Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 43
  • Bibele e Re’ng ka Lenyalo la Batho ba Merabe e sa Tšoaneng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka Lenyalo la Batho ba Merabe e sa Tšoaneng?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Merabe eohle e tsoa ho motho a le mong
  • Batho ba bohlale ba ‘rerisana hammoho’
  • Ha Batho Ba Merabe Eohle Ba Phela Hammoho Ka Khotso
    Tsoha!—1993
  • Nka Hlōla Maikutlo a Leeme la Morabe Joang?
    Tsoha!—1988
  • Ho Thoe’ng ka ho Ikutloa U le Motlotlo ka Morabe oa Heno?
    Tsoha!—1998
  • Khethollo ea Morabe
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 43

Bibele e Re’ng ka Lenyalo la Batho ba Merabe e sa Tšoaneng?

Karabo ea Bibele

Molimo o amohela lenyalo la monna le mosali ba merabe e sa tšoaneng hobane merabe eohle e ea tšoana mahlong a hae. Bibele e re: “Molimo o tšoara batho bohle ka tsela e tšoanang . . . , ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe.”—Liketso 10:34, 35, Good News Translation.

Nahana ka melao-motheo e meng ea Bibele e buang ka ho lekana ha merabe le lenyalo.

Merabe eohle e tsoa ho motho a le mong

Batho bohle ba tsoa ho monna oa pele Adama le mosali oa hae Eva eo Bibele e reng ke “’mè oa e mong le e mong ea phelang.” (Genese 3:20) Ka lebaka lena, Bibele e re ka Molimo: “O entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.” (Liketso 17:26) Ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe, batho bohle ke litho tsa lelapa le le leng. Empa ho thoe’ng haeba khethollo ea morabe kapa ho khethollana ka maemo ho atile sebakeng seo u lulang ho sona?

Batho ba bohlale ba ‘rerisana hammoho’

Leha Molimo a amohela lenyalo la batho ba merabe e sa tšoaneng, hase batho bohle ba nang le maikutlo a tšoanang le a hae. (Esaia 55:8, 9) Haeba u nahana ho kena lenyalong le motho oa morabe o mong, uena le motho eo e tla ba molekane oa hao le lokela ho buisana ka lintlha tse latelang:

  • Le tla tobana joang le khatello e tsoang sechabeng le ho litho tsa lelapa?

  • Le tla thusa bana ba lōna joang hore ba tobane le ho songoa?

Ha le ‘rerisana hammoho’ seo se tla etsa hore lenyalo la lōna le atlehe.—Liproverbia 13:10; 21:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela