Ho Hahamalla Morero oa Molimo Kajeno
“[Kreste] o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela.”—2 BAKORINTHE 5:15.
1. Pheta se ileng sa etsahalla moromuoa e mong kabelong ea hae.
MOROMUOA e mong ea bitsoang Aaron o re: “Koloi ea rōna ebile eona ea pele ea batho ba neng ba sa amehe ntoeng e ileng ea kena motsaneng o hōle oa Afrika ka mor’a hore ntoa ea baahi e lale.a Re ne re sa khone ho iteanya le phutheho e nyenyane e motsaneng oo, empa re ne re lokela ho hlokomela barab’abo rōna ka lintho tseo ba li hlokang. Ntle ho lijo, liaparo le lingoliloeng tsa Bibele, re ile ra tla le video e bitsoang Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name.b Batho ba bangata ba thahasellang ba ile ba tla ka bongata bo boholo ho tla shebella video ena ‘holong ea motse ea libaesekopo’—e leng ntlo e khōlō ea joang e nang le TV le mochine o bapalang lik’hasete tsa video—’me re ile ra tlameha ho e bontša habeli. Lekhetlo ka leng leo re ileng ra bontša video ena ka lona, re ile ra ba le lithuto tse ngata tsa Bibele. Ho hlakile hore matsapa ’ohle a rōna a bile molemo.”
2. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ikemisetsa ho sebelisa bophelo ba bona tšebeletsong ea Molimo? (b) Joale re tla tšohla lipotso life?
2 Ke hobane’ng ha Aaron le metsoalle ea hae ba ile ba qalisa mosebetsi o boima hakaale? Lebaka ke hobane, kaha ba leboha sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo, ba nehetse bophelo ba bona ho Molimo ’me ba batla ho bo sebelisa tumellanong le morero oa Molimo. Joaloka bona, Bakreste bohle ba inehetseng ba ikemiselitse hore “ba se ke ba hlola ba iphelela” empa ba etse sohle se matleng a bona “ka lebaka la litaba tse molemo.” (2 Bakorinthe 5:15; 1 Bakorinthe 9:23) Baa tseba hore ha tsamaiso ea hona joale ea lintho e fela, chelete eohle le botumo ba lefatše li ke ke tsa e-ba le thuso. Kahoo ba batla ho sebelisa bophelo ba bona le matla a bona tumellanong le morero oa Molimo. (Moeklesia 12:1) Re ka etsa see joang? Re ka fumana hokae sebete le matla a ho etsa see? Hona re bulehetsoe ke menyetla efe ea tšebeletso?
Ho Nka Mehato e Tsoelang Pele, le e ka Finyelloang
3. Ho etsa thato ea Molimo ho akarelletsa ho nka mehato efe ea ho qala?
3 Bakreste ba ’nete ba phelela ho etsa thato ea Molimo. Ka tloaelo bohato ba pele ke ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng, ho kopanela mosebetsing oa boboleli le ho hahamalla kolobetso. Ha re ntse re hatela pele, re hopola mantsoe a moapostola Pauluse: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.” (1 Timothea 4:15) Tsoelo-pele ena hase ho iketelletsa pele empa ke pontšo ea hore re ikemiselitse ho etsa thato ea Molimo ntle ho boithati. Ho nka khato e joalo ho bontša hore re lumella Molimo hore a re tataise litabeng tsohle tsa bophelo, ’me o etsa sena hamolemo haholo ho feta kamoo re neng re ka etsa kateng.—Pesaleme ea 32:8.
4. Re ka leleka tšabo e sa hlokahaleng joang?
4 Leha ho le joalo, ho tsilatsila kapa ho tšoenyeha haholo ho ka re sitisa ho hatela pele ha re sebeletsa Molimo. (Moeklesia 11:4) Kahoo, pele re ka fumana thabo ea sebele ea ho sebeletsa Molimo le batho ba bang, re lokela ho qala ka ho hlōla tšabo. Ka mohlala, Erik o ne a nahana ka ho sebeletsa phuthehong ea batho ba buang puo e ’ngoe. Empa o ile a khathatseha: ‘Na ke tla amoheleha phuthehong eo? Na ke tla rata barab’eso? Na ba tla nthata?’ O re: “Qetellong ke ile ka hlokomela hore ke ne ke lokela ho ameha haholo ka barab’eso eseng ka ’na. Ke ile ka ikemisetsa hore ke tla khaotsa ho khathatseha ka lintho tsena ’me ke itelle ho sebeletsa ba bang ntle ho boithati. Ke ile ka rapella thuso eaba ke tsoela pele ka litokisetso tsa ka. Hona joale, ke thabela tšebeletso ea ka haholo phuthehong eo.” (Baroma 4:20) Ha ho pelaelo hore, haeba re ikitlaelletsa ho sebeletsa Molimo le batho ba bang ntle ho boithati, re tla thaba re be re khotsofale haholo.
5. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re hlophise lintho ka hloko ha re ntse re hahamalla morero oa Molimo bophelong? Bontša.
5 E le hore re atlehe ho phelela morero oa Molimo ho boetse ho hlokahala hore re hlophise litaba tsa rōna hantle. Ka bohlale re qoba ho ba le likoloto tse ngata tse ka etsang hore re be makhoba a tsamaiso ena le tse ka re sitisang ho etsa mosebetsi oa Molimo. Bibele ea re hopotsa: “Ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.” (Liproverbia 22:7) Ho tšepa Jehova le ho etelletsa lintho tsa moea pele bophelong ho re thusa ho leka-lekanya lintho. Ka mohlala, Guoming le banab’abo ba babeli ba lula le ’mè oa bona sebakeng seo matlo a teng a turang haholo le seo ho leng thata ho fumana mosebetsi ho sona. Empa ka ho sebelisa chelete ka bohlale le ka ho kopanela litšenyehelo, ba khona ho phela esita leha e se bona kaofela ba sebetsang. Guoming o re: “Ka linako tse ling, hase rōna kaofela ba fumanang moputso. Leha ho le joalo, re khona ho tsoela pele ka tšebeletso ea bopula-maliboho le ho hlokomela ’mè oa rōna hantle. Rea leboha hore ebe ’Mè ha a batle hore re tlohele tšebeletso ea rōna e le hore a hlabe khobe la lemao.”—2 Bakorinthe 12:14; Baheberu 13:5.
6. Ke mohlala ofe o bontšang kamoo re ka etsang hore bophelo ba rōna bo lumellane le morero oa Molimo?
6 Haeba u tšoarehile haholo ka ho hahamalla lipakane tsa lefatše—ebang ke tsa lichelete kapa tsa mofuta leha e le ofe—ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse khōlō e le hore u etelletse morero oa Molimo pele bophelong. Ka tloaelo liphetoho tse joalo li ke ke tsa etsahala ka potlako, ’me haeba qalong u leka empa u etsa liphoso seo ha se bolele hore u hlōlehile. Nahana ka Koichi, ea neng a e-na le bothata ba ho qeta nako e ngata haholo boikhathollong. Koichi o ne a ithutile Bibele a sa le mocha, empa ka lilemo tse ngata, ntho e khōlō bophelong ba hae e ne e le lipapali tsa video. Ka letsatsi le leng Koichi o ile a ipotsa: ‘Ke etsa’ng? Ke se ke fetile lilemo tse 30, empa ha ho letho la bohlokoa leo ke le etsang ka bophelo ba ka!’ Koichi o ile a qalella ho ithuta Bibele eaba o amohela thuso ea phutheho. Le hoja liphetoho li ne li etsahala butle-butle, ha aa ka a tela. Ka lithapelo le thuso e lerato e tsoang ho ba bang, qetellong o ile a hlōla temallo ea hae. (Luka 11:9) Hona joale Koichi ke mohlanka ea sebeletsang ea thabileng.
Ithute ho ba Motho ea Tsitsitseng
7. Ke hobane’ng ha re lokela ho boloka botsitso ha re etsa mosebetsi oa Molimo?
7 Re lokela ho etsa matsapa ’ohle e le hore re hahamalle morero oa Molimo bophelong. Ha rea lokela ho iqenehela kapa ho ba botsoa ha re etsa sena. (Baheberu 6:11, 12) Leha ho le joalo, Jehova ha a batle hore re sebetse ka thata hoo re khathalang ho tlōla—’meleng, kelellong, kapa maikutlong. Ho lumela ka boikokobetso hore re ke ke ra etsa mosebetsi oa Molimo ka matla a rōna, ho tlotlisa Molimo ebile ho bontša hore re batho ba tsitsitseng. (1 Petrose 4:11) Jehova o tšepisa hore o tla re fa matla ao re a hlokang hore re etse thato ea hae, empa ha rea lokela ho iqobella ho etsa se fetang seo re ka se khonang, ka ho leka ho etsa lintho tseo a sa lebellang hore re li etse. (2 Bakorinthe 4:7) Re lokela ho sebelisa matla a rōna ka bohlale e le hore re tsoele pele re sebeletsa Molimo empa re sa khathale ho tlōla.
8. Ho ile ha etsahala’ng ha mocha e mong oa Mokreste a leka ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa Jehova le oa lefatše, ’me o ile a etsa phetoho efe?
8 Ka mohlala, ka lilemo tse peli, Ji Hye, ea lulang Asia Bochabela, o ne a etsa mosebetsi o neng o mo sebelisa ka thata ha a ntse a bula maliboho. O re: “Ke lekile ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa Jehova le mosebetsing oa ka oa boipheliso, empa ke ne ke robala lihora tse hlano feela bosiu. Qetellong ke ile ka felloa ke matla a hore ke nahane ka ’nete, ke bile ke sa thabele tšebeletso ea ka.” E le hore a sebeletse Jehova ‘ka pelo eohle le ka moea oohle le ka kelello eohle le ka matla ’ohle’ a hae, Ji Hye o ile a batla mosebetsi o batlang o le bobebe. (Mareka 12:30) O re: “Ho sa tsotellehe khatello e tsoang lelapeng leso ea hore ke hahamalle ho etsa chelete e ngata, ke ile ka leka ho etelletsa morero oa Molimo pele bophelong. Ke ntse ke fumana chelete e lekaneng bakeng sa litlhoko tsa motheo, tse kang liaparo tse shebahalang. Ebile ke thabela ho robala nako e telelenyana! Ke thabela tšebeletso ea ka, ’me hona joale ke se ke le matla moeeng. Lebaka la sena ke hobane ha ke sa na nako e ngata bakeng sa lintho tsa lefatše lena tse hohelang le tse sitisang.”—Moeklesia 4:6; Matheu 6:24, 28-30.
9. Seo re se etsang se ka ama batho tšimong joang?
9 Hase e mong le e mong ea ka sebeletsang Molimo e le moevangeli oa nako e tletseng. Haeba u tlameha ho mamella botsofali, bokuli kapa mefokolo e meng, tseba hore Jehova o ananela haholo botšepehi ba hao le tšebeletso leha e le efe e etsoang ka moea oohle eo u ka e etsang. (Luka 21:2, 3) Ka hona, ha ho le ea mong oa rōna ea lokelang ho halala seo re ka se etsang tšebeletsong ea Molimo molemong oa ba bang, esita le haeba se le senyenyane. Ka mohlala, a re nke hore re ile matlong a seng makae ’me ra fumana ho se motho ea neng a bonahala a thahasella molaetsa oa rōna. Ha re qeta ho tloha, beng ba matlo ba ka ’na ba bua halelele ka ketelo ea rōna, esita leha ho se ea ileng a re amohela! Ha rea lebella hore motho e mong le e mong ea utloang litaba tse molemo o tla nka khato ka tsona, empa ba bang ba tla nka khato. (Matheu 13:19-23) Ba bang ba ka ’na ba nka khato hamorao ha maemo a lefatše kapa bophelo ba bona bo fetoha. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ha re etsa seo re ka se khonang tšebeletsong ea boboleli, re etsa mosebetsi oa Molimo. Re “basebetsi-’moho le Molimo.”—1 Bakorinthe 3:9.
10. Ke menyetla efe e bulehetseng bohle ka phuthehong?
10 Ho phaella moo, kaofela ha rōna re ka thusa litho tsa malapa a rōna le bara le baralib’abo rōna ba Bakreste. (Bagalata 6:10) Tšusumetso e ntle eo re ka bang le eona ho ba bang e ka ba matla ’me ea e-ba le liphello tse tšoarellang. (Moeklesia 11:1, 6) Ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba etsa mesebetsi ea bona ka mafolofolo, ba thusa phutheho hore e phele hantle le ho tsitsa moeeng, ka lebaka leo, mosebetsi oa Bokreste oa hōla. Re tiisetsoa hore haeba re e-na ‘le ho hongata hoo re ho etsang mosebetsing oa Morena,’ mosebetsi oa rōna “hase oa lefeela.”—1 Bakorinthe 15:58.
Ho Hahamalla Mosebetsi o Amanang le Morero oa Molimo Bophelong
11. Ntle le ho sebetsa le phutheho ea habo rōna, ke menyetla efe e ka ’nang ea re bulehela?
11 Kaha re Bakreste, re rata bophelo ’me re lakatsa ho tlotlisa Molimo nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. (1 Bakorinthe 10:31) Ha re tšepahalla ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho ruta ba bang ho boloka lintho tsohle tseo Jesu a li laetseng, re tla fumana litsela tse ngata tse thabisang tsa ho sebeletsa Molimo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ntle le ho sebetsa le phutheho ea habo rōna, re ka ’na ra ba le menyetla ea ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea baboleli, ebang ke tšimong e ’ngoe, sebakeng seo ho buuoang puo e ’ngoe, kapa naheng e ’ngoe. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ba masoha ba ka memeloa ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, ’me hamorao ba e’o sebetsa liphuthehong tse hlokang thuso ea Bakreste ba hōlileng moeeng, ebang ke linaheng tsa habo bona kapa linaheng tse ling. Banyalani ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng ba ka tšoanelehela ho koetlisetsoa mosebetsi oa boromuoa oa Gileade le ho ea sebetsa linaheng tse ling. Ho boetse ho na le tlhokahalo e tsoelang pele ea baithaopi ba ka etsang mesebetsi e fapa-fapaneng Bethele ho haha le ho hlokomela libaka tseo re kopanelang ho tsona le liofisi tsa makala.
12, 13. (a) U ka etsa joang qeto ea hore na ke mefuta efe ea tšebeletso eo u ka e hahamallang? (b) Bontša kamoo phihlelo e fumanoeng tšebeletsong ea mofuta o mong e ka bang molemo tšebeletsong e ’ngoe.
12 Ke mefuta efe ea tšebeletso eo u ka e hahamallang? Kaha u mohlanka ea inehetseng oa Jehova, ka linako tsohle batla tataiso ea hae le ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. ‘Moea oa hae o molemo’ o tla u thusa hore u etse qeto e nepahetseng. (Nehemia 9:20) Hangata tšebeletso ea mofuta o mong e re bulela monyetla oa ho etsa tšebeletso e ’ngoe, ’me phihlelo le tsebo eo re e fumanang mofuteng o mong oa tšebeletso e ka ’na ea re thusa ha re etsa mosebetsi o mong hamorao.
13 Ka mohlala, Dennis le mosali oa hae Jenny, kamehla ba tšehetsa mosebetsi oa ho haha Liholo Tsa ’Muso. Ka mor’a hore Leholiotsoana Katrina le hlasele karolo e ka boroa ea United States, ba ile ba ithaopela ho thusa ba hlokang. Dennis oa tlaleha: “Ho sebelisa tsebo eo re e fumaneng ha re ne re haha Liholo Tsa ’Muso ho thusa barab’abo rōna ho ile ha re thabisa haholo. Kananelo eo batho bao re ba thusitseng ba nang le eona ka sebele e ama maikutlo. Lihlopha tse ling tsa liphallelo ha lia ka tsa atleha mosebetsing oa ho tsosa matlo. Lipaki Tsa Jehova li se li lokisitse kapa li se li tsositse matlo a fetang 5 300 hammoho le Liholo Tsa ’Muso tse ngata. Batho ba hlokomela sena ’me hona joale ba thahasella molaetsa oa rōna haholo.”
14. U ka etsa’ng haeba u batla ho hahamalla tšebeletso ea nako e tletseng?
14 Na u ka hahamalla morero oa Molimo bophelong ka ho khetha mosebetsi oa ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng? Haeba ho joalo, ka sebele u tla fumana litlhohonolofatso tse ngata. Haeba hona joale maemo a hao a sa u lumelle ho etsa joalo, mohlomong ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse itseng. Rapela joaloka Nehemia ha a ne a batla ho etsa mosebetsi o itseng oa bohlokoa: “Oho! Jehova, ka kōpo, . . . u fe mohlanka oa hao katleho.” (Nehemia 1:11) Joale, tšepa “Ea Utloang thapelo” ’me u nke khato tumellanong le thapelo ea hao. (Pesaleme ea 65:2) E le hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba hao ba ho mo sebeletsa ka botlalo, u lokela ho qala ka ho etsa boiteko boo. Ha u se u entse qeto ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, khomarela qeto ea hao. Ka mor’a nako, u tla ba le phihlelo e eketsehileng ’me thabo ea hao e tla eketseha.
Bophelo ba Bohlokoa e le Kannete
15. (a) Re rua molemo joang ka ho bua le bahlanka ba Molimo ba nako e telele le ho bala ka bona? (b) Bolela pale ea bophelo e ileng ea u khothatsa haholo.
15 Ke litholoana life tseo u ka li lebellang ha u hahamalla morero oa Molimo bophelong? Bua le bahlanka ba Jehova ba nako e telele, haholo-holo ba qetileng lilemo tse ngata ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka sebele bophelo ba bona boa khotsofatsa ebile bo na le morero! (Liproverbia 10:22) Ba tla u bolella hore ha ho mohla Jehova a kileng a hlōleha ho ba thusa esita le maemong a thata hore ba fumane lintho tseo ba li hlokang e le kannete le ho ba fa ho hongata ho feta moo. (Bafilipi 4:11-13) Ho tloha ka 1955 ho fihlela ka 1961, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa hatisa letoto la lipale tsa bophelo tsa bahlanka ba tšepahalang sehloohong se reng “Ho Phelela Morero oa ka Bophelong.” Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha hatisoa lipale tse ling tse ngata tsa bophelo. Pale ka ’ngoe e bontša moea oa cheseho le thabo o re hopotsang o bukeng ea Bibele ea Liketso. Ho bala lipale tse joalo tse thabisang ho tla u susumeletsa hore u re, ‘Ke batla ho phela bophelo ba mofuta ona!’
16. Ke eng e etsang hore bophelo ba Mokreste e be bo thabisang le bo nang le morero?
16 Aaron, ea boletsoeng qalong ea sehlooho sena, oa hopola: “Ha ke le Afrika, hangata ke ne ke atisa ho kopana le bacha ba neng ba e-ea holimo le tlaase hohle ka har’a naha ba batla morero oa bophelo. Ba bangata ha baa ka ba o fumana. Empa rōna re ne re hahamalla morero oa Molimo bophelong ka ho ntšetsa pele litaba tse molemo tsa ’Muso, ’me re ile ra phela bophelo bo nang le liphephetso le bo khotsofatsang. Re iponetse ka borōna hore ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re hahamalla morero oa Molimo bophelong hona joale?
17 Ho thoe’ng ka uena? U hahamalla morero ofe bophelong? Haeba u sa ipehela lipakane tse tobileng tse tla u thusa hore u hahamalle morero oa Molimo bophelong, kapele feela lintho tse ling li tla kenella. Ke hobane’ng ha u senya bophelo ba hao ba bohlokoa ka lefatše la litoro la tsamaiso ea Satane? Haufinyane ha “matšoenyeho a maholo” a qhoma, maruo le botumo ba lefatše li ke ke tsa e-ba le thuso. Ntho ea bohlokoa e tla ba kamano ea rōna le Jehova. Re tla thaba hakaakang hore ebe re ile ra sebeletsa Molimo le batho ba bang le hore re ile ra hahamalla morero oa Molimo ka botlalo bophelong ba rōna!—Matheu 24:21; Tšenolo 7:14, 15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
• Jehova o ikutloa joang ka tšebeletso eo re mo etsetsang eona?
• Ho nka mehato e ka finyelloang le ho ba ba tsitsitseng ho ka re thusa joang hore re sebeletse Molimo le batho ba bang?
• Re bulehetsoe ke menyetla efe ea ho sebeletsa Molimo?
• Ke joang re ka phelang bophelo bo nang le morero e le kannete hona joale?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Re lokela ho ba ba tsitsitseng e le hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova ka moea oohle
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Tšebeletso e halalelang e mefuta e mengata