Khaolo 9
Bojode Ho Batla Molimo ka Mangolo le Neano
1, 2. (a) Bajode ba bang ba neng ba tsebahala ke bafe ba ileng ba ama histori le meetlo? (b) Ke potso efe eo batho ba bang ba ka ’nang ba e botsa?
MOSHE, Jesu, Mahler, Marx, Freud, le Einstein—ke eng eo kaofela ha bona ba neng ba tšoana ka eona? Kaofela e ne e le Bajode, ’me ka litsela tse fapa-fapaneng, kaofela ba ile ba ama histori ea batho le meetlo ea bona. Ho hlakile haholo hore Bajode ba ile ba hapa tlhokomelo ka lilemo tse likete. Bibele ka boeona ke bopaki ba seo.
2 Ho fapana le malumeli a mang a boholo-holo le meetlo, Bojode bo simolohile liketsahalong tse nang le bopaki ba histori, e seng litšōmong. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba botsa: Bajode ba fokola haholo ka palo, ba ka ba limillione tse 18 lefatšeng la batho ba ka holimo ho limillione tse likete tse 5, ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella bolumeli ba bona, Bojode?
Lebaka Leo Re Lokelang ho Thahasella Bojode ka Lona
3, 4. (a) Mangolo a Seheberu a tšetse eng? (b) A mang a mabaka ao ka ’ona re lokelang ho hlahloba bolumeli ba Bajode le tšimoloho ea bona ke afe?
3 Lebaka le leng ke hore bolumeli ba Bajode bo simolohile hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 4 000 historing ’me malumeli a mang a maholo a nkile haholo kapa hanyenyane Mangolong a bona. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 220.) Bokreste, bo theiloeng ke Jesu (Ye·shuʹa‛, ka Seheberu), Mojode oa lekholong la pele la lilemo, bo simolohile Mangolong a Seheberu. ’Me joalokaha ho bala Qur’ān ka mokhoa leha e le ofe ho tla bontša, Boislām le bona bo na le ho hongata hoo bo ho nkileng Mangolong ao. (Qur’ān, surah 2:49-57; 32:23, 24) Kahoo, ha re hlahloba bolumeli ba Sejode, re boetse re hlahloba tšimoloho ea malumeli a mang a makholo le lihlotšoana tsa bokhelohi.
4 Lebaka la bobeli le la bohlokoa ke hore bolumeli ba Bajode bo fana ka lehokelo la bohlokoa la ha moloko oa batho o ntse o batla Molimo oa ’nete. Ho latela Mangolo a Seheberu, Abrame, ntat’a-moholo’a Bajode, o ne a se a ntse a rapela Molimo oa ’nete hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 4 000.a Ka lebaka le utloahalang, rea botsa, Bajode ba ile ba hōla joang le tumelo ea bona?—Genese 17:18.
Bajode ba Simolohile Joang?
5, 6. Ka bokhutšoanyane, histori ea tšimoloho ea Bajode le lebitso la bona ke efe?
5 Ha re bua ka mokhoa o akaretsang, sechaba sa Bajode ke bana ba tsoileng lekaleng la boholo-holo la morabe o buang Seheberu oa Basemitike. (Genese 10:1, 21-32; 1 Likronike 1:17-28, 34; 2:1, 2) Hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 4 000, ntat’a bona moholo Abrame o ile a falla motseng o moholo o atlehileng oa Ure oa Bakalde, Sumere, ho ea naheng ea Kanana, eo Molimo o neng o itse ka eona: “Ke tla abela bana ba hao naha ena.”b (Genese 11:31–12:7) Ho buuoa ka eena e le “Abrame Moheberu” ho Genese 14:13, le hoja hamorao lebitso la hae le ile la fetoleloa ho Abrahama. (Genese 17:4-6) Ho eena Bajode ba na le letoto la bana le qalileng ka mora oa hae Isaaka le setloholo sa hae Jakobo, eo lebitso la hae le ileng la fetoleloa ho Iseraele. (Genese 32:27-29) Iseraele o ne a e-na le bara ba 12, ba ileng ba fetoha bathehi ba meloko e 12. E mong oa bona e ne e le Juda, eo ka eena ho ileng ha qetella ho qapiloe lentsoe “Mojode.”—2 Marena 16:6, JP.
6 Ka morao ho nako lentsoe “Mojode” le ile la sebelisetsoa Baiseraele bohle, e seng feela bana ba Juda. (Esthere 3:6; 9:20) Kaha litlaleho tsa tatelano ea meloko ea Bajode li ile tsa senngoa ka 70 C.E. ha Baroma ba putula Jerusalema, ha ho Mojode kajeno eo ka nepo a ka etsang qeto ea hore na eena ka boeena o tsoa molokong ofe. Leha ho le joalo, ho theosa le lilemo tse likete, bolumeli ba boholo-holo ba Sejode bo ’nile ba hōla le ho fetoha. Kajeno Bojode bo sebelisoa ke Bajode ba limillione Riphabliking ea Iseraele le linaheng tseo ba qhalanetseng ho tsona ho pota lefatše. Motheo oa bolumeli boo ke ofe?
Moshe, Molao, le Sechaba
7. Molimo o ile oa ikana ka eng ho Abrahama, hona hobane’ng?
7 Ka 1943 B.C.E.,c Molimo o ile oa khetha Abrame hore e be mohlanka oa oona ea khethehileng ’me hamorao oa etsa kano e hlapanyelitsoeng ho eena ka lebaka la botšepehi ba hae ba ho utloisisa hore a nyehele mora oa hae Isaaka e le sehlabelo, le hoja sehlabelo seo se sa ka sa fihlisoa qetellong. (Genese 12:1-3; 22:1-14) Kanong eo Molimo o itse: “Ke hlapanya ka ’Na, ho bolela MORENA [Seheberu: יהוה, YHWH]: Kaha u entse sena ’me ha ua hana ka mora oa hao, ea ratoang oa hao, ke tla beha tlhohonolofatso ea Ka holim’a hao ’me ke tla etsa bana ba hao ba be bangata joaloka linaleli tsa leholimo . . . Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka bana [“peō,” JP] ba hao, hobane u mametse taelo ea Ka.” Kano ena e hlapanyelitsoeng e ile ea phetoa ho mora oa Abrahama le ho setloholo sa hae, eaba e tsoela pele lelokong la Juda le lesikeng la Davida. Khopolo ena ea ho lumela ho Molimo o le mong feela ea Molimo o nang le botho o sebelisanang ka ho toba le batho e ne e ikhetha lefatšeng leo la boholo-holo, ’me e ile ea bōpa motheo oa bolumeli ba Bajode.—Genese 22:15-18; 26:3-5; 28:13-15; Pesaleme ea 89:4, 5, 29, 30, 36, 37 (Pesaleme ea 89:3, 4, 28, 29, 35, 36, Bibele ea Sesotho).
8. Moshe e ne e le mang, ’me o ile a nka karolo efe Iseraeleng?
8 Ho phethahatsa litšepiso tsa Oona ho Abrahama, Molimo o ile oa rala motheo bakeng sa sechaba ka ho theha selekane se khethehileng le bana ba Abrahama. Selekane sena se ile sa hlongoa ka Moshe, moeta-pele le mokena-lipakeng e moholo oa Moheberu pakeng tsa Molimo le Iseraele. Moshe e ne e le mang, hona ke hobane’ng ha e le oa bohlokoa hakaale ho Bajode? Tlaleho ea Bibele ea Exoda e re bolella hore o ile a tsoalloa Egepeta (1593 B.C.E.), a tsoalloa batsoali ba Baiseraele bao e neng e le makhoba botlamuoeng le Baiseraele ba bang. Ke eena eo “MORENA a ileng a mo qoolla” hore a etelle sechaba sa Hae pele ho ea bolokolohing Kanana, Lefatše la Pallo. (Deuteronoma 6:23; 34:10) Moshe o ile a phetha karolo ea bohlokoa ea ho ba mokena-lipakeng oa selekane sa Molao o neng o fanoe ke Molimo ho Iseraele, ho phaella ho beng moprofeta, moahloli, moeta-pele, le rahistori oa bona.—Exoda 2:1–3:22.
9, 10. (a) Molao o ileng oa fetisoa ka Moshe e ne e le eng? (b) Ke litšobotsi life tsa bophelo tse neng li akaretsoa ke Litaelo tse Leshome? (c) Selekane sa Molao se ile sa tlama Iseraele ka eng?
9 Molao oo Iseraele e ileng ea o amohela o ne o entsoe ka Mantsoe a Leshome, kapa Litaelo, le melao e ka holimo ho 600 e ileng ea fella ka ho ba letoto le pharalletseng la litaelo le tataiso bakeng sa boitšoaro ba letsatsi le letsatsi. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 211.) O ne o akarelletsa lintho feela tse tloaelehileng le tse halalelang—litlhokahalo tsa nama le tsa boitšoaro hammoho le borapeli ba Molimo.
10 Selekane sena sa Molao, kapa molao oa motheo oa bolumeli, se ile sa neha tumelo ea bapatriareka sebopeho le boleng. Ka baka leo, bana ba tsoileng ho Abrahama ba ile ba fetoha sechaba se inehetseng tšebeletsong ea Molimo. Ka hona bolumeli ba Bajode bo ile ba qala ho ba le sebopeho se tiileng, ’me Bajode ba fetoha sechaba se hlophisitsoeng bakeng sa borapeli le tšebeletso ea Molimo oa bona. Ho Exoda 19:5, 6, Molimo o ile oa ba tšepisa: “Haeba le tla mamela ’Na ka botšepehi ’me le boloke selekane sa Ka, . . . ho ’Na le tla ba ’muso oa baprista le sechaba se halalelang.” Kahoo, Baiseraele ba ne ba tla fetoha ‘sechaba se khethiloeng’ ho sebeletsa merero ea Molimo. Leha ho le joalo, ho phethahala ha litšepiso tsa selekane ho ne ho itšetlehile ka boemo bona ba “Haeba le tla mamela.” Sechaba seo se inehetseng joale se ne se e-na le ho se tlammeng ho Molimo oa sona. Kahoo, hamorao (lekholong la borobeli la lilemo B.C.E.), Molimo o ne o ka re ho Bajode: “Lipaki tsa ka ke lōna—ho bolela MORENA [Seheberu: יהוה, YHWH]—mohlanka oa Ka, eo ke mo khethileng.”—Esaia 43:10, 12.
Sechaba se Nang le Baprista, Baprofeta, le Marena
11. Boprista le borena li ile tsa hōla joang?
11 Ha sechaba sa Iseraele se sa ntsane se le lefeelleng ’me se lebile Lefatšeng la Pallo, ho ile ha theoa boprista lesikeng la ngoan’abo Moshe, Aarone. Tente e khōlō e nkoang, kapa tabernakele, e ile ea fetoha setsi sa borapeli ba Baiseraele le mahlabelo a bona. (Exoda, likhaolo 26-28) Ka morao ho nako sechaba sa Iseraele se ile sa fihla Lefatšeng la Pallo, Kanana, ’me sa le hapa, joalokaha Molimo o ne o laetse. (Joshua 1:2-6) Qetellong ho ile ha theoa borena ba lefatšeng, ’me ka 1077 B.C.E., Davida, oa leloko la Juda, o ile a fetoha morena. Pusong ea hae, borena le boprista li ile tsa theoa ka mokhoa o tiileng setsing se secha sa naha, Jerusalema.—1 Samuele 8:7.
12. Molimo o ne o entse tšepiso efe ho Davida?
12 Ka morao ho lefu la Davida, mora oa hae Salomone o ile a etsa hore ho ahoe tempele e khōlō, e ntle Jerusalema, e ileng ea nka sebaka sa tabernakele. Kaha Molimo o ne o entse selekane le Davida bakeng sa borena hore bo tla lula lesikeng la hae ka ho sa feleng, ho ne ho utloisisoa hore Morena ea tlotsitsoeng, Messia, ka letsatsi le leng o ne a tla tsoa lesikeng la bana ba Davida. Boprofeta bo ile ba bontša hore ka Morena enoa oa Bomessia, kapa “peō,” Iseraele le lichaba tsohle e ne e tla thabela puso e phethahetseng. (Genese 22:18, JP) Tšepo ena e ile ea tiea, ’me sebopeho sa Bomessia sa bolumeli ba Sejode se ile sa hlakisoa ka tieo.—2 Samuele 7:8-16; Pesaleme ea 72:1-20; Esaia 11:1-10; Zakaria 9:9, 10.
13. Molimo o ile oa sebelisa mang ho lokisa Iseraele e neng e chechela morao? Fana ka mohlala.
13 Leha ho le joalo, Bajode ba ile ba itumella hore ba susumetsoe ke bolumeli ba bohata ba Bakanana le lichaba tse ling tse ba potolohileng. Ka baka leo, ba ile ba tlōla kamano ea bona ea selekane le Molimo. Hore o ba lokise le ho ba tataisetsa hore ba khutle, Jehova o ile a romela mokoloko oa baprofeta ba neng ba nkile melaetsa ea hae e eang ho sechaba. Kahoo, boprofeta bo ile ba fetoha tšobotsi e ’ngoe e ikhethang ea bolumeli ba Bajode ’me bo bōpa boholo ba Mangolo a Seheberu. Haele hantle, libuka tse 18 tsa Mangolo a Seheberu li rehelletsoe ka baprofeta.—Esaia 1:4-17.
14. Liketsahalo li ile tsa paka baprofeta ba Iseraele e le ba buileng ’nete joang?
14 Ba hlahelletseng har’a baprofeta ba joalo e ne e le Esaia, Jeremia, le Ezekiele, bao kaofela ha bona ba ileng ba lemosa ka kotlo e haufi ea Jehova ho sechaba bakeng sa borapeli ba sona ba melimo ea litšoantšo. Kotlo ena e tlile ka 607 B.C.E. ha, ka lebaka la bokoenehi ba Iseraele, Jehova a lumella Babylona, ’muso oa lefatše o neng o busa ka nako eo, hore e lihe Jerusalema le tempele ea eona ’me e nke sechaba ho se isa botlamuoeng. Baprofeta ba ile ba pakoa ba nepile ho seo ba neng ba ile ba se bolela pele ho nako, ’me botlamuoa ba Iseraele ka lilemo tse 70 karolong e khōlō ea lekholo la botšelela la lilemo B.C.E. ke taba e pakoang ke litlaleho tsa histori.—2 Likronike 36:20, 21; Jeremia 25:11, 12; Daniele 9:2.
15. (a) Mofuta o mocha oa borapeli o ile oa tiea joang har’a Bajode? (b) Matlo a thapelo a bile le phello efe borapeling ba Jerusalema?
15 Ka 539 B.C.E., Cyruse Mopersia o ile a hlōla Babylona ’me a lumella Bajode hore ba ahe hape naheng ea habo bona le ho tsosa tempele ea Jerusalema. Le hoja masala a ile a lumela, boholo ba Bajode bo ile ba sala tlas’a tšusumetso ea mokhatlo oa Bababylona. Hamorao Bajode ba ile ba susumetsoa ke meetlo ea Bapersia. Ka baka leo, metse ea Bajode e ile ea hlaha Bochabela bo Hare le ho pota-pota Mediterranean. Motseng o mong le o mong ho ile ha e-ba le mofuta o mocha oa borapeli o neng o akarelletsa ntlo ea thapelo, setsi sa phutheho ea Bajode motseng o mong le o mong. Ka ho utloahalang, tokisetso ena e ile ea nyametsa khatiso e neng e beoa tempeleng e hahiloeng bocha Jerusalema. Bajode ba qhala-qhalaneng joale ba ne ba qhalanetse lefatšeng kannete.—Esdrase 2:64, 65.
Bojode bo Hlaha ka Seaparo sa Bogerike
16, 17. (a) Ke tšusumetso efe e ncha e neng e haola le lefatše la Mediterranean lekholong la bone la lilemo B.C.E.? (b) Ke bo-mang bao e bileng likofuto tsa ho jala meetlo ea Bagerike, hona joang? (c) Joale Bojode bo ile ba hlahella joang kahoo mahlong a lefatše?
16 Lekholong la bone la lilemo B.C.E., lihlopha tsa Bajode li ne li le boemong ba ho khelosetsoa koana le koana ’me kahoo ba ne ba le mocheng oa ho koenngoa ke maqhubu a meetlo eo e seng ea Sejode e neng e kopela lefatše la Mediterranean le libaka tse ka ’nģane ho lona. Metsi a ne a e-tsoa Greece, ’me Bojode bo ile ba bitoha ho oona bo apere seaparo sa Segerike.
17 Ka 332 B.C.E. molaoli oa Mogerike Alexander e Moholo o ile a hapa Bochabela bo Hare ka khapo e potlakileng haholo ’me o ile a amoheloa ke Bajode ha a fihla Jerusalema.d Bahlahlami ba Alexander ba ile ba ntšetsa pele litokisetso tsa hae tsa ho etsa bohle ba amohela Segerike, ba hemela likarolo tsohle tsa ’muso ka puo, meetlo, le filosofi tsa Segerike. Ka baka leo, meetlo ea Bagerike le Bajode e ile ea qala ho tsoakana ka mokhoa o neng o tla ba le liphello tse makatsang.
18. (a) Ke hobane’ng ha phetolelo ea Segerike ea Septuagint ea Mangolo a Seheberu e ne e hlokahala? (b) Ke tšobotsi efe ea meetlo ea Bagerike e ileng ea ama Bajode ka ho khetheha?
18 Bajode ba qhala-qhalaneng ba ile ba qala ho bua Segerike ho e-na le Seheberu. Ka hona ho ea qalong ea lekholo la boraro la lilemo B.C.E., phetolelo ea pele ea Mangolo a Seheberu ka Segerike, e bitsoang Septuagint, e ile ea qalisoa, ’me ka eona, Balichaba ba bangata ba ile ba qala ho hlompha le ho tloaelana le bolumeli ba Bajode, ba bang ba bile ba sokolohela ho bona.e Bajode, ka lehlakoreng le leng, ba ne ba tloaelana le monahano oa Segerike ’me ba bang ba bile ba fetoha bo-rafilosofi, ntho eo ho hang e neng e le ncha ho Bajode. Mohlala o mong ke Philo oa Alexandria oa lekholong la pele la lilemo C.E., ea ileng a leka ho hlalosa Bojode ka mantsoe a filosofi ea Segerike, joalokaha eka ka bobeli li ne li bolela linnete tse tšoanang tsa motheo.
19. Sengoli se seng sa Mojode se hlalosa nako eo ea ho kopanngoa ha meetlo ea Bagerike le Bajode joang?
19 Ha se akaretsa nako ena ea ho sekisetsa pakeng tsa meetlo ea Segerike le ea Sejode, sengoli sa Mojode Max Dimont se re: “Li tletse khopolo ea Plato, mokhoa oa ho nahana oa Aristotle, le saense ea Euclid, litsebi tsa Sejode li ile tsa atamela Torah ka lihlomo tse ncha. . . . Li ile tsa tsoela pele ho phaella monahano oa Segerike tšenolong ea Sejode.” Liketsahalo tse neng li tla etsahala tlas’a puso ea Roma, e ileng ea koenya ’Muso oa Bagerike le Jerusalema ka morao ho moo ka selemo sa 63 B.C.E., li ne li tla hleka tsela bakeng sa liphetoho tse susumetsang haholoanyane.
Bojode Tlas’a Puso ea Roma
20. Boemo ba bolumeli e ne e le bofe har’a Bajode lekholong la pele la lilemo C.E.?
20 Bojode ba lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng bo ne bo le boemong bo ikhethang. Max Dimont o bolela hore bo ne bo eme pakeng tsa “kelello ea Greece le sabole ea Roma.” Litebello tsa Bajode li ne li phahame ka lebaka la khatello ea lipolotiki le litlhaloso tsa boprofeta ba Bomessia, haholo-holo ba Daniele. Bajode ba ne ba arohane ka lihlopha. Bafarisi ba ne ba hatisa molao o boleloang ka molomo (bona se ka lebokoseng, leqepheng la 221) ho e-na le mahlabelo tempeleng. Basadduse ba ne ba hatisa bohlokoa ba tempele le boprista. Joale ho ne ho e-na le Baessene, Bazealot, le Baheroda. Kaofela ba ne ba sa utloane bolumeling le filosofing. Baeta-pele ba Bajode ba ne ba bitsoa bo-rabbi (benghali, matichere) bao, ka lebaka la tsebo ea bona ea Molao, ba ileng ba tuma ’me ba fetoha mofuta o mocha oa baeta-pele ba moea.
21. Ke liketsahalo life tse ileng tsa ama ka matla Bajode ba makholong a mabeli a pele a lilemo C.E.?
21 Leha ho le joalo, likarohano ka hare le ka ntle ho Bojode li ile tsa tsoela pele, haholo-holo naheng ea Iseraele. Qetellong, bofetoheli bo pepenene bo ile ba qhoma khahlanong le Roma, ’me ka 70 C.E., mabotho a Roma a ile a thibella Jerusalema, a senya motse ka ho felletseng, a chesa tempele ea oona hore e se ke ea bonahala, ’me a qhalanya baahi ba oona. Qetellong, ha laeloa hore Jerusalema ke sebaka seo Bajode ba sa lumelloang ho kena ho sona ho hang. Bo se na tempele, bo se na naha, batho ba bona ba qhalanyelitsoe hohle ’Musong oa Roma, Bojode bo ne bo hloka hore bo itlhalose bocha haeba bo ne bo tla ’ne bo be teng.
22. (a) Bojode bo ile ba angoa joang ke ho lahleheloa ke tempele Jerusalema? (b) Bajode ba arola Bibele joang? (c) Talmud ke eng, hona e ile ea hōla joang?
22 Ka ho timetsoa ha tempele, Basadduse ba ile ba nyamela, ’me molao o boleloang ka molomo oo Bafarisi ba neng ba o buella o ile oa fetoha setsi sa Bojode bo bocha ba bo-Rabbi. Boithuto bo matla haholoanyane, thapelo, le mesebetsi ea botšepehi li ile tsa nka sebaka sa mahlabelo tempeleng le maeto a bolumeli a ho ea tempeleng. Kahoo, Bojode bo ne bo ka sebelisoa kae kapa kae, ka nako leha e le efe, tikolohong ea moetlo ofe kapa ofe. Bo-rabbi ba ile ba etsa hore molao ona o boleloang ka molomo o ngoloe, ho phaella ho qapeng litlhaloso tsa oona, le litlhaloso tse hlalosang litlhaloso tse seng li entsoe, seo kaofela se ileng sa tsejoa e le Talmud.—Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 220-1.
23. Ke phetoho efe ea seo ho neng ho behoa khatiso ho sona e ileng ea etsahala tlas’a tšusumetso ea monahano oa Segerike?
23 Phello ea litšusumetso tsena tse sa tšoaneng e bile efe? Max Dimont bukeng ea hae Jews, God and History o bolela hore le hoja Bafarisi ba ne ba nkile lebone la khopolo ea Bajode le bolumeli ba bona, “lebone ka bolona le ne le hotelitsoe ke bo-rafilosofi ba Bagerike.” Le hoja boholo ba Talmud bo ne bo khomaretse ho bolokoa ha molao ka thata-thata, lipapiso le litlhaloso tsa eona li ne li bontša tšusumetso e hlakileng ea filosofi ea Bagerike. Ka mohlala, likhopolo tsa bolumeli tsa Segerike, tse kang hore moea ha o shoe, li ne li hlalosoa ka mantsoe a Sejode. Kannete, mehleng eo e mecha ea bo-Rabbi, ho hlomphuoa ha Talmud—eo ka nako eo e neng e le motsoako oa filosofi e khomaretseng molao ka thata-thata le ea Segerike—ho ile ha hōla har’a Bajode ho fihlela ha Mehleng e Bohareng, Bajode ba hlompha Talmud ho feta Bibele ka boeona.
Bojode ho Theosa le Mehla e Bohareng
24. (a) Ke lihlopha life tse peli tse khōlō tse ileng tsa hlaha har’a Bajode Mehleng e Bohareng? (b) Li ile tsa susumetsa Bojode joang?
24 Nakong ea Mehla e Bohareng (ho tloha ka hoo e ka bang 500 ho ea ho 1500 C.E.), lihlopha tse peli ka ho khethehileng tsa Sejode li ile tsa hlaha—Bajode ba Sephardi, ba ileng ba ata haholo tlas’a puso ea Mamosleme Spain, le Bajode ba Ashkenazi Europe e bohareng le e bochabela. Lihlopha tsena ka bobeli li ile tsa hlahisa litsebi tsa bo-Rabbi tseo lingoliloeng tsa tsona le likhopolo li bōpang motheo bakeng sa litlhaloso tsa bolumeli ba Sejode ho fihlela kajeno. Ho thahasellisang, meetlo e mengata le mekhoa ea bolumeli tse teng kajeno Bojodeng ka sebele li qalehile nakong ea Mehla e Bohareng.—Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 231.
25. Kereke e K’hatholike qetellong e ile ea itšoara joang ho Bajode ba Europe?
25 Lekholong la lilemo la bo12, ho ile ha qaleha leqhubu la ho lelekoa ha Bajode linaheng tse sa tšoaneng. Joalokaha sengoli sa Moiseraele Abba Eban se hlalosa ho My People—The Story of the Jews: “Naheng leha e le efe . . . e ileng ea oela tšusumetsong e sekametseng Kerekeng e K’hatholike, pale ea tšoana: ho kokobetsoa, ho hlokofatsoa, ho fenethoa, le ho lelekoa ka mokhoa o tšosang.” Qetellong, ka 1492, Spain, eo hang hape e neng e khutletse tlas’a puso ea K’hatholike, e ile ea latela se etsahalang ’me ea laela hore Bajode bohle ba lelekoe sebakeng sa eona. Kahoo qetellong ea lekholo la lilemo la bo15, Bajode ba ne ba lelekiloe hoo e ka bang hohle Europe Bophirima, ba balehela Europe Bochabela le linaheng tse pota-potileng Mediterranean.
26. (a) Ke eng e ileng ea tsoala ho soetseha har’a Bajode? (b) Ke likarolo life tse khōlō tse ileng tsa qala ho hōla har’a Bajode?
26 Ho theosa le makholo a lilemo a ho hatelloa le ho hlorisoa, ba bangata ba neng ba ipolela hore ke bo-Messia ba ile ba hlaha har’a Bajode likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše, kaofela ba amoheloa ka tekanyo e itseng, empa qetello e le ho soetseha. Lekholong la lilemo la bo17, ho ne ho hlokahala boiteko bo bocha ba ho tsosolosa Bajode le ho ba nyolla nakong ena ea lefifi. Bohareng ba lekholo la lilemo la bo18, ho ile ha hlaha karabo tsielehong eo batho ba Bajode ba neng ba e utloa. E ne e le Bohasid (bona se ka lebokoseng, leqepheng la 226), motsoako oa tumelo ea mehlolo le bolumeli ba ho haptjoa maikutlo tse neng li bonahatsoa boinehelong ba letsatsi le letsatsi le mosebetsing. Ho fapana le moo, hoo e ka bang ka nako e tšoanang, rafilosofi Moses Mendelssohn, Mojode oa Jeremane, o ile a fana ka pheko e ’ngoe, tsela ea Haskala, kapa ea ho fumana tsebo, e neng e tla isa ho seo ho latela histori se neng se tla nkoa e le “Bojode ba Kajeno.”
Ho Tloha ‘ho Fumaneng Tsebo’ ho ea Mokheng oa Bozion
27. (a) Moses Mendelssohn o ile a susumetsa maikutlo a Bajode joang? (b) Bajode ba bangata ba ile ba lahla tšepo ea Messia oa bona joang?
27 Ho latela Moses Mendelssohn (1729-86), Bajode ba ne ba tla amoheleha haeba ba ne ba ka tsoa tlas’a lithibelo tsa Talmud ’me ba lumellana le meetlo ea Bophirima. Mehleng ea hae, o ile a fetoha e mong oa Bajode ba neng ba hlomphuoa haholo ke lefatše la Balichaba. Leha ho le joalo, ho qhoma ho hocha ha mabifi khahlanong le Bajode lekholong la lilemo la bo19, haholo-holo Russia ea “Bokreste,” ho ile ha soetsa balateli ba mokhatlo ona, ’me ba bangata joale ba ile ba lebisa tlhokomelo ho fumaneleng Bajode tšireletso ea lipolotiki. Ba ile ba hana khopolo ea Messia oa botho ea neng a tla etella Bajode pele ho ba khutlisetsa Iseraele eaba ba qala mosebetsi oa ho thea ’Muso oa Bajode ka mekhoa e meng. Hona joale ho ile ha fetoha khopolo ea Bozion: ‘ho lahla ha Bajode tumelo ea hore ba tla lopolloa ke Messia,’ kamoo ho bolelang setsebi se seng.
28. Ke liketsahalo life lekholong la lilemo la bo20 tse ammeng maikutlo a Bajode?
28 Ho fenethoa ha Bajode ba Europe ba ka bang limillione tse tšeletseng ho Rinngoeng ha Bajode ho neng ho susumelitsoe ke Bonazi (1935-45) ho ile ha neha Bozion matla a bona a ho qetela ’me ha bo fumanela qenehelo e khōlō lefatšeng ka bophara. Toro ea Bozion e ile ea fetoha ’nete ka 1948 ka ho theoa ha ’Muso oa Iseraele, ho re tlisang Bojodeng mehleng ea rōna le potsong, Bajode ba kajeno ba lumela eng?
Molimo O Mong
29. (a) Ka mantsoe a bonolo, Bojode ba kajeno ke eng? (b) Bajode ba itsebahatsa joang? (c) E meng ea mekete le meetlo ea Bajode ke efe?
29 Ka mantsoe a bonolo, Bojode ke bolumeli ba batho ba itseng. Ka baka leo, ea sokolohelang ho bona o fetoha karolo ea batho ba Bajode hammoho le bolumeli ba Bajode. Ke bolumeli bo rapelang Molimo o le mong ka kutloisiso e thata-thata le bo lumelang hore Molimo o kenella historing ea batho, haholo-holo kamanong le Bajode. Borapeli ba Bajode bo akarelletsa mekete e mengata ea selemo le selemo le meetlo e sa tšoaneng. (Bona se ka lebokoseng, maqepheng a 230-1.) Le hoja ho se litumelo kapa lithuto tse amoheloang ke Bajode bohle, polelo ea hore ho na le Molimo o le mong joalokaha e hlalositsoe ho Shema, thapelo e theiloeng ho Deuteronoma 6:4 (JP), e bōpa karolo e setsing ea borapeli matlong a thapelo: “UTLOA, ISERAELE: MORENA MOLIMO OA RŌNA, KE MORENA A LE MONG.”
30. (a) Kutloisiso ea Bajode ka Molimo ke efe? (b) Pono ea Bojode ka Molimo e hanana joang le ea Bokreste-’mōtoana?
30 Tumelo ena ho Molimo o le mong e ile ea fetisetsoa Bokresteng le Boislāmong. Ho latela Dr. J. H. Hertz, eo e leng rabbi: “Polelo ena e phahameng ea hore ho na le Molimo o le mong ka ho felletseng e bile phatlalatso ea ntoa khahlanong le ho rapeloa hohle ha melimo e mengata . . . Ka tsela e tšoanang, Shema e qhela boraro-bo-bong ba tumelo ea Bakreste e le ho tlōla Bonngoe ba Molimo.”f Empa joale a re reteleheleng tumelong ea Bajode tabeng ea bophelo ka morao ho lefu.
Lefu, Moea, le Tsoho
31. (a) Thuto ea hore moea ha o shoe e ile ea kena joang thutong ea Sejode? (b) Thuto ea hore moea ha o shoe e ile ea baka qaka efe?
31 E ’ngoe ea litumelo tsa motheo tsa Bojode ba kajeno ke hore motho o na le moea o sa shoeng o pholohang ha ’mele oa hae o e-shoa. Empa na see se simolohile Bibeleng? Encyclopaedia Judaica ka ho toba ea lumela: “Mohlomong e bile tlas’a tšusumetso ea Segerike moo thuto ea hore moea ha o shoe e ileng ea kena Bojodeng.” Leha ho le joalo, sena se ile sa baka qaka thutong, joalokaha buka eona eo e re: “Ha e le hantle litumelo tse peli ea tsoho le ea hore moea ha o shoe lia hanyetsana. E ’ngoe e bua ka tsoho e akaretsang qetellong ea mehla, ke hore, hore bafu ba robetseng lefatšeng ba tla tsoha mabitleng, ha e ’ngoe e bua ka boemo ba moea ka morao ho lefu la ’mele.” Qaka ee e ile ea rarolloa joang thutong ea ho tseba Molimo ea Sejode? “Ho ne ho lumeloa hore ha motho a e-shoa moea oa hae o sa ntsane o phela sebakeng se seng (hona ho ile ha tsoala litumelo tsohle tse mabapi le leholimo le lihele) ha ’mele oa hae o ntse o rapalletse lebitleng o emetse tsoho ea ’mele ea bohle ba shoeleng mona lefatšeng.”
32. Bibele e re’ng ka bafu?
32 Tichere ea univesithi Arthur Hertzberg ea ngola: “Ka Bibeleng [ea Seheberu] ka boeona sebaka seo motho a lokelang ho phela ho sona ke lefatše lena. Ha ho thuto ea leholimo le lihele, ke feela khopolo e hōlang ea tsoho e tla qetella e tletse bafu qetellong ea mehla.” Eo ke tlhaloso e bonolo le e nepahetseng ea khopolo ea Bibele, e leng hore, “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 10, Bibele ea Sesotho; Daniele 12:1, 2; Esaia 26:19.
33. Bajode ba ne ba talima thuto ea tsoho joang qalong?
33 Ho latela Encyclopaedia Judaica, “Nakong ea bo-rabbi thuto ea tsoho ea bafu e nkoa e le e ’ngoe ea lithuto tsa sehlooho Bojodeng” ’me “e lokela ho khetholloa tumelong ea . . . hore moea ha o shoe.”g Leha ho le joalo, le hoja kajeno thuto ea hore moea ha o shoe e amoheloa ke lihlopha tsohle tsa Bojode, ha ho joalo ka tsoho ea bafu.
34. Ho fapana le pono ea Bibele, Talmud e bua ka moea e le eng? Lingoli tsa moraonyana li hlalosa eng?
34 Ho fapana le Bibele, Talmud, e susumelitsoe ke Bagerike, e tletse litlhaloso le lipale esita le lipapiso tsa moea o sa shoeng. Hamorao lingoliloeng tsa Sejode tsa tumelo ea mehlolo, Kabbala, li nka bohato bo pejana hoo li bileng li rutang ho tsoaloa ka ’mele o mocha (ho kena ha moea ’meleng osele), hoo haholo-holo e leng thuto ea boholo-holo ea Bohindu. (Bona Khaolo 5.) Iseraele kajeno, sena se amoheloa ka bophara e le thuto ea Sejode, ’me hape se nka karolo ea bohlokoa tumelong ea Bohasid le ho lingoliloeng tsa bona. Ka mohlala, Martin Buber o akarelletsa sena bukeng ea hae Tales of the Hasidim—The Later Masters khopolo-taba e buang ka moea e tsoang sekolong sa Elimeleke, rabbi oa Lizhensk: “Ka Letsatsi la Lipheko, ha Rabbi Abraham Yehoshua a ne a ee a phete ka hlooho Avodah, thapelo e phetang tšebeletso ea moprista e moholo Tempeleng e Jerusalema, ’me a ne a fihla temaneng e reng: ‘’Me a rialo,’ ho ne ho se mohla a buang mantsoe ao, empa o ne a ee a re: ‘’Me ka rialo.’ Hobane o ne a sa lebala nako eo ka eona moea oa hae o neng o le ka hare ho ’mele oa moprista e moholo oa Jerusalema.”
35. (a) Bojode ba Liphetoho bo nkile boemo bofe thutong ea hore moea ha o shoe? (b) Thuto e hlakileng ea Bibele ka moea ke efe?
35 Bojode ba Liphetoho bo fetelletse hoo bo hanang ho lumela tsoho. Kaha bo tlositse lentsoe leo libukeng tsa thapelo tsa Liphetoho, bo hlokomela feela tumelo ea hore moea ha o shoe. Maikutlo a Bibele a hlakile haholoanyane hakaakang joalokaha a hlalositsoe ho Genese 2:7: “MORENA Molimo oa bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me oa phefumolohela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela; ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (JP) Ho kopanngoa ha ’mele le moea, kapa matla a bophelo, li etsa “moea o phelang.”h (Genese 2:7; 7:22; Pesaleme ea 146:4) Ho fapana le hoo, ha motho oa moetsalibe a e-shoa, moea le oona oa shoa. (Ezekiele 18:4, 20) Kahoo, lefung motho o khaotsa ho phela leha e le hofe ho nang le boikutlo. Matla a hae a bophelo a khutlela ho Molimo o neng o fane ka ’ona. (Moeklesia 3:19; 9:5, 10; 12:7) Tšepo ea ’nete ea Bibele ea bafu ke tsoho—Seheberu: techi·yathʹ ham·me·thimʹ, kapa “ho tsosoa ha bafu.”
36, 37. Baheberu ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ne ba lumela eng ka bophelo ba ka moso?
36 Le hoja qeto ena e ka ’na ea makatsa le bona Bajode ba bangata, tsoho e bile tšepo ea ’nete ea barapeli ba Molimo oa ’nete ka lilemo tse likete. Hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 3 500, Jobo ea tšepahalang, ea neng a utloa bohloko o ile a bua ka nako ea ka moso ea ha Molimo o ne o tla mo tsosa Sheol, kapa lebitleng. (Jobo 14:14, 15) Moprofeta Daniele le eena o ne a kholisehile hore o ne a tla tsosoa “bofelong ba matsatsi.”—Daniele 12:2, 12, (13, JP; Bibele ea Sesotho).
37 Ha ho motheo ka Mangolong oa ho bolela hore Baheberu bao ba tšepahalang ba ne ba lumela hore ba na le moea o sa shoeng o neng o tla pholoha ho ea lefatšeng la ka morao ho lefu. Ka ho hlakileng ba ne ba e-na le lebaka le lekaneng la ho lumela hore Morena ’Musi, ea balang le ea laolang linaleli tsa bokahohle, o ne a tla boela a ba hopole nakong ea tsoho. Ba ne ba tšepahetse ho eena le lebitso la hae. O ne a tla tšepahala ho bona.—Pesaleme ea 18:26 (25, NW); 147:4; Esaia 25:7, 8; 40:25, 26.
Bojode le Lebitso la Molimo
38. (a) Ho etsahetse eng ka makholo a lilemo mabapi le ho sebelisoa ha lebitso la Molimo? (b) Motheo oa lebitso la Molimo ke ofe?
38 Bojode bo ruta hore le hoja lebitso la Molimo le le teng ka sebōpeho se ngotsoeng, le halalela haholo hore le ka bitsoa.i Phello e bile hore, lilemong tse fetileng tse 2 000, mokhoa o nepahetseng oa ho le bitsa o ile oa lahleha. Leha ho le joalo, Bajode ha baa ka ba nka boemo boo ka linako tsohle. Hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 3 500, Molimo o ile oa bua le Moshe, o re: “U tla bolella Baiseraele joalo: MORENA [Seheberu: יהוה, YHWH], Molimo oa bo-ntat’a lōna, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna: Lena e tla ba lebitso la Ka ka ho sa feleng, e be mokhoa o khethollang ’Na ka ho sa eeng kae.” (Exoda 3:15; Pesaleme ea 135:13) Lebitso leo le mokhoa oo o khethollang ke lefe? Se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ho Tanakh se re: “Lebitso YHWH (ka neano le baloa e le Adonai “MORENA”) mona le amahanngoa le motso hayah ‘ho ba.’” Kahoo, mona re na le lebitso le halalelang la Molimo, lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo YHWH (Yahweh) tseo sebopehong sa tsona sa Selatine hona joale ka Senyesemane li tsebiloeng ka makholo a lilemo e le JEHOVAH.
39. (a) Ke hobane’ng ha lebitso la Molimo e le la bohlokoa? (b) Ke hobane’ng ha Bajode ba khaolitse ho bitsa lebitso la Molimo?
39 Historing eohle, ka mehla Bajode ba ’nile ba beha bohlokoa bo boholo lebitsong la botho la Molimo, le hoja khatiso tšebelisong ea lona e se e fetohile haholo ho tloha mehleng ea boholo-holo. Joalokaha Dr. A. Cohen a bolela ho Everyman’s Talmud: “Tlhompho e khethehileng [e ne e] hokelletsoe ‘Lebitsong le khethehileng’ (Shem Hamephorash) la Molimo leo O neng o le senoletse batho ba Iseraele, e leng lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo, JHVH.” Lebitso la Molimo le ne le hlomphuoa hobane le ne le emela le bile le tšoantša Molimo ka booona. Haele hantle, ke Molimo ka booona o ileng oa phatlalatsa lebitso la oona le ho bolella barapeli ba oona hore ba le sebelise. Sena se hatisoa ke ho hlaha ha lebitso ka makhetlo a 6 828 ka Bibeleng ea Seheberu. Leha ho le joalo, Bajode ba chesehang, ba ikutloa hore ke ho hloka tlhompho ho bitsa lebitso la botho la Molimo.j
40. Litsebi tse ling tsa Sejode li boletse eng mabapi le ho sebelisoa ha lebitso la Molimo?
40 Mabapi le molao oa boholo-holo oa bo-rabbi (e seng oa Bibele) o khahlanong le ho bitsa lebitso lena, A. Marmorstein, eo e leng rabbi, o ile a ngola bukeng ea hae The Old Rabbinic Doctrine of God: “Ho na le nako eo ka eona thibelo ena [ea ho sebelisa lebitso la Molimo] e neng e sa tsejoe ho hang har’a Bajode . . . Leha e le Egepeta, kapa Babylonia, Bajode ha baa ka ba tseba kapa ba boloka molao o neng o thibela ho sebelisoa ha lebitso la Molimo, lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo, moqoqong o tloaelehileng kapa tumelisong e tloaelehileng. Leha ho le joalo, ho tloha lekholong la lilemo la boraro B.C.E. ho tla fihlela lekholong la boraro la lilemo A.C.E. thibelo e joalo e ile ea e-ba teng ’me ea bolokoa ka mokhoa o sa fellang.” Hase feela hore ho sebelisoa ha lebitso ho ne ho lumelletsoe linakong tsa pejana empa, joalokaha Dr. Cohen a bolela: “Ho ne ho e-na le nako eo ka eona ho neng ho buelloa hore le batho feela ba sebelise Lebitso lena ka bolokolohi le pepenene . . . Ho ’nile ha fanoa ka maikutlo a hore khothalletso ena e ne e theiloe takatsong ea ho khetholla Moiseraele ho [Molichaba].”
41. Ho latela rabbi e mong, ke litšusumetso life tse ileng tsa thibela ho sebelisoa ha lebitso la Molimo?
41 Joale ke eng e ileng ea thibela ho sebelisoa ha lebitso la Molimo? Dr. Marmorstein oa araba: “Khanyetso ea Segerike bolumeling ba Bajode, ho koeneha ha baprista le marena, ho ile ha kenya le ho thea molao oa hore ho se ke ha bitsoa lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo Sehalalelong [tempele e Jerusalema].” Chesehong ea bona e fetelletseng ea ho qoba ho nka lebitso la Molimo ka mokhoa oa lefeela, ba ile ba senya ka ho felletseng tšebeliso ea lona puong le ho senya le ho hlapolla ho tsebahala ha Molimo oa ’nete. Tlas’a khatello e kopanetsoeng ea khanyetso ea bolumeli le bokoenehi, lebitso la Molimo ha lea ka la hlola le sebelisoa har’a Bajode.
42. Tlaleho ea Bibele e bontša eng ka ho sebelisoa ha lebitso la Molimo?
42 Leha ho le joalo, joalokaha Dr. Cohen a bolela: “Ho bonahala nakong ea Bibele ho ne ho se ho tsila-tsila ha letho ho bakoang ke ho tšoha ha ho ne ho sebelisoa [lebitso la Molimo] puong ea letsatsi le letsatsi.” Mopatriareka Abrahama o ile “a rapela MORENA ka lebitso.” (Genese 12:8) Boholo ba bangoli ba Bibele ea Seheberu ba ile ba sebelisa lebitso lena ka bolokolohi empa e le ka tlhompho ho theosa ho ea fihla ho Malakia lekholong la lilemo la bohlano B.C.E.—Ruthe 1:8, 9, 17.
43. (a) Ke eng e hlakileng haholo mabapi le ho sebelisoa ha lebitso la Molimo Sejodeng? (b) Phello e ’ngoe e sa tobang ea hore Bajode ba khaotse ho sebelisa lebitso la Molimo e bile efe?
43 Ho hlakile haholo hore Baheberu ba boholo-holo ba ne ba sebelisa ba bile ba bitsa lebitso lena la Molimo. Marmorstein oa lumela mabapi le phetoho e ileng ea tla hamorao: “Hobane nakong ena, lilemong tsa pele tse mashome a mahlano tsa lekholo la boraro la lilemo [B.C.E.], phetoho e khōlō tšebelisong ea lebitso la Molimo ea hlokomeleha, e ileng ea tlisa liphetoho tse ngata thutong ea ho tseba Molimo ea Sejode le thutong ea filosofi, eo litšusumetso tsa eona li utloahalang ho tla fihlela letsatsing la kajeno.” E ’ngoe ea liphello tsa ho lahleheloa ke lebitso lena ke hore khopolo ea Molimo o sa tsejoeng e ile ea thusa ho bōpa lekhalo thutong ea ho tseba Molimo leo ho lona ho ileng ha hōla habonolo thuto ea Bokreste-’mōtoana ea Boraro-bo-bong.k—Exoda 15:1-3.
44. Tse ling tsa liphello tse bakiloeng ke ho hatakeloa ha lebitso la Molimo ke life?
44 Ho hana ho sebelisa lebitso la Molimo ho felisa borapeli ba Molimo oa ’nete. Joalokaha mohlalosi e mong a ile a re: “Ka bomalimabe, ha ho buuoa ka Molimo e le ‘Morena, lentsoe leo, le hoja le nepahetse, ke le se nang mofuthu le le sa khetholleheng . . . Ho hlokahala hore motho a hopole hore ka ho fetolela YHWH kapa Adonay e le ‘Morena, o kenya litemaneng tse ngata tsa Testamente ea Khale ntlha e se nang bophelo, eo e leng mokhoa kapa e hōle eo ho hang e leng esele litemaneng tsa pele.” (The Knowledge of God in Ancient Israel) Ke ho soabisang hakaakang ho bona lebitso le phahameng le la bohlokoa Yahweh, kapa Jehova, le le sieo liphetolelong tse ngata tsa Bibele empa ka ho hlakileng le hlaha ka makhetlo a likete litemaneng tsa pele tsa Seheberu!—Esaia 43:10-12.
Na Bajode ba sa Ntsane ba Emetse Messia?
45. Ke motheo ofe o teng oa Bibele bakeng sa ho lumela ho Messia?
45 Ho na le boprofeta bo bongata ka Mangolong a Seheberu boo lilemong tse ka holimo ho 2 000 tse fetileng Bajode ba ileng ba nka tšepo ea bona ea Messia ho bona. Samuele oa Bobeli 7:11-16 e ile ea bontša hore Messia e ne e tla ba oa lesika la Davida. Esaia 11:1-10 e ile ea profeta hore o ne a tla tlisetsa moloko oohle oa batho ho loka le khotso. Daniele 9:24-27 e ile ea fana ka letoto la liketsahalo tsa ho hlaha ha Messia le ho khaoloa ha hae lefung.
46, 47. (a) Bajode ba neng ba phela tlas’a puso ea Roma ba ne ba lebelletse Messia oa mofuta ofe? (b) Ke phetoho efe e etsahetseng litebellong tsa Bajode mabapi le Messia?
46 Joalokaha Encyclopaedia Judaica e hlalosa, lekholong la lilemo la pele, litebello tsa Bomessia li ne li phahame. Messia o ne a lebelletsoe ho ba “ngoana ea tsoang ho Davida ea fuoeng matla a mohlolo eo Bajode ba mehleng ea Roma ba neng ba lumela hore o tla hlahisoa ke Molimo ho roba joko ea bahetene le ho busa holim’a ’muso o tsositsoeng oa Iseraele.” Leha ho le joalo, Messia ea likhoka eo Bajode ba neng ba mo lebelletse o ne a sa tl’o tla.
47 Leha ho le joalo, The New Encyclopædia Britannica ea hlokomela, tšepo ea Bomessia e ne e le ea bohlokoa ho momahanya sechaba sa Bajode hore se fete liphihlelong tsa sona tse ngata tse bohloko: “Ha ho pelaelo hore Bojode ka tekanyo e khōlō bo khonne ho tsoela pele ka lebaka la tumelo e matla tšepisong ea bomessia le nakong e tlang ea hae.” Empa ka ho phahama ha Bojode ba kajeno pakeng tsa makholo a lilemo la bo18 le la bo19, Bajode ba bangata ba ile ba tlohela ho emela ha bona Messia ho se khato ea letho e mafolo-folo eo ba e nkileng. Qetellong, ka ho Rinngoa ha Bajode tlas’a tšusumetso ea Bonazi, ba bangata ba ile ba felloa ke mamello ea bona le tšepo. Ba ile ba qala ho talima molaetsa oa Bomessia e le tšitiso ’me kahoo ba o hlalosa ka tsela e fapaneng e le feela mehla e mecha ea nala le khotso. Ho tloha ka nako eo, le hoja mekhelo e le teng, Bajode ka kakaretso ho hang ba ke ke ba boleloa e le ba emetseng Messia oa bona.
48. Ke lipotso life tse ka botsoang ka ho utloahalang mabapi le Bojode?
48 Phetoho ena e isang bolumeling bo se nang Messia e hlahisa lipotso tse tebileng. Na Bajode ba ne ba fositse ka lilemo tse likete ha ba lumela hore Messia e ne e tla ba motho ea itseng? Ke mofuta ofe oa Bojode o tla thusa motho ha a batla Molimo? Na ke Bojode ba boholo-holo ka mahoholi a bona a tsoang filosofing ea Segerike? Kapa na ke o mong oa mefuta ea Bojode e sa lumeleng ho Messia e ileng ea hlaha lilemong tse fetileng tse 200? Kapa na ho na le tsela e ’ngoe hape eo ka botšepehi le ka nepo e bolokileng tšepo ea Bomessia?
49. Ke memo efe e etsetsoang Bajode ba tšepahalang?
49 Re ntse re hopotse lipotso tsena, re etsa tlhahiso ea hore Bajode ba tšepahalang ba hlahlobe bocha taba ea Messia ka ho batlisisa lipolelo tse mabapi le Jesu oa Nazaretha, e seng kamoo Bokreste-’mōtoana bo ileng ba mo emela kateng, empa kamoo bangoli ba Baheberu ba Mangolo a Segerike ba mo emelang kateng. Ho na le phapang e khōlō. Malumeli a Bokreste-’mōtoana a tlatselitse ho haneng ha Bajode Jesu ka thuto ea ’ona eo e seng ea Bibele ea Boraro-bo-bong, eo ka ho hlakileng e sa amoheleheng ho Mojode leha e le ofe ea ratang thuto e hloekileng ea hore “MORENA MOLIMO OA RŌNA, KE MORENA A LE MONG.” (Deuteronoma 6:4, JP) Ka baka leo, re u mema hore u bale khaolo e latelang ka kelello e se nang leeme hore u tsebe Jesu oa Mangolo a Segerike.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa le Genese 5:22-24, New World Translation of the Holy Scriptures—With References, ntlha ea bobeli ea se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe bakeng sa temana ea 22.
b Mangolo ’ohle a qotsitsoeng khaolong ena, ntle leha ho bontšitsoe kahosele, a tsoa ho Tanakh, A New Translation of the Holy Scriptures, ea litsebi tsa Mokhatlo oa Phatlalatso oa Sejode ea mehleng ea kajeno (1985).
c Lethathamo le fanoeng mona la liketsahalo le theiloe litemaneng tsa Bibele e le oona mohloli oa matla. (Bona buka “All Scripture Is Inspired of God and Beneficial,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of N.Y., Inc., Study 3, “Measuring Events in the Stream of Time.”)
d Rahistori oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo Yoseph ben Mattityahu (Flavius Josephus) o bolela hore ha Alexander a fihla Jerusalema, Bajode ba ile ba mo bulela likhoro ’me ba mo bontša boprofeta ba buka ea Daniele bo neng bo ngotsoe lilemong tse ka holimo ho 200 pejana bo neng bo hlalosa ka ho hlaka ho hapa ho neng ho tla etsoa ke Alexander joaloka “morena oa ba-Gerike.”—Jewish Antiquities, Book XI, Khaolo VIII 5; Daniele 8:5-8, 21.
e Nakong ea Maccabees (Bahasmonaean, ho tloha ka 165 ho ea ho 63 B.C.E.), baeta-pele ba Bajode ba kang John Hyrcanus ba bile ba qobella ka likhapo hore ho sokoloheloe Bojodeng ka mokhoa o akaretsang. Hoa thahasellisa hore qalong ea Mehla e Tloaelehileng, karolo ea 10 lekholong ea lefatše la Mediterranean e ne e sekametse Sejodeng. Palo ena e bontša ka ho hlaka matla a ho sokolla ha Bajode.
f Ho latela The New Encyclopædia Britannica: “Tumelo ea Bokreste ea boraro-bo-bong . . . e behella ka thōko malumeli a mang a mabeli a khale a lumelang ho molimo o le mong [Bojode le Boislām].” Boraro-bo-bong bo ile ba hōlisoa ke kereke le hoja “Bibele ea Bakreste e sa akarelletse lipolelo tse tiileng tse buang ka Molimo tseo ka ho toba li buang ka boraro-bo-bong.”
g Ho phaella molaong oa Bibele, e ne e rutoa e le molao oa tumelo ho Mishnah (Sanhedrin 10:1) ’me e akarelletsoa e le oa ho qetela ho melao-motheo e 13 ea tumelo ea Maimonides. Ho fihlela lekholong la lilemo la bo20, ho latola tsoho ho ne ho talingoa e le bokhelohi.
h “Bibele ha e bolele hore re na le moea. ‘Nefesh’ ke motho ka boeena, ho hloka ha hae lijo, mali a methapong ea hae, boleng ba hae.”—Dr. H. M. Orlinsky oa Hebrew Union College.
i Bona Exoda 6:3 moo phetolelong ea Bibele ea Tanakh lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo li hlahang litemaneng tsa Senyesemane.
j Encyclopaedia Judaica e re: “Ho qoba ho bitsa lebitso YHWH ho . . . bakoa ke ho utloa eka Taelo ea Boraro (Ex. 20:7; Deut. 5:11) e bolela hore ‘U se ke ua nka lebitso la YHWH Molimo oa hao e le la lefeela,’ ha haele hantle e bolela hore ‘U se ke ua hlapanya ka bohata ka lebitso la YHWH Molimo oa hao.’”
k George Howard, moprofesa le ba bang oa bolumeli le Seheberu Univesithing ea Georgia, oa bolela: “Ha nako e ntse e feta, batho bana ba babeli [Molimo le Kreste] ba ile ba tlisoa bonngoeng bo atamelaneng haholoanyane hoo hangata ho neng ho le thata ho khetholla pakeng tsa bona. Kahoo ho ka ’na ha etsahala hore e be ho tlosoa ha lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo ho ile ha tlatsetsa haholo liphehisanong tsa morao tse ileng tsa hlasela kereke ea makholong a pejana a lilemo tsa thuto e hlalosang lithuto tsa Kreste le mesebetsi ea hae le thuto ea Boraro-bo-bong. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba litaba ke bofe, ho tlosoa ha lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo mohlomong ho ile ha baka moea oa thuto ea ho tseba Molimo o fapaneng le o neng o le teng nakong ea Testamente e Ncha ea lekholong la pele la lilemo.”—Biblical Archaeology Review, Tlhakubele 1978.
Lingoliloeng Tse Halalelang Tsa Seheberu
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 217]
Bajode ba Sephardi le ba Ashkenazi ba ne ba etsa lihlopha tse peli
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 211]
Litaelo Tse Leshome Bakeng Sa Borapeli Le Boitšoaro
Batho ba limillione ba utloile ha ho buuoa ka Litaelo tse Le- shome, empa ke ba fokolang ka palo ba kileng ba li bala. Ka baka leo, re hlahisa hape karolo e khōlō ea mantsoe a tsona mona.
▪ “U se ke ua ba le melimo e meng ntle ho ’Na.
▪ “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, kapa leha e le eng e tšoanang le se maholimong a holimo, kapa lefatšeng le ka tlaase, kapa metsing ka tlaase ho lefatše. U se ke ua li khumamela kapa ua li sebeletsa. . . . [Esale qalong hakana, 1513 B.C.E., taelo ena e ne e ikhetha ha e hana borapeli ba melimo ea litšoantšo.]
▪ “U se ke ua hlapanya ka bohata ka lebitso la MORENA [Seheberu: יהוה] Molimo oa hao . . .
▪ “Hopola letsatsi la sabbatha ’me u le boloke le halalela. . . . MORENA a hlohonolofatsa letsatsi la sabbatha ’me a le etsa le khethehileng.
▪ “Hlompha ntat’ao le ’m’ao . . .
▪ “U se ke ua bolaea.
▪ “U se ke ua etsa bofebe.
▪ “U se ke ua utsoa.
▪ “U se ke ua beha bopaki ba bohata khahlanong le oa heno.
▪ “U se ke ua lakatsa ntlo . . . mosali . . . lekhoba le letona kapa le letšehali . . . khomo tsa oa heno kapa esele ea hae, kapa ntho leha e le efe eo e leng ea oa heno.”—Exoda 20:3-14.
Le hoja e le litaelo tse ’nè tsa pele feela tse amanang ka ho toba le tumelo ea bolumeli le borapeli, litaelo tse ling li ne li bontša kamano pakeng tsa boitšoaro bo nepahetseng le kamano e loketseng le ’Mōpi.
[Setšoantšo]
Ho sa tsotellehe molao o ikhethang o tsoang ho Molimo, Iseraele e ile ea etsisa borapeli ba namane ba baahelani ba eona ba bahetene (ba namane ea Gauda, Byblos)
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 220,221]
Lingoliloeng Tse Halalelang Tsa Seheberu
Lingoliloeng tse halalelang tsa Seheberu li qalile ka “Tanakh.” Lebitso “Tanakh” le tsoa likarolong tse tharo tsa Bibele ea Bajode ea Seheberu: Torah (Molao), Nevi’im (Baprofeta), le Kethuvim (Lingoliloeng), le sebelisa tlhaku ea pele ea karolo e ’ngoe le e ’ngoe ho bōpa lentsoe TaNaKh. Libuka tsena li ile tsa ngoloa ka Seheberu le Searamaike ho tloha lekholong la bo16 la lilemo ho ea lekholong la bo5 la lilemo