Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv khao. 16 leq. 236-leq. 253 ser. 3
  • Liboka Bakeng Sa Borapeli, Thuto, Le Khothatso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Bakeng Sa Borapeli, Thuto, Le Khothatso
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khotsofatsa Litlhoko tsa Moea tsa Liithuti tsa Pele tsa Bibele
  • Mokete oa Lefu la Morena
  • Moo Bacha ba Nang le Sebaka se Loketseng
  • Ho Hlomella Bohle ho ba Baevangeli ba Mafolo-folo
  • Batho Bohle ba Memeloa ho Bona le ho Mamela
  • Libaka tse Loketseng Tseo ho Kopaneloang ho Tsona
  • Lenaneo le Momahaneng la Thuto
  • Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapeli
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Liboka Tse re ‘Susumelletsang Leratong le Mesebetsing e Metle’
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 16 leq. 236-leq. 253 ser. 3

Khaolo 16

Liboka Bakeng Sa Borapeli, Thuto, Le Khothatso

LIBOKA tsa phutheho ke karolo ea bohlokoa ea mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Esita leha maemo a etsa hore ho be thata ho li tšoara, li leka ho ba teng ka mehla libokeng tsa tsona, tumellanong le khothatso ea Bibele: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang; re mpe re khothatsane, haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Ba-Heb. 10:24, 25) Ha ho khoneha, phutheho ka ’ngoe e tšoara liboka ka makhetlo a mararo ka beke, kakaretso ea lihora tse ’nè le metsotso e 45. Leha ho le joalo, sebōpeho sa liboka, hammoho le makhetlo ao li tšoaroang ka ’ona, se ’nile sa fapa-fapana ho latela se hlokahalang ka nako eo.

Lekholong la pele la lilemo, lipontšo tsa limpho tsa mohlolo tsa moea e ne e le tšobotsi e hlahelletseng ea liboka tsa Bokreste. Hobane’ng? Hobane ka limpho tsena, Molimo o fane ka bopaki ba hore ha a sa sebelisa tsamaiso ea bolumeli ea Sejode empa hore moea oa hae o se o le holim’a phutheho ea Bokreste e sa tsoa thehoa bocha. (Lik. 2:1-21; Ba-Heb. 2:2-4) Libokeng tsa Bakreste ba pele ho ne ho etsoa lithapelo, ho bineloa Molimo lithoriso, ’me ho lebisoa khatiso boprofeteng (ke hore, ho fetisa litšenolo tsa thato le morero oa Molimo) le ho fana ka thuto e neng e tla haha ba e utloang. Bakreste bao ba ne ba phela nakong eo ka eona ho neng ho etsahala liketsahalo tse hlollang mabapi le morero oa Molimo. Ho ne ho hlokahala hore ba li utloisise le ho tseba kamoo ba ka sebetsang tumellanong le tsona. Leha ho le joalo, tsela eo ba bang ba bona ba neng ba tsamaisa litaba tse itseng ka eona libokeng tsa bona e ne e se e leka-lekaneng, ’me joalokaha Bibele e bontša, ho ne ho hlokahala keletso e le hore lintho li ka etsoa ka tsela e molemo ka ho fetisisa.—1 Ba-Kor. 14:1-40.

Na litšobotsi tse neng li khetholla liboka tsa Bakreste bao ba pele le tsona li ile tsa bonahala ha Liithuti tsa Bibele li bokana hammoho ka bo-1870 le ka mor’a moo?

Ho Khotsofatsa Litlhoko tsa Moea tsa Liithuti tsa Pele tsa Bibele

Charles Taze Russell le sehlotšoana sa metsoalle e leng tikolohong ea Allegheny, Pennsylvania, ba ile ba theha sehlopha sa ho ithuta Bibele ka 1870. Ka lebaka la liboka tsa bona, butle-butle ba ile ba hōla leratong la bona ho Molimo le Lentsoeng la hae ’me mohato ka mohato ba tseba seo Bibele ka boeona e se rutang. Libokeng tsena ho ne ho sa buuoe lipuo lisele tsa mohlolo. Hobane’ng? Limpho tse joalo tsa mohlolo li ne li phethile morero oa tsona lekholong la pele la lilemo, ’me joalokaha Bibele e boletse esale pele, li ile tsa fela. Moena Russell o ile a hlalosa: “Mohato o latelang oa khatelo-pele e bile ponahatso ea litholoana tsa Moea, joalokaha Mohalaleli Pauluse a boletse ka ho hlakileng.” (1 Ba-Kor. 13:4-10) Ho phaella moo, feela joaloka lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le mosebetsi o potlakileng oa boevangeli o lokelang ho etsoa, ’me ho ne ho hlokahala hore ba khothatsoe ho sena. (Ba-Heb. 10:24, 25) Ka mor’a nakoana, ba ne ba tšoara liboka tse peli ka mehla beke le beke.

Moena Russell o ile a hlokomela hore ke habohlokoa hore bahlanka ba Jehova e be batho ba kopaneng, ho sa tsotellehe hore na ba qalikane hakae ho pota lefatše. Kahoo, ka 1879, nakoana ka mor’a hore Molula-Qhooa o qale ho hatisoa, babali ba oona ba ile ba khothalletsoa hore ba kōpe Moena Russell kapa e mong oa metsoalle ea hae ho ba etela. Ho ne ho boletsoe ka ho hlaka hore “Ha ho tefiso e etsoang kapa chelete e amoheloang.” Ka mor’a hore ho amoheloe likōpo tse ’maloa, Moena Russell o ile a kena leetong le nkang khoeli le ileng la mo fihlisa Lynn, Massachusetts, moo ho neng ho e-ba le liboka tsa lihora tse ’nè ho isa ho tse tšeletseng hohle moo a emisang teng. Sehlooho se neng se buelloa ke se reng “Lintho tse Amanang le ’Muso oa Molimo.”

Mathoasong a 1881, Moena Russell o ile a khothalletsa babali ba Molula-Qhooa ba neng ba ntse ba e-s’o be le liboka tsa ka mehla sebakeng sa habo bona: “Qalisang seboka mahaeng a lōna hammoho le malapa a lōna, kapa esita le ba seng bakae bao mohlomong ba thahasellang. Balang, le ithute, le rorise ’me le rapele ’moho, ’me moo ba babeli kapa ba bararo ba kopaneng ’moho ka lebitso la Hae, Morena o tla ba har’a lōna—e be tichere ea lōna. Liboka tse ling tsa kereke mehleng ea Baapostola li ne li le joalo. (Bona Filemone 2).”

Lenaneo la liboka le ile la ntlafala butle-butle. Ho ile ha fanoa ka litlhahiso, empa litaba li ne li tlohelletsoe matsohong a sehlopha sa sebaka ka seng hore se etse qeto ea se molemo bakeng sa maemo a sona. Sebui se ka ’na sa fana ka puo ka linako tse itseng, empa khatiso e khōlō e ne e lebisoa libokeng tseo ho tsona bohle ba ka kopanelang ka bolokolohi. Qalong lihlopha tse ling tsa Liithuti tsa Bibele li ne li sa sebelise lingoliloeng tsa Mokhatlo hakaalo libokeng tsa tsona, empa basebeletsi ba tsamaeang, batsamai, ba ile ba li thusa ho hlokomela bohlokoa ba ho etsa joalo.

Ka mor’a hore meqolo e meng ea Millennial Dawn e hatisoe, e ile ea qala ho sebelisoa e le motheo oa thuto. Ka 1895 lihlopha tsa thuto li ile tsa tsejoa e le Lihlopha tsa Mantsiboea tsa Thuto ea Bibele.a Hamorao ba bang Norway ba ile ba li bitsa “liboka tsa ho bala le puisano,” ba phaella ka ho re: “Litaba tse qotsitsoeng libukeng tsa Moena Russell li ne li baloa ka lentsoe le phahameng, ’me ha batho ba e-na le litlhaloso kapa lipotso, ba ne ba phahamisa matsoho.” Moena Russell o ile a etsa tlhahiso ea hore lithutong tse joalo ba kopanelang ba sebelise liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Mangolo, litšupiso tse ka thōko ho leqephe tse ka har’a Bibele, le libuka tsa mantsoe a sehlooho a Bibele. Hangata lithuto li ne li tšoaroa ka lihlopha tsa boholo bo sa lekaneng, malapeng a batho, nakong ea mantsiboea e loketseng bakeng sa sehlopha. Liboka tsena li butse khoro bakeng sa Thuto ea Buka ea Phutheho kajeno.

Moena Russell o ile a hlokomela hore ho hlokahala ho eketsehileng ho feta feela litaba tsa thuto. Hape ho tlameha ho be le lipolelo tsa boinehelo e le hore lipelo tsa batho li ka susumetsoa ke kananelo ea lerato la Molimo le takatso ea ho mo hlompha le ho mo sebeletsa. Lihlopha li ile tsa khothalletsoa ho lokisetsa seboka se khethehileng bakeng sa morero ona hanngoe ka beke. Ka linako tse ling liboka tsena li ne li bitsoa “Cottage Meetings” (Liboka tse Nyenyane) hobane li ne li tšoareloa malapeng. Lenaneo le ne le akarelletsa lithapelo, lifela tsa thoriso, le liphihlelo tse phetoang ke ba leng teng.b Ka linako tse ling liphihlelo tsena e ne e le tse khothatsang; hape, li ne li akarelletsa liteko, mathata, litsietsi tseo ho tobanoeng le tsona morao-rao. Libakeng tse ling liboka tsena li ne li hlōleha haholo ho phetha morero oa tsona ka baka la khatiso e fetelletseng ea boikhabi. Ho ile ha fanoa ka litlhahiso tse mosa ho Molula-Qhooa.

Ha a hopola liboka tseo, Edith Brenisen, mosali oa motsamai e mong oa pele United States, o itse: “E ne e le mantsiboea a ho thuisa ka tlhokomelo e lerato ea Jehova le ho thabela botsoalle bo haufi-ufi le baena le bo-khaitseli ba rōna. Ha re ntse re mametse liphihlelo tse ling tsa bona re ile ra ba tseba hamolemonyana. Ho hlokomela botšepehi ba bona, ho bona kamoo ba hlōtseng mathata a bona, hangata ho ne ho re thusa ho rarolla maemo a mang a re tsietsang.” Leha ho le joalo, ka mor’a nako ho ile ha bonahala hore liboka tse etselitsoeng ho hlomella bohle ho kopanela mosebetsing oa boevangeli li molemo haholo.

Baena ba ne ba amehile haholo ka tsela eo seboka sa Sontaha se neng se tsamaisoa ka eona libakeng tse ling. Lihlopha tse ling li ne li leka ho tšohla Bibele temana ka temana. Empa ka linako tse ling ho hang ho fapana ha maikutlo mabapi le seo li se bolelang e ne e se ho hahang. E le ho ntlafatsa boemo bona, ba bang ba itseng phuthehong ea Los Angeles, California, ba ile ba lokisetsa likemiso bakeng sa thuto ea lihlooho tsa Bibele, e nang le lipotso le litšupiso tse lokelang ho hlahlobjoa ke sehlopha sohle pele se tla sebokeng. Ka 1902 Mokhatlo o ile oa etsa hore ho fumanehe Bibele e nang le “Berean Bible Study Helps” (Lithuso tsa Berea tsa ho Ithuta Bibele), ho akarelletsa le tlhahlamano ea lihlooho tse itseng.c E le ho nolofatsa litaba ka ho eketsehileng, ho qala ka Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, 1905, ho ile ha hatisoa likemiso tsa puo bakeng sa ho tšohloa phuthehong, hammoho le lipotso le litšupiso tse lebisang Bibeleng le lingoliloeng tsa Mokhatlo bakeng sa patlisiso. Li ile tsa tsoela pele ho fihlela ka 1914, e leng nako eo ka eona lipotso tsa thuto tse leng meqolong ea Studies in the Scriptures li ileng tsa hatisoa bakeng sa ho sebelisoa e le motheo oa Lithuto tsa Berea.

Lihlopha tsohle li ne li e-na le boitsebiso bo tšoanang, empa lenane la liboka tsa beke le beke le ne le fapana ho tloha ho se le seng ho isa ho tse ’nè kapa ho feta, ho latela litokisetso tse entsoeng sebakeng ka seng. Colombo, Ceylon (eo hona joale e leng Sri Lanka), ho qala ka 1914, ha e le hantle liboka li ne li tšoaroa matsatsi a supileng ka beke.

Liithuti tsa Bibele li ile tsa khothalletsoa ho ithuta ho etsa patlisiso, ho “paka lintho tsohle,” ho hlalosa mehopolo ka mantsoe a tsona. (1 Ba-Thess. 5:21, KJ) Moena Russell o ile a khothalletsa hore ho be le puisano e felletseng ea boitsebiso bo ithutoang le e sa lefelloeng. O ile a boela a hlokomelisa: “Le se ke la lebala hore Bibele ke eona Tekanyetso ea rōna le hore ho sa tsotellehe hore na lithuso tsa rōna li fanoe ke Molimo hakae ke ‘lithuso’ ’me li ke ke tsa nka sebaka sa Bibele.”

Mokete oa Lefu la Morena

Ho tloha hoo e ka bang ka 1876, Liithuti tsa Bibele li ile tsa etsa litokisetso selemo le selemo tsa ho ikhopotsa lefu la Morena.d Qalong, sehlopha sa Pittsburgh, Pennsylvania, le mathōkong a eona se ne se kopanela lehaeng la e mong oa metsoalle. Ka 1883, lenane la ba bang teng le ne le eketsehile ho fihla ho ba ka bang lekholo moo, ’me ho ile ha sebelisoa holo e hiriloeng. E le ho amohela bamameli ba bangata ba lebelletsoeng Pittsburgh ka 1905, baena ba ile ba etsa qeto ea ho sebelisa Carnegie Hall e nang le sebaka se batsi.

Liithuti tsa Bibele li ile tsa hlokomela hore ona ke mokete oa selemo le selemo, hase ntho e lokelang ho etsoa beke le beke. Nako eo li neng li keteka mokete ona ka eona e ne e tsamaisana le Nisane 14 ho latela almanaka ea Sejode, e leng nako ea lefu la Jesu. Ho theosa le lilemo, ho bile le liphetoho tseleng eo nako ena e baloang ka eona.e Empa taba e khōlō eo li neng li amehile ka eona ke bohlokoa ba ketsahalo ena.

Le hoja Liithuti tsa Bibele li ne li kopana bakeng sa mokete ona ka lihlopha tsa boholo bo sa tšoaneng libakeng tse ngata, bafe kapa bafe ba neng ba ka kopana le baena Pittsburgh ba ne ba amoheloa. Ho tloha ka 1886 ho ea ho 1893, babali ba Molula-Qhooa haholo-holo ba ile ba mengoa hore ba tle Pittsburgh, haeba ho khoneha, ’me ba ile ba fela ba tla, ba tsoa likarolong tse sa tšoaneng tsa United States le Canada. Sena ha sea ka sa ba nolofalletsa feela ho keteka Sehopotso hammoho empa se ile sa boela sa ba thusa ho tiisa maqhaama a bona a bonngoe ba moea. Leha ho le joalo, ha lenane la lihlopha le ntse le eketseha, United States le likarolong tse ling tsa lefatše, ho ne ho se ho sa khonehe ho leka ho bokana sebakeng se le seng, ’me ba ile ba hlokomela hore ho ka finyelloa se molemohali ka ho bokana le balumeli-’moho tikolohong ea habo bona ka bomong.

Joalokaha Molula-Qhooa o boletse, ho na le ba bangata ba neng ba ipolela hore ba lumela thekollong, ’me ha ho ba ileng ba thibeloa ho ba teng moketeng oa selemo le selemo. Empa ketsahalo ena e bile ea bohlokoa bo khethehileng ho bao kannete e leng karolo ea “mohlatsoana” oa Kreste. Bana ke ba neng ba tla kopanela ’Musong oa leholimo. Bosiung ba pele ho lefu la Jesu, ha a theha Sehopotso, Kreste o ne a bua le batho bao tšepo e joalo e lebisitsoeng ho bona ha a re: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.”—Luka 12:32; 22:19, 20, 28-30.

Haholo-holo ho qala ka bo-1930, bao e neng e tla ba litho tsa “letšoele le leholo,” kapa “bongata bo boholo” ba linku tse ling, ba ile ba qala ho iponahatsa. (Tšen. 7:9, 10, KJ; Joh. 10:16) Nakong eo ba ne ba bitsoa Bajonadabe. Ka lekhetlo la pele, tokollong ea oona ea February 15, 1938, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa mema bona haholo-holo hore ba be teng Sehopotsong, oa re: “Ka mor’a hora ea botšelela mantsiboea ka April 15 lekhotla ka leng la batlotsuoa le ke le kopane ’me le keteke Sehopotso, metsoalle ea bona ea Bajonadabe le eona e be teng.” Ha baa ka ba ba teng joaloka ba jang, empa joaloka bashebelli. Ba bileng teng ba ne ba feta palo ea ba neng ba le teng nakong ea Sehopotso sa lefu la Kreste. Ka 1938 kakaretso ea ba bileng teng ke 73 420, athe ba ileng ba ja bohobe le ho noa veine ea tšoantšetso ba bile 39 225. Lilemong tse latelang, ba bileng teng joaloka bashebelli ba ile ba boela ba qala ho akarelletsa manane a phahameng a batho ba thahasellang le ba bang ba neng ba e-s’o fetohe Lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo. Ka hona, ka 1992, ha tlhōrō ea lenane la ba kopanelang tšebeletsong ea tšimo e bile 4 472 787, ba bileng teng Sehopotsong e bile 11 431 171, ’me lenane la ba jeleng litšoantšetso e bile feela ba 8 683. Linaheng tse ling lenane la ba bileng teng le fetile lenane la Lipaki tse mafolo-folo ka makhetlo a ka bang mahlano kapa a tšeletseng.

Ka baka la tlhompho ea tsona e tebileng bakeng sa bohlokoa ba lefu la Kreste, Lipaki tsa Jehova li keteka Sehopotso esita leha li tobane le maemo a boima ka ho fetisisa. Lilemong tsa bo-1970, ha lithibelo tsa nakong ea ntoa Rhodesia (eo joale e tsejoang e le Zimbabwe) li etsa hore ho be thata ho tsamaea mantsiboea, baena libakeng tse ling ba ne ba kopanela lehaeng la e mong oa Lipaki tsa Jehova motšehare ebe ba keteka Sehopotso mantsiboea. Ha e le hantle, ka mor’a liboka ba ne ba ke ke ba khutlela hae, kahoo ba ne ba robaletsa moo. Lihora tse setseng tsa mantsiboea li ne li sebelisoa bakeng sa ho bina lipina tsa ’Muso le ho pheta liphihlelo, tseo e neng e le mohloli oa khatholoho e eketsehileng.

Likampong tsa mahloriso nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho ile ha ketekoa Sehopotso, le hoja ho etsa joalo ho ne ho ka fella ka kotlo e sehlōhō haeba balebeli ba ne ba ka hlokomela. Harold King o ile a keteka Sehopotso ka tsela e molemohali eo a neng a ka e khona tlas’a maemo a teng ha a le teronkong a le mong naheng ea Bokomonisi ea Chaena ho tloha ka 1958 ho ea ho 1963 ka baka la tumelo ea hae ea Bokreste. Hamorao o ile a re: “Ha ke talimile ka fensetere ka teronkong eo ke leng ka ho eona ke ile ka shebella khoeli ha e toloka mathoasong a nako ea selemo. Ke ile ka bala nako ea mokete ka nepo kamoo nka khonang.” O ile a etsa litšoantšetso tse hlokahalang, a etsa veine e fokolang a sebelisa morara o motšo ’me a sebelisa reisi, e se nang litomoso, bakeng sa bohobe. O ile a boela a re: “Ke ile ka bina ’me ka rapela ’me ka fana ka puo e tloaelehileng bakeng sa ketsahalo ena, feela joalokaha ho ne ho tla etsoa phuthehong leha e le efe ea batho ba Jehova. Kahoo selemo le selemo ke ne ke ikutloa eka ke kopanetse le baena ba ka lefatšeng lohle ketsahalong ena ea bohlokoa ka ho fetisisa.”

Moo Bacha ba Nang le Sebaka se Loketseng

Lilemong tse qalang, lingoliloeng le liboka tsa Liithuti tsa Bibele li ne li sa lokisetsoa ho khotsofatsa litlhoko tsa bacha ka ho khetheha. Ba ne ba ka ba teng libokeng, ’me ba bang ba bona ba ne ba fela ba ba teng ebile ba mamela ka hloko. Empa ho ne ho se na boiteko bo khethehileng ba ho ba akarelletsa ho se etsahalang. Hobane’ng?

Kutloisiso ea baena nakong eo e ne e le hore ho setse nako e khutšoanyane feela bakeng sa hore litho tsohle tsa monyaluoa oa Kreste li kopanngoe le eena khanyeng ea leholimo. Ka 1883, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o hlalositse: “Rōna ba ikoetlisetsang pitso ea leholimo re ke ke ra qoba mosebetsi o khethehileng bakeng sa mehla ena—e leng mosebetsi oa ho hlophisa ‘Monyaluoa, mosali oa Konyana.’ Monyaluoa o lokela ho itokisa; ’me ke nakong ena feela, ha ho etsoa mosebetsi oa ho qetela oa ho itokisa bakeng sa lechato, tšebeletso ea setho se seng le se seng e hlokahalang bakeng sa mosebetsi ona oa bohlokoahali, o etsoang joale.”

Batsoali ba ile ba phehelloa ka matla ho jara boikarabelo ba bona boo ba bo filoeng ke Molimo ba ho hlokomela thuto ea moea ea bana ba bona. Ho ne ho sa khothalletsoe likolo tse ka thōko tsa Sontaha bakeng sa bacha. Ho ne ho hlakile hore ho sebelisa ha Bokreste-’mōtoana likolo tsa Sontaha ho ne ho bakile kotsi e khōlō. Batsoali ba neng ba romela bana ba bona likolong tse joalo hangata ba ne ba na le pono ea hore tokisetso ena e ba jarolla boikarabelo ba ho fana ka thuto ea bolumeli ho bana ba bona. Ka lehlakoreng le leng, bana bona kaha ba ne ba sa talime ho batsoali ba bona e le mohloli o moholo oa thuto ka Molimo, ba ne ba sa susumelletsehe ho hlompha batsoali ba bona le ho ba utloa ka ho loketseng.

Leha ho le joalo, ho tloha ka 1892 ho ea ho 1927, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa behella sebaka se itseng ka thōko bakeng sa ho fana ka tlhaloso temaneng eo ho buuoang ka eona ho “Lithuto tsa Sekolo sa Sontaha sa Machaba,” tse neng li atile haholo nakong eo likerekeng tse ngata tsa Prostanta. Ka lilemo tse ngata litemana tsena li ne li khethoa ke F. N. Peloubet, moruti oa Congregational, le bathusi ba hae. Molula-Qhooa o ile oa tšohla litemana tsena ho latela kutloisiso ea Liithuti tsa Bibele e phahameng ea Mangolo, e sa itšetlehang ka litumelo tsa Bokreste-’mōtoana. Ho ne ho tšepjoa hore ka tsela ena Molula-Qhooa o ka sebelisoa likerekeng tse ling, e le hore ’nete e ka rutoa ka tsela eo, le hore litho tse ling tsa kereke li e amohele. Ha e le hantle, phapang e ile ea bonahala, ’me sena se ile sa halefisa baruti ba Prostanta.

Selemo sa 1918 se ile sa fihla, ’me masala, kapa ba setseng ho batlotsuoa, ba ne ba ntse ba le lefatšeng. Lenane la bana ba neng ba ba teng libokeng tsa bona le lona le ne le eketsehile haholo. Hangata bacha ba ne ba lumelletsoe ho bapala ha batsoali ba bona ba ntse ba ithuta. Empa, ho ne ho hlokahala hore bacha le bona ba ithute ho “batla ho loka, ho batla boikokobetso,” e le hore ba ka “patoa letsatsing la khalefo ea MORENA.” (Sof. 2:3, KJ) Kahoo, ka 1918 Mokhatlo o ile oa khothalletsa liphutheho ho lokisetsa sehlopha sa bacha bakeng sa bana ba lilemo li 8 ho ea ho 15. Libakeng tse ling ho ne ho bile ho e-na le lihlopha tsa mathomo bakeng sa ba banyenyane haholo hore ba ka ba teng sehlopheng sa ba bacha. Ka nako e tšoanang, boikarabelo ba batsoali ho bana bo ile ba boela ba hatisoa.

Sena se ile sa lebisa liketsahalong tse ling. Ka 1920, The Golden Age e ne e e-na le sehlooho se reng “Thuto ea Bibele ea Bacha,” se nang le lipotso tse nang le Mangolo a bontšitsoeng ao likarabelo li ka fumanoang ho ’ona. Selemong sona seo, The Golden Age ABC e ile ea hatisoa; e ne e le bukana e nang le litšoantšo bakeng sa hore batsoali ba rute bana ba bona linnete tsa motheo tsa Bibele le litšoaneleho tsa Bokreste. Buka e nang le sehlooho se reng The Way to Paradise, e ngotsoeng ke W. E. Van Amburgh, e ile ea latela ka 1924. E ile ea etsoa hore e tšoanele “liithuti tsa Bibele tsa sehlopha se bohareng.” Ka nakoana e ne e sebelisoa libokeng tsa bacha. Ho phaella moo, Amerika, “Bacha ba Lipaki” ba ile ba ba le litokisetso tsa bona bakeng sa tšebeletso ea tšimo. Switzerland sehlopha sa bacha se ile sa theha mokhatlo o bitsoang “Bacha ba Jehova,” bakeng sa bacha ba pakeng tsa lilemo tse 13 le 25. Ba ne ba na le ofisi ea bona ea mongoli Berne, ’me makasine o khethehileng, oa Jehovah’s Youth, o ile oa hlophisoa le ho hatisoa likhatisong tsa Mokhatlo moo. Bacha bana ba ne ba ba le liboka tsa bona ebile ba tšoara litšoantšiso tsa Bibele, joalokaha ba ile ba etsa moahong oa Volkshaus o leng Zurich bakeng sa bamameli ba 1 500.

Leha ho le joalo, se neng se etsahala ke hore ho ne ho hlaha mokhatlo ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa bahlanka ba Jehova. Sena se ne se ke ke sa tlatsetsa bonngoeng, ’me se ile sa khaotsoa ka 1936. Ka April 1938, ketelong ea hae Australia, J. F. Rutherford, mopresidente oa Mokhatlo, o ile a fumana hore ho ne ho tšoeroe sehlopha sa bana ka thōko ho kopano ea batho ba baholo. Kapele-pele o ile a lokisetsa hore bana bohle ba be teng kopanong ea bohle, e neng e le molemo haholo ho bona.

Selemong sona seo, Molula-Qhooa o ile oa hlahlobisisa taba eohle ea lihlopha tse ka thōko tsa bacha ka phuthehong. Thuto eo e ile ea boela ea hatisa hore batsoali ke bona ba ikarabellang bakeng sa ho ruta bana ba bona. (Ba-Ef. 6:4; bapisa le Deuteronoma 4:9, 10; Jeremia 35:6-10.) E ile ea boela ea bontša hore Bibele ha e fane ka mohlala leha e le ofe oa ho khetholla bacha ka lihlopha tsa bacha. Ho e-na le hoo, ba ne ba lokela ho ba teng hammoho le batsoali ba bona hore ba mamele Lentsoe la Molimo. (Deut. 31:12, 13; Josh. 8:34, 35) Ha ho hlokahala tlhaloso e eketsehileng ea boitsebiso bo ithutoang, e ne e ka fanoa ke batsoali lapeng. Ho phaella moo, lihlooho li ile tsa hlalosa hore ha e le hantle litokisetso tsa ho ba le lihlopha tse joalo tse ka thōko li fokolisa boboleli ba ntlo le ntlo ba litaba tse molemo. Joang? Hobane matichere a ne a sa ee tšebeletsong ea tšimo bakeng sa ho lokisetsa lihlopha tsena le ho li khanna. Kahoo, lihlopha tsohle tse ka thōko bakeng sa bacha li ile tsa khaotsoa.

Ho theosa ho tla fihlela joale, e ntse e le tloaelo ea Lipaki tsa Jehova hore lelapa ka kakaretso le be teng hammoho libokeng tsa phutheho. Batsoali ba thusa bana ba bona ho lokisetsa e le hore ba ka kopanela ka litsela tse loketseng. Ho phaella moo, ho ’nile ha fanoa ka tokisetso e ntle ea lingoliloeng bakeng sa hore batsoali ba li sebelise ha ba fa bacha thuto malapeng. Har’a lingoliloeng tsena ke libuka Children, ka 1941; Ho Mamela Mosuoe e Moholo, ka 1971 (ka Senyesemane); Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona, ka 1976; Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, ka 1978; le Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, ka 1989.

Ho Hlomella Bohle ho ba Baevangeli ba Mafolo-folo

Haesale ho tloha ha ho hatisoa litokollo tsa pele tsa Molula-Qhooa, nako le nako babali ba oona ba ’nile ba hopotsoa tokelo le boikarabelo ba Bakreste bohle ba ’nete ba ho bolela litaba tse molemo tsa morero oa Molimo. Liboka tsa phutheho li ’nile tsa hlomella lipelo le likelello tsa bona bakeng sa mosebetsi ona ka ho haha lerato la bona ho Jehova le tsebo ea bona ka morero oa hae. Leha ho le joalo, haholo-holo ka mor’a kopano e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, ka 1922, ho ile ha lebisoa khatiso e khōlō ka ho eketsehileng holim’a se ntseng se finyelloa tšebeletsong ea tšimo le kamoo ho ka kopaneloang ho eona ka mokhoa o atlehileng.

Bulletin,f pampitšana e nang le boitsebiso bo amanang ka ho toba le tšebeletso ea tšimo, e ne e na le bopaki bo bokhutšoaane, boo ka nako eo bo neng bo bitsoa phuputso, bo neng bo lokela ho hopoloa ka hlooho le ho sebelisoa ha ho pakeloa batho. Karolong e khōlō ea 1923, letsatsing la pele la khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, karolo e itseng ea Seboka sa Laboraro bosiu sa Thapelo, sa Thoriso le Liphihlelo e ne e behelloa ka thōko bakeng sa liphihlelo tse amanang le tšebeletso ea tšimo e le ho susumelletsa bohle ho etsa boiteko bo kopanetsoeng ba ho phatlalatsa ’Muso.

Bonyane ka 1926, liboka tsa khoeli le khoeli tseo ho tsona ho neng ho tšohloa tšebeletso ea tšimo li ne li bitsoa Liboka tsa Basebetsi. Ba hlileng ba kopanela tšebeletsong e joalo hangata ke bona ba neng ba ba teng. Libokeng tsena, ho ne ho tšohloa mekhoa e sebelisoang bakeng sa ho pakela ba bang, ’me ho etsoa litokisetso bakeng sa mosebetsi oa nako e tlang. Ka 1928 Mokhatlo o ne o phehella liphutheho ho tšoara liboka tse joalo beke le beke. Lilemong tse ’nè tse latelang, liphutheho li ne li ntse li qala ho tšoara seboka se ileng sa bitsoa Seboka sa Tšebeletso ho e-na le Seboka sa Liphihlelo (kapa, Boipolelo), ’me Mokhatlo o ile oa khothalletsa bohle ho ba teng. Ka lilemo tse fetang 60, liphutheho li ’nile tsa tšoara seboka sena sa beke le beke. Ka lipuo, lipuisano tse hlokang hore bamameli ba kopanele, lipontšo, le lipuisano, ho fanoa ka thuso e tobileng mabapi le litšobotsi tsohle tsa tšebeletso ea Bokreste.

Ka sebele seboka sa mofuta ona ha sea simoloha lekholong la bo20 la lilemo. Jesu o ile a fana ka litaelo tse qaqileng ho barutuoa ba hae pele a ba roma hore ba e’o bolela. (Matt. 10:5–11:1; Luka 10:1-16) Hamorao, ba ile ba hahana ka ho bokana hammoho bakeng sa ho pheta liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba ntse ba le tšebeletsong.—Lik. 4:21-31; 15:3.

Mabapi le ho koetlisetsoa ho bua phatlalatsa, lilemong tse qalang, sena se ne se sa etsoe libokeng tse tloaelehileng tsa phutheho. Leha ho le joalo, bonyane ka 1916, ho ile ha etsoa tlhahiso ea hore ba ikutloang ba na le monyetla o itseng oa ho ba libui tsa phatlalatsa ba ka tšoara liboka ba le bang, mohlomong ho be le moholo ea sebeletsang joaloka molula-setulo hore a ba mamele le ho fana ka keletso ea ho ntlafatsa se fuperoeng ke lipuo tsa bona le nehelano ea tsona. Liboka tsena, tseo e neng e le banna feela ba bang teng ho tsona, hamorao li ile tsa tsejoa e le Likolo tsa Baprofeta. Ha Grant Suiter a hlahloba liketsahalo tsa mehleng eo, oa hopola: “Keletso e molemo eo ke ileng ka e fumana sekolong e ne e se letho ha e bapisoa le eo ke neng ke e fumane ho ntate ka seqo ka mor’a ho ba teng ho le leng la mananeo ao a neng a tlil’o ’mamela ha ke fana ka puo.” E le ho thusa ba lekang ho hatela pele, baena ba ile ba itlhophisetsa le ho ikhatisetsa buka ea litaelo tsa ho bua, hammoho le likemiso bakeng sa lipuo tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ka mor’a nako, Likolo tsa Baprofeta li ile tsa khaotsoa. E le ho khotsofatsa tlhokahalo e neng e le teng nakong eo, ho ile ha lebisoa tlhokomelo e felletseng holim’a ho hlomella setho ka seng sa phutheho ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela evangeli ka ntlo le ntlo.

Na ho ne ho le bonolo ho hlomella setho ka seng sa mokhatlo oo o hlophisitsoeng o ntseng o hōla hore se se fane feela ka bopaki bo bokhutšoaane le ho nehelana ka lingoliloeng tsa Bibele empa hape se bue ka katleho le ho ba tichere ea Lentsoe la Molimo? Oo e ne e le morero oa sekolo se khethehileng se ileng sa thehoa phuthehong ka ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova, ho qala ka 1943. Se ne se se se ntse se tsoela pele ntlo-khōlōng ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova ho tloha ka February 1942. Beke le beke, ho ne ho fanoa ka taeo, ’me liithuti li ne li fana ka lipuo ’me li fuoa keletso holim’a tsona. Qalong, ke banna feela ba neng ba fana ka lipuo sekolong, le hoja phutheho ka kakaretso e ne e khothalletsoa ho ba teng, ho lokisetsa likarolo tse ithutoang le ho kopanela ka ho fana ka litlhaloso litlhahlobong. Ka 1959 bo-khaitseli le bona ba ile ba fuoa tokelo ea ho ngolisa, bakeng sa ho koetlisetsoa ho buisana ka lihlooho tsa Bibele ka ho toba le batho ba itseng.

Mabapi le phello ea sekolo sena, lekala la Mokhatlo oa Watch Tower Afrika Boroa le tlalehile: “Tokisetso ena e ntle ka ho fetisisa e atlehile ka nako e khutšoaane ho thusa baena ba bangata ba neng ba nahana hore le ka mohla e ke ke ea ba libui tsa phatlalatsa hore ba fetohe libui tse hloahloa sethaleng le ho atleha haholoanyane tšimong. Likarolong tsohle tsa Afrika Boroa baena ba amohetse tokisetso ena e ncha ea Jehova ’me ba e sebelisa ka mafolo-folo. Sena se ile sa etsoa ho sa tsotellehe litšitiso tse khōlō tsa puo le khaello ea thuto ho ba bangata.”

Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ntse se tsoela pele ho ba seboka sa bohlokoa liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova. Hoo e ka bang bohle ba khonang ho etsa joalo baa ngolisoa. Ba banyenyane le ba baholo, Lipaki tse ncha le ba nang le phihlelo e khōloanyane baa kopanela. Ke lenaneo le tsoelang pele la thuto.

Batho Bohle ba Memeloa ho Bona le ho Mamela

Ho hang Lipaki tsa Jehova hase mokhatlo oa baitlami. Litumelo tsa tsona tse thehiloeng Bibeleng li hlalositsoe ka ho hlaka lingoliloeng tse fumanehang bakeng sa batho bohle. Ho phaella moo, li etsa boiteko bo khethehileng ba ho mema batho ho ba teng libokeng ho bona ka bobona le ho mamela se etsahalang.

Jesu Kreste o fane ka thupelo ea botho ho barutuoa ba hae, empa o ile a boela a bua phatlalatsa—mathōkong a lebōpo, a le thabeng, lisynagogeng, tempeleng Jerusalema—moo matšoele a neng a ka utloa. (Matt. 5:1, 2; 13:1-9; Joh. 18:20) Li etsisa sena, hoo e ka bang mathoasong a 1870, Liithuti tsa Bibele li ile tsa qala ho lokisetsa liboka tseo metsoalle le baahisani le ba bang ba thahasellang ba neng ba ka mamela puo e buang ka morero oa Molimo bakeng sa batho.

Ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng bakeng sa hore lipuo tsena li fanoe libakeng tse loketseng bakeng sa batho bohle. Tokisetso ena e ne e bitsoa katoloso ea mosebetsi oa lihlopha. Ka 1911, liphutheho tse nang le libui tse lekaneng tse hloahloa li ile tsa khothalletsoa ho lokisetsa hore tse ling li ee litoropong tse haufi le metseng e haufi bakeng sa ho tšoara liboka liholong tsa sechaba. Ha ho khoneha, li ile tsa lokisetsa letoto la lipuo tse tšeletseng. Ka mor’a puo ea ho qetela, sebui se ne se botsa hore na ke ba bakae har’a bamameli ba nang le thahasello e lekaneng thutong ea Bibele ba ka kopanang hammoho nako le nako. Selemong sa pele ho ile ha fanoa ka lipuo tse joalo tse fetang 3 000.

Ho qala ka 1914, “Photo-Drama of Creation” le eona e ile ea isoa ho batho ka kakaretso. Baena ba ne ba sa lefise letho bakeng sa ho kena. Ho tloha nakong eo, ba ’nile ba sebelisa libaesekopo tse ling le lipontšo tsa li-slide. Ho qala ka bo-1920, tšebeliso e pharalletseng ea seea-le-moea ke Mokhatlo oa Watch Tower e ile ea nolofalletsa batho ho mamela lipuo tsa Bibele malapeng a bona. Joale, ka bo-1930, lipuo tse fanoang ke J. F. Rutherford li ile tsa rekotoa ’me tsa bapaloa libakeng tse likete tsa sechaba.

Ka 1945, ho ne ho e-na le lenane le leholo la libui tsa phatlalatsa tse neng li koetlisitsoe Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ka January selemong sona seo, phutuho e hlophisitsoeng hantle ea liboka tsa phatlalatsa e ile ea qalisoa. Mokhatlo o ile oa fana ka likemiso tsa lipuo bakeng sa letoto la lipuo tse robeli tse nakong. Limemo, ’me ka linako tse ling mamatjana a phatlalatso, li ne li sebelisoa bakeng sa phatlalatso. Ho phaella ho sebeliseng libaka tse tloaelehileng tsa liboka tsa phutheho, baena ba ile ba etsa boiteko bo khethehileng ba ho lokisetsa liboka tsa phatlalatsa masimong ao ho ’ona ho se nang phutheho. Bohle ka har’a phutheho ba ne ba ka kopanela—ka ho phatlalatsa liboka, ho li tšehetsa ka ho ba teng, hammoho le ho amohela ba qalang ho tla le ho arabela lipotso tsa bona. Selemong sa pele sa mosebetsi ona o khethehileng, ho ile ha tšoaroa liboka tsa phatlalatsa tse 18 646 United States, ’me ha ba teng kakaretso ea ba 917 352. Selemong se latelang lenane la liboka tsa phatlalatsa le ile la nyolohela ho 28 703 tšimong ea Amerika. ’Me Canada, moo ho ileng ha lokisetsoa liboka tse joalo tse 2 552 ka 1945, ho bile le tse 4 645 selemong se latelang.

Hona joale liphuthehong tse ngata tsa Lipaki tsa Jehova, Liboka tsa Phatlalatsa ke karolo ea kemiso ea ka mehla ea liboka tsa beke le beke. Ho tsona ho ba le puo eo nakong ea eona e mong le e mong a khothalletsoang ho phetla litemana tsa sehlooho tsa Mangolo ha li ntse li baloa le ho tšohloa. Liboka tsena ke mohloli o enneng oa thuto ea moea bakeng sa phutheho le batho ba qalang ho ba teng ka ho tšoanang.

Batho ba bang teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele hangata ba phutholoha kamoo ba neng ba sa lebella. Ralipolotiki e mong ea hlahelletseng Zimbabwe o ile a ea Holong ea ’Muso ho fumana se etsahalang moo. E ne e le monna ea mabifi, ’me o ile a ea teng ka boomo a sa kuta litelu ebile a sa ikama moriri. O ne a lebelletse hore Lipaki li tla mo leleka. Ho e-na le hoo, li ile tsa bontša thahasello ea sebele ho eena ’me tsa mo khothalletsa ho ba le thuto ea lehae ea Bibele. Hona joale ke Paki ea Mokreste e ikokobelitseng le e ratang khotso.

Ho na le batho ba limillione bao, ka mor’a ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, ba ’nileng ba susumelletseha ho re: “Molimo o har’a lōna ka sebele.”—1 Ba-Kor. 14:25.

Libaka tse Loketseng Tseo ho Kopaneloang ho Tsona

Mehleng ea baapostola ba Jesu Kreste, hangata Bakreste ba ne ba tšoarela liboka tsa bona malapeng. Libakeng tse ling ba ne ba khona ho bua lisynagogeng tsa Bajode. Ha moapostola Pauluse a le Efese o ile a fana ka lipuo ka lilemo tse peli holong ea sekolo. (Lik. 19:8-10; 1 Ba-Kor. 16:19; Filem. 1, 2) Ka ho tšoanang, karolong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo, Liithuti tsa Bibele li ne li kopanela malapeng, ka linako tse ling li ne li bua matlung a kereke a thapelo, ’me li sebelisa liholo tse ling tse ka hirisoang. Maemong a seng makae, hamorao li ile tsa reka meaho eo pele e neng e sebelisoa ke lihlopha tse ling tsa bolumeli ’me li e sebelisa ka mehla. Ho bile joalo ka moaho oa Brooklyn Tabernacle le London Tabernacle.

Empa li ne li sa hloke ebile li sa batle meaho e majaba-jaba bakeng sa liboka tsa tsona. Liphutheho tse seng kae li ile tsa reka ’me tsa nchafatsa meaho e loketseng; tse ling tsa aha liholo tse ncha. Ka mor’a 1935 lebitso Holo ea ’Muso le ile la sebelisoa hanyane ka hanyane bakeng sa ho khetholla libaka tsena tsa liboka tsa phutheho. Hangata lia khahleha empa ha li majaba-jaba. Kaho ea tsona e ka ’na ea fapana libakeng ka ho fapana, empa morero oa kaho ke ho sebelisoa.

Lenaneo le Momahaneng la Thuto

Karolong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, khōlo ea moea le mosebetsi e ne e fapana haholo liphuthehong ka ho fapana. Li ne li na le litumelo tse itseng tsa motheo tse neng li li khetholla ho Bokreste-’mōtoana. Leha ho le joalo, le hoja baena ba bang ba ne ba ananela ka ho teba mokhoa oo Jehova a fepang batho ba hae ka oona, ba bang ba ile ba khelosoa habonolo ke likhopolo tsa batho ba itseng ba neng ba na le maikutlo a botho a matla litabeng.

Pele ho lefu la hae Jesu o ile a rapella hore balateli ba hae “ba be bang”—ba be bonngoeng ho Molimo le Kreste le bonngoeng e mong ho e mong. (Joh. 17:20, 21) E ne e sa lokela ho ba bonngoe bo qobelletsoeng. Bo ne bo tla tlisoa ke lenaneo le momahaneng la thuto le thophothelang lipelong tse arabelang hamolemo. Joalokaha e ne e le khale ho boletsoe esale pele: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.” (Esa. 54:13) E le ho thabela khotso eo ka botlalo, kaofela ba ne ba hloka monyetla oa ho rua molemo thutong e tsoelang pele eo Jehova a fanang ka eona ka mocha oa hae o bonahalang oa puisano.

Ka lilemo tse ngata Liithuti tsa Bibele li ne li sebelisa meqolo e sa tšoaneng ea Studies in the Scriptures, hammoho le Bibele, e le motheo oa puisano. Ha e le hantle, seo e neng e se fupere e ne e le ‘lijo tsa moea ka nako e loketseng.’ (Matt. 24:45, NW) Leha ho le joalo, tlhahlobisiso e tsoelang pele ea Mangolo tlas’a tataiso ea moea oa Molimo e ile ea hlakisa hore ho na le ho hongata ho lokelang ho ithutoa le hore bahlanka ba Jehova ba sa ntsane ba hloka tlhoekiso e khōlō ea moea. (Mal. 3:1-3; Esa. 6:1-8) Ho phaella moo, ka mor’a ho hlongoa ha ’Muso ka 1914, boprofeta bo bongata bo ile ba phethahala ka tatellano e potlakileng, ’me bo ile ba supa mosebetsing o potlakileng oo Bakreste bohle ba ’nete ba lokelang ho kopanela ho oona. Boitsebiso bona bo nakong ba Mangolo bo ne bo fanoa nako le nako ka Molula-Qhooa.

Ha baemeli ba bang ba tsamaeang ba Mokhatlo ba hlokomela hore hase bohle ka liphuthehong ba ruang molemo lihloohong tsena, ba ile ba etsa tlhahiso ofising ea ntlo-khōlō hore liphutheho li ithute Molula-Qhooa libokeng tsa ka mehla tsa beke le beke. Tlhahiso eo e ile ea fetisetsoa ho liphutheho, ’me “Lipotso tsa Berea” tse sebelisoang bakeng sa thuto ea lihlooho tse khōlō tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) e ile ea fetoha tšobotsi e tloaelehileng ea makasine, ho qala ka tokollo ea May 15, 1922. Liphutheho tse ngata li ne li tšoara thuto e joalo hanngoe kapa habeli ka beke, empa tekanyo eo li neng li hlile li ithuta se fuperoeng ke makasine e ne e fapa-fapana. Libakeng tse ling, kaha mokhanni o ne a na le ho hongata hoo a ho buang, thuto ena e ne e nka lihora tse peli kapa ho feta.

Leha ho le joalo, ka bo-1930, tlhophiso ea puso ea Molimo e ile ea nka sebaka sa mekhoa ea phutheho ka kakaretso. Sena se ile sa susumetsa haholo tsela eo thuto ea Molula-Qhooag e neng e talingoa ka eona. Ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khōloanyane ho utloisiseng se fuperoeng ke boitsebiso bo ithutoang bo fanoeng ke Mokhatlo. Ba neng ba sebelisa liboka e le monyetla oa ho hlahisa maikutlo a botho le ba neng ba hana boikarabelo ba ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ba ile ba ikhula butle-butle. Ka thuso e bontšang mamello baena ba ile ba ithuta kamoo ba ka lekanyetsang thuto ho hora e le ’ngoe. Ka baka leo, ho ne ho fanoa ka litlhaloso tse ngatanyana; liboka e ile ea ba tse phetseng haholoanyane. Moea oa bonngoe ba sebele le oona o ile oa ba teng liphuthehong, motheong oa lenaneo le momahaneng la ho iphepa moeeng leo ho lona Lentsoe la Molimo e neng e le tekanyetso ea ’nete.

Ka 1938, Molula-Qhooa o ne o hatisoa ka lipuo tse ka bang 20. Lintho kaofela li hlahile pele ka Senyesemane. Hangata o ne o sa fumanehe ka lipuo tse ling ka likhoeli tse ’maloa, kapa mohlomong selemo, ka baka la nako e neng e hlokahala bakeng sa ho o fetolela le ho o hatisa. Leha ho le joalo, ha ho fetoloa mekhoa ea khatiso, ka bo-1980, Molula-Qhooa o ile oa hatisoa ka lipuo tse ngata ka nako e le ’ngoe. Ka 1992, liphutheho tse utloisisang lipuo leha e le life ho tse 66 li ne li khona ho ithuta boitsebiso bo tšoanang ka nako e tšoanang. Ka hona, Lipaki tsa Jehova tse ngata lefatšeng ka bophara li ja lijo tsa moea tse tšoanang beke le beke. Likarolong tsohle tse Amerika Leboea le Boroa, likarolong tse ngata tsa Europe, linaheng tse ’maloa tsa Bochabela, libakeng tse ngata Afrika, le lihleke-hlekeng tse ngata ho pota lefatše, batho ba Jehova ba thabela tokisetso ea ho iphepa moeeng ka nako e le ’ngoe. Ba ‘kopane hammoho boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.’—1 Ba-Kor. 1:10.

Manane a ba bang teng libokeng tsa tsona tsa phutheho a bontša hore Lipaki tsa Jehova li nka liboka tsa tsona ka ho teba. Italy, moo ho neng ho na le Lipaki tse mafolo-folo tse ka bang 172 000 ka 1989, lenane la ba bang teng beke le beke libokeng Holong ea ’Muso e bile 220 458. Ka lehlakoreng le leng, setsi sa K’hatholike sa khatiso se bolela hore karolo ea 80 lekholong ea Mataliana e bolela hore ke Mak’hatholike empa e bolela hore ke hoo e ka bang karolo ea 30 lekholong feela e bang teng litšebeletsong tsa kereke ka makhetlo a itseng. Ha ho talingoa ka karolelano, ho na le boemo bo tšoanang Brazil. Denmark, ho tloha ka 1989, Kereke ea Sechaba e ne e e-na le karolo ea 89,7 lekholong ea bao e leng litho, empa ke feela karolo ea bobeli lekholong e neng e e-ba teng kerekeng hanngoe ka beke! Har’a Lipaki tsa Jehova Denmark, manane a ba bang teng beke le beke nakong eo a ne a fihla ho karolo ea 94,7 lekholong. Jeremane, phuputso e entsoeng ke Allensbach Opinion Research Institute ka 1989 e bontšitse hore ke karolo ea 5 lekholong ea Maluthere le karolo ea 25 lekholong ea Mak’hatholike Federal Republic e bang teng kerekeng ka mehla. Leha ho le joalo, Liholong tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova, lenane la ba bang teng beke le beke le ne le feta lenane la Lipaki.

Hangata ba bang teng ba ’nile ba etsa boiteko bo boholo ba ho ba teng. Ka bo-1980, mosali e mong ea lilemo li 70 Kenya o ne a tsamaea lik’hilomithara tse leshome ka mehla ’me a tšela nōka hore a fihle libokeng beke le beke. E le hore Paki e ’ngoe ea Korea e lulang United States e be teng libokeng tse tšoaroang ka puo ea habo eona, nako le nako e ne e tsamaea lihora tse tharo leetong le le leng, e tsamaea ka bese, ka terene, ka seketsoana, e bile e tsamaea ka maoto. Suriname, lelapa le leng le nang le chelete e fokolang le ne le sebelisa moputso oa letsatsi kaofela bakeng sa ho lefella bese beke le beke e le hore le ka fihla libokeng. Argentina, lelapa le leng le ne le tsamaea lik’hilomithara tse 50 ’me le sebelisa karolo ea bone ea chelete ea lelapa bakeng sa ho ba teng libokeng tsa thuto ea Bibele. Moo ba bang ho kula ho ba thibelang ka ho felletseng ho ba teng libokeng tsa phutheho, hangata ho etsoa litokisetso tsa hore ba hokahanngoe ka thelefono kapa ba mamele lenaneo le hatisitsoeng theiping.

Lipaki tsa Jehova li nka ka ho teba keletso ea Bibele ea hore li se ke tsa ngala ho bokana ha tsona hammoho bakeng sa ho hahana moeeng. (Ba-Heb. 10:24, 25) ’Me ha li be teng feela libokeng tsa phutheho ea sebaka ka seng. Ho ba teng likopanong le hona ke sehlohlolo sa lenaneo la liketsahalo tsa tsona tsa selemo le selemo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hamorao liboka tsena li ile tsa bitsoa Lihlopha tsa Berea tsa Thuto ea Bibele, ho etsisoa Baberea ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba babatsoa ka baka la ho “hlahlobisisa Mangolo ka hloko.”—Lik. 17:11, NW.

b Ka baka la seo li se fupereng, liboka tsena li ne li boetse li bitsoa Liboka tsa Thapelo, Thoriso le Phihlelo. Ka baka la bohlokoa ba thapelo, ka mor’a nako ho ile ha khothalletsoa hore hanngoe ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tharo seboka e be tšebeletso ea thapelo feela, ho akarelletsoe lifela empa ho se ke ha ba le liphihlelo.

c Ka 1907 lithuso tsa ho ithuta tsa Berea li ile tsa ntlafatsoa, tsa atolosoa haholo. Khatisong ea 1908 ho ile ha phaelloa ka boitsebiso bo molemo ba maqephe a eketsehileng a ka bang 300.

d Ka linako tse ling, le ne le bitsoa Paseka e tšoantšetsang, ke hore, mokete oa lefu la Jesu Kreste, ea neng a tšoantšetsoa ke konyana ea Paseka eaba o bitsoa “Paseka ea rōna, e leng Kreste,” ho 1 Ba-Korinthe 5:7. Tumellanong le 1 Ba-Korinthe 11:20 (KJ), le ne le boetse le bitsoa Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Ka linako tse ling le ne le bitsoa “Sejo sa Mantsiboea sa Selemo le Selemo,” ka hona le lebisa tlhokomelo tabeng ea hore ke mokete oa selemo le selemo.

e Bapisa le litokollo tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) tsa March 1891, maqephe 33-4; March 15, 1907, leqephe 88; February 1, 1935, leqephe 46; le February 1, 1948, maqephe 41-3.

f Esita le pele ho 1900 pampitšana e nang le sehlooho se reng Suggestive Hints to Colporteurs e ile ea romeloa ho bohle ba ngolisitseng bakeng sa tšebeletso ena e khethehileng. Ho qala ka 1919 Bulletin e ile ea hatisoa bakeng sa ho fana ka tšusumetso tšebeletsong ea tšimo, tabeng ea pele mabapi le ho tsamaisa The Golden Age ’me hamorao mabapi le mefuta eohle e sa tšoaneng ea mosebetsi oa boevangeli.

g Ka January 1, 1909, lebitso Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence le ile la fetoleloa ho The Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. Ho qala ka October 15, 1931, lebitso lena le ile la fetoha The Watchtower and Herald of Christ’s Presence.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 237]

Liboka tse hlokang hore ho kopaneloe ka ho fana ka litlhaloso

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 238]

Eseng feela filosofi ea kelello empa lipolelo tse neng li tla susumetsa pelo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 246]

Bohle ka lapeng ba khothalletsoa ho ba teng hammoho ka mehla libokeng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 252]

Ho tiisa lenaneo la ho iphepa moeeng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 253]

Lipaki li nka liboka tsa tsona ka ho teba

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 239]

Liphutheho tsa Khale

Ka 1916, ho ne ho na le lihlopha tsa Liithuti tsa Bibele tse 1 200 lefatšeng ka bophara

Durban, Afrika Boroa, 1915 (ka holimo ho le letona); British Guiana (Guyana), 1915 (ka ho le letona bohareng); Trondheim, Norway, 1915 (ka tlaase ho le letona); Hamilton, Ont., Canada, 1912 (ka tlaase-tlaase); Ceylon (Sri Lanka), 1915 (ka tlaase ho le letšehali); India, 1915 (ka holimo ho le letšehali)

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 240, 241]

Ho Rorisa Jehova ka Lipina

Joalokaha Baiseraele ba boholo-holo le Jesu ba ne ba sebelisa lipina borapeling, ka ho tšoanang Lipaki tsa Jehova li etsa joalo kajeno. (Neh. 12:46; Mar. 14:26) Le hoja li lebisa thoriso ho Jehova le kananelo bakeng sa mesebetsi ea hae, lipina tse joalo li ’nile tsa hatisa linnete tsa Bibele ka kelellong le pelong.

Lipokello tse ngata tsa lipina li ’nile tsa sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova ho theosa le lilemo. Mantsoe a ’nile a fetoloa tumellanong le kutloisiso e tsoelang pele ea Lentsoe la Molimo.

1879: “Songs of the Bride”

(Lifela tse 144 tse hlalosang litakatso le litebello tsa monyaluoa oa Kreste)

1890: “Poems and Hymns of Millennial Dawn”

(Lithothokiso tse 151 le lifela tse 333, tse hatisitsoeng li se na ’mino. Tse ngata e ne e le tsa bangoli ba tsejoang haholo)

1896: “Molula-Qhooa” (oa Senyesemane) oa February 1 o ne o tšohla “Zion’s Glad Songs of the Morning”

(Mantsoe a lipina tse 11, tse nang le ’mino; mantsoe a ngotsoe ke Liithuti tsa Bibele)

1900: “Zion’s Glad Songs”

(Lipina tse 82, tse ngata ho tsona li ngotsoe ke Seithuti se seng sa Bibele; e le ho tlatsetsa pokello ea pejana)

1905: “Hymns of the Millennial Dawn”

(Lipina tse 333 tse hatisitsoeng ka 1890, empa li na le ’mino)

1925: “Kingdom Hymns”

(Lipina tse 80, tse nang le ’mino, haholo-holo bakeng sa bana)

1928: “Songs of Praise to Jehovah”

(Lipina tse 337, motsoako oa tse ncha tse ngotsoeng ke Liithuti tsa Bibele le lifela tsa khale. Mantsoeng a tsona, ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng ba ho itšoasolla mantsoeng a bolumeli ba bohata le borapeling ba litšoantšo)

1944: “Kingdom Service Song Book”

(Lipina tse 62. Tse ikamahantseng le litlhoko tsa tšebeletso ea ’Muso nakong eo. Ho ne ho sa lebisoe tlotla ho bangoli kapa baqapi)

1950: “Lipina Thorisong ea Jehova” (ka Senyesemane)

(Lipina tse 91. Buka ena ea lipina e ne e na le lihlooho tse ngata tse nakong ’me ea lahla puo ea boholo-holo. E ile ea fetoleloa ka lipuo tse 18)

1966: “Binang ’me le Lulueletse ka Lipelong tsa Lōna” (ka Senyesemane)

(Lipina tse 119 tse akaretsang tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo le borapeli ba Mokreste. ’Mino oo ho tsejoang hore o simolohile mehloling ea lefatše kapa ea bolumeli ba bohata o ile oa hlakoloa. Lirekoto tsa ’mino oa buka eohle li ile tsa etsoa ’me tsa sebelisoa ka ho pharalletseng libokeng tsa phutheho ho tsamaisanoa le tsona. Ho ile ha boela ha hatisoa likarolo tse itseng tse khethiloeng tsa mantsoe. Ho qala ka 1980, likhatiso tsa litokisetso tsa sehlopha sa ’mino tsa “Kingdom Melodies” li ile tsa hlahisoa e le hore batho ba ka thabela ’mino o hahang malapeng a bona)

1984: “Binelang Jehova Lithoriso”

(Lipina tsa ’Muso tse 225, tse nang le mantsoe le ’mino o qapiloeng ka ho felletseng ke bahlanka ba inehetseng ba Jehova ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše. Likhatiso tsa kramafono le lik’hasete tsa ’mino feela li ile tsa hlahisoa bakeng sa ho tsamaisana le tsona ha ho binoa)

Ho Cottage Meetings tsa khale, Liithuti tsa Bibele li ne li akarelletsa lipina tsa thoriso. Kapele ho bina ho ile ha boela ha fetoha karolo ea likopano tsa tsona. Ba bang ba ne ba bina e ’ngoe ea lipina pele ho lijo tsa hoseng, mabapi le borapeli ba hoseng, joalokaha ho ne ho etsoa ka lilemo tse ngata Bible House. Le hoja ho bina liphuthehong tsa sebaka ka seng ho ile ha lahloa hoo e ka bang ka 1938, ho ile ha tsosolosoa hape ka 1944 ’me ho ntse ho tsoela pele ho ba karolo ea bohlokoa ea liboka tsa phutheho le mananeo a kopano a Lipaki tsa Jehova.

[Setšoantšo]

Karl Klein a etelletse pele sehlopha sa ’mino ka 1947

[Krafo e leqepheng la 242]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Sehopotso sa Lefu la Kreste

Lipaki tse Mafolo-folo

Ba Bileng Teng

11 000 000

10 000 000

9 000 000

8 000 000

7 000 000

6 000 000

5 000 000

4 000 000

3 000 000

2 000 000

1 000 000

1935 1945 1955 1965 1975 1985 1992

[Setšoantšo se leqepheng la 243]

Le hoja a ne a koalletsoe a le mong ka teronkong Chaena, Harold King o ile a tsoela pele ho keteka Sehopotso

[Setšoantšo se leqepheng la 244]

Sehlopha sa Bibele sa bacha Jeremane, mathoasong a bo-1930

[Litšoantšo tse leqepheng la 244]

Switzerland, bohareng ba bo-1930, bacha ba Lipaki ba ile ba hatisa makasine ona (ka tlaase) ’me ba etsa litšoantšiso tsa Bibele sethaleng (joalokaha ho bontšitsoe ka tlaase bohareng) bakeng sa bamameli ba bangata

[Litšoantšo tse leqepheng la 247]

“Bulletin” (1919-35), “Director” (1935-36), “Informant” (1936-56), joale le “Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso” ka lipuo tse 100—kaofela li ’nile tsa fana ka thuto ea ka mehla bakeng sa tšebeletso ea tšimo e momahaneng ea Lipaki tsa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 248]

Lipontšo tse etsoang Libokeng tsa Tšebeletso li thusa Lipaki ho ntlafatsa tšebeletso ea tsona ea tšimo ea botho (Sweden)

[Setšoantšo se leqepheng la 249]

Mocha oa Paki Kenya o fumana phihlelo ka ho fana ka puo ho ntate oa hae Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 250]

Ho qala ka 1992, boitsebiso ba Bibele bo ithutoang bakeng sa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova bo ne bo hatisoa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse 66, ’me tse ngata li ntse li eketseha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela