Baromuoa—Ke Eng Seo ba Lokelang ho ba Sona?
LENTSOE “moromuoa” le ka tsosa maikutlo a matla. Ho batho ba bang, le susumetsa boikutlo ba ho hlolloa, ha re nahana ka batho ba kang ’Mè Teresa kapa mofu Albert Schweitzer.
Ka ho fapaneng, ba bang ba arabela ka ho iphapanya, ho teneha, kapa esita le khalefo ha ho buuoa ka taba ea baromuoa. Ho bona lentsoe lena le fana ka maikutlo a ho laola kelello ka mano ’me le hopotsa ka puso ea bokolone.
Mabapi le baromuoa, potso e loketseng ke ena, Na e ’nile ea e-ba baemeli ba leseli kapa baemeli ba lefifi?
Moromuoa ke Eng?
Moromuoa o hlalosoa e le “motho ea phethahatsang thōmo,” ke hore, ho phethahatsa “tšebeletso e laetsoeng ke mokhatlo oa bolumeli ho buella tumelo ea oona kapa ho ntšetsa pele mosebetsi oa boiketlo ba sechaba.”
Motheo oa mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste o ile oa raloa ke Jesu Kreste ha a ne a bolella balateli ba hae: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle.” Sena se hloka hore ho boleloe molaetsa oa Bokreste lefatšeng lohle.—Mattheu 28:19.
Jesu ka boeena e ne e le moromuoa, ea rometsoeng ke Ntat’ae, Jehova, ho tloha leholimong ho ea kabelong esele, e leng lefatše. (Ba-Filippi 2:5-8) Ka ho utloahalang, moromuoa oa Mokreste o lokela ho latela haufi-ufi mohlala o behiloeng ke Jesu Kreste. Moromuoa oa lekholong la pele la lilemo ea ileng a etsa joalo hantle e ne e le moapostola Pauluse, ea ileng a fetoha mohlala bakeng sa hore baromuoa ba Bakreste ba latelang ba o etsise.—1 Ba-Korinthe 11:1.
Le hoja a ne a na le kutloelo-bohloko ka mathata a sechaba a neng a hlasela moloko oa batho, Jesu haa ka a etsa hore taba ea ho a rarolla e be ntho e tlang pele ha a ntse a le lefatšeng. Ho etsa joalo ho ne ho tla tlisa bonyane tokoloho ea nakoana feela. (Johanne 6:26, 27; 12:8) Ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholoanyane. Jesu o ile a bolella Pilato: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” Bohlokoa ba ho ba le tsebo e joalo ea ’nete bo lokela ho hatisoa haholo, joalokaha pejana Jesu a ne a boletse thapelong: “’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3; 18:37.
Na baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba latetse haufi-ufi mohlala o behiloeng ke Jesu? Na ba ipakile e le baemeli ba leseli joalokaha e ne e le eena, ba khantša leseli la Lentsoe la Molimo, leo tsebo ea lona e lebisang bophelong bo sa feleng? Kapa na ba siile batho lefifing? Karabelo lipotsong tsena e lokela ho thahasellisa ho rōna bohle hobane litholoana tse hlahisitsoeng ke ba ipolelang hore ke baromuoa ba Bakreste makholong a fetileng a lilemo li re thusa ho khetholla bolumeli ba ’nete, hammoho le ba bohata.
Baromuoa ba ’Nile ba Latela Haufi-ufi Joang?
Baromuoa ba entse tlatsetso ea bohlokoahali ho haseng molaetsa oa Kreste. Ka mohlala, ba bang ba fetoletse Bibele ka lipuo tsa libakeng tseo ba neng ba le ho tsona, kahoo ba nolofaletsa batho hore ba ipalle eona.
Leha ho le joalo, mehleng ena, ho bonahala hore baromuoa ba bang ba ikutloa eka ho khahlanyetsa litlhoko tsa sebakeng seo ho lokela ho talingoa ho le bohlokoa ho feta boiteko ba ho bolela kapa ho fetolela. Sehlooho se seng makasineng ea Time se neng se re “Boromuoa bo Bocha” se ile sa hlokomela: “Har’a Maprostanta, ho bile le phetoho mabapi le ho kenella haholoanyane mathateng a motheo moruong le sechabeng sa batho bao baromuoa ba lekang ho se finyella.” Ha e le ka Mak’hatholike, hlooho ea limmishone tsa Majesuite e ileng ea romeloa e tsoa United States e ile ea bolela hore ho arolelana litumelo tsa Bokreste “ho nkile maemo a bobeli ha ho bapisoa le tšebeletso ho batho ka bobona.” ’Me mongoli oa ’mishone oa K’hatholike o ile a beha lebaka: “Nakong e fetileng, re ne re e-na le ho bitsoang boikemisetso ba ho pholosa liphefumolohi [meea]. . . . Hona joale, ka thuso ea Molimo, re lumela hore batho bohle le malumeli ’ohle ba se ntse ba phela khalalelong le leratong la Molimo ’me ba tla pholosoa ka mohau oa Molimo.”
Na see se bolela hore ha ho sa na tlhokahalo ea ho ruta Lentsoe la Molimo joalokaha Jesu a entse?
Na ho Ntse ho E-na le Tlhokahalo?
Ka 1985 beng ba matlo ba ka bang 18 000 Hamburg, Jeremane, ba ile ba letsetsoa thelefono ke baithaopi ba makholo a ’maloa ka seo koranta e ileng ea se bitsa “mosebetsi o moholohali oa boromuoa ka thelefono.” Ka ho hlakileng o ile oa beha litholoana tse nyenyane. Ka December selemong se fetileng, The European e ile ea ngola: “Kereke ea Boprostanta Jeremane . . . e bone ha manane a ba bang teng a theoha ka ba fetang 500 000 ho tloha ka 1991.”
Mohlape o ntseng o fokotseha hase tšobotsi e ikhethang ea likereke tsa Jeremane feela. Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba furaletse bolumeli, ha ba sa talima bolumeli e le ba bohlokoa bophelong lilemong tsa lintho tsa sebele tsa bo-1990. Empa tsebo ea Bokreste ke ea bohlokoahali haeba re tla sebetsana ka katleho le lefifi la lefatše la kajeno le haeba re tla tšehetsoa ke tšepo ea lefatše le molemonyana bakeng sa nako e tlang. Taelo ea Jesu ea ho etsa barutuoa bathong ba lichaba tsohle ke tsela e utloahalang ea ho khotsofatsa tlhoko e potlakileng.
Jesu Kreste o ne a rerile hore baromuoa ba Bakreste e be baemeli ba leseli, eseng baemeli ba lefifi. Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba latela see haufi-ufi joang? Ke mohlala ofe oo ba o latetseng?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]
Culver Pictures