Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 12/8 maq. 21-24
  • Ke ile ka Qala ho Ananela Bohlale ba ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke ile ka Qala ho Ananela Bohlale ba ’Nete
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hōlela Thailand
  • Tšusumetso ea Pele ea Bolumeli
  • Kotsi e Fetola Bophelo ba Ka
  • Ho Kopana le Bohlale ba ’Nete
  • Mahlohonolo a Tsoang Bohlaleng ba ’Nete
  • Bobuddha—Ho Batla ho Fumana Tsebo Ntle ho Molimo
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Karolo 8: c. 563 b.c.e. ho ea pele—Tsebo e Ileng ea Tšepisa Tokoloho
    Tsoha!—1989
  • Ke Ile ka Baleha Moo Batho ba Bolaoang ’me ka Fumana Bophelo
    Tsoha!—2009
  • Na ho na le Ntho e Hlileng e ka Kopanyang Batho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 12/8 maq. 21-24

Ke ile ka Qala ho Ananela Bohlale ba ’Nete

HA KE ne ke sa le moshanyana, moitlami oa Mobuddha o ile a mpona ’me a etsa tlhahiso ea hore lebitso la ka le fetoloe ho ba Panya, ho bolelang “bohlale,” ka Sethai. Ka ha batsoali ba ka e ne e le Mabuddha a ineetseng, ba ile ba thabela hore lebitso la ka le fetoloe ho lumellana le hoo.

Thailand, moo ke hlahetseng teng lilemong tse 60 tse fetileng, ke naha eo karolo e fetang 90 lekholong ea batho e ipolelang e le Mabuddha. Bobuddha bo theiloe lilemong tse ka bang 2 500 tse fetileng India eaba joale bo pharallela likarolong tse ngata tsa Asia. Bobuddha bo na le tšepo ea ntho e ’ngoe e molemo—tokoloho bokhopong—eo ho nahanoang hore e fumaneha ka boiteko ba motho ka mong.

Ho ea ka Bobuddha, bophelo ba motho ba joale ho lumeloa hore ke liphello tsa liketso (Karma) tse entsoeng bophelong ba joale le bo fetileng. Ho nahanoa hore takatso ke eona sesosa sa bokhopo bohle, kahoo sepheo ke ho felisa takatso eohle. Ho finyella sena ho ka ’na ha hloka ho ba teng hangata kapa ho tsoaloa hangata, ho fihlela motho a fetile lebili la ho tsoaloa hangata ho fihlela boemong bo bitsoang nirvana, boo ho batho ba bangata bo bolelang ho ba sieo.

Gautama Buddha o kile a bolela hore o fumane ’nete ka “bohlale,” ba hae ’me Mabuddha a lumela hore ho latela lithuto tsa hae ke tsela ea bohlale.

Ho Hōlela Thailand

Ke hlahetse Bangkok, motse-moholo oa Thailand. Lilemo tse leshome pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, bophelo toropong e ne e le bo khutsitseng ho feta ba Bangkok e sephethe-phethe le e lerata kajeno. Liricha, kariki ea lipere, le libaesekele tse mabili a mararo e ne e le lipalangoang tse tloaelehileng nakong eo, le hoja ho ne ho ntse ho e-na le libese tse tsamaeang ka motlakase holim’a seporo le libese. Likanaleng, kapa li-klong, liketsoana li ne li sebelisoa e le lipalangoang.

Ka lilemo tse ngata lelapa les’o le ne le lula ntlong e hahiloeng ka lithupa haufi le kanale. Likarolong tseo tsa motse, bophelo ba batho ba bangata bo likoloha har’a metsi. Ho ne ho sebelisoa klong bakeng sa ho itlhatsoa le ho hlatsoa lijana le liaparo. Liketsoana li ne li ema monyako li rekisa mefuta eohle ea lijo le liaparo. Esita le poso e ne e tsamaisoa ka seketsoana. Boemong ba leholimo bo chesang le bo mongobo, rōna bana re ne re thabela ho sesa, ho qoela, le ho bapala.

Ha ke na le lilemo tse tšeletseng, ke ile ka qala ho kena sekolo. Thuto e qalang e ne e le e tlamang, kahoo boholo ba bana motseng joale ka ’na ba ile ba ea sekolong. Bashanyana le banana ba ne ba ruteloa ka liklaseng tse fapaneng, kahoo ho ne ho e-na le kamano e fokolang pakeng tsa banana le bashanyana. Ho ne ho sa utloahale letho ka ho laetsana.

Ke ne ke thabela lipapali, ho kopanyelletsa le bolo ea maoto le papali ea litebele ka mokhoa oa Sethai, e le mokhoa o khethehileng oa bohlabani o ileng oa tsoela pele lilemong tse makholo tse fetileng. Ba hlōlisanang ba ne ba lumelloa ho sebelisa e seng feela litebele tsa bona tse kentseng li-glove empa le maoto, mangole, le litsoe bakeng sa ho otlana le ho rahana. Ha ’mè a utloela ka cheseho ea ka ka papali ena e kotsi, o ile a nthibela bakeng sa ho e phehella ho ea pele. Kahoo ke ile ka fetohela ho ikaheng ’mele ka ho phahamisa litšepe.

Ha ke ne ke le mocha, lipontšo tsa bochaba tse neng li tšoareloa tempeleng li ne li fana ka boithabiso hoo batho ba Thai ba baholo le ba banyenyane ba neng ba li thabela. Lipontšo tsena li ne li amana le mekete ea bolumeli, ’me li ne li bokella chelete bakeng sa ho boloka tempele e le boemong bo botle. Letšoele le mabifi le ne le e-ba teng hammoho le babapatsi ba hlommeng maphephe seterateng bakeng sa ho rekisa mefuta eohle ea lijo le li-snack mabaleng a tempele.

Papali ea sethalleng e neng e tumme haholo lipontšong e ne e le likay, lipontšo tsa ’mino oa bochaba le lipuisano. Libapali li ne li apara li-costume tse ’mala o khanyang ’me li ne li itlotsitse haholo ka linōko le litlolo. Ba ne ba tšehisa bamameli ho fihlela lihoreng tsa hoseng. Mehleng ea joale, hangata lipontšo tsa bochaba li nketsoe sebaka ke lipontšo tsa pontšeng.

Tšusumetso ea Pele ea Bolumeli

Hoseng ho hong le ho hong, ho ne ho phahamisoa folaga ’me ho binoe pina ea bochaba. Kamor’a moo sehlopha se ne se rapela ka Pali, puo ea bolumeli ea Bobuddha. Lithuto tsa rōna tsa sekolo li ne li kopanyelletsa lithuto tsa motheo tsa Bobuddha le boitšoaro; empa ho feta moo re ne re sa rutoe haholo ka bolumeli.

Mahaeng a mangata a Mabuddha, ho na le aletare e nyenyane e nang le setšoantšo sa Buddha se rapeloang ka mehla. Ho khantšitsoe likerese ’me ho chesoa mokubetso. Litlolo tsa malapa a Machaena hangata li na le lialetare tse eketsehileng bakeng sa ho rapela balimo kapa ho khotsofatsa meea e fapa-fapaneng le melimo.

Ka ho lumela hore malumeli ’ohle a lokile, Mabuddha a lumela habonolo ho amohela likhopolo le mekhoa eo ba e ikutloang hore e molemo ’me e ka ba thusa ka tsela e ’ngoe kapa e itseng. Ka lebaka leo, batho ba bangata Thailand ha ba rapele feela litempeleng tsa Buddha empa hape le meahong e meholo ea Machaena le Brahman.

Le hoja lelapa la rōna haholo-holo e ne e se la bolumeli, tšusumetso ea bolumeli e ne e le teng ka linako tsohle bophelong ba rōna. Ka mohlala, baitlami ba beotseng lihlooho ebile ba apere liaparo tse telele tse tšehla ba ne ba re etela ka boithatelo ha letsatsi le chaba. Ba ne ba tsamaea ba sa roala lieta tseleng kapa ba tsamaee ka seketsoana se iphaphathileng ka klong, ba emise ebe beng ba matlo ba inkela reisi le ho beha lijo tse ling likotlolong tsa bona.

Ho tloha bonyenyaneng, ke ile ka rutoa ho hlompha baitlami ba Mabuddha e le ba amohetseng bophelo bo tšoanang le ba Buddha. Ba ne ba nkuoa ba le bohlale haholo, ’me re ne re khothalletsoa ho hlompha ka ho phahameng khopolo le keletso tsa bona.

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Bangkok e ile ea hlaseloa moeeng. Kahoo ’mè oa ka o ile a nkisa ho beng ka eena tulong e ’ngoe. Kaha tempele ea sebakeng seo e ne e le haufi, ke ile ka tloaelana hantle le baitlami. Ba bang ho bona ba ile ba etsa lithatō tsa Buddha le ho li aba. Maboteng a tempele, ho ne ho e-na le litšoantšo tse nyenyane tse likete-kete tsa Buddha tse entsoeng ka tšepe. Bashanyana ba bangata ba ile ba thusa ho li hloekisa. Joale baitlami ba ne ba tla ngola liletere tse ’maloa tsa Khmer ea boholo-holo ’me ba bolele hore mantsoe ao a ngotsoeng a etsa litšoantšo e be lithatō tsa lehlohonolo.

Ke ne ke thabisoa ke khopolo ea hore ho roala setšoantšo sa Buddha se joalo molaleng ho fana ka tšireletseho kotsing ’me ho fana ka lehlohonolo. Kahoo ke ile ka qala ho bokeletsa lithatō. Ke ile ka lula le baitlami tempeleng likhoeli tse ’maloa, ’me nakong eo, ke ile ka rutoa ho nahana ka ho tebileng, bonohe le mekhoa e meng ea tšebelisano le meea.

Le hoja karolo e ka tlaase ho 1 lekholong ea baahi ba Thailand e le Mak’hatholike le Maprotestanta, ke ne ke ile ka utloa hore Bakreste ba lumela hore motho ea bitsoang Jesu ke Molimo le hore Mak’hatholike a rapela ‘’Mè oa Molimo.’ Leha ho le joalo, ho ’na litumelo tse joalo li ne li bonahala e se tsa sebele. Ke joang motho ea shoeleng thupeng ea tlhokofatso a ka bōpang lefatše? Ke ne ke sa nahane sena e le bohlale ba ’nete.

Kotsi e Fetola Bophelo ba Ka

Kamor’a ntoa, ke ile ka nahana ka ho fumana thuto e phapang le mosebetsi o lefang haholo. Qetellong ke ile ka fumana khau sekolong sa khoebo ’me ka fumana mosebetsi femeng e ’ngoe Bangkok. Hoseng ho hong ka 1959, ha ke le tseleng ho ea mosebetsing, letsoho la ka le ile la thella tšepeng eo bapalami ba ememg ka maoto ka beseng ba itšoarellang ho eona ’me ka oela morao, hlooho ea ka ea otlana fatše. Bapalami le litaaso ba ile ba hoeletsa mokhanni hore a emise, ’me ha a emisa kathoko ho tsela, mabili a maholo a ka morao a ile a ntsamaea ho tloha thekeng ho fihla maotong. Mokokotlo oa ka le likhopo tse ngata li ne li robehile.

Ha ke etsoa sepetlele kamor’a likhoeli tse supileng, ke ne ke qhoalile ho tloha thekeng ho ea tlaase. Khopolo ea hore nke ke ka hlola ke tseba ho tsamaea e ile ’nyahamisa. Kaha lingaka li ile tsa se mphe tšepo ea ho fola hape, ke ne ke rata ho leka mekhoa e meng. ’Me o ile a nkisa sebakeng sa mahae, moo ke neng ke etela mahae mangata a baitlami, “likliniki,” le libaka tse ling tse ngata moo batho ba neng ba bolela hore hoa phekoloa. Ha ke ntse ke kopana le lingaka tse ngata, bafolisi, li lingaka tsa meea, ke ile ka qala ho ithuta mekhoa e bona. Ke ile ka bokella libuka tsa boselamose le bonohe ’me ka qala ho sebelisa lintho tsena ka bonna.

Ho Kopana le Bohlale ba ’Nete

Kamor’a hore ke lule lilemo tse ’ne mahaeng, ke ile ka khutlela Bangkok. Boemo ba ka bo ne bo sa ntlafala, empa ke ne ke fumane mosebetsi o mocha. Batho ba lilemo tsohle ba ne ba e-tla ho ’na ’me ba kōpe hore ba bolelloe lehlohonolo la bona. Ke ile ka etsa le mefuta e meng ea lithatō tsa lehlohonolo, tseo tse ling tsa tsona ke ileng ka li rekisa ka thuso ea moitlami.

Joale ka tsatsi le leng ka 1968, moromuoa oa Canada oa Lipaki tsa Jehova o ile a nketela. Ha a bua ka Jesu Kreste, ke ile ka fihlela qeto ea hore Lipaki e ne e le bo bong ba malumeli a mangata a “Bokreste” boo ke neng ke sa bo rate. Ha e ea ka ea e-ba ho fihla lilemong tse tšeletseng hamorao ha ke ne ke qalisa ho ithuta Bibele ka ho tebileng le banyalani ba bang ba Lipaki.

Se ileng sa ’makatsa haholo e ne e le boprofeta ba Bibele. Ha ke bontšoa boprofeta ba Bibele ba buka ea Daniele, haholo likhaolo tsa 7 le 8, esita le tlhaloso e eketsehileng ea Jesu ea liketsahalo tsa lefatše tseo re li bonang kajeno, ke ile ka tseba hore ha ho senohe se neng se ka noha lintho tse joalo. (Mattheu, khaolo 24) Joale ha ke ithuta hore ke hobane’ng maemo a joale a fapane le kamoo ’Mōpi mathomong a ne a a reretse ho ba kateng le kamoo a entseng litokisetso tsa ho lokisa tšenyo e bakiloeng ke ba mo hanneng le borena ba hae ba bokahohleng, ho ne ho tšoana leha e-ka ho tlositsoe lera mahlong a ka.

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka molaetsa oa Bibele e ne e lumellana; likotoana tsa “sephiri tsa jigsaw” li ile tsa kopana hantle. Bohlale ba motho boo ke neng ke bo nka e le ba bohlokoa hakana bo ile ba nthuta ho nka Molimo e se oa bohlokoa bophelong ba rōna. Empa ka lebaka la bopaki bo bongata bo makatsang, ka ho hlakileng Molimo o ne a ke ke a tlohelloa feela. Ka Bibele, ke ile ka qala ho ananela hore “qalo Ea bohlale ke ho tšaba Jehova [Molimo o Matla ’Ohle], ho tseba ea halalelang ke tlhalefo.”—Liproverbia 9:10.

Mahlohonolo a Tsoang Bohlaleng ba ’Nete

Hang ke ile ka kholiseha hore Jehova e ne e le eena Molimo oa ’nete le hore Bibele e ne e le Lentsoe la hae, pono ea ka ka lintho e ile ea fetoha ka tšohanyetso. Ke ile ka latela mohlala oa Bakreste ba boholo-holo ’me ka lahla libuka tsa ka tsa boselamose le litšoantšo tse makholo le lithatō tseo ke ne ke li bokelletse ka lilemo-lemo.—Liketso 19:18, 19.

Tšabo ea Molimo le tsebo e nepahetseng ka eena li bile le phello e ’ngoe e molemo ho ’na—ke ile ka qala ho rata Jehova joaloka Motho. Ho ananela molemo oa hae le lerato tseo a li bontšitseng batho ho ile ha nketsa hore ke nehele bophelo ba ka ho eena le ho kolobetsoa ka 1975. Kamano ea botho le Jehova e ile ea boela ea ntšusumelletsa ho sebelisa seo ke neng ke tseba hore se nepahetse. ’Me ke ne ke chesehela ho bolella ba bang ka litaba tse molemo tseo ke qalileng ho li tseba.

Ha ke thusa ba bang ho bona phapang mahareng a bohlale ba motho le ba Molimo, phihlelo ea ka nakong e fetileng ea nthusa haholo. Ke bile le monyetla oa ho thusa batho ba bangata ho latela bohlale ba ’nete le ho ema ka lehlakoreng la Jehova. E mong oa bona ke ’mè oa ka, eo, ha a le lilemo li 94, a ileng a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Ruri bohlale ba ’nete bo fetotse bophelo ba ka. Ha ke sa phopholetsa lefifing mabapi le se bakang mahlomola le se boleloang ke bophelo ba ’nete. Joale ke na le likarabo tsa lipotso tse neng li ’makatsa. Le hoja ke holofetse bophelo ba ka, bo na le morero. Ke na le tšepo le takatso ea ho phela ka ho sa feleng. Na ha se tsela e bohlale ho latela tsela e tlisang thabo le bophelo bo nang le morero hona joale le bo nang le bokamoso bo boholo? Ke thabile hakaakang hore ke ile ka qala ho ananela bohlale ba mofuta ona!—Joale ka ha ho boletse Panya Chayakul.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Nakoana pele tokollo ena ea Tsoha! e hatisoa, ho ile hoa amoheloa molaetsa ona o tsoang Thailand: “Moena Panya Chayakul o sa tsoa hlokahala ka lebaka la tšoaetso kamor’a ho khaoloa le leng la maoto a hae. A tšepahetse ho fihlela qetellong, o ile a hana tšelo ea mali.”

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Mabuddha a lumela hore ho tšehetsa baitlami hoa putsa

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ke abelana tumelo ea ka le ba bang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela