Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ie maq. 8-12
  • Khopolo Ena e Kena Malumeling a Bochabela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khopolo Ena e Kena Malumeling a Bochabela
  • Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto ea Bohindu ea ho Tsoaloa Hangata
  • Potoloho ea ho Tsoaloa Hape Bobuddheng
  • Borapeli ba Balimo Boshintong ba Japane
  • Ho se Shoe Botaong, Borapeli ba Balimo Boconfuciuseng
  • Malumeli a Mang a Bochabela
  • Bobuddha—Ho Batla ho Fumana Tsebo Ntle ho Molimo
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Karolo 8: c. 563 b.c.e. ho ea pele—Tsebo e Ileng ea Tšepisa Tokoloho
    Tsoha!—1989
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—Batho ba Lumela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bohindu—Ho Batla Tokoloho
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
ie maq. 8-12

Khopolo Ena e Kena Malumeling a Bochabela

“Kamehla ke ne ke nahana hore ho se shoe ha moea e ne e le ’nete e akaretsang eo e mong le e mong a neng a e amohela. Kahoo ka sebele ke ile ka makatsoa ke ho tseba hore batho ba bang ba bohlale ba baholo ba Bochabela le ba Bophirimela ba ’nile ba hanyetsa thuto eo ka matla. Joale kea ipotsa hore na khopolo eo ea ho se shoe ha moea e ile ea kena joang likelellong tsa Mahindu.”—SEITHUTI SA UNIVESITHI SE HŌLISITSOENG E LE MOHINDU.

1. Ke hobane’ng ha ho tseba ka ho hōla le ho hasana ha thuto ea ho se shoe ha motho malumeling a sa tšoaneng e le ntho eo re e thahasellang?

KHOPOLO ea hore motho o na le moea o sa shoeng e ile ea kena joang Bohindung le malumeling a mang a Bochabela? Potso eo ea thahasellisa esita le ho ba Bophirimela bao e ka ’nang eaba ha baa tloaelana le malumeli ana, kaha tumelo eo e ama pono ea e mong le e mong ka bokamoso. Kahobane thuto ea ho se shoe ha motho ke tšobotsi e tloaelehileng malumeling a mangata kajeno, ho tseba hore na khopolo eo e qalile joang ka sebele ho ka ntšetsa pele kutloisiso le puisano tse molemo haholoanyane.

2. Ke hobane’ng ha India e ’nile ea e-ba mohloli o hlokomelehang haholo oa tšusumetso ea bolumeli Asia?

2 Ninian Smart, moprofesa oa lithuto tsa bolumeli Univesithing ea Lancaster Brithani, oa hlokomela: “Setsi sa bohlokoahali sa tšusumetso ea bolumeli Asia e ’nile ea e-ba India. Sena hase hobane feela India ka boeona e qalile litumelo tse ’maloa—Bohindu, Bobuddha, Bojaine, Bosikhe, le tse ling—empa ka lebaka la hore e ’ngoe ea tsena, Bobuddha, e ile ea e-ba le tšusumetso e khōlō setsong sa hoo e ka bang Asia Bochabela eohle.” Setsebi sa Bohindu Nikhilananda, se re litso tse ngata tse susumelitsoeng ka tsela ena, “li ntse li nka India e le lehae la tsona la moea.” Joale, ho tlile joang hore thuto ee ea ho se shoe e kenelle India le likarolong tse ling tsa Asia?

Thuto ea Bohindu ea ho Tsoaloa Hangata

3. Ho latela rahistori e mong, khopolo ea ho falla ha meea e ka ’na eaba e isitsoe ke mang India?

3 Lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., ha Pythagoras le balateli ba hae Greece ba ne ba buella khopolo ea ho falla ha meea, bahlalefi ba Mahindu ba phelang mabōpong a nōka ea Indus le Ganges, India, ba ne ba ntse ba buella khopolo e tšoanang. Rahistori Arnold Toynbee o re ho hlaha ha tumelo ena ka nako e le ’ngoe “lefatšeng la Bagerike le India ho hang e ne e ke ke ea e-ba ntho e iketsahalletseng feela tjee.” Toynbee oa bontša: “Mohloli o le mong o tšoanang oo e ka ’nang eaba ke oona [oa tšusumetso], ke batho ba bo-hloma-u-hlomole ba motsoako oa batho ba Asia le ba Europe, bao, lekholong la bo8 le la bo7 la lilemo B.C., ba neng ba theohetse India, Asia e ka Boroa-Bophirimela, naha e lehoatata lebōpong le ka leboea la Leoatle le Letšo le hloahloeng ea Balkan le ea Anatolia.” Merabe e fallang ea motsoako oa batho ba Asia le Europe ho bonahala e ile ea ea India le khopolo ea ho falla.

4. Ke hobane’ng ha khopolo ea ho falla ha meea e ile ea ipiletsa ho bahlalefi ba Mahindu?

4 Bohindu bo ne bo qalile India pejana haholo, ka ho fihla ha Maaryan hoo e ka bang ka 1500 B.C.E. Ho tloha qalong feela, Bohindu bo ne bo e-na le tumelo ea hore moea o ne o fapane le ’mele le hore moea oa pholoha lefung. Kahoo Mahindu a ne a sebelisa borapeli ba balimo ’me a ne a behela meea ea bafu ba ’ona lijo hore e li je. Makholo-kholo a lilemo hamorao ha khopolo eo ea ho falla ha meea e fihla India, e tlameha ebe e ile ea ipiletsa ho bahlalefi ba Mahindu ba loantšanang le bothata bo akaretsang ba bobe le ho sotleha har’a batho. Ha ba kopanya sena le se bitsoang molao oa Karma, molao oa sesosa le phello, bahlalefi ba Mahindu ba ile ba hōlisa khopolo ea ho tsoaloa hangata eo ka eona bokhabane le ho hloka bokhabane bophelong bo bong li putsoang kapa li otloang ho bo latelang.

5. Ho latela Bohindu, pakane ea ho qetela ea moea ke efe?

5 Empa ho ne ho boetse ho e-na le khopolo e ’ngoe e ileng ea susumetsa thuto ea Bohindu ka moea. Encyclopædia of Religion and Ethics e re: “Ho bonahala e le ’nete hore nakong eona eo ho neng ho thehoa khopolo ea ho falla le karma, kapa esita le pejana, khopolo e ’ngoe . . . butle-butle e ile ea hlahella sehlopheng se senyenyane sa batho ba bohlale ka Leboea ho India—khopolo ea filosofi ea Brahman-Ātman [Brahman ea phahameng ka ho fetisisa le ea sa feleng, boleng ba sebele ba ho qetela].” Khopolo ena e ile ea kopanngoa le khopolo-taba ea ho tsoaloa hangata ho hlalosa pakane ea ho qetela ea Mahindu—ho lokoloha potolohong ea ho falla e le hore motho e ka ba ntho e le ’ngoe le boleng ba sebele ba ho qetela. Mahindu a lumela hore sena se finyelloa ka ho loanela ho ba le boitšoaro bo amohelehang sechabeng le tsebo e khethehileng ea Bohindu.

6, 7. Tumelo ea Bohindu ba kajeno ke efe ka Bophelo ba ka Mor’a Lefu?

6 Kahoo banna ba bohlale ba Mahindu ba ile ba lokisa khopolo eo ea ho falla ha meea hore e be thuto ea ho tsoaloa hangata ka ho e kopanya le molao oa Karma le khopolo ea Brahman. Octavio Paz, seroki se hapileng Khau ea Nobel le eo e kileng ea e-ba lenģosa la Mexico India, oa ngola: “Ha Bohindu bo jaleha, le khopolo eo e ile ea jaleha . . . eo e leng mokokotlo oa Bobrahman, Bobuddha le malumeli a mang a Asia: ho fetela ha moea ’meleng o mong lefung, ho falla ha meea ho tšela bophelo bo teng bo latellanang.”

7 Thuto ea ho tsoaloa hangata ke setšehetso se ka sehloohong sa Bohindu ba kajeno. Rafilosofi oa Mohindu Nikhilananda o re: “Hore ho finyella ho se shoe hase tokelo e ikhethang ea ba fokolang ba khethiloeng, empa ke tokelo ea tsoalo ea bohle, ke ntho eo Mohindu e mong le e mong ea molemo a kholisehileng ka eona.”

Potoloho ea ho Tsoaloa Hape Bobuddheng

8-10. (a) Bobuddha bo hlalosa ho ba teng joang? (b) Setsebi se seng sa Bobuddha se hlalosa ho tsoaloa hape joang?

8 Bobuddha bo thehiloe India hoo e ka bang ka 500 B.C.E. Ho latela neano ea Bobuddha, khosana ea India e bitsoang Siddhārtha Gautama, e ileng ea tla tsejoa e le Buddha ka mor’a ho amohela leseli, e ile ea theha Bobuddha. Kaha bo qalile Bohindung, lithuto tsa bona li batla li tšoana le tsa Bohindu. Ho latela Bobuddha, ho ba teng ke lebili le tsoelang pele la ho tsoaloa hape le lefu, ’me joaloka Bohindung, boemo ba motho ka mong bophelong ba hae ba nakong eo bo reroa ke liketso tsa bophelo ba hae ba pele.

9 Empa Bobuddha ha bo hlalose ho ba teng ka hore moea ke motho ea pholohang lefu. Arnold Toynbee o ile a hlokomela: “[Buddha] o ile a bona feela likelellong tsa batho letoto le fetang ka potlako la maemo a kelello a sa tsoeleng pele, ao a khobokantsoeng hammoho ke takatso feela.” Leha ho le joalo, Buddha o ne a lumela hore ho hong—boemo kapa matla a itseng—ho fetisetsoa pele ho tloha bophelong bo bong ho ea ho bo bong. Dr. Walpola Rahula, setsebi se seng sa Bobuddha, oa hlalosa:

10 “Motho hase letho haese feela motsoako oa matla a ’mele le matla a kelello kapa matla a susumelletsang ketsong. Seo re se bitsang lefu ke ho se sebetse ho feletseng ha ’mele oa nama. Na matla aa ’ohle le matla a susumelletsang ketsong a khaotsa ka ho feletseng ka ho se sebetse ha ’mele? Bobuddha bo re ‘Che.’ Thato, matla a boikhethelo, takatso, lenyora la ho ba teng, ho tsoela pele, ho ba teng ka ho tsoaloa hangata ho tsoelang pele, ke matla a maholo a susumetsang bophelo bohle, boteng bohle, a bileng a susumetsang lefatše lohle. Ana ke matla a maholohali, matla a maholohali a susumelletsang ketsong lefatšeng. Ho latela Bobuddha, matla ana ha a khaotse nakong ea ha ’mele o se o sa sebetse, e leng lefu; empa a tsoela pele ho iponahatsa ka sebōpeho se seng, a hlahisa ho ba teng hape ho bitsoang ho tsoaloa hape.”

11. Pono ea Mabuddha ke efe ka Bophelo ka Mor’a Lefu?

11 Pono ea Bobuddha ka Bophelo ka Mor’a Lefu ke ena: Ho ba teng ke ntho ea ka ho sa feleng ntle leha motho ka mong a finyella pakane ea ho qetela ea Nirvana, ho lokoloha potolohong ea ho tsoaloa hape. Nirvana hase boemo ba mahlohonolo a sa feleng leha e le hore ke ba ho fetoha ntho e le ’ngoe le boleng ba sebele ba ho qetela. Ke boemo feela ba ho se be teng—“sebaka se se nang lefu” se ka nģ’ane ho ho ba teng ha motho. Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa “Nirvana” e le “sebaka kapa boemo ba ho lebala ka kameho, bohloko, kapa boemo ba sebele bo ka ntle.” Ho e-na le ho batla ho se shoe, Mabuddha a khothalletsoa ho ba ka holimo ho hona ka ho finyella Nirvana.

12-14. Mefuta e sa tšoaneng ea Bobuddha e fetisa khopolo ea ho se shoe joang?

12 Ha bo ntse bo hasana libakeng tse sa tšoaneng Asia, Bobuddha bo ile ba ntlafatsa lithuto tsa bona e le hore bo amohele litumelo tsa sebaka ka seng. Ka mohlala, Bobuddha ba Mahayana, e leng mofuta o ka sehloohong Chaena le Japane, bo khomarela tumelo ea bo-bodhisattva ba leholimo, kapa bo-Buddha ba ka moso. Bo-bodhisattva ba chechisa Nirvana ea bona e le hore ba ka ba le maphelo a se nang palo e le hore ba ka sebeletsa ba bang le ho ba thusa hore ba finyelle Nirvana. Kahoo motho a ka khetha ho tsoela pele potolohong ea ho tsoaloa hape esita le ka mor’a ho finyella Nirvana.

13 Phetoho e ’ngoe e ileng ea hla ea e-ba le tšusumetso Chaena le Japane ke thuto ea Lefatše le Hloekileng ka Bophirimela, le hlotsoeng ke Buddha Amitabha, kapa Amida. Ba ipiletsang lebitsong la Buddha ka tumelo ba boela ba tsoaloa Lefatšeng le Hloekileng, kapa paradeiseng, moo maemo a batlang a khothalletsa ho fumana tsebo ea boemo ba ho qetela ba ho se be le takatso kapa ho utloa bohloko. Ho hlahile eng thutong ee? Moprofesa Smart, ea boletsoeng pejana, oa hlalosa: “Joalokaha ho ka lebelloa, botle bo hlollang ba paradeise, bo hlalositsoeng ka ho hlaka ho a mang a mangolo a Mahayana, bo ile ba nkela nirvana sebaka khopolong e tloaelehileng e le pakane ea ho qetela.”

14 Bobuddha ba Tibet bo kenyellelitse litumelo tse ling tsa sebaka seo. Ka mohlala, buka ea Tibet ea bafu e hlalosa qetello ea motho boemong bo mahareng pele a tsoaloa hape. Ho thoe bafu ba pepeselitsoe leseling le khanyang la boemo ba sebele qetellong, ’me ba sa khoneng ho mamella leseli leo ha ba fumane tokoloho empa ba tsoaloa hape. Ka ho hlakileng, Bobuddha ka mefuta ea bona e sa tšoaneng bo fetisa khopolo ea ho se shoe.

Borapeli ba Balimo Boshintong ba Japane

15-17. (a) Borapeli ba meea ea balimo bo qalile Boshintong joang? (b) Tumelo ea ho se shoe ha moea ke ea motheo joang Boshintong?

15 Bolumeli bo bile teng Japane pele Bobuddha bo fihla lekholong la botšelela la lilemo C.E. E ne e le bolumeli bo se nang lebitso, ’me bo ne bo e-na le litumelo tse amanang le boitšoaro le meetlo ea batho. Leha ho le joalo, ka ho fihla ha Bobuddha, ho ile ha hlokahala hore ho khetholloe bolumeli ba Majapane ho bona bo fihlang. Kahoo lebitso “Shinto,” le bolelang “tsela ea melimo,” le ile la hlaha.

16 Boshinto ba pele bo ne bo lumela eng ka Bophelo ba ka Mor’a Lefu? Kodansha Encyclopedia of Japan e hlalosa hore ka ho fihla ha temo ea reisi mekhoabong, “temo ea mekhoabong e ile ea etsa hore ho hlokahale tlhophiso e ntle le e tsitsitseng ea metse le litšebeletso tsa temo—tseo hamorao li ileng tsa phetha karolo ea bohlokoa Boshintōng—li ile tsa thehoa.” Ho tšaba meea e tsamaileng ho ile ha etsa hore batho bana ba boholo-holo ba qape litšebeletso tsa ho khahlisa bafu. Hona ho ile ha fetoha borapeli ba meea ea balimo.

17 Ho latela tumelo ea Boshinto, moea “o tsamaileng” o ntse o e-na le botho ba oona empa o silafalitsoe ke lefu. Ha ba shoetsoeng ba etsa litšebeletso tsa sehopotso, moea o hloekisoa ho isa bohōleng ba ho tlosa bokhopo bohle, ’me o fumana tšobotsi e nang le khotso le e molemo. Ka mor’a nako, moea oa balimo o phahamela boemong ba ho ba molimo oa baholo-holo, kapa mohlokomeli. Kaha bo bile teng le Bobuddha, Boshinto bo ile ba kenyelletsa lithuto tse itseng tsa Bobuddha, ho akarelletsa le thuto ea paradeise. Kahoo, re fumana hore thuto ea ho se shoe ke thuto ea motheo ea Boshinto.

Ho se Shoe Botaong, Borapeli ba Balimo Boconfuciuseng

18. Motao o nahana joang ka ho se shoe?

18 Botao bo ile ba thehoa ke Lao-tzu, eo ho thoe’ng o ne a lula Chaena lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Ho latela Botao, pakane bophelong ke ho lumellanya tšebetso ea batho le Tao—tsela ea tlhaho. Monahano oa Motao mabapi le ho se shoe o ka akaretsoa ka tsela ena: Tao ke molao-motheo o laolang oa bokahohle. Tao ha e na qalo le qetello. Ka ho phela tumellanong le Tao, motho ka mong o kopanela ho eona ’me o fetoha ea sa feleng.

19-21. Likhopolo-taba tsa Motao li ile tsa lebisa boitekong bofe?

19 Boitekong ba bona ba ho ba bonngoeng le tlhaho, Batao ka mor’a nako ba ile ba thahasella ka ho khethehileng boemo ba eona ba ho se fele le matla a ho fetoha. Ba ile ba nahana hore mohlomong ka ho phela tumellanong le Tao, kapa tsela ea tlhaho, motho a ka fumana makunutu a tlhaho ’me ea e-ba ea sireletsehileng kotsing ea ’meleng, boloetseng esita le lefung.

20 Batao ba ile ba qala ho etsa liteko ka ho thuisa, boikoetliso ba ho phefumoloha le lijo, tseo ho nahanoang hore li ne li ka liehisa ho bola ha ’mele le lefu. Kapele ho ile ha qala ho potoloha litšōmo tse reng batho ba sa shoeng ba ka fofang ka maru ’me ba hlaha le ho nyamela ha ba rata le ba phetseng lithabeng tse halalelang kapa lihlekehlekeng tse thōko ka lilemo tse se nang palo, ba phelisoa ke phoka kapa litholoana tsa mohlolo. Histori ea Machaena e tlaleha hore ka 219 B.C.E., moemphera Ch’in Shih Huang Ti o ile a romela mokoloko oa likepe tse nkileng bashanyana le banana ba 3 000 hore ba fumane sehlekehleke sa tšōmong sa P’eng-lai, e leng moo ho lulang batho ba sa shoeng, e le hore ba ka khutla le setlama sa ho se shoe. Ntle le pelaelo, ba ile ba khutla le se ba isitseng, ba sa fumana ntho e lelefatsang bophelo.

21 Ho nyoreloa bophelo bo sa feleng ho ile ha etsa hore Batao ba leke ho etsa motsoako oa lipilisi tsa ho se shoe ka mekhoa ea ho batla lik’hemik’hale tse lelefatsang bophelo ka ho sa feleng. Ho ea ka pono ea Motao, bophelo bo ba teng ha matla a hanyetsanang a yin le a yang (a botšehali le a botona) a kopana. Kahoo, ka ho kopanya loto (e ntšo, kapa yin) le sekete (se khanyang, kapa yang), ba sebelisang mekhoa ea ho batla lik’hemik’hale tse lelefatsang bophelo ka ho sa feleng ba ne ba etsisa mokhoa oa tlhaho ’me ba ne ba nahana hore se hlahisoang ke hoo e ne e tla ba pilisi ea ho se shoe.

22. Ke eng e hlahisitsoeng ke tšusumetso ea Bobuddha bophelong ba bolumeli ba Machaena?

22 Hoo e ka bang lekholong la bosupa la lilemo C.E., Bobuddha bo ile ba kenella bophelong ba bolumeli ba Machaena. Phello e ile ea e-ba motsoako o akarelletsang likarolo tsa Bobuddha, tšebelisano le meea le borapeli ba balimo. Moprofesa Smart o re: “Bobuddha le Botao li ile tsa hlophisa le ho qapa litumelo tse buang ka bophelo ka mor’a lefu e leng tse neng li batla li sa fella borapeling ba balimo ba Machaena a khale-khale.”

23. Boemo ba Confucius e ne e le bofe mabapi le borapeli ba balimo?

23 Confucius, mohlalefi e mong oa Chaena ea hlaheletseng oa lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., eo filosofi ea hae e ileng ea fetoha motheo oa Boconfucius, ha aa ka a bua haholo ka Bophelo ba ka Mor’a Lefu. Ho e-na le hoo, o ile a hatisa bohlokoa ba molemo oa boitšoaro le boitšoaro bo amohelehang sechabeng. Empa o ne a e-na le boikutlo ba ho tšehetsa borapeli ba balimo ’me o ne a hatisa haholo ho boloka litšebeletso le mekete e amanang le meea ea baholo-holo ba fetileng.

Malumeli a Mang a Bochabela

24. Bojaine bo ruta’ng ka moea?

24 Bojaine bo ile ba thehoa India lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Mothehi oa bona, Mahāvīra, o ile a ruta hore lintho tsohle tse phelang li na le meea e phelang ka ho sa feleng le hore pholoho ea moea litlamong tsa Karma e ka khoneha feela ka ho itatola le ho itaea ka ho feteletseng le ho khomarela ka tieo ho se sebelise pefo libōpuoeng tsohle. Bajaine ba khomaretse litumelo tsena ho fihlela kajeno.

25, 26. Ke litumelo life tsa Mahindu tseo hape li fumanoang Bosikheng?

25 Bosikhe, bolumeli bo sebelisoang ke batho ba limilione tse 19, le bona bo qalile India. Bolumeli bona bo qalile lekholong la bo16 la lilemo ha Moeta-pele oa Bohindu Nānak a etsa qeto ea ho tsoaka likarolo tse ntlehali tsa Bohindu le Boislamo le ho theha bolumeli bo kopaneng. Bosikhe bo ile ba amohela litumelo tsa Mahindu tsa ho se shoe ha moea, ho tsoaloa hangata le Karma.

26 Ka ho hlakileng, tumelo ea hore bophelo bo tsoela pele ka mor’a hore ’mele o shoe ke karolo ea motheo ea boholo ba malumeli a Bochabela. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Bokreste-’mōtoana, Bojuda le Boislamo?

[’Mapa o leqepheng la 10]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ASIA BOHARENG

KASHMIR

TIBET

CHAENA

KOREA

JAPANE

Banaras

INDIA

Buddh Gaya

MYANMAR

THAILAND

CAMBODIA

SRI LANKA

JAVA

LEKHOLO LA BO3 LA LILEMO B.C.E.

LEKHOLO LA 1 LA LILEMO B.C.E.

LEKHOLO LA 1 LA LILEMO C.E.

LEKHOLO LA BO4 LA LILEMO C.E.

LEKHOLO LA BO6 LA LILEMO C.E.

LEKHOLO LA BO7 LA LILEMO C.E.

Bobuddha bo susumelitse Asia Bochabela eohle

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ho tsoaloa hangata ke tšehetso e ka sehloohong ea Bohindu

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ka ho phela tumellanong le tlhaho, Motao o leka ho ba ea phelang ka ho sa feleng

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Confucius o ne a e-na le boikutlo bo botle ka borapeli ba balimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela