ea “thetsang lefatše kaofela,” ka morero ho ’nile ha etsoa boiteko ba ho thetsa batho tabeng ea merabe. (Tšenolo 12:9; 2 Ba-Korinthe 4:4) Khopolo ea hore sehlopha se seng se phahametse tse ling—e ’nile ea butsoeloa hore e be khabo e tšabehang ’me ebang baa hlokomela kapa ha ba hlokomele, ba limillione ba ’nile ba susumetsoa ka matla, ka liphello tse kotsi.
Ha e behoa ka ho toba, batho ba baithati, ba sa phethahalang ba ka tlas’a taolo ea Satane ba ’nile ba phatlalatsa lithuto tsohle tsa bohata ka morabe tse ’nileng tsa ikarabella bakeng sa mathata a morabe.
Ka hona, e le hore moloko oa batho o momahane, bohle ba lokela ho kholiseha hore kannete re lelapa le le leng la batho le hore Molimo o hlile o “entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle.” (Liketso 17:26) Ho feta moo, hore merabe eohle e phele hammoho ka khotso, tšusumetso ea Satane e tlameha ho tlosoa litabeng tsa batho. Na lintho tsee li tla ke li etsahale? Na ho na le motheo leha e le ofe oa ho lumela hore ho tla ba joalo?
Ho Felisa Leeme la Merabe
Jesu Kreste o ile a senola kamoo khethollo ea merabe e ka felisoang ka teng ha a ne a laela balateli ba hae ho “ratana” joalokaha a ba ratile. (Johanne 13:34, 35) Lerato lena le ne le sa lokela ho ba har’a litho tsa morabe kapa merabe e itseng feela. Le hanyenyane! E mong oa barutuoa ba hae o ile a khothatsa: “E-bang le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa baena.”—1 Petrose 2:17, NW.
Lerato lee la Bokreste le bontšoa joang? Bibele e-ea hlalosa ha e phehella: “Ka ho bontšana tlhompho etellang pele.” (Ba-Roma 12:10, NW) Nahana hore na ho bolela’ng ha sena se etsoa! E mong le e mong o tšoara ba bang ho sa tsotellehe morabe kapa bochaba, ka seriti le ka tlhompho tsa sebele, a sa ba khelle fatše, empa a hlile a ‘ba talima ba mo fetisa.’ (Ba-Filippi 2:3) Ha moea o joalo oa lerato la ’nete la Bokreste o le teng, bothata ba leeme la merabe bo rarollotsoe.
Ke ’nete, ka lehlakoreng la ba rutiloeng leeme la merabe, ho hlokahala boiteko bo sa tloaelehang hore ba tlose likhopolo tseo tse susumelitsoeng ke Satane ho bona. Empa hoo ho ka finyelloa! Lekholong la pele la lilemo, bohle ba neng ba tlisitsoe phuthehong ea Bokreste ba ile ba thabela bonngoe bo neng bo ke ke ba lekanngoa. Moapostola Pauluse o ile a ngola ka bona: “Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste.” (Ba-Galata 3:28) Ka sebele, balateli ba ’nete ba Kreste ba ile ba thabela boena ba ’nete.
Empa ba bang ba ka ’na ba hanyetsa: ‘Sena se ke ke sa etsahala kajeno.’ Empa, se se se etsahetse har’a Lipaki tsa Jehova—mokhatlo o hlophisitsoeng oa batho ba ka holimo ho limillione tse ’nè le halofo! Ke ’nete, hase Lipaki tsohle tse lokolohileng ka ho feletseng leemeng leo li ithutileng lona tsamaisong ena e se nang bomolimo. Leamerika le leng le letšo le ile la hlokomela ka ho nepahetseng ka Lipaki-’moho le lona tsa ba basoeu: “Ke utloa boikutlo bo salletseng ho ba bang ba ho phahama ha morabe oa bona, ’me ka linako tse ling ke ’nile ka bona ho se phutholohe ho itseng ha ba bang ha ba le haufi le batho ba morabe o mong.”
Empa leha ho le joalo, eena motho eo o ile a lumela: “Lipaki tsa Jehova, li felisitse maikutlo a leeme la merabe har’a tsona, ka tekanyo e ke keng ea lekanngoa bathong leha e le bafe ba bang holim’a lefatše. Li leka ka thata ho ratana ho sa tsotellehe morabe . . . Ka makhetlo a mang pelo ea ka e ’nile ea ameha hoo ke ileng ka keleketla meokho eo ke ileng ka sitoa ho e laola ka lebaka la ho bona lerato la ’nete la Lipaki tsa ba basoeu.”
Na bonngoe ba merabe bo thabeloang ke ba fokolang—esita le haeba ba etsa limillione—bo hlile bo etsa phapang e kaalo ha limillione tsa ba bang li le tlas’a tšusumetso ea likhopolo tsa Bosatane tsa ho phahamela merabe e meng? Che, rea lumela hore seo ha se felise mathata a merabe. Ho ka holimo ho boiteko ba motho ho etsa joalo. Ke ’Mōpi oa rōna feela, Jehova Molimo, ea ka etsang seo.
Ka thabo, haufinyane haholo, Jehova, ka ’Muso oa hae matsohong a Mor’a hae, Jesu Kreste, o tla tlōsa lefatšeng ho hloka toka hohle le bohle bao ka boithati ba buellang khethollo le lehloeo, ho ea ka merabe kapa tse ling. (Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10) Joale, ka lenaneo la thuto le phethahetseng ka tlas’a tsamaiso ea Kreste, kannete merabe eohle e tla ba bonngoeng. Ha thuto eo e tsoela pele, ba tla phela ka kutloano e phethahetseng ho se na le moneketsela oa khethollo ea merabe. Tšepiso ea Molimo e tla qetella e phethahalitsoe: “Tsa pele li fetile. . . . Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.”—Tšenolo 21:4, 5.
Na u motho ea laba-labelang nako eo boena ba ’nete bo tla ata, ha merabe eohle e tla phela hammoho ka khotso? Haeba ho joalo, rea u amohela hore u be teng Holong ea ’Muso e haufi le uena, moo Lipaki tsa Jehova li kopanang ka mehla ho ea ithuta Bibele. Iponele e le uena hore na ha li bonahatse lerato la sebele la Bokreste—bakeng sa batho ba merabe eohle.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Haufinyane merabe eohle hohle e tla phela hammoho ka khotso