Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv khao. 15 leq. 204-leq. 235 ser. 5
  • Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhatlo oa Pele oa Liithuti tsa Bibele
  • Ho Finyella Litlhoko tsa Pele tsa Mokhatlo o Ntseng o Hōla
  • Ho Hlophisetsa ho Boleloa ha Litaba tse Molemo
  • Mohlala o Nepahetseng Bakeng sa Mohlape
  • Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Puso ea Molimo
  • Melemo ea Tataiso ea Puso ea Molimo
  • Balebeli ba Tsamaeang ba Matlafatsa Liphutheho
  • “Motho ea Ratang Tšebeletso”
  • Litokiso tse Eketsehileng tsa Puso ea Molimo
  • Koetliso e Khethehileng Bakeng sa Balebeli
  • Ho Itlhomella Bakeng sa Keketseho e Potlakileng
  • Ho Hlophisetsoa ho Sebeletsa “Molimo oa Khotso”
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Ho Lekoa le ho Hlokoloa ka Phuthehong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Li Bolela Litaba tse Molemo li sa Khaotse (1942-1975)
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Liketsahalo Tsa Bohlokoa Historing Ea Kajeno Ea Lipaki Tsa Jehova
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 15 leq. 204-leq. 235 ser. 5

Khaolo 15

Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng

TŠEBETSO ea mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova e ’nile ea ba le liphetoho tse khōlō ho tloha ha Charles Taze Russell le metsoalle ea hae ba qala ho ithuta Bibele hammoho ka 1870. Ha Liithuti tsa Bibele tsa pele li sa ntse li fokola ka palo, li ne li e-na le ho fokolang hoo batho ba ka ntle ba neng ba ka ho talima e le ho khethollang mokhatlo. Leha ho le joalo, kajeno, ha batho ba talima liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova, likopano tsa tsona, le boboleli ba tsona ba litaba tse molemo linaheng tse fetang 200, ba hlolloa ke kamoo mokhatlo o hlophisitsoeng o sebetsang ntle ho tšitiso ka teng. O hōlile joang?

Liithuti tsa Bibele li ne li se na thahasello e matla feela ea ho utloisisa thuto ea Bibele empa li ne li boetse li thahasella mokhoa oo tšebeletso ea Molimo e lokelang ho etsoa ka oona, joalokaha Mangolo a bontša. Li ile tsa hlokomela hore Bibele ha e fane ka motheo bakeng sa baruti ba bitsoang ka litlotla tse itseng, hammoho le batho feela bao ba tlang ho ba ruta. Moena Russell o ne a ikemiselitse hore har’a bona ho ke ke ha ba le sehlopha sa baruti.a Ka Molula-Qhooa, nako le nako babali ba oona ba ne ba hopotsoa hore Jesu o bolelletse balateli ba hae sena: “Moeta-pele oa lōna o mong, ke Kreste,” empa, “Lōna kaofela le baena.”—Matt. 23:8, 10, NW.

Mokhatlo oa Pele oa Liithuti tsa Bibele

Kapele-pele babali ba Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling ba ile ba hlokomela hore e le ho khahlisa Molimo, ba lokela ho khaotsa maqhaama a bona le kereke leha e le efe e ipakang e sa tšepahale ho Molimo ka ho etelletsa litumelo le lineano tsa batho ka pele ho Lentsoe la hae le ngotsoeng. (2 Ba-Kor. 6:14-18) Empa ka mor’a ho ikhula likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana, ba ile ba ea hokae?

Tabeng e ngotsoeng e nang le sehlooho se reng “Phutheho,”b Moena Russell o ile a bontša hore kereke ea ’nete, phutheho ea Bokreste, hase mokhatlo o nang le litho tse tšehetsang litumelo tse iqapetsoeng ke batho le ba ngolisitseng mabitso a bona lethathamong le ngotsoeng la kereke. Ho fapana le hoo, o ile a hlalosa hore e bōpiloe ka batho ba “khethetseng” (kapa, ba nehetseng) nako ea bona, litalenta tsa bona, le bophelo ba bona ho Molimo, le bao ka pele ho bona ho larileng tebello ea ho kopanela ’Musong oa leholimo hammoho le Kreste. O ile a bolela hore batho bana ke Bakreste ba leng bonngoeng bo kopaneng ba lerato la Bokreste le lithahasello tse tšoanang, ba arabelang tataisong ea moea oa Molimo, le ba ikokobeletsang bohlooho ba Kreste. Moena Russell o ne a sa thahaselle ho hlahisa tokisetso e ’ngoe e itseng, ’me o ne a le khahlanong ka matla le ho tlatsetsa ka tsela leha e le efe lihlotšoaneng tsa bokhelohi tse neng li le teng har’a ba ipolelang hore ke Bakreste.

Ka nako e tšoanang, o ne a utloisisa ka botlalo tlhokahalo ea hore bahlanka ba Morena ba bokane ’moho, tumellanong le keletso e ho Ba-Heberu 10:23-25. Eena ka seqo o ile a nka maeto a ho etela le ho haha babali ba Molula-Qhooa le ho ba bokella nģa e le ’ngoe le ba bang ba leng tikolohong ea habo bona ba nang le boikutlo bo tšoanang. Mathoasong a 1881 o ile a kōpa hore ba tšoarang liboka tsa ka mehla ba tsebise ofisi ea Watch Tower hore na li tšoareloa hokae. O ile a bona bohlokoa ba ho ba hokahanya hammoho.

Leha ho le joalo, Moena Russell o ile a hatisa hore ha ba leke ho theha “mokhatlo oa lefatše.” Ho fapana le hoo, o itse, “re khomarela feela mokhatlo oa leholimo—‘oo lebitso la oona le ngotsoeng leholimong.’ (Ba-Heb. 12:23; Luka 10:20.)” Ka baka la histori ea Bokreste-’mōtoana e litšila, hangata ha ho buuoa ka “mokhatlo oa kereke” motho o ne a hopola sehlotšoana sa bokhelohi, puso ea baruti, le ho ba setho motheong oa ho amohela litumelo tse iqapetsoeng ke lekhotla la bolumeli. Kahoo, ha ho buuoa ka bona ka bobona, Moena Russell o ile a ikutloa hore lentsoe “mokhatlo” (association) le molemonyana.

O ne a hlokometse hore baapostola ba Kreste ba ne ba thehile liphutheho ’me ba khethile baholo phuthehong ka ’ngoe. Empa o ne a lumela hore Kreste o boetse o teng, le hoja a sa bonahale, le hore ke eena ea tataisang kotulo ea ho qetela ea ba tlang ho ba majalefa hammoho le eena. Ka baka la maemo, qalong Moena Russell o ne a ikutloa hore nakong ea kotulo tokisetso ea baholo e neng e le teng liphuthehong tsa Bokreste tsa lekholong la pele la lilemo ha e hlokahale.

Leha ho le joalo, ha Liithuti tsa Bibele li ntse li eketseha ka palo, Moena Russell o ile a hlokomela hore Morena o laola litaba ka mokhoa o fapaneng le seo a neng a se lebelletse. Ho ile ha hlokahala hore ho etsoe phetoho ponong. Empa e ne e tla etsoa motheong ofe?

Ho Finyella Litlhoko tsa Pele tsa Mokhatlo o Ntseng o Hōla

Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 15, 1895, hoo e ka bang ka kakaretso o ne o tšohla sehlooho se reng “Ka Nepo le ka Tlhophiso.” Ka ho tobileng, ho oona Moena Russell o ile a lumela: “Baapostola ba buile ho hongata Kerekeng ea pele mabapi le tlhophiso lipokanong tsa bahalaleli; ’me kamoo ho bonahalang ka teng ho bile le ho se tsotelle ho itseng keletsong ena e bohlale, re ikutloa hore ke ea bohlokoa bo fokolang, hobane Kereke e se e le haufi haholo le ho fela ’me kotulo ke nako ea ho arola.” Ke eng se ileng sa ba thusa ho talima keletso eo ka pono e ncha?

Sehlooho seo se ile sa lokolisa maemo a mane: (1) Ho ne ho hlakile hore khōlo ea moea ea batho ka bomong e ne e fapane. Ho bile le meleko, liteko, mathata, le likotsi tseo e neng e se bohle ba itokiselitseng ho tobana le tsona. Ka hona, ho ile ha hlokahala balebeli ba bohlale le ba masene, banna ba nang le phihlelo le tsebo, ba thahasellang ka ho teba ho hlokomela boiketlo ba moea ba bohle le ba khonang ho ba ruta ’neteng. (2) Ho ne ho hlokomelehile hore mohlape o hloka ho sireletsoa khahlanong le ‘liphiri tse apereng lekoko la nku.’ (Matt. 7:15, KJ) Ho ne ho hlokahala hore ba matlafatsoe ka ho thusoa ho fumana tsebo e phethahetseng ea ’nete. (3) Phihlelo e ne e bontšitse hore ha ho se na tokisetso ea ho khethoa ha baholo ba tlang ho sireletsa mohlape, ba bang ba ne ba tla nka boemo boo ebe ba talima mohlape joalokaha eka ke oa bona. (4) Ka ntle ho tokisetso e hlophisehileng, batho ka bomong ba tšepahalang ’neteng ba ka ’na ba fumana eka litšebeletso tsa bona ha li hlokahale ka baka la tšusumetso ea ba seng bakae ba hanyetsanang le bona.

Ka baka la sena, Molula-Qhooa o itse: “Ha re tsila-tsile ho khothalletsa Likerekec libakeng tsohle, ebang li khōlō ka palo kapa li nyenyane, keletso ea Baapostola, hore, lekhotleng le leng le le leng, ho khethoe baholo lenaneng la tsona bakeng sa ho ‘fepa’ le ho ‘hlokomela’ mohlape.” (Lik. 14:21-23; 20:17, 28) Liphutheho tsa sebaka ka seng li ile tsa latela keletso ena e utloahalang ea Mangolo. Ona e bile mohato oa bohlokoa ho thehoeng ha kaheho ea phutheho tumellanong le e neng e le teng mehleng ea baapostola.

Leha ho le joalo, tumellanong le tsela eo ba neng ba utloisisa litaba ka eona nakong eo, ho khethoa ha baholo, le ha batiakone bakeng sa ho ba thusa, ho ne ho etsoa ka voutu ea phutheho. Selemo le selemo, kapa hangata ha ho hlokahala, ho ne ho nahaneloa litšoaneleho tsa ba ka ’nang ba sebeletsa, ebe ho etsoa voutu. E ne e batla e le mokhoa o amang phutheho ka kakaretso, empa o sitisoa ke mefokolo e etselitsoeng ho sebeletsa joaloka tšireletso. Bohle ka har’a phutheho ba ne ba khothalletsoa ho hlahlobisisa ka hloko litšoaneleho tsa Bibele le ho hlalosa seo ba lumelang hore ke thato ea Morena eseng khopolo ea bona, ka ho vouta. Kaha ke ba “inehetseng ka ho felletseng” feela ba neng ba tšoaneleha ho vouta, livoutu tsa bona tse kopaneng, ha li ne li tataisoa ke Lentsoe le moea oa Morena, li ne li talingoa e le tse hlalosang thato ea Morena tabeng. Le hoja mohlomong Moena Russell a ne a sa hlokomele sena ka botlalo, ho buella ha hae tokisetso ena mohlomong ho isa bohōleng bo itseng ho ne ho sa susumetsoe feela ke boikemisetso ba hae ba ho qoba ho tšoana leha e le hofe le sehlopha se phahameng sa baruti empa hape e ne e le ka baka la semelo sa hae joaloka mocha oa Congregational Church.

Ha moqolo oa Millennial Dawn o nang le sehlooho se reng The New Creation (o hatisitsoeng ka 1904) o boetse o tšohla ka ho qaqileng mosebetsi oa baholo le mokhoa oo ba neng ba lokela ho khethoa ka oona, o ile oa lebisa tlhokomelo e khethehileng ho Liketso 14:23. Libuka tse nang le mantsoe a sehlooho tse hlophisitsoeng ke James Strong le Robert Young li ile tsa qotsoa joaloka mohloli oa boitsebiso bo tšehetsang pono ea hore polelo e reng “ba ne ba ba hlomamisitse e le baholo” (KJ) e lokela ho fetoleloa e le “ba ne ba ba khethile e le baholo ka ho phahamisa matsoho.”d Liphetolelo tse ling tsa Bibele li bile li bolela hore baholo ba ne ba ‘khethoa ka ho vouta.’ (Literal Translation of the Holy Bible ea Young; Emphasised Bible ea Rotherham) Empa ke bo-mang ba neng ba lokela ho vouta?

Hase ka mehla ho amohela pono ea hore ho vouta ho lokela ho etsoa ke phutheho eohle ho neng ho hlahisa liphello tse neng li lebelletsoe. Ba voutang e ne e lokela ho ba batho ba “inehetseng ka botlalo,” ’me kannete ba bang ba ileng ba khethoa ba ne ba finyella litšoaneleho tsa Mangolo ’me ka boikokobetso ba sebeletsa baena ba bona. Empa hangata ho vouta ho ne ho bonahatsa khetho ea botho ho fapana le Lentsoe la Molimo le moea oa hae. Ka hona, Halle, Jeremane, ha ba bang ba itseng ba neng ba nahana hore ba lokela ho khethoa e le baholo ba sa fumane maemo ao ba neng ba a batla, ba ile ba baka likhohlano tse mpe. Barmen, Jeremane, har’a bao e neng e le bo-nkhetheng ka 1927 ke banna ba neng ba hanyetsa mosebetsi oa Mokhatlo, ’me ho ne ho e-na le lerata le leholo ha ho phahamisitsoe matsoho nakong ea likhetho. Kahoo ho ile ha hlokahala hore ho fetoheloe likhethong tsa ka sekhukhung.

Morao koana ka 1916, lilemo-lemo pele ho liketsahalo tsena, Moena Russell, ka kameho e khōlō, o ne a ngotse: “Lihlopheng tse ling ho na le boemo bo tšosang ba litaba ha ho tšoeroe likhetho. Bahlanka ba Kereke ba leka ho ba babusi, bahatelli—kamoo ho bonahalang ka teng ka linako tse ling ebile e ba balula-setulo ba seboka ka morero oa ho etsa bonnete ba hore bona hammoho le metsoalle ea bona e khethehileng ba khethoa e le Baholo le Batiakone. . . . Ba bang ka lenyele ba leka ho sebelisa monyetla oa Sehlopha ka ho tšoara likhetho nakong e ’ngoe eo haholo-holo e leng molemo ho bona le metsoalle ea bona. Ba bang ba leka ho tlatsa metsoalle ea bona sebokeng, ba tlisa batho basele, ba sa nahaneng ka ho ba teng ka mehla Sehlopheng, ba mpa ba tlisoa feela ke setsoalle bakeng sa ho voutela e mong oa metsoalle ea bona.”

Na ho ne ho hlokahala feela hore ba ithute kamoo ba ka tsamaisang likhetho ka teng ntle ho tšitiso ba ipapisitse le maikutlo a phutheho ka kakaretso, kapa na ho ne ho e-na le ho hong ho itseng ho tsoang ka Lentsoeng la Molimo hoo ba neng ba e-s’o ka ba ho hlokomela?

Ho Hlophisetsa ho Boleloa ha Litaba tse Molemo

Qalong haholo, Moena Russell o ile a hlokomela hore boikarabelo bo bong ba bohlokoa ka ho fetisisa ba setho ka seng sa phutheho ea Bokreste ke mosebetsi oa boevangeli. (1 Pet. 2:9) Molula-Qhooa o ile oa hlalosa hore mantsoe a boprofeta a Esaia 61:1, a reng: ‘Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolele litaba tse molemo,’ kapa, ho ea kamoo King James Version e fetolelang mantsoe ao Jesu a a qotsitseng tabeng ena, “O ntlotselitse hore ke bolele kosepele,” ha a sebetse ho Jesu feela empa a sebetsa le ho balateli ba hae bohle ba tlotsitsoeng ka moea.—Luka 4:18.

Hoo e ka bang mathoasong a 1881, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ne o e-na le sehlooho se reng “Ho Batloa Baboleli ba 1 000.” E ne e le boipiletso bo eang ho litho tsohle tsa phutheho hore li sebelise nako leha e le efe eo li ka e khonang (halofo ea hora, hora, kapa tse peli, kapa tse tharo) bakeng sa ho kopanela ho phatlalatseng ’nete ea Bibele. Banna le basali ba se nang malapa a itšetlehileng ka bona le ba neng ba ka khona ho nehelana ka halofo ea nako ea bona kapa ho feta ka ho khetheha mosebetsing oa Morena ba ile ba khothalletsoa ho kenela mosebetsi oa ho ba baevangeli ba rekisang libuka tsa bolumeli. Selemo le selemo palo ea bona e ile ea feto-fetoha haholo, empa ka 1885 ho ne ho se ho e-na le ba ka bang 300 ba kopanelang mosebetsing ona oa barekisi ba libuka tsa bolumeli. Ba bang ba itseng le bona ba ile ba kopanela empa e le ka tekanyo e fokolang. Barekisi ba libuka tsa bolumeli ba ile ba fuoa litlhahiso tsa kamoo ba ka ntšetsang mosebetsi oa bona pele. Empa tšimo e ne e le khōlō haholo, ’me bonyane qalong, ba ne ba ikhethela tšimo ea bona ’me ba tsamaea ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng haholo-holo ha ho bonahala ho le molemo ho bona. Joale enere ha ba bokane likopanong, ba ne ba etsa liphetoho tse hlokahalang bakeng sa ho etsa boiteko bo kopanetsoeng.

Selemong seo tšebeletso ea thekiso ea libuka tsa bolumeli e qalileng ka sona, Moena Russell o ile a hatisa lipampitšana (kapa libukana) tse ’maloa hore li abjoe ntle ho tefo. E ikhethang ho tsona ke Food for Thinking Christians, eo ho ileng ha abjoa likopi tsa eona tse fetang 1 200 000 likhoeling tsa pele tse ’nè. Mosebetsi o amehang ho hlophisoeng ha khatiso le kabo ena o ile oa lebisa ho thehoeng ha Zion’s Watch Tower Tract Society e le hore ho ka hlokomeloa lintho tse hlokahalang. E le ho qoba tšitiso mosebetsing ha a se a shoele, le bakeng sa ho nolofatsa ho sebelisoa ha menehelo e tlang ho sebelisoa mosebetsing, Moena Russell o ile a etsa kōpo ea hore Mokhatlo o ngolisoe ka molao, ’me o ile oa ngolisoa ka molao ka December 15, 1884. Sena se ile sa hlahisa kofuto e hlokahalang ea molao.

Ha tlhoko e hlaha, liofisi tsa makala tsa Mokhatlo oa Watch Tower li ile tsa thehoa linaheng tse ling. Ea pele e bile London, Engelane, ka April 23, 1900. E ’ngoe, e bile Elberfeld, Jeremane, ka 1902. Lilemo tse peli hamorao, karolong e ’ngoe ea lefatše, ho ile ha hlophisoa lekala Melbourne, Australia. Ha ho ngoloa taba ena, ho na le makala a 99 lefatšeng ka bo­phara.

Le hoja ho ne ho ntse ho etsoa litokisetso tsa mokhatlo o hlophisitsoeng tse neng li hlokahala bakeng sa ho hlahisa lingoliloeng tse ngata tsa Bibele, qalong litaba li ne li tlohelletsoe matsohong a liphutheho hore li qape litokisetso leha e le life sebakeng ka seng bakeng sa ho aba boitsebiso boo phatlalatsa. Lengolong la March 16, 1900, Moena Russell o ile a bolela kamoo a talimang taba ena ka teng. Lengolo leo, le neng le ngoletsoe “Alexander M. Graham, le Kereke e Boston, Mass.,” le itse: “Joalokaha le tseba kaofela, ke morero oa ka o tiileng ho tlohela lekhotla ka leng la batho ba Morena ho itsamaisetsa litaba tsa lona, ho latela kahlolo ea lona, le ho fana ka litlhahiso, eseng ka morero oa tšitiso, empa e le keletso feela.” Sena se ne se sa akarelletse feela liboka tsa tsona empa le tsela eo li phethahatsang tšebeletso ea tsona ea tšimo ka eona. Ka hona, ka mor’a ho fa baena keletso e itseng e sebetsang, o ile a phetha ka tlhaloso e reng: “Hona e mpa e le tlhahiso feela.”

Mesebetsi e meng e ne e hloka tataiso e tobileng haholoanyane e tsoang ho Mokhatlo. Mabapi le ho bontšoa ha “Photo-Drama of Creation,” taba ea hore na phutheho ka ’ngoe e ikemiselitse le hore na e tla khona ho hira holo kapa moaho o mong bakeng sa ho e bontša sebakeng ka seng e ile ea tlohelloa matsohong a eona hore e etse qeto. Leha ho le joalo, ho ile ha hlokahala hore thepa e tlosoe motseng o mong ho isoa ho o mong, ’me ho ne ho lokela hore ho finyelloe likemiso tse entsoeng; kahoo litabeng tsena tataiso ea makhaola-khang e ne e fanoa ke Mokhatlo. Phutheho ka ’ngoe e ile ea khothalletsoa ho ba le Komiti ea Tšoantšiso bakeng sa ho hlokomela litokisetso tsa sebaka ka seng. Empa motsamaisi ea rometsoeng ke Mokhatlo o ne a lebisa tlhokomelo e hlokolosi litabeng tse itseng e le hore a ka etsa bonnete ba hore lintho tsohle li tsamaea hantle ho se tšitiso.

Ha lilemo tsa 1914 le 1915 li ntse li feta, Bakreste bao ba tlotsitsoeng ka moea ba ile ba ema ka cheseho e khōlō bakeng sa ho phethahatsoa ha tšepo ea bona ea leholimong. Ka nako e tšoanang, ba ile ba khothalletsoa ho ipoloka ba tšoarehile tšebeletsong ea Morena. Le hoja ba ne ba talima nako ea bona e setseng nameng e le khutšoanyane haholo, ho ile ha hlaka hore e le ho ntšetsa boboleli ba litaba tse molemo pele ka mokhoa o hlophisehileng, ho ne ho hlokahala tataiso e eketsehileng ho feta ha ba ne ba sa ntsane ba le makholo a seng makae feela. Nakoana ka mor’a hore J. F. Rutherford e be mopresidente oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower, tataiso eo e ile ea ba le litšobotsi tse ncha. Tokollo ea March 1, 1917, ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) e ile ea tsebisa hore ho tloha nakong eo ho ea pele, tšimo eohle e tlang ho sebetsoa ke barekisi ba libuka tsa bolumeli le basebetsi ba baalosie liphuthehong e tla abjoa ke ofisi ea Mokhatlo. Moo ho neng ho e-na le basebetsi ba sebaka ka seng le barekisi ba libuka tsa bolumeli ba kopanelang tšebeletsong ea tšimo motseng kapa naheng e itseng, ba ne ba aroleloa tšimo ke komiti e khethiloeng ea setereke sebakeng seo. Kannete tokisetso ena e ile ea tlatsetsa kabong e babatsehang ea The Finished Mystery ka likhoeli tse seng kae feela ka 1917-18. E bile ea bohlokoa ho finyelleng kabo e potlakileng ea likopi tse 10 000 000 tsa ho pepesoa ho matla ha Bokreste-’mōtoana pampitšaneng e neng e buella sehlooho se reng “Ho Oa ha Babylona.”

Nakoana ka mor’a moo, litho tsa batsamaisi ba Mokhatlo li ile tsa tšoaroa, ’me ka June 21, 1918, li ile tsa ahloleloa lilemo tse 20 teronkong. Boboleli ba litaba tse molemo bo ile ba batla bo ema tsi! Na ee e ne e le nako ea ha ba ne ba tla qetella ba kopantsoe le Morena khanyeng ea leholimo?

Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ntoa e ile ea lala. Selemong se latelang batsamaisi ba Mokhatlo ba ile ba lokolloa. Ba ne ba sa ntsane ba le nameng. Hase seo ba neng ba se lebelletse, empa ba ile ba fihlela qeto ea hore e tlameha e be Molimo o ntse a e-na le mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa lefatšeng mona.

Ba ne ba sa tsoa feta litekong tse boima tumelong ea bona. Leha ho le joalo, ka 1919, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa ba matlafatsa ka lithuto tsa Mangolo tse susumetsang tlas’a sehlooho se reng “Ho Hlohonolofalitsoe ba Hlokang Tšabo.” Li ile tsa lateloa ke sehlooho se reng “Menyetla ea Tšebeletso.” Empa baena ba ne ba sa hlokomele liketsahalo tse pharalletseng ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng tse neng li tla etsahala lilemong tse mashome tse tla latela.

Mohlala o Nepahetseng Bakeng sa Mohlape

Moena Rutherford o ne a utloisisa hore e le hore mosebetsi o tsoele pele ka tsela e hlophisehileng le e momahaneng, ho sa tsotellehe hore na nako e se e le khutšoanyane hakae, ho behela mohlape mohlala o nepahetseng ke habohlokoa. Jesu o ne a hlalositse balateli ba hae joaloka linku, ’me linku li latela molisa oa tsona. Ka ho hlakileng, Jesu ke eena Molisa ea Molemo, empa o boetse o sebelisa banna ba hōlileng, kapa baholo, e le balisa ba tlaasana ba batho ba hae. (1 Pet. 5:1-3) Baholo bao e tlameha ho ba banna ba kopanelang mosebetsing oo Jesu a faneng ka oona le ba khothalletsang ba bang ho etsa joalo. Ba tlameha hore kannete ba be le moea oa boevangeli. Leha ho le joalo, nakong ea ho abjoa ha The Finished Mystery, baholo ba bang ba ne ba qoba sena; ba bang ba itseng ba ne ba bile ba bua pepenene ba nyahamisa ba bang hore ba se ke ba kopanela ho oona.

Mohato oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho lokisa boemo bona o ile oa nkoa ka 1919 ha makasine oa The Golden Age o qala ho hatisoa. E ne e tla ba kofuto e matla ea ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo e le oona feela tharollo ea ka ho sa feleng mathateng a batho. Phutheho ka ’ngoe e neng e lakatsa ho kopanela mosebetsing ona e ile ea khothalletsoa ho kōpa Mokhatlo ho e ngolisa e le “mokhatlo oa tšebeletso.” Joale motsamaisi, kapa motsamaisi oa tšebeletso kamoo a ileng a tsejoa ka teng hamorao, ea sa khethoeng likhethong tsa selemo le selemo, o ile a khethoa ke Mokhatlo.f Joaloka moemeli oa Mokhatlo sebakeng ka seng, o ne a lokela ho hlophisa mosebetsi, a abe tšimo, ’me a khothalletse phutheho ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ka hona, hammoho le baholo le batiakone ba khethiloeng ke phutheho ka kakaretso, tokisetso ea mofuta o mong ea mokhatlo o hlophisitsoeng e ile ea qala ho sebetsa, e leng tokisetso e neng e hlokomela matla a nang le taolo ea ho khetha ka ntle ho phutheho ea sebaka ka seng le e ileng ea lebisa khatiso e khōloanyane boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.g

Lilemong tse latelang, mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o ile oa etsoa ka matla a maholo, joalokaha eka ke ka matla a sa sitoeng ke letho. Liketsahalo tse etsahetseng ka 1914 le ka mor’a moo li ne li hlakisitse hore boprofeta bo boholo boo ho bona Morena Jesu Kreste a hlalositseng bofelo ba tsamaiso ea khale boa phethahala. Ka baka la sena, ka 1920, Molula-Qhooa o ile oa hlalosa hore joalokaha ho boletsoe esale pele ho Mattheu 24:14, ena ke nako ea ho bolela litaba tse molemo tse mabapi le “bofelo ba taolo ea khale ea lintho le ho thehoa ha ’muso oa Messia.”h (Matt. 24:3-14) Ka mor’a ho ba teng kopanong ea Liithuti tsa Bibele e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, ka 1922, ba tlileng kopanong ba ile ba tsamaea ba ntse ba hopotse lepetjo lena: “Phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.” Mosebetsi oa Bakreste ba ’nete o ile oa totobala ka ho hlakileng haholoanyane ka 1931 ha ho amoheloa lebitso la Lipaki tsa Jehova.

Ho ile ha hlaka hore Jehova o abetse bahlanka ba hae mosebetsi oo kaofela ha bona ba lokelang ho kopanela ho oona. Ho ile ha ba le karabelo e mafolo-folo. Ba bangata ba ile ba etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba bona e le hore ba ka nehelana ka nako ea bona e felletseng mosebetsing ona. Esita le har’a ba neng ba nehelana ka karolo e itseng feela, ba bangata haholo ba ne ba sebelisa matsatsi a felletseng tšebeletsong ea tšimo bofelong ba beke. Ha Lipaki tsa Jehova tse ngata li arabela khothatsong e ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) le Informant ka 1938 le 1939, nakong eo li ile tsa iteka ka matla ho sebetsa lihora tse 60 khoeli le khoeli tšebeletsong ea tšimo.

Har’a Lipaki tseo tse chesehang ho bile le bahlanka ba Jehova ba ’maloa ba ikokobelitseng le ba inehetseng bao e neng e le baholo ka liphuthehong. Leha ho le joalo, libakeng tse ling, lilemong tsa bo-1920 le mathoasong a bo-1930, ho bile le khanyetso e khōlō khopolong ea hore bohle ba kopanele tšebeletsong ea tšimo. Hangata baholo ba neng ba khethiloe ke phutheho ka kakaretso ba ne ba hanyetsa pepenene seo Molula-Qhooa o se buileng ka boikarabelo ba ho bolella batho ba ka ntle ho phutheho. Ho hana ho mamela seo moea oa Molimo, ka Mangolo a Halalelang, o se bolellang phutheho tabeng ena ho ile ha sitisa moea oa Molimo hore o phalle lihlopheng tseo.—Tšen. 2:5, 7.

Ka 1932 ho ile ha nkoa mehato ea ho lokisa boemo bona. Taba ea bohlokoa haholo e ne e se hore na baholo ba itseng ba hlahelletseng ba ka khopiseha kapa hore na ba bang ho ba kopanelang le liphutheho ba ka ’na ba ikhula kapa che. Ho fapana le hoo, takatso ea baena e ne e le ho khahlisa Jehova le ho etsa thato ea hae. Ho finyella seo, litokollo tsa August 15 le September 1 tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) selemong seo li ile tsa buella sehlooho se reng “Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova.”

Lihlooho tseo li ile tsa bontša ka ho toba hore bohle bao kannete e leng karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ba tla etsa mosebetsi oo Lentsoe la hae le boletseng hore o tlameha ho etsoa nakong ena. Lihlooho tsena li ile tsa buella pono ea hore ho ba ha Mokreste moholo hase tšebeletso eo motho a ka e khetheloang empa ke boemo bo finyelloang ka baka la khōlo ea moea. Ho ile ha lebisoa khatiso e khethehileng thapelong ea Jesu ea hore balateli ba hae ba be “bang”—kamanong le Molimo le Kreste, ka hona ba be bonngoeng e mong ho e mong ho etseng thato ea Molimo. (Joh. 17:21) ’Me phello e bile efe? Sehlooho sa bobeli se arabetse ka hore “e mong le e mong oa masala e tlameha ho ba paki ea lebitso le ’muso oa Jehova Molimo.” Bafe kapa bafe ba hlōlehang kapa ba hanang ho etsa seo ba ka se khonang ho kopanela bopaking ba phatlalatsa e ne e ke ke ea ba balebeli.

Qetellong ea thuto ea lihlooho tsena, liphutheho li ile tsa khothalletsoa ho romela qeto e bontšang hore li lumellana le sena. Ka hona, tokisetso ea phutheho ea selemo le selemo ea ho khetha baholo le batiakone e ile ea felisoa. Belfast, Ireland Leboea, joaloka libakeng tse ling, ba bang bao pele e neng e le “baholo ba khethiloeng” ba ile ba lahla phutheho; batho ba bang ba neng ba na le pono e kang ea bona ba ile ba tsamaea le bona. Sena se ile sa etsa hore lenane la liphutheho le fokotsehe empa sa etsa hore mokhatlo ka kakaretso o matlafale. Ba ileng ba sala ke batho ba neng ba ikemiselitse ho jara boikarabelo ba Bokreste ba ho paka. Ho e-na le ho voutela baholo, liphutheho—li ntse li sebelisa mokhoa oa ho khetha ha phutheho ka kakaretso—li ile tsa khetha komiti ea tšebeletsoi e bōpiloeng ka banna ba hōlileng moeeng ba neng ba kopanela ka mafolo-folo bopaking ba phatlalatsa. Litho tsa phutheho li ile tsa boela tsa voutela molula-setulo ea tla etella pele libokeng tsa tsona hammoho le mongoli le ramatlotlo. Banna bana kaofela e ne e le lipaki tse mafolo-folo tsa Jehova.

Kaha bolebeli ba phutheho bo ne bo se bo behiloe tlhokomelong ea banna ba sa thahaselleng feela boemo ba bona ba botho empa ba thahasella ho etsa mosebetsi oa Molimo—ho pakela lebitso le ’Muso oa hae—le ba neng ba beha mohlala o motle ka ho kopanela ho oona, mosebetsi o ile oa tsoela pele ho se tšitiso. Le hoja ba ne ba sa tsebe nakong eo, ho ne ho e-na le ho hongata ho lokelang ho etsoa, bopaki bo pharalletseng haholoanyane ho feta bo neng bo se bo fanoe, ho bokelloa ha batho hoo ba neng ba sa ho lebella. (Esa. 55:5) Ka ho hlakileng Jehova o ne a ba hlomella bakeng sa hona.

Ba seng bakae ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng ba ne ba qala ho kopanela le bona.j Leha ho le joalo, Bibele e boletse esale pele ka ho bokelloa ha letšoele le leholo (kapa, bongata bo boholo) ka morero oa ho le boloka mahlomoleng a maholo a tlang. (Tšen. 7:9-14) Ka 1935 ho ile ha hlaka hore na letšoele lena le leholo ke bo-mang. Liphetoho tse bileng teng ho khethoeng ha balebeli ka bo-1930 li ile tsa hlomella mokhatlo o hlophisitsoeng hamolemonyana bakeng sa ho hlokomela mosebetsi oa ho ba bokella, ho ba ruta, le ho ba koetlisa.

Ho Lipaki tsa Jehova tse ngata, mosebetsi ona o pharalletseng e bile ketsahalo e hlollang. Tšebeletso ea tsona ea tšimo e ile ea ba le moelelo o mocha. Leha ho le joalo, tse ling li ne li sa chesehele boboleli. Li ile tsa qoba ho kopanela mosebetsing, ’me tsa leka ho lokafatsa ho hloka mafolo-folo ha tsona ka ho pheha khang ea hore letšoele le leholo le ke ke la bokelloa ho fihlela ka mor’a Armageddone. Empa tse ngata li ile tsa hlokomela monyetla o eketsehileng oa ho bonahatsa botšepehi ba tsona ho Jehova le lerato la tsona ho batho ba bang.

Batho ba bongata bo boholo ba ile ba kenella joang kahehong ea mokhatlo o hlophisitsoeng? Ba ile ba bontšoa mosebetsi oo Lentsoe la Molimo le o abetseng “mohlatsoana” oa ba tlotsitsoeng ka moea, ’me ka thabo ba ile ba sebetsa tumellanong le tokisetso eo. (Luka 12:32-44) Hape ba ile ba ithuta hore, ho tšoana le ba tlotsitsoeng ka moea, ba na le boikarabelo ba ho arolelana le ba bang litaba tse molemo. (Tšen. 22:17) Kaha ba ne ba batla ho ba bafo ba ’Muso oa Molimo lefatšeng, ’Muso oo o lokela ho tla pele bophelong ba bona, ’me ba lokela ho cheseha ho bolelleng ba bang ka oona. Bakeng sa ho tšoaneloa ke tlhaloso ea Bibele ea ba neng ba tla bolokoa ho pholletsa le mahlomola a maholo hore ba kene lefatšeng le lecha la Molimo, e tlameha ho ba batho ba ‘hooang ka lentsoe le phahameng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le ea Konyana.’ (Tšen. 7:10, 14) Ka 1937, ha lenane la bona le qala ho eketseha ’me cheseho ea bona bakeng sa Morena e bonahala, le bona ba ile ba mengoa hore ba jare moroalo oa boikarabelo bolebeling ba phutheho.

Leha ho le joalo, ba ile ba hopotsoa hore mokhatlo o hlophisitsoeng ke oa Jehova, hase oa motho ofe kapa ofe. Ho ne ho sa lokela ho ba le karohano pakeng tsa masala a ba tlotsitsoeng ka moea le batho ba bongata bo boholo ba linku tse ling. Ba ne ba lokela ho sebetsa hammoho joaloka baena le bo-khaitseli tšebeletsong ea Jehova. Joalokaha Jesu a ne a boletse, “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” (Joh. 10:16) Bonnete ba sena bo ne bo ntse bo hlokomeleha.

Ho ne ho etsahetse liketsahalo tse makatsang ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng ka nako e batlang e le khutšoanyane. Empa na ho ne ho sa ntsane ho hlokahala hore ho etsoe ho hong ho eketsehileng e le hore litaba tsa liphutheho li ka tsamaisoa ka tumellano e felletseng le litsela tsa Jehova joalokaha li boletsoe ka Lentsoeng la hae le bululetsoeng?

Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Puso ea Molimo

Lentsoe la Senyesemane “theocracy” le bolela “puso ea Molimo.” Na ke eona puso ea mofuta oo e neng e laola liphutheho? Na li ne li sa rapele Jehova feela empa li bile li retelehela ho eena bakeng sa ho tataisa litaba liphuthehong? Na li ne li ikamahantse ka botlalo le seo a se buileng litabeng tse ka Lentsoeng la hae le bululetsoeng? Sehlooho se nang le likarolo tse peli sa “Mokhatlo o Hlophisitsoeng” se hlahileng ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa June 1 le 15, 1938, se boletse tjena ka ho tobileng: “Ho hang mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ha o tlas’a taolo ea phutheho ka kakaretso. Jehova o phahame ka ho fetisisa, ’me puso ea hae kapa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o tsamaisoa ho latela puso ea Molimo ka ho felletseng.” Leha ho le joalo, liphuthehong tsa sebaka ka seng tsa Lipaki tsa Jehova nakong eo, ho ne ho ntse ho sebelisoa mekhoa ea phutheho ka kakaretso ha ho khethoa ba bangata ho ba neng ba fuoa boikarabelo ba ho hlokomela liboka le tšebeletso ea tšimo. Ho ne ho loketse hore ho be le liphetoho tse eketsehileng.

Empa na Liketso 14:23 e ne e sa bontša hore baholo ka har’a liphutheho ba lokela ho khetheloa tšebeletso ka ‘ho sarolloa ha matsoho,’ joalokaha ho voutuoa? Tsa pele tsa lihlooho tseo tsa Molula-Qhooa tse nang le sehlooho se reng “Mokhatlo o Hlophisitsoeng” li ile tsa lumela hore temana ena e ne e sa utloisisoe nakong e fetileng. Likhetho li ne li sa etsoe ka hore litho tsohle tsa phutheho li ‘sarolle matsoho’ har’a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo. Ho e-na le hoo, ho ile ha bontšoa hore baapostola le ba fuoeng taelo ke bona ke bona ba neng ba ‘sarolla matsoho a bona.’ Sena se ne se sa etsoe ka hore phutheho e kopanele voutung empa se ne se etsoa ka ho beha batho ba tšoanelehang matsoho. Lena e ne e le letšoao la tiiso, tumello, kapa khetho.k Ka linako tse ling liphutheho tsa pele tsa Bokreste li ne li etsa lipuello tsa banna ba tšoanelehang, empa khetho ea ho qetela kapa tumello e ne e fanoa ke baapostola, ba neng ba fuoe taelo e tobileng ke Kreste, kapa e fanoa ke ba fuoeng taelo ke baapostola. (Lik. 6:1-6) Molula-Qhooa o ile oa lebisa tlhokomelo tabeng ea hore ke feela mangolong a neng a ea ho balebeli ba nang le boikarabelo (Timothea le Tite), moo moapostola Pauluse, tlas’a tataiso ea moea o halalelang, a ileng a fana ka litaelo tsa ho khetha balebeli. (1 Tim. 3:1-13; 5:22; Tite 1:5) Ha ho mangolo a bululetsoeng a lebisitsoeng liphuthehong a neng a e-na le litaelo tse joalo.

Ka hona, ho khetheloa libaka tsa tšebeletso ka har’a liphutheho ho ne ho tla etsoa joang? Tlhahlobisiso ea Molula-Qhooa ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo e bontšitse ka Mangolong hore Jehova o khethile Jesu Kreste hore e be “hlooho ea . . . phutheho”; hore ha Kreste joaloka Morena a khutla, o tla neha ‘mohlanka oa hae ea khabane le ea bohlale’ boikarabelo “holim’a mesebetsi ea hae eohle”; hore mohlanka enoa ea khabane le ea bohlale o bōpiloe ka bohle ba leng lefatšeng ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang hore e be majalefa hammoho le Kreste le ba sebetsang ba kopane tlas’a tataiso ea hae; le hore Kreste o tla sebelisa sehlopha seo sa mohlanka joaloka kofuto ea hae ea ho fana ka tlhokomelo e hlokahalang bakeng sa liphutheho. (Ba-Kol. 1:18; Matt. 24:45-47; 28:18) E ne e tla ba mosebetsi oa sehlopha sa mohlanka ho sebelisa ka tieo litaelo tse boletsoeng ka ho hlaka ka Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng, a le sebelisa ho hlokomela hore na ke bo-mang ba tšoanelehang bakeng sa maemo a tšebeletso.

Kaha kofuto e bonahalang e neng e tla sebelisoa ke Kreste ke mohlanka ea khabane le ea bohlale (’me linnete tsa histori ea kajeno tse seng li hlahlobiloe li bontša hore “mohlanka” enoa o sebelisa Mokhatlo oa Watch Tower joaloka kofuto ea molao), Molula-Qhooa o hlalositse hore mokhoa oa puso ea Molimo o tla hloka hore ho khethoa bakeng sa tšebeletso ho etsoe ka kofuto ena. Feela joalokaha liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo li ne li hlokomela sehlopha se busang se Jerusalema, ka ho tšoanang le kajeno liphutheho li ke ke tsa atleha ka ntle ho tlhokomelo e tsoang mohloling o le mong.—Lik. 15:2-30; 16:4, 5.

Leha ho le joalo, e le ho talima litaba ka pono e loketseng, ho ile ha hlalosoa hore ha Molula-Qhooa o bua ka “Mokhatlo,” sena ha se bolele kofuto ea molao feela tjee, empa se bolela sehlopha sa Bakreste ba inehetseng ba bōpang kofuto eo ea molao le ho e sebelisa. Kahoo lebitso lena le ne le sebetsa ho mohlanka ea khabane le ea bohlale hammoho le Sehlopha sa hae se Busang.

Esita le pele lihlooho tsa Molula-Qhooa tse nang le taba e ngotsoeng e reng “Mokhatlo o Hlophisitsoeng” li hatisoa ka 1938, ha liphutheho tse London, New York, Chicago, le Los Angeles li se li hōlile ho isa bohōleng ba hore ho hlokahale hore li aroloe ka lihlotšoana tse nyenyane, li ne li kōpile hore Mokhatlo o khethe bahlanka ba tsona kaofela. Tokollo ea June 15, 1938, ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) joale e ile ea khothalletsa liphutheho tse ling tsohle hore li nke khato e tšoanang. Ho finyella seo, ho ile ha etsoa tlhahiso ea qeto e latelang:

“Rōna, lekhotla la batho ba Molimo le khethetsoeng lebitso la hae, leo joale le seng le le . . . . . . . . . . . . , rea hlokomela hore ’muso oa Molimo ke puso e hloekileng le hore Kreste Jesu o tempeleng ka tlhokomelo eohle le taolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang, hammoho le o sa bonahaleng, le hore ‘MOKHATLO’ ke moemeli ea bonahalang oa Morena lefatšeng, ka hona re kōpa hore ‘Mokhatlo’ o hlophise lekhotla lena bakeng sa tšebeletso le ho khetha bahlanka ba sa tšoaneng ka har’a lona, e le hore kaofela ha rōna re ka sebetsa hammoho ka khotso, ho loka, kutloano le bonngoe bo felletseng. Mona re kopanyelletsa lethathamo la mabitso a batho ba leng lekhotleng lena bao ho rōna ba bonahalang ba hōlile ka ho felletseng tsebong le bao ho bonahalang ba tšoaneleha hamolemo hore ba ka khetheloa maemo a boletsoeng bakeng sa tšebeletso.”l

Hoo e ka bang liphutheho tsohle tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa amohela sena li sa tsila-tsile. Tse seng kae tse ileng tsa qoba sena kapele-pele li ile tsa khaotsa ho kopanela ka tsela leha e le efe boboleling ba ’Muso eaba li khaotsa ho ba Lipaki tsa Jehova.

Melemo ea Tataiso ea Puso ea Molimo

Ho hlakile hore haeba lithuto, litekanyetso tsa boitšoaro, le mekhoa ea tlhophiso kapa ea bopaki e ka etsetsoa liqeto phuthehong ka ’ngoe, kapele mokhatlo o hlophisitsoeng o ne o tla lahleheloa ke litšobotsi tse o khethollang le bonngoe ba oona. Baena ba ne ba ka arohanngoa habonolo ke liphapang tsa sechaba, litloaelo le bochaba. Ka lehlakoreng le leng, tataiso ea puso ea Molimo e ne e tla etsa bonnete ba hore melemo e tsoang tsoelo-peleng ea moea e finyella ho liphutheho tsohle lefatšeng ka bophara ntle ho tšitiso. Ka hona ho ne ho tla ba le bonngoe ba sebele boo Jesu a rapelletseng hore bo be teng har’a balateli ba hae ba ’nete, ’me mosebetsi oa boevangeli oo a o laetseng o ne o ka phethahatsoa ka botlalo.—Joh. 17:20-22.

Leha ho le joalo, ba bang ba ’nile ba bolela hore ka ho buella phetoho ena ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng, J. F. Rutherford o ne a mpa a leka ho fumana taolo e khōlō holim’a Lipaki le hore o ile a sebelisa kofuto ena bakeng sa ho tiisa matla a hae. Na ho ne ho hlile ho le joalo? Ha ho pelaelo hore Moena Rutherford e ne e le monna ea nang le kholiseho e matla. O ne a bua ka matla ’me a sa sekisetse ho seo a neng a lumela hore ke ’nete. Ha a hlokomela hore batho ba amehile ka bobona ho feta mosebetsi oa Morena o ne a ba bohale haholo ha a sebetsana le maemo. Empa kannete Moena Rutherford o ne a ikokobelitse ka pel’a Molimo. Ho joalokaha Karl Klein, ea ileng a fetoha setho sa Sehlopha se Busang ka 1974, a ngotse hamorao: “Lithapelo tsa Moena Rutherford borapeling ba hoseng . . . li ile tsa etsa hore ke mo rate. Le hoja a ne a e-na le lentsoe le matla, ha a bua le Molimo o ne a utloahala feela joaloka moshanyana ha a bua le ntat’ae. Seo se senotse kamano e ntle hakaakang le Jehova!” Moena Rutherford o ne a kholisehile ka botlalo mabapi le litšobotsi tse khethollang mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova, ’me o ile a leka ho etsa bonnete ba hore ha ho monna kapa sehlopha sa banna se ka sitisang baena sebakeng ka seng ho fumana molemo o felletseng lijong tsa moea le tataisong eo Jehova a fanang ka eona bakeng sa bahlanka ba Hae.

Le hoja Moena Rutherford a sebelelitse ka lilemo tse 25 e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ’me a sebelisa matla ’ohle a hae ho ntšetseng pele mosebetsi oa mokhatlo o hlophisitsoeng, e ne e se moeta-pele oa Lipaki tsa Jehova, ’me o ne a sa batle ho ba eena. Kopanong e neng e tšoaretsoe St. Louis, Missouri, ka 1941, nakoana pele a e-shoa, o ile a bua ka taba ea boeta-pele, a re: “Ke batla ho tsebisa batho leha e le bafe basele ba leng teng mona seo le se nahanang ka hore motho e be moeta-pele oa lōna, e le hore ba tle ba se ke ba lebala. Nako le nako ha ho hlaha ntho e itseng ’me e qala ho hōla, ba re ke motho ea itseng eo e leng moeta-pele ea nang le balateli ba bangata. Haeba har’a lōna mona ho na le motho ea nahanang hore ’na, monna enoa ea emeng mona, ke moeta-pele oa lipaki tsa Jehova, ha a re E.” Ho ile ha thola ha re tu, ho fihlela ha ho utloahala “Che” e matla ho ba ’maloa ba neng ba le har’a bamameli. Sebui se ile sa tsoela pele: “Haeba lōna ba leng mona le lumela hore ke mpa ke le e mong oa bahlanka ba Morena, ’me re sebetsa mahetla a bapile ka kutloano, ho sebeletsa Molimo le Kreste, ereng E.” Bamameli ba ile ba ba ntsoe-leng ha ba tleroha ’me ba re “E!” e tiileng. Khoeling e latelang bamameli ba leng Engelane ba ile ba arabela ka tsela e tšoanang hantle.

Libakeng tse ling melemo ea tlhophiso ea puso ea Molimo e ile ea utloahala kapele. Libakeng tse ling, ho ile ha nka nako e teletsana; ka mor’a nako ba sa kang ba ipaka e le bahlanka ba hōlileng tsebong, le ba ikokobelitseng ba ile ba tlosoa, ’me ha khethoa ba bang.

Leha ho le joalo, ha mekhoa ea puso ea Molimo e ntse e tiea ka ho eketsehileng haholoanyane, Lipaki tsa Jehova li ile tsa thabela ho latsoa se boletsoeng esale pele ho Esaia 60:17. Ha Jehova a sebelisa mantsoe a tšoantšetso bakeng sa ho bontša maemo a ntlafetseng a neng a tla ba teng har’a bahlanka ba Molimo o re ho eona: “Ke tla tlisa gauda bakeng sa koporo, silevera bakeng sa tšepe, le koporo bakeng sa lehong, le tšepe bakeng sa majoe, ’me ke tla u fa khotso e be ’musi oa hao, ’me ho loka e be moahloli oa hao.” Sena ha se hlalose se neng se tla etsoa ke batho, empa ho fapana le hoo, seo Molimo a neng a tla se etsa le melemo eo bahlanka ba hae ba neng ba tla e fumana ha ba ikokobeletsa sona. Khotso e tlameha ho ba teng har’a bona. Lerato la ho loka e tlameha ho ba matla a ba susumelletsang ho sebeletsa.

Maud Yuille, mosali oa molebeli oa lekala, ea tsoang Brazil, o ile a ngolla Moena Rutherford: “Sehlooho sa ‘Mokhatlo o Hlophisitsoeng’ se hlahileng ho [Melula-Qhooa (ka Senyesemane)] tsa June 1 le 15 [1938] se ntšusumelletsa ho u bolella ka mantsoe a seng makae, uena eo Jehova a sebelisang tšebeletso ea hae e tšepahalang, teboho ea ka ho Jehova ka tokisetso e hlollang eo a e entseng bakeng sa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang, joalokaha e boletsoe likhatisong tsena tse peli tsa Molula-Qhooa. . . . Ke topollo e kaakang ho bona ho felisoa ha ‘Boipuso ba Lefeela’, ho akarelletsa le ‘mokhatlo oa litokelo tsa basali’ le mokhoa o mong oo e seng oa Mangolo o neng o entse hore batho ba bang ba latele likhopolo tsa sebaka ka seng le kahlolo ea botho, ho e-na le ho latela [Jehova Molimo le Jesu Kreste], ’me ka ho etsa joalo ba tlisetsa lebitso la Jehova thohako. Ke ’nete hore ‘ke feela nakong e khutšoaane e sa tsoa feta Mokhatlo o itseng bohle ba ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng ke “bahlanka”’, leha ho le joalo kea hlokomela hore ka lilemo tse ngata pejana ho nako eo, ha u buisana le baena ka mangolo u ’nile ua ipitsa ‘moena le mohlanka oa habo lōna, ka lereko la Hae’.”

Lekala le leng Lihleke-hlekeng tsa Brithani le tlalehile tjena mabapi le phetoho ena e entsoeng ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng: “Phello e molemo eo sena se bileng le eona e ne e makatsa haholo. Tlhaloso ea sena ea thothokiso le ea boprofeta ho Esaia khaolo ea mashome a tšeletseng e tletse bokheleke empa ha e fetelletse litaba. E mong le e mong ea leng ’neteng o ne a bua ka eona. E ne e le sona sehlooho se seholo sa puisano. Ho bile le boikutlo bo akaretsang ba ho hlasimoloha—boikemisetso ba ho ntšetsa pele ntoa e reriloeng hantle. Ha tsitsipano e ntse e eketseha lefatšeng, thabo e ile ea khaphatseha tlas’a puso ea Molimo.”

Balebeli ba Tsamaeang ba Matlafatsa Liphutheho

Maqhaama ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng a ile a tiea ka ho eketsehileng ka baka la tšebeletso ea balebeli ba tsamaeang. Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a kopanela ka mokhoa o ikhethang mosebetsing o joalo. Ka linako tse ling, banna ba kang Barnabase, Timothea, le Tite le bona ba ile ba kopanela. (Lik. 15:36; Ba-Fil. 2:19, 20; Tite 1:4, 5) Kaofela ha bona e ne e le baevangeli ba chesehang. Ho phaella moo, ba ne ba khothatsa liphutheho ka lipuo tsa bona. Ha ho hlaha litaba tse neng li ka ama bonngoe ba liphutheho, li ne li lebisoa ho sehlopha se busang se ka sehloohong. Joale, “ha ba ntse ba e-ea le metse,” ba fuoeng boikarabelo “ba ne ba laela baena ho boloka melao e beiloeng ke baapostola le baholo ba Jerusalema.” Phello e bile efe? “Likereke [liphutheho] li ne li itiisa tumelong, ’me li ne li anafala ka matsatsi ’ohle.”—Lik. 15:1–16:5; 2 Ba-Kor. 11:28.

Hona lilemong tsa bo-1870, Moena Russell o ne a etela lihlopha tsa Liithuti tsa Bibele—tsa ba babeli le ba bararo hammoho le tse khōlō—bakeng sa ho li haha moeeng. Baena ba bang ba seng bakae ba ile ba kopanela ka bo-1880. Joale, ka 1894, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa hore Mokhatlo o etse hore libui tse tšoanelehang li nke maeto a eketsehileng ho thusa Liithuti tsa Bibele ho hōla tsebong le kutloisisong ea ’nete le ho li atametsa haufi-ufi e mong ho e mong.

Ha ho khoneha, sebui se ne se qeta letsatsi kapa mohlomong matsatsi a seng makae le sehlopha se itseng, se fana ka puo ea phatlalatsa e le ’ngoe kapa tse peli ebe se etela lihlotšoana tse nyenyane le batho ka bomong bakeng sa ho buisana ka lintho tse ling tse tebileng haholoanyane tsa Lentsoe la Molimo. Ho ile ha etsoa boiteko ba hore sehlopha ka seng United States le Canada se eteloe habeli ka selemo, le hoja hangata se sa eteloe ke moena a le mong. Ha ho khethoa libui tsena tse tsamaeang, ho ne ho hatisoa bonolo, boikokobetso, le kutloisiso e hlakileng ea ’nete hammoho le ho e khomarela ka botšepehi le tsebo ea ho e ruta ka ho hlakileng. Ho hang tšebeletso ea tsona e ne e se e lefshoang. Li ne li mpa li fuoa lijo le marobalo ke baena sebakeng ka seng, ’me ha ho hlokahala, Mokhatlo o ne o li thusa ka litšenyehelo tsa lipalangoang. Li ile tsa tsejoa e le batsamai.

Ba bangata ho baemeli bana ba Mokhatlo ba tsamaeang ba ne ba ratoa haholo ke bao ba ba sebeletsang. A. H. Macmillan, ea tsoang Canada, o hopoloa joaloka moena eo ho eena Lentsoe la Molimo le ipakileng e le “mollo o chesang.” (Jer. 20:9) Ho ne ho hlokahala feela hore a bue ka lona, ’me o ile a fela a etsa joalo, a sa bue feela le bamameli ba leng Canada empa hape le ba leng likarolong tse ngata tsa United States le linaheng tse ling. William Hersee, motsamai e mong, o hopoloa ka lerato ka baka la tlhokomelo ea hae e khethehileng ho bacha. Lithapelo tsa hae le tsona li bile le phello ea nako e telele hobane li ne li bonahatsa bomoea bo neng bo ama lipelo tsa bacha le batho ba baholo ka ho tšoanang.

Linakong tsa pele maeto a batsamai a ne a se bonolo. Ka mohlala, e le hore a sebeletse sehlopha se leng haufi le Klamath Falls, Oregon, Edward Brenisen o ile a tsamaea pele ka terene, eaba o tsamaea bosiu ka kariki e huloang ke lipere, ’me qetellong a tsamaea ka kariki e mabili a mane e khohlopang masapo ho ea lithabeng tse leng polasing eo ba neng ba lokela ho kopana ho eona. Hoseng ka meso, letsatsi ka mor’a seboka sa bona, moena o ile a mo fa pere hore a e palame lik’hilomithara tse ka bang 100 ho ea fihla seteisheneng se haufinyane sa terene e le hore a ka ea kabelong ea hae e latelang. E ne e le bophelo bo hoehlisang ka thata, empa boiteko ba batsamai bo ile ba hlahisa liphello tse molemo. Batho ba Jehova ba ile ba matlafala, ba momahanngoa kutloisisong ea bona ea Lentsoe la Molimo, ’me ba atametsoa haufi-ufi e mong ho e mong le hoja libaka tseo ba phelang ho tsona li ne li qaqolohane haholo.

Ka 1926, Moena Rutherford o ile a qala ho sebelisa litokisetso tse ileng tsa fetola mosebetsi oa batsamai oa ho ba feela libui tse tsamaeang hore e be batsamaisi le bakhothalletsi ba tsamaeang ba tšebeletso ea tšimo ea liphutheho. E le ho hatisa boikarabelo ba bona bo bocha, ka 1928 ba ne ba bitsoa batsamaisi ba tšebeletso ba lebatooa. Ba ne ba sebetsa ’moho le baena sebakeng ka seng, ba ba fa thupelo ea botho tšebeletsong ea tšimo. Nakong ena ba ile ba khona ho fihla phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe United States le linaheng tse ling hoo e ka bang hanngoe ka selemo, empa ka nako e tšoanang ba ntse ba iteanya le batho ka bomong le lihlopha tse nyenyane tse neng li e-s’o hlophisoe bakeng sa tšebeletso.

Lilemong tse latelang, mosebetsi oa balebeli ba tsamaeang o ile oa ba le liphetoho tse fapa-fapaneng.a O ile oa matlafatsoa haholo ka 1938 ha bahlanka bohle ba liphutheho ba khethoa ho latela puso ea Molimo. Ho etela liphutheho nako le nako lilemong tse seng kae tse latelang ho ile ha bula monyetla oa ho fana ka koetliso ea botho ho bahlanka ka bomong ba khethiloeng ’me ha eketsa thuso e fuoang bohle tšebeletsong ea tšimo. Ka 1942, pele balebeli ba tsamaeang ba romeloa hape liphuthehong, ba ile ba fuoa thupelo e pharalletseng sekolong; ka baka leo, mosebetsi oa bona o ile oa phethoa ka momahano e khōloanyane. Maeto a bona e ne e le a makhutšoaane haholo (letsatsi ho isa ho a mararo, ho itšetlehiloe ka boholo ba phutheho). Nakong eo ba ne ba hlahloba likarete tsa phutheho, ba kopana le bahlanka bohle bakeng sa ho fana ka keletso leha e le efe e hlokahalang, ba fana ka puo e le ’ngoe kapa tse peli phuthehong, ’me ba etella pele tšebeletsong ea tšimo. Ka 1946 maeto a ile a lelefatsoa hore a nke beke e le ’ngoe bakeng sa phutheho ka ’ngoe.

Tokisetso ena ea ho etela liphutheho e ile ea entšoa ka 1938 ka tšebeletso ea mohlanka oa lebatooa ea seng a etsa mosebetsi o mocha. O ne a akaretsa sebaka se seholoanyane, nako le nako a qeta beke le baena ka bomong ba neng ba nka maeto libakeng (potolohong) tse itseng bakeng sa ho etela liphutheho. Nakong ea ketelo ea hae o ne a sebeletsa lenaneong la kopano eo liphutheho tsohle tse leng sebakeng seo li neng li ba teng ho eona.b Tokisetso ena e bile tšusumetso e matla ho baena ’me ea bula monyetla oa ka mehla bakeng sa ho kolobetsoa ha barutuoa ba bacha.

“Motho ea Ratang Tšebeletso”

Har’a ba neng ba kopanela tšebeletsong ena ho qala ka 1936 ke John Booth, eo, ka 1974, a ileng a fetoha setho sa Sehlopha se Busang. Ha ho buisanoa le eena joaloka eo e tlang ho ba motsamaisi ea tsamaeang, o ile a bolelloa: “Libui tse kheleke hase sona se hlokahalang, ho hlokahalang ke feela motho ea ratang tšebeletso le ea tlang ho etella pele ho eona le ea tlang ho bua ka tšebeletso libokeng.” Moena Booth o ne a e-na le lerato le joalo bakeng sa tšebeletso ea Jehova, joalokaha ho pakoa ke tšebeletso ea hae e chesehang ea bopula-maliboho ho tloha ka 1928, ’me o ile a susumelletsa ba bang ho ba le cheseho ea ho bolela evangeli ka ho beha mohlala o motle le ka mantsoe a khothatso.

Phutheho ea pele eo a ileng a e etela, ka March 1936, ke ea Easton, Pennsylvania. Hamorao o ile a ngola: “Ke ne ke atisa ho fihlela sebakeng se itseng ka nako bakeng sa tšebeletso ea tšimo hoseng, ke tšoare seboka le bahlanka ba lekhotla motšehare oa mantsiboea ’me ka mor’a moo ebe ke tšoara seboka le lekhotla ka kakaretso. Hangata ke ne ke qeta matsatsi a mabeli feela le lekhotla le itseng ebe ke qeta letsatsi le le leng feela le sehlotšoana se senyenyane, ka linako tse ling ke ne ke etela lihlopha tse joalo tse tšeletseng ka beke. Ke ne ke lula ke tsamaea ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng.”

Lilemo tse peli hamorao, ka 1938, joaloka mohlanka oa lebatooa o ile a abeloa ho hlokomela kopano ea sebaka (eo joale e tsejoang e le kopano ea potoloho) beke e ’ngoe le e ’ngoe. Likopano tsena li ne li matlafatsa baena nakong eo ka eona mahloriso a neng a ntse a tōta libakeng tse ling. Ha a hopola matsatsi ao le boikarabelo ba hae bo fapa-fapaneng, Moena Booth o itse: “Bekeng [eo ka eona ke neng ke le paki nyeoeng e neng e ama Lipaki tse ka bang 60 Indianapolis, Indiana] ke ne ke le moqosuoa nyeoeng e ’ngoe Joliet, Illinois, ke le ’muelli oa moena ho e ’ngoe Madison, Indiana, ’me ho phaella moo, ke ikarabella bakeng sa kopano ea sebaka bofelong ba beke ka ’ngoe.”

Lilemo tse peli ka mor’a hore likopano tsena tsa libaka li tsosolosoe ka 1946 (e se e le likopano tsa potoloho), Carey Barber o ne a le har’a ba abetsoeng ho ba bahlanka ba setereke. E ne e se e ntse e le setho sa lelapa la Bethele Brooklyn, New York, ka lilemo tse 25. Setereke sa hae sa pele se ne se akaretsa karolo eohle e ka bophirimela ho United States. Qalong, ho tsamaea ho tloha kopanong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe e ne e le lik’hilomithara tse ka bang 1 600 beke le beke. Ha lenane le boholo ba liphutheho li ntse li hōla, libaka tseo li ile tsa e-ba nyenyane, ’me ho ne ho atisa ho tšoaroa likopano tse ’maloa tsa potoloho toropong e le ’ngoe. Ka mor’a phihlelo ea lilemo tse 29 e le molebeli ea tsamaeang, Moena Barber o ile a mengoa hore a khutlele ntlo-khōlō ea lefatše ka 1977 joaloka setho sa Sehlopha se Busang.

Linakong tsa ntoa le mahloriso a boima, hangata balebeli ba tsamaeang ba ne ba beha tokoloho le bophelo ba bona kotsing bakeng sa ho hlokomela boiketlo ba moea ba baena ba bona. Nakong ea ho haptjoa ha Bel­gium ke puso ea Nazi, André Wozniak o ile a tsoela pele ho etela liphutheho le ho li fepela ka lingoliloeng. Hangata sesole sa Gestapo se ne se ’mehile merebele empa ha sea ka sa atleha ho mo tšoara.

Rhodesia (eo hona joale e tsejoang e le Zimbabwe) bofelong ba bo-1970, batho ba ne ba phela ka tšabo, ’me ho tsamaea ho ne ho lekanyelitsoe nakong ea ntoa ea lehae. Empa balebeli ba tsamaeang ba Lipaki tsa Jehova, joaloka balisa le balebeli ba lerato, ba ile ba ipaka e le “lehaha ha sefefo se e-tla” ho baena ba bona. (Esa. 32:2) Ba bang ba ne ba tsamaea matsatsi a mangata nahathothe, ba nyolosa ba theosa lithabeng, ba tšela linōka tse kotsi, ba robala ka ntle bosiu—ba etsa sena sohle e le ho finyella liphutheho le bahoeletsi ba ka thōko, ho ba khothalletsa ho ema ba tiile tumelong. Har’a bona ke Isaiah Makore, ea ileng a pholoha ka sobana-la-nale ha likulo li luma holim’a hloo­ho ea hae nakong ea ntoa pakeng tsa masole a ’muso le “baloaneli ba tokoloho.”

Balebeli ba bang ba tsamaeang ba ’nile ba sebeletsa mokhatlo o hlophisitsoeng ka lilemo tse ngata linaheng lisele. Bapresidente ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ’nile ba etela linaheng tse ling nako le nako e le ho hlokomela litlhoko tsa tlhophiso le ho bua likopanong. Maeto a joalo a finyelletse ho hongata bakeng sa ho boloka Lipaki tsa Jehova libakeng tsohle li falimehetse boena ba tsona ba machaba ka hloko. Moena Knorr haholo-holo o ile a etsa mosebetsi ona motheong oa ka mehla, a etela lekala ka leng le lehae la baromuoa. Ha mokhatlo o hlophisitsoeng o ntse o hōla, lefatše le ile la aroloa ka libaka tse leshome tsa machaba, ’me ho qala ka January 1, 1956, baena ba tšoanelehang, tlas’a tataiso ea mopresidente, ba ile ba qala ho thusa tšebeletsong ena e le hore e ka hlokomeloa ka mehla. Maeto ao a libaka, ao hona joale a etsoang tlas’a tataiso ea Komiti ea Tšebeletso ea Sehlopha se Busang, a ntse a tsoela pele ho tlatsetsa bonngoeng ba lefatše ka bophara le khatelo-peleng ea mokhatlo o hlophisitsoeng ka kakaretso.

Liketsahalo tse ling hape tsa bohlokoa li tlatselitse kahehong ea hona joale ea mokhatlo o hlophisitsoeng.

Litokiso tse Eketsehileng tsa Puso ea Molimo

Joseph F. Rutherford o ile a shoa bohareng ba Ntoa ea II ea Lefatše, ka January 8, 1942, eaba Nathan H. Knorr e ba mopresidente oa boraro oa Mokhatlo oa Watch Tower. Mokhatlo o hlophisitsoeng o ne o le tlas’a khatello e khōlō ka baka la lithibelo tse entsoeng mosebetsing oa oona linaheng tse ngata, pefo ea mahoo-hoo e etsoang ka lebitso la ho bontša lerato la naha, le ho tšoaroa ha Lipaki ha li ntse li aba lingoliloeng tsa Bibele tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa. Na ho fetoloa ha tsamaiso ho ne ho tla fella ka hore mosebetsi o fokole nakong e mahlonoko joalo? Baena ba hlokometseng litaba tsa tsamaiso ba ile ba retelehela ho Jehova bakeng sa tataiso le tlhohonolofatso. Tumellanong le takatso ea bona bakeng sa tataiso ea Molimo, ba ile ba boela ba hlahloba kaheho ea mokhatlo o hlophisitsoeng ho bona hore na ho na le likarolo tse ka fetoloang hore li ipapise haufi-ufi le litsela tsa Jehova.

Joale, ka 1944, ho ile ha tšoaroa kopano ea tšebeletso Pittsburgh, Pennsylvania, e matahantsoe le seboka sa selemo le selemo sa Mokhatlo oa Watch Tower. Ka September 30, pele ho seboka seo sa selemo le selemo, ho ile ha fanoa ka letoto la lipuo tsa bohlokoa haholo ka seo Mangolo a se buang mabapi le ho hlophisoa ha bahlanka ba Jehova.c Ho ile ha lebisoa tlhokomelo ho Sehlopha se Busang. Ketsahalong eona eo ho ile ha hatisoa hore molao-motheo oa puso ea Molimo o tlameha ho sebetsa likofutong tsohle tse sebelisoang ke sehlopha sa mohlanka ea khabane le ea bohlale. Ho ile ha hlalosoa hore litho tsa mokhatlo oa molao hase feela batho ba Molimo “ba inehetseng” kaofela. O mpa o ba emela feela, o sebetsa joaloka kofuto ea molao lebitsong la bona. Leha ho le joalo, kaha Mokhatlo e ne e le mocha oa phatlalatso o sebelisoang ho fana ka lingoliloeng tse nang le tsebo ea moea bakeng sa Lipaki tsa Jehova, ka ho utloahalang ebile e le ho tlamang, Sehlopha se Busang se ile sa amahanngoa le liofisiri le batsamaisi ba Mokhatlo oo oa molao. Na melao-motheo ea puso ea Molimo e ne e sebelisoa ka botlalo litabeng tsa oona?

Selekane sa Mokhatlo se ile sa theha tokisetso ea beng ba liabo eo ho eona kakaretso ea chelete ea motho ka mong ea monehelo oa $10 (U.S.) e fang mong’a eona tokelo ea ho vouta mabapi le ho khethoa ha litho tsa boto ea batsamaisi le liofisiri tsa Mokhatlo. Mohlomong ho ile ha bonahala eka menehelo e joalo e fana ka bopaki ba thahasello ea ’nete mosebetsing oa mokhatlo o hlophisitsoeng. Leha ho le joalo, tokisetso ena e ile ea hlahisa mathata. Moena Knorr, mopresidente oa Mokhatlo, o ile a hlalosa: “Ho latela motheo oa selekane sa Mokhatlo, ho bonahala eka ho ba karolo ea sehlopha se busang ho itšetlehile ka menehelo e etsetsoang Mokhatlo oa molao. Empa ho latela ­thato ea Molimo ho ke ke ha e-ba joalo har’a batho ba hae ba ’nete ba khethiloeng.”

Ke ’nete hore Charles Taze Russell, eo lilemong tse qalang tsa Mokhatlo tse 32 e neng e le eena ea ka sehloohong ho sehlopha se busang, e ne e le eena motšehetsi e moholo oa Mokhatlo licheleteng, nameng, le kelellong. Empa hase menehelo ea lichelete e neng e laola kamoo Morena a mo sebelisang ka teng. E ne e le boinehelo ba hae bo felletseng, cheseho ea hae e sa khathaleng, khato ea hae e sa sekisetseng bakeng sa ’Muso oa Molimo, le botšepehi ba hae bo sa sisinyeheng le bokhabane tse mo khethileng mahlong a Molimo joaloka ea tšoanelehang bakeng sa tšebeletso. Mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo, ho sebetsa molao ona oa motheo: “Molimo o beile litho ’meleng, se seng le se seng sa tsona, kamoo o ratileng kateng.” (1 Ba-Kor. 12:18) Moena Knorr o ile a hlalosa: “Leha ho le joalo, kaha selekane sa Mokhatlo se ne se entse tokisetso ea hore liabo tsa ho vouta li fuoe batšehetsi ba lichelete mosebetsing oa Mokhatlo, kamoo ho bonahalang ka teng se ne se sitisa kapa se tlōla meeli ea molao ona oa motheo oa Puso ea Molimo mabapi le sehlopha se busang; ’me ho bonahala se ne se o beha kotsing kapa se o bakela litšitiso.”

Ka hona, sebokeng sa khoebo sa bohle ba nang le liabo le ba voutang bakeng sa Mokhatlo se neng se tšoeroe ka October 2, 1944, ho ile ha voutuoa ka ntsoe-leng hore selekane sa Mokhatlo se fetoloe ’me se etsoe hore se ipapise haufi-ufi le melao ea motheo ea puso ea Molimo. Joale lenane la litho e ne e ke ke ea hlola e e-ba le sa lekanyetsoang empa e ne e se e tla ba pakeng tsa litho tse 300 le tse 500, tseo kaofela ha tsona li neng li tla khethoa ke boto ea batsamaisi, eseng li khethoe motheong oa menehelo ea lichelete, empa li khethoe hobane e le Lipaki tsa Jehova tse hōlileng tsebong, tse mafolo-folo, le tse tšepahalang tse sebeletsang ka nako e tletseng mosebetsing oa mokhatlo o hlophisitsoeng kapa e le basebeletsi ba mafolo-folo liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova. Litho tsena li ne li tla voutela boto ea batsamaisi, ’me boto ea batsamaisi eona e ne e tla khetha liofisiri. Litokisetso tsena tse ncha li ile tsa qala ho sebetsa selemong se latelang, ka October 1, 1945. See se ile sa ipaka e le tšireletso e kaakang nakong eo ka eona lihlotšoana tsa bohanyetsi li ’nileng tsa laola litaba tsa khoebo e le hore li ka fumana taolo ea mekhatlo ebe li e haha bocha hore e tšoanele lipakane tsa tsona!

Tlhohonolofatso ea Jehova mehatong ena e tsoelang pele ea ho ipapisa le melao-motheo ea puso ea Molimo e bonahetse. Ho sa tsotellehe khatello e khōlō e bileng holim’a mokhatlo o hlophisitsoeng nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, lenane la baboleli ba ’Muso le ile la tsoela pele ho eketseha. Ba ile ba tsoela pele ba sa phetse ho paka ka matla ka ’Muso oa Molimo. Ho tloha ka 1939 ho ea ho 1946, ho ile ha ba le keketseho e makatsang ea karolo ea 157 lekholong lenaneng la Lipaki tsa Jehova, ’me li ile tsa etsa boiteko ba ho fihla linaheng tse ling tse tšeletseng ka litaba tse molemo. Lilemong tse latelang tse 25, lenane la Lipaki tse mafolo-folo le ile la eketseha hoo e ka bang ka karolo e ’ngoe ea 800 lekholong, ’me li ile tsa tlaleha mosebetsi oa ka mehla linaheng tse eketsehileng tse 86.

Koetliso e Khethehileng Bakeng sa Balebeli

Batho ba bang ba ka ntle ba shebelletseng ba ne ba nahana hore ha mokhatlo o hlophisitsoeng o hōla haholoanyane, litekanyetso tsa oona li tlameha ho nyehla. Empa, ho fapana le hoo, Bibele e boletse esale pele hore ho tla ba le ho loka le khotso har’a bahlanka ba Jehova. (Esa. 60:17) Sena se ne se tla hloka hore balebeli ba nang le boikarabelo ba ithute ka hloko le ka ho tsoelang pele Lentsoe la Molimo, kutloisiso e hlakileng ea litekanyetso tsa hae tsa boahloli, le tšebeliso e momahaneng ea litekanyetso tseo. Thuto e joalo e ’nile ea fanoa. Thuto e batsi ea litlhokahalo tse lokileng tsa Molimo e ’nile ea fanoa mohato ka mohato ka Molula-Qhooa, ’me boitsebiso bona bo ’nile ba ithutoa ka mokhoa o hlophisehileng ke phutheho e ’ngoe le e ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Empa, ho phaella ho seo, balebeli ba mohlape ba ’nile ba fuoa thupelo e eketsehileng haholoanyane.

Balebeli ba ka sehloohong ba makala a Mokhatlo ba ’nile ba kopanngoa ’moho bakeng sa koetliso e khethehileng nakong ea likopano tsa machaba. Ho tloha ka 1961 ho fihlela ka 1965, mananeo a sekolo a lokiselitsoeng ka ho khetheha, a nkang likhoeli tse robeli ho isa ho tse leshome, a ile a tšoaroa New York. Ho tloha ka 1977 ho ea ho 1980, ho ile ha ba le letoto le leng la mananeo a joalo a khethehileng a libeke tse hlano. Koetliso ea bona e ne e akarelletsa thuto ea temana ka temana ea libuka tsohle tsa Bibele hammoho le tlhahlobisiso ea litaba tsa mokhatlo o hlophisitsoeng le litsela tsa ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo. Ha ho na likarohano tsa bochaba har’a Lipaki tsa Jehova. Ho sa tsotellehe hore na li phela hokae, li khomarela litekanyetso tse tšoanang tse phahameng tsa Bibele ’me li lumela le ho ruta lintho tse tšoanang.

Balebeli ba potoloho le ba setereke le bona ba ’nile ba fuoa tlhokomelo e khethehileng. Ba bangata ho bona ba bile Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade kapa Likolo tse Ekelitsoeng. Nako le nako, ba boetse ba bokanngoa hammoho liofising tsa lekala tsa Mokhatlo, kapa ba bokana libakeng tse ling tse loketseng, bakeng sa lithupelo tse nkang matsatsi a seng makae kapa beke.

Ka 1959 ho ile ha qalisoa tokisetso e ’ngoe e ikhethang. Ke ea Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso, se tšoareloang balebeli ba potoloho le ba setereke hammoho le balebeli ba phutheho. E qalile e le thupelo e nkang khoeli kaofela. Ka mor’a ho sebelisoa ka selemo United States, boitsebiso ba lenaneo lena la thuto bo ile ba fetoleloa ka lipuo tse ling ’me ba sebelisoa mohato ka mohato lefatšeng ka bophara. Kaha ho ne ho sa khonehe hore balebeli bohle ba lokisetse ho ba sieo mosebetsing oa bona oa boipheliso khoeli kaofela, ho ile ha sebelisoa tokisetso e ncha ea lenaneo leo la thuto ho qala ka 1966.

Sekolo sena e ne e se setsi sa thupelo ea thuto ea bolumeli eo ho eona banna ba itseng ba koetlisetsoang ho hlomamisoa. Ba bileng ho eona e ne e se e ntse e le basebeletsi ba hlomamisitsoeng. Ba bangata ho bona e ne e bile balebeli le balisa ba mohlape ka lilemo tse mashome-shome. Lenaneo la bona la thuto e ne e le monyetla oa ho tšohla ka ho qaqileng litaelo tse tsoang Lentsoeng la Molimo mabapi le mosebetsi oa bona. Ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khōlō bohlokoeng ba tšebeletso ea tšimo le kamoo e ka etsoang ka katleho. Ka baka la litekanyetso tsa boitšoaro tse ntseng li fetoha lefatšeng, ho ile ha boela ha sebelisoa nako e ngata ho tšohloa taba ea ho khomarela litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro. Morao tjena thupelo ena e ’nile ea lateloa ke lithupelo tse itseng ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse peli kapa tse tharo, hammoho le liboka tse thusang tse tšoaroang ke balebeli ba tsamaeang hammoho le baholo ba sebaka ka seng ka makhetlo a ’maloa selemo ka seng. Liboka tsena li fana ka monyetla oa ho lebisa tlhokomelo e khethehileng litlhokong tsa morao-rao. Ke tšireletso ea hore leha e le bafe ba se ke ba kheloha litekanyetso tsa Bibele, ’me li tlatsetsa tabeng ea hore maemo a hlahang ka har’a liphutheho tsohle a sebetsoe ka tsela e momahaneng.

Lipaki tsa Jehova li nka ka ho teba khothatso e ho 1 Ba-Korinthe 1:10: “Kea le rapela, banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” Hona hase ho ipapisa ho qobelletsoeng; ho tlisoa ke ho ithuta litsela tsa Molimo joalokaha li tlalehiloe ka Bibeleng. Lipaki tsa Jehova li thabela litsela le morero oa Molimo. Haeba batho leha e le bafe ba khaotsa ho thabela ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Bibele, ba lokolohile ho tsoa ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng. Empa haeba batho leha e le bafe ba qala ho ruta lithuto tse ling kapa ba iphapanyetsa boitšoaro ba Bibele, balebeli ba nka khato ea ho sireletsa mohlape. Mokhatlo o hlophisitsoeng o sebelisa keletso ea Bibele: “Le iponele ho ba hlahisang likhaohano le likhopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng eona, ’me le ba sesefe.”—Ba-Roma 16:17; 1 Ba-Kor. 5:9-13.

Bibele e boletse esale pele hore Molimo o tla etsa hore ho be le boemo bo joalo har’a bahlanka ba hae, e leng boemo boo ho bona ho loka ho tlang ho ba teng ’me ho hlahise litholoana tsa khotso. (Esa. 32:1, 2, 17, 18) Maemo ao a ipiletsa ka matla ho batho ba ratang se nepahetseng.

Ke batho ba bakae ba joalo ba ratang ho loka ba tlang ho bokelloa pele ho bofelo ba tsamaiso ea khale? Lipaki tsa Jehova ha li tsebe. Empa Jehova o tseba seo mosebetsi oa hae o tlang ho se hloka, ’me ka nako ea hae le ka tsela ea hae o tla etsa bonnete ba hore mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o hlomelloa bakeng sa ho hlokomela sena.

Ho Itlhomella Bakeng sa Keketseho e Potlakileng

Ha ho ne ho etsoa phuputso tlas’a tlhokomelo ea Sehlopha se Busang ha ho lokisetsoa buka ea litšupiso ea Aid to Bible Understanding, ho ile ha boela ha lebisoa tlhokomelo tseleng eo phutheho ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo e neng e hlophisitsoe ka eona. Ho ile ha etsoa thuto e hlokolosi ea mantsoe a Bibele a kang “monna ea hōlileng,” “molebeli,” le “mosebeletsi.” Na mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova kajeno o ne o ka ipapisa haholoanyane le mohlala o neng o bolokiloe ka Mangolong bakeng sa ho re tataisa?

Bahlanka ba Jehova ba ne ba ikemiselitse ho tsoela pele ho ikokobeletsa tataiso ea Molimo. Letotong la likopano tse neng li tšoeroe ka 1971, ho ile ha lebisoa tlhokomelo litokisetsong tse neng li laola phutheho ea pele ea Bokreste. Ho ile ha boleloa hore lentsoe pre·sbyʹte·ros (monna ea hōlileng, moholo), joalokaha le sebelisitsoe ka Bibeleng, ha le sebelisoe feela ho batho ba hōlileng lilemong, kapa hona hore le sebetsa ho bohle ba hōlileng tsebong ka liphuthehong. Haholo-holo le ne le sebelisoa ka kutloisiso ea tšebeletso ha ho buuoa ka balebeli ka liphuthehong. (Lik. 11:30; 1 Tim. 5:17; 1 Pet. 5:1-3) Balebeli bana ba ne ba fumana maemo a bona ka ho khethoa, tumellanong le litlhokahalo tse ileng tsa fetoha karolo ea Mangolo a bululetsoeng. (Lik. 14:23; 1 Tim. 3:1-7; Tite 1:5-9) Moo ho nang le banna ba tšoanelehang ba lekaneng, ho ne ho e-ba le baholo ba fetang a le mong ka phuthehong. (Lik. 20:17; Ba-Fil. 1:1) Banna bana ba ne ba bōpa “sehlopha sa banna ba hōlileng,” bao kaofela ha bona ba neng ba e-na le boemo bo lekanang ba tšebeletso, ’me ho se le a mong ho bona eo e leng setho se hlahelletseng ka ho fetisisa kapa se matla ka ho fetisisa ka phuthehong. (1 Tim. 4:14, NW) Ho ile ha hlalosoa hore e le ho thusa baholo, ho ile ha boela ha khethoa “bahlanka ba sebeletsang,” tumellanong le litlhokahalo tse boletsoeng ke moapostola Pauluse.—1 Tim. 3:8-10, 12, 13.

Ka potlako ho ile ha qalisoa litokisetso tsa ho etsa hore mokhatlo o hlophisitsoeng o ipapise haufi-ufi le mohlala ona oa Bibele. Li ile tsa qala ho Sehlopha se Busang ka bosona. Litho tsa sona li ile tsa eketsoa ho feta tse supileng, tseo joaloka litho tsa boto ea batsamaisi ba Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, li neng li sebeletsa joaloka sehlopha se busang sa Lipaki tsa Jehova. Ha hoa behoa lenane le hlomamisitsoeng la litho tsa Sehlopha se Busang. Ka 1971, ho ne ho e-na le tse 11; ka lilemo tse seng kae, ho ne ho e-na le tse 18 ka bongata; ka 1992, ho ne ho e-na le tse 12. Kaofela ha tsona ke banna ba tlotsitsoeng ke Molimo joaloka majalefa hammoho le Jesu Kreste. Ba 12 ba sebeletsang joaloka litho tsa Sehlopha se Busang ka 1992 ka kakaretso ba ne ba e-na le tlaleho ea lilemo tse fetang 728 tšebeletsong ea nako e tletseng e le basebeletsi ba Jehova Molimo.

Ka September 6, 1971, ho ile ha etsoa qeto ea hore balula-setulo ba liboka tsa Sehlopha se Busang ba lokela ho fapanyetsana selemo le selemo ho latela litlhaku tse qalang tsa lifane tsa litho tsa sona. Sena se ile sa hla sa qala ho sebetsa ka October 1. Litho tsa Sehlopha se Busang li ne li boetse li suthelana, ka mor’a beke le beke, bakeng sa ho etella pele borapeling ba hoseng le Thutong ea Molula-Qhooa bakeng sa litho tsa basebetsi ba ntlo-khōlō.d Tokisetso ena e ile ea qala ho sebelisoa ka September 13, 1971, ha Frederick W. Franz a etelletse pele lenaneong la borapeli ba hoseng ntlo-khōlōng ea Mokhatlo Brooklyn, New York.

Selemong se latelang, ho ile ha etsoa tokisetso bakeng sa liphetoho tlhokomelong ea liphutheho. Ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le mohlanka a le mong feela oa phutheho ea thusoang ke lenane le itseng la bahlanka ba bang. Banna ba nang le litšoaneleho tsa Mangolo ba ne ba tla khethoa hore ba sebeletse e le baholo. Ba bang, ba finyelletseng litlhokahalo tsa Bibele, ba ne ba tla khethoa hore e be bahlanka ba sebeletsang. Sena se ile sa betla tsela bakeng sa hore ba bangata haholoanyane ba kopanele boikarabelong ba phutheho ebe ba fumana phihlelo ea bohlokoa. Nakong eo ha ho le a mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a tseba hore lenane la liphutheho le tla eketseha ka karolo ea 156 lekholong lilemong tse latelang tse 21, le fihle kakaretsong ea tse 69 558 ka 1992. Empa ka ho hlakileng Hlooho ea phutheho, Morena Jesu Kreste, e ne e ntse e etsa litokisetso bakeng sa se tlang ho latela.

Mathoasong a bo-1970, ho ile ha lebisoa tlhokomelo e hlokolosi ho hlophisoeng bocha ha Sehlopha se Busang. Ho tloha ha ho ngolisoa ka molao Mokhatlo oa Watch Tower ka 1884, khatiso ea lingoliloeng, tlhokomelo ea mosebetsi oa lefatše ka bophara oa boevangeli, le litokisetso bakeng sa likolo le likopano li ne li hlokomeloa tlas’a tataiso ea ofisi ea mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society. Empa ka mor’a tlhahlobisiso e hlokolosi le ho tšohloa ha litaba tse qaqileng ka likhoeli tse ngata, ho ile ha amoheloa tokisetso e ncha ka ntsoe-leng ka December 4, 1975. Ho ile ha thehoa likomiti tse tšeletseng tsa Sehlopha se Busang.

Komiti ea Molula-setulo (e entsoeng ka molula-setulo oa nakong eo oa Sehlopha se Busang, eo e neng e le molula-setulo nakong e ka pele, le ea leng mocheng oa ho ba molula-setulo) e fumana litlaleho tsa litaba tsa tšohanyetso, maemo a tlokotsi, le liphutuho tsa mahloriso, ’me e hlokomela hore maemo ana a rarolloa ka potlako ke Sehlopha se Busang. Komiti e Ngolang e hlokomela ho ngoloa, ho rekotoa, le ho etsoa ha lik’hasete tsa video tsa lijo tsa moea bakeng sa Lipaki tsa Jehova le bakeng sa ho li abela batho, ’me e hlokomela mosebetsi oa phetolelo ka lipuo tse makholo-kholo. Boikarabelo ba Komiti e Rutang ke ho hlokomela likolo le likopano, hammoho le likopano tsa setereke le tsa machaba, bakeng sa batho ba Jehova, hammoho le thuto bakeng sa lelapa la Bethele le ho hlophisa boitsebiso bo tla sebelisoa mererong e joalo. Komiti ea Tšebeletso e hlokomela likarolo tsohle tsa mosebetsi oa boevangeli, ho akarelletsa le mosebetsi oa liphutheho le balebeli ba tsamaeang. Ho hatisoa, ho abjoa, le ho romeloa ha lingoliloeng ka ntle hammoho le ho sebelisoa ha lifektheri le ho rarolloa ha litaba tsa molao le tsa khoebo ho hlokomeloa ke Komiti ea Khatiso. ’Me Komiti ea Tsamaiso e hlokomela litokisetso tsa botho le tsa moea tsa litho tsa malapa a Bethele ’me ke eona e ikarabellang bakeng sa ho mema litho tse ncha hore li tl’o sebeletsa malapeng a Bethele lefatšeng lohle.

Likomiti tse eketsehileng tse thusang li abetsoe ho hlokomela lifektheri, mahae a Bethele, le mapolasi a amanang le ntlo-khōlō ea lefatše. Likomiting tsena Sehlopha se Busang se sebelisa ka bolokolohi tsebo ea litho tsa “bongata bo boholo ba batho.”—Tšen. 7:9, 15.

Ho ile ha boela ha etsoa liphetoho tlhokomelong ea makala a Mokhatlo. Ho tloha ka February 1, 1976, lekala ka leng le ’nile la hlokomeloa ke komiti ea litho tse tharo kapa ho feta, ho itšetlehiloe ka litlhoko le boholo ba lekala. Litho tsena li sebetsa tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang ho hlokomeleng mosebetsi oa ’Muso sebakeng sa habo tsona.

Ka 1992, ho ile ha fanoa ka thuso e eketsehileng bakeng sa Sehlopha se Busang ha bathusi ba ’maloa, haholo-holo ba tsoang har’a bongata bo boholo ba batho, ba abeloa ho kopanela libokeng le mosebetsing oa komiti e Ngolang, e Rutang, ea Tšebeletso, ea Khatiso, le ea Tsamaiso.e

Ho abjoa hona ha boikarabelo ho ipakile ho le molemo haholo. Hammoho le liphetoho tse seng li entsoe liphuthehong, ho thusitse bakeng sa ho suthisa litšitiso tse ka ’nang tsa khelosa batho ho utloisiseng hore Kreste ke eena Hlooho ea phutheho. Ho ipakile ho le molemo ka ho fetisisa hore baena ba ’maloa ba rere hammoho litaba tse amang mosebetsi oa ’Muso. Ho phaella moo, ho hlophisoa bocha hona ho nolofalitse hore ho fanoe ka tlhokomelo e hlokahalang libakeng tse ngata moo e neng e hlokahala ka potlako nakong eo ho bileng le keketseho e khōlō ka ho fetisisa ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng. Khale koana, Jehova o ile a bolela esale pele ka moprofeta Esaia: “E monyenyane o tla fetoha sekete, ’me e monyenyane a fetohe sechaba se seholo. ’Na Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” (Esa. 60:22, NW) Hase feela hore o potlakisitse hona empa o boetse o fane ka tataiso e hlokahalang e le hore mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang o ka khona ho hlokomela sena.

Thahasello e khōlō ea Lipaki tsa Jehova e mosebetsing oo Molimo a li fileng oona hore li o etse mehleng ena ea ho qetela ea lefatše la khale, ’me li hlophisitsoe hamolemo bakeng sa ho o finyella. Lipaki tsa Jehova li bona bopaki bo sa foseng ba hore mokhatlo ona o hlophisitsoeng hase oa batho empa ke oa Molimo le hore Mora oa Molimo, Jesu Kreste, ke eena ea o tataisang. Joaloka Morena ea busang, Jesu o tla sireletsa bafo ba hae ba tšepahalang ho pholletsa le mahlomola a maholo a tlang ’me a etse bonnete ba hore ba hlophisitsoe ka katleho bakeng sa ho phethahatsa thato ea Molimo Lilemong tse Sekete tse tlang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka 1894, Moena Russell o ile a lokisetsa hore Zion’s Watch Tower Tract Society e rome baena ba tšoanelehang e le libui. Ba ile ba fuoa lisetifikeiti tse saennoeng hore ba li sebelise ha ba itsebisa ho lihlopha tsa sebaka ka seng. Lisetifikeiti tsena li ne li sa fane ka matla a ho ruta leha e le hore li ne li bontša hore seo beng ba tsona ba se buang se lokela ho amoheloa ntle le ho hlahlobisisoa ka nepo tumellanong le Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, kaha batho ba bang ba ile ba sokamisa morero oa tsona, ka mor’a selemo Moena Russell o ile a re lisetifikeiti tseo li khutlisetsoe ho eena. Ka hloko o ile a leka ho qoba ntho leha e le efe eo batho ba shebelletseng ba neng ba tla e hlalosa e le tšobotsi e tšoanang le ea sehlopha sa baruti.

b Zion’s Watch Tower, October-November 1881, maq. 8-9.

c Ka linako tse ling lihlopha tsa sebaka ka seng li ne li bitsoa “likereke,” tumellanong le puo e sebelisitsoeng ho King James Version. Li ne li boetse li bitsoa liphutheho, tumellanong le lentsoe le sebelisitsoeng tabeng ea Bibele e ngotsoeng ka Segerike. Lentsoe le reng “lihlopha” le lona ka ho tšoanang le ile la sebelisoa, hobane ha e le hantle e ne e le lihlopha tsa liithuti tse bokanang hammoho ka mehla bakeng sa ho ithuta. Hamorao, ha li se li bitsoa makhotla, sena se ne se bonahatsa hore ba hlokomela hore ba ntoeng ea moea. (Bona Pesaleme ea 68:11, KJ, mongolo o ka thōko ho leqephe.) Ka mor’a ho hatisoa ha New World Translation of the Christian Greek Scriptures ka 1950, lentsoe la Bibele la puo ea kajeno “phutheho” le ile la sebelisoa ka ho tloaelehileng linaheng tse ngata.

d Ha e le hantle se boleloang ke lentsoe le sebelisitsoeng tabeng ea Bibele e ngotsoeng ka Segerike (khei·ro·to·neʹo) ke “ho otlolla, ho sarolla, kapa ho phahamisa letsoho,” ’me ha ho atolosoa, le ka boela la bolela “ho khetha kapa ho thonya bakeng sa boemo bo itseng ka ho phahamisa matsoho.”—A Greek and English Lexicon to the New Testament, ea John Parkhurst, 1845, leq. 673.

e Bakeng sa makolopetso, bona Khaolo 25, “Ho Bolela Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo.”

f Ka motsamaisi oa tšebeletso, tšebeletso ea tšimo ea ba kopanelang le phutheho, kapa sehlopha, e ne e lokela ho tlaleheloa Mokhatlo beke le beke, ho qala ka 1919.

g Joalokaha ho boletsoe pampitšaneng Organization Method, phutheho ka ’ngoe e ne e lokela ho khetha mothusi oa motsamaisi le motlalehi oa thepa. Bana, hammoho le motsamaisi ea khethiloeng ke Mokhatlo, ba ne ba bōpa komiti ea tšebeletso ea phutheho.

h Molula-Qhooa (oa Senyesemane), July 1, 1920, maq. 195-200.

i Nakong eo komiti ea tšebeletso e ne e bōpiloe ka litho tse sa feteng leshome. Setho se seng e ne e le motsamaisi oa tšebeletso, ea neng a sa khethoe phuthehong empa a khethoa ke Mokhatlo. Litho tse ling li ne li sebetsa hammoho le eena bakeng sa ho lokisetsa le ho phethahatsa mosebetsi oa bopaki.

j Ka lilemo tse ’maloa, ho tloha ka 1932 ho ea pele, ba ne ba bitsoa Bajonadabe.

k Ha leetsi la Segerike khei·ro·to·neʹo le hlalosoa joaloka le bolelang feela ‘ho khetha ka ho sarolla letsoho,’ le sitoa ho hlokomela moelelo oa morao oa lentsoe leo. Ka hona, A Greek-English Lexicon, ea Liddell le Scott, e hlophisitsoeng ke Jones le McKenzie eaba e hatisoa bocha ka 1968, e hlalosa lentsoe lena e le le bolelang “ho otlolla letsoho, ka morero oa ho vouta pokanong e itseng . . . II. c. acc. pers. [ha le sebelisoa ho motho], ho khetha, ka nepo ka ho phahamisa matsoho . . . b. hamorao, ka tloaelo, le bolela ho thonya, . . . ho thonya bakeng sa tšebeletso e itseng ka Kerekeng, [pre·sby·teʹrous] Lik. Baap. [Liketso tsa Baapostola] 14.23.” Tšebeliso eo ea morao e ne e tloaelehile mehleng ea baapostola; lentsoe lena le ile la sebelisoa ka kutloisiso eo ke rahistori oa Mojode Josephus ho Jewish Antiquities, Buka 6, khaolo 4, serapa 2, le khaolo 13, serapa 9. Sebōpeho sa puo ka bosona ho Liketso 14:23 Segerikeng sa pele se bontša hore Pauluse le Barnabase ke bona ba neng ba etsa se boletsoeng moo.

l Hamorao selemong sona seo, ka 1938, Organization Instructions, e ileng ea hatisoa e le pampitšana e maqephe a mane, e ile ea fana ka makolopetso a eketsehileng. E ile ea hlalosa hore phutheho ea sebaka ka seng e lokela ho khetha komiti e tla etsa lintho lebitsong la eona. Komiti eo e ne e tla hlahloba baena motheong oa litšoaneleho tse boletsoeng ka Mangolong ebe e etsa lipuello ho Mokhatlo. Ha baemeli ba tsamaeang ba Mokhatlo ba etela liphutheho, ba ne ba hlahloba litšoaneleho tsa baena ba sebaka ka seng le botšepehi ba bona ha ba hlokomela likabelo tsa bona. Lipuello tsa bona le tsona li eloa hloko ke Mokhatlo ha o khetha ba tšoanelehang.

a Ho tloha ka 1894 ho ea ho 1927, pele libui tse tsamaeang tse rometsoeng ke Mokhatlo li ne li tsejoa e le baemeli ba Mokhatlo oa Tower Tract, eaba li tsejoa e le batsamai. Ho tloha ka 1928 ho ea ho 1936, ka baka la khatiso e eketsehileng tšebeletsong ea tšimo, li ile tsa bitsoa batsamaisi ba tšebeletso ba lebatooa. Ho qala ka July 1936, e le ho hatisa kamano ea tsona le baena sebakeng ka seng, li ile tsa tsejoa e le bahlanka ba lebatooa. Ho tloha ka 1938 ho ea ho 1941, balebeli ba libaka ba ile ba abeloa hore ba sebetse le liphutheho tse fokolang ka palo ba fapanyetsana ka linako, e le hore ba ka khutlela lihlopheng tse tšoanang nako le nako. Ka mor’a ho emisoa nako e etsang selemo, tšebeletso ena e ile ea tsosolosoa ka 1942 ka hore bahlanka ba sebeletse baena. Ka 1948 ho ile ha sebelisoa lentsoe mohlanka oa potoloho; hona joale, ke molebeli oa potoloho.

Ho tloha ka 1938 ho theosa ho fihlela ka 1941, bahlanka ba lebatooa, mosebetsing o mocha, ba ne ba sebeletsa likopanong tsa sebaka ka seng nako le nako, e leng likopanong tseo ho tsona Lipaki tse tsoang tikolohong (sebakeng) e le ’ngoe li neng li kopana bakeng sa lenaneo le khethehileng. Ha mosebetsi ona o tsosolosoa ka 1946, balebeli bana ba tsamaeang ba ile ba tsejoa e le bahlanka ba setereke; hona joale, ke balebeli ba setereke.

b Tokisetso ena e ile ea sebetsa ka October 1, 1938. Ho bile le bothata bo boholo ba ho lokisetsa likopano lilemong tsa ntoa, kahoo likopano tsa libaka li ile tsa emisoa ho ea bofelong ba 1941. Leha ho le joalo, hang hape, ka 1946, tokisetso ena e ile ea tsosolosoa, ’me liketsahalo tseo ho tsona liphutheho tse ’maloa li neng li kopana bakeng sa thupelo e khethehileng li ile tsa bitsoa likopano tsa potoloho.

c Moko-taba oa lipuo tsena o fumanoa litokollong tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa October 15 le November 1, 1944.

d Hamorao, li ile tsa khetha litho tse ling tsa lelapa la Bethele bakeng sa ho kopanela ho hlokomeleng likabelo tseo.

e Molula-Qhooa, April 15, 1992, maq. 7-17, 31.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 204]

Sehlopha sa baruti se ne se le sieo har’a bona

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 205]

Ha ba leke ho theha “mokhatlo oa lefatše”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 206]

Baholo ba ne ba khethoa joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 212]

Motsamaisi ea khethiloeng ke Mokhatlo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 213]

Baholo ba bang ba ne ba sa batle ho bolela ka ntle ho phutheho

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 214]

Ho fokotseha ha lenane le ho matlafala ha mokhatlo o hlophisitsoeng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 218]

Likhetho li ne li lokela ho etsoa joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 220]

Na Rutherford o ne a mpa feela a leka ho fumana taolo e khōloanyane?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 222]

Ho iteanya le lihlopha tsa ba babeli le ba bararo hammoho le tse khōloanyane

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 223]

Boikarabelo bo bocha bakeng sa balebeli ba tsamaeang

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 234]

Sehlopha se Busang se ekelitsoeng seo balula-setulo a sona ba fapanyetsanang

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 235]

Tlhokomelo e hlokahalang nakong ea keketseho e potlakileng

[Lebokose le leqepheng la 207]

Ke Hobane’ng ha ho Bile le Phetoho?

Ha a botsoa ka ho fetola pono ea hae mabapi le ho khethoa ha baholo lihlopheng tse fapaneng tsa batho ba Morena, C. T. Russell o ile a arabela:

“Pele ho tsohle ke le tiisetsa li sa tloha hore ha ho mohla nkileng ka re ha ke fose. . . . Ha re hane hore re hōla tsebong, le hore hona joale re bona ka leseli le batlang le fapane thato ea Morena mabapi le Baholo kapa baeta-pele lihlopheng tse nyenyane tse sa tšoaneng tsa batho ba hae. Phoso ea rōna kahlolong ke hore re ne re lebelletse ho hongata haholo ho baena ba rōna bao, ha ba sa tsoa kena ’Neteng, e bileng baeta-pele ba lihlopha tsena tse nyenyane. Khopolo ea bona e ntle eo re e amohetseng ka thabo ke hore, tsebo ea ’Nete e tla ba le phello e tla etsa hore ba ikokobetse, e etse hore ba utloisise hore hase ba bohlokoa, le hore sohle seo ba se tsebang le seo ba khonang ho se fetisetsa ho ba bang ke hobane e le babuelli ba Molimo ’me ba sebelisoa ke eena. Litebello tsa rōna tse ntle e ne e le hore ka kutloisiso eohle ea lentsoe e ne e tla ba mehlala ho mohlape; le hore haeba tataiso ea Morena e kenya ka har’a sehlopha seo se senyenyane a le mong kapa ba eketsehileng ba tšoanelehang ka ho lekanang, kapa ba tšoanelehang ho feta, bakeng sa ho fetisa ’Nete, hore moea oa lerato o tla ba tataisetsa ho hlomphana, e le hore ba ka thusana le ho khothalletsana ho kopanela tšebeletsong ea Kereke, ’mele oa Kreste.

“Ka morero ona re ile ra etsa qeto ea hore litekanyo tse khōloanyane tsa lereko le ’nete tse teng hona joale le tse ananeloang ke batho ba inehetseng ba Morena li tla ba hloka hore ba latele tsela e boletsoeng ke baapostola Kerekeng ea pele. Phoso ea rōna e bile tabeng ea ho se hlokomele hore litokisetso tse boletsoeng ke baapostola tlas’a tataiso ea Molimo li phahametse eng kapa eng eo batho ba itseng ba neng ba ka e rera, le hore Kereke ka kakaretso e tla hloka ho ba le litaelo tse thehiloeng ke baapostola ho fihlela, ha re fetoha tsohong, kaofela re etsoa ba feletseng le ba phethahetseng ’me ka ho toba re be ’moho le Morena.

“Butle-butle phoso ea rōna e ile ea hlaka ha re hlokomela har’a baena ba ratehang ka tekanyo e itseng moea oa tlhōlisano, le ba bangata ba nang le takatso ea ho ba baeta-pele ba liboka e le boemo ho e-na le tšebeletso, le ho behella ka thōko le ho sitisa baena ba bang ba nang le tsebo e lekanang ea tlhaho le ba nang le tsebo e lekaneng ea ’Nete le matla a ho tsoka lerumo la Moea hore ba hōle ho ba baeta-pele.”—“Zion’s Watch Tower,” March 15, 1906, leq. 90.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 208, 209

Meaho e Neng e Sebelisoa ke Mokhatlo Lilemong tse Lekholo tse Fetileng Pittsburgh

Moaho oa Bible House, o bontšitsoeng mona, o ile oa sebeletsa e le ntlo-khōlō ka lilemo tse 19, ho tloha ka 1890 ho ea ho 1909f

Moena Russell o ne a tšoarela thuto ea hae mona

Litho tsa lelapa la Bible House tse neng li sebeletsa mona ka 1902

Moaho o ne o akarelletsa lefapha lena la ho seta litlhaku le ho hlophisa boitsebiso (ka holimo ho le letona), lefapha la thomello (ka tlaase ho le letona), polokelo ea libuka, matlo a bolulo bakeng sa basebetsi, hammoho le sebaka sa borapeli (holo ea kopano) seo ho sona ho neng ho tla lula batho ba ka bang 300

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

f Ka 1879, ntlo-khōlō e ne e le 101 Fifth Avenue, Pittsburgh, Pennsylvania. Liofisi li ile tsa fallisetsoa 44 Federal Street, Allegheny (Ka Leboea ho Pittsburgh), ka 1884; ’me hamorao selemong sona seo, tsa fallisetsoa 40 Federal Street. (Ka 1887, ho ne ho thoe ke 151 Robinson Street.) Ha ho hlokahala sebaka se eketsehileng, ka 1889, Moena Russell o ile a haha moaho oa Bible House, o bontšitsoeng ka holimo, 56-60 Arch Street, Allegheny. (Hamorao ho ile ha thoe nomoro ea oona ke 610-614 Arch Street.) Ka nako e khutšoaane ka 1918-19, hang hape li ile tsa ba le ofisi ea tsona e khōlō Pittsburgh, mokatong oa boraro 119 Federal Street.

[Lebokose le leqepheng la 211]

Ke Mosebetsi oa Mang?

Ho ea qetellong ea bophelo ba hae lefatšeng, Charles Taze Russell o ile a ngola: “Hangata batho ba Molimo baa lebala hore Morena ke eena ea eteletseng mosebetsi oa Hae pele. Hangata ho na le khopolo ea hore, Re tla etsa mosebetsi ebe re etsa hore Molimo e be mosebeletsi-’moho le rōna mosebetsing oa rōna. A re beng le pono e nepahetseng tabeng ena, ’me re hlokomele hore Molimo o rerile ’me o phetha mosebetsi o moholo; le hore o tla atleha, ho sa tsotellehe rōna kapa boiteko ba rōna ho hang; le hore ke tokelo e khōlō e fuoeng batho ba Molimo ea ho ba basebeletsi-’moho le Moetsi oa bona ho phetheng merero ea Hae, mehopolo ea Hae, litokisetso tsa Hae, ka tsela ea Hae. Ha re talima litaba ka pono ena, thapelo ea rōna le tebello ea rōna e lokela ho ba ka morero oa ho tseba le ho etsa thato ea Morena, re khotsofale ke karolo leha e le efe eo re e fuoang, hobane ke Molimo oa rōna ea re etellang pele. Ena ke tokisetso eo Watch Tower Bible and Tract Society e ­’nileng ea batla ho e latela.”—“Molula-Qhooa” (oa Senyesemane), May 1, 1915.

[Lebokose le leqepheng la 215]

Lipotso tsa V.D.M.

Litlhaku tsa V.D.M. li emela mantsoe a Selatine “Verbi Dei Minister,” kapa Mosebeletsi oa Lentsoe la Molimo.

Ka 1916 Mokhatlo o ile oa lokisetsa lethathamo la lipotso litabeng tsa Mangolo. Ba neng ba tla emela Mo-khatlo e le libui ba ile ba kōptjoa hore ba arabe lipotso tsohle ka ho ngola. Sena se ile sa nolofaletsa Mokhatlo ho tseba menahano, maikutlo, le kutloisiso ea baena bana mabapi le linnete tsa motheo tsa Bibele. Likarabo tse ngotsoeng li ne li hlahlobjoa ka hloko ke boto e hlahlobang liofising tsa Mokhatlo. Ba neng ba hlokomeloa e le libui tse tšoanelehang ba ne ba lokela ho ba le lintlha tsa karolo ea 85 lekholong kapa ho feta moo.

Hamorao, baholo ba bangata, batiakone, le Liithuti tse ling tsa Bibele ba ile ba botsa hore na ba ka fumana lethathamo leo la lipotso. Ka mor’a nako, ho ile ha boleloa hore ho ka ba molemo ha lihlopha li ka khetha feela batho ba tšoanelehang e le V.D.M. hore e be baemeli ba tsona.

Ha Mokhatlo o fana ka tlotla ea Mosebeletsi oa Lentsoe la Molimo, sena se ne se sa bolele hore motho ea itseng oa hlomamisoa. Se ne se mpa se bolela hore boto e hlahlobang liofising tsa Mokhatlo e hlahlobile khōlo ea motho eo thutong, le botumo ba hae ho isa bohōleng bo itseng, ’me ea etsa qeto ea hore o tšoaneleha ho bitsoa Mosebeletsi oa Lentsoe la Molimo.

Lipotso tsa V.D.M. ke tse latelang:

(1) Ketso ea pele ea Molimo ea pōpo ke efe?

(2) Lentsoe “Logos” le bolela eng, joalokaha le amahanngoa le Mora oa Molimo? ’me mantsoe Ntate le Mora a bolela’ng?

(3) Sebe se kene lefatšeng neng ’me se kene joang?

(4) Kotlo ea Molimo ke efe bakeng sa sebe holim’a baetsalibe? ’me baetsalibe ke bo-mang?

(5) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore “Logos” a fetohe nama? ’me na o ile A fetoha “motho oa sebele”?

(6) Motho Kreste Jesu e ne e le oa boleng bofe ho tloha boseeng ho isa lefung?

(7) Jesu ke oa boleng bofe ho tloha tsohong; ’me kamano ea Hae ea tšebeletso le Jehova ke efe?

(8) Mosebetsi oa Jesu ke ofe Mehleng ea Kosepele—ho tloha nakong ea Pentekonta ho fihlela joale?

(9) Ho fihlela joale Jehova Molimo o ’nile a etsetsa lefatše la batho eng? ’me Jesu o le etselitse eng?

(10) Morero oa Molimo ke ofe mabapi le Kereke ha o phethiloe?

(11) Morero oa Molimo ke ofe mabapi le lefatše la batho?

(12) Phello ea bao qetellong ba se nang ho fetoha e tla ba efe?

(13) Moputso kapa mahlohonolo a tla tlela lefatše la batho ka ho ikokobeletsa ’Muso oa Messia e tla ba afe?

(14) Moetsalibe a ka tla kamanong ea bohlokoa le Kreste le Ntate oa Leholimo ka mehato efe?

(15) Ka mor’a hore Mokreste a tsoaloe ka Moea o Halalelang, tsela ea hae e ba efe, joalokaha a laetsoe ka Lentsoeng la Molimo?

(16) Na u furaletse sebe e le ho sebeletsa Molimo ea phelang?

(17) Na u nehetse bophelo ba hao bohle le matla a hao ’ohle le litalenta tsa hao tsohle ho Morena le tšebeletsong ea Hae?

(18) Na u tšoantšelitse boinehelo boo ka ho qoelisoa metsing?

(19) Na u entse kano ea I. B. S. A. [International Bible Students Association] ea khalalelo ea bophelo?

(20) Na u balile ka botlalo le ka hloko meqolo e tšeletseng ea STUDIES IN THE SCRIPTURES?

(21) Na u fumane tsebo e ngata le molemo ho eona?

(22) Na u lumela hore u na le tsebo e hlokahalang le e sa feleng ea Bibele e tlang ho u etsa mohlanka ea hloahloa haholoanyane oa Morena ho pholletsa le nako e setseng ea bophelo ba hao?

[Lebokose le leqepheng la 216, 217]

Meaho e Neng e Sebelisoa Khale Brooklyn

Lehae la Bethele

122-124 Columbia Heights

Kamore eo ho jeloang ho eona Lehaeng la Bethele

Tabernacle

Liofisi, polokelo ea ­libuka, lefapha la thomello, thepa ea ho seta litlhaku, le holo eo ho eona ho ka lulang batho ba 800 li ne li le mona, 17 Hicks Street (li sebelisitsoe ho tloha ka 1909 ho ea ho 1918)

Holo

Lifektheri tsa Khale

Litho tsa lelapa la Bethele tse neng li sebetsa fekthering e Myrtle Avenue ka 1920 (ka ho le letona)

35 Myrtle Avenue (1920-22)

18 Concord Street (1922-27)

117 Adams Street (1927- )

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 224, 225]

Balebeli ba Tsamaeang Ba Seng Bakae ho ba Likete ba ’Nileng ba Sebeletsa

Canada, 1905-33

Engelane, 1920-32

Finland, 1921-26, 1947-70

United States, 1907-15

Ho tsamaea ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe—

Greenland

Venezuela

Lesotho

Mexico

Peru

Sierra Leone

Libaka tsa bolulo tse tlosoang sebakeng se seng li isoa ho se seng Namibia

Ho kopanela le Lipaki tsa sebaka seo tšebeletsong ea tšimo Japane

Ho kopana le baholo ba sebaka seo Jeremane

Ho fana ka keletso e sebetsang ho bo-pula-maliboho Hawaii

Ho ruta phutheho Fora

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 229]

Mekhatlo ea Khale ea Molao

Zion’s Watch Tower Tract Society. O thehiloe ka lekhetlo la pele ka 1881 ’me oa ngolisoa ka molao seterekeng sa Pennsylvania ka December 15, 1884. Ka 1896 lebitso la oona le ile la fetoleloa ho Watch Tower Bible and Tract Society. Ho tloha ka 1955 o ’nile oa tsejoa e le Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

Peoples Pulpit Association. O thehiloe ka 1909 mabapi le ho fallisoa ha liofisi tse khōlō tsa Mokhatlo ho li isa Brooklyn, New York. Ka 1939 lebitso lena le ile la fetoleloa ho Watchtower Bible and Tract Society, Inc. Ho tloha ka 1956 o ’nile oa tsejoa e le Watchtower ­Bible and Tract Society of New York, Inc.

International Bible Students Association. O ngolisitsoe ka molao London, Engelane, ka June 30, 1914.

E le ho finyella litlhokahalo tsa molao, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa theha mekhatlo e meng libakeng le linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova ha lia aroloa ka mekhatlo ea bochaba kapa ea lebatooa. Ke mokhatlo oa lefatše ka bophara o kopaneng oa baena.

[Lebokose le leqepheng la 234]

‘Li Tšoana le Bakreste ba Khale’

Sengoliloeng sa bolumeli “Interpretation” se itse ka July 1956: “Tlhophisong ea tsona le mosebetsing oa tsona oa bopaki, [Lipaki tsa Jehova] li atametse haufi haholo ho feta sehlopha leha e le sefe se seng ho etsiseng Bakreste ba khale. . . . Lihlopha tse ling tse seng kae li sebelisa Mangolo ka ho pharalletseng melaetseng ea tsona, ka molomo le ka lingoliloeng, joaloka tsona.”

[Setšoantšo se leqepheng la 210]

Bakeng sa ho fana ka tlhokomelo e haufi-ufi, ho ile ha thehoa liofisi tsa makala. Ea pele e bile London, Engelane, moahong ona

[Setšoantšo se leqepheng la 221]

J. F. Rutherford ka 1941. Lipaki li ne li tseba hore hase moeta-pele oa tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 226]

John Booth, eo e neng e le molebeli ea tsamaeang U.S.A. ho tloha ka 1936 ho ea ho 1941

[Setšoantšo se leqepheng la 227]

Carey Barber, eo setereke sa hae se neng se akarelletsa karolo e khōlō ea United States

[Setšoantšo se leqepheng la 228]

Nako le nako Moena Knorr o ne a etela lekala ka leng le lehae la baromuoa

[Setšoantšo se leqepheng la 230]

Balebeli ba ka sehloohong ba makala a Mokhatlo ba ’nile ba bokelloa hammoho bakeng sa koetliso e khethehileng (New York, 1958)

[Litšoantšo tse leqepheng la 231]

Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se fane ka thupelo ea bohlokoa bakeng sa balebeli lefatšeng ka bophara

Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso kampong ea baphaphathehi Thailand, ka 1978; Philippines, 1966 (ka holimo ho le letšehali)

[Setšoantšo se leqepheng la 232]

Litaelo tsa tlhophiso li ’nile tsa hatisoa mohato ka mohato (tsa lokolloa pele ka Senyesemane, eaba li lokolloa ka lipuo tse ling) bakeng sa ho hokahanya mosebetsi oa Lipaki le ho tsebisa bohle ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa ho ba thusa tšebeletsong ea bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela