Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/11 maq. 22-24
  • Ho Otlolla Maoto Tseleng ea Makhoba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Otlolla Maoto Tseleng ea Makhoba
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori e Telele le e Bohloko
  • Leeto la Masisa-pelo
  • Tokoloho!
  • Ntoa ea Nako e Telele Khahlanong le Bokhoba
    Tsoha!—2002
  • Ba Limilione e ba Makhoba
    Tsoha!—1995
  • Na Molimo o Ile a Iphapanyetsa Khoebo ea Makhoba?
    Tsoha!—2001
  • Ho Lokoloha Bokhobeng​—Nakong e Fetileng le Hona Joale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 5/11 maq. 22-24

Ho Otlolla Maoto Tseleng ea Makhoba

HO TLOHA lilemong tsa bo-1600 ho fihlela ho tsa bo-1800, motse oa Ouidah e ne e le setsi se seholo seo ho rekisetsoang makhoba ho sona Afrika Bophirimela. Makhoba a fetang milione a ile a romeloa linaheng tse ling a tloha motseng oa Ouidah o naheng e seng e bitsoa Rephabliki ea Benin. Hangata, Maafrika a ne a rekisa Maafrika a mang hore a fumane lintho tse kang joala, masela, lipetja, lithipa, marumo ’me haholo-holo lithunya, tse neng li hlokahala haholo ka nako eo ka lebaka la lintoa tsa merabe.

Ho tloha ka bo-1500 ho fihlela ka bo-1800, Maafrika a ka bang limilione tse 12 a ile a tšelisoa leoatle la Atlantic hore a e’o sebetsa masimong le merafong lik’honthinenteng tsa Amerika e le makhoba. Buka e bitsoang American Slavery—1619-1877, e bolela hore hoo e ka bang makhoba a etsang liphesente tse 85 “a ile a ea Brazil le likoloneng tse fapa-fapaneng tsa Caribbean tsa Manyesemane, Mafora, Masepanishe le Madache.” Ho hakanngoa hore liphesente tse ka bang 6 tsa ’ona li ile tsa ea likoloneng tseo hamorao e ileng ea e-ba karolo ea United States.a

Makhoba a mangata a ne a qala leeto la ’ona a tlamiloe, a shapiloe a bile a tšoailoe ka tšepe, a tsamaea tseleng ea lik’hilomithara tse ’nè eo hona joale e tlohang qhobosheaneng e tsosolositsoeng ea Setsi sa Pokello ea Lintho Tsa Bohlokoa sa Ouidah, a e-ea ho se bitsoang Monyako oa ho Ela Ruri o hahiloeng lebōpong la leoatle. Tsela ea Makhoba e fella monyakong ona. Ke monyako oa tšoantšetso hobane hase makhoba ’ohle a neng a tsoa le moo. Bokhoba bo ile ba ratoa hakaalo ka lebaka lefe?

Histori e Telele le e Bohloko

Mehleng ea boholo-holo, marena a Maafrika a ne a rekisetsa bahoebi ba Maarabo batšoaruoa ba ntoa. Hamorao mebuso ea Europe e ile ea kena khoebong ea makhoba, haholo-holo ka mor’a hore e be le likolone lik’honthinenteng tsa Amerika. Ka eona nako eo, ho ile ha e-ba le makhoba a mangata ka lebaka la lintoa tsa merabe le batho ba neng ba haptjoa ho tsona ’me sena se ile sa etsa hore ntoa e be khoebo eo ba hlōtseng le bahoebi ba makhoba ba meharo ba jang ka eona. Ho phaella moo, makhoba a ne a fumanoa ka hore a koeteloe kapa ho bahoebi ba Maafrika ba neng ba a lata libakeng tse hare-hare tsa Afrika. Mang kapa mang o ne a ka rekisoa ho ea ba lekhoba, esita le letona la morena leo a neng a se a sa le rate.

Mohoebi ea tummeng e ne e le Mobrazil ea bitsoang Francisco Félix de Souza. Ka 1788, De Souza o ile a laola qhobosheane eo e neng e le setsi sa Ouidah sa ’maraka oa makhoba oa Kou ea Benin. Nakong eo, Ouidah e ne e oela pusong ea ’Muso oa Dahomey. Leha ho le joalo, De Souza le Morena Adandozan oa Dahomey ba ile ba qoaketsana. Nakong eo De Souza a neng a le chankaneng, ho bonahala eka o ile a etsa ’momori le moena oa morena eaba baa mo ketola ka 1818. Ka tsela eo, morena enoa e mocha, e leng Ghezo, o ile a sebelisana le De Souza, ea ileng a behoa hore a laole khoebo ea makhoba ’me ba qala ho jesana khoebong e hlamatsehang.b

Ghezo o ne a ikemiselitse ho atolosa ’muso oa hae ’me a hloka libetsa tsa Europe. Kahoo, o ile a khetha De Souza hore e be ’musisi oa Ouidah e le hore a okamele khoebo e etsoang le batho ba Europe. Kaha De Souza o ne a filoe taolo e feletseng ea khoebo ea makhoba karolong eo ea Afrika, ka mor’a nako e seng kae o ile a bokella leruo le leholo, ’me ’maraka oa makhoba o neng o le haufi le ntlo ea hae, ea e-ba setsi sa batho ba rekang makhoba ba tsoang linaheng tse ling le ka har’a naha.

Leeto la Masisa-pelo

Mohahlauli oa mehleng ena ea il’o bona Tsela ea Makhoba ea Ouidah o qala qhobosheaneng ea Mapotoketsi e hahiloeng bocha. Qhobosheane ena e hahiloeng ka lekhetlo la pele ka 1721, ke sona setsi sa pokello ea lintho tsa bohlokoa seo re seng re buile ka sona. Batšoaruoa bana bao e neng e tla ba makhoba ba ne ba koalloa ka lebaleng le leholo le ka har’a motse. Ba bangata ba ne ba tsamaile ba tlameletsoe hammoho ka liketane ka masiu a mangata pele ba fihla moo. Ba ne ba tsamaisoa bosiu ka lebaka lefe? Lefifi le ne le ba ferekanya ’me le etsa hore ba pholohang ba thatafalloe ho khutlela hae.

Ha makhoba a ne a fihla e le sehlopha, a ne a fantisoa, ebe ka mor’a moo bahoebi ba tšoaea a bona. Makhoba a neng a romeloa mose ho maoatle a ne a isoa lebōpong la leoatle, moo a neng a nkoa ka liketsoana tse a isang likepeng.

Karolo e ’ngoe Tseleng e tummeng ea Makhoba ke sebaka seo ho sona pele ho neng ho e-na le Sefate sa Tebalo. Kajeno, ho na le seemahale moo sefate sena se neng se le teng ’me makhoba a ne a qobelloa ho se pota-pota—a banna ho hakanngoa hore a ne a se pota ka makhetlo a robong ’me a basali ka makhetlo a supileng. A ne a bolelloa hore a etsisoa seo hore a lebale linaha tsa habo ’ona e le hore a se ke a nahana ho tsohela beng ba ’ona matla.

Tseleng ena ho boetse ho na le sefika se hopotsang batho mekhoro ea Zomaï, e seng e le sieo. Zomaï e bolela lefifi le sa feleng la mekhoro eo, le neng le tloaetsa batšoaruoa ba petetsaneng maemo a mabe ao ba neng ba tla thulana le ’ona ha ba se ba tsamaea ka likepe. Ho bonahala ba ne ba koalloa ka mekhorong eo ka likhoeli tse ngata ha ba ntse ba emetse lipalangoang. Ba neng ba shoella ka mekhorong eo ba ne ba lahleloa ka lebitleng le le leng le leholo.

Seemahale se bitsoang Zomachi, se tšoantšetsang pako le poelano, ke sona se amang maikutlo ka ho tebileng. Selemo le selemo ka khoeli ea January, meloko ea makhoba le ea bahoebi ba makhoba e kōpela bahatelli bao tšoarelo.

Sebaka sa ho qetela seo ho emisoang ho sona tseleng ena ke Monyako oa ho Ela Ruri—e leng sehopotso se tšoantšetsang metsotso ea ho qetela pele makhoba a tloha Afrika. Khorong ena e khōlō ho na le litšoantšo tse betliloeng tsa mela e ’meli ea Maafrika a tlameletsoeng ka liketane a il’o kopana lebōpong la leoatle la Atlantic le ka pel’a ’ona. Ho boleloa hore batšoaruoa ba bang ba tsielehileng ba ne ba koma lehlabathe e le hore ba lule ba hopola naha ea habo bona. Ba bang ba ne ba khetha lefu, ba ikhama ka liketane tsa bona.

Tokoloho!

Ho tloha mathoasong a bo-1800, ho ile ha etsoa boiteko bo matla ba ho felisa bokhoba ka molao. Sekepe sa ho qetela sa makhoba a tsoang Ouidah a e-ea United States se fihlile Mobile, Alabama, ka July 1860. Leha ho le joalo, e ile ea e-ba makhoba ka nakoana kaha ’muso oa United States o ile oa Phatlalatsa Tokoloho ka 1863. Qetellong bokhoba bo ile ba emisoa Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše ka 1888, ha Brazil e felisa bokhoba ka molao.c

Liphello tse totobetseng tsa khoebo ea makhoba ke hore linaheng tse ngata ho na le Maafrika ’me seo se amme haholo palo ea baahi hammoho le setso sa batho linaheng tse ngata tsa Amerika. Phello e ’ngoe ke ho ata ha voodoo, e leng mofuta oa borapeli o akarelletsang boselamose le ho betsa o atileng haholo-holo Haiti. Encyclopædia Britannica e re: “Lentsoe voodoo le tsoa lentsoeng vodun le bolelang molimo, kapa moea, ka Sefone, e leng puo e buuoang Benin (eo pele e neng e le Dahomey).”

Ka masoabi, maemo a bohloko a bokhoba a ntse a tsoela pele kajeno, le hoja hangata e le ka tsela e sa tobang. Ka mohlala, batho ba limilione ba hula ka thata licheleteng. Ba bang ba phela ka thata tlas’a mebuso e hatellang ea lipolotiki. (Moeklesia 8:9) Ba limilione ke makhoba a lithuto tsa bolumeli ba bohata le litumela-khoela. Na mebuso ea batho e ka lokolla bafo ba eona e le hore ba tsoe bokhobeng ba lintho tsee? Che. Ke Jehova Molimo feela ea ka ba lokollang ’me o tla ba lokolla! Ka sebele Lentsoe la hae le ngotsoeng, e leng Bibele, le tšepisa hore bohle ba rapelang Jehova tumellanong le ’nete ea Bibele—e leng ’nete e lokollang batho—ka letsatsi le leng ba tla thabela “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:21; Johanne 8:32.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja qalong makhoba a ne a le ’maloa United States, palo ea ’ona e ile ea eketseha haholo-holo hobane a ile a ’na a e-ba le bana.

b “Ghezo” e ngoloa ka mekhoa e sa tšoaneng.

c Tsela eo Bibele e talimang bokhoba ka eona e tšohloa sehloohong se reng “Pono ea Bibele: Na Molimo o Ile a Iphapanyetsa Khoebo ea Makhoba?” Tsoheng! ea September 8, 2001.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

‘MOTHO O BUSITSE MOTHO HO MO NTŠA KOTSI’

Batho ba bangata ba lumela hore bahoebi ba makhoba ba ne ba fumana liphofu tsa bona ka ho hlasela metse le ka ho koetela mang kapa mang eo ba neng ba mo batla. E ka ’na eaba sena ke sona se neng se etsahala, empa ho latela seo moprofesa oa histori ea Afrika ea bitsoang Dr. Robert Harms a ileng a se bolela puisanong le ba seea-le-moea, bahoebi ba makhoba ba ne ba ke ke ba nka batho ba limilione tse ngata hakaalo “haeba ba ne ba sa sebelisane le babusi le bahoebi ba bangata ba Afrika.” Ka sebele ‘motho o busitse motho ho mo ntša kotsi’!—Moeklesia 8:9.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Réunion des Musées Nationaux/Art Resource, NY

[Limmapa tse leqepheng la 22]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Maafrika a ka bang limilione tse 12 a ile a tšelisoa leoatle la Atlantic hore a e’o sebetsa e le makhoba

AFRIKA

BENIN

Ouidah

Lebōpo la Makhoba

[Setšoantšo se maqepheng a 22, 23]

Qhobosheane ena ea Mapotoketsi e hahiloeng ka 1721, hona joale ke Setsi sa Pokello ea Lintho Tsa Bohlokoa sa Ouidah

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Gary Cook/Alamy 

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Seemahale sa lekhoba le tlamiloeng matsoho le molomo

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Monyako oa ho Ela Ruri—sehopotso se tšoantšetsang metsotso ea ho qetela pele makhoba a tloha Afrika

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Danita Delimont/Alamy 

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela