Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 11/15 maq. 15-20
  • Lerato la ’Nete Lea Putsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato la ’Nete Lea Putsa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala o Motle ka ho Fetisisa oo re Nang le Oona
  • Mohlala o Motle oa Jesu
  • Mohlala oa Pauluse
  • Lerato la ’Nete Lea Putsa Mehleng ea Rōna
  • Lerato la ’Nete le Tšebeletso ea Rōna
  • Lerato le Putsa ka Litsela tse Ling
  • Le Matlafatsoe ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “E Khōlō ka ho Fetisisa ho Tsena ke Lerato”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Le ’Ne le Ratane”
    Atamela ho Jehova
  • Rata Molimo ea U Ratang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 11/15 maq. 15-20

Lerato la ’Nete Lea Putsa

“Molimo hase o sa lokang hoo o ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le le bontšitseng bakeng sa lebitso la oona.”—BA-HEBERU 6:10, “NW.”

1, 2. Ke hobane’ng ha lerato la ’nete e le le putsang ho rōna ka bomong?

LERATO le hlokang boithati ke tšoaneleho e khōlō ka ho fetisisa, e ntle ka ho fetisisa, ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e bontšang. Ka mehla lerato lena (a·gaʹpe, ka Segerike) le hloka ho hongata ho rōna. Empa ka lebaka la hore re bōpiloe ke Molimo oa toka le lerato, re fumana hore ka sebele lerato le hlokang boithati lea putsa. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

2 Lebaka le leng leo ka lona lerato la ’nete le putsang le akarelletsa molao-motheo oa kamano ea kelello le ’mele, tšusumetso ea mehopolo le maikutlo a rōna ’meleng ea rōna. Setsebi se seng sa khatello ea maikutlo se ile sa re: “‘Rata moahisani oa hao’ ke e ’ngoe ea likarolo tsa keletso ea phekolo e sireletsehileng ka ho fetisisa e kileng ea fanoa.” E, “monna ea nang le mosa o lerato o sebetsana le sephefumolohi sa hae ka tsela e putsang.” (Liproverbia 11:17, NW) Mantsoe ana le ’ona ke a bohlokoa ka ho tšoanang: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.”—Liproverbia 11:25; bapisa le Luka 6:38.

3. Molimo o nka khato joang ho etsa hore lerato la ’nete e be le putsang?

3 Lerato le boetse lea putsa hobane Molimo o putsa ho hloka boithati. Rea bala: “Ea hauhelang mofumanehi o alimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.” (Liproverbia 19:17) Lipaki tsa Jehova li etsa se lumellanang le mantsoe ana ha li phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Lia tseba hore ‘Molimo hase o sa lokang hoo o ka lebalang mosebetsi oa tsona le lerato leo li le bontšang bakeng sa lebitso la oona.’—Ba-Heberu 6:10, NW.

Mohlala o Motle ka ho Fetisisa oo re Nang le Oona

4. Ke mang ea faneng ka mohlala o motle ka ho fetisisa oa hore lerato la ’nete lea putsa, hona o entse hoo joang?

4 Ke mang ea faneng ka mohlala o motle ka ho fetisisa oa hore lerato la ’nete lea putsa? Ha ho e mong ea faneng ka mohlala ona o motle ka ho fetisisa haese Molimo ka booona! O “ratile lefatše [la batho] hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši.” (Johanne 3:16) Ruri ho fana ha Jehova ka Mora oa hae e le hore ba amohelang sehlabelo seo sa topollo ba ka fumana bophelo bo sa feleng e ile ea e-ba tahlehelo e khōlō ho eena, ’me ho ile ha bontša ka ho hlaka hore o na le lerato le qenehelo. Sena se bontšoa ka ho eketsehileng ke ’nete ea hore ‘nakong eohle ea ho utloa bohloko ha Iseraele Egepeta, hoo ho ile ha mo utloisa bohloko.’ (Esaia 63:9, NW) E tlameha e be Jehova o ile a utloa bohloko bo bokaakang ha a bona Mor’a hae a hlokofatsoa thupeng ea tlhokofatso ’me a utloa ha a hoeletsa: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?”—Mattheu 27:46.

5. Ke eng e ileng ea etsahala ka lebaka la hore Molimo o ratile batho haholo hoo o ileng oa fana ka Mora oa oona e le sehlabelo?

5 Na Jehova o ile a fumana pontšo ea hae ea lerato la ’nete e le e putsang? Ka sebele o ile a e fumana e le e putsang. Ka ho khetheha, ke karabelo e ntle hakaakang eo Molimo o ileng oa khona ho e fa Diabolose ka lebaka la hore Jesu o ile a ipaka a tšepahala ho sa tsotellehe sohle seo Satane a neng a ka mo etsa sona! (Liproverbia 27:11) Ha e le hantle, sohle seo ’Muso oa Molimo o tla se finyella ka ho tlosa thohako lebitsong la Jehova, ho tsosolosa Paradeise lefatšeng lena, le ho fa batho ba limillione bophelo bo sa feleng se tla etsahala ka lebaka la hore Molimo o ratile batho haholo hoo o ileng oa fana ka letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa pelong ea oona e le sehlabelo.

Mohlala o Motle oa Jesu

6. Lerato le ile la susumelletsa Jesu hore a etse’ng?

6 Mohlala o mong o motle o pakang hore lerato la ’nete lea putsa ke oa Mor’a Molimo, Jesu Kreste. O rata Ntate oa hae oa leholimo, ’me lerato leo le susumellitse Jesu ho etsa thato ea Jehova tlas’a maemo ’ohle. (Johanne 14:31; Ba-Filippi 2:5-8, NW) Jesu o ile a tsoela pele ho bontša lerato la hae ho Molimo le hoja ka linako tse ling hoo ho ile ha bolela ho etsa likōpo tse tiileng ho Ntate oa hae “ka mohoo o moholo le ka meokho.”—Ba-Heberu 5:7.

7. Jesu o fumane lerato la ’nete e le le putsang ka litsela life?

7 Na Jesu o ile a putsoa ka lebaka la lerato le joalo le itelang? Ka sebele o ile a putsoa! Nahana ka thabo eo a ileng a e fumana linthong tsohle tse molemo tseo a ileng a li etsa nakong ea tšebeletso ea hae ea lilemo tse tharo le halofo. O ile a thusa batho hakaakang moeeng le nameng! Ka holim’a tsohle, ka ho bontša hore motho ea phethahetseng a ka boloka botšepehi ka ho phethahetseng ho Molimo ho sa tsotellehe sohle seo Satane a ka mo etsang sona, Jesu o ile a fumana khotsofalo ea ho paka Diabolose e le raleshano. Ho feta moo, joaloka mohlanka ea tšepahalang oa Molimo, Jesu o ile a amohela moputso o moholo oa ho se shoe ha a tsosetsoa bophelong ba leholimo. (Ba-Roma 6:9; Ba-Filippi 2:9-11; 1 Timothea 6:15, 16; Ba-Heberu 1:3, 4) ’Me ke litokelo tse babatsehang hakaakang tseo a tla li fumana ka Harmagedone le nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete, ha Paradeise e tla be e tsosolositsoe lefatšeng ’me ba likete tsa limillione ba tsositsoe bafung! (Luka 23:43) Ha ho pelaelo hore Jesu o fumane lerato la ’nete e le le putsang.

Mohlala oa Pauluse

8. Pauluse o ile a ba le phihlelo efe ka lebaka la lerato la hae ho Molimo le ho oa habo?

8 Ka lekhetlo le leng moapostola Petrose o kile a botsa Jesu: “Bona, rōna re tlohetse tsohle, ’me re u latetse; re tla ba le eng ka hona?” Ha Jesu a arabela, karolo e ’ngoe ea seo a ileng a se bua ke ena: “E mong le e mong ea tlohetseng matlo, leha e le banab’abo, kapa bo-khaitselie, leha e le ntat’ae, kapa ’m’ae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla neoa halekholo, a je le lefa la bophelo bo sa feleng.” (Mattheu 19:27-29) Re fumana mohlala o tsotehang oa sena ho moapostola Pauluse, ea ileng a thabela mahlohonolo a mangata, joalokaha Luka a tlalehile hoo ka ho khethehileng bukeng ea Liketso. Lerato la ’nete ho Molimo le ho oa habo le ile la etsa hore Pauluse a tele mosebetsi oa hae oa ho ba Mofarisi ea hlomphehang. Hape, nahana ka likotlo, ho ba makhatheng a lefu, likotsi, le ho hloka litlhoko tsa bophelo tseo Pauluse a ileng a li mamella—tseo tsohle ka lebaka la lerato la ’nete ho Molimo le tšebeletso ea Oona e halalelang.—2 Ba-Korinthe 11:23-27.

9. Pauluse o ile a putsoa joang ka lebaka la ho bontša lerato la ’nete?

9 Na Jehova o ile a putsa Pauluse bakeng sa mohlala o motle joalo oa ho bontša lerato la ’nete? Nahana kamoo tšebeletso ea Pauluse e ileng ea beha litholoana ka teng. O ile a khona ho theha liphutheho tse ngata tsa Bokreste. Hape Molimo o ile oa mo fa matla a ho etsa mehlolo e mengata hakaakang! (Liketso 19:11, 12) Pauluse o ile a boela a fuoa tokelo ea ho amohela lipono tse tlileng ka matla a phahametseng a tlhaho le ho ngola mangolo a 14 ao hona joale e leng karolo ea Mangolo a Segerike a Bokreste. Ka holim’a sena sohle, o ile a fuoa moputso oa ho se shoe maholimong. (1 Ba-Korinthe 15:53, 54; 2 Ba-Korinthe 12:1-7, NW; 2 Timothea 4:7, 8) Ruri Pauluse o ile a fumana hore Molimo o putsa lerato la ’nete.

Lerato la ’Nete Lea Putsa Mehleng ea Rōna

10. Ho ba morutuoa oa Jesu le ho bonahatsa lerato la rōna ho Jehova ho ka ’na ha hloka eng?

10 Kajeno Lipaki tsa Jehova ka ho tšoanang li fumane hore lerato la ’nete lea putsa. Ho bonahatsa lerato la rōna ho Jehova ka ho nka khato ea ho ema ka lehlakoreng la hae le ho fetoha barutuoa ba Jesu ho ka ba ha hloka hore re tele bophelo ba rōna joaloka baboloki ba botšepehi. (Bapisa le Tšenolo 2:10.) Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re re lokela ho bala litšenyehelo. Empa ha re etse hoo ka sepheo sa ho etsa qeto ea hore na ho ba morutuoa hoa putsa kapa che. Ho e-na le hoo, re etsa hoo ka sepheo sa hore re itokisetse ho ntša eng kapa eng eo ho ba morutuoa ho ka e hlokang.—Luka 14:28.

11. Ke hobane’ng ha ba bang ba hlōleha ho inehela ho Molimo?

11 Kajeno, ba bangata—ntle le pelaelo ba limillione—ba lumela molaetsa o tsoang Lentsoeng la Molimo oo Lipaki tsa Jehova li ba tlisetsang oona. Empa ba tsila-tsila ho inehela ho Molimo le ho kolobetsoa. Na e be lebaka la see ke hore ba haelloa ke lerato la ’nete ho Molimo leo ba bang ba nang le lona? Ba bangata ba hlōleha ho nka mehato ea boinehelo le kolobetso ka lebaka la hore ba batla hore ba lule ba ntse ba ratoa ke molekane ea sa lumelang. Ba bang ha ba atamele haufi le Molimo ka lebaka la hore ba na le boikutlo ba rakhoebo e mong ea ileng a bolella Paki: “Ke rata sebe.” Ka ho hlakileng, batho ba joalo ha ba ananele sohle seo Molimo le Kreste ba ba etselitseng sona.

12. Ke eng eo koranta ee e ileng ea e bua e totobatsang meputso ea tsebo e re atametsang haufi le Molimo ka lerato la ’nete?

12 Haeba re e-na le kananelo ea sebele bakeng sa sohle seo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba re etselitseng sona, re tla bontša sena ka hore re ikemisetse ho ntša eng kapa eng e hlokahalang bakeng sa ho sebeletsa Ntat’a rōna oa leholimo le ho fetoha ba bang ba barutuoa ba Jesu. Ka lebaka la lerato la ’nete ho Molimo, banna le basali ba tsoang mekhoeng eohle ea bophelo—bo-rakhoebo ba atlehileng, batho ba hlahelletseng lipapaling, joalo-joalo—ba tetse mesebetsi ea bona ea boikhabi ka lebaka la tšebeletso ea Bokreste, joalokaha moapostola Pauluse a entse. ’Me ba ke ke ba amohela letho leo ba ka le fuoang hore ba tele meputso ea ho tseba Molimo le ho o sebeletsa. Ntlheng ena, The Watch Tower e kile ea re: “Ka linako tse ling re ’nile ra botsa, Ke baena ba bakae ba neng ba tla rata ho amohela [liranta tse 2 600] hore ba tele seo ba se tsebang ’Neteng? Ha hoa ka ha bonoa letsoho leha le le leng le ileng la phahama! Ke mang ea neng a tla amohela [liranta tse 26 000]? Ha hoa ka ha ba lea mong! Ke mang ea neng a tla amohela [liranta tse 2 600 000]? Ke mang ea tla amohela lefatše lohle hore a tele seo a se tsebang ka boleng ba Molimo le Morero oa Molimo? Ha hoa ka ha ba lea mong! Joale re ile ra re, Metsoalle e ratehang, le batho ba khotsofetseng. Haeba le ikutloa le ruile hoo le neng le ke ke la amohela letho bakeng sa ho tela tsebo ea lōna ka Molimo, joale le ikutloa le ruile hantle feela kamoo re ikutloang ka teng.” (December 15, 1914, leqephe 377) E, tsebo e nepahetseng ka Molimo le merero ea oona e re atametsa haufi le oona ka lerato la ’nete le putsang ka sebele.

13. Re lokela ho talima thuto ea botho joang?

13 Haeba re rata Molimo, re tla loanela ho tseba thato ea oona le ho e etsa. (1 Johanne 5:3) Re tla talima thuto ea botho, thapelo, le ho ba teng libokeng tsa Bokreste ka ho teba. Sena sohle se hloka boitelo, hobane mesebetsi ena e akarelletsa ho sebelisa nako, matla, le matlotlo a mang. Re ka ’na ra lokela ho khetha pakeng tsa ho shebella lenaneo la thelevishene le ho etsa thuto ea botho ea Bibele. Empa re matlafala ka ho eketsehileng hakaakang moeeng, re khona ho pakela ba bang hamolemonyana hakaakang, ’me re fumana ho hongata ho eketsehileng hakaakang libokeng tsa Bokreste ha re nka thuto e joalo ka ho teba ’me re behella nako e lekaneng ka thōko bakeng sa eona!—Pesaleme ea 1:1-3.

14. Thapelo le kamano e ntle le Jehova Molimo ke tsa bohlokoa hakae?

14 Na re thabela ho buisana le Ntat’a rōna oa leholimo ka ‘ho tiisetsa thapelong’ ka mehla? (Ba-Roma 12:12, BPN) Kapa hangata re lula re tšoarehile haholo hoo re sitoang ho sebelisa tokelo ee ea bohlokoahali hantle? ‘Ho se phetse ho rapela’ ke tsela ea bohlokoahali ea ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova Molimo. (1 Ba-Thessalonika 5:17) Hape ha ho letho le ka tšoanang le kamano e ntle le Jehova le ka re thusang ha re thulana le liteko. Ke eng e ileng ea etsa hore Josefa a khone ho ema a tiile ha a lekoa ke mosali oa Potifaro? ’Me ke hobane’ng ha Daniele a sa ka a khaotsa ho rapela ha molao oa Bamede le Bapersia o mo thibela ho rapela Jehova? (Genese 39:7-16; Daniele 6:4-11) Ke kamano e ntle le Molimo e ileng ea thusa banna bao ho hlōla, joalokaha le rōna e tla re thusa ho hlōla!

15. Re lokela ho talima liboka tsa Bokreste joang, hona hobane’ng?

15 Hape, re nka ho ba teng libokeng tsa rōna tse hlano tsa beke le beke ka tsela e tebileng hakae? Na re lumella mokhathala, boikutlo bo bonyenyane ba ho se phele hantle ’meleng, kapa boemo ba leholimo bo seng bobe hakaalo hore li kena-kenane le tlamo ea rōna ea ho se khaotse ho phutheha hammoho le balumeli ba bang? (Ba-Heberu 10:24, 25) Monna e mong oa Leamerika eo e neng e le setei sa mechini ea neng a fumana moputso o motle haholo mosebetsing oo o ile a bona hore khafetsa mosebetsi oa hae o ne o sitisa ho ba teng ha hae libokeng tsa Bokreste. Kahoo o ile a fetola mosebetsi oa hae, a khetha ho lahleheloa ke chelete e le hore a khone ho ba teng ka mehla libokeng tsohle tsa phutheho. Liboka tsa rōna li etsa hore re khone ho thabela ho khothatsana le ho matlafatsana tumelong. (Ba-Roma 1:11, 12, NW) Litabeng tsena kaofela, na ha re fumane hore “ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo”? (2 Ba-Korinthe 9:6) E, ho bontša lerato la ’nete ka litsela tse joalo ho putsa haholo.

Lerato la ’Nete le Tšebeletso ea Rōna

16. Liphello e ka ’na ea e-ba life haeba lerato le re susumelletsa ho fana ka bopaki bo sa reroang?

16 Lerato le re susumelletsa ho bolela litaba tse molemo joaloka batho ba Jehova. Ka mohlala, le re susumelletsa ho kopanela bopaking bo sa reroang. Re ka ’na ra tsila-tsila ho fana ka bopaki bo sa reroang, empa lerato le tla re susumelletsa ho bua. Ha e le hantle, lerato le tla etsa hore re nahane ka litsela tse masene tsa ho qalisa moqoqo e be joale re o lebisa ’Musong. Ho etsa mohlala: Ha moholo e mong oa Mokreste a ne a tsamaea ka sefofane, o ile a iphumana a lutse pel’a moprista e mong oa Roma e K’hatholike. Pele, moholo eo o ile a botsa moprista lipotso tse neng li ke ke tsa baka khopiso. Leha ho le joalo, nakong eo moprista a theohang sefofaneng thahasello ea hae e ile ea mo susumelletsa hore a fumane libuka tse peli libukeng tsa rōna. Eo e bile phello e ntle hakaakang ea ho fana ka bopaki bo sa reroang!

17, 18. Lerato le tla re susumelletsa hore re etse’ng mabapi le tšebeletso ea Bokreste?

17 Lerato la ’nete le boetse le re susumelletsa ho kopanela ka mehla mosebetsing oa boboleli oa ntlo le ntlo le mefuteng e meng ea tšebeletso ea Bokreste. Ho isa moo re ka khonang ho ba le lipuisano tsa Bibele, re tla isa tlhompho ho Jehova Molimo ’me re tla thusa batho ba kang linku ho kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng. (Bapisa le Mattheu 7:13, 14.) Esita le haeba re sa khone ho ba le lipuisano tsa Bibele, boiteko ba rōna e ke ke ea e-ba ba lefeela. Boteng ba rōna ka bobona malapeng a batho bo sebeletsa e le bopaki, ’me rōna ka borōna re rua molemo tšebeletsong eo, hobane re ke ke ra phatlalatsa linnete tsa Bibele ka ntle le ho matlafatsa tumelo ea rōna. Ke ’nete hore ho hloka boikokobetso ho tsamaea ka ntlo le ntlo, ‘ho etsa tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore re ka kopanela ho tsona le ba bang.’ (1 Ba-Korinthe 9:19-23, NW) Empa ka lebaka la ho rata Molimo le batho ba bang, ka boikokobetso re etsa boiteko bo boholo ’me re putsoa ka mahlohonolo a enneng.—Liproverbia 10:22.

18 Ho boetse ho hlokahala lerato la ’nete hore bahlanka ba Jehova ba be hlokolosi ntlheng ea ho etsa maeto a ho boela ho batho ba thahasellang ’nete ea Bibele. Ho khanna lithuto tsa Bibele beke le beke esita le khoeli le khoeli ke pontšo ea lerato ho Molimo le moahisani, ’me mosebetsi ona o hloka hore re sebelise nako, boiteko, le matlotlo a bonahalang. (Mareka 12:28-31, NW) Leha ho le joalo, ha re bona se seng sa liithuti tsee tsa Bibele se kolobetsoa mohlomong se bile se kena tšebeletsong ea nako e tletseng, na ha re kholisehe hore lerato la ’nete lea putsa?—Bapisa le 2 Ba-Korinthe 3:1-3.

19. Ho na le kamano efe pakeng tsa lerato le tšebeletso ea nako e tletseng?

19 Lerato le hlokang boithati le re susumelletsa ho tela boiketlo ba lintho tse bonahalang ka lebaka la tšebeletso ea nako e tletseng haeba ho khoneha hore re kopanele mosebetsing o joalo. Lipaki tse likete-kete li ka tiisa hore ho bonahatsa lerato la tsona ho isa bohōleng boo e bile ho putsang haholo. Haeba maemo a u lumella ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng empa u sa a sebelise hamolemo, ha u tsebe hore na u fetoa ke mahlohonolo a makaakang.—Bapisa le Mareka 10:29, 30.

Lerato le Putsa ka Litsela tse Ling

20. Lerato le re thusa joang hore re be ba tšoarelang?

20 Tsela e ’ngoe eo lerato la ’nete le putsang ka eona ke hore le re thusa ho ba ba tšoarelang. E, lerato “ha le hopole bobe.” Ha e le hantle, “lerato le koahela boieane ba libe.” (1 Ba-Korinthe 13:5; 1 Petrose 4:8, NW) “Boieane” bo bolela libe tse ngata, na ha ho joalo? ’Me ho ba ea tšoarelang ho putsa hakaakang! Ha u tšoarela, sena se etsa hore uena le motho ea u sitetsoeng le ikutloe hamolemo. Empa hoo e leng habohlokoa haholo ke ’nete ea hore ntle le hore e be re se re tšoaretse ba re sitetsoeng, re ke ke ra lebella hore Jehova a re tšoarele.—Mattheu 6:12, NW; 18:23-35.

21. Lerato la ’nete le re thusa joang hore re be ba ikokobelitseng?

21 Ho feta moo, lerato la ’nete le putsa ka hore le re thusa ho ikokobetsa. Haeba re rata Jehova, re tla ikokobeletsa letsoho la hae le matla. (1 Petrose 5:6) Ho mo rata ho tla boela ho re susumelletse ho ikokobeletsa kofuto ea hae eo a e khethileng, “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” Sena se akarelletsa ho ikokobeletsa ba etelletseng pele ka phuthehong. Sena sea putsa hobane ho hlōleha ho etsa joalo ho ne ho tla re “ntša kotsi.” (Mattheu 24:45-47; Ba-Heberu 13:17, NW) Ka ho hlakileng, molao-motheo ona oa ho ikokobetsa o boetse o sebetsa tokisetsong ea lelapa. Tsela e joalo ea putsa hobane e thusa ho tlisa thabo, khotso, le kutloano ea lelapa ha ka nako e tšoanang e re fa khotsofalo e tsamaeang le tsebo ea hore re khahlisa Molimo.—Ba-Efese 5:22; 6:1-3.

22. Re ka ba ba thabileng kannete joang?

22 Ka ho hlakileng, tšobotsi e khōlō ka ho fetisisa eo re ka e hlaolelang ke a·gaʹpe, lerato le hlokang boithati, le laoloang ke melao-motheo. ’Me ha ho pelaelo hore lerato la ’nete lea putsa. Kahoo, ka sebele re tla thaba haeba re hlaolela tšobotsi ena re bile re e bonahatsa ka tekanyo e khōloanyane ka mehla ho tlotlisa Molimo oa rōna o lerato, Jehova.

U ne U Tla Arabela Joang?

◻ Jehova Molimo o bontšitse lerato la ’nete ka litsela life?

◻ Jesu Kreste o bontšitse lerato joang?

◻ Moapostola Pauluse o behile mohlala ofe oa ho bontša lerato la ’nete?

◻ Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bontša lerato joang?

◻ Ke hobane’ng ha u ka bolela hore lerato la ’nete lea putsa?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Lerato la Jehova ho batho le ile la mo susumelletsa hore a fane ka Mora oa hae e le hore re ka fumana bophelo bo sa feleng. Na u ananela lerato le joalo la ’nete?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lerato la ’nete ho Jehova le tla re susumelletsa ho ‘tiisetsa thapelong’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela