Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 10/1 maq. 16-20
  • Ho Hahamalla Morero o Khotsofatsang Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hahamalla Morero o Khotsofatsang Bophelong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Hao ke Ofe Bophelong?
  • “Bophelo ba Sebele” ke Eng?
  • Ho Itella Lintho Tse Nepahetseng
  • U se ke Ua ‘Sebelisa Lefatše ka Botlalo’
  • Ho Etelletsa Morero oa Jehova Pele Bophelong ba Hao
  • Morero oa Sebele oa Bophelo
    Tsoha!—1992
  • Potso ea 1: Ke Phelela’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Molimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Hahamalla Morero oa Molimo Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 10/1 maq. 16-20

Ho Hahamalla Morero o Khotsofatsang Bophelong

“Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang—e ke e rorise Jah.”—PESALEME EA 150:6.

1. Hlalosa kamoo mohlankana e mong a ileng a batla morero kateng bophelong.

SEUNG JIN ea hōletseng Korea o re: “Ke ile ka ithutela bongaka hobane ke ne ke batla ho sebelisa bophelo ba ka ho thusa batho.a Hape ke ile ka nahana hore boemo le chelete tseo ke neng ke tla li fumana ka ho ba ngaka li ne li tla etsa hore ke thabe. Eitse ha ke hlokomela hore ha ho letho le lekaalo leo lingaka li ka le etsang ho thusa batho e le kannete, ke ile ka khathala matla. Joale ke ile ka ithutela mosebetsi oa bonono, empa lintho tse ntle tseo ke neng ke li qapa li ne li sa tsoele batho molemo hakaalo, ’me seo se ile sa etsa hore ke ikutloe ke le motho ea ichebileng boeena feela. Ke ile ka ithutela ho ba mosuoe empa kapele ke ile ka hlokomela hore ke ne ke fa batho boitsebiso feela empa ke sa ba fe tataiso e neng e ka ba tlisetsa thabo ea sebele.” Joaloka batho ba bang ba bangata, Seung Jin o ne a batla morero o khotsofatsang bophelong.

2. (a) Ho ba le morero bophelong ho bolela’ng? (b) Re tseba joang hore ’Mōpi o ne a e-na le morero ka ho re beha mona lefatšeng?

2 Ho ba le morero oa sebele bophelong ho bolela ho tseba hore na re phelela’ng, ho ba le sepheo se hlakileng le ho tseba hore na re habile’ng. Na ka sebele batho ba ka finyella morero o joalo? E, ba ka o finyella! Hore ebe re bōpiloe re e-na le bohlale, letsoalo le matla a ho nahana ho bontša hore ’Mōpi o ne a e-na le morero oa sebele ka ho re beha mona lefatšeng. Ka hona, hoa utloahala hore re ka finyella morero oa rōna oa sebele bophelong le ho o phetha ka hore feela re phele tumellanong le morero oa ’Mōpi.

3. Morero oa Molimo ka batho o akarelletsa eng?

3 Bibele e senola hore morero oa Molimo ka rōna o akarelletsa lintho tse ngata. Ka mohlala, mokhoa o hlollang oo re entsoeng ka oona ruri ke pontšo ea lerato la Molimo le se nang boithati. (Pesaleme ea 40:5; 139:14) Kahoo, ho phela tumellanong le morero oa Molimo ho bolela ho etsisa Molimo ka ho rata batho ba bang ntle ho boithati. (1 Johanne 4:7-11) Ho boetse ho bolela ho boloka litaelo tsa Molimo, tse re thusang ho phela tumellanong le morero oa hae o lerato.—Moeklesia 12:13; 1 Johanne 5:3.

4. (a) Ho hlokahala eng e le hore re finyelle morero oa sebele bophelong? (b) Morero o moholo ka ho fetisisa oo motho leha e le ofe a ka o hahamallang ke ofe?

4 Hape Molimo o ile a rera hore batho ka bobona ba phelisane ka thabo le khotso hammoho le libōpuoa tse ling kaofela. (Genese 1:26; 2:15) Empa re lokela ho etsa’ng e le hore re ikutloe re thabile, re sireletsehile re bile re e-na le khotso ea kelello? Joaloka ngoana ea batlang ho kholiseha hore batsoali ba hae ba ntse ba le teng haufi e le hore a ikutloe a thabile a bile a sireletsehile, re lokela ho ba le kamano e ntle le Ntate oa rōna oa leholimo e le hore re finyelle morero oa sebele bophelong. (Baheberu 12:9) Molimo o re nolofalletsa ho ba le kamano e joalo le eena ka ho re lumella hore re atamele ho eena le ka ho mamela lithapelo tsa rōna. (Jakobo 4:8; 1 Johanne 5:14, 15) Haeba re “tsamaea le Molimo” ka tumelo ’me re e-ba metsoalle ea hae, re ka thabisa le ho rorisa Ntate oa rōna oa leholimo. (Genese 6:9; Liproverbia 23:15, 16; Jakobo 2:23) Oo ke morero o moholo ka ho fetisisa oo motho leha e le ofe a ka o hahamallang. Mopesaleme o ile a ngola: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang—e ke e rorise Jah.”—Pesaleme ea 150:6.

Morero oa Hao ke Ofe Bophelong?

5. Ke hobane’ng ha e se bohlale ho etelletsa lintho tse bonahalang pele?

5 Karolo ea morero oa Molimo bakeng sa rōna ke hore re itlhokomele hantle re be re hlokomele le malapa a rōna. Sena se akarelletsa ho hlokomela litlhoko tsa nama le tsa moea. Leha ho le joalo, re lokela ho bontša botsitso ha re etsa sena, e le hore lintho tse tloaelehileng tseo re amehileng ka tsona li se ke tsa pupetsa lintho tsa moea tseo e leng tsona tsa bohlokoa haholo. (Matheu 4:4; 6:33) Ka masoabi, batho ba bangata ba ipatlela feela lintho tse bonahalang bophelong. Leha ho le joalo, ho leka ho khotsofatsa litlhoko tsohle tsa rōna ka ho hahamalla lintho tse bonahalang feela hase bohlale. Patlisiso e entsoeng morao tjena har’a barui ba Asia e bontšitse hore boholo ba bona ba “ikutloa ba sa sireletseha ba bile ba tšoenyehile, le hoja ba e-na le maemo a itseng sechabeng ba bile ba khona ho finyella lintho tse itseng ka lebaka la leruo la bona.”—Moeklesia 5:11.

6. Jesu o ile a fana ka keletso efe mabapi le ho hahamalla maruo?

6 Jesu o boletse ka “matla a thetsang a maruo.” (Mareka 4:19) Maruo a thetsa joang? Batho ba ka ’na ba nahana hore maruo a etsa hore ba thabe, empa ha ho joalo. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Ea ratang chelete ha e k’e b’e mo lekane.” (Moeklesia 5:10, Bibele—Phetolelo e Ncha) Na hoa khoneha hore motho a hahamalle lintho tse bonahalang ’me a ’ne a sebeletse Molimo ka moea oohle? Che. Jesu o ile a hlalosa: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba se ke ba ipolokela lintho tse bonahalang lefatšeng, empa ba ipolokele “matlotlo leholimong,” ke hore, ba iketsetse lebitso le letle le Molimo, ea ‘tsebang hore na ke lintho life tseo ba li hlokang le pele ba mo kōpa.’—Matheu 6:8, 19-25.

7. Re ka “tšoara ka tieo bophelo ba sebele” joang?

7 Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso e matla tabeng ena, ha a ne a ngolla mosebetsi-’moho le eena Timothea. O ile a re ho Timothea: “Fana ka litaelo ho ba ruileng . . . hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele . . . , ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana, ba ipolokele ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.”—1 Timothea 6:17-19.

“Bophelo ba Sebele” ke Eng?

8. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba hahamalla maruo le ho ba le maemo? (b) Ke eng eo batho bao ba sa e lemoheng?

8 Ho batho ba bangata, polelo e reng “bophelo ba sebele” e etsa hore ba nahane ka mabothobotho le menyaka. Koranta e ’ngoe ea Asia e re: “Ba shebellang lifilimi kapa TV ba ithuta ho lakatsa seo ba se bonang, ba nahana haholo ka lintho tseo ba lakatsang eka ba ka ba le tsona.” Batho ba bangata ba etsa hore ho hahamalla maruo le ho ba le maemo e be oona morero oa bona bophelong. Ba bangata ba tela bocha ba bona, bophelo bo botle, bophelo ba lelapa le lipakane tsa moea e le hore ba hahamalle lintho tsena. Ke ba seng bakae ba iphang nako ea ho nahana hore litšoantšo tseo ba li bonang mecheng eo ea liphatlalatso li mpa feela li bontša “moea oa lefatše”—e leng mokhoa oa ho nahana o tletseng hohle o susumetsang boholo ba batho ba lefatše ba likete tse limilione le o ba khannelang ho itšoara ka tsela e hanyetsanang le seo Molimo a neng a se rerile ka rōna. (1 Bakorinthe 2:12; Baefese 2:2) Hase feela ho nang le batho ba bangata hakana ba sa thabang kajeno!—Liproverbia 18:11; 23:4, 5.

9. Batho ba ke ke ba finyella eng, hona hobane’ng?

9 Ho thoe’ng ka ba itellang ho thusa batho ba bang, ba ikitlaelletsang ho felisa tlala, boloetse le ho hloka toka? Hangata ba ruisa batho ba bangata molemo haholo ka matsapa a babatsehang ao ba a etsang le ka boitelo ba bona. Empa ho sa tsotellehe matsapa ao ba a etsang, ba ke ke ba fetola tsamaiso ena hore e be molemo. Hobane’ng? Hobane ’nete ke hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo”—e leng Satane—’me ha a batle hore le fetohe.—1 Johanne 5:19.

10. Batho ba tšepahalang ba tla fumana “bophelo ba sebele” neng?

10 Ho bohloko hakaakang haeba tšepo ea motho e fella lefatšeng lee feela! Pauluse o ile a ngola: “Haeba re tšepile Kreste bophelong bona feela, re ba haulang ka ho fetisisa ho batho bohle.” Batho ba nang le boikutlo ba hore bophelo bona ke bona phetho bo leng teng, ba re: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakorinthe 15:19, 32) Empa ho na le bokamoso, “maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea [Molimo], ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) Ka nako eo, Bakreste ba ka thabela “bophelo ba sebele,” e leng, “bophelo bo sa feleng” ba phethahetse, ebang ke leholimong kapa pusong e lerato ea ’Muso oa Molimo!—1 Timothea 6:12.

11. Ke hobane’ng ha ho etsa mosebetsi o ntšetsang pele lithahasello tsa ’Muso oa Molimo e le mosebetsi o nang le morero?

11 Ke ’Muso oa Molimo feela o tla atleha ka ho feletseng ho rarolla mathata a batho. Ka hona mosebetsi o ntšetsang pele lithahasello tsa ’Muso oa Molimo ke oona mosebetsi o nang le morero ka ho fetisisa oo motho a ka o hahamallang. (Johanne 4:34) Ha re ntse re etsa mosebetsi ona, re ka ba le kamano ea bohlokoa le Ntate oa rōna oa leholimo. Hape re thabela ho sebetsa le bara le baralib’abo rōna ba limilione ba Bakreste, ba hahamallang morero o tšoanang bophelong.

Ho Itella Lintho Tse Nepahetseng

12. Bontša kamoo bophelo tsamaisong ea hona joale bo fapaneng le “bophelo ba sebele.”

12 Bibele e re “lefatše [la hona joale] lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona.” Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše la Satane, ho akarelletsa botumo ba eona le maruo a eona, e tla timetsoa, “empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:15-17) “Bophelo ba sebele”—e leng bophelo bo sa feleng tlas’a ’Muso oa Molimo—boa tšoarella ebile re lokela ho itella bona, haeba feela re itella lintho tse nepahetseng, empa ha e le maruo a ke keng a tšeptjoa, botumo ba nakoana, le menyaka e sa reng letho ea tsamaiso ena ea lintho tsona ha li tšoarelle.

13. Banyalani ba bang ba ile ba itella lintho tse nepahetseng joang?

13 Nahana ka Henry le Suzanne. Ba lumela ka ho feletseng tšepiso ea Molimo ea hore bohle ba etelletsang ’Muso oa Molimo pele bophelong ba bona Molimo o tla ba thusa. (Matheu 6:33) Kahoo, ba ile ba khetha ho lula ntlong ea boleng bo tlaase e le hore ho e-na le hore bobeli ba bona ba sebetse, bona le barali ba bona ba ka qeta nako e eketsehileng ba hahamalla lintho tsa moea. (Baheberu 13:15, 16) Motsoalle e mong oa bona ea ba ratang o ne a sa utloisise qeto eo ba e entseng. O ile a re ho Suzanne: “Khotsi, haeba u batla ho lula ntlong e ntle, u tlameha ho tela ho hong.” Leha ho le joalo, Henry le Suzanne, ba ne ba tseba hore ho etelletsa Jehova pele bophelong ho na “le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8; Tite 2:12) Barali ba bona e ile ea e-ba baevangeli ba nako e tletseng ba mafolofolo. E le lelapa, ba ikutloa ba sa fetoa ke letho la bohlokoa; ho e-na le hoo, ba ruile molemo o moholo ka ho etsa hore ho hahamalla “bophelo ba sebele” ebe oona morero oa bona bophelong.—Bafilipi 3:8; 1 Timothea 6:6-8.

U se ke Ua ‘Sebelisa Lefatše ka Botlalo’

14. Ho lebala morero oa rōna oa sebele bophelong ho ka fella ka tlokotsi efe?

14 Leha ho le joalo, ho ka ba kotsi haholo haeba re lebala morero oa rōna oa sebele bophelong ebe re khoehlisa tseleng eo re tšoereng “bophelo ba sebele” ka eona. Re tla be re ipeha kotsing ea “ho nkoa ke matšoenyeho le maruo le menyaka ea bophelo bona.” (Luka 8:14) Litakatso tse sa laoleheng le “matšoenyeho a bophelo” li ka etsa hore re tšoarehe haholo ka lintho tsa tsamaiso ena. (Luka 21:34) Ka masoabi, ba bang ba ile ba iphumana ba itse tloara! mokhoeng o atileng kajeno oa ho batla ho rua ’me “ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo,” ba bile ba lahlehetsoe ke kamano ea bona ea bohlokoa le Jehova. Ka sebele motho a ka lahleheloa haholo haeba a sa “tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng”!—1 Timothea 6:9, 10, 12; Liproverbia 28:20.

15. Lelapa le leng le ile la rua molemo joang ka ‘ho se sebelise lefatše ka botlalo’?

15 Pauluse o ile a eletsa “ba sebelisang lefatše [hore] ba be joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo.” (1 Bakorinthe 7:31) Keith le Bonnie ba ile ba mamela keletso ena. Keith o re: “Ke ile ka ba Paki ea Jehova hang feela ha ke qeta lithuto tsa ka sekolong sa ho ithutela ho ba ngaka ea meno. Ke ne ke e-na le boikhethelo. Ke ne nka amohela bakuli ba bangata ’me ka etsa chelete e ngata, empa seo se ne se tla kena-kenana le borapeli ba rōna ho Molimo. Ke ile ka khetha ho ba le palo e lekaneng feela ea bakuli e le hore ke be le nako e eketsehileng ea ho hlokomela boiketlo ba moea le ba maikutlo ba lelapa la rōna, le ileng la qetella le e-na le bana ba bahlano ba banana. Le hoja e ne e le ka seoelo re bang le chelete e eketsehileng, re ile ra ithuta ho baballa lintho, ’me kamehla re ne re e-ba le lintho tseo re li hlokang. Lelapa la rōna le ne le ratana, le le mofuthu le bile le thabile. Qetellong, kaofela ha rōna re ile ra kena tšebeletsong ea nako e tletseng. Hona joale barali ba rōna ba thabile manyalong a bona, ba bararo ba bona ba na le bana. Ho na le thabo ka malapeng a bona hobane ba ’nile ba tsoela pele ho etelletsa morero oa Jehova pele bophelong.”

Ho Etelletsa Morero oa Jehova Pele Bophelong ba Hao

16, 17. Ke mehlala efe ea batho ba nang le tsebo bao Bibele e buang ka bona, hona batho bao ba hopoloa ka eng?

16 Ka Bibeleng ho na le mehlala ea ba ileng ba phelela morero oa Molimo le ba sa kang ba o phelela. Seo re ithutang sona mehlaleng eo se sebetsa ho batho ba lilemo tsohle, ba litso tsohle le ba leng maemong ’ohle. (Baroma 15:4; 1 Bakorinthe 10:6, 11) Nimrode o ile a haha metse e meholo, empa o ile a etsa sena ho hanyetsa Jehova. (Genese 10:8, 9) Leha ho le joalo, batho ba bang ba bangata ba ile ba beha mohlala o motle. Ka mohlala, Moshe, ha aa ka a etsa hore boemo ba hae ba ho ba mohlomphehi oa Egepeta ebe bona morero oa hae bophelong. Ho e-na le hoo, o ile a nka mesebetsi eo Molimo a neng a mo file eona “e le maruo a maholo ho feta matlotlo a Egepeta.” (Baheberu 11:26) Mohlomong ngaka Luka o ile a thusa Pauluse le ba bang ha ba ne ba kula. Empa Luka o ile a thusa batho haholo ka ho ba moevangeli le ka ho ngola Bibele. Pauluse eena, o tsejoa e le moromuoa, “moapostola ho lichaba” eseng setsebi sa Molao.—Baroma 11:13.

17 Ntho eo Davida a hopoloang haholo ka eona ke hore e ne e le “monna ea ratoang ke pelo ea [Molimo],” eseng molaoli oa sesole, sebini kapa seqapi sa ’mino. (1 Samuele 13:14) Re tseba Daniele ka mosebetsi oa hae e le moprofeta oa Jehova ea tšepahalang, eseng ka mosebetsi oa hae e le motho ea boholong ’musong oa Babylona; re tseba Esthere ka mohlala oa hae oa ho ba sebete le tumelo, eseng e le mofumahali oa Persia; re tseba Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne e le baapostola ba Jesu, eseng e le batšoasi ba litlhapi ba atlehileng. ’Me mohlala o ka sehloohong ke Jesu ka boeena, re mo tseba e le “Kreste,” eseng e le “’metli oa mapolanka.” (Mareka 6:3; Matheu 16:16) Batho bana kaofela ba ile ba utloisisa hantle hore ho sa tsotellehe bokhoni, matlotlo, kapa maemo leha e le afe ao ba neng ba e-na le ’ona, ntho ea bohlokoa haholo bophelong ba bona e ne e lokela ho ba ho sebeletsa Molimo, eseng mesebetsi ea lefatše. Ba ne ba tseba hore morero oa bohlokoa ka ho fetisisa le o khotsofatsang haholo ke oa ho ba monna kapa mosali ea tšabang Molimo.

18. Mokreste e mong e mocha o ile a khetha ho etsa’ng ka bophelo ba hae, hona o ile a hlokomela eng qetellong?

18 Seung Jin, eo re buileng ka eena qalong, le eena o ile a qetella a utloisisitse taba ena. O re: “Ho e-na le ho qeta matla ’ohle a ka lithutong tsa bongaka, tsa bonono kapa ke le mosuoe lefatšeng, ke ile ka ikemisetsa ho sebelisa bophelo ba ka tumellanong le boinehelo ba ka ho Molimo. Hona joale ke sebetsa moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea mesuoe ea Bibele, ke thusa batho ho kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng. Ke ne ke atisa ho nahana hore ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng ho ke ke ha thahasellisa hakaalo. Hona joale bophelo ba ka bo thahasellisa ho feta leha e le neng pele, ha ke ntse ke leka ho ntlafatsa botho ba ka le bokhoni ba ka ba ho ruta batho ba litso tse sa tšoaneng. Kea bona hore ho phelela morero oa Jehova ke eona tsela feela e khotsofatsang bophelong.”

19. Re ka fumana morero oa sebele bophelong joang?

19 Joaloka Bakreste, re filoe tsebo e bolokang bophelo le tšepo ea poloko. (Johanne 17:3) Kahoo, a re se keng ra “amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me [ra] lahleheloa ke morero oa oona.” (2 Bakorinthe 6:1) Ho e-na le hoo, a re sebeliseng matsatsi a rōna a bohlokoa le lilemo tsa rōna tsa bophelo bakeng sa ho rorisa Jehova. A re phatlalatseng tsebo e tlisang thabo ea sebele hona joale le e isang bophelong bo sa feleng. Ha re etsa joalo, re tla bona bonnete ba mantsoe a Jesu a reng: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) ’Me re tla be re fumane morero oa sebele bophelong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

Na U ka Hlalosa?

• Ke morero ofe o phahameng haholo oo re ka bang le oona bophelong?

• Ke hobane’ng ha e se bohlale ho phelela lintho tse bonahalang?

• “Bophelo ba sebele” boo Molimo a bo tšepisang ke eng?

• Re ka sebelisa bophelo ba rōna joang bakeng sa morero oa Molimo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Bakreste ba lokela ho itella lintho tse nepahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela