Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 11/1 maq. 4-5
  • Potso ea 1: Ke Phelela’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Potso ea 1: Ke Phelela’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hahamalla Morero o Khotsofatsang Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Morero oa Sebele oa Bophelo
    Tsoha!—1992
  • Morero oa Bophelo ke Ofe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 11/1 maq. 4-5

Potso ea Pele: Ke Phelela’ng?

ROSALIND, ea hōletseng Engelane, o ne a e-na le taba-tabelo ea ho fumana tsebo. O ne a boetse a batla ho thusa batho. Ka mor’a hore a qete sekolong se phahameng, o ile a fumana mosebetsi oa maemo a holimo o neng o akarelletsa ho thusa batho ba se nang mahae a bile a thusa le batho ba nang le bokooa le ba nang le bothata ba ho ithuta. Le hoja a ne a e-na le mosebetsi o motle le chelete e ngata, o re, “Ka lilemo tse ngata ke ile ka ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha re le lefatšeng moo?’ hona ‘Re phelela’ng?’”

Ke hobane’ng ha re lokela ho botsa potso eo?

Ho fapana le liphoofolo, batho ba khona ho behelana mabaka. Re na le bokhoni ba ho ithuta linthong tse fetileng, ba ho rera bokamoso le ba ho batla ho tseba hore na re phelela’ng.

Batho ba bang ba araba potso eo joang?

Batho ba bangata ba nahana hore ntho e ka sehloohong bophelong ke ho ba le maruo kapa botumo le hore seo se tla ba tlisetsa thabo.

Karabo eo e fana ka maikutlo afe?

Ke rōna ba ikhethelang se tlang pele bophelong ba rōna. Litakatso tsa rōna ke tsa bohlokoa ho feta ho etsa thato ea Molimo.

Bibele eona e ruta’ng?

Morena Solomone o ile a ipokella ka maruo a mangata haholo le ho phelela menyaka empa o ile a hlokomela hore lintho tseo hase tsona tse etsang hore motho a tsebe seo a se phelelang. Ha a bontša hore na ha e le hantle morero oa ho phela ke ofe, o ile a ngola a re: “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.” (Moeklesia 12:13) Ho boloka litaelo tsa Molimo ho akarelletsa eng?

Molimo o batla hore re thabele bophelo. Solomone o ile a ngola a re: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima. Sena le sona ke se bone, hore sena se tsoa letsohong la Molimo oa ’nete.”—Moeklesia 2:24.

Molimo o boetse o batla hore re hlokomele malapa a rōna re be re a rate. Hlokomela melao e bonolo e sebetsang eo Molimo a e fileng setho ka seng sa lelapa.

  • “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona.”—Baefese 5:28.

  • “Mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—Baefese 5:33.

  • “Bana, le mamele batsoali ba lōna.”—Baefese 6:1.

Haeba re sebelisa melao-motheo eo ea Bibele, re tla fumana thabo le khotsofalo. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoahali eo re ka e etsang ke ho ithuta ka hohle kamoo re ka khonang ka ’Mōpi oa rōna le ho ba haufi le eena joaloka Motsoalle. Ha e le hantle, Bibele e re khothalletsa hore re ‘atamele ho Molimo.’ E boetse e na le tšepiso ena e babatsehang: “O tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Haeba u ka etsa seo, ka sebele u tla tseba hore na u phela’ng.

Rosalind, eo ho builoeng ka eena qalong ea sehlooho sena, o re hona joale o se a tseba hore na o phelela’ng. U ka ipalla hore na o re ke’ng e ileng ea etsa hore a fetole maikutlo a hae, leqepheng la 10 la makasine ena.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na u ka phela ka tsela e khahlisang Molimo joang, sheba khaolo ea 12 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? U ka ikopiletsa eona Inthaneteng ho www.jw.org/st

Jesu o Ile a re Morero oa ho Phela ke Ofe?

Jesu o ne a tseba hantle hore na o phelela’ng. O ile a re: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” (Johanne 18:37) Jesu o ne phelela ho ruta batho ’nete ka Molimo le ka merero ea Hae.

Haeba re latela mohlala oa Jesu re tla tseba seo re se phelelang. Ha e le hantle, Jesu o re khothalletsa hore re ithute ho eena. (Matheu 11:29) Nahana ka litsela tse peli feela tseo re ka etsang seo ka tsona.

Jesu o ile a ruta hore haeba re batla ho thaba, re lokela ho ‘ela hloko tlhoko ea rōna ea moea.’ (Matheu 5:3) Re ka khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea ka hore re rue tsebo ka “Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo [a] mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba rute batho ba bang lintho tseo ba ithutileng tsona. O ile a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.

Batho ba ikitlaelletsang ho ba le kamano le Molimo ka ho ithuta Bibele le ho sebelisa seo ba ithutang sona baa hlokomela hore bophelo ba bona boa ntlafala. Kaha ba thusa ba bang hore ba ithute ka Molimo, ba kholisehile hore na ba phelela’ng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela