Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 6/8 maq. 4-6
  • Ba Limilione e ba Makhoba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Limilione e ba Makhoba
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela e Khutlo-Tharo
  • Tsela e Bohareng
  • Ho Fihla Amerika Leboea le Amerika Boroa
  • Mosebetsi le Phafa
  • Ho Rekisoa Bokhobeng
    Tsoha!—1995
  • Ho Otlolla Maoto Tseleng ea Makhoba
    Tsoha!—2011
  • Ntoa ea Nako e Telele Khahlanong le Bokhoba
    Tsoha!—2002
  • Ho Lokoloha Bokhobeng​—Nakong e Fetileng le Hona Joale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 6/8 maq. 4-6

Ba Limilione e ba Makhoba

NAKONG eo Olaudah Equiano a ileng a hlaha ka eona, likepe tse tsoang Europe li ne li se li tšelisitse makhoba a Maafrika Leoatle la Atlantic ka lilemo tse 250. Empa bokhoba bo ne bo hlile bo le boholoanyane ho feta moo. Ho etsoa ha batho makhoba, hoo hangata ho bakiloeng ke ntoa, ho ’nile ha etsoa ka ho pharalletseng hohle lefatšeng ho tloha mehleng ea boholo-holo.

Le Afrika bokhoba bo ile ba ja setsi le pele likepe tse tsoang Europe li fihla. The New Encyclopædia Britannica e re: “Batho e ’nile ea e-ba makhoba libakeng tsa Afrika tse neng li busoa ke batho ba batšo ho theosa le histori e tlalehiloeng. . . . Bokhoba bo ne bo sebelisoa ka mokhoa o pharalletseng le pele Boislāmo bo ba teng, ’me makhoba a batho ba batšo a ne a romeloa ho tsoa Afrika ’me ho ne ho etsoa khoebo ka ’ona hohle lefatšeng la Boislāmo.”

Se entseng hore khoebo ea makhoba ho tšela leoatle la Atlantic e be e fapaneng e bile boholo ba eona le nako. Ho latela likhakanyo tse nepahetseng haholo, palo ea makhoba a ileng a tšela Leoatle la Atlantic ho tloha lekholong la bo16 la lilemo ho fihlela ho la bo19 e ne e le mahareng a limilione tse 10 le tse 12.

Tsela e Khutlo-Tharo

Hang ka mor’a leeto la Christopher Columbus ka 1492, bo-ralikolone ba Europe ba ile ba qalisa tšebetso ea merafo le masimo a ’moba Amerika Leboea le Amerika Boroa. Ho phaella ho etseng baahi ba sebakeng seo makhoba, baahi ba Europe ba ile ba qala ho romella makhoba ho tsoa Afrika.a Ho romeloa ha makhoba ho tšela leoatle la Atlantic ho qalile ho fokola bohareng ba lilemo tsa bo-1500, empa mehleng ea Equiano, bohareng ba lilemo tsa bo-1700, ho ile ha eketseha ka sekhahla—hoo e ka bang batšoaruoa ba 60 000 selemo ka seng.

Hangata likepe tse tsoang Europe li ne li latela tsela e khutlo-tharo. Pele li ne li leba boroa ho tloha Europe ho ea Afrika. Joale li ne li sesisa sebakeng se bohareng (ho lehokela le bohareng la khutlo-tharo) ho leba Amerika Leboea le Amerika Boroa. Qetellong li ne li sesa ho khutlela morao Europe.

Libakeng tsohle tsa khutlo-tharo, batsamaisi ba sekepe ba ne ba etsa khoebo. Likepe li ne li tloha boema-kepe ba Europe li jareletse thepa—masela, tšepe, lithunya le joala. Ha batsamaisi ba fihla lebōpong le ka bophirimela la Afrika, ba ne ba fapanyetsana thepa ena ka makhoba a fanoang ke bahoebi ba Maafrika. Makhoba a ne a topeloa likepeng tse eang Amerika Leboea le Amerika Boroa. Amerika Leboea le Amerika Boroa, batsamaisi ba ne ba rekisa makhoba ebe joale ba laela thepa e hlahisitsoeng ke mosebetsi oa makhoba—tsoekere, rum, molasses, koae, reisi, ’me ho tloha lilemong tsa bo-1780, ea e-ba cotton. Joale likepe li ne li khutlela morao Europe moo leeto le khaotsang teng.

Ho bahoebi ba Europe le ba Afrika, esita le bo-ralikolone ba leng Amerika Leboea le Amerika Boroa, thekiso ea se neng se bitsoa thepa e phelang e ne e le khoebo, tsela ea ho etsa chelete. Ho bao e neng e le makhoba—banna le basali, bo-ntate le bo-’mè, bara le barali—khoebo ena e ne e bolela sehlōhō le tšabo.

Makhoba ana a ne a e-tsoa kae? A mang a ne a koetetsoe, joaloka Olaudah Equiano, empa a mangata a ne a tšoeroe nakong ea lintoa tse neng li kupa mahareng a linaha tsa Afrika. Ba neng ba fana ka ’ona e ne e le Maafrika. Rahistori Philip Curtin, setsebi sa khoebo ea makhoba oa ngola: “Kapele-pele baahi ba Europe ba ile ba utloela hore Afrika e ne e le kotsi haholo bakeng sa bophelo ba bona le hore ba ke ke ba tšoara makhoba ka mokhoa o tobileng. Mosebetsi oa ho tšoara makhoba o ile oa etsoa ke Maafrika feela . . . Bongata ba batho ba rekisitsoeng e le makhoba pele e ne e le batšoaruoa ba ntoa.”

Tsela e Bohareng

Leeto la ho ea Amerika Leboea le Amerika Boroa e ne e le phihlelo e tšosang. Maafrika a entseng mohoula a tsamaeang ka lihlopha ho ea lebōpong ebile a tlanngoe, hangata a ne a lula a tsielehile ka likhoeli-khoeli ka har’a liqhobosheane tsa majoe kapa likompone tse nyenyane tsa mapolanka. Nakong eo sekepe se palamisang makhoba se eang Amerika Leboea le Amerika Boroa se fihlang, hangata batšoaruoa ba ne ba tšèrema ka lebaka la tlhekefetso. Empa e ne e le hona likhōlō li neng li sa tla.

Ka mor’a ho hulanyetsoa ka sekepeng, ho hlobolisoa hore ba be ba hloke le sa nketlana feela, le ho hlahlojoa ke ngaka ea sekepeng kapa motsamaisi, banna ba ne ba tlangoa sekolokoto ebe ba isoa karolong e ka tlaase ea sekepe. Batsamaisi ba sekepe ba ne ba topela makhoba a mangata kamoo ho ka khonehang karolong e ka tlaase ea sekepe molemong oa ho eketsa phaello ea bona. Basali le bana ba ne ba fuoa bolokolohi bo boholoanyane ba motsamao le hoja sena se ne se ba pepesetsa ho hlekefetsoa ke basebetsi ba sekepeng ka likamano tsa botona le botšehali.

Moea oa sekepeng o ne o le litšila ka lebaka la ho petetsana hona, o ne o nkha hampe. Equiano o hlalosa maikutlo a hae: “Boemo bo koetsoeng ba sekepe le mocheso, ho phaella lenaneng le leholo hakaalo la batho ba topetsoeng ka sekepeng, moo ho petetsanoeng hoo motho a neng a sa tsebe le ho sisinyeha feela, bo ile ba batla bo re bipetsa. Sena se ile sa baka mofufutso o mongata haholo, hoo kapele-pele moea o neng o sa lokela ho phefumolohuoa ka lebaka la menkho e mengata e mebe, ’me sena se ile sa baka mafu har’a makhoba, a mangata a ’ona a ile a shoa . . . Sebōko sa basali le mefehelo ea ba shoang se ile sa etsa hore pono ena eohle e be e tšosang ka ho fetisisa le e ke keng ea mamelloa.” Batšoaruoa ba ne ba tlameha ho mamella maemo a joalo nakong eohle ea leeto, le neng le nka hoo e ka bang likhoeli tse peli kapa ho feta.

Har’a maemo a joalo a litšila a tepeletsang, mafu a ile a eketseha. Seoa sa letšollo le sekholopane se ne se iphile matla. Ba ne ba shoa ka bongata. Litlaleho li bolela hore ho fihlela lilemong tsa bo-1750, Moafrika a le mong ho ba bahlano ea neng a palame sekepe o ile a shoa. Bafu ba ne ba akheloa ka leoatleng.

Ho Fihla Amerika Leboea le Amerika Boroa

Ha likepe tse palamisitseng makhoba li atamela Amerika Leboea le Amerika Boroa, basebetsi ba sekepeng ba ne ba lokisetsa Maafrika hore a rekisoe. Ba ne ba lokolla liketane tsa batšoaruoa, ba ba fepa haholo, le ho ba tlotsa ka oli ea palema ho etsa hore ba bonahale eka ba phetse hantle le ho pata matetetso le maqeba.

Hangata batsamaisi ba sekepe ba ne ba rekisa batšoaruoa ba bona fantising, empa ka linako tse ling ba ne ba hlophisa “masiea-sieane” moo ho neng ho hlokahala hore bareki ba lefe sekepele. Equiano oa ngola: “Hang feela ha ho fanoa ka pontšo, (joaloka ho letsa moropa) bareki ba matha ka nako e le ’ngoe ho kena jareteng moo makhoba a koaletsoeng teng le ho ikhethela sehlopha seo ba se ratang haholo. Lerata le molumo tse tsamaisanang le sena esita le taba-tabelo e bonahalang ka ho hlakileng lifahlehong tsa bareki li phaella pherekanong ea Maafrika a seng a ntse a tšohile.”

Equiano oa phaella: “Ka mokhoa ona, ntle le ho tsila-tsila, beng ka motho le metsoalle ba ile ba aroloa, boholo ba bona ha ho mohla ba kileng ba hlola ba bonana hape.” Ho malapa ao ka lehlohonolo a ileng a khona ho lula a kopane phihlelong ena e bohloko ea likhoeli tse fetileng, e bile phihlelo e bohloko ka ho khethehileng.

Mosebetsi le Phafa

Makhoba a Maafrika a ne a sebetsa masimong a kofi, reisi, koae, cotton, haholo-holo masimong a ’moba. A mang a ne a sehla ka thata merafong. A mang a ne a sebetsa e le babetli, litei tsa tšepe, baetsi le balokisi ba lioache, baetsi ba lithunya le basesisi ba likepe. Ho sa le joalo, a mang e ne e le basebetsi ba lapeng—basebeletsi, baoki, baroki le liapehi. Makhoba a ne a khatha thite, a etsa litsela le ho haha mehaho le ho cheka likanale.

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mosebetsi oo makhoba a neng a o etsa, a ne a talingoa joaloka thepa, ’me ka molao mong’a lona o ne a na le tokelo e feletseng ka thepa ea hae. Leha ho le joalo, bokhoba ha boa ka ba tsoela pele feela ka lebaka la ho haneloa litokelo le bolokolohi. Bo tsoetse pele ka phafa. Matla a beng ba ’ona le bahlokomeli a ne a itšetlehile ka bokhoni ba bona ba ho a utloisa bohloko. Ba ile ba a utloisa bohloko haholo.

Bakeng sa ho se khothalletse tsohelo-matla le ho boloka makhoba tlas’a taolo, beng ba ’ona ba ne ba fana ka kotlo e sehlōhō ka ho fetisisa esita le bakeng sa liphoso tse sa reng letho. Equiano oa ngola: “Ho ne ho tloaelehile [West Indies] hore makhoba a ngoloe litlhaku tse qalang tsa lebitso la mong’a ’ona ka tšepe e chesang, a tlamelloe lihakisi tse boima tsa tšepe melaleng. Le maemong a sa reng letho a ne a tinketsoa ka liketane, hangata ho ne ho phaelloa le ka lintho tse hlokofatsang. Ka linako tse ling ho ne ho kenngoa sethiba-molomo sa tšepe, litšepe tse petetsang monoana, joalo-joalo . . . bakeng sa liphoso tse nyenyane. Ke ile ka bona lenegro le tetekoa ho fihlela masapo a mang a lona a robeha ka lebaka feela la ho tlohela pitsa e bela hore e be e tšolohe.”

Ka linako tse ling makhoba a ne a khetha bofetoheli. Leha ho le joalo, boholo ba bofetoheli bona bo ne bo sa atlehe ’me a ne a otloa ka sehlōhō se tšabehang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lichaba tse ka sehloohong tsa Europe tse neng li ameha ka ho toba khoebong ea makhoba ho tšela leoatle la Atlantic e ne e le Brithani, Denmark, Fora, Netherlands, Portugal le Spain.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Litopo li ne li akheloa ka leoatleng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Culver Pictures

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Makhoba a mangata kamoo ho ka etsahalang a ne a topeloa ka sekepeng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Schomburg Center for Research in Black Culture / The New York Public Library / Astor, Lenox and Tilden Foundations

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela