Bo-’mè ba sa Nyaloang ba ka Sebetsana ka Katleho le Boemo Boo ba Leng ho Bona Joang?
MAIKUTLO a Linda a ile a kopanyelletsa ho nyaroha, ho hana ho amohela hore ke ’nete, tšabo, bohale, ho felloa ke tšepo, le ho nyahama.a Litlhahlobo tsa bongaka li ne li tiisitse seo a neng a se tšaba ka ho fetisisa—e ne e le moimana oa likhoeli tse tharo. A sa nyaloa ’me a le lilemo li 15 feela, Linda ke e mong oa bacha ba limilione ba lilemong tse ka tlaase ho 20 bao selemo le selemo United States ba imang. Leha ho le joalo, ho ima ha bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 ke bothata ba lefatše lohle, bo ama lihlopha tsohle tsa merabe le tsa maemo a bophelo.
Banana ba bang ba lilemong tse ka tlaase ho 20 ba nahana hore ho ima ho tla ba lopolla bophelong bo sa thabiseng ba lapeng kapa ho tiise kamano le mohlankana oa hae. Ba bang ba nka lesea e le pontšo ea botumo kapa e le thepa ea bona eo ba ka e tšoarang le ho e rata. Leha ho le joalo, boemo ba sebele bo bohloko ba ho ba motsoali ea mong kapele bo felisa likhopolo tse joalo tse inahaneloang. ’Mè ea sa nyaloang o tlangoa hore a etse likhetho tse thata, hangata e le tse bohloko. A ka boela a loana le mathata a moruo, ho nyahama maikutlong, bolutu, le likhatello tsa ho hōlisa ngoana ka ntle ho molekane. Joale, ka lebaka le utloahalang, ’Mōpi oa rōna o laela Bakreste hore ba ‘tšabe bofebe,’ ho kopanyelletsa le likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo.—1 Ba-Korinthe 6:18; Esaia 48:17.
Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ha bo lumelloe har’a Lipaki tsa Jehova. (1 Ba-Korinthe 5:11-13) Ho ntse ho le joalo, har’a tsona ho na le bo-’mè ba sa nyaloang. Ba bang ba ile ba ima pele ba ithuta litekanyetso tsa Molimo. Ba bang ba hōlisitsoe e le Bakreste, empa ba oela boitšoarong bo bobe. Ba bang, ka mor’a ho khalemeloa ke phutheho, ba bakela liphoso tsa bona. Lentsoe la Molimo le fana ka thuso le tataiso efe bakeng sa bacha ba joalo?b
Na Ke Lokela ho Nyaloa ke Ntat’a Ngoan’aka?
Bibele e hlakisa hore ho ntša mpa ho khahlanong le molao oa olimo. (Exoda 20:13; bapisa le Exoda 21:22, 23; Pesaleme ea 139:14-16.) E boetse e ruta hore ’mè ea sa nyaloang o na le boikarabelo ba ho hlokomela ngoana oa hae, ho sa tsotellehe maemo a sa lakatseheng ao ngoana a hlahileng tlas’a ’ona. (1 Timothea 5:8) Maemong a mangata, ho molemo hore ngoanana a ikhōlisetse ngoana ka boeena ho e-na le ho fana ka eena.c
Ka lebaka la mathata a ka tlisoang ke ho ikhōlisetsa ngoana, bo-’mè ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho bohlale ho nyaloa ke ntate oa ngoana. Empa bo-ntate ba bangata ba lilemong tse ka tlaase ho 20 ha ba inke ba ikarabella bakeng sa ngoana kapa ’m’ae. Ntle ho moo, bo-ntate ba bangata ba banyenyane ba ntse ba le lilemong tsa ho kena sekolo ’me ha ba sebetse. Ho kena ho seo mofuputsi e mong a se bitsang “lenyalo leo ho bonahalang le sa tsitsa ka lebaka la ho qoba tsoalo ea kantle ho lenyalo feela” ho ka mpefatsa boemo. Hopola hape hore Bibele e laela Bakreste hore ba nyaloe feela “Moreneng.” (1 Ba-Korinthe 7:39) A hlokomela sena, Linda (ea boletsoeng qalong) o ile a etsa qeto ea ho se nyaloe ke ntate oa ngoana oa hae ea lilemo li 18. Oa hlalosa: “O ne a sa thahaselle Molimo kapa Bibele.”
Sena ha se bolele hore ntate e monyenyane oa ngoana o tlameha ho hlokomolohuoa ka ho feletseng. Ha ngoana a ntse a hōla, a ka ’na a batla ho tseba ntat’ae oa tlhaho. Kapa e ka ’na eaba ntate e monyenyane kapa batsoali ba hae ba inka ba ikarabella bakeng sa hore ba be le kamano le ngoana kapa ba mo tšehetse ka lichelete. Leha ho le joalo, batsoali ba ngoanana ba ka ’na ba khetha hore a se hlole a kopana le mohlankana. (1 Ba-Thessalonika 4:3) Leha ho le joalo, linaheng tse ling makhotla a file bo-ntate ba tlhaho ba bana litokelo tsa molao tse tšoanang le tsa bo-ntate ba nyetseng. Ka lebaka leo ho ba le kamano e laoloang ke mekhoa e metle le ntate ea seng lenyalong le lelapa la habo ho ka ’na ha baka ntoa e mabifi ea tokelo ea molao ea ho nka ngoana.d Le hoja ho kopana ho itseng le ntate e monyenyane ho ka hlokahala, ha ea lokela ho ba ha lerato kapa ha etsoa tlas’a maemo a bontšang ho sekisetsa. Hangata ho molemo ho ba tlas’a tlhokomelo ea batho ba hōlileng.
Ho Fumana Thuso
Buka Surviving Teen Pregnancy e re: “Haeba u etsa qeto ea ho boloka le ho hōlisa ngoana oa hao, u khetha ho ba motsoali hona hoo. . . . U khetha ho tlohela karolo e ho uena ea hore ebe ha ho na lintho tseo u amehileng ka tsona, ea ho ba le litlamo kapa boikarabelo bo fokolang.” Kahoo mocha ea lilemo li ka tlaase ho 20 eo e leng motsoali o hloka thuso le tšehetso. Ho bala lingoliloeng tse loketseng tsa meriana (tse ka ’nang tsa fumaneha habonolo laebraring ea sechaba) ho ka thusa ’mè e monyenyane haholo ea tsila-tsilang hore a hōlise tsebo ea hae ea ho hlokomela ngoana.
Tšehetso ea batsoali ke ea bohlokoa ka ho khetheha. ’Mè oa motho e ka ba mohloli oa ’nete oa boitsebiso mabapi le phihlelo ea ho hōlisa ngoana. Ke ’nete hore ho ka ’na ha ba thata ho kōpa thuso. Batsoali ba ngoanana e ka ’na eaba ba ntse ba utloile bohloko ’me ba halefile. Ba ka boetse ba tšaba hore ho ima ho tla ama mokhoa oa bona oa bophelo hampe. Donna ea lilemo li 17 oa hopola: “Batsoali ba ka ba ne ba utloile bohloko hobane ba ne ba batla ho etsa lintho tse ngata. Hona joale ba bolela hore baa sitoa hobane ke na le ngoana.” Hamorao batsoali ba bangata ba hlōla maikutlo a bona a bohloko ’me ba ikemisetsa ho thusa ka tsela e itseng. Mocha ea bontšitseng pako a ka fokotsa tsitsipano haholo ka ho amohela hore o bakile bohloko ’me a kōpe tšoarelo e tiileng.—Bapisa le Luka 15:21.
Ho thoe’ng haeba batsoali ba ngoanana ba hana ho mo thusa kapa ho hang ba ke ke ba khona ho mo lumella ho tsoela pele a lula le bona? Linaheng tseo ho fanoang ka lithuso tsa sechaba, ’mè ea sa nyaloang a ka iphumana a tlameha ho li kōpa—bonyane qalong. Bibele e lumella Bakreste hore ba sebelise litokisetso tse joalo. Leha ho le joalo, sena se tla bolela hore a hlokomele tsela eo a sebelisang chelete ka eona. Sharon ea lilemo li 17 o re: “Ho bonahala bothata ba ka bo boholo ka ho fetisisa e le chelete. Nka reka lijo le maleiri, empa ebe ke phetho.” Hamorao ho ka hlokahala hore motho a sebetse. Ho leka ho leka-lekanya ho ba ’mè, ho sebetsa, le mesebetsi ea moea ho ke ke ha ba bonolo, empa ba bang ba atlehile ho ho etsa.
Ho Sebelisa Bohlale le Tlhalohanyo ea ho Lula Hammoho
Haeba batsoali ba motho ba bulehetse tumellano, ho ka ’na ha ba molemo haholo ho lula lapeng ho e-na le ho leka ho ikhoantlella. Hangata ho lula lapeng ha ho hloke chelete e ngata. Ho feta moo, tikoloho e tloaelehileng ea lehae e ka fana ka boikutlo ba polokeho le tšireletseho. Ho lula hae ho ka ’na ha nolofalletsa ngoanana ho tsoela pele a kena sekolo. Ka ho qeta sekolong se bohareng, ngoanana o ntlafatsa menyetla ea hae haholo ea ho balehela bophelo ba bofutsana.e
Ho hlakile hore ho ba le batsoali le morali le setloholo ntlong e le ’ngoe ho ka baka khatello ho bohle ba amehang. ’Mè ea se nang molekane a ka ’na a tlameha ho tobana le boemo ba ho lula moo ba petetsaneng. Batsoali le bana ba bang ba ka ’na ba tlameha ho tloaela hore ba hlobaetsoe ke ho lla ha lesea. Kemiso ea lelapa e ka ’na ea ferekanngoa. Empa Liproverbia 24:3 e re: “Ntlo e hahuoa ka bohlale, e tiisoa ka masene.” E, haeba bohle ba amehang ba bonahatsa lerato le se nang boithati le ho nahanela, khohlano ka lapeng e ka fokotsoa.
Mathata a tla boela a hlaha haeba ’mè e monyenyane a leka ho balehela mojaro oa hae oa boikarabelo ’me a lebella hore ’m’ae a etse mosebetsi ’ohle. (Bapisa le Ba-Galata 6:5.) Kapa ho ka etsahala hore nkhono ea nang le sepheo se setle o se a batla hore ebe eena feela ea hlokomelang setloholo. Buka Facing Teenage Pregnancy e re: “Nkhono le ntate-moholo ba hōlisang ngoana oa morali ea sa nyaloang joalokaha eka ke oa bona ba ka tlatsetsa ho ho se utloane ka lapeng le pherekano mabapi le hore na ha e le hantle eo e leng motsoali ke mang.” Le hoja tšehetso ea nkhono le ntate-moholo e le ea bohlokoa haholo, Mangolo a abela batsoali boikarabelo ba ho hōlisa ngoana. (Ba-Efese 6:1, 4) Ka hona puisano e bulehileng le tšebelisano-’moho li ka thibela ho se utloisisane haholo.—Liproverbia 15:22.
Ha U Mong
Le hoja ho ba le ngoana u sa nyaloa ho le thata, hase boemo bo se nang tšepo. Molimo o ‘tšoarela haholo’ ba bakelang liphoso tsa bona. (Esaia 55:7) Ho thuisa ka sena ho ka thusa ’mè ea se nang molekane hore a hlole maikutlo a ho itlhoea a ka ’nang a mo tlela ka linako tse ling. Ha a ikutloa a nyahame, a ka itšetleha ka Jehova ’me a mo atamela ka thapelo. A ka boetse a kōpa thuso ea Molimo hore a hōlise ngoana oa hae.—Bapisa le Baahloli 13:8.
Jehova o boetse o fana ka tšehetso ka phutheho ea Bokreste. Le hoja Lipaki tsa Jehova li sa lumelle boitšoaro bo bobe, li nahanela bao ka lebaka la pako ba etsang liphetoho bophelong ba bona e le hore ba thabise Molimo. (Ba-Roma 15:7; Ba-Kolosse 1:10) Ba bang ka phuthehong ba ka susumetseha hore ba fumane litsela tse masene tsa ho fana ka thuso e sebetsang ho motsoali ea se nang molekane. (Bapisa le Deuteronoma 24:17-20; Jakobo 1:27.) Bonyane, ba ka fana ka botsoalle ’me ba fetoha bamameli ba bontšang kutloelo-bohloko ha ho hlokahala. (Liproverbia 17:17) Le hoja batsoali ba entse sebe se tebileng, ngoana ha a na molato. Kahoo phutheho e ka thusa haeba ’mè a bontša boikutlo bo nepahetseng.
Ho molemo haholoanyane hakaakang ho se tlōle melao ea Molimo li sa tloha feela! Empa bafosi ba bontšitseng pako tseleng ea bona ea ho se laolehe, ’me ba nka khato e bontšang seo, ba ka tiisetsoa thuso ea Jehova hore ba sebetsane ka katleho le boemo boo ba leng ho bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a A mang a mabitso a fetotsoe.
b Sehlooho sena ha sea lebisoa ho bahlaseluoa ba likamano tsa otona le botšehali le mong ka motho ea haufi kapa ba peto, le hoja tse ling tsa lintlha tse mona li ka ipaka li thusa ho ba joalo.
c Bona “Bacha Baa Botsa . . . Ho Ima ha Bacha—Ke Eng Seo Ngoanana a Lokelang ho se Etsa?” tokollong ea rōna ea May 8, 1990.
d Bona “Ke Mang ea Fumanang Ngoana?” tokollong ea rōna ea November 8, 1988.
e Ba bang ba sebelisitse monyetla oa mananeo a ’muso a rutang tsebo ea mesebetsi eo ho leng bonolo hore ba e tsebang ba hiroe. Ho ka boetse ha ba le mananeo a fanang ka tokisetso ea ho hlokomela ngoana ha ’mè a le tlelaseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
’Mè ea sa nyaloang o hloka thuso le tšehetso