Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 9/1 leq. 8
  • Bokreste-’mōtoana le Thekiso ea Makhoba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokreste-’mōtoana le Thekiso ea Makhoba
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kotulo ea Bokreste-’mōtoana Afrika
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ba Limilione e ba Makhoba
    Tsoha!—1995
  • Ntoa ea Nako e Telele Khahlanong le Bokhoba
    Tsoha!—2002
  • Ba ne ba ka Etsa Ntho e Joalo Joang?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 9/1 leq. 8

Bokreste-’mōtoana le Thekiso ea Makhoba

LEKHOLONG la bo19 la lilemo, baromuoa ba K’hatholike le Prostanta ba ne ba kopane ho hanyetseng thekiso ea makhoba. Leha ho le joalo, boo ha ea tloha e le boemo ba bona ba ka mehla. Makholong a lilemo a fetileng, ba ne ba amohela ebile ba nka karolo thekisong ea makhoba ho sa tsotellehe mahlomola a tšabehang a neng a hlahisoa ke hona.

Baromuoa ba qalile ho tla lebōpong le ka bochabela hammoho le le ka bophirimela ho Afrika ha tsela ea leoatle ea thekiso e potang Cape of Good Hope e sibolloa lekholong la bo15 la lilemo. Leha ho le joalo, mosebetsi oa baromuoa Afrika o ne o se o batla o felile ka mor’a makholo a mararo a lilemo. Ho ne ho na le basokolohi ba ’maloa ba Maafrika. Lebaka le leng la ho hlōleha hona ke ho ameha ha Bokreste-’mōtoana thekisong ea makhoba. C. P. Groves oa hlalosa ho The Planting of Christianity in Africa:

“Ho phehella ka mafolo-folo thekiso ea makhoba ho ne ho tsamaisana le baromuoa ba Bakreste ’me ho ne ho nahanoa hore ha ho letho le phoso. Ha e le hantle, baromuoa ba ne ba e-na le makhoba a bona; ntlo ea baitlami ba Majesuti Loanda [eo joale e seng e le Luanda, motse-moholo oa Angola] e ne e e-na le a 12 000. Ha thekiso ea makhoba e qaloa pakeng tsa Angola le Brazil, mobishopo oa Loanda, a le setulong sa lejoe koung ea likepe, o ne a beha tlhohonolofatso ea hae ea boepiskopale liphahlong tse tla tsamaea, a ba tšepisa tlhohonolofatso e khōlō nakong e tlang ha liteko tse matla tsa bophelo li felile.”

Joalokaha ho qotsitsoe bukeng Africa From Early Times to 1800, C. R. Boxer oa tiisa hore baromuoa ba Majesuti ha ba ka ba “ema khahlanong le bokhoba ba Manegro.” Luanda, pele makhoba a palama likepe tse eang likoloneng tsa Spain le Portugal, Boxer oa phaella, “a ne a isoa kerekeng e haufinyane . . . ’me moo a ne a kolobetsoa ke moruti ka lihlopha tsa ba lekholo ka nako e le ’ngoe.” Ebe ka mor’a ho fafatsoa ka “metsi a halalelang,” makhoba a ne a bolelloa: “Bonang, le se le le bana ba Molimo; le ea lefatšeng la batho ba Spain moo le tla rutoa ka lintho tsa Tumelo. Le se ke la nahana moo le tsoang teng . . . Tsamaeang ka boikutlo bo botle.”

Ho hlakile hore baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba se bang ho lumelloeng ha thekiso ea makhoba. Geoffrey Moorhouse oa hlalosa bukeng ea hae The Missionaries: “Ho fihlela halofong ea ho qetela ea lekholo la bo18 la lilemo, e ne e le boikutlo ba batho ba bangata.” Moorhouse o qotsa mohlala oa moromuoa oa Moprostanta oa lekholo la bo18 la lilemo, Thomas Thompson, ea ileng a ngola pampitšana ea sehlooho se reng The African Trade for Negro Slaves Shown to Be Consistent With the Principles of Humanity and With the Laws of Revealed Religion.

Leha ho le joalo, ka ho nka karolo ha bona Bokreste-’mōtoana bo na le boikarabelo bakeng sa mahlomola a tšabehang a ileng a tlisetsoa makhoba a limillione a Maafrika. The Encyclopædia Britannica e re: “Ka ntle ho makhoba a shoeleng pele a tloha Afrika, a etsang karolo ea 121/2 lekholong a ile a lahleha tseleng e eang West Indies; a etsang karolo ea 41/2 lekholong a ile a shoa ha a sa eme likoung kapa pele a rekisoa Jamaica ’me karolo ea boraro ea ’ona tlas’a ‘tšoaro ea ho poma ba bacha mehatla.’”

Haufinyane Jehova Molimo o tla ahlola Bokreste-’mōtoana le mefuta e meng ea bolumeli ba bohata bakeng sa liketso tsohle tsa bona tse tšabehang tsa molato oa mali tseo ba ileng ba li lumella haesita le ho li hlohonolofatsa.—Tšenolo 18:8, 24.

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 8]

(For fully formatted text, see publication.)

Setšoantšo sa kamoo makhoba a neng a sobokelloa ka teng ka har’a sekepe sa makhoba

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Schomburg Center for Research in Black Culture / The New York Public Library / Astor, Lenox and Tilden Foundations

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela