Ho Pakela Batho ba Lipuo Tsohle le Malumeli
1 Ka cheseho, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba pakela batho ba buang lipuo tse ling le ba neng ba lumela malumeling a fapa-fapaneng. Ka lebaka leo, “e ka ’na eaba ka selemo sa 100, profinse e ’ngoe le e ’ngoe e sikileng le Mediterranean e ne e e-na le Bakreste ka hare ho eona.”—History of the Middle Ages.
2 Karolong e khōlō ea tšimo ea rōna, re na le batho ba sa tšoaneng ba buang lipuo tse ngata tse fapa-fapaneng. Ba bangata ba faletse metseng ea mahae le makeisheneng ba tla metseng e meholo le litoropong. Batho ba tsoang hohle Afrika ba tlile metseng e meholo ho tla batla mosebetsi. Ka lebaka leo, metseng e mengata e meholo le litoropong ho na le batho ba malumeli a fapa-fapaneng ao e seng a Bokreste, ho akarelletsa le ba likete ba Bajuda, Mabuddha, Mahindu le Mamosleme. Ka lebaka la lipuo tsena tse sa tšoaneng le malumeli, ke phephetso ea sebele hore na re qoqa joang le batho bohle ba joalo le ho ba pakela ha re teana le bona. Ha e le hantle, tšimo ea habo rōna e ka ’na ea tšoana le ea baromuoa. Ke joang re ka latelang litaelo tsa Jesu tsa ‘ho bolella batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng’ ho batho ba lichaba tsohle le malumeli?—Lik. 10:42.
Ho Pakela Batho ba Buang Puo e ’Ngoe
3 Keketseho e khōlō ea bahoeletsi ba bacha e hlaha bathong ba buang lipuo tse ling tsa mona, bao hona joale ba phelang libakeng tseo pele e neng e le tsa ba buang Seafrikanse le Senyesemane. Ho thehiloe liphutheho tse ’maloa tsa lipuo tsa koano libakeng tsena. Leha ho le joalo, ho sa ntse ho ka finyelloa ho eketsehileng.
4 Ho Hlōla Tšitiso ea Puo: Ha ho pelaelo hore batho ba bangata ba ithuta kapele haholo ’me e le ka kutloisiso e tebileng haholoanyane ha ba rutoa ka maleme a habo bona. Bara le barali babo rōna ba bangata ba ithutile puo e ’ngoe “ka lebaka la litaba tse molemo” e le hore ba ka ‘li arolelana le ba bang.’ (1 Bakor. 9:23) Le hoja ka nako e telele mosali e mong oa Lechaena a ne a fumana limakasine kamehla ho morali e mong oabo rōna ea buang Senyesemane, mosali enoa o ne a ile a hana tlhahiso ea ho ba le thuto ea Bibele ho fihlela ha morali’abo rōna e mong, ea neng a ithuta Sechaena, a mo fa buka ka puo ea habo. O ile a e amohela habonolo hammoho le thuto. Phapang ena eohle e ile ea etsoa ke boiteko ba morali’abo rōna oa bobeli ba ho bua mantsoe a seng makae ka puo ea mosali eo.—Bapisa le Liketso 22:2.
5 Ka mabaka a utloahalang, Molula-Qhooa oa November 1, 1992, o re: “Ho ithuta puo esele, ho ke ke ha hōlisa matla a kelello a bacha feela empa ho tla ba etsa hore ba sebelisoe haholoanyane mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova.” Litho tse ling tsa lelapa la Bethele li kene mosebetsing oa ho ithuta puo e ncha. Ka tsela ena, barab’abo rōna ba thusitse ka ho khethehileng liphuthehong tseo ba hlokoang ho tsona hore ba etelle pele. Haeba u tseba puo e ’ngoe kapa u ikemiselitse ho ithuta, le uena u ka fana ka thuso phuthehong kapa sehlopheng se buang puo esele.—Mat. 9:37, 38.
6 Hona joale mor’abo rōna e mong oa Florida, U.S.A., ea ileng a ithuta Sevietnam pele a kena ’neteng, o fumana thabo e khōlō ha a bolella batho ba buang Sevietnam litaba tse molemo. Ho etsa hore a fumanehe haholoanyane bakeng sa ho sebelisa puo eo a e tsebang ha a paka, o ile a falla hammoho le lelapa la hae ho ea sebakeng se seng moo tlhokahalo e leng khōloanyane tšimong ea Sevietnam. Haesale a falla, o atleha haholo ho ithuteng Bibele le batho ba bangata ba tsoang Vietnam.
7 Morali e mong oabo rōna oa California, U.S.A., o ile a teana le batho ba bangata ba lithōlō tšimong ea habo. O ile a rapella thuso ea Jehova hore a fumane motho ea neng a ka mo ruta puo ea matsoho e le hore a ka li ruta ’nete. Ka letsatsi le leng ha a ntse a reka suphamaketeng ea ha habo, o ile a atameloa ke mosali e mong e mocha oa sethōlō ea ileng a ngola molaetsa oa hore a mo thuse ho fumana ntho e itseng. Ka mor’a ho mo thusa hore a e fumane, pula-maliboho enoa o ile a ngola molaetsa a hlalosa hore o lakatsa ho ithuta puo ea matsoho e le hore a ka thusa lithōlō tsa sebakeng seo. Eaba mosali enoa oa sethōlō oa ngola, a botsa, “Ke hobane’ng ha u batla ho thusa lithōlō?” Morali’abo rōna ha a araba o ile a ngola: “Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me ke rata ho thusa lithōlō ho utloisisa Bibele. Ke tla thabela ho u ruta Bibele haeba u ka nthuta puo ea matsoho.” Morali’abo rōna o re: “Ha u tsebe kamoo ke ileng ka thaba kateng ha a re ‘Ho lokile.’” Morali’abo rōna o ile a ea ha mosali enoa mantsiboea a mang le a mang ka libeke tse tšeletseng. O ile a ithuta puo ea matsoho, ’me mosali enoa oa sethōlō o ile a ithuta ’nete ’me a kolobetsoa! Seo se etsahetse lilemong tse fetang 30 tse fetileng, ’me morali enoa oabo rōna o sa ntse a pakela lithōlō ebile hona joale o kopanela le phutheho ea puo ea matsoho.
8 Haeba u bua puo e ’ngoe ha phollatsi ’me u e-na le takatso ebile u ka fallela moo tlhokahalo e leng khōlō tšimong eo, ke hobane’ng ha u sa bue ka taba ee le baholo ba phutheho? Haeba ba bona hore ua tšoaneleha hore u ka falla, botsa molebeli oa potoloho hore na ho na le sebaka seo u ka sebeletsang ho sona se haufi. Haeba se le sieo, u ka ngolla Mokhatlo, hafeela baholo le bona ba kenya lengolo la bona le hlalosang maikutlo a bona ka litšoaneleho tsa hao le tsebo ea hao ea lipuo.—Bona Molula-Qhooa oa August 15, 1988, leqepheng la 21-3.
9 Ho Sebelisa Likofuto Tse Lokiselitsoeng: Lingoliloeng tsa rōna li fumaneha ka lipuo tse ngata tse buuoang tšimong ea rōna. Ho ka ba molemo ho nka lipampitšana le bukana ea Seo a se Hlokang ka lipuo tse buuoang tšimong ea lōna. Haeba ho hlakile hore Sesotho hase puo ea habo motho eo, mo botse hore na o bala lipuo life. Sena se ka ’na sa eketsa khetho ea hore na u ka fana ka lingoliloeng ka lipuo life. Ka mohlala, motho ea buang Seswati a ka ’na a bala le Sezulu.
10 Le haeba u sa bue puo ea motho eo u teanang le eena mosebetsing oa hao oa bopaki, u ntse u ka mo bolella litaba tse molemo. Joang? Ka ho sebelisa bukana ea Good News for All Nations. E na le molaetsa o mokhutšoanyane ka lipuo tse 59. Joalokaha litaelo tse leqepheng la 2 la bukana ena li hlalosa, ka mor’a ho fumana hore na mong’a ntlo o bua puo efe, e-re a bale boitsebiso bo hatisitsoeng leqepheng le loketseng la bukana ena. Ha a se a bo balile, mo bontše sengoliloeng sa puo ea hae. Haeba u se na sona, mo bontše sengoliloeng sa Sesotho. Bontša hore u tla leka ho mo tlela le sa puo ea hae. Mo botse lebitso ’me u le ngole hammoho le aterese ea hae. Mohlomong u ka fetisetsa boitsebiso boo phuthehong kapa sehlopheng se haufi sa puo eo. Bakeng sa litaelo tse eketsehileng tsa kamoo u ka fetisetsang boitsebiso bo joalo ho barab’abo rōna ba nepahetseng, bona leqephe la 11 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1993. Haeba ho se motho ea buang puo eo ea ka etelang motho eo, u ka ’na ua amohela phephetso eo, mohlomong u bile u ithuta le motho eo ka hore uena u bale ka sengoliloeng sa Sesotho.—1 Bakor. 9:19-23.
Ho Pakela Batho ba Malumeli ao e Seng a Bokreste
11 Ho ba le tsebo e itseng ka semelo sa bolumeli ba motho ho re thusa ho fana ka bopaki bo atlehang ka ’Muso oa Molimo. Buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo e re fa temohisiso ka malumeli a maholo a lefatše e le hore re ka utloisisa litumelo tsa batho hantle hoo re ka ba thusang hore ba tsebe ’nete.
12 Lebokose le leqepheng la ho qetela la kenyelletso ena le fana ka letoto la lingoliloeng tse teng tseo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o li lokiselitseng hore li sebelisoe ha ho pakeloa batho bao e seng Bakreste. Ka ho bala lingoliloeng tsena, re utloisisa kamoo re ka atamelang batho ka litaba tse molemo kateng. Ha rea lokela ho lebala hore buka ea Ho Bea Mabaka ke kofuto e thusang. Leqepheng la 21-4 bukeng ena ho fanoa ka litlhahiso tse sebetsang tsa kamoo ho ka arajoang Bajuda, Mabuddha, Mahindu le Mamosleme kateng.
13 Ho ba Hlokolosi ka Hore na re Re’ng: Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra ba le boikutlo bo sa fetoheng ka batho ba bolumeli bo itseng ka ho nahana hore seo ba bang ba bolumeli boo ba se lumelang, ke seo ba bang kaofela ba se lumelang. Ho e-na le hoo, leka ho utloisisa hore na motho eo u buang le eena o nahana joang. (Lik. 10:24-35) Salimoon ha e sa le Momosleme o ne a hōlisitsoe a lumela hore Koran ke lentsoe la Molimo. Empa o ne a sitoa ho amohela ka botlalo thuto ea Mamosleme ea hore Molimo ea mohau ka ho feletseng o ne a ka hlokofatsa batho liheleng tse tukang. Ka letsatsi le leng, Lipaki tsa Jehova li ile tsa mo memela sebokeng. Kaha o ile a hlokomela ’nete hang-hang, hona joale o sebeletsa ka thabo e le moholo ka phuthehong ea Bokreste.
14 Ha re pakela batho ba litumelo tseo e seng tsa Bokreste, ho hlokahala hore re be hlokolosi hore katamelo ea rōna e se be e re senyetsang monyetla oa ho qoqa le bona ka litaba tse molemo. (Lik. 24:16) Balateli ba malumeli a mang ba halefa kapele ha ho etsoa boiteko leha e le bofe ba ho ba sokolla tumelong ea bona. Kahoo, falimehela ho fumana lintlha tseo ka tsona u ka hahang taba eo le lumellanang ka eona e le hore u ba hohelle ka ’neteng e phethahetseng ea Lentsoe la Molimo. Ba kang linku ba tla arabela ha ba atameloa ka mosa le ka taba e hlakileng ea ’nete.
15 Mantsoe ao re a sebelisang le ’ona ke a bohlokoa esere ra etsa hore batho ba nene molaetsa oa rōna ho sa hlokahale. Ka mohlala, ha u potlakela ho itsebahatsa hore u Mokreste, momameli oa hao a ka ’na a u amahanya habonolo le likereke tsa Bokreste-’mōtoana, e leng ho ka bakang tšitiso. Hape ho ka ba molemo ho bua ka Bibele e le ‘Mangolo’ kapa “lingoliloeng tse halalelang.”—Mat. 21:42; 2 Tim. 3:15.
16 Haeba u kopana le motho oa bolumeli boo e seng ba Bokreste ’me u ikutloa hore ha ua lokela ho mo pakela hona hoo, sebelisa monyetla oo feela hore le tloaelane, mo siele pampitšana ’me le tsebane ka mabitso. Ebe joale u khutla ka mor’a letsatsi kapa a mabeli, u se u lokiselitse hantle hore u fane ka bopaki.—1 Tim. 4:16; 2 Tim. 3:17.
17 Ho Pakela Mabuddha: (Bona khaolo ea 6 ea Moloko oa Batho o Batla Molimo.) Litumelo tsa Mabuddha li fapana haholo ho ea ka molumeli ka mong. Ho e-na le ho buella hore ho na le ’Mōpi oa motho, Bobuddha bo lumela hore monna oa Moindia, Buddha Gautama, oa lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., ke ’mehi-mohlala oa bolumeli. Ha Gautama a ne a qala ho bona motho ea kulang, motho ea tsofetseng le motho ea shoeleng, o ile a utloisoa bohloko ke seo bophelo bo leng sona. O ile a ipotsa: ‘Na batho ba tsoalloa feela hore ba utloe bohloko, ba tsofale ’me ba shoe?’ Ho hlakile hore re ka arabela lipotso tseo ho Mabuddha a tšepahalang a batlang ho tseba likarabo.
18 Ha u bua le Mabuddha, bua feela ka molaetsa o nang le boikutlo bo nepahetseng le ka linnete tse hlakileng tse fumanoang ka Bibeleng, eo e leng buka e ka sehloohong ho tsohle tse halalelang. Ho tšoana le batho ba bang ba bangata, Mabuddha a thahasella haholo khotso, boitšoaro bo botle le bophelo ba lelapa, ’me hangata a thabela puisano e buang ka litaba tsena. Sena se ka etsa hore u phahamise ’Muso e le oona tharollo ea sebele ea mathata a moloko oa batho.
19 Metseng e mengata e meholo le litoropong, ho na le batho ba Machaena ba tumelo ea Bobuddha le litumelo tse ling tsa Bochabela. Ha morali e mong oabo rōna oa Montana, U.S.A., a bona monna oa Lechaena lebenkeleng la korosari, o ile a mo fa pampitšana ea puo ea habo ’me a ithaopela ho mo ruta Bibele. O ile a re: “U bolela Bibele e Halalelang? Haesale ke batla seo bophelong bohle ba ka!” O ile a qala ho ithuta hona bekeng eo ’me a qala ho ea libokeng tsohle.
20 Ka nako e fetang lilemo tse leshome, morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho oa Nevada, U.S.A., o ’nile a ruta liithuti tsa Machaena ’nete. Ha a ne a sebetsa mohahong o mong o nang le matlo a robeli a bolulo a luloang ke liithuti tsena, o ile a rapella thuso ea Jehova hore a qalise thuto ntlong ka ’ngoe. Ka nako ea libeke tse peli o ne a ithuta bonyane le seithuti se le seng ntlong ka ’ngoe. Katamelo e sebetsang hantle ho eena ke ea ho bolela hore o fumana liithuti li amehile ka ntho e le ’ngoe e tšoanang—kaofela li batla khotso le thabo. Joale oa li botsa hore na le tsona li amehile ka seo na. Kamehla lia lumela. O lebisa tlhokomelo ea tsona bukaneng ea Lasting Peace and Happiness—How to Find Them, e lokiselitsoeng Machaena. Ka mor’a ho ithuta ka makhetlo a mahlano feela, seithuti se seng se ile sa mo bolella hore e ne e le khale se batla ’nete le hore joale se ne se e fumane.
21 Ho Pakela Mahindu: (Bona khaolo ea 5 ho Moloko oa Batho o Batla Molimo.) Bohindu ha bo na tumelo e tsepameng. Filosofi ea bona e rarahane haholo. Mahindu a na le khopolo ea boraro-bo-bong ka molimo oa ’ona o ka sehloohong Brahman (Brahma ’Mōpi, Vishnu ’Moloki, le Siva Motimetsi). Tumelo ea hore moea ha o shoe ke motheo oa thuto ea ’ona ea ho tsoaloa hangata, e nang le tšekamelo ea ho etsa hore Mahindu a be le khopolo ea hore lefu le ke ke la qojoa bophelong. (Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 173-7, le Molula-Qhooa oa May 15, 1997, leqepheng la 3-8.) Bohindu bo ruta ho hlompha maikutlo a ba bang le hore malumeli ’ohle a isa ’neteng e tšoanang.
22 Katamelo eo u ka e sebelisang ha u pakela Mahindu ke ho hlalosa tšepo ea rōna e thehiloeng Bibeleng ea batho ba phethahetseng ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng hammoho le likarabo tse khotsofatsang tseo Bibele e fanang ka tsona lipotsong tsa bohlokoa tseo moloko oohle oa batho o talimaneng le tsona.
23 Ho Pakela Bajuda: (Bona khaolo ea 9 ho Moloko oa Batho o Batla Molimo.) Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, ho fapana le malumeli a mang ao e seng a Bokreste, e thehiloe historing, eseng tšōmong. Mangolo a Seheberu a bululetsoeng a fana ka sehokelo sa bohlokoa bakeng sa hore moloko oa batho o batle Molimo oa ’nete. Empa leha ho le joalo, ho fapana le Lentsoe la Molimo, thuto ea motheo ea Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda ea kajeno ke tumelo ea hore moea oa motho ha o shoe. Motheo oa puisano o lumellanang o ka thehoa ka ho tiisa hore re rapela Molimo oa Abrahama le ka ho lumela hore bohle re talimane le mathata a tšoanang lefatšeng la kajeno.
