Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 10/8 maq. 21-23
  • Baromuoa—Ke Mang ea Lokelang ho Beha Mohlala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baromuoa—Ke Mang ea Lokelang ho Beha Mohlala?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa ho Amohela Likhopolo tse Ncha
  • Ho Latela “Moromuoa ea Hloahloa”
  • Ho Beha Mohlala
  • Karolo 8: c. 563 b.c.e. ho ea pele—Tsebo e Ileng ea Tšepisa Tokoloho
    Tsoha!—1989
  • Ho Etsa Barutuoa ba ’Nete Kajeno
    Tsoha!—1995
  • Bobuddha—Ho Batla ho Fumana Tsebo Ntle ho Molimo
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Baromuoa—Ke Eng Seo ba Lokelang ho ba Sona?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 10/8 maq. 21-23

Baromuoa—Ke Mang ea Lokelang ho Beha Mohlala?

PELE Jesu Kreste a laela balateli ba hae ho etsa barutuoa, malumeli a mang a ne a se ntse a ntšetsa pele mosebetsi oa boromuoa ka tsela e fokolang. Ba bang ba ile ba etsa sena ho feta ba bang, kaha hase malumeli ’ohle a nang le katamelo e akaretsang, ke hore, hase ’ohle a rutang molaetsa o utloahalang o sebetsa ho batho bohle ka ho lekana.

Ka mohlala, ho ea ka The Encyclopedia of Religion, pono e joalo e akaretsang ho buuoa hanyenyane ka eona “litumelong tsa morabe le tsa Shintō, ’me e bonahala hanyenyane mefuteng e mengata ea litsamaiso tsa bolumeli tsa Boconfucius, Bojode, le Bozoroaster.” Malumeli ana a hasanngoa “haholo ke ho falla ha mefuta ea batho kapa ke ho tsoakana butle-butle ha baahisani ba atamelaneng haufi-ufi ho feta mesebetsi e hlophisitsoeng ea boromuoa.”

Encyclopedia ea phaella: “Bohindu bo emela mohlala o khethehileng le o rarahaneng ka ho feteletseng. Le hoja bo tšoana le lineano tseo eseng tsa boromuoa lintlheng tse ngata,” ka hore bo ate butle-butle ka ho amoheloa ke batho bao eseng Mahindu, ka lehlakoreng le leng, bo “bile le linako tsa tšebetso e matla haholo ea boromuoa.”

Max L. Stackhouse oa Sekolo sa Thuto ea Bolumeli sa Andover Newton, o re: “Malumeli ao hajoale a ntseng a sebetsa a sekametseng ho ruta molaetsa o utloahalang o sebetsa ka ho lekana mefuteng eohle ea batho, le a pakahatsang cheseho e pharaletseng ka ho fetisisa, e ka ’nģane ho ea bolumeli,” a akarelletsa Boislamo le Bobuddha. Leha ho le joalo, baromuoa Islamo ba ne ba ke ke ba sebeletsa e le mehlala bakeng sa baromuoa ba Bakreste, hobane mehla ea Boislamo ha ea ka ea qaleha ho fihlela hoo e ka bang lilemo tse 590 ka mor’a taelo ea Kreste ea ho etsa barutuoa. Ka lehlakoreng le leng, Bobuddha, bo tlile pele ho Bokreste ka nako e ntseng e batla e tšoana le eo Boislamo bo latetseng Bokreste ka eona.

Mohlala oa ho Amohela Likhopolo tse Ncha

Neano e bolela hore Buddha o ile a susumetsa mokhatloana oa boromuoa ka ho bolella barutuoa ba hae: “E-eang, baitlami ba banna, bolelang Thuto ea Bolumeli e hlomphehang, . . . le se ke la ea ka tsela e le ’ngoe le le babeli!” Leha ho le joalo, mekhatloana ea boromuoa bo pharaletseng e ’nile ea e-ba e seng mekae, le hoja baromuoa ba Bobuddha ba ne ba le Europe ho tloha khale haholo lekholong la bone la lilemo B.C.E. Maemong a mangata bolumeli bo ne bo hasanngoa ke batho ka bomong ba neng ba tsamaea e le bahoebi, ba etelang linaheng lisele, kapa liithuti. Ka mohlala, bo ile ba fihla Chaena le likarolong tse fapaneng tse ka Boroa-bochabela ho Asia ka litselana tsa khoebo leoatleng le naheng.

Erik Zürcher oa Univesithi ea Leiden, Netherlands o hlalosa sesosa sa ho ata ha Bobuddha haholo ka mabaka a mararo. Le leng ke “boikutlo ba ho amohela likhopolo tse ncha tsa malumeli ’ohle” ha Bobuddha. Sena se ile sa lumella hore ho amoheloe habonolo “lithuto tsa motheo tsa bolumeli tseo e seng tsa Bobuddha e le litšenolo tse qalang le tse sa fellang tsa ’nete” hape esita le ho kopanyelletsoa ha “melimo eo eseng ea Bobuddha melimong ea bona e tsebahalang.”

Lebaka la bobeli ke hore baromuoa ba Bobuddha ba ile ba kena ho se bitsoang hore ke “boemo ba ho hloka lehae,” e leng se bolelang hore ba ne ba latola khethollo eohle ea lefatše. A se na lithibelo tsa tsamaiso ea ho se itsoakanye le litho tsa mekhatlo e meng, e leng eo Mabuddha a ileng a nyatsa se boleloang ke bolumeli ba eona, a ne a ka tsoakana le melata a sa tšabe hore a tla silafala ho latela molao oa bolumeli.

Lebaka la boraro ke hore libuka tse halalelang tsa Bobuddha li ne li sa amahanngoe le puo leha e le efe e khethehileng e halalelang. Li ne li ka fetoleloa habonolo puong leha e le efe. Zürcher oa hlokomela: “Haholo-holo Chaena, baromuoa ba melata ba hlaheletseng ka mahetla kaofela ba ne ba le mafolo-folo e le bafetoleli.” Ha e le hantle, ba ile ba fetolela ho isa bohōleng boo Sechaena se ileng sa fetoha puo ea boraro e khōlō bakeng sa lingoliloeng tsa Bobuddha, hammoho le Sepali le Sesanskrit.

Bohareng ba lekholo la boraro la lilemo B.C.E., ’musi oa ’muso oa India, Morena Aśoka, o ile a tumisa Bobuddha haholo, a boetse a matlafatsa litšobotsi tsa bona tsa boromuoa. Leha ho le joalo, nakong ena ea pele ho Bokreste, Bobuddha bo ne bo le India haholo-holo le ho seo kajeno se bitsoang Sri Lanka. E bile feela hoo e ka bang ka mor’a ho qaleha ha mehla ea Bokreste Bobuddha bo ileng ba pharallela Chaena, Indonesia, Iran, Japane, Korea, Malaysia, Myanmar, Vietnam, le libakeng tse ling.

Ka ho hlakileng, baromuoa ba Bobuddha ba ileng ba ea Chaena ba ile ba bona ho se phoso ea letho ka ho fetola bolumeli ba bona ho etsa hore bo amohelehe haholoanyane. The Encyclopedia of Religion e hlokomela hore “libuka tsa ho ithuta tse khōlō tsa Bobuddha li ile tsa hlalosoa bocha; ho ile ha phatlalatsoa lingoliloeng tsa ho itšireletsa, lithothokiso tse ncha, le melao e mecha le litaelo tse neng li fetola, ka sebele, li nchafatsa litšobotsi tsa molaetsa oa Bobuddha e le hore o ka fetoha karolo ea litšobotsi tsa malumeli a batho bao e leng matsoalloa a sebakeng seo le tsa Boconfucius le Botao tsa naha eo, le hore ka litsela tse ling o matlafatse litšobotsi tseo.”

Ka linako tse ling, baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba latela mohlala oa baholo-holo ba bona ba baromuoa ba Bobuddha. Joalokaha rahistori Will Durant a bolela, le hoja ba ile ba fetolela libuka tsa bona tse halalelang lipuong tse ling, kamehla ba ’nile ba lumella, kapa esita le ho eketsa “ho amoheloa ha tumelo ea bohetene le litšebeletso tsa eona” mekhoeng ea bolumeli bona.

Ho Latela “Moromuoa ea Hloahloa”

Judaism and Christian Beginnings e hlalosa hore tsamaiso ea bolumeli ea Sejode ha ea ka ea hōlisa tšebetso ea boromuoa ka kutloisiso e tšoanang le eo Bokreste bo ileng ba etsa ka eona empa “ha e bapisoa le malumeli a mang, e ne e se mafolo-folo ka ho sokolla.” Leha ho le joalo, mongoli oa buka eo, Samuel Sandmel, o hlokomela hore “bonyane ho ne ho e-na le tšusumetso e hlahang e ntse e nyamela, e bang teng ka seoelo, mabapi le tšekamelo ea ho sokolla.”

Sandmel o hlalosa hore “ka hare ho lingoliloeng tsa Borabbi hangata Ntate Abrahama o bontšitsoe e le moromuoa ea hloahloa.” O tšetleha mabaka ka hore ‘pono ena ea hore Abrahama ke moromuoa ka sebele e ne e ke ke ea e-ba teng hoja ho ne ho sa ka ha hlahella boikutlo bo itseng bonyane likarolong tse ling tsa Bajode tse neng li talima ka leihlo le letle ho nyoreloa basokolohi ka matla, kapa bonyane ho amohela tumelong bao ka boithatelo ba bona bo botle ba neng ba batla ho sokoloha.’a

Motheong oa bopaki bo fanoeng, nakong ea makholo a mabeli a lilemo a ileng a latela Mehla e Tloaelehileng hang-hang, mosebetsi oa boromuoa oa Bajode o ile oa matlafatsoa, haholo-holo linaheng tse buang Segerike, ha malumeli a bohetene a ne a qala ho se ipiletse. Tšebetso ena e ile ea tsoela pele ho fihlela Mehleng e Tloaelehileng, empa e ile ea ntšoa molaong lekholong la bone la lilemo C.E., ha ’Muso oa Roma o ne o amohela Bokreste bo hlapolotsoeng e le bolumeli ba oona ba molao.

Ho Beha Mohlala

Leha ho le joalo, mohlala o behiloeng ke baromuoa ba Bajode, hase seo baromuoa ba Bakreste ba neng ba laetsoe hore ba se latele. Ha e le hantle, mabapi le Bafarisi ba Bajode ba mehleng ea hae, Jesu o itse: “Le potoloha leoatle le lefatše ho etsa mosokolohi a le mong, ebe joale le mo etsa ea loketseng timetso ka makhetlo a mabeli ho feta kamoo lōna ka bolona le leng kateng.” (Mattheu 23:15, Phillips) Kahoo le hoja ba ne ba talima Abrahama e le “moromuoa ea hloahloa,” ka ho totobetseng baromuoa ba Bajode ha baa ka ba etsa basokolohi ba nang le tumelo ea mofuta oo Abrahama a neng a e-na le eona ho Jehova Molimo.

Ho baromuoa ba Bakreste mohlala o lokelang ho lateloa ke o phethahetseng o fanoeng ke moromuoa ea hloahloa ea ka pele-pele, Jesu Kreste. Ha e le hantle pele a ntša ka molao taelo ea hae ea ho etsa barutuoa, o ile a qala ka ho koetlisa barutuoa ba hae ba pele ho phethahatsa tšebetso ea boromuoa ea machaba eo mosebetsi oa ho etsa barutuoa o neng o tla e akarelletsa. Kaha e ne e lokela ho ba morero oa makholo a mangata a lilemo, potso ena e ne e loketse, Na balateli ba Kreste ba ne ba tla khomarela mohlaleng oo a neng a o fane?

Ha lekholo la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng le ntse le atamela ho feleng, karabo e ne e ntse e-s’o hlake. Kajeno e hlakile, ha lekholo la bo20 la lilemo le atamela ho feleng. Lilemo tse fetileng tse ka bang 1 900 tsa tšebetso ea boromuoa ka lehlakoreng la ba ipolelang hore ke balateli ba Kreste li totobetse ka pel’a rōna e le buka e phetliloeng.

Ho tloha moo bo hlahetseng teng Palestina, Bokreste bo ile ba atolohela lefatšeng lohle. Bo ile ba qala pele ka ho leba ka bophirimela ho Macedonia.

Bakeng sa mohlala oo baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba o entseng, hlokomela se etsahetseng Mexico ka makholo a ’maloa a lilemo. Ha u bala tlaleho e latelang, ipotse, ‘Na e bile baemeli ba leseli kapa baemeli ba lefifi?’

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jesu o qalile mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste, a koetlisa balateli ba hae ’me a beha mohlala oo ba neng ba lokela ho o latela

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a A Guide to Jewish Religious Practice e re: “Abrahama o talingoa e le ntat’a basokolohi bohle . . . Ke ho tloaelehileng hore basokolohi ba bitsoe mora, kapa morali, oa ntat’a rōna Abrahama.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela