Ho Rekisoa Bokhobeng
Ka mongolli oa Tsoha! Afrika
OLAUDAH EQUIANO o hlahetse sebakeng seo hona joale se tsebahalang e le Nigeria e ka bochabela ka 1745. Mokhoa oa bophelo motsaneng oa ha habo e ne e le o tšoanang le oa mehleng eo. Malapa a ne a sebetsa hammoho ho lema poone, cotton, li-yam le linaoa. Banna ba ne ba alosa likhomo le lipōli. Basali ba ne ba ōhla cotton le ho etsa masela.
Ntate oa Equiano e ne e le moeta-pele le moahloli ea hlaheletseng ka mahetla lelokong la habo. Bona e ne e le boemo boo Equiano a neng a le mocheng oa ho bo ja lefa ka letsatsi le leng. Ha ho mohla seo se kileng sa etsahala. Ha Equiano esale moshemane, o ile a koeteloa le ho rekisoa bokhobeng.
Kaha o ile a rekisetsoa bahoebi ba bangata, ha ho mohla a kileng a kopana le baahi ba Europe ho fihlela a fihlile lebōpong la leoatle. Lilemo hamorao o ile a hlalosa maikutlo a hae: “Ntho ea pele eo ke ileng ka e bona ha ke fihla lebōpong e ne e le leoatle, le sekepe sa makhoba se emeng koung se emetse thepa ea sona. Lintho tsena li ile tsa ’makatsa, ho makala hona ho ile ha fetoha tšabo hang ha ke palamisoa sekepeng. Hang-hang ba bang ba basebetsi ba sekepeng ba ile ba ntlhahloba le ho nkakhela holimo ho bona hore na ebe ke phela hantle, ’me ke ile ka qobelloa ho lumela hore joale ke fihlile lefatšeng la meea e mebe le hore e ne e tlil’o mpolaea.”
Ha Equiano a ntse a thalatsa mahlo, o ile a bona “letšoele la batho ba batšo ba fapa-fapaneng ba tlanngoe hammoho, ’me sefahleho sa e mong le e mong oa bona se ne se bontša ho apareloa ke masoabi le mahlomola.” Ka lebaka la ho seleballoa, o ile a akheha. Maafrika a habo a ile a mo thusa hore a hlaphoheloe le ho leka ho mo tšelisa. Equiano o re: “Ke ile ka ba botsa hore na ebe batho bao ba basoeu ba ke ke ba re ja na.”
Equiano o ile a romeloa ka sekepe Barbados, le Virginia, ’me hamorao Engelane. Kaha o ne a rekiloe ke motsamaisi oa sekepe, o ile a tsamaea libakeng tse ngata. O ile a ithuta ho bala le ho ngola, qetellong a reka tokoloho ea hae, ’me a phetha karolo ea bohlokoa ka ho khethehileng mokheng o buellang ho felisoa ha bokhoba Brithani. Ka 1789 o ile a hatisa pale ea bophelo ba hae, e leng e ’ngoe ea litlaleho tse seng kae (eo mohlomong e leng molemo ka ho fetisisa) tse kileng tsa ngoloa ka khoebo ea makhoba li ngoloa ke mohlaseluoa oa eona oa Moafrika.
Maafrika a mang a limilione a ne a se lehlohonolo hakaalo. A arohantsoe le mahae le malapa a ’ona ka likhoka, a ile a tšelisoa Leoatle la Atlantic ka sekepe tlas’a maemo a sehlōhō ka ho fetisisa. ’Ona, hammoho le bana ba ’ona, ba ile ba rekoa le ho rekisoa joaloka likhomo le ho qobelloa ho sehla ka thata ba sebeletsa lelea ho eketsa leruo la basele. Ba bangata ba ne ba se na litokelo ’me ba ne ba ka fumana kotlo, ba hlekefetsoa, kapa ba bolaoa matsohong a beng ba bona. Ho ba bangata ba neng ba hatelletsoe, tokoloho feela bokhobeng e ne e le lefu.