Ho Tšepisitsoe Bophelo bo Molemo
NA U ka rata ho lokoloha mathateng a etsang hore bophelo bo be boima? Na u batla ho phela lefatšeng leo ho lona bophelo bo thabisang joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong se leqepheng le ka pele le le ka morao makasineng ee? Ak’u talime setšoantšo seo hantle. Batho ba na le lijo tse ngata. Ka sebele ba tla thabela lijo tseo tse hlabosang. E mong le e mong o thabile. Batho ba merabe e sa tšoaneng ba lutse hammoho ka khotso. Esita le liphoofolo li lutse ka khotso! Ha ho ea loanang. Ha ho ea futsanehileng. Ha ho ea kulang. Ho na le tikoloho e ratehang, lifate tse ntle le metsi a hloekileng. Ke boemo bo nyakallisang hakaakang!
Na lefatše lee le sa tla ke le be joalo? E, e tla ba paradeise. (Luka 23:43) Molimo, ea bōpileng lefatše, o rerile hore batho ba tle ba thabele bophelo lefatšeng la paradeise. ’Me u ka ba teng moo!
U ka Rata Bophelo Bofe?
Paradeise ea lefatše ea nakong e tlang e tla fapana joang le lefatše leo re phelang ho lona hona joale? Hona joale, batho ba fetang limilione tse sekete baa lapa letsatsi le letsatsi. Empa Paradeiseng eo Molimo a e reretseng lefatše, e mong le e mong o tla ba le lijo tse ngata. Bibele e-ea tšepisa: “Jehova oa makhotla o tla etsetsa lichaba kaofela mokete oa lijo tse hlabosang, mokete oa liveine tse monate tse nkiloeng holim’a litšifa.” (Esaia 25:6) Ho ke ke ha e-ba le khaello ea lijo, hobane Bibele e re: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.”—Pesaleme ea 72:16.
Kajeno, ba bangata ba lula litakaneng le metseng ea mek’huk’hu, kapa ba thatafalloa ke ho lefella bolulo. Ba bang ha ba na mahae ’me ba robala seterateng. Ho ea ka World Health Organization, bana ba lefatše ba etsang limilione tse 100 ha ba na mahae. Empa Paradeiseng e tlang, e mong le e mong o tla ba le ntlo eo a tlang ho e bitsa ea hae. Lentsoe la Molimo le re: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona.”—Esaia 65:21.
Ba bangata ba sebetsa mesebetsing eo ba sa e rateng. Hangata ba sebetsa nako e telele ebile e le ka thata empa ba amohela ho fokolang haholo. Hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bahlano lefatšeng o phela ka chelete e ka tlaase ho R1 800 ka selemo. Leha ho le joalo, Paradeiseng e tlang, batho ba tla thabela mosebetsi oa bona ’me ba tla bona liphello tsa oona tse molemo. Molimo o-oa tšepisa: “Bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela.”—Esaia 65:22, 23.
Hona joale ho kula le boloetse li hohle. Ba bangata ba foufetse. Ba bang ke bo-tsebe-tutu. Ba bang ba sitoa ho tsamaea. Empa Paradeiseng, batho ba tla lokoloha ho kuleng le boloetseng. Jehova o re: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) Ha e le ho ba seng ba holofetse, tšepiso e thobang pelo ke hore: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina.”—Esaia 35:5, 6.
Hajoale ho na le mahlomola le bohloko, masoabi le lefu. Empa Paradeiseng lefatšeng, lintho tsena tsohle li ke ke tsa e-ba teng. E, esita le lefu le tla be le felile! Bibele e re: ‘Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.’—Tšenolo 21:3, 4.
Kahoo, ka ho hlakileng, Paradeise ea lefatše e tšepisitsoeng ke Jehova e tla bolela bophelo bo molemo ho moloko oa batho. Empa re ka kholiseha joang hore e tla tla? E tla tla neng, hona joang? U tlameha ho etsa eng hore u tle u be teng moo?