Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kr khao. 12 maq. 118-131
  • Ho Hlophisetsoa ho Sebeletsa “Molimo oa Khotso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlophisetsoa ho Sebeletsa “Molimo oa Khotso”
  • ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ke Tla Beha Khotso Hore e be Balebeli ba Hao”
  • Kreste o Etella Pele Phutheho Joang?
  • “Le E-ba Mehlala ho Mohlape”
  • Kajeno Baholo ba Lisa Mohlape oa Molimo Joang?
  • Liphetoho tse Amanang le Baholo li Matlafatsa Bonngoe ba Batho ba Molimo
  • Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Balebeli ba Lisang Mohlape
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Utloang ba Etelletseng Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Balisa, Etsisang Balisa ba ka Sehloohong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
kr khao. 12 maq. 118-131

KHAOLO 12

Ho Hlophisetsoa ho Sebeletsa “Molimo oa Khotso”

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Butle-butle Jehova o hlophisa batho ba hae

1, 2. Makasine ea Zion’s Watch Tower e ile ea e-ba le phetoho efe ka January 1895, hona barab’abo rōna ba ile ba re’ng?

JOHN A. BOHNET, eo e neng e le Seithuti sa Bibele se chesehang, o ile a amohela makasine ea Zion’s Watch Tower ea January 1895 eaba o thaba haholo ha a e bona. Sekoahelo sa makasine se ne se fetohile—se ne se e-na le setšoantšo sa tora e leoatleng le mabifi e khantšitseng lefifing. Tsebiso e mabapi le sekoahelo se secha sa makasine e ne e e-na le sehlooho se reng, “Sekoahelo sa Rōna se Secha.”

2 A khahliloe ke seo a se boneng, Mor’abo rōna Bohnet o ile a ngolla Mor’abo rōna Russell lengolo. O ile a re: “Ke thabela ho bona kamoo makasine ea Watchtower e shebahalang kateng. E ntle.” Mor’abo rōna, John H. Brown eena o ile a re: “E khahla mahlo. Ke khahloa ke kamoo motheo oa tora eo o tiileng kateng ha maqhubu le lifefo li ntse li e otla.” Ho fetoha ha sekoahelo sa makasine e ile ea e-ba phetoho ea pele eo barab’abo rōna ba ileng ba e bona selemong seo—empa ha ea ka ea e-ba ea ho qetela. Ka November ho ile ha boela ha e-ba le phetoho e khōlō. Ho thahasellisang ke hore e ne e amana le leoatle le mabifi.

3, 4. Ke bothata bofe bo ileng ba pepesoa makasineng ea Watch Tower ea November 15, 1895, hona ho ile ha phatlalatsoa phetoho efe e khōlō?

3 Ho ile ha e-ba le sehlooho se seholo se ileng sa hatisoa makasineng ea Watch Tower ea November 15, 1895, se ileng sa pepesa bothata bo itseng: Ho ne ho e-na le maqhubu a mabifi a neng a sitisa khotso mokhatlong oa Liithuti Tsa Bibele. Barab’abo rōna ba ne ba lula ba ngangisana ka hore na ke mang eo e lokelang ho ba moeta-pele ka phuthehong. E le hore barab’abo rōna ba thusoe ho lokisa litsekisano tseo tse neng li baka likarohano, sehlooho seo se ile sa tšoantša mokhatlo le sekepe. Eaba, se sa hlathe koana le koana, se bontša hore batho ba neng ba etella pele mokhatlong ba hlōlehile ho etsa hore mokhatlo o tšoantšetsoang ke sekepe o itokisetse lifefo. Ke’ng se neng se lokela ho etsoa?

4 Sehlooho seo se ile sa bontša hore motsamaisi oa sekepe o lokela ho etsa bonnete ba hore ho na le lintho tse tla sebelisoa ho pholosa batho le hore basebetsi ba sekepeng ba malala-a-laotsoe ho thusa batho ha sefefo se tla. Ka ho tšoanang, batho ba etellang pele mokhatlong ba ne ba lokela ho etsa bonnete ba hore liphutheho tsohle li itokiselitse ho sebetsana le maemo a kang sefefo. E le hore ho finyelloe seo, sehlooho seo se ile sa phatlalatsa phetoho e khōlō. Se ile sa bolela hore hang-hang “phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ho lokela ho khethoa baholo e le hore “‘ba lebele’ mohlape.”—Lik. 20:28.

5. (a) Ke hobane’ng ha tokisetso ea ho khetha baholo e ile ea e-ba nakong? (b) Re tla tšohla lipotso life?

5 Tokisetso ena ea ho khetha baholo e ile ea e-ba mohato o nakong bakeng sa ho theha liphutheho tse tsitsitseng. E ile ea thusa barab’abo rōna ho feta maqhubung a ileng a fehloa ke Ntoa ea Pele ea Lefatše. Lilemo tse mashome tse ileng tsa latela, ho ile ha e-ba le liphetoho mokhatlong tse ileng tsa thusa batho ba Molimo hore ba sebeletse Jehova hamolemo. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo ileng ba bolela ka phetoho ee? Ke liphetoho life tseo u li boneng? Liphetoho tseo li u thusitse joang?

“Ke Tla Beha Khotso Hore e be Balebeli ba Hao”

6, 7. (a) Esaia 60:17 e bolela’ng? (b) Jehova o ne bontša’ng ha a ne a bua ka “balebeli” le “ba u abelang mosebetsi”?

6 Joalokaha re bone Khaolong ea 9, Esaia o ile a bolela esale pele hore Jehova o ne a tla hlohonolofatsa batho ba hae ka hore ba eketsehe. (Esa. 60:22) Empa Jehova o ile a tšepisa ho etsa se fetang seo. Boprofeteng bona boo, o ile a re: “Ke tla tlisa khauta ho e-na le koporo, ke tla tlisa silevera ho e-na le tšepe, ’me ke tla tlisa koporo, ho e-na le lehong, ke tlise tšepe, ho e-na le majoe; ke tla beha khotso hore e be balebeli ba hao le ho loka hore e be ba u abelang mosebetsi.” (Esa. 60:17) Boprofeta boo bo bolela’ng? Bo re ama joang kajeno?

Ha liphetoho li e-ba teng, se molemo se nkeloa sebaka ke se molemo le ho feta eseng hore se molemo se nkeloa sebaka ke se sebe

7 Boprofeta ba Esaia bo bolela hore serafshoa se seng se ne se nkeloa sebaka ke se seng. Empa hlokomela hore ho nkeloa sebaka hona ke liphetoho, hase hore se sebe se nkeloa sebaka ke se molemo empa se molemo se nkeloa sebaka ke se molemo le ho feta. Ha koporo e nkeloa sebaka ke khauta, seo ke ntlafatso ’me se tšoanang se etsahala ka lirafshoa tse ling tseo ho builoeng ka tsona. Kahoo, ha Jehova a etsa papiso ena, o ne a bolela hore boemo ba batho ba hae bo ne bo tla ntlafala mohato ka mohato. Boprofeta bo bua ka ho ntlafala ha mofuta ofe? Ha Jehova a bua ka “balebeli” le “ba u abelang mosebetsi” o ne a bontša hore ntlafatso ena e ne e tla ba ka tsela eo batho ba hae ba neng ba tla hlokomeloa le ho hlophisoa ka eona.

8. (a) Lintlafatso tseo ho builoeng ka tsona boprofeteng ba Esaia li tlisitsoe ke mang? (b) Re rua molemo joang liphetohong tseo? (Sheba le lebokose le reng, “O Ile a Amohela Khalemelo ka Boikokobetso.”)

8 Ke mang ea etsang hore ho be le tsoelo-pele e joalo ka har’a mokhatlo? Jehova o re: Ke tla tlisa khauta, . . . ke tla tlisa silevera, . . . ke tla beha khotso.” Ka sebele, liphetoho tse bileng teng tsa ho hlophisa phutheho, ha lia etsoa ke batho empa li entsoe ke Jehova. Hape, ka mor’a hore Jesu a hlomamisoe joaloka Morena, Jehova o ’nile a tlisa liphetoho tseo a sebelisa Mora oa hae. Re rua molemo joang liphetohong tseo? Lengolo lona leo le bontša hore liphetoho tsena li tlisa “khotso” le “ho loka.” Ha re amohela tataiso ea Molimo ’me re etsa liphetoho, ho rena khotso har’a rōna ’me ho rata ho loka ho tla re susumelletsa hore re sebeletse Jehova, eo Pauluse a ileng a re ke “Molimo oa khotso.”—Bafil. 4:9.

9. Motheo oa ho ba le taolo le bonngoe ka phuthehong ke ofe, hona hobane’ng?

9 Ha a bua ka Jehova, Pauluse o ile a boela a re: “Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso.” (1 Bakor. 14:33) Hlokomela hore Pauluse ha aa ka a bapisa ho hloka taolo le ho ba le taolo, empa o ile a bapisa ho ba le taolo le khotso. Hobane’ng? Nahana ka sena: Hase kamehla ho ba le taolo ho fellang ka khotso. Ka mohlala, masole a ka macha ka taolo ho ea moleng oa ntoa empa taolo eo e fella ka ntoa, eseng khotso. Ke kahoo, rōna joaloka Bakreste re batlang ho lula re hopola sena: Ha re ka ba le taolo empa motheo oa eona e se khotso, taolo eo e ke ke ea tšoarella. Ho fapana le hoo, khotso ea Molimo e etsa hore ho be le taolo e tšoarellang. Kahoo, re thaba hakaakang hore ebe mokhatlo oa rōna o tataisoa le ho hloekisoa ke “Molimo ea fanang ka khotso”! (Bar. 15:33) Khotso eo Molimo a re fang eona e etsa hore re be le taolo ’me re be le bonngoe boo re bo thabelang liphuthehong tsa rōna lefatšeng lohle.—Pes. 29:11.

10. (a) Ke liphetoho life tse ileng tsa ba mokhatlong oa rōna lilemong tsa pele? (Sheba lebokose le reng, “Kamoo ho Khethoa ha Baholo ho Ileng ha Ntlafala Kateng.”) (b) Re tla tšohla lipotso life?

10 Ha re hlahloba lebokose le reng, “Kamoo ho Khethoa ha Baholo ho Ileng ha Ntlafala Kateng,” re bona kamoo liphetoho tse ileng tsa ba mokhatlong oa rōna lilemong tseo tsa pele li ileng tsa ba molemo ’me tsa tlisa taolo kateng. Empa morao tjee, ke liphetoho life tse tšoanang le ho tlisa “khauta ho e-na le koporo” tseo Jehova a ileng a li tlisa ka Morena oa rōna? Liphetoho tseo tse mabapi le bolebeli li ile tsa matlafatsa khotso le bonngoe ba liphutheho lefatšeng lohle joang? Li u thusa joang hore u sebeletse “Molimo oa khotso”?

Kreste o Etella Pele Phutheho Joang?

11. (a) Lenaneo la thuto ea Bibele le ile la etsa hore sehlopha se busang se etse phetoho efe? (b) Barab’abo rōna ba sehlopha se busang ba ile ba ikemisetsa ho etsa’ng?

11 Ho tloha ka 1964 ho ea ho 1971 sehlopha se busang se ile sa hlophisa hore ho be le lenaneo la thuto ea Bibele le pharalletseng ’me har’a tse ling tsa lintho tse neng li hlahlojoa e ne e le kamoo phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e neng e sebetsa kateng.a Thuto eo e ile ea bontša hore lekholong la pele la lilemo, phutheho e ne e sa hlokomeloe ke moholo kapa molebeli a le mong empa e ne e hlokomeloa ke sehlopha sa baholo. (Bala Bafilipi 1:1; 1 Timothea 4:14.) Ha barab’abo rōna ba sehlopha se busang ba se ba utloisisitse taba eo hantle, ba ile ba hlokomela hore Morena Jesu, o ne a ba tataisetsa hore ba ntlafatse tsela eo ba hlophisang batho ba Molimo ka eona—’me ba ile ba ikemisetsa ho ikokobelletsa tataiso eo. Ntle ho tšenyo ea nako ba ile ba etsa liphetoho ’me ba latela tataiso ea Mangolo ha ba khetha baholo. Tse ling tsa liphetoho tse ileng tsa etsoa mathoasong a 1970 ke life?

O ILE A AMOHELA KHALEMELO KA BOIKOKOBETSO

MAKASINE ea The Watch Tower ea April 1, 1916, ea Sefinnishe e ne e e-na le lengolo le tsoang ho Mor’abo rōna Russell le neng le e e-a ho barab’abo rōna ba ’maloa ba lulang Scandinavia, ho akarelletsa le Mor’abo rōna Kaarlo Harteva. Mor’abo rōna Russell o ile a re: “Re khothalletsa lōna barab’abo rōna tumelong hore le khutlele ’neteng ’me le etse mosebetsi o lokelang ho etsoa.” Ke hobane’ng ha Mor’abo rōna Russell a ile a khothalletsa seo?

Kaarlo Harteva

Kaarlo Harteva

Mor’abo rōna Harteva, ea hlahileng ka 1882 e ne e le e mong oa Liithuti Tsa Bibele tsa Finland. O ile a kolobetsoa ka April 1910 ’me ka 1912, Mor’abo rōna Russell o ile a mo fa tumello ea hore a hatise The Watch Tower ka Sefinnishe. Lintho li ne li ntse li tsamaea hantle ho fihlela ha Ntoa ea Pele ea Lefatše e qhoma. Mor’abo rōna Harteva o ile a ngola makasineng ea The Watch Tower ea December 1, 1914 a re: “Ka lebaka la maemo a thata a moruo, . . . re ke ke ra tšepisa hore The Watch Tower e tla hatisoa e feletse kapa hore e tla hatisoa kamehla selemong sena.” Leha ho le joalo, e le hore ba fumane chelete ea ho hatisa, ka 1915, Mor’abo rōna Harteva le ba bang ba ile ba theha mokhatlo o bitsoang Ararat o ileng oa qala ho hatisa makasine e bitsoang ka lebitso leo.

Mor’abo rōna Harteva o ile a ameha haholo ka mokhatlo o mocha le makasine e ncha ’me mor’abo rōna e mong o ile a qala ho ba mohlophisi oa Watch Tower ea Sefinnishe. Makasine ea Ararat e ile ea hatisa lihlooho tsa Bibele empa hape e ne e e-na le lihlooho tse neng li bua ka ho sebelisa lintho tsa tlhaho ho phekola mafu hape e bua ka puo e ncha ea Seesperanto. Ho e-s’o ee kae, makasine ena e ncha e ile ea sitisa barab’abo rōna hore ba ithute lithuto tse hlakileng tsa ’nete. Ka nako eo, Mor’abo rōna Russell o ile a khathatseha ka hore ba tla tlohela ’nete eaba o khothalletsa Mor’abo rōna Harteva le ba bang hore “ba khutlele ’neteng.”

Mor’abo rōna Harteva o ile a etsa’ng? O ile a hatisa lengolo leo la Mor’abo rōna Russell hammoho le karabo ea hae makasineng ea Ararat. Mor’abo rōna Harteva o ile a kōpa tšoarelo ’me a re: “Ke batla ho etsa seo nka se khonang ho lokisa lintho.” Nakoana ka mor’a moo, makasineng ea ho qetela ea Ararat, Mor’abo rōna Harteva o ile a boela a kōpa tšoarelo ka lebaka la pherekano eo a e bakileng eaba o phaella ka ho re: “Ke tla leka hore ke be hlokolosi haholoanyane mabapi le linnete tseo re ithutang tsona hona joale.” Ho fapana le baholo ba bang ba neng ba ikhohomosa ka nako eo, Kaarlo Harteva o ile a amohela khalemelo eo ka boikokobetso.

Hamorao Mor’abo rōna Harteva o ile a boela a khethoa hore e be mohlophisi oa The Watch Tower ka Sefinnishe le hore e be molebeli oa ofisi ea lekala. O ile a phetha boikarabelo boo ho fihlela ka 1950. O ile a qeta tšebeletso ea hae ea lefatšeng ka 1957, a ntse a tšepahala ho Jehova le linneteng tseo a ithutileng tsona. Ka sebele, ha batho ba amohela khalemelo e tsoang ho Morena Jesu ka boikokobetso, baa hloekisoa ’me Jehova oa ba hlohonolofatsa.

12. (a) Ke phetoho efe e ileng ea etsoa ho sehlopha se busang? (b) Hlalosa hore na Sehlopha se Busang se hlophisitsoe joang kajeno. (Sheba le lebokose le reng “Sehlopha se Busang se Hlokomela Litlhoko Tsa ’Muso Joang?”.)

12 Phetoho ea pele e ile ea ama sehlopha se busang ka ho toba. Ho fihlela ka nako eo, sehlopha seo sa barab’abo rōna ba batlotsuoa e ne e le litho tse supileng tsa batsamaisi ba Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Leha ho le joalo, ka 1971, sehlopha se busang se ile sa eketseha ho tloha ho litho tse 7 ho ea ho tse 11 ’me ho ile ha e-ba le phapang pakeng tsa sehlopha se busang le sehlopha sa batsamaisi. Litho tseo li ne li nka hore ha ho ea phahametseng e mong ’me selemo le selemo li ne li fapanyetsana ka ho ba molula-setulo ho ea ka tatellano ea litlhaku tse qalang tsa mabitso a bona.

13. (a) Ho ile ha e-ba le tokisetso efe e ileng ea sebetsa ho tloha ka 1932 ho ea ho 1972? (b) Sehlopha se Busang se ile sa etsa’ng ka 1972?

13 Phetoho e ileng ea latela e ile ea ama liphutheho. Joang? Ho tloha ka 1932 ho ea ho 1972 phutheho e ne e etelloa pele ke mor’abo rōna a le mong. Ho fihlela ka 1936, mor’abo rōna eo ea khethiloeng o ne a bitsoa motsamaisi oa tšebeletso. Ka mor’a moo o ile a bitsoa mohlanka oa phutheho ’me qetellong a bitsoa molebeli oa phutheho. Ka cheseho bara bao babo rōna ba ile ba hlokomela mohlape moeeng. Hangata molebeli o ne a etsa liqeto a le mong ntle le hore a buisane le bahlanka ba bang ba phutheho. Leha ho le joalo, selemong sa 1972, Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa phetoho e ’ngoe e khōlō. Phetoho eo e ne e le efe?

14. (a) Ke tokisetso efe e ncha e ileng ea qala ho sebetsa ka la 1 October, 1972? (b) Mohokahanyi oa sehlopha sa baholo o sebelisa keletso e ho Bafilipi 2:3 joang?

14 Ho e-na le hore ebe mor’abo rōna a le mong ea sebeletsang e le molebeli oa phutheho, barab’abo rōna ba bang ba neng ba tšoaneleha ho latela Mangolo le bona ba ne ba khethoa ka tsela ea puso ea Molimo hore ba sebeletse e le baholo ba Bakreste. E ne e tla ba sehlopha sa baholo se neng se tla lebela phutheho. Tokisetso eo e ncha ea ho khetha baholo e ile ea qala ho sebetsa ka la 1 October, 1972. Kajeno mohokahanyi oa sehlopha sa baholo ha a inke e le oa bohlokoa ho feta baholo ba bang empa o inka e le “e monyenyane.” (Luka 9:48) Ke tlhohonolofatso e kaakang ho ba le barab’abo rōna ba ikokobelitseng joalo mokhatlong oa rōna oa lefatšeng lohle oa bara ba motho!—Bafil. 2:3.

Ho hlakile hore Morena oa rōna ea bohlale o ’nile a fa balateli ba hae balisa ka nako e nepahetseng

15. (a) Tokisetso ea hore ho be le sehlopha sa baholo ka liphuthehong e hlahisitse melemo efe? (b) Ke’ng se bontšang hore Morena oa rōna o bohlale?

15 Tokisetso ea hore lihlopha tsa baholo li arolelane boikarabelo ba phutheho e ’nile ea e-ba ntlafatso e khōlō. Nahana ka melemo ena e meraro: Oa pele e leng oa bohlokoa ka ho fetisisa, ke hore tokisetso ena e thusa baholo bohle—ho sa tsotellehe hore na boikarabelo ba phutheho bo boima hakae—hore ba ele hloko hore Jesu ke Hlooho ea phutheho. (Baef. 5:23) Oa bobeli, joalokaha Liproverbia 11:14 e bolela: “Ho na le poloko ha baeletsi ba le bangata.” Ha baholo ba buisana ka lintho tse amanang le hore na phutheho e ka sebeletsa Molimo joang ebile ba ela hloko litlhahiso tsa baholo ba bang, ba ka khona ho fihlela liqeto tse lumellanang le melao-motheo ea Bibele. (Liprov. 27:17) Jehova o hlohonolofatsa liqeto tse joalo ’me lia atleha. Oa boraro, kaha barab’abo rōna ba tšoanelehang ho sebeletsa joaloka baholo ba ntse ba eketseha, seo se thusitse mokhatlo hore o khone ho thusa liphutheho tse ntseng li eketseha hore li fumane baholo ba tla li lisa. (Esa. 60:3-5) Ak’u nahane ka sena—palo ea liphutheho tsa lefatšeng lohle e ile ea eketseha ho tloha ho tse fetang 27 000 ka 1971 ho ea ho tse fetang 113 000 ka 2013! Ho hlakile hore Morena oa rōna ea bohlale o ’nile a fa balateli ba hae balisa ka nako e nepahetseng.—Mik. 5:5.

KAMOO HO KHETHOA HA BAHOLO HO ILENG HA NTLAFALA KATENG

  • 1881​—E le hore Liithuti Tsa Bibele tse lulang libakeng tse tšoanang li tsebane, Mor’abo rōna Russell o ile a kōpa batho ba tšoarang liboka hore ba tsebise ofisi ea Watch Tower hore na ba kopanela hokae.

  • 1895​—Liphutheho tsohle li bolelloa hore li ikhethele barab’abo rōna ba ka sebeletsang e le baholo.

  • 1919​—Motsamaisi oa tšebeletso phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe o khethoa ke ofisi ea lekala ka tsela ea puso ea Molimo. Mosebetsi oa hae ke ho hlophisa mosebetsi oa boboleli le ho khothalletsa litho tsa phutheho hore li etse mosebetsi oa boboleli. Baholo ba bang ba phutheho ba ne ba sa tšehetse tokisetso ea ho ba le motsamaisi oa tšebeletso.

  • 1932​—Ho ile ha felisoa ho khethoa ha baholo ka ho ba voutela selemo le selemo. Ho e-na le hoo, phutheho e khetha komiti ea tšebeletso e nang le barab’abo rōna ba etsang mosebetsi oa boboleli ka cheseho le ba phelelang lebitso le lecha la Lipaki Tsa Jehova. E mong oa bona, ea khethiloeng ke phutheho, o ne a khethoa ke Mokhatlo kapa ofisi ea lekala hore e be motsamaisi oa tšebeletso.

  • 1937​—Barab’abo rōna bao e leng karolo ea bongata bo boholo ba ile ba sebetsa likomiting tsa tšebeletso hammoho le barab’abo bona ba tlotsitsoeng.

  • 1938​—Liphutheho li lumela ho nka qeto ea hore bahlanka bohle ba phutheho ba khethoe ka tsela ea puso ea Molimo. Ho voutela baholo ho ile ha felisoa ka phuthehong.

E le hore u ithute ho eketsehileng ka liphetoho tse ileng tsa e-ba teng tsamaisong ea mokhatlo, sheba buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 204-235.

An annual election of elders by the congregation in the 1920’s

“Re ne re voutela baholo ka hore re phahamise letsoho le letona. Ebe mor’a bo rōna o tsamaea a bala livoutu.”—Morali’abo rōna Rose Swingle, Chicago, Illinois, U.S.A.

“Le E-ba Mehlala ho Mohlape”

16. (a) Baholo ba na le boikarabelo bofe? (b) Liithuti Tsa Bibele li ile tsa talima keletso ea Jesu e reng ‘lisa linku’ joang?

16 Morao koana matsatsing a Liithuti Tsa Bibele, baholo ba ne ba se ntse ba utloisisa hore ba ne ba ikarabella ho thusa balumeli-’moho le bona hore ba lule ba sebeletsa Molimo. (Bala Bagalata 6:10.) Ka 1908, makasine ea Watch Tower e ile ea ba le sehlooho se neng se e-na le keletso ea Jesu e reng: “Lisa linku tsa ka tse nyenyane.” (Joh. 21:15-17) Sehlooho seo se ile sa bua le baholo sa re: “Ke habohlokoa hore mosebetsi oo Mong’a rōna a re fileng oona oa ho hlokomela mohlape o tle pele bophelong ba rōna ’me re ho nke e le tokelo ho fepa le ho hlokomela balateli ba Morena.” Ka 1925, makasine ea The Watch Tower e ile ea boela ea hatisa bohlokoa ba hore baholo ba sebeletse e le balisa, e ile ea re: “Kereke ke ea Molimo, . . . ’me bohle ba tla ikarabella ho Molimo ka tokelo ea bona ea ho sebeletsa barab’abo bona.”

17. Balebeli ba ’nile ba thusoa joang hore ba etse mosebetsi oa bona oa bolisa ka katleho?

17 Mokhatlo oa Jehova o ile oa thusa baholo joang hore ba ntlafatse tsebo ea bona ea bolisa joalokaha eka ba ile ba fumana “silevera ho e-na le tšepe”? Ka ho ba koetlisa. Ka lekhetlo la pele ka 1959, ho ile ha tšoaroa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso sa baholo. Karolo e ’ngoe e ile ea tšohla sehlooho se reng, “Ho Hlokomela Batho ka Bomong.” Bara bao babo rōna ba ile ba khothalletsoa ho “etsa kemiso ea ho etela litho tsa phutheho malapeng a bona.” Karolo eo e ile ea bua ka litsela tse fapaneng tseo balisa ba ka etsang hore bahoeletsi ba rue molemo maetong ao. Ka 1966 ho ile ha qala Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se nchafalitsoeng. Ho ile ha tšohloa sehlooho se reng “Bohlokoa ba Mosebetsi oa Bolisa.” Morero o ka sehloohong oa karolo eo e ne e le ofe? E ne e le ho ruta hore ba etellang pele “ba lokela ho hlokomela mohlape oa Molimo ka lerato empa ha ba lokela ho hlokomoloha malapa a bona le ho ea tšebeletsong ea tšimo.” Lilemong tsa morao tjena ho ’nile ha tšoaroa likolo tsa baholo tse eketsehileng. Koetliso eo mokhatlo oa Jehova o faneng ka eona e bile le liphello life? Kajeno, liphutheho tsa Bokreste li na le barab’abo rōna ba tšoanelehang ba likete, ba sebetsang e le balisa ba moea.

A Kingdom Ministry School class in the Philippines, 1966

Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se neng se tšoaretsoe Philippines, ka 1966

18. (a) Baholo ba fuoe boikarabelo bofe bo boima? (b) Ke hobane’ng Jehova le Jesu ba rata baholo ba sebetsang ka thata?

18 Jehova o sebelisa Morena oa rōna Jesu ho khetha baholo ba Bakreste hore ba etse mosebetsi o boima. Mosebetsi oo ke ofe? Ke oa ho etella pele linku tsa Molimo nakong ena e mahlonoko ka ho fetisisa. (Baef. 4:11, 12; 2 Tim. 3:1) Jehova le Jesu ba rata baholo bana ba sebetsang ka thata hobane bara bana babo rōna ba mamela keletso ea Mangolo e reng: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna . . . ka ho rata . . . , ka tabatabelo . . . , le e-ba mehlala ho mohlape.” (1 Pet. 5:2, 3) A re ke re hlahlobe litsela tse peli har’a tse ngata tseo balisa ba Bakreste e leng mehlala ho mohlape le kamoo ba etsang hore ho be le khotso le thabo ka phuthehong.

“RE NE RE HLOLETSOE”

BANYALANI ba baromuoa ba Asia ba ile ba abeloa phutheho e ileng ea nka lilemo tse ngata ho hōla. Ba ile ba hlokomela hore le hoja barab’abo rōna ba phutheho eo ba ne ba le lerato, ba ne ba sa latele litaelo tsa mokhatlo. Ka mor’a hore baromuoa ba etse setsoalle le bahoeletsi, mor’abo rōna oa moromuoa o ile a thusa phutheho mohato ka mohato hore e khone ho hlophiseha ka tsela eo batho ba Jehova ba hlophisehileng ka eona lefatše ka bophara. Liphello e ile ea e-ba life? Ka lilemo tse peli, palo ea batho ba ileng ba e-ba teng libokeng e ile ea menahana habeli, ba bacha ba ile ba etsa mosebetsi oa boboleli ’me ho ile ha kolobetsoa ba 20. Banyalani bao ba re: “Re ne re hloletsoe, Jehova o ile a re hlohonolofatsa haholo! Ho bona liphello tsa ho sebelisa litaelo tse tsoang mokhatlong oa Molimo ho tliselitse phutheho eohle thabo.”

Kajeno Baholo ba Lisa Mohlape oa Molimo Joang?

19. Re ikutloa joang ha baholo ba sebetsa le rōna tšebeletsong?

19 Tsela ea pele, baholo ba sebetsa le litho tsa phutheho. Mongoli oa Kosepele Luka o ile a bua ka Jesu a re: “A qala ho tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. Ba leshome le metso e ’meli ba ne ba e-na le eena.” (Luka 8:1) Joalokaha Jesu a ile a sebetsa mahetla a bapile le baapostola ba hae, baholo ba behang mohlala kajeno ba sebetsa hammoho le balumeli-’moho le bona mosebetsing oa boboleli. Baa hlokomela hore ha ba etsa joalo, seo se etsa hore ho be le moea o motle ka phuthehong. Litho tsa phutheho li ikutloa joang ka baholo bao? Jeannine, morali’abo rōna ea lilemong tsa bo-80, o re: “Ha ke sebetsa hammoho le moholo tšebeletsong ea tšimo, seo se mpha monyetla oa hore re buisane le hore ke mo tsebe hamolemo.” Steven, mor’abo rōna ea lilemong tsa bo-30, o re: “Ha moholo a sebetsa le ’na tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ke ikutloa eka o batla ho nthusa. Kea thaba ha ke fumana thuso e joalo.”

A shepherd finds a lonely, lost sheep on a stormy night

Joalokaha molisa a batla nku e lahlehileng, baholo le bona ba batla batho ba seng ba sa kopanele le phutheho.

20, 21. Baholo ba ka etsisa molisa ea papisong ea Jesu joang? Fana ka mohlala. (Sheba le lebokose le reng, “Maeto a Ileng a Beha Litholoana.”)

20 Tsela ea bobeli, mokhatlo oa Jehova o koetlisitse baholo hore ba hlokomele batho ba seng ba sa kopanele le phutheho. (Baheb. 12:12) Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho thusa batho bao ba fokolang moeeng, hona ba lokela ho ba thusa joang? Papiso ea Jesu e buang ka molisa le nku e lahlehileng e fana ka likarabo. (Bala Luka 15:4-7.) Ha molisa oa papisong eo a hlokomela hore ho na le nku e lahlehileng, o e batla joalokaha eka nku eo ke eona feela eo a nang le eona. Kajeno baholo ba Bakreste ba etsisa mohlala oa molisa eo joang? Joalokaha nku e lahlehileng e le ea bohlokoa ho molisa, batho ba seng ba sa kopanele le batho ba Molimo le bona ke ba bohlokoa ho baholo. Ba nka motho ea fokolang e le nku e lahlehileng—ha ba nke hore ho batla nku eo ke tšenyo ea nako. Ho feta moo, joalokaha molisa a “batla [nku] e lahlehileng ho fihlela a e fumana,” baholo ba ithaopela ho batla batho ba fokolang moeeng le ho ba thusa.

21 Molisa ea papisong o etsa’ng ha a fumana nku? O e phahamisa ka mosa, “o e jara mahetleng,” ’me o e khutlisetsa mohlapeng. Ka ho tšoanang, ha moholo a bua ka tsela e bontšang hore o amehile ka motho eo ea fokolang, a ka mo phahamisa moeeng ’me a mo thusa hore a khutlele ka phuthehong. Ke sona se ileng sa etsahalla Victor, mor’abo rōna ea lulang Afrika ea ileng a khaotsa ho kopanela le phutheho. O re: “Lilemong tse robeli tseo ke neng ke sa kopanele ka tsona baholo ba ne ba ntse ba leka ho nthusa.” Ke eng se ileng sa mo ama maikutlo ka ho khetheha? O re: “Ka letsatsi le leng, John, moholo eo re neng re le Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho le eena, o ile a nketela eaba o mpontša tse ling tsa linepe tseo re ileng ra li nka ha re le sekolong. Ke ile ka hopola linako tseo tse monate hoo ke ileng ka labalabela ho ba le thabo eo ke neng ke na le eona ha ke ntse ke sebeletsa Jehova.” Victor, o ile a khutlela ka phuthehong nakoana ka mor’a hore John a mo etele. Kajeno ke pula-maliboho hape. Ka sebele ha baholo ba Bakreste ba re tsotella rea thaba.—2 Bakor. 1:24.b

Two Christian brothers have a friendly visit with an elderly inactive Christian brother

MAETO A ILENG A BEHA LITHOLOANA

BAHOLO ba phutheho ea United States ba ne ba batla ho thusa linku tse lahlehileng ’me ba ile ba hlahloba hore na ba ka etsa’ng ho thusa linku tseo. Ba ile ba fumana hore batho ba ka bang 30 ba neng ba khaolitse ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse mashome ba ne ba ntse ba lula tšimong ea phutheho. Ba bangata ba bona ba ne ba se ba hōlile lilemong.

E mong oa baholo bao, e leng Alfredo, o ne a e-na le mabitso a bona ’me o ile a ba etela. O re: “Labohlano le leng le le leng, ke etela motho ea seng a sa kopanele.” Alfredo o qoqa le motho eo ka mofuthu ebe o mo bontša hore o amehile ka eena. O bolella mora kapa morali’abo rōna ea seng a sa kopanele hore phutheho ha e-s’o lebale mosebetsi o motle oo a ileng a o etsa ha a ntse a tšehetsa ’Muso oa Jehova. Alfredo o re, “Ha ke bolella mor’abo rōna e mong ea holileng ea ileng a khaotsa ho kopanela ka tlaleho ea hae ea khoeli ea ho qetela eo a ileng a fana ka eona ka 1976, o ile a seka meokho.” Alfredo o boetse o bala Luka 15:4-7, 10 ha a ba etetse, ebe o re ho bona, “Ho etsahala’ng ha nku e lahlehileng e khutlela ka phuthehong? Jehova, Jesu le mangeloi baa thaba—ak’u nahane ka seo!”

Lilemo tse peli tse fetileng, Alfredo o ’nile a thusa batho ba seng ba sa kopanele le phutheho. Liphello tsa boiteko ba hae e bile life? O ile a thusa barab’abo rōna ba babeli ho khutlela ka phuthehong ’me seo se ile sa mo tlisetsa thabo. Hona joale ba lula ba le teng libokeng tsa Sontaha. O bua a bososela o re: “Ha ba kena ka Holong ea ’Muso, le ’na ke ile ka seka meokho.” O phaella ka ho re: “Le hoja batho bana ba se ba qalile ho tla libokeng, ke ntse ke e e-ea ho bona ka Labohlano le leng le le leng hobane ba mpolella hore ba thabela ha ke ba etela beke le beke—le ’na ke ikutloa ka tsela e tšoanang!”

Liphetoho tse Amanang le Baholo li Matlafatsa Bonngoe ba Batho ba Molimo

22. Ho loka le khotso ho matlafatsa bonngoe ba phutheho ea Bokreste joang? (Sheba le lebokose le reng “Re ne re Hloletsoe.”)

22 Joalokaha re bone pejana, Jehova o ile a bolela esale pele hore ho loka le khotso li ne li tla eketseha har’a batho ba Molimo. (Esa. 60:17) Litšobotsi tsena ka bobeli li matlafatsa bonngoe ka liphuthehong. Joang? Tabeng ea ho loka, ‘Molimo ke Jehova a le mong.’ (Deut. 6:4) Melao ea hae e lokileng e sebelisoa ka tsela e tšoanang liphuthehong tsa linaheng tse fapaneng. Molao oa hae oa se nepahetseng le se fosahetseng o mong ’me oa tšoana “liphuthehong tsohle tsa bahalaleli.” (1 Bakor. 14:33) Kahoo, liphutheho lia hōla hafeela ho sebelisoa melao ea Molimo. Morena oa rōna o boetse o batla hore re se ke ra thabela feela ho ba le khotso ka phuthehong empa re be batho ba bōpang khotso. (Mat. 5:9) Kahoo re ‘phehella lintho tse tlisang khotso.’ Re ithaopela ho rarolla mathata a ka hlahang har’a rōna. (Bar. 14:19) Ha re etsa joalo re etsa hore ho be le khotso le bonngoe ka har’a phutheho.—Esa. 60:18.

23. Ke’ng eo re e thabelang re le bahlanka ba Jehova kajeno?

23 Morao koana ka November 1895, ha makasine ea Watch Tower e phatlalatsa tokisetso ea pele ea ho khetha baholo, barab’abo rōna ba ile ba e amohela ka pelo eohle. Ba ile ba bontša seo joang? Ba ne ba labalabela ba bile ba rapella hore tokisetso ena e ncha e thuse batho ba Molimo hore “ba tle ka potlako e le hore ba be bonngoeng tumelong.” Ha re nahana ka lilemo tse mashome tse fetileng, ka sebele re thabisoa ke ho bona hore liphetoho tseo Jehova a li tlisetseng ka Morena oa rōna li matlafalitse bonngoe ba borapeli ba rōna. (Pes. 99:4) Seo se entse hore kajeno batho ba Jehova ba tsamaee ka “moea o tšoanang,” ba latele “mehato e tšoanang” ba sebeletse “Molimo oa khotso” ‘mahetla a bapile.’—2 Bakor. 12:18; bala Sofonia 3:9.

a Lipatlisiso tseo tse ileng tsa etsoa ka hloko li ile tsa hatisoa bukeng ea Aid to Bible Understanding.

b Sheba sehlooho se reng, “Baholo ba Bakreste—‘Basebetsi-’moho Bakeng sa Thabo ea Rōna’” sa Molula-Qhooa oa January 15, 2013.

’Muso ke oa Sebele Hakae ho Uena?

  • Ke liphetoho life tseo ’Muso o li tlisitseng mokhatlong?

  • Liphetoho tse mabapi le ho khetha baholo ka phuthehong li u thusitse joang hore u sebeletse “Molimo oa khotso”?

  • Ke’ng eo moholo a ileng a e bua kapa a e etsa e ileng ea u thabisa?

  • U ka etsa’ng e le hore ho be le khotso le bonngoe ka phuthehong?

A meeting of the Governing Body of Jehovah’s Witnesses

Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Gerrit Lösch, Geoffrey Jackson, Samuel Herd, Guy Pierce, Mark Sanderson, David Splane, Anthony Morris III, Stephen Lett

SEHLOPHA SE BUSANG SE HLOKOMELA LITLHOKO TSA ’MUSO JOANG?

SEHLOPHA se Busang sa Lipaki Tsa Jehova ke barab’abo rōna ba tlotsitsoeng ba sebeletsang Jehova Molimo. E le sehlopha, ba bitsoa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Ba na le boikarabelo ba ho fana ka lijo tsa moea le ho fana ka tataiso e le hore mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso lefatšeng ka bophara o etsoe.—Mat. 24:14, 45-47.

Sehlopha se Busang se ba le liboka beke le beke, haholo-holo ka Laboraro. Sena se thusa barab’abo rōna hore ba sebetse ’moho ba le bonngoeng. (Pes. 133:1) Litho tsa Sehlopha se Busang li boetse li sebeletsa likomiting tse fapaneng. Komiti ka ’ngoe e hlokomela karolo e itseng e amanang le litlhoko tsa ’Muso. Sehlopha se Busang se etsa mesebetsi e latelang.

  • Christian brothers coordinating efforts to care for the Christian brotherhood

    Komiti ea Bohokahanyi

    Komiti ena e hlokomela litaba tsa molao le tšebeliso ea mecha ea litaba ha ho hlokahala ho hlalosa ka tsela e nepahetseng seo re se lumelang. E boetse e sebetsana le litaba tsa likoluoa, mahloriso le litaba tse ling tse potlakileng tse amang Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle.

  • Bethel family members doing various assignments

    Komiti ea Basebetsi

    Komiti ena e hlokomela litho tsa lelapa la Bethele lefatšeng lohle ka lintho tseo ba li hlokang nameng le moeeng. E khetha le ho bitsa litho tse ncha tsa lelapa la Bethele le ho hlophisa lipotso tse mabapi le tšebeletso ea Bethele.

  • A Bethelite helps with printing and shipping Bible literature

    Komiti ea Khatiso

    Ba sebetsang komiting ena ba ikarabella ka litsi tsa khatiso le thepa e sebelisoang ke mekhatlo e sa tšoaneng ea Lipaki Tsa Jehova, le ka mosebetsi o etsoang oa ho haha Liholo Tsa ’Muso. Ba boetse ba ikarabella ka tsela eo lichelete tse nehetsoeng bakeng sa mosebetsi oa ’Muso li sebelisoang ka eona.

  • A Christian brother preparing and researching items at a desk

    Komiti ea Tšebeletso

    Barab’abo rōna ba sebetsang komiting ena ba hlokomela likarolo tsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo le lintho tse amang liphutheho, bahoeletsi, bo-pula-maliboho, baholo, balebeli ba tsamaeang le baromuoa. Har’a lintho tse ling tse ngata tseo ba li hlokomelang, ba hlokomela mosebetsi o etsoang ke Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele.

  • A Christian brother delivering a talk at a podium

    Komiti ea Thuto

    Komiti ena e ikarabella ka thupelo e fanoang likopanong tse khōlō le tse nyenyane le libokeng tsa phutheho. E hlophisa mananeo a thupelo bakeng sa Sekolo sa Gileade, Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso, Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho hammoho le likolo tse ling. Ho phaella moo, e ikarabella ka ho hlophisa kemiso ea liboka ea Bophelo le Tšebeletso ea Rōna hammoho le likhatiso tse mameloang le tsa livideo.

  • Various publication formats, including jw.org website

    Komiti ea Bongoli

    Barab’abo rōna ba sebetsang komiting ena ba ikarabella ka ho lokisetsa lijo tsa moea tse fumanehang lingoliloeng tsa rōna le lisebelisoeng tsa elektronike bakeng sa balumeli-’moho le bona le batho ka kakaretso. Ba boetse ba hlophisa Websaete ea mokhatlo le ho hlokomela mosebetsi oa phetolelo lefatšeng lohle. Ho phaella moo, komiti ena e arabela lipotso tse amanang le mangolo le lintlha tse ka har’a lingoliloeng tsa rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela