Bacha—Le Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Lōna?
“KE BATLA hore bophelo bo ntsamaele hantle haholo.” Ho rialo ngoananyana e mong. Ha ho pelaelo hore le uena u batla se tšoanang. Empa bophelo bo ka u tsamaela “hantle” joang? Mecha ea litaba le lithaka tsa hao, mohlomong le matichere a hao, ba ka ’na ba bolela hore bo tla u tsamaela hantle haeba u fumana chelete e ngata ’me u sebetsa mosebetsi oa maemo—u e-ba ea atlehang!
Leha ho le joalo, Bibele e lemosa bacha hore ho phehella katleho ea lintho tse bonahalang ho tšoana hantle le ho “lelekisa moea.” (Moeklesia 4:4) Taba ke hore ke bacha ba ’maloa ba qetellang ba ruile ba bile ba tumme. ’Me hangata ba finyellang seo ba iphumana ba feletsoe ke tšepo ka ho feletseng. Mocha e mong oa Brithani ea phehelletseng mosebetsi o hlomphehang oa barutehi, o re: “Katleho ena e ka tšoantšoa le lebokose le sa tšelang. Ha u sheba ka har’a lona, ha ho na letho.” Ke ’nete hore ka linako tse ling mosebetsi o ka ruisa motho le ho mo etsa ea tummeng. Empa o ke ke oa khotsofatsa ‘litlhoko tsa hao tsa moea.’ (Matheu 5:3) Ho feta moo, 1 Johanne 2:17 e lemosa hore “lefatše lea feta.” Le haeba u ka atleha lefatšeng lena, e tla ba ka nakoana.
Ke ka lebaka leo Moeklesia 12:1 e eletsang bacha ha e re: “Hopola ’Mōpi oa hao u sa le mocha.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) E, tsela e molemo eo u ka phelang ka eona ke ka ho sebeletsa Jehova Molimo. Empa pele ho tsohle, u tlameha ho tšoanelehela ho sebeletsa Molimo. U ka etsa joalo joang? Hona ho sebeletsa Molimo ho akarelletsa eng?
Ho Tšoanelehela ho ba Paki ea Jehova
Pele ho tsohle, u lokela ho hlaolela takatso ea ho sebeletsa Molimo—’me takatso eo ha e itlele feela, le haeba batsoali ba hao e le Bakreste. Uena ka bouena u lokela ho ba le kamano e haufi le Jehova. Ngoanana e mong o re: “Ho rapela ho u thusa hore u be le kamano e haufi le Jehova.”—Pesaleme ea 62:8; Jakobo 4:8.
Baroma 12:2 e totobatsa bohato bo bong boo u lokelang ho bo nka. E re: ‘Ipakeleng e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ Na u se u kile ua iphumana u belaella tse ling tsa lintho tseo u li rutiloeng? Haeba ho joalo, latela keletso ea Bibele ’me u ‘ipakele e le uena’ hore lintho tsena ke ’nete! Iketsetse liphuputso. Bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Leha ho le joalo, ho ithuta ka Molimo hase feela taba ea thuto ea ka hloohong. Iphe nako ea ho thuisa ka seo u se balang e le hore se ka teba pelong ea hao. Sena se tla eketsa lerato la hao ho Molimo.—Pesaleme ea 1:2, 3.
Ka mor’a moo, leka ho bolella ba bang ka mokhoa o sa reroang seo u ithutang sona, mohlomong bao u kenang sekolo le bona. Mohato o latelang ke oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Ka linako tse ling u ka ’na ua kopana le bao u kenang sekolo le bona ha u bolela, ’me sena se ka ’na sa u tšosa qalong. Empa Bibele e re khothalletsa hore re se be “lihlong ka litaba tse molemo.” (Baroma 1:16) U tsamaisa molaetsa oa bophelo le tšepo! Ke hobane’ng ha u ka o soabela?
Joale haeba batsoali ba hao ke Bakreste, e ka ’na eaba u tsamaea le bona ha ba etsa mosebetsi ona. Empa na u khona ho etsa ho fetang feela ho kena ka tlung u khutsitse kapa ho tsamaisa limakasine le lipampitšana? Na u khona ho bua le mong’a ntlo, u sebelisa Bibele ha u mo ruta? Haeba ha u khone, kōpa thuso ho batsoali ba hao kapa ho setho se seng sa phutheho se hōlileng tsebong. Iketsetse pakane ea ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang oa litaba tse molemo!
Ka nako e loketseng, u tla susumelletseha hore u inehele—u etsetse Molimo kano ea hore u tla mo sebeletsa ho tloha joale ho ea pele. (Baroma 12:1) Leha ho le joalo, boinehelo hase taba ea lekunutu. Molimo o batla hore bohle ba ‘bolele phatlalatsa hore ba bolokehe.’ (Baroma 10:10) Nakong ea kolobetso, u qala ka ho bolela tumelo ea hao phatlalatsa. Joale ho latela kolobetso ea metsing. (Matheu 28:19, 20) Ho ke ke ha latoloa hore kolobetso ke bohato bo tebileng. Empa u se ke ua ikhula hobane u tšaba hore u ka ’na ua hlōleha ka tsela e itseng. Haeba u tšepile Molimo, o tla u fa “matla a fetang se tloaelehileng” hore u eme u tiile.—2 Bakorinthe 4:7; 1 Petrose 5:10.
Ha u kolobetsoa, u ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10) Sena se lokela ho ama ka botebo tsela eo u phelang ka eona. Ho inehela ho akarelletsa ‘ho itatola.’ (Matheu 16:24) U ka ’na ua tlohela ho phehella lipakane tse itseng tseo u neng u iketselitse tsona, hammoho le takatso ea bophahamo ’me ua ‘batla ’muso oa Molimo pele.’ (Matheu 6:33) Boinehelo le kolobetso li bula menyetla e mengata ea ho etsa joalo. A re hlahlobeng e meng ea eona.
Menyetla ea ho Sebeletsa Molimo ka Nako e Tletseng
● Bopula-maliboho ke monyetla o mong. Mohoeletsi oa pula-maliboho ke Mokreste ea kolobelitsoeng ea behang mohlala o motle, ea itokiselitseng ho qeta lihora tse seng ka tlaase ho 70 khoeli ka ’ngoe a bolela litaba tse molemo. Ho qeta nako e eketsehileng tšimong ho tla u thusa ho ntlafatsa mokhoa oa hao oa ho bolela le ho ruta. Bo-pula-maliboho ba bangata ba bile le thabo ea ho thusa liithuti tsa bona tsa Bibele hore e be Lipaki tse kolobelitsoeng. Ke mosebetsi ofe oa boipheliso o ka tlisetsang motho thabo le khotsofalo e joalo?
Hore ba iphelise, bo-pula-maliboho ba bangata ba etsa mosebetsi oa nakoana. Ba bangata ba lokisetsa boikarabelo bona esale pele ka ho ithutela mosebetsi o itseng sekolong kapa ka ho ithuta oona ho batsoali ba bona. Haeba uena le batsoali ba hao le nka hore ho tla ba molemo hore u fumane koetliso e itseng e tlatsetsang ha u se u qetile sekolong se phahameng, etsa bonnete ba hore sepheo sa hao hase ho fumana chelete e ngata, empa ke hore u iphelise ha u ntse u le tšebeletsong, mohlomong u be tšebeletsong ea nako e tletseng.
Leha ho le joalo, pula-maliboho ha a lebise tlhokomelo mosebetsing oa boipheliso, empa o lebisa tlhokomelo tšebeletsong ea hae—ho thuseng ba bang ho fumana bophelo! Ke hobane’ng ha u sa iketsetse pakane ea ho ba pula-maliboho? Hangata bopula-maliboho bo lebisa litokelong tse ling. Ka mohlala, bo-pula-maliboho ba bang ba fallela libakeng tseo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea bahoeletsi ba ’Muso. Ba bang ba ithuta puo esele ebe ba sebetsa le phutheho ea puo eo kapa ba hle ba ee naheng esele. E, ho bula maliboho ke tsela e putsang ea bophelo!
● Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste ke monyetla o mong. Sekolo sena se fa banyalani ba Bakreste koetliso e khethehileng ea hore ba sebelisoe ke Jehova le mokhatlo oa hae. Ba qetileng sekolong sena ba abeloa ho sebetsa moo ho nang le tlhokahalo e kholoanyane naheng ea habo bona. Ba bang ba ka ’na ba abeloa ho sebetsa linaheng lisele haeha maemo a bona a ba lumella. Ba qetileng ba ka sebetsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana e le hore ba bule masimo a macha le ho atolosetsa mosebetsi libakeng tse ka mathōko.
● Sekolo sa Barab’abo Rōna ba Masoha se ile sa thehoa ka morero oa ho koetlisa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha ba tšoanelehang. Koetliso e matla ea libeke tse robeli e akarelletsa lintlha tse kang boikarabelo ba baholo le bahlanka ba sebeletsang, tlhophiso le ho bua phatlalatsa. Ba bang ba abeloa ho sebetsa linaheng tsa habo bona. Ba bang ba kōptjoa ho ea sebetsa linaheng lisele.
● Tšebeletso ea Bethele e kopanyelletsa ho sebeletsa joaloka moithaopi mehahong ea lekala le leng la Lipaki tsa Jehova. Litho tse ling tsa lelapa la Bethele li sebetsa ka ho toba khatisong ea lingoliloeng tsa Bibele. Ba bang ba fuoa mosebetsi o tlatsetsang, o kang oa ho hlokomela mehaho le thepa kapa ho hlokomela litlhoko tsa nama tsa litho tsa lelapa la Bethele. Mosebetsi oohle ke tokelo e halalelang tšebeletsong ea Jehova. Ho phaella moo, ba leng Bethele ba thabela ho tseba hore ntho leha e le efe eo ba e etsang e tsoela barab’abo bona ba bangata lefatšeng ka bophara molemo.
Ka linako tse ling barab’abo rōna ba nang le tsebo ea mosebetsi o khethehileng ba memeloa ho tla sebeletsa Bethele. Leha ho le joalo, boholo bo fumana koetliso hona teng. Ba lehaeng la Bethele ha ba sebeletse ho fumana lintho tse bonahalang empa ba khotsofalletse litokisetso tsa lijo, bolulo le chelete e fokolang bakeng sa litlhoko tsa botho. Mocha e mong eo e leng setho sa lelapa la Bethele o hlalosa tšebeletso ea hae ka tsela ena: “Ea babatseha! Kemiso ea teng ha e bonolo empa ke fumane litlhohonolofatso tse ngata ka ho sebeletsa mona.”
● Tšebeletso linaheng tse ling e fa motho monyetla oa ho sebetsa kahong ea makala le ea Liholo tsa ’Muso. Ba sebeletsang linaheng tse ling, kamoo ba bitsoang kateng, ba ea linaheng lisele ho ea thusa ka mesebetsi e joalo ea kaho. Ona ke mofuta o mong oa tšebeletso e halalelang, o tšoanang le oa ba ileng ba haha tempele ea Solomone. (1 Marena 8:13-18) Tokisetso ea ho hlokomela bana ba sebeletsang linaheng tse ling e tšoana le ea ba lelapa la Bethele. Ke tokelo e kaakang eo bara le barali baa babo rōna ba nang le eona ea ho ba tšebeletsong ea mofuta oo tlotlisong ea Jehova!
Sebeletsa Jehova ka Moea Oohle
Ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemohali ea ho phela. Ke hobane’ng ha u sa nahane ka ho ipehela pakane ea ho sebeletsa Molimo ka nako e tletseng? Bua ka tšebeletso ea nako e tletseng le batsoali ba hao, baholo ba phutheho ea heno le molebeli oa potoloho ea heno. Haeba u thahasella Bethele, Gileade, kapa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, e-ba teng sebokeng se tšoaroang kopanong ea potoloho le ea setereke bakeng sa ba batlang ho etsa likōpo.
Ke ’nete hore hase bohle ba tla tšoaneleha kapa ba tla khona ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka linako tse ling, mathata a bokuli, a lichelete le boikarabelo ba lelapa li behela ba bang moeli mabapi le seo ba ka se etsang. Leha ho le joalo, Bakreste bohle ba inehetseng ba lokela ho mamela keletso ena ea Bibele: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:37) Jehova o hloka hore u etse sohle seo maemo a hao a u lumellang ho se etsa. Ka hona, ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, etsa hore ho sebeletsa Jehova e be ntho e ka sehloohong bophelong ba hao. Ipehele lipakane tsa sebele tšebeletsong ea Molimo. E, “hopola ’Mōpi oa hao u sa le mocha”—’me u tla putsoa ka ho sa feleng bakeng sa ho etsa joalo!
Ntle le ha ho bontšitsoe ka hosele, mangolo ’ohle a Bibele a qotsitsoe Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.