Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 3/15 maq. 15-20
  • Kamoo Jehova a re Tsamaisang Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Jehova a re Tsamaisang Kateng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Kopanela Joang Libokeng?
  • E-ba Momameli ea Molemo
  • Etsa Hore Lentsoe la Hao le Utluoe 
  • Ba se Nang Phihlelo Baa Hlalefa
  • Hohle Moo Molimo a re Lebisang Teng, Re Tla Ea
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ea Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Liboka Bakeng Sa Borapeli, Thuto, Le Khothatso
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 3/15 maq. 15-20

Kamoo Jehova a re Tsamaisang Kateng

“Ntsamaise tseleng ea ho loka.”—PESALEME EA 27:11, NW.

1, 2. (a) Jehova o tsamaisa batho ba hae joang kajeno? (b) Ho akarelletsoa eng tabeng ea ho ithuisa molemo o feletseng libokeng?

JEHOVA ke Mohloli oa leseli le ’nete, joalokaha re ithutile sehloohong se etellang sena pele. Lentsoe la hae le re bonesetsa tsela ha re ntse re tsamaea tseleng ea ho loka. Jehova o re tsamaisa ka ho re ruta litsela tsa hae. (Pesaleme ea 119:105) Joaloka mopesaleme oa boholo-holo, re arabela ka kananelo tataisong ea Molimo ’me rea rapela re re: “Nthupele, Jehova, ka tsela ea hao, ’me u ntsamaise tseleng ea ho loka.”—Pesaleme ea 27:11, NW.

2 Kajeno, tsela e ’ngoe eo Jehova a fanang ka thuto ka eona, ke liboka tsa Bokreste. Na re ithuisa molemo o feletseng tokisetsong ee e lerato ka hore (1) re be teng kamehla, (2) re mamele lenaneo ka hloko, ’me (3) re ikemisetse ho nka karolo likarolong tse akarelletsang bamameli? Ho feta moo, na re arabela ka kananelo ha re fuoa litlhahiso tse tla re thusa ho lula “tseleng ea ho loka”?

U Kopanela Joang Libokeng?

3. Ke joang mosebeletsi e mong oa nako e tletseng a ileng a hlaolela tloaelo e ntle ea ho ba teng kamehla libokeng?

3 Bahoeletsi ba bang ba ’Muso ba ’nile ba e-ba teng kamehla libokeng ho tloha bongoaneng. Mosebeletsi e mong oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova oa hopola: “Ha re ntse re hōla le banab’eso ba banana ka bo-1930, ho ne ho sa hlokahale hore re botse batsoali ba rōna hore na re ea libokeng. Re ne re tseba hore rea ea ntle leha re kula. Lelapa leso le ne le sa fosoe ke liboka feela tjee.” Joaloka moprofeta oa mosali, Anna, morali enoa oabo rōna ‘le ka mohla ha a hlokoe’ sebakeng sa Jehova sa borapeli.—Luka 2:36, 37.

4-6. (a) Ke hobane’ng ha baboleli ba bang ba ’Muso ba fosoa ke liboka? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ba teng libokeng?

4 Na u e mong oa ba bang teng kamehla libokeng tsa Bokreste, kapa u se u rothela teng? Bakreste ba bang ba neng ba nahana hore ba kopanela libokeng hantle ba ile ba etsa qeto ea ho ikholisa. Ka libeke tse seng kae, ba ile ba tšoaea seboka se seng le se seng seo ba neng ba e-ba teng ho sona. Ha ba hlahloba tlaleho ena ha nako eo ba e behileng e fela, ba ile ba makalla palo ea liboka tseo ba sa kang ba e-ba teng ho tsona.

5 E mong a ka ’na a re, ‘Ha ho makatse. Batho ba tlas’a khatello e ngata haholo kajeno hoo ho seng bonolo hore ba be teng kamehla libokeng.’ Ka sebele ke ’nete hore re phela linakong tse bakang khatello kelellong. Ho feta moo, ha ho pelaelo hore khatello ena e tla eketseha. (2 Timothea 3:13) Empa na seo ha se etse hore ho ba teng kamehla libokeng e be habohlokoa le ho feta? Ntle le hore kamehla re je lijo tsa moea tse hahang e le hore li re matlafatse, re ke ke ra ba le tšepo ea ho ema ka tieo khahlanong le khatello eo tsamaiso ena ea lintho e re tlisetsang eona. Ka sebele, ha re sa bokane kamehla re ka ’na ra thetseha hore re lahle ka ho feletseng “tsela ea ba lokileng”! (Liproverbia 4:18) Ke ’nete hore ha re fihla hae qetellong ea letsatsi la mosebetsi o boima, e ke ke ea e-ba kamehla re ka ratang ho ba teng sebokeng. Leha ho le joalo, ha re e-ba teng, re ithuisa molemo, ’me re khothatsa Bakreste-’moho le rōna Holong ea ’Muso.

6 Baheberu 10:25 e bontša lebaka le leng la bohlokoa leo ka lona re lokelang ho ba teng kamehla libokeng. Lengolong leo, moapostola Pauluse o khothalletsa Bakreste-’moho le eena ho bokana hammoho ‘haholoanyane joalo kaha ba bona letsatsi le ntse le atamela.’ E, ha rea lokela ho lahleheloa ke pono ea hore “letsatsi la Jehova” le ntse le atamela. (2 Petrose 3:12) Haeba re ne re ka etsa qeto ea hore bofelo ba tsamaiso ena bo hōle haholo, re ka ’na ra qala ho lumella lipakane tsa rōna hore li pupetse mesebetsi ea bohlokoa ea moea e kang ho ba teng libokeng. Tabeng ena, joalokaha Jesu a ile a lemosa, ‘ka tšohanyetso letsatsi leo le ne le ka ba holim’a rōna hang-hang.’—Luka 21:34.

E-ba Momameli ea Molemo

7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bana ba mamele ka hloko libokeng?

7 Ho ba teng libokeng feela ha hoa lekana. Re lokela ho mamela ka hloko, re ele hloko se buuoang moo. (Liproverbia 7:24) Sena se akarelletsa bana ba rōna. Ha ngoana a e-ea sekolong, ho lebeletsoe hore a mamele mosuoe ka hloko, le haeba thuto e itseng e sa ipiletse ho eena kapa ho bonahala hore ha a e utloisise. Mosuoe oa tseba hore haeba ngoana enoa a leka ho mamela ka hloko, bonyane o tla fumana molemo o itseng thutong eo. Joale, na ha ho utloahale hore bana ba kenang sekolo ba mamele ka hloko thuto e fanoang libokeng tsa phutheho ho e-na le hore ba lumelloe ho robala hang feela ha seboka se qala? Ke ’nete hore linnete tsa bohlokoa tse fumanoang ka Mangolong ke “lintho tse ling tse thata ho utloisiseha.” (2 Petrose 3:16) Empa ha rea lokela ho halala matla a ngoana a ho ithuta. Molimo ha a a halale. Mehleng ea Bibele, o ile a laela bahlanka ba hae ba banyenyane hore ba ‘mamele le hore ba ithute le hore ba tšabe Jehova Molimo oa bona ’me ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao ona,’ oo ho seng pelaelo hore karolo e ’ngoe ea oona ho ne ho le thata hore bana ba e utloisise. (Deuteronoma 31:12, NW; bapisa le Levitike 18:1-30.) Na Jehova o lebeletse ho ka tlaase ho moo ho bana kajeno?

8. Batsoali ba bang ba nka mehato efe bakeng sa ho thusa bana ba bona ho mamela ka hloko libokeng?

8 Batsoali ba Bakreste baa hlokomela hore karolo e ’ngoe ea litlhoko tsa moea tsa bana ba bona e khotsofatsoa ke seo ba ithutang sona libokeng. Kahoo, batsoali ba bang ba lokisetsa hore bana ba bona ba ke ba re shoa! pele liboka li kena e le hore ba fihle Holong ea ’Muso ba khatholohile ba bile ba loketse ho ithuta. Batsoali ba bang ka tieo ba ka ’na ba fokotsa nako eo ka eona bana ba bona ba shebellang thelevishene mantsiboeeng a liboka kapa ka bohlale ba ba thibela ho e shebella ho hang. (Baefese 5:15, 16) ’Me batsoali ba joalo ba fokotsa litšitiso haholo, e leng se khothalletsang bana ba bona ho mamela le ho ithuta, tumellanong le lilemo tsa bona le matla a bona.—Liproverbia 8:32.

9. Re ka thusoa ke eng ho hlaolela matla a rōna a ho mamela?

9 Jesu o ne a bua le batho ba baholo ha a ne a re: “Le ele hloko kamoo le mamelang kateng.” (Luka 8:18) Mehleng ena, ha ho bonolo ho etsa seo. Bonneteng, ho mamela ka hloko ke mosebetsi o boima, empa matla a ho mamela a ka hlaoleloa. Ha u ntse u mametse puo ea Bibele kapa karolo e itseng sebokeng, leka ho qoolla maikutlo a sehlooho. Nahana esale pele hore na sebui se tla re’ng ha se tsoela pele. Batla lintlha tseo u ka li sebelisang tšebeletsong ea hao kapa bophelong ba hao. Ka kelellong, hlahloba lintlha ha li ntse li tšohloa. Ngola lintlha tse khutšoanyane.

10, 11. Batsoali ba bang ba thusitse bana ba bona joang hore e be bamameli ba molemo, ’me u hlokometse hore ke mekhoa efe e molemo?

10 Mekhoa e metle ea ho mamela e ithutoa hamolemo bongoaneng. Batsoali ba bana ba bang ba e-s’o kene sekolo, ba ba khothalletsa ho ngola “lintlha” nakong ea liboka, le pele ba ithuta ho bala le ho ngola. Ba etsa motoa sekhechaneng sa pampiri ha ho bitsoa mantsoe a tloaelehileng a kang “Jehova,” “Jesu,” kapa “’Muso.” Ka tsela ena, bana ba ka ithuta ho tsepamisa mohopolo ho se buuoang sethaleng.

11 Esita le bana ba baholoanyane ka linako tse ling ho hlokahala hore ba khothalletsoe ho mamela ka hloko. Ntate e mong eo e leng hlooho ea lelapa ha a hlokomela hore mora oa hae ea lilemo li 11 o eba kelello kopanong ea Bokreste, o ile a mo fa Bibele ’me a kōpa hore a phetle mangolo ha sebui se ntse se a bitsa. Ntate enoa, ea neng a ngola lintlha, o ne a sheba ha mora oa hae a ntse a tšoere Bibele. Ka mor’a moo, moshanyana enoa o ile a mamela lenaneo la kopano ka cheseho e eketsehileng.

Etsa Hore Lentsoe la Hao le Utluoe 

12, 13. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho kopanela ha phutheho e bina?

12 Morena Davida o ile a bina: “Ke tla pota aletare ea hao, Jehova, e le ho etsa hore liteboho li utluoe haholo.” (Pesaleme ea 26:6, 7, NW) Liboka tsa Lipaki tsa Jehova li fana ka menyetla e metle haholo ea hore re bolele tumelo ea rōna ka lentsoe le phahameng. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka etsang sena ke ho bina phuthehong. Ena ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna, empa ho ka ba bonolo ho e hlokomoloha.

13 Bana ba bang ba e-s’o tsebe ho bala ba tšoara ka hlooho mantsoe a lipina tsa ’Muso tse tla binoa libokeng tsa beke le beke. Ba thabela hore ebe ba khona ho bina hammoho le batho ba baholo. Leha ho le joalo, ha bana ba ntse ba hōla-hōla, ba ka ’na ba se ke ba thabela hakaalo ho kopanela ha ho binoa lipina tsa ’Muso. Batho ba bang ba baholo le bona ba ka ’na ba e-ba leqe ho bina libokeng. Empa, ’mino ke karolo ea borapeli ba rōna, hantle feela joalokaha tšebeletso ea tšimo e le karolo ea borapeli ba rōna. (Baefese 5:19) Re etsa sohle seo re ka se khonang ho rorisa Jehova tšebeletsong ea tšimo. Na re ke ke ra boela ra mo rorisa ka ho phahamisa mantsoe a rōna—ebang rea tsanyaola kapa che—re bine lipina tsa thoriso ho tloha pelong?—Baheberu 13:15.

14. Ke hobane’ng ha boitsebiso boo re ithutang bona libokeng tsa phutheho bo lokela ho lokisetsoa ka hloko esale pele?

14 Re boetse re isa thoriso ho Molimo ha re fana ka litlhaloso tse hahang likarolong tseo ho tsona ho hlokahalang hore bamameli ba nke karolo. Sena se hloka tokisetso. Ho nka nako ho nahanisisa ka likarolo tse tebileng haholoanyane tsa Lentsoe la Molimo. Moapostola Pauluse, seithuti se khothetseng sa Mangolo, o ile a hlokomela sena. O ile a ngola: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo tsa Molimo!” (Baroma 11:33) Lihlooho tsa malapa, ke habohlokoa hore le thuse setho ka seng ka malapeng a lōna ho batla bohlale ba Molimo, joalokaha bo senotsoe ka Mangolong. Behellang nako e itseng ka thōko nakong ea thuto ea lelapa ea Bibele bakeng sa ho hlalosa lintlha tse thata le ho thusa lelapa la hao ho lokisetsa liboka.

15. Ke litlhahiso life tse ka thusang motho ho fana ka litlhaloso libokeng?

15 Haeba u rata ho hlalosa khafetsa libokeng, ke hobane’ng ha u sa lokisetse esale pele seo u ratang ho se bua? Ha ho hlokahale hore e be tlhaloso e rarahaneng. Temana ea Bibele e loketseng e baloang ka kholiseho kapa mantsoe a seng makae a khethiloeng hantle a buuoang ho tloha pelong a tla ananeloa. Bahoeletsi ba bang ba kōpa mokhanni oa thuto hore a ba fe monyetla oa ho hlalosa pele serapeng se itseng, e le hore ba se ke ba fetoa ke monyetla oa ho bolela tumelo ea bona.

Ba se Nang Phihlelo Baa Hlalefa

16, 17. Moholo e mong o ile a fa mohlanka ea sebeletsang keletso efe, ’me ke hobane’ng ha e ile ea sebetsa?

16 Libokeng tsa Lipaki tsa Jehova re hopotsoa khafetsa hore re bale Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi. Ho etsa joalo hoa khatholla. Ho boetse ho re thusa ho etsa liqeto tse bonahatsang bohlale, ho lokisa bofokoli ba rōna, ho hlōla teko le ho tsosolosa botsitso ba rōna ba moea haeba re khelohetse tseleng e fosahetseng.—Pesaleme ea 19:7.

17 Baholo ba phutheho ba nang le phihlelo ba lula ba itokiselitse ho fana ka keletso ea Mangolo e loketseng litlhoko tsa rōna. Sohle seo re lokelang ho se etsa ke ‘ho e kha’ ka ho kōpa keletso ea bona e thehiloeng Bibeleng. (Liproverbia 20:5) Ka letsatsi le leng mohlanka e mong ea sebeletsang ea chesehang o ile a kōpa litlhahiso ho moholo mabapi le seo a ka se etsang e le hore a sebelisoe haholoanyane ka phuthehong. Moholo enoa, ea neng a tseba mohlankana enoa hantle, o ile a phetla Bibele ea hae ho 1 Timothea 3:3, e bontšang hore banna ba khethiloeng ba lokela hore e be ba “nang le kahlolo e molemo.” Ka mosa o ile a bontša mekhoa eo ka eona mohlankana enoa a neng a ka bontša hore o na le kahlolo e molemo likamanong tsa hae le ba bang. Na mora eo oabo rōna e mocha o ile a khopisoa ke keletso e tobileng eo a ileng a e fumana? Le hanyenyane! O ile a hlalosa: “Moholo enoa o ile a sebelisa Bibele, ka hona, ke ile ka hlokomela hore keletso ena e tsoa ho Jehova.” Mohlanka enoa ea sebeletsang o ile a sebelisa keletso ena ka thabo ’me o tsoela pele hantle.

18. (a) Mocha e mong oa Mokreste o ile a thusoa ke eng ho hlōla teko sekolong? (b) U hopola litemana life tsa Bibele ha u talimane le teko?

18 Lentsoe la Molimo le ka boela la thusa batho ba bacha ho ‘balehela litakatso tsa tlhaho tsa bocha.’ (2 Timothea 2:22) Mocha e mong eo e leng Paki ea Jehova ea sa tsoa qeta sekolong se phahameng o ile a khona ho hlōla liteko ho pholletsa le lilemo tseo a neng a kena sekolo ka tsona ka ho nahanisisa ka litemana tse itseng tsa Bibele le ho li sebelisa. O ne a atisa ho nahana ka keletso e tlalehiloeng ho Liproverbia 13:20: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa.” Tumellanong le eona, o ne a ela hloko hore batho feela bao ho ka hlaoleloang setsoalle le bona ke bao ka ho teba ba hlomphang melao-motheo ea Mangolo. O ile a beha mabaka ka tsela ena: “Ha ke molemo ho feta mang kapa mang. Haeba ke tloaelana le letšoele la ba babe, ke tla batla ho khahlisa metsoalle ea ka, ’me seo se ka lebisa khathatsong.” Keletso ea Pauluse e tlalehiloeng ho 2 Timothea 1:8 le eona e ile ea mo thusa. O ile a ngola: “U se ke ua hlajoa ke lihlong ka bopaki bo mabapi le Morena oa rōna, . . . empa u be le karolo ho utloisoeng bohloko ke bobe bakeng sa litaba tse molemo.” Tumellanong le keletso eo, ntle ho tšabo o ne a arolela liithuti-’moho le eena seo a se lumelang se thehiloeng Bibeleng neng le neng ha monyetla o hlaha. Neng le neng ha a ne a fuoa kabelo ea ho fana ka tlaleho ka tlelaseng, o ne a khetha taba e mo lumellang ho paka ka tsela e masene mabapi le ’Muso oa Molimo.

19. Ke hobane’ng ha mohlankana e mong a ne a sa khone ho hlōla likhatello tsa lefatše lee, empa ke eng se ileng sa etsa hore a be matla moeeng?

19 Haeba ho ka etsahala hore re khelohe “tsela ea ba lokileng,” Lentsoe la Molimo le ka re thusa ho lokisa mehato ea rōna. (Liproverbia 4:18) Mohlankana e mong ea lulang Afrika o ile a ithuta sena ka phihlelo. Ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a ne a mo etetse, o ile a amohela thuto ea Bibele. O ile a thabela seo a neng a ithuta sona empa kapele a tloaelana le batho ba babe sekolong. Ha nako e ntse e feta, a khelohela bophelong ba boitšoaro bo bobe. Oa lumela: “Letsoalo la ka le ile la tsoela pele ho ntšoenya, ’me ka tlameha ho khaotsa ho ea libokeng.” Hamorao, o ile a qala ho ea libokeng hape. Mohlankana enoa o ile a bolela se latelang se bontšang kutloisiso: “Ke ile ka hlokomela hore lebaka le ka sehloohong la sena sohle ke hore ke ne ke lapile moeeng. Ke ne ke sa ithute boinotšing. Ke ka lebaka leo ke neng ke sitoa ho hlōla teko. Joale ke ile ka qala ho bala Molula-Qhooa le Tsoha! Butle-butle, ke ile ka ’na ka fumana matla a moea hape ’me ka hloekisa bophelo ba ka. Bona e bile bopaki bo botle ho ba neng ba hlokomela liphetoho tseo ke neng ke li etsa. Ke ile ka kolobetsoa, ’me hona joale ke thabile.” Ke eng e ileng ea fa mohlankana eo matla a ho hlōla mefokolo ea hae ea nama? O ile a boela a ba matla moeeng ka lebaka la ho ithuta Bibele boinotšing kamehla.

20. Motho e mocha a ka hlōla litlhaselo tsa Satane joang?

20 Bacha ba Bakreste, le tlas’a tlhaselo kajeno! E le hore le ka hlōla litlhaselo tsa Satane, le lokela ho ja lijo tsa moea kamehla. Mopesaleme, eo ho hlakileng hore ka boeena e ne e le mohlankana, o ne a utloisisa sena. O ile a leboha Jehova ka ho lokisetsa Lentsoe la hae, e le hore ‘mohlankana a hloekise metsamao ea hae.’—Pesaleme ea 119:9.

Hohle Moo Molimo a re Lebisang Teng, Re Tla Ea

21, 22. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho etsa qeto ea hore tsela ea ’nete e na le mathata a boima haholo?

21 Jehova o ile a tsamaisa sechaba sa Iseraele ho se ntša Egepeta ho se isa Naheng e Tšepisitsoeng. Ho ka etsahala hore ebe ponong ea motho, tsela eo a ileng a e khetha e ne e bonahala e e-na le mathata a sa hlokahaleng. Ho e-na le ho nka tsela eo ho bonahalang e le e bonolo haholoanyane, e otlolohileng haholoanyane e sikileng le Leoatle la Mediterranean, Jehova o ile a tsamaisa batho ba hae tseleng e nang le mathata ea lehoatata. Ha e le hantle, ka ho etsa joalo, Molimo o ne a bontša mosa. Le hoja tsela ena ea leoatleng e ne e le khutšoanyane, e ka be e entse hore Baiseraele ba fete naheng ea Bafilista ba tletseng bora. Ka ho khetha tsela e ’ngoe, Jehova o ne a qobisa batho ba hae ho loana le Bafilista esale qalong.

22 Ka ho tšoanang, tsela eo Jehova a re tsamaisang ka eona kajeno e ka ’na ea bonahala e e-na le mathata ka linako tse ling. Beke ka ’ngoe re na le kemiso e feletseng ea mesebetsi ea Bokreste, ho akarelletsa le liboka tsa phutheho, ho ithuta boinotšing le tšebeletso ea tšimo. Litsela tse ling li ka ’na tsa bonahala li le bonolo haholoanyane. Empa ke feela ha re latela tsela eo Molimo a re tsamaisang ho eona moo re tla fihla sebakeng seo re sebeletsang ka thata haholo ho ea fihla ho sona. Ka lebaka leo, a re tsoeleng pele ho fumana thuto ea bohlokoahali e tsoang ho Jehova ’me re lule “tseleng e lokileng” ka ho sa feleng!—Pesaleme ea 27:11.

Na U ka Hlalosa?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste?

• Batsoali ba ka etsa eng ho thusa bana ba bona ho mamela ka hloko libokeng?

• Ho ba momameli ea molemo ho akarelletsa eng?

• Ke’ng se ka re thusang ho fana ka litlhaloso libokeng?

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Ho ba teng libokeng tsa Bokreste ho re thusa hore re lule re hopotse letsatsi la Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Ho na le litsela tse sa tšoaneng tsa ho rorisa Jehova libokeng tsa Bokreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela