Khaolo 6
Bobuddha—Ho Batla ho Fumana Tsebo Ntle ho Molimo
1. (a) Bobuddha bo ile ba iponahatsa joang har’a batho ba Bophirima? (b) Lisosa tsa phetoho ee ea Bophirima ke life?
BOBUDDHA bo neng bo sa tsebahale ka ntle ho Asia mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, kajeno bo nkile karolo ea ho ba bolumeli ba lefatše. Haele hantle, batho ba bangata ba Bophirima ba hlile ba maketse ho fumana Bobuddha bo atleha ka hare ho tikoloho eo ba leng ho eona. Boholo ba sena bo hlahile ka lebaka la ho tlala-tlala ha babalehi ba machaba. Batho ba bangata ba Asia ba itsetsepets/e Europe Bophirima, Amerika Leboea, Australia, le libakeng tse ling. Ha bafalali ba bangata ba ntse ba tsitsa linaheng tsa bona tse ncha, ba boetse ba tlisa bolumeli ba bona. Ka nako e tšoanang, batho ba eketsehileng ba Bophirima ba kopana ka ho toba le Bobuddha ka lekhetlo la pele. Sena, hammoho le ho hlōleha ho khalemela le ho oa moeeng ha likereke tsa neano, ho entse hore batho ba bang ba sokolohele bolumeling bo “bocha.”—2 Timothea 3:1, 5.
2. Balateli ba Buddha ba ka fumanoa hokae kajeno?
2 Kahoo, ho latela 1989 Britannica Book of the Year, Bobuddha bo ipolela hore lefatšeng ka bophara bo na le litho tse ka bang limillione tse 300, ka tse ka bang 200 000 Europe Bophirima le Amerika Leboea ka bonngoe, le tse 500 000 Latin Amerika, le tse 300 000 Soviet Union. Leha ho le joalo, boholo ba bakhomareli ba Bobuddha, bo sa ntsane bo fumanoa linaheng tsa Asia, tse kang Sri Lanka, Myanmar (Burma), Thailand, Japane, Korea le Chaena. Hantle-ntle Buddha e ne e le mang? Bolumeli bona bo ile ba qaleha joang? Lithuto le mekhoa tsa Bobuddha ke life?
Khoao ka Mohloli o Tšepahalang
3. Ke mohloli ofe oa litaba o teng kajeno ka bophelo ba Buddha?
3 Buka World Religions—From Ancient History to the Present e re: “Se tsejoang ka bophelo ba Buddha se theiloe haholo-holo bopaking ba libuka tse halalelang, tseo tse qapollisang le ho lokolisa taba ka ho felletseng tsa tsona e leng tse ngotsoeng ka Sepali, puo ea India ea boholo-holo.” Seo sena se se bolelang ke hore ha ho mohloli oa litaba oa nakong ea hae o re bolellang leha e le eng ka Siddhārtha Gautama, mothei oa bolumeli bona, ea ileng a phela India leboea lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Sena, haele hantle, se hlahisa bothata. Leha ho le joalo, ho tebileng haholoanyane ke khoao ea hore na “libuka tse halalelang” li ile tsa etsoa neng hona joang.
4. Thuto ea ’nete ea Buddha e ile ea bolokoa joang qalong?
4 Neano ea Mabuddha e bolela hore nakoana ka morao ho lefu la Gautama, lekhotla la baitlami ba banna ba 500 le ile la lula ho etsa qeto ea hore na thuto ea ’nete ea Morena e ne e le efe. Hore na lekhotla le joalo le ile la fela la lula ke taba eo ho phehoang khang haholo ka eona har’a litsebi tsa Bobuddha le bo-rahistori. Leha ho le joalo, ntlha ea bohlokoa eo re lokelang ho e ela hloko ke hore le tsona libuka tsa Bobuddha li lumela hore thuto ea ’nete eo ho ileng ha fihleloa qeto ka eona ha ea ka ea ngoloa empa e ile ea bolokoa likelellong tsa barutuoa. Ho ngoloa ha sebele ha libuka tse halalelang ho ile ha tla ka morao ho nako e telele.
5. Libuka tsa Sepali li ile tsa ngoloa neng?
5 Ho latela litlaleho tsa liketsahalo tsa Sri Lanka tsa makholong a lilemo la bone le la botšelela C.E., tsa pele-pele ho “libuka tse halalelang” tsena tsa Sepali li ile tsa ngoloa nakong ea puso ea Morena Vattagamani Abhaya lekholong la pele la lilemo B.C.E. Litlaleho tse ling tsa bophelo ba Buddha ha lia ka tsa hlaha li ngotsoe ho fihlela mohlomong lekholong la pele kapa lona la bohlano la lilemo C.E., hoo e ka bang lilemo tse sekete ka morao ho mehla ea hae.
6. Ke liphoso life tse boleloang khahlanong le “libuka tse halalelang”? (Bapisa le 2 Timothea 3:16, 17.)
6 Kahoo, Abingdon Dictionary of Living Religions e re, “‘Histori ea bophelo [ba hae] e ngotsoeng’ e hlahile morao e bile e tletse litaba tsa lipale le litšōmo, ’me libuka tse halalelang tsa khale haholo ke tse entsoeng ka morao ho mosebetsi o molelele oa ho phetelana litaba ka molomo oo ka ho hlakileng o neng o akarelletsa mokhoa o itseng oa tokiso le keketso e ngata.” Setsebi se seng se bile “sa phea khang hore ha ho lentsoe le le leng la thuto e tlalehiloeng le ka amahanngoang ka tieo eohle le Gautama ka boeena.” Na ho tšoaea liphoso ho joalo ho loketse?
Ho Emoloa le ho Tsoaloa ha Buddha
7. Ho latela libuka tsa Bobuddha, ’m’a Buddha o ile a mo emola joang?
7 Nahana ka lintlha tse latelang tse qotsitsoeng ka ho toba ho Jataka, karolo ea libuka tsa Sepali, le Buddha-charita, buka ea lekholong la bobeli la lilemo C.E. ea Sesanskrit ea bophelo ba Buddha. Pele, ke tlaleho ea kamoo ’m’a Buddha, Mofumahali Maha-Maya, a ileng a mo emola torong.
“Mangeloi a mane a bahlokomeli a ile a tla ’me a mo phahamisetsa holimo hammoho le moalo oa hae, ’me a mo tlosa ho mo isa Lithabeng tsa Himalaya. . . . Joale ha tla basali ba mangeloi ana a bahlokomeli, a mo isa Letšeng la Anotatta, le ho mo tolisa, ho tlosa letheba le leng le le leng la botho. . . . Haufi le moo ho ne ho e-na le Leralla la Silefera, ’me ka ho lona ho e-na le ntlo e ntlehali. Teng ba ile ba ala moalo oa bomolimo hlooho ea oona e shebile bochabela, eaba ba mo beha ho oona. Joale eo e neng e tla ba Buddha o ne a fetohile tlou e khōlō e tšoeu . . . O ile a hloa Leralla la Silefera, ’me . . . ka makhetlo a mararo a pota-pota moalo oa ’m’ae, lehlakore la hae le letona le le ka ho ’ona, ’me a ntse a mo phathatsa ka lehlakoreng le letona, o ile a bonahala a kena ka popelong ea hae. Kahoo kemolo ea etsahala moketeng oa har’a lehlabula.”
8. Ke eng e ileng ea boleloa pele ho nako mabapi le bokamoso ba Buddha?
8 Ha mofumahali a bolella monna oa hae, morena, toro ena, o ile a bitsa baprista ba 64 ba hlahelletseng ba Bohindu, a ba fepa le ho ba apesa, eaba o kōpa tlhaloso. Karabo ea bona e bile ena:
“U se ke ua belaela, morena e moholo! . . . U tla ba le mora. ’Me eena, haeba a ka tsoela pele ho phela bophelo ba lelapa, o tla fetoha morena oa bokahohle; empa haeba a ka tlohela bophelo ba lelapa ’me a khaohana le lefatše, o tla fetoha Buddha, ebe o phikolosa maru a sebe le booatla a lefatše lena.”
9. Ke liketsahalo life tse sa tloaelehang tseo ho boleloang hore li ile tsa latela phatlalatso e mabapi le bokamoso ba Buddha?
9 Ka morao ho moo, ho boleloa hore ho ile ha etsahala mehlolo e 32:
“Mafatše ’ohle a likete tse leshome a ile a reketla, a thothomela, le ho sisinyeha ka tšohanyetso. . . . Mello ea tima liheleng tsohle; . . . maloetse a emisa har’a batho; . . . liletsa tsohle tsa ’mino tsa ntša melumo ea tsona ho se motho ea li letsang; . . . leoatleng le leholo metsi a e-ba monate; . . . mafatše ’ohle a likete tse leshome a fetoha letlapa la lipalesa tse ntle bo fetisisang bo ka bang teng.”
10. Libuka tse halalelang tsa Bobudha li hlalosa tsoalo ea Buddha joang?
10 Joale ha tla tsoalo e sa tloaelehang ea Buddha serapeng sa lifate tsa sal se bitsoang Moru oa Lumbini. Eare ha mofumahali a batla ho nanabela lekala la sefate sa sal se setelele ka ho fetisisa, sefate sa mo lumella ka ho kobehela fatše moo a ka se fihlelang. Ha a itšoarelletse ka lekala leo a ntse a eme, a beleha.”
“O ile a tsoa popelong ea ’m’ae joaloka ’moleli ea theohang setulong sa hae sa boboleli, kapa monna ea theohang litepising, a otlolla matsoho ka bobeli le maoto ka bobeli, a sa netoa ka ho se hloeke leha e le hofe ha popelo ea ’m’ae. . . . ”
“Hang feela ha a tsoetsoe, [Buddha oa ka moso] o beha maoto ka bobeli fatše ka mokhoa o tiileng, o nka mehato e supileng ho ea leboea, ka sekoahelo se sesoeu holim’a hlooho ea hae, ’me o hlahloba karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše, a tsota ka mantsoe a se nang a tšoanang le oona: Lefatšeng lohle ke e moholo, ea molemohali le ea ka pele-pele; ena ke tsoalo ea ka ea ho qetela; nke ke ka hlola ke tsoaloa hape.”
11. Litsebi tse ling li fihletse qeto efe mabapi le litlaleho tse buang ka bophelo ba Buddha joalokaha li fumanoa libukeng tse halalelang?
11 Ho na le lipale tse fetelletseng ka ho tšoanang mabapi le bongoana ba hae, ho kopana ha hae le basali ba banyenyane ba neng ba mo hlompha haholo, ho lelera ha hae, le hoo e ka bang ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe bophelong ba hae. Ho sa makatseng, mohlomong litsebi tse ngata li lahla litlaleho tsena tsohle ka hore ke lipale le litšōmo. Mosebeletsi oa Sebaka sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa sa Brithani o bile o fana ka tlhahiso ea hore ka lebaka la “sehlopha se seholo sa lipale le mehlolo, . . . bophelo bo ka pakoang ke histori ba Buddha ho thata ho bo fumana hape.”
12, 13. (a) Tlaleho ea neano ea bophelo ba Buddha ke efe? (b) Ke eng e amoheloang ka tloaelo mabapi le nako eo Buddha a tsoetsoeng ka eona? (Bapisa le Luka 1:1-4.)
12 Ho sa tsotellehe litšōmo tsena, tlaleho ea neano ea bophelo ba Buddha e tsamaisoa ka bophara. Buka ea kajeno, A Manual of Buddhism, e phatlalalitsoeng Colombo, Sri Lanka, e fana ka tlaleho e latelang e nolofalitsoeng.
“Letsatsing leo khoeli e neng e tolokile ka lona la Motšeanong ka selemo sa 623 B.C. seterekeng sa Nepal ho ile ha tsoaloa Khosana ea Sakya ea Moindia, lebitso la eona e le Siddhattha Gotama.a Morena Suddhodana e ne e le ntat’ae, ’me Mofumahali Mahā Māyā e ne e le ’m’ae. Mofumahali o ile a shoa matsatsi a se makae ka morao ho tsoalo ea ngoana ’me Mahā Pajāpati Gotamī ea e-ba ’m’ae ea mo hōlisang.
“Ha a le lilemo li leshome le metso e tšeletseng o ile a nyala motsoal’ae, Khosatsana e ntle Yasodharā.
“Hoo e ka bang lilemo tse leshome le metso e meraro ka morao ho lenyalo la hae le thabileng o ile a phela bophelo bo tletseng menono, ka thabo a hloka tsebo ka bophelo bo feto-fetohang ka ntle ho likhoro tsa ntlo ea borena.
“Ha nako e ntse e feta, ’nete ea ’na ea mo chabela butle-butle. Selemong sa hae sa bo29, seo ka sona ho ileng ha bonahala phetoho ea mosebetsi oo a neng a tla o sebetsa bophelong bohle ba hae, mora oa hae Rāhula o ile a tsoaloa. O ile a nka ngoana oa hae e le tšitiso, hobane o ile a hlokomela hore bohle ntle ho khethollo ba tlas’a ho tsoaloa, maloetse, le lefu. A utloisisa kahoo hore masoabi ke ntho e hohle, o ile a etsa qeto ea ho fumana pheko e akaretsang bakeng sa ho kula hona ho tletseng hohle ha batho.
“Ha a tlohela menyaka ea hae ea borena, o ile a tloha lapeng ka bosiu bo bong . . . a beola moriri oa hae, a apara seaparo se seng setle sa moitšotli, eaba o lelera joaloka ea Batlang ’Nete.”
13 Ka ho hlakileng lintlha tsena tse seng kae tsa litlaleho tsa bophelo ba botho ba hae li fapana ka ho felletseng le litlaleho tse ntlehali tse fumanoang “libukeng tse halalelang.” ’Me ntle ho selemo seo a tsoetsoeng ka sona, li amoheloa ka mokhoa o tloaelehileng.
Ho Fumana Tsebo—Kamoo ho Ileng ha Etsahala
14. Bophelo ba Gautama bo ile ba fetoha hokae?
14 See se boletsoeng pele hore e ne e le “phetoho ea mosebetsi oo a neng a tla o sebetsa bophelong bohle ba hae” e ne e le eng? Ke nakong eo, ka lekhetlo la pele bophelong ba hae, a ileng a bona motho ea kulang, monna-moholo, le motho ea shoeleng. Phihlelo ena e ile ea mo etsa hore a hlomohe hore na morero oa bophelo ke ofe—Ke hobane’ng ha batho ba tsoaloa, hore feela ba utloe mahlomola, ba tsofale, e be baa shoa? Joale, ho boleloa hore o ile a bona monna ea halalelang, ea neng a tlohetse lefatše ho phehella ’nete. Hona ho ile ha tlama Gautama hore a tele lelapa la hae, matlotlo a hae, le lebitso la hae la bohosana e be o qeta lilemo tse tšeletseng a batla karabo ho baruti le baguru ba Bohindu, empa ha aa ka a atleha. Tlaleho e re bolella hore o ile a phehella tsela ea ho nahanisisa, ho itima lijo, Yoga, le ho itima ka ho fetelletseng lintho tse lakatsoang, leha ho le joalo ha aa ka a fumana khotso moeeng kapa ho fumana tsebo.
15. Gautama o ile a qetella a finyelletse seo a neng a nahana hore ke ho fumana tsebo joang?
15 Qetellong o ile a hlokomela hore tsela ea hae e fetelletseng ea ho itima lintho tse lakatsoang ha e na thuso joaloka bophelo ba boikhotsofatso boo a neng a ile a bo phela pele. Joale a nka seo a ileng a se bitsa Tsela e Hare, a qoba mekhoa ea bophelo e fetelletseng eo a neng a ile a e latela pele. A fihletse qeto ea hore karabo e ne e ka fumanoa maikutlong a hae, o ile a lula a nahanisisa tlas’a pipal, kapa sefate sa feiga sa India. A hanela litlhaselo le meleko tsa diabolose Mara, o ile a tsoela pele a tiile ho nahanisiseng ha hae ka libeke tse ’nè (ba bang ba re tse supileng) ho fihlela ha ho nahanoa hore o ile a phahamela tsebo eohle le kutloisiso eaba o finyella tsebo.
16. (a) Gautama o ile a fetoha eng? (b) Ke maikutlo afe a fapa-fapaneng a teng mabapi le Buddha?
16 Ka mokhoa ona, ka mantsoe a sebelisoang Bobuddheng, Gautama o ile a fetoha Buddha—Ea Tsositsoeng, kapa Ea Fumaneng Tsebo. O ne a finyelletse pakane ea ho qetela, Nirvana, boemo ba khotso le ho fumana tsebo e phethahetseng, a lokolotsoe takatsong le mahlomoleng. Hape o tsejoa e le Sakyamuni (mohlalefi oa moloko oa Sakya), ’me hangata o ne a ipitsa Tathagata (ea tlileng kahoo [ho ruta]). Leha ho le joalo, lihlotšoana tse fapa-fapaneng tsa Bobuddha li na le pono e fapaneng ka taba ena. Tse ling li mo talima ka thata-thata e le motho ea ileng a iphumanela tsela ea ho fumana tsebo eaba o e ruta balateli ba hae. Tse ling li mo talima e le oa ho qetela letotong la bo-Buddha ba ileng ba tla lefatšeng ho tla bolela kapa ho tsosolosa dharma (Dhamma ka Sepali), thuto kapa tsela ea Buddha. Tse ling hape li mo talima e le bodhisattva, ea ileng a fumana tsebo empa a chechisa ho kena Nirvana hore a thuse ba bang sepheong sa bona sa ho fumana tsebo. Leha e ka ba ka tsela efe kapa efe, ketsahalo ena ea Ho Fumana Tsebo, ke ea bohlokoa haholo likolong tsohle tsa Bobuddha.
Ho Fumana Tsebo—ke Eng?
17. (a) Buddha o ile a ruta thuto ea hae ea pele hokae hona ho bo-mang? (b) Hlalosa ka bokhutšoanyane Linnete Tse ’Nè Tsa Bohlokoa.
17 Hoba a fumane tsebo le ka mor’a hore a hlōle ho tsila-tsila ha pele, Buddha o ile a tsoa ho ea ruta ba bang ’nete ea hae, dharma ea hae eo a sa tsoa e fumana. Thuto ea hae ea pele ’me mohlomong le ea bohlokoa ka ho fetisisa e ile ea fanoa motseng oa Benares, serapeng sa matsa, ho babhikku ba bahlano—barutuoa kapa baitlami ba banna. Ho eona, o ile a ruta hore hore motho a tle a pholosoe, o tlameha ho qoba tsela ea ho ikhotsofatsa ka menate ea nama le ea ho itšotla ’me a latele Tsela e Hare. Joale, motho o tlameha ho utloisisa le ho latela Linnete Tse ’Nè Tsa Bohlokoa (bona se ka lebokoseng, leqepheng le shebaneng le lena), tse ka akaretsoang ka bokhutšoanyane ka mokhoa o latelang:
(1) Bophelo bohle ke mahlomola.
(2) Mahlomola a bakoa ke takatso kapa taba-tabelo.
(3) Ho khaotsa ha takatso ho bolela ho fela ha mahlomola.
(4) Ho khaotsa ha takatso ho finyelloa ka ho latela Tsela e Baloang ha Robeli, ho laola boitšoaro ba motho, monahano le tumelo.
18. Buddha o ile a re’ng ka mohloli oa ho fumana tsebo ha hae? (Bapisa le Jobo 28:20, 21, 28; Pesaleme ea 111:10.)
18 Thuto ena ea Tsela e Hare le ea Linnete Tse ’Nè Tsa Bohlokoa e akarelletsa moko oa ho Fumana Tsebo ’me e nkoa e le sehlooho sa thuto eohle ea Buddha. (Ha u bontša phapang, bapisa le Mattheu 6:25-34; 1 Timothea 6:17-19; Jakobo 4:1-3; 1 Johanne 2:15-17.) Gautama ha aa ka a re o bululetsoe ke Molimo bakeng sa thuto ena empa o ile a itlotlisa ka mantsoe “a sibolotsoeng ke Tathagata.” Ho boleleha hore ha a le liphateng tsa hae tsa lefu, Buddha o ile a re ho barutuoa ba hae: “Batla pholoho u le mong ’neteng; u se ke ua batla thuso ho mang kapa mang ntle ho uena ka bouena.” Kahoo, ho latela Buddha, ho fumana tsebo ha ho tsoe ho Molimo, empa ho tsoa boitekong ba botho ha motho a hōlisa monahano o nepahetseng le liketso tse ntle.
19. Ke hobane’ng ha molaetsa oa Buddha o ile oa amoheloa ka nako eo?
19 Ha ho thata ho bona hore na ke hobane’ng ha thuto ena e ile ea amoheleha har’a batho ba Maindia ba nakong eo. E ne e nyatsa mekhoa ea meharo le e silafetseng ea bolumeli e neng e hōlisoa ke bo-Brahman, kapa sehlopha sa baprista ba Bahindu, ka lehlakoreng le leng, ’me ka ho le leng e nyatsa ho itšotla ho fetelletseng ha Majaine le lihlotšoana tse ling tse sebelisang mehlolo. Hape e ile ea felisa mahlabelo le litšebeletso, limiriade tsa melimo le melimotsana, le tsamaiso ea lihlopha e boima e neng e busa le ho hatella tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba batho. Ka bokhutšoanyane, e ne e tšepisa tokoloho ho e mong le e mong ea neng a utloisisa ho latela tsela ea Buddha.
Bobuddha bo Jala Tšusumetso ea Bona
20. (a) “Mahakoe a Mararo” a Bobuddha ke afe? (b) Letšolo la Buddha la ho bolela le ile la e-ba leholo hakae?
20 Ha babhikku ba bahlano ba amohela thuto ea Buddha, ba ile ba fetoha basangha, kapa lebotho la pele la baitlami ba banna. Ka hona “Mahakoe a Mararo” (Triratna) a Bobuddha a ne a feletse, e leng, Buddha, dharma, le sangha, bao ho neng ho boleloa hore ba thusa batho hore ba fumane tsela ea ho fumana tsebo. A itlhomelletse joalo, Gautama Buddha o ile a ea bolela ka bophara le bolelele ba Phula ea Ganges. Batho ba tsoang maemong le libakeng tsohle ba tla ho tla mo mamela, ’me ba fetoha barutuoa ba hae. Nakong ea lefu la hae ha a le lilemo li 80, o ne a tsebahala hohle le ho hlomphuoa hohle. Ho ile ha tlalehoa hore mantsoe a hae a ho qetela ho barutuoa ba hae e bile a reng: “Ho bola ho tloaelehile linthong tsohle tse khobokaneng ho iketsa ntho e le ’ngoe. Sebeletsa pholoho ea hao ka bohlale.”
21. (a) Ke mang ea ileng a sebetsa ka matla katolosong ea Bobuddha? (b) Phello ea boiteko ba hae e bile efe?
21 Lekholong la boraro la lilemo B.C.E., hoo e ka bang lilemo tse 200 ka morao ho lefu la Buddha, ho ile ha hlaha ’muelli ea matla ka ho fetisisa oa Bobuddha, ’Musi Aśoka, ea ileng a tlisa boholo ba India tlas’a puso ea hae. A saretsoe ka lebaka la lipolao le morusu tse bakiloeng ke likhapo tsa hae, o ile a amohela Bobuddha ’me a etsa hore ’Muso o bo tšehetse. O ile a haha liemahale tsa bolumeli, a tšoara liboka, ’me a khothatsa batho hore ba phele ka litaelo tsa Buddha. Aśoka o ile a boela a roma baromuoa ba Bobuddha likarolong tsohle tsa India le Sri Lanka, Syria, Egepeta, le Greece. E bile haholo-holo ka boiteko ba Aśoka Bobuddha bo ileng ba hōla hore e se ke ea e-ba sehlotšoana sa India feela empa bolumeli ba lefatše. Ka mabaka a utloahalang, ba bang ba ’nile ba mo nka e le mothei oa bobeli oa Bobuddha.
22. Ho ile ha tla joang hore Bobuddha bo theoe Asia eohle?
22 Ho tloha Sri Lanka, Bobuddha bo ile ba namela bochabela ho kena Myanmar (Burma), Thailand, le likarolong tse ling tsa Indochina. Ho ea ka leboea, Bobuddha bo ile ba namela Kashmir le Asia bohareng. Ho tloha libakeng tseo, le hoo e ka bang pele lekholong la pele la lilemo C.E., baitlami ba banna ba Mabuddha ba ile ba tsamaea ho tšela lithaba tse tšeloang ka thata le mahoatata ’me ba isa bolumeli ba bona Chaena. Ho tloha Chaena, e bile mohato o mokhutšoanyane hore Bobuddha bo namele Korea le Japane. Bobuddha bo ile ba kenngoa hape Tibet, moahisane ea ka leboea oa India. Bo tsoakane le litumelo tsa moo, bo ile ba hlaha e le Bolama, bo ileng ba laola bophelo ba bolumeli le ba lipolotiki moo. Hoo e ka bang lekholong la botšelela kapa la bosupa la lilemo C.E., Bobuddha bo ne bo tiile ka matla Asia eohle e ka boroa-bochabela le Bochabela bo Hōle. Empa India teng ho ne ho etsahala eng?
23. Ho ile ha etsahala joang ka Bobuddha India?
23 Ha Bobuddha bo ntse bo pharalatsa tšusumetso ea bona linaheng tse ling, bo ne bo ntse bo theoha butle-butle morao koana India. Ba amehile haholo ka ho phehella lintho tsa filosofi le tse sa amaneng, baitlami ba banna ba ile ba qala ho lahleheloa ke ho kopana le balateli ba liphutheho tsa bona. Ho phaella moo, ho lahleheloa ke tšusumetso e matla le ho nkoa ha likhopolo le mekhoa tsa Bohindu kaofela li ile tsa potlakisa ho felloa ke matla ha Bobuddha India. Le tsona libaka tse halalelang tsa Bobuddha, tse kang Lumbini, moo Gautama a tsoaletsoeng teng, le Buddh Gaya, moo a ileng a “fumana tsebo” a le hona teng, li ile tsa rapalla e le masupi. Lekholong la bo13 la lilemo, Bobuddha bo ne bo batla bo nyametse India, naha eo bo simolohileng ho eona.
24, 25. Ke liphetoho life tse tsoelang pele Bobuddheng tse ileng tsa bonoa lekholong la lilemo la bo20?
24 Lekholong la bo20 la lilemo, Bobuddha bo ile ba kena phetohong e ’ngoe e khōlō. Merusu ea lipolotiki Chaena, Mongolia, Tibet, le linaheng tse Asia e ka boroa-bochabela e ile ea bo soahlamanya. Ho ile ha senngoa libaka tsa baitlami le litempele tse likete-kete ’me makholo a likete a baitlami ba banna le ba basali a ile a lelekoa, a kenngoa litlamong, kapa a ba a bolaoa. Leha ho le joalo, tšusumetso ea Bobuddha e sa ntsane e utloahala ka matla monahanong le mekhoeng ea batho ba linaha tsena.
25 Europe le Amerika Leboea, khopolo ea Bobuddha ea ho batla “’nete” ho motho ka boeena ho bonahala e ile ea ipiletsa ka bophara, ’me mokhoa oa bona oa ho nahanisisa o fana ka topollo morusung oa bophelo ba Bophirima. Ho thahasellisang, mantsoe a selelekela a buka Living Buddhism, Tenzin Gyatso, Dalai Lama oa Tibet ea lelekiloeng hahabo, o ile a ngola: “Mohlomong kajeno Bobuddha bo ka ba le karolo eo bo e phethang ho hopotsa batho ba bophirima ka tekanyo ea moea ea bophelo ba bona.”
Litsela Tse Fapa-Fapaneng tsa Bobuddha
26. Bobuddha bo arotsoe ka litsela life?
26 Le hoja ho tloaelehile ho bua ka Bobuddha e le bolumeli bo le bong, ha e le hantle bo arotsoe ka likolo tse ngata tsa batho ba tšoanang ka maikutlo. Motheong oa litlhaloso tse fapa-fapaneng tsa sebopeho sa Buddha le lithuto tsa hae, se seng le se seng se na le lithuto, mekhoa, le mangolo tsa sona. Likolo tsena li arotsoe ho tsoela pele ka lihlopha le lihlotšoana tse ngata, tseo tse ngata tsa tsona li susumelitsoeng ka matla ke meetlo le lineano tsa sebaka ka seng.
27, 28. U ne u tla hlalosa Bobuddha ba Theravada joang? (Bapisa le Ba-Filippi 2:12; Johanne 17:15, 16.)
27 Sekolo sa Bobuddha sa Theravada (Tsela ea Baholo), kapa Hinayana (Mocha o Tlaasana) se atlehile Sri Lanka, Myanmar (Burma), Thailand, Kampuchea (Cambodia), le Laos. Ba bang ba nka hore sekolo sena ke se bolokileng mekhoa ea khale. Se hatisa ho fumana bohlale le ho sebeletsa pholoho ea motho ka ho tlohela lefatše le ho phela bophelo ba moitlami oa monna, ho inehela ha motho ho nahanisiseng le ho ithuteng sebakeng sa boitlami.
28 Ho tloaelehile hore linaheng tse ling ho tsena ho bonoe lihlopha tsa banna ba banyenyane ba beotseng lihlooho, ba apere liaparo tse telele tsa saffrone ba sa roala lieta maotong, ba nkile likotlolo tsa bona tsa ho kōpa lithuso tsa lijo tsa bona tsa letsatsi le letsatsi ho balumeli ba liphuthehong tsa bona bao karolo ea bona e leng ho ba tšehetsa. Ho tloaelehile hore banna ba qete bonyane karolo e itseng ea bophelo ba bona ba le sebakeng sa boitlami. Pakane ea ho qetela ea bophelo sebakeng sa boitlami ke ho fetoha arhat, ke hore, ea finyelletseng phetheho ea moea le tokoloho bohlokong le mahlomoleng potolohong ea ho tsoaloa hape. Buddha o bontšitse tsela; ho ho e mong le e mong hore a e latele.
29. Litšobotsi tsa Bobuddha ba Mahayana ke life? (Bapisa le 1 Timothea 2:3, 4; Johanne 3:16.)
29 Sekolo sa Bobuddha sa Mahayana (Mocha o Moholoanyane) ho tloaelehile hore se fumanoe Chaena, Korea, Japane, le Vietnam. Se bitsoa joalo hobane se hatisa thuto ea Buddha ea hore “’nete le tsela ea pholoho ke tsa e mong le e mong e-bang motho o phela lehaheng, sebakeng sa boitlami, kapa ntlong . . . Hase feela ea ba telang lefatše.” Khopolo ea motheo ea Mahayana ke hore lerato le kutloelo-bohloko tsa Buddha li khōlō hoo a neng a ke ke a hanela mang kapa mang pholoho. E ruta hore kaha sebopeho sa Buddha se ho rōna kaofela, e mong le e mong a ka khona ho fetoha Buddha, ea fumaneng tsebo, kapa bodhisattva. Ho fumana tsebo ha ho tle ka ho itšoara ka mokhoa o matla ka ho fetelletseng, empa ka tumelo ho Buddha le ka kutloelo-bohloko linthong tsohle tse phelang. Hona ka ho hlakileng ho ipiletsa haholoanyane matšoeleng a batlang ntho e bonolo ho etsoa. Leha ho le joalo, ka lebaka la boikutlo bona bo lokolohileng haholoanyane, lihlopha le lihlotšoana tse ngata li ile tsa hōla.
30. Ba inehetseng Bobuddheng ba “Naha e Hloekileng” ba batla pakane efe? (Bapisa le Mattheu 6:7, 8, NW; 1 Marena 18:26, 29.)
30 Har’a lihlotšoana tse ngata tsa Mahayana tse ’nileng tsa hōla Chaena le Japane ke likolo tsa Bobuddha tsa Naha e Hloekileng le Zen. Sa pele tumelo ea sona e likoloha tumelong ea matla a pholosang a Amida Buddha, ea ileng a tšepisa balateli ba hae ho tsoaloa hape Naheng e Hloekileng, kapa Paradeiseng ea Bophirima, naha ea thabo le nyakallo eo melimo le batho ba ahileng ho eona. Ho tloha moo, ke bohato bo bonolo ho ea Nirvana. Ka ho pheta thapelo “Ke beha tumelo ea ka ho Amida Buddha,” ka linako tse ling ka makhetlo a likete-kete ka letsatsi, ea inehetseng o itlhoekisa hore a fumane tsebo kapa hore a finyelle ho tsoaloa hape Paradeiseng ea Bophirima.
31. Litšobotsi tsa Bobuddha ba Zen ke life? (Bapisa le Ba-Filippi 4:8.)
31 Bobuddha ba Zen (sekolo sa Ch’an sa Chaena) bo nkile lebitso la bona mokhoeng oa ho nahanisisa. Mantsoe ch’an, (Sechaena) le zen (Sejapane) ke mekhoa e meng ea lentsoe la Sesanskrit dhyāna, le bolelang “ho nahanisisa.” Thuto ena e ruta hore ho ithuta, mesebetsi e molemo, le litšebeletso hase tsa bohlokoa. Motho a ka fumana tsebo feela ka ho nahana ka lilotho tseo ho seng mokhoa oa ho nahana ka tsona ka botebo tse kang, ‘Molumo ke ofe ha motho a opa seatla se le seng?’ le, ‘Re fumana eng moo ho se nang letho?’ Sebopeho sa mohlolo sa Bobuddha ba Zen se bonahatsoa mesebetsing e ntlafalitsoeng ea ho hlophisa lipalesa, mongolo o motle, ho penta ka enke, lithoko, ho lema serapa, le tse joalo, ’me ena e ’nile ea amoheloa ka thabo Bophirima. Kajeno, litsi tsa ho nahanisisa tsa Zen li fumanoa linaheng tse ngata tsa Bophirima.
32. Bobuddha ba Tibet bo sebelisoa joang?
32 Qetellong, ho na le Bobuddha ba Tibet, kapa Bolama. Mofuta ona oa Bobuddha ka linako tse ling o bitsoa Mantrayana (Mocha oa Mantra) ka lebaka la tšebeliso e tsebahalang ea limantra, letoto la melumo e nang le seo e se bolelang kapa e sa boleleng letho, moo ho pheta-phetoang mantsoe halelele. Ho e-na le ho hatisa bohlale kapa kutloelo-bohloko, mofuta ona oa Bobuddha o hatisa tšebeliso ea litšebeletso, lithapelo, matla a boloi, le tumelo ea ho buisana le bafu ka lilaoli borapeling. Lithapelo li phetoa ka makhetlo a likete-kete ka letsatsi ho sebelisoa lifaha tsa thapelo le mabili a thapelo. Litšebeletso tse rarahaneng li ka ithutoa feela tlas’a thuto ea molomo ea balama, kapa baeta-pele ba libaka tsa boitlami, bao ba tsebisahalang haholo har’a bona e leng Dalai Lama le Panchen Lama. Ka morao ho lefu la lama, ho batloa ngoana eo ho boleloang hore lama o neiloe ’mele o mocha ka eena hore e be moeta-pele oa moea ea latelang. Leha ho le joalo, lentsoe lena ka kakaretso le boetse le sebelisetsoa baitlami bohle ba banna, bao, kamoo khakanyo e ’ngoe e bolelang, ka nako e ’ngoe ba kileng ba baloa e le karolo e le ’ngoe ho tse hlano ea baahi bohle ba Tibet. Balama hape ba ne ba sebeletsa e le baruti, lingaka, beng ba naha, le batho ba ka pele ba lipolotiki.
33. Likarolo tsa Bobuddha li tšoana joang le tsa Bokreste-’mōtoana? (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 1:10.)
33 Likarolo tsena tse khōlō tsa Bobuddha le tsona li arotsoe ka lihlopha kapa lihlotšoana tse ngata. Tse ling li inehetse ho moeta-pele ea khethehileng, ea kang Nichiren oa Japane, ea neng a ruta hore Lotus Sutra ea Mahayana ke eona feela e nang le lithuto tse ka amoheloang ka molao tsa Buddha, le Nun Ch’in-Hai oa Taiwan, ea nang le balateli ba bangata haholo. Ntlheng ena, Bobuddha ha boa fapana hakaalo le Bokreste-’mōtoana le mekha le lihlotšoana tsa bona tse fapa-fapaneng. Haele hantle ho tloaelehile ho bona batho ba ipolelang hore ke Mabuddha ba tšoarehile mekhoeng ea Botao, Boshinto, borapeli ba baholo-holo, esita le ea Bokreste-’mōtoana.b Lihlotšoana tsena tsohle tsa Bobuddha li bolela hore li theile litumelo tsa tsona le mekhoa lithutong tsa Buddha.
Libaskete Tse Tharo le Mangolo a Mang a Bobuddha
34. Re lokela ho hopola eng ha re hlahloba lithuto tsa Bobuddha?
34 Lithuto tseo ho thoeng ke tsa Buddha li ile tsa fetisetsoa pele ka lentsoe la molomo feela ’me li ile tsa qala ho ngoloa makholo a lilemo ka morao ho hore a fete bophelong. Kahoo, se molemohali seo re ka se bolelang, li emela seo balateli ba hae melokong ea moraonyana ba ileng ba nahana hore o se buile le ho se etsa. Hona ho thatafatsoa ho ea pele ke ’nete ea hore, ka nako eo, Bobuddha bo ne bo se bo arohane ka likolo tse ngata. Kahoo, libuka tse fapa-fapaneng li hlahisa litlhaloso tse fapaneng ka ho felletseng tsa Bobuddha.
35. Libuka tse halalelang tsa pele-pele tsa Bobuddha ke life?
35 Libuka tsa pele haholo tsa Bobuddha li ne li ngotsoe ka Sepali, seo ho boleloang hore ke puo ea habo Buddha, hoo e ka bang lekholong la pele la lilemo B.C.E. Li amoheloa ke sekolo sa Theravada e le libuka tsa ’nete. Li entsoe ka libuka tse 31 tse hlophisitsoeng ka meqolo e meraro e bitsoang Tipitaka (Tripitaka, ka Sesanskrit), e bolelang “Libaskete Tse Tharo,” kapa “Meqolo e Meraro.” Vinaya Pitaka (Baskete ea Thuto) e sebetsana haholo le melao le litaelo bakeng sa baitlami ba banna le ba basali. Sutta Pitaka (Baskete ea Lipuo) e na le lipolelo, litšoantšo, le maele tse ileng tsa fanoa ke Buddha le barutuoa ba hae ba etellang pele. Qetellong, Abhidhamma Pitaka (Baskete ea Thuto ea ho Qetela) e na le litlhaloso tsa lithuto tsa Bobuddha.
36. Ke eng e khethollang mangolo a Bobuddha ba Mahayana?
36 Ka lehlakoreng le leng, lingoliloeng tsa sekolo sa Mahayana li ngotsoe haholo ka Sesanskrit, Sechaena, le Setibet, ’me li na le meqolo e mengata. Libuka tsa Sechaena feela li na le meqolo e ka holimo ho 5 000. Li na le likhopolo tse ngata tse neng li le sieo ho lingoliloeng tsa pele, tse kang litlaleho tsa bo-Buddha ba bangata joaloka lehlabathe la Ganges, bao ho boleloang hore ba ile ba phela ka lilemo tse limillione tse sa baloeng, e mong le e mong a okametse lefatše la hae la Bobuddha. Hase ho fetelletsa litaba ha sengoli se seng se bolela hore libuka tsena li “khetholloa ka ho se tšoane, monahano o fetelletseng, botho bo fapa-fapaneng haholo, le ho pheta-pheta ntho e le ’ngoe ho mofere-fere.”
37. Ke mathata afe a ileng a hlahisoa ke lingoliloeng tsa Mahayana? (Bapisa le Ba-Filippi 2:2, 3.)
37 Leha ho sa hlokahale hore re ka bolela, ke batho ba fokolang feela ka palo ba khonang ho utloisisa libuka tsena tse ngotsoeng ka mokhoa o qapollisang taba tse thata ho utloisisoa. Ka baka leo, liphetoho tsena tsa morao li suthiselitse Bobuddha hōle le seo Buddha a neng a se rerile tšimolohong. Ho latela Vinaya Pitaka, Buddha o ne a batla hore lithuto tsa hae li se ke tsa utloisisoa feela ke sehlopha se rutehileng empa mofuta o mong le o mong oa batho. Ntlheng ena, o ile a tsitlella hore likhopolo tsa hae li rutoe ka puo ea batho ba tloaelehileng, e seng ka puo e halalelang e shoeleng ea Sehindu. Kahoo, khanyetsong ea Mabuddha a Theravada ea hore libuka tsena e ne e se tsa ’nete, balateli ba Mahayana ba arabela ka hore Buddha Gautama o ile a qala ka ho ruta batho feela le ba se nang tsebo, empa ho ba rutehileng le ba bohlale o ile a senola lithuto tse ileng tsa ngoloa hamorao libukeng tsa Mahayana.
Potoloho ea Karma le Samsara
38. (a) Lithuto tsa Bobuddha le Bohindu li fapana joang? (b) Khopolo ea Mabuddha ka moea ke efe khopolong le ketsong?
38 Le hoja Bobuddha bo ile ba lokolla batho mahlaahleleng a Bohindu ho isa tekanyong e itseng, likhopolo tsa bona tsa sehlooho li sa ntsane e le lefa leo ba le nkileng lithutong tsa Bohindu tsa Karma le samsara. Bobuddha, kamoo bo neng bo rutoa ka teng tšimolohong ke Buddha, bo fapane le Bohindu ka hore bo latola boteng ba moea o sa shoeng empa bo bua ka motho e le “motsoako oa nama le oa matla a kelello kapa matla a susumelletsang ketsong.”c Leha ho le joalo, lithuto tsa bona li sa ntsane li likoloha likhopolong tsa hore batho bohle ba ntse ba lelera ho tloha bophelong bona ho ea ho bo bong ba ho potoloha le ho tsoaloa ka makhetlo a ke keng a baloa (samsara) ’me ba utloa mahlomola a liphello tsa liketso tsa nakong e fetileng le tsa hona joale (Karma). Le hoja molaetsa oa bona oa ho fumana tsebo le tokoloho potolohong ena o ka ’na oa bonahala o ipiletsa, ba bang baa botsa: Motheo o tiile hakae? Ho na le bopaki bofe ba hore mahlomola ’ohle ke phello ea liketso tsa motho bophelong bo fetileng? ’Me, haele hantle, ho na le bopaki bofe ba hore ho na le bophelo leha e le bofe ba nakong e fetileng?
39. Buka e ’ngoe ea Bobuddha e hlalosa molao oa Karma joang?
39 Tlhaloso e ’ngoe ka molao oa Karma e re:
“Kamma [lentsoe la Sepali le tšoanang le Karma] ke molao ka boeona. Empa ha ho hlokahale hore monei-molao a be teng. Melao e tloaelehileng ea tlhaho, e kang matla a hulelang lintho fatše a lefatše, ha a hloke monei-molao. Molao oa Kamma le oona ha o hloke monei-molao. O sebetsa ka booona lebaleng la oona o sa khathatsoe ke matla a mang a hlahang ka ntle le a ikemetseng a busang.”—A Manual of Buddhism.
40. (a) Boteng ba melao ea tlhaho bo bontša eng? (b) Bibele e re’ng ka sesosa le phello?
40 Na monahano ona oa utloahala? Na melao ea tlhaho e hlile ha e hloke monei-molao? Setsebi sa lirokete Dr. Wernher von Braun se kile sa re: “Melao ea tlhaho ea bokahohle e nepahetse hoo re se nang bothata ba ho haha lifofela sepaka-pakeng hore li fofele khoeling ’me re ka beha nako eo se tla fofa ka eona ka nepo e sa sieeng le karolo ea motsotsoana feela. Melao ena e tlameha e be e ile ea beoa ke motho e mong.” Bibele e boetse e bua ka molao oa sesosa le phello. E re bolella hore, “Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Galata 6:7) Ho e-na le ho bolela hore molao ona ha o hloke monei-molao, e supa hore “Molimo ha o songoe,” e bontša hore molao ona o ile oa kenngoa tšebetsong ke Moetsi oa oona, Jehova.
41. (a) Ke phapang efe e ka etsoang pakeng tsa molao oa Karma le molao oa makhotla? (b) Bontša phapang pakeng tsa Karma le tšepiso ea Bibele.
41 Ho phaella moo, Bibele e re bolella hore “moputso oa sebe ke lefu,” le hore “ea shoeleng o lokolotsoe sebeng.” Le oona makhotla a toka a hlokomela hore ha ho ea bang kotsing ea ho utloa bohloko habeli ka tlōlo leha e le efe e le ’ngoe ea molao. E be joale ke hobane’ng ha motho ea seng a lefile libe tsa hae ka ho shoa a ka tsoaloa hape hore feela a tl’o utloa bocha mahlomola a liketso tsa hae tsa nakong e fetileng? Ho feta moo, ntle ho ho tseba hore na ke liketso life tsa nakong e fetileng tseo motho a otloang ka baka la tsona, motho a ka baka le ho ntlafatsa joang? Na hoo ho ka nkoa e le toka? Na ho lumellana le mohau, oo ho boleloang hore ke tšobotsi e hlahelletseng ka ho fetisisa ea Buddha? Ho fapana le moo, Bibele, ka mor’a ho bolela hore “moputso oa sebe ke lefu,” e tsoela pele ho re: “Empa neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.” E, e tšepisa hore Molimo o tla tlosa tšenyeho eohle, sebe, le lefu ’me o tla tlisetsa moloko oohle oa batho tokoloho le phetheho.—Ba-Roma 6:7, 23; 8:21; Esaia 25:8.
42. Setsebi sa Bobuddha se hlalosa boteng ba ho tsoaloa hape joang?
42 Ha e le ka ho tsoaloa hape, tlhaloso e fanoeng ke setsebi sa Bobuddha Dr. Walpola Rahula ke ena:
“Motho hase letho haese feela motsoako oa nama le matla a kelello kapa matla a susumelletsang ketsong. Seo re se bitsang lefu ke ho se sebetse ho felletseng ha ’mele oa nama. Na matla aa ’ohle le matla a susumelletsang ketsong a khaotsa ka ho felletseng le ho se sebetse ha ’mele? Bobuddha bo re ‘Che.’ Thato, matla a boikhethelo, takatso, lenyora la ho ba teng, ho tsoela pele, ho ba ho eketsehileng, ke matla a matla haholo a susumetsang bophelo bohle, boteng bohle, a bileng a susumetsang lefatše lohle. Ana ke matla a maholohali, matla a maholohali a susumelletsang ketsong lefatšeng. Ho latela Bobuddha, matla ana ha a khaotse le ho se sebetse ha ’mele, hoo e leng lefu; empa a tsoela pele ho iponahatsa ka sebopeho se seng, a hlahisa ho ba teng hape ho bitsoang ho tsoaloa hape.”
43. (a) Bophelong, metsoako ea lefutso ea motho e reroa joang? (b) Ke “bopaki” bofe bo eeng bo fanoe ka linako tse ling ho tšehetsa ho tsoaloa hape? (c) Na “bopaki” bo joalo ba ho tsoaloa hape bo tumellanong le phihlelo e tloaelehileng?
43 Nakong ea kemolo, motho o futsa karolo ea 50 lekholong ea metsoako ea hae ea lefutso ho motsoali ka mong. Ka baka leo ha ho tsela eo ka eona a ka tšoanang ka karolo ea l00 lekholong le motho e mong oa ha a ne a phela nakong e fetileng. Ka sebele, mokhoa ona oa ho tsoaloa hape o ke ke oa tšehetsoa ka molao-motheo leha e le ofe oa saense o tsejoang. Hangata, ba lumelang thuto ena ea ho tsoaloa hape ba qotsa bopaki e le phihlelo ea batho ba bolelang hore ba hopola lifahleho, liketsahalo, le libaka tseo ba neng ba sa li tsebe pele. Na hona hoa utloahala? Ho bolela hore motho ea ka phetang ka ho qaqa lintho tsa linakong tse fetileng o tlameha a be a ile a phela mehleng eo, motho a ka lokela hore hape a bolele hore motho ea ka bolelang bokamoso pele ho nako—’me ba bangata ba bolelang hore ba ka etsa joalo—o tlameha a be a ile a phela ka moso. Ka ho hlakileng, ha a e-s’o phele ka moso.
44. Bapisa thuto ea Bibele e mabapi le “moea” le thuto ea Bobuddha ea ho tsoaloa hape.
44 Lilemong tse fetang 400 pele ho Buddha, Bibele e ile ea bua ka matla a bophelo. Ha e hlalosa se etsahalang lefung la motho, e re: “Lerōle le e-so ho khutlele lerōleng, moo le tsoileng teng, moea [“spirit,” NW] o e-so ho khutlele ho Molimo o nong o o nee.” (Moeklesia 12:7) Lentsoe “moea” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Seheberu ruʹach, le bolelang matla a bophelo a phelisang libopuoa tsohle tse phelang, batho le liphoofolo. (Moeklesia 3:18-22) Leha ho le joalo, phapang ea bohlokoa ke hore ruʹach ke matla a se nang botho; ha a na thato eo e leng ea oona kapa hona ho boloka botho bo itseng kapa litšobotsi leha e le life tsa motho ea shoeleng. Ha o tlohe ho motho e mong ho ea ho e mong lefung empa ‘o khutlela ho Molimo o nong o o nee.’ Ka mantsoe a mang, litebello tsa motho eo tsa bophelo ba ka moso—tšepo ea tsoho—li matsohong a Molimo ka ho felletseng.—Johanne 5:28, 29; Liketso 17:31.
Nirvana—Na ke ho Finyella se sa Finyelloeng?
45. Khopolo ea Bobuddha ka Nirvana ke efe?
45 Sena se re tlisa thutong ea Buddha ea ho fumana tsebo le pholoho. Ka mantsoe a Bobuddha, khopolo e ka sehloohong ea pholoho ke tokoloho melaong ea Karma le samsara, hammoho le ho finyella Nirvana. Nirvana ee ke eng? Libuka tsa Bobuddha li re ho thata ho e hlalosa kapa ho e manolla empa ke ntho e ka fumanoang ka phihlelo feela. Hase leholimo moo motho a eang ka morao ho lefu empa ke ntho e ka finyelloang eo bohle ba ka e finyellang, mona le hona joale. Lentsoe ka bolona ho boleloa hore le bolela “ho phatloha, ho tima.” Kahoo, ba bang ba hlalosa Nirvana e le ho khaotsa ha thahasello eohle e matla le takatso; bophelo bo lokolohileng boikutlong bohle, bo kang bohloko, tšabo, ho batla, lerato, kapa lehloeo; boemo ba ka ho sa feleng ba khotso, phomolo le ho se fetohe. Hantle-ntle, ho boleloa hore ke ho khaotsa ha boteng ba motho ka mong.
46, 47. (a) Ho latela lithuto tsa Bobuddha, mohloli oa pholoho ke ofe? (b) Ke hobane’ng ha pono ea Bobuddha ea mohloli oa pholoho e hanana le phihlelo e tloaelehileng?
46 Buddha o ile a ruta hore ho fumana tsebo le pholoho—phetheho ea Nirvana—ha ho tle ho e-tsoa ho Molimo leha e le ofe kapa matla a ka ntle, empa ho tsoa ka hare ho motho ka boiteko boo e leng ba hae ba liketso tse molemo le menahano e nepahetseng. Hona ho phahamisa potso: Na ntho e phethahetseng e ka tsoa nthong e sa phethahalang? Na phihlelo ea rōna e tloaelehileng ha e re bolelle, joalokaha moprofeta oa Moheberu Jeremia a ile a etsa, hore “tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae”? (Jeremia 10:23) Haeba ha ho ea ka khonang ho ba le taolo e felletseng liketsong tsa hae esita le litabeng tsa letsatsi le letsatsi tse bonolo, na hoa utloahala ho nahana hore ho na le motho ea ka sebetsang pholoho ea hae ea ka ho sa feleng ka boeena feela?—Pesaleme ea 146:3, 4.
47 Joalokaha ho se bonolo hore motho ea qauoeng tebe-tebeng a iqaolle ho eona ka boeena, ka ho tšoanang, moloko oohle oa batho o tšoasitsoe sebeng le lefung, ’me ha ho ea tsebang ho itokolla har’a marang-rang ana. (Ba-Roma 5:12) Leha ho le joalo, Buddha o ile a ruta hore pholoho e itšetlehile feela ka boiteko ba motho ka boeena. Khothatso eo a ileng a arohana le barutuoa ba hae ka eona e ne e re “itšetlehe ka uena ka bouena ’me u se ke ua itšetleha ka thuso e hlahang ka ntle; tšoarella ’neteng joaloka lebone; batla pholoho u le mong ’neteng; u se ke ua batla thuso ho mang kapa mang ntle ho uena ka bouena.”
Ke ho Fumana Tsebo Kapa ho Soetseha?
48. (a) Buka e ’ngoe e hlalosa phello ea likhopolo tse rarahaneng tsa Bobuddha tse kang Nirvana joang? (b) Phello ea thahasello ea morao tjee ea lithuto tsa Bobuddha e bile efe libakeng tse ling?
48 Phello ea thuto e joalo ke eng? Na e bululela balumeli ba eona tumelong le boinehelong tsa ’nete? Buka Living Buddhism e tlaleha hore linaheng tse ling tsa Bobuddha, esita le “bona baitlami ba banna ha ba nahane ka lintho tsa bohlokoahali moeeng tsa bolumeli ba bona. Ho finyella Nirvāna ka bophara ho nahanoa hore ke takatso eo ho seng tšepo ea hore e ka finyelloa, ’me ho nahanisisa ho etsoa ka seoelo. Ntle ho boithuto bo se nang kemiso ba Tipitaka, ba inehetse hore e be tšusumetso e molemo le e lumellanang har’a batho.” Ka ho tšoanang, World Encyclopedia (ea Sejapane), ha e hlalosa ka ho phahama ho hocha ha morao tjena ha thahasello lithutong tsa Bobuddha, e bolela hore: “Ha boithuto ba Bobuddha bo ntse bo fetoha bo etsoang ka mokhoa o khethehileng, bo ntse bo tloha ka ho eketsehileng morerong oa bona oa tšimolohong—ho tataisa batho. Ponong ena ea litaba, leqhubu la morao tjena boithutong bo matla ba Bobuddha ha le hlile ha le bolele ho tsosolosoa ha tumelo e phelang. Ho e-na le hoo, ho ke ho hlokomeloe hore ha bolumeli bo fetoha taba ea boithuto bo rarahaneng ba lintho tse sa amaneng, bophelo ba bona ba sebele e le tumelo bo ntse bo felloa ke matla a bona.”
49. Ho ba bangata, Bobuddha bo fetohile eng?
49 Khopolo ea bohlokoa ea Bobuddha ke hore tsebo le kutloisiso li isa motho ho fumaneng leseli le pholoho. Empa lithuto tse rarahaneng tsa likolo tse sa tšoaneng tsa Bobuddha li hlahisitse feela boemo bo boletsoeng ka holimo boo ‘ho seng tšepo ea hore bo ka finyelloa,’ boo balumeli ba bangata ba ke keng ba bo fihlela. Ho bona, Bobuddha bo theoletsoe ho etseng molemo le ho lateleng litšebeletso tse seng kae le melao e bonolo. Ha bo talimane ka matla le lipotso tse qakang tsa bophelo, tse kang: Re tsoa kae? Re moo ka lebaka lefe? Hona bokamoso ba motho le lefatše ke bofe?
50. Ke potso efe e tlang kelellong ka lebaka la liphihlelo tsa Mabuddha a mang a tšepahalang? (Bapisa le Ba-Kolosse 2:8.)
50 Mabuddha a mang a tšepahalang a hlokometse pherekano le ho soetsa tse hlahang lithutong tsena tse rarahaneng le litšebeletsong tseo e leng moroalo tsa Bobuddha kamoo bo sebelisoang ka teng kajeno. Boiteko ba liketso tse mosa tsa lihlopha le mekhatlo ea Mabuddha linaheng tse ling mohlomong bo tliselitse ba bangata topollo bohlokong le mahlomoleng. Empa joaloka mohloli oa ho fumana tsebo le tokoloho tsa sebele bakeng sa bohle, na Bobuddha bo pheletse tšepiso ea bona?
Ho Fumana Tsebo Ntle ho Molimo?
51. (a) Pale e ’ngoe e monate e buang ka bophelo ba hae e re’ng ka lithuto tsa Buddha? (b) Ke ntho efe ea bohlokoa eo ho hlakileng hore e setse lithutong tsa Buddha? (Bapisa le 2 Likronike 16:9; Pesaleme ea 46:1; 145:18.)
51 Litlaleho tsa bophelo ba Buddha li bolela hore ka lekhetlo le leng eena le barutuoa ba hae ba ne ba le morung. O ile a thonaka makhasi a tletseng seatla ’me a re ho barutuoa ba hae: “Seo ke le rutileng sona se tšoana le makhasi ana a ka seatleng sa ka, seo ke sa le rutang sona se tšoana le lenane la makhasi a ka morung.” Joalokaha u ka lebella, maikutlo ao ho neng ho fanoa ka ’ona e ne e le hore Buddha o rutile karoloana feela ea seo a neng a se tseba. Leha ho le joalo, ho na le ntho e le ’ngoe ea bohlokoa e setseng—Gautama Buddha o ne a se na letho leo a ka le buang ka Molimo; leha e le hore o kile a bolela hore ke Molimo. Haele hantle, ho boleloa hore o ile a bolella barutuoa ba hae, “Haeba ho na le Molimo, ha ho utloahale hore O ne o ka ameha ka litaba tsa bophelo ba ka ba letsatsi le letsatsi,” ’me “ha ho melimo e ka thusang batho kapa e tla ba thusa.”
52. (a) Pono ea Bobuddha ka Molimo ke efe? (b) Bobuddha bo hlokomolohile eng?
52 Ka kutloisiso ena, karolo ea Bobuddha ho batleng Molimo oa ’nete ha moloko oa batho e nyenyane haholo. The Encyclopedia of World Faiths e bolela hore “Bobuddha ba pele ho bonahala bo ne bo sa re letho ka taba ea Molimo, ’me ka sebele ha boa ka ba ruta kapa ba hloka tumelo ho Molimo.” Khatellong ea bona ea hore motho ka mong a batle pholoho ka boeena, a retelehele kelellong kapa maikutlong a hae ka boeena bakeng sa ho fumana tsebo, Bobuddha haele hantle ke boagnostic, haeba e se ho se lumele ho Molimo. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 145.) Bobuddha ha bo leka ho itokolla mahlaahleleng a Bohindu a tumela-khoela le letoto la bona le tšosang la melimo ea tšōmong, bo fetetse ka lehlakoreng le leng le fetelletseng. Bo ile ba hlokomoloha khopolo ea bohlokoa ea Molimo o Phahameng ka ho Fetisisa, oo ka thato ea oona lintho tsohle li le teng li bileng li sebetsang.—Liketso 17:24, 25.
53. Ho ka thoe’ng ka ho batla ho fumana tsebo ntle ho Molimo? (Bapisa le Liproverbia 9:10; Jeremia 8:9.)
53 Ka lebaka la tsela ena ea ho nahana e likolohang ho motho ka boeena le e itaolang, phello ke mofere-fere o moholo oa lipale, lineano, lithuto tse rarahaneng, le litlhaloso tse fehluoeng ke likolo tse ngata le lihlotšoana ho theosa le makholo a lilemo. Se neng se reretsoe ho tlisa pheko e bonolo mathateng a rarahaneng a bophelo se felletse ka tsamaiso ea bolumeli le ea filosofi e phahametseng kutloisiso ea batho ba bangata. Ho e-na le hoo, molateli feela tjee oa Bobuddha o tšoarehile feela ka ho rapela melimo ea litšoantšo le litšoantšo tsa bahalaleli le bashoela-tumelo, melimo le bademona, meea le baholo-holo, le ho etsa litšebeletso le mekhoa e meng e mengata e sa amaneng ka letho le seo Gautama Buddha a ileng a se ruta. Ka ho hlakileng, ho batla ho fumana tsebo ntle ho Molimo ha ho sebetse.
54. Ke lithuto life tsa ba bang ba seka-sekang litaba tsa bolumeli ba Bochabela tse tla hlahlobjoa ka morao ho mona?
54 Hoo e ka bang ka nako e tšoanang le eo Gautama Buddha a neng a ntse a batla tsela ea ho fumana tsebo, karolong e ’ngoe ea lefatše la Asia ho ne ho phela bo-rafilosofi ba babeli bao likhopolo tsa bona li ileng tsa susumetsa batho ba limillione. E ne e le Lao-tzu le Confucius, bahlalefi ba babeli ba hlomphuoang ke meloko ea Machaena le ba bang. Ba ne ba ruta eng, hona ba ile ba susumetsa ho batla Molimo ha moloko oa batho joang? Ke seo re tla se hlahloba khaolong e latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ena ke phetolelo ea sebele ea mongolo oa mantsoe oa Sepali ea lebitso la hae. Ho tsoa mongolong oa Sesanksrit phetolelo ena ke Siddhārtha Gautama. Leha ho le joalo, nako ea tsoalo ea hae, ka ho fapaneng e fanoe e le 560, 563, kapa 567 B.C.E. Litsebi tse ngata li amohela nako ea 560 kapa bonyane li beha tsoalo ea hae lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.
b Mabuddha a mangata a Japane a keteka “Keresemese” e majaba-jaba.
c Lithuto tsa Bobuddha, tse kang anatta (ho hloka botho bo ikemetseng), li latola boteng ba moea o sa fetoheng kapa oa ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, Mabuddha a mangata kajeno, haholo-holo a Bochabela bo Hōle, a lumela moeeng o sa shoeng o kenang ’meleng o mong. Mokhoa oa bona oa ho rapela baholo-holo le ho lumela tlhokofatso liheleng ka morao ho lefu o bontša sena ka ho hlakileng.
[Lebokose le leqepheng la 139]
Linnete Tse ’Nè Tsa Bohlokoa Tsa Buddha
Buddha o ile a hlalosisa thuto ea hae ho se bitsoang Linnete Tse ’Nè Tsa Bohlokoa. Mona re qotsa ho Dhammacakkappavattana Sutta (Motheo oa ’Muso oa ho Loka), phetolelong ea T. W. Rhys Davids:
▪ “Joale sena, Bhikkus, ke ’nete ea bohlokoa mabapi le mahlomola. Tsoalo e tsamaea le bohloko, ho bola ho bohloko, boloetse bo bohloko, lefu le bohloko. Ho kopana le se sa thabiseng ho bohloko, ho bohloko ho arohana le se thabisang; ’me takatso leha e le efe e sa khotsofatsoeng, hoo le hona ho bohloko. . . .
“Joale sena, Bhikkus, ke ’nete ea bohlokoa mabapi le tšimoloho ea mahlomola. Kannete, ke lenyora leo, le bakang nchafatso ea ho phela, hammoho le ho thabela lintho tsa nama, ho batla khotsofalo mona, neng-neng mane—hoo ke hore, takatso ea ho khotsofatsa litakatso tse matla, kapa ho lakatsa bophelo, kapa ho lakatsa katleho. . . .
“Joale sena, Bhikkus, ke ’nete ea bohlokoa mabapi le timetso ea mahlomola. Kannete, ke tšenyo, eo ho eona ho seng takatso e matla e salang, ea lenyora lona lena; ho behella thōko, ho felisa, ho lokoloha, ho se hlole motho a e-ba le lenyora lena. . . .
“Joale sena, Bhikkus, ke ’nete ea bohlokoa mabapi le tsela e isang timetsong ea masoabi. Kannete, ke tsela ena ea bohlokoa e iphetang ha robeli; ke hore: lipono tse nepahetseng; litakatso tse nepahetseng; puo e nepahetseng; boitšoaro bo nepahetseng; bophelo bo nepahetseng; boiteko bo nepahetseng; ho ba le kelello e nepahetseng; le ho nahana ho nepahetseng.”
[Lebokose le leqepheng la 145]
Bobuddha Le Molimo
“Bobuddha bo ruta tsela e isang molemong o phethahetseng le bohlale ntle ho Molimo oa motho; tsebo e phahameng ka ho fetisisa ntle ho ‘tšenolo’; . . . monyetla oa topollo ntle ho molopolli ea emelang ba bang, pholoho eo ho eona motho e mong le e mong e leng mopholosi oa hae ka boeena.” —The Message of Buddhism, ea Bhikkhu Subhadra, joalokaha e qotsitsoe ho What Is Buddhism?
Na joale Mabuddha ke ba sa lumeleng ho Molimo? Buka What Is Buddhism? e hatisitsoeng ke Buddhist Lodge, London, ea arabela: “Haeba ka motho ea sa lumeleng ho Molimo le bolela ea hanang khopolo ea Molimo oa motho, re bona.” Joale e tsoela pele ho re: “Kelello e hōlang e ka amohela le ho utloisisa habonolo khopolo ea Bokahohle bo tsamaisoang ke Molao o sa thekeseleng, joalokaha e ka etsa joalo ka Motho ea hōle eo mohlomong ho seng mohla e tla mo bona, ea lulang moo e sa tsebeng hore na ke hokae, le eo ka nako e ’ngoe a ileng a bōpa ka ntho e sieo Bokahohle bo tletseng bora, ho hloka toka, ho se lekane ha menyetla, le mahlomola a sa feleng le lintoa.”
Kahoo, ka molomo, Bobuddha ha bo buelle tumelo ho Molimo kapa ho ’Mōpi. Leha ho le joalo, litempele tsa Mabuddha le listupa li fumanoa kajeno hoo e ka bang naheng e ’ngoe le e ’ngoe moo ho sebelisoang Bobuddha, ’me liemahale le litšoantšo tsa bo-Buddha le bo-bodhisattva li fetohile lintho tse sebelisoang lithapelong, linyehelong, le boinehelong ke Mabuddha a chesehang. Buddha, eo ho seng mohla a kileng a bolela hore ke Molimo, o fetohile molimo ka kutloisiso eohle ea lentsoe leo.
[’Mapa o leqepheng la 142]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lekholong la bosupa la lilemo C.E., Bobuddha bo ne bo namme ho tloha India ho ea Asia eohle e ka bochabela
INDIA
Benares
Buddh Gaya
LEKHOLO LA LILEMO LA BO3 B.C.E. SRI LANKA
LEKHOLO LA LILEMO LA BO1 B.C.E. ASHMIR
ASIA BOHARENG
LEKHOLO LA LILEMO LA BO1 C.E. CHAENA
MYANMAR
THAILAND
KAMPUCHEA
JAVA
LEKHOLO LA LILEMO LA BO4 C.E. KOREA
LEKHOLO LA LILEMO LA BO6 C.E. JAPANE
LEKHOLO LA LILEMO LA BO7 C.E. TIBET
[Litšoantšo tse leqepheng la 131]
Lefatšeng ka bophara litempele tsa Bobuddha ha li tšoane ka mokhoa oo li hahiloeng ka oona
Chengteh, Chaena Leboea
Kofu, Japane
New York City, U.S.A.
Chiang Mai, Thailand
[Setšoantšo se leqepheng la 133]
Setšoantšo se betliloeng lejoeng, Toro ea Maya, ho tsoa Gandhara, Pakistan, se bontša Buddha oa ka moso e le tlou e tšoeu e selika-likoe e kena ka lehlakoreng le letona la Mofumahali Maya ho mo emolisa
[Litšoantšo tse leqepheng la 134]
Baitlami ba banna le barapeli ba Buddha tempeleng e New York City
[Litšoantšo tse leqepheng la 141]
Litšoantšo tsa Buddha ka mokhoa oa neano
ho kena Nirvana
ho ruta
ho nahanisisa
ho hanela moleko
[Setšoantšo se leqepheng la 147]
Mokoloko o entsoeng ho hlompha letsatsi la tsoalo la Buddha, Tokyo, Japane. Tlou e tšoeu e ka morao e tšoantšetsa Buddha
[Litšoantšo tse leqepheng la 150]
Maqephe a Lotus Sutra (Lekholong la lilemo la bo10), ka Sechaena, a hlalosa matla a bodhisattva Kuan-yin a ho pholosa mollong le moroallong. Bodhisattva Ksitigarbha, ka letsohong le letona, o ne a rateha Korea lekholong la lilemo la bo14
[Setšoantšo se leqepheng la 155]
Moqolo oa Bobuddha ho tsoa Kyoto, Japane, o bontša litlhokofatso tsa “liheleng”
[Litšoantšo tse leqepheng la 157]
Ho tloha letsohong le letšehali ho ea ho le letona Mabuddha kajeno a rapela ka pel’a lingam Bangkok, Thailand; setšoantšo sa Leino la Buddha se Kandy, Sri Lanka; litšoantšo tsa Buddha Singapore le New York
[Litšoantšo tse leqepheng la 158]
Mosali oa Mobuddha o rapela pel’a aletare ea lelapa ’me bana ba kopanela tšebeletsong ea tempele