Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 9/1 maq. 5-9
  • Kotulo ea Bokreste-’mōtoana Afrika

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kotulo ea Bokreste-’mōtoana Afrika
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Jala Peō ea Karohano
  • Bakreste kapa Batho ba Europe ba Inkang ba Phahametse Moloko o Mong?
  • Ba Ile ba Busa Joaloka Marena Afrika
  • Lintoa tsa Lefatše
  • Litumelo tsa Maafrika tsa Balimo
  • Ho Etsa Barutuoa ba ’Nete Kajeno
    Tsoha!—1995
  • Seo Bokreste-’mōtoana bo se Jetseng Afrika
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Baromuoa—Ke Eng Seo ba Lokelang ho ba Sona?
    Tsoha!—1994
  • Baromuoa ba Ntšetsa Pele Keketseho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 9/1 maq. 5-9

Kotulo ea Bokreste-’mōtoana Afrika

TORO ea Charles Lavigerie ea ho sokolla Algeria ho ba “sechaba sa Bakreste” e ile ea ipaka e hlile e le joalo—e le toro. Kajeno, karolo ea 99 lekholong ea baahi ba Algeria ke Mamosleme, ’me Bokreste-’mōtoana boa fokola likarolong tse khōlō tsa Afrika e Leboea. Empa ho thoe’ng ka kontinente eohle?

Ho A Concise History of the Christian World Mission, Dr. J. H. Kane o re: “Bokreste bo entse basokolohi ba bangata Bathong ba Batšo ba Afrika ho feta Linaha tsohle tse Futsanehileng li kopantsoe.” Leha ho le joalo, na kannete basokolohi bao ke Bakreste? Dr. Kane oa lumela: “Kotsi e le ’ngoe e khōlō ka kereke ea Afrika ke ho Kopanngoa ha Bokreste le Bohetene.” Hape, lebitso la hae la “kereke ea Afrika” ke lebitso le sa tšoaneleheng. Ho na le likereke tsa Afrika tse likete-kete, e ’ngoe le e ’ngoe e na le tsela ea eona ea borapeli. Hobane’ng?

Ho Jala Peō ea Karohano

Peō ea karohano e ile ea jaloa esita le pele baromuoa ba fihla Afrika. Mokhatlo oa Baromuoa oa London o ile oa fumana litho likerekeng tse fapaneng, ’me likhohlano tse bohale tsa lithuto li bile teng pakeng tsa baromuoa leetong le eang likabelong tsa bona. Ho ne ho tiisehile hore ntoa e tla mpefala ka mor’a hore ba fihle libakeng tsa bona tsa boromuoa.

Bukeng ea hae Christian Missionaries and the Creation of Northern Rhodesia 1880-1924, Moprofesa Robert Rotberg oa ngola: “Baromuoa ba ile ba loantšana ka mabifi le batsamaisi ba bona ba mose ho maoatle, hangata ho senyeha boikemisetso ba bona ba ho sokollela batho Bokresteng. . . . Baromuoa ba ne ba bonahala ba qeta nako e ngata le matla ba ngola ka liqabang tsa bona ho e-na le ho phethahatsa mosebetsi oa ho sokolla.”

Ka linako tse ling, liqabang tsa baromuoa li ne li fella ka hore ho hlahisoe mekhatlo ea bohanyetsi ea baromuoa. Baromuoa ba K’hatholike le Prostanta ba ne ba hlōlisana ka matla bakeng sa basokolohi. Ho hloka kutloano hona ho ne ho tlameha ho bonahala har’a basokolohi ba bona. Ka mor’a nako, Maafrika a limillione a ile a tlohela likereke tsa barumuoa ’me a iketsetsa likereke tsa oona.

Rahistori oa moromuoa, Dr. Kane oa ngola: “Likereke tse Ikemetseng tsa Afrika li fumanoa Afrika eohle . . . Ka kakaretso ho na le lihlopha tse ikarotseng tse likete tse supileng mokhatlong ona.” Tlhōlisano har’a baromuoa ka litumelo tse loantšanang e ne e se lona feela lebaka la sena. Bukeng ea hae The Missionaries, Geoffrey Moorhouse o hlalosa hore lebaka le leng la “ho tlohela likereke tsa baromuoa ha batho ba batšo” e ne e le “ho hana bophahamo ba ba basoeu.”

Bakreste kapa Batho ba Europe ba Inkang ba Phahametse Moloko o Mong?

Dr. Kane oa lumela: “Baromuoa ba ne ba e-na le boikutlo ba ho iphahamisa ho fetelletseng.” Bukeng ea hae ea African Christianity, Adrian Hastings o re “ba ne ba lumela hore bolumeli ba Bakreste bo tlameha ho tsamaisana le setso sa Europe le boeta-pele ba Europe.”

Monna ea tsoang Fora Charles Lavigerie, e ne e le moeta-pele e mong oa baromuoa ea neng a e-na le pono ena. E mong e ne e le John Philip, molaoli oa limishone tsa Mokhatlo oa Baromuoa oa London tse Afrika e ka boroa. Ka 1828 o ile a bua ka ho ithorisa a re: “Baromuoa ba rōna ba . . . ntšetsa pele lithahasello tsa Brithani, tšusumetso ea Brithani, le ’muso oa Brithani. Sebaka se seng le se seng moo moromuoa a qalang ho batla basokolohi har’a moloko o tlaase, tšekamelo ea bona ea ho hana ’muso oa kolone e tla fela; ho itšetleha ha bona koloneng ho tla eketseha ka ho qaptjoa ha litlhoko tse entsoeng ke motho; . . . mesebetsi e meholo ea lifeme, thekiso le temo kapele e tla hlaha; ’me mosokolohi e mong le e mong oa sebele har’a bona . . . e tla ba motšehetsi oa ’muso oa kolone le motsoalle oa oona.”

Na hoa makatsa hore ebe mebuso ea Europe e ne e talima baromuoa ba joalo joaloka baemeli ba molemo bakeng sa ntšetso-pele ea likolone? Lehlakoreng la baromuoa, ba ne ba amohela ho kenngoa ha Afrika tlas’a taolo ea kolone. Joalokaha ba boletse Sebokeng sa Baromuoa sa Lefatše Edinburgh ka 1910: “Ho ke ke . . . ha etsahala hore ka mehla ho khetholloe sepheo sa baromuoa le sepheo sa ’Muso.”

Ba Ile ba Busa Joaloka Marena Afrika

Ho tiisa bolaoli ba bona, baromuoa ba bang ba ile ba itšetleha ka matla a sesole sa kolone. Ka linako tse ling metse e lebopong la leoatle e ne e senngoa ke likepe tsa ntoa tsa Brithani tse nang le likanono hobane baahi ba teng ba ne ba hana ho amohela bolaoli ba baromuoa. Ka 1898, Dennis Kemp, moromuoa oa Wesele Afrika Bophirimela, o ile a hlahisa “tumelo [ea hae] e tiileng ea hore Lebotho le Likepe tsa Ntoa tsa Brithani li sebelisoa ke Molimo kajeno ho phethahatsa morero oa Hae.”

Ka mor’a ho fihla moo, ka linako tse ling baromuoa ba ne ba amoha marena a meloko taolo ea matla a bobusi. Moprofesa Rotberg oa ngola: “Baromuoa ba London ba ne ba sebelisa likhoka khafetsa ho boloka molao oa bona oa puso ea bomolimo. Ntho eo ba neng ba rata ho e sebelisa ho bontša ho se lumele ha bona e ne e le cikoti, sephali se selelele se entsoeng ka letlalo la kubu. Ka sona, Maafrika a ne a shapuoa ka ntle ho tika-tiko bakeng sa khanyetso efe kapa efe.” Bukeng ea hae The Africans, David Lamb oa hlokomela: “Mosokolohi e mong oa Moafrika o hopola moromuoa e mong oa Anglican Uganda ea neng a tsejoa e le Bwana Botri eo khafetsa a neng a theoha sefaleng nakong ea tšebeletso ho shapa Maafrika a fihlang morao ho nako.”

A tšositsoe ke liketso tse joalo, moromuoa James Mackay, o ile a kenya tletlebo ho batsamaisi ba Mokhatlo oa Baromuoa oa London. O ile a lemosa: “Ho e-na le ho talingoa joaloka batho ba basoeu ba tlisitseng litaba tse molemo tsa Molimo ea lerato ho bona, rea tsejoa le ho tšajoa.”

Lintoa tsa Lefatše

Buka The Missionaries, e re: “Ka lekholo la lilemo le ho feta, [Maafrika] a ile a bolelloa hangata le ka bohale hore ho loana le boitšoaro bo tšabehang bo bakoang ke ntoa ha bo na molemo ebile bo bobe.” Eaba ka 1914, Ntoa ea I ea Lefatše ea qhoma har’a lichaba tse ipolelang hore ke tsa Bakreste tsa Europe.

Moorhouse oa hlalosa: “Hoo e ka bang baromuoa ba sechaba se seng le se seng ba ile ba susumelletseha ho kenella Ntoeng e Khōlō.” Ho tlotlolloeng ha bona, baromuoa ba ile ba khothalletsa basokolohi ba bona ba Maafrika ho jela paate. Baromuoa ba bang ba ile ba etella mabotho a Maafrika pele ho ea ntoeng. Phello ea ntoa e hlalosoa hantle ke Moprofesa Stephen Neill ho History of Christian Missions: “Lichaba tsa Europe, ka lipolelo tsa tsona tse matla tsa hore Bokreste le tsoelo-pele li be tlas’a taolo e le ’ngoe, li ile tsa phosumela ka bofofu le ka mofere-fere ntoeng ea lehae e neng e tla ba siea ba futsanehile moruong le ka ho loka ho fokolang.” Neill o tsoela pele: “Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e ile ea qetella seo ea pele e neng e se e se phethile. Boikaketsi boitšoarong ba Bophirimela bo ile ba bontšoa hore ke moritaoke, Bokreste-’mōtoana bo ile ba pepesoa e le ntho eo e seng ’nete. Ho bua ka ‘Bophirimela ba Bokreste’ ho ne ho sa etsahale.”

Ka ho utloahalang, ho tlohela baromuoa ha batho ba batšo ho ile ha eketseha ka potlako ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše. Empa ho thoe’ng ka Maafrika a ileng a sala likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana? Na ka mor’a moo a ile a rutoa linnete tse tsoang Bibeleng?

Litumelo tsa Maafrika tsa Balimo

Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba nyatsa liketso tsa bolumeli ba Afrika, joaloka ho ea linoheng bakeng sa ho khotsofatsa balimo. Ka nako e tšoanang, baromuoa ba ne ba phehella hore batho bohle ba na le sephefumolohi se sa shoeng. Hape ba ne ba khothalletsa ho rapeloa ha Maria le “bahalaleli.” Lithuto tsena li ne li tiisa tumelo ea Maafrika ea hore balimo ba bona baa phela. Hape, ka ho rapela litšoantšo tsa bolumeli, joaloka sefapano, baromuoa ba ile ba neha Maafrika lebaka le utloahalang la ho sebelisa thatho e le tsela ea ho itšireletsa ho meea e mebe.

Moprofesa C. G. Baëta oa hlalosa bukeng ea hae Christianity in Tropical Africa: “Hoa etsahala hore Moafrika a bine ka cheseho Kerekeng, ‘Ka ntle ho eena setšabelo se seng ha ke na sona’, a ntse a tšoere thatho ea hae ho eena, kapa a tlohe Kerekeng ka ho toba ho ea senoheng sa hae, ka ntle le boikutlo ba ho tlōla molao-motheo leha e le ofe.”—Bapisa le Deuteronoma 18:10-12 le 1 Johanne 5:21.

Baromuoa ba bangata ba ile ba bolella Maafrika hore bo-ntat’a bona moholo ba bahetene ba ne ba hlokofatsoa liheleng tsa mollo ’me le bona ba tla oeloa ke tlokotsi e tšoanang haeba ba hana ho amohela lithuto tsa baromuoa. Empa thuto ea tlhokofatso e sa feleng e hanyetsana le lipolelo tse Bibeleng eona eo baromuoa ba entseng boiteko bo boholo ba ho e fetolela lipuong tsa Maafrika.—Genese 3:19; Jeremia 19:5; Ba-Roma 6:23.

Ha e le hantle, Bibele e bolela hore liphefumolohi tsa batho tse nang le sebe lia shoa le hore “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4) Ha e le Maafrika a sa kang a fumana monyetla oa ho utloa linnete tsa Bibele, a na le tebello ea ho akarelletsoa ‘tsohong ea bafu ea ba lokileng le ba sa lokang’ e tlang. (Liketso 24:15) Ba joalo ba tla rutoa ka tokisetso ea Molimo ea pholoho. Joale, haeba ba arabela ka kananelo leratong la Molimo, ba tla putsoa ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Pesaleme ea 37:29; Luka 23:43, NW; Johanne 3:16.

Ho e-na le ho ruta linnete tsena tse ntle tsa Bibele, Bokreste-’mōtoana bo ile ba lahlehisa Maafrika ka lithuto tsa bohata le boikaketsi ba bolumeli. Ka sebele, karolo e phethiloeng ke baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ho etseng Afrika kolone ha e tšehetsoe ke Bibele. Ho fapana le hoo, Jesu o ile a re ’Muso oa hae “ha o tsoe lefatšeng lena” ’me le balateli ba hae ba ’nete ka ho tšoanang e ne e ke ke ea e-ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19, NW; 18:36) Bakreste ba pele e ne e le baemeli ba Jesu Kreste, eseng mebuso ea lefatše.—2 Ba-Korinthe 5:20.

Ka hona, kotulo eohle ea Bokreste-’mōtoana Afrika ke e sa thabiseng, e tšoauoe ke karohano e tšosang, ho se tšepane, le “Bokreste bo Kopantsoeng le Bohetene.” Pefo e tletseng libakeng tse ngata tsa “Bakreste” Afrika ka sebele ha e lumellane le lithuto tsa “Morena oa khotso.” (Esaia 9:6) Litholoana tsa mosebetsi oa Bokreste-’mōtoana Afrika li hanyetsa ka ho toba mantsoe a Jesu ka balateli ba hae ba ’nete. Thapelong ho Ntate oa hae oa leholimo, Jesu o ile a kōpa hore “ba phethehe bonngoeng, lefatše le tle le tsebe hoba u nthomile.”—Johanne 17:20, 23; 1 Ba-Korinthe 1:10.

Na hona ho bolela hore mosebetsi ’ohle oa baromuoa Afrika o ile oa hlōleha? Le hanyenyane. Litholoana tse ntle tsa mosebetsi oa baromuoa ba Bakreste ba ’nete Afrika le lefatše lohle li tla tšohloa lihloohong tse qalang leqepheng 10.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Baeta-pele ba baromuoa ba lekholo le fetileng la lilemo, joaloka John Philip, ba ne ba lumela hore tsoelo-pele ea Europe le Bokreste e ne e le ntho e le ’ngoe

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Cape Archives M450

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba khothalletsa litumelo tsa Maafrika tsa balimo ka ho jala lithuto tseo e seng tsa Bibele, joaloka ho se shoe ha sephefumolohi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Africana Museum, Johannesburg

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela