Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 8: c. 563 b.c.e. ho ea pele—Tsebo e Ileng ea Tšepisa Tokoloho
“Teko ea bolumeli kapa filosofi ke lenane la lintho tseo bo ka tsebang ho li hlalosa.”—Sethothokisi sa Amerika sa lekholo la bo19 la lilemo Ralph Waldo Emerson
HO HONYENYANE, haeba ho se letho, ho tsejoang ka ho tiileng ka eena. Meetlo e bolela hore o ne a reiloe Siddhartha Gautama, le hore e ne e le khosana, le hore o ile a tsoaloa hoo e ka bang lilemong tse 600 pele ho tsoalo ea Kreste karolong e ka leboea ea ’muso oa India oa Sakya. O ne a bitsoa Sakyamuni (mofilosofi oa sechaba sa Sakya) le Tathagata, tlotla eo ho sa tsejoeng hantle seo e se bolelang. Mohlomong u tla mo hopola ka tlotla ea hae e tsebahalang hamolemo, Buddha.
Gautama o hōliselitsoe tlung ea borena, empa ha a le lilemo li 29 ka tšohanyetso o ile a hlokomela masisa-pelo a mo potolohileng. O ne a batla tlhaloso, e seng joaloka batho ba kajeno bao ka botšepehi ba ipotsang lebaka la bokhopo le bohloko. Ka ho tlohela mosali oa hae le mora e monyenyane, o ile a balehela lehoatateng, moo ka lilemo tse tšeletseng a phela bophelo ba boitelo. O ile a robala holim’a meutloa ’me ka nakoana a phela ka thollo e le ’ngoe ea reisi ka letsatsi. Empa sena ha sea ka sa mo tlisetsa tsebo.
Ha Gautama a le lilemo tse ka bang 35, o ile a nka tsela e sa fetelletseng lintho haholo, eo a ileng a e bitsa Tsela e Bohareng, kapa ’Mila. O ile a ikabela ho lula tlas’a sefate sa feiga ho fihlela a fumane tsebo. Qetellong, ka mor’a lipono tsa bosiu, o ile a ikutloa hore letšolo la hae le ne le putsitsoe. Ho tloha nakong eo ho ea pele o ile a tsejoa e le Buddha, lebitso le bolelang “ea nang le tsebo.” Empa Gautama haa ka a ipolokela tlotla ena a le mong. Ka hona ka mehla ka Senyesemane le lokela ho sebelisoa le lebōpi-kakaretso, “a buddha” kapa, tabeng ea Gautama, le lebopikhetho “the Buddha.”
Tsela e Lebisang Tokolohong
Ho boleloa hore melimo ea Mahindu Indra le Brahma e ile ea kōpa Buddha ho bolella ba bang linnete tse ncha tseo a li fumaneng. O ile a etsa joalo. Le hoja a ntse a bolokile boikutlo ba mamello ba Bohindu ba hore malumeli ’ohle a lokile, Buddha o ile a hanyetsa tsamaiso ea bona ea ho khethollana le mahlabelo a liphoofolo a sebelisoang haholo. O ile a hana taba ea hore Vedas ea Hindu e ne e le mangolo a Molimo. Le hoja a ne a sa latole hore mohlomong Molimo o ka ’na oa eba teng, o ne a sa lumele hore Molimo ke ’Mōpi. O ile a pheha khang hore molao oa kamano mahareng a sesosa le phello ea sona o ne o se na tšimoloho. ’Me o ile a eketsa ho feta Bohindu, puong ea hae ea pele o ile a tšepisa: “Hona, baitlami, ke ’mila o bohareng oa tsebo... e lebisang temohong, e lebisang tlhalefong, e lebisang khutsong, tsebong, tsebong e phethahetseng, ho ea Nirvana.”
U ka ’na ua botsa, ‘Nirvana ke eng?’ Rahistori Will Durant o re, “Ho thata ho tseba karabo e fosahetseng potsong ena. Hobane Monghali o siile ntlha [ena] e sa hlakisoa, ’me balateli ba hae ba file lentsoe lena tlhaloso e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a letsatsi.” “Ha ho pono leha e le ’ngoe ea Bobuddha,” ho lumela The Encyclopedia of Religion, hobane “e fapana ka setso, nako ea histori, puo, sekolo, esita le motho ka mong.” Mongoli e mong o ho bitsa “bosieo ba takatso e hloekileng, nako e se nang thuso ..., phomolo ea ka ho sa feleng ea lefu ntle le ho tsoaloa hangata.” Ba bang, ho ea ka motso oa lona oa se-Sanskrite o bolelang “ho phatloha,” ba bolela hore o tšoana le lelakabe le timang ha mafura a fela. Leha ho le joalo, Nirvana e tšepisa tokoloho.
Bohlokoa ba ho finyella tokoloho ba Buddha bo akarelitsoe Linneteng tse ’Nè tse Tsebahalang: Bophelo ke bohloko le khathatso; ’me ka bobeli li bakoa ke meharo ea ho ba teng le takatso e fetelletseng; tsela ea bohlale ke ho thibela takatso ena; sena se ka finyelloa ka ho latela Tsela e Imenneng ka Makhetlo a Robeli. Tsela ena e akarelletsa tumelo e nepahetseng, boikemisetso bo nepahetseng, puo e nepahetseng, bohato bo nepahetseng, bophelo bo nepahetseng, boikitlaetso bo nepahetseng, monahano o nepahetseng, le mohopolo o nepahetseng.
Litlhōlo Linaheng Tse Ling, ho Hlōloa Naheng ea Bona
Ho tloha tšimolohong, Bobuddha bo fumane karabelo ea kapele. Sehlopha sa batho ba khothalletsang maruo sa nakong eo, se neng se bitsoa Charvakas, se ne se se se lokisitse tsela. Se ile sa latola mangolo a halalelang a Bohindu, sa soma khopolo ea ho lumela ho Molimo, ’me sa latola bolumeli ka kakaretso. Tšusumetso ea sona e ne e le matla ’me ea thusa ho etsa seo Durant a se bitsang “sebaka se bulehileng feela se ileng sa susumetsa khōlo ea bolumeli bo bocha.” Sebaka sena se feela, hammoho le “ho senyeha ha bohlale ba bolumeli ba boholo-holo,” li tlatselitse malumeli a macha a maholo a mehleng eo, Bobuddha le Bojaini.
Bohareng ba lekholo la boraro la lilemo B.C.E., Morena Aśoka, eo lebotho la hae le ileng la lika-liketsa kontinente ea India, o entse ho hongata ho etsa hore Bobuddha e be bo atileng. O ile a matlafatsa mesebetsi ea bona ea boromuoa ka ho romella baromuoa Ceylon (Sri Lanka) mohlomong esita le linaheng tse ling. Makholong a lilemo a Mehla e Tloaelehileng, Bobuddha bo ile ba tlala hohle Chaena. Ho tloha moo bo ile ba fetela Japane bo etsoa Korea. Qetellong ea lekholo la botšelela la lilemo C.E., bo ne bo fumanoa likarolong tsohle tse ka bochabela le boroa-bochabela tsa Asia. Kajeno, ho na le Mabuddha a fetang limillione tse 300 lefatšeng ka bophara.
Esita le pele ho Morena Aśoka, Bobuddha bo ’nile ba eba teng. “Ho ea bofelong ba lekholo la bone la lilemo B.C., baromuoa ba Buddha ba ile ba fumanoa Athens,” ho ngola E. M. Layman. ’Me o phaella ka hore ka mor’a ho theoa ha Bokreste, baromuoa ba bona ba pele ba ile ba kopana le lithuto tsa Buddha hohle moo ba neng ba e-ea teng. Ha e le hantle, ha baromuoa ba pele ba K’hatholike ba fihla Japane, ka phoso ba ile ba nkoa e le mokha o mocha oa Buddha. Ho ne ho ka ba joalo joang?
Ka ho hlakileng malumeli ana ka bobeli a ne a ena le likarolo tse ngata tseo a tšoanang ho tsona. Ho ea ka rahistori Durant, a ne a tšoana linthong tse kang “borapeli ba litšoantšo, tšebeliso ea metsi a halalelang, likerese, mokubetso, rosari, liaparo tsa bopapa, puo ea khale e seng e sa sebelisoe, baitlami ba banna le ba basali, ho ipeola le bosooa, ho ipolela libe, matsatsi a ho itima lijo, le ho tiisoa ha bahalaleli, pelekatori le ’misa bakeng sa bafu.” O phaelletse ka hore lintho tsena “li bonahetse li tšoana le tse etsoang [bolumeling ba] Bobuddha ka lekhetlo la pele.” Ha e le hantle, ho boleloa hore Bobuddha bo “bile teng lilemo tse makholo a mahlano pele ho Kereke ea Roma ’me bo sebelisa litšebeletso tsohle malumeling ana a mabeli.”
Ha mongoli Layman a hlalosa kamoo ho tšoana hona ho ileng ha hōla kateng, o bua ka tšimoloho e tšoanang. Oa ngola: “Mehleng ea Bokreste . . . litšusumetso tsa bohetene li ile tsa hlaha mekhoeng ea borapeli ea Buddha. . . . Mohlomong [hape] litšusumetso tsa bohetene li ne li ikarabella bakeng sa mekhoa ea borapeli e ileng ea hōla kerekeng ea Bokreste.”
Ho sa tsotellehe boholo ba bona lefatšeng, Bobuddha bo ile ba kokobetsoa ke tlhōlo e khōlō naheng ea bona. Kajeno, karolo e ka tlaase ho 1 lekholong ea baahi ba India ke Mabuddha; karolo ea 83 lekholong ke Mahindu. Lebaka ha lea hlaka. Mohlomong Bobuddha bo ne bo ena le mamello hoo bo ileng ba koenngoa ke Mahindu a mangata a setso. Kapa mohlomong baitlami ba Buddha ba ile ba khoehlisa matsoho mabapi le ho hlokomela mohlape. Leha ho le joalo, lebaka le leholo ebile ho kena ha Boislamo India. Sena se ile sa lebisa pusong ea ba Mamosleme moo batho ba bangata, haholo-holo likarolong tse ka bophirima tsa India, ba ileng ba fetohela bolumeling ba Boislamo. Ha e le hantle, ho ea bofelong ba lekholo la bo13 la lilemo, hoo e ka bang kotara ea baahi e ne e le Mamosleme. Ho sa le joalo, Mabuddha a mangata a ne a khutlela bolumeling ba Hindu, mohlomong ka ho hlakileng a bo fumana bo hlomelletsoe hamolemo polaong ea Mamosleme e tsoelang pele. Bo phelela lebitso la bona la mamello, Bohindu bo ile ba ba amohela ka thabo, ba nolofatsa ho khutla ha bona ka ho bolella molimo Buddha, e leng ho tsoaloa hangata ha Vishnu!
Litšobotsi Tse Ngata Tsa Buddha
“Litšoantšo tsa pele tsa Buddha li entsoe ke Magerike,” ho ngola E. M. Layman. Mabuddha a bolela hore liemahale tsena ha 11 rapeloe, e mpa e le feela lithuso tsa borapeli, tse reretsoeng ho bontša tlhompho ho Moruti e moholo. Ka linako tse ling Buddha o bontšoa a eme, empa hangata a lutse a fapantse maoto, bohato ba maoto a hae bo shebile holimo. Ha a kolohantse matsoho, oa nahana, ha letsoho la hae le letona le tšoere selelu, oa rapela; ha monoana o motona oa letsoho le letona o tšoere monoana o monyenyane kapa ha a kopantse matsoho sefubeng, oa ruta. Ho kobehela morao ho mo tšoantša nakong eo a fetelang Nirvana.
Joalokaha ho e-na le mekhoa e fapaneng ea boemo ba ’mele, ka hona ho na le mefuta e fapaneng ea lithuto tsa hae. Ho boleloa hore nakong ea lilemo tse 200 ka mor’a lefu la hae, ho ne ho se ntse ho e-na le mangolo a 18 a fapaneng a Buddha. Kajeno, makholo a lilemo a 25 ka mor’a ho fumana “tsebo” ha Gautama, ho na le litsela tse ngata tsa ho hlalosa tsela ea ho finyella Nirvana ea Mabuddha.
Erik Ziircher oa Univesithi ea Leiden Netherlands o hlalosa hore ho na le “mekhoa e moraro ea motheo e tataisang likelello tsa balateli ba Bobuddha, o mong le o mong o na le likhopolo tsa ’ona tsa thuto, likhopolo tsa tumelo, likhopolo tsa mangolo a halalelang, le likhopolo tsa litšoantšo tse rapeloang.” Mekhoa ena e bitsoa lipalangoang ka puo ea Bobuddha hobane, joaloka liketsoana, e tšelisa motho nōkeng ea bophelo ho fihla qetellong ea lebōpo la tokoloho. ’Me joale sepalangoang se ka tloheloa ka ho sireletsehileng. ’Me Mabuddha a tla u bolella hore mokhoa oa ho tsamaea—mofuta oa sepalangoang—hase lintho tsa bohlokoa. Ha bohlokoa ke hore u fihle moo.
Lipalangoang tsena li akarelletsa Theravada ea Bobuddha, tšebeletso eo ka ho khethehileng e khomaretseng thuto ea Bobuddha ’me e matla Burma, Sri Lanka, Laos, Thailand, le Kampuchea (eo e pele e neng e bitsoa Cambodia). Bobuddha ba Mahayana bo matla Chaena, Korea, Japane, Tibet, le Mongolia bo fetotse lithuto tsa bona hore bo finyelle batho ba eketsehileng, kaha bo amohela mehopolo e mecha. Ka lebaka leo, bo bitsoa Sepalangoang se Seholo ho fapana le Theravada, Sepalangoang se Senyenyane. Vajrayana, Sepalangoang sa Taemane, seo ka ho tloaelehileng se tsejoang e le Botantra kapa Bobuddha ba Tsebo e Lekanyelitsoeng, bo akarelletsa litšebeletso tsa meetlo tsa Yoga, ’me ho boleloa hore bo potlakisa ho fetela ha motho Nirvana.
Mekha ena e meraro e arohatsoe ka likolo tse ngata, se seng le se seng se fapane ka tlhaloso ea lithuto tse itseng tsa motheo, ’me hangata ka baka la ho beha khatello e khethehileng likarolong tse ling tsa mangolo a Bobuddha. Ho ea ka zürcher, hohle moo u eang teng, “Bobuddha bo ne bo ena le litsela tse fapaneng le tšusumetso litumelong le mesebetsing ea batho ba sebakeng seo,” ’me likolo tsena ka potlako li ile tsa ntšetsa pele mekha leha e le efe e eketsehileng ea sebakeng seo. Ho tšoana le Bokreste-’mōtoana ka mekha ea bona e likete e ferekanyang, Bobuddha bo na le litšobotsi tse ngata le bona.
Bobuddha le Lipolotiki
Joaloka litumelo tsa Sejode le ba ipolelang e le Bakreste, Bobuddha ha bo felle feela mesebetsing ea bolumeli empa hape bo thusitse ho bōpa monahano oa bopolotiki esita le oa boitšoaro.
“Ho itšunya ha Bobuddha lipolotiking ho tlile ka lekhetlo la pele pusong ea [Morena] Asoka,” ho bolela mongoli Jerrold Schecter. Ho itšunya ha Bobuddha litabeng tsa lipolotiki ho ntse ho tsoela pele esita le mehleng ea rōna. Karolong e qetelang ea 1987, baitlami ba Buddha ba Tibet ba 27 ba ile ba tšoaroa Lhasa ka lebaka la ho kopanela lipontšong tsa boipelaetso Chaena. ’Me ho itšunya ha Bobuddha ntoeng ea Vietnam ea 1960 ho entse hore Schecter a fihlele qeto ena: “Tsela ea khotso ea ’Mila o Bohareng e sothiloe ho ba pefo e ncha ea lipontšo tsa seterateng.... Bobuddha ba Asia ke tumelo e leng mollong.”
Batho ba bang ka ho se khotsofale ka lipolotiki, moruo, kahisano, le boemo ba boitšoaro ba lefatše la Bophirima, ba fetohetse malumeling a Bochabela, ho kopanyelletsa le Bobuddha, bakeng sa litlhaloso. Empa na “tumelo e leng mollong” e ka fana ka likarabo? Haeba u sebelisa mantsoe a Emerson hore “teko ea bolumeli . . . ke lenane la lintho tseo bo ka tsebang ho li hlalosa,” u ka ahlola tsebo ea Gautama joang? Na malumeli a mang a Asia ka “Ho Batla Tsela e Nepahetseng” a ka etsa ho molemonyana? Bakeng sa karabo, bala sehlooho sa rōna se latelang.
[Lebokose le leqepheng la 18]
Ba Bang ba Batho ba Bona Libaka, le Lintho
Adam’s Peak, thaba ea Sri Lanka e talingoang e halalela; Mabuddha a bolela hore letšoao la mohato oa leoto le lejoeng lena ke moo Buddha a hatileng teng, Mamosleme a re ho hatile Adama, ’me Mahindu a re ho hatile Siva.
Sefate sa Bodhi, sefate sa feiga moo Gautama e bileng Buddha, “bodhi” e bolela “tsebo”; ho boleloa hore lehlomela la sefate le pholohile ’me le rapeloa Anuradhapura, Sri Lanka.
Baitlami ba Buddba, ba bonoa ka liaparo tsa bona, ba thea karolo e khōlō ea Bobuddha;ba tšepisa ho bua ’nete, ba ba mohau ho batho le liphoofolo, ba fetoha mekōpa-kōpa hore ba phele, ba hana boithabiso, le ho phela ka bohloeki.
Dalai Lama, moeta-pele oa bolumeli oa Tibet, eo Mabuddha a mo talimang e le ho tsoaloa hangata ha Buddha, eo ka 1959 a ileng a balehela kholehong; “dalai,” e tsoang lentsoeng la Mongolia bakeng sa “leoatle,” le bolela tsebo e batsi; “lama” le supa ho moruti oa moea (joaloka baruti ba Sanskrite). Ho ea ka tlaleho ea litaba, ka 1987 lipontšong tsa Tibet, Dalai Lama “o ile a hlohonolofatsa ho se mamele ha baahi empa a nyatsa pefo,” ka hona a etsa hore India e be naha ea hae ea boamoheli, ho mo hopotsa hore lipolelo tsa polotiki li ka ’na tsa senya ho lula ha hae moo.
Tempele ea Leino, ke tempele ea Mabuddha e leng Kandy, Sri Lanka, eo ho nang le leino la Buddha le nkoang e le setšoantšo se halalelang.
[Lebokose le leqepheng la 19]
Tee le “Thapelo“ ea Buddha
Ho sa tsotellehe ho tšoana, “thapelo” ea Buddha ka ho nepahetseng e bitsoa “monahano o tebileng.” Mokhoa o mong oo ka ho khethehileng o hatellang boitaeo le monahano o tebileng ke Zen ea Bobuddha. E tlisitsoe Japane lekholong la bo12 la lilemo C.E., e theiloe mokhoeng oa Chaena oa Bobuddha o tsejoang e le Ch’an, o ka latellisoang ho fihla ho moitlami oa India ea bitsoang Bodhidharma. O ile a khutlela Chaena lekholong la botšelela la lilemo C.E. ’me a alima haholo mantsoe a Tao a Sechaena ho bōpa Ch’an. Ho boleloa hore ka nako e ’ngoe o kile a khaola e ’ngoe ea lintši tsa hae ka lebaka la khalefo ka mor’a hore a khalehe nakong eo a ntseng a nahana ka ho tebileng. E ile ea oela fatše, ea mela, ’me ea hlahisa semela sa pele sa tee. Pale ena e sebetsa e le motheo oa setso sa baitlami ba Zen sa ho noa tee ho ba boloka ba falimehile nakong eo ba nahanang ka ho tebileng.
[Setšoantšo se maqepheng a 16, 17]
Litempele tsa Buddha joaloka Tempele ea Marble e leng Bangkok, Thailand, ke tse thahasellisang haholo
[Litšoantšo tse maqepheng a 16, 17]
Mona hape ho bonoa seemahale sa ledemona la Buddha le lebelang tempele, ’me ka tlaase ke seemehale sa buddha. Tsena ke lintho tse bonoang ka mehla linaheng tsa Bobuddha