24 Haeba u teana le Mojuda ea sa lumeleng ho Molimo, se ka u thusang ho lemoha hore na ke eng e ka ipiletsang hamolemo ho eena, ke ho mo botsa hore na haesale a ntse a ikutloa ka tsela eo na. Ka mohlala, e ka ’na eaba ha ho mohla a kileng a utloa karabo e khotsofatsang ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse ho utloa bohloko. Bajuda ba tšepahalang ba ka khothalletsoa hore ba boele ba hlahlobe litšobotsi tse khethollang Jesu e le Mesia, eseng ka litlhaloso tse fosahetseng tsa Bokreste-’mōtoana, empa ka tsela eo bangoli ba Bajuda ba Mangolo a Segerike ba mo hlalosang ka eona.
25 Ho Pakela Mamosleme: (Bona khaolo ea 12 ea Moloko oa Batho o Batla Molimo.) Mamosleme (kapa, Masolomane) ke balateli ba Boislam (kapa, bolumeli ba Mahomede), bo akarelletsang ho lumela ho Allah e le eena molimo feela oa bona le ho Mahomede (570-632 C.E.) e le eena moprofeta oa hae oa ho qetela le oa bohlokoahali. Kaha Mamosleme ha a lumele hore Molimo o bile le mora, a hlokomela Jesu Kreste e le moprofeta ea tlaase oa Molimo, eseng ho hong hosele. Koran, e nang le lilemo tse ka tlaase ho 1400 e le teng, e qotsa Mangolong a Seheberu le a Segerike. Ho na le ho tšoana ho hongata pakeng tsa Boislam le Bok’hatholike. Malumeli ana ka bobeli a ruta hore moea oa motho ha o shoe, boemo ba tlhokofatso ea nakoana le hore ho na le lihele tse tukang.
26 Ntho eo ho totobetseng hore re lumellana ka eona ke tumelo ea rōna ea hore ho na le Molimo a le mong feela oa ’nete le hore Bibele e bululetsoe ke eena. ’Mali ea seli oa Koran o bone litšupiso tse supang Torah, Lipesaleme le Likosepele hore ke Lentsoe la Molimo ’me o balile hore li lokela ho nkoa joalo le ho mameloa. Kahoo, u ka ithaopela ho ithuta tsona le motho eo.
27 Nehelano ena e ka ’na ea sebetsa ho motho ea itsebahatsang e le Momosleme: “Ha ke e-s’o bue le Mamosleme a mangata, empa ke balile ho hong ka lithuto tse seng kae tsa bolumeli ba hao bukeng ena. [Phetla leqepheng la 24 bukeng ea Ho Bea Mabaka.] E re le lumela hore Jesu e ne e le moprofeta empa hore Mahomede e ne e le moprofeta oa ho qetela le oa bohlokoahali. Na le boetse le lumela hore Moshe e ne e le moprofeta oa ’nete? [Emela karabelo.] Na nka u bontša hore na Moshe o ile a ithuta eng ka lebitso la Molimo?” Joale u bale Exoda 6:2, 3. Leetong la ho boela, u ka tšohla sehloohoana sa “One God, One Religion,” leqepheng la 13 bukaneng ea The Time for True Submission to God.
28 Kajeno, ba bangata ba itšoara tumellanong le mantsoe a Esaia 55:6, a reng: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi.” Sena se sebetsa ho bohle ba lipelo li tšepahalang, ho sa tsotellehe puo eo ba e buang kapa semelo sa bona sa bolumeli. Re ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna ha re leka ho ea ’me re ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’—Mat. 28:19.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Lingoliloeng Tse Lokiselitsoeng Batho Bao e Seng Bakreste
Bajuda
A Peaceful New World—Will It Come? (Pampitšana No. 17)
Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova Li se Lumelang? (Pampitšana No. 18)
Will There Ever Be a World Without War? (Bukana e lekanang le makasine)
Mabuddha
In Search of a Father (Bukana)
“Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha” (Bukana e lekanang le makasine)
Machaena
Lasting Peace and Happiness—How to Find Them (Bukana e lekanang le makasine)
Mahindu
From Kurukshetra to Armageddon—And Your Survival (Bukana)
Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? (Bukana e lekanang le makasine)
The Path of Divine Truth Leading to Liberation (Bukana)
Victory Over Death—Is It Possible for You? (Bukana)
Why Should We Worship God in Love and Truth? (Bukana e lekanang le makasine)
Mamosleme
How to Find the Road to Paradise (Pampitšana)
The Time for True Submission to God (Bukana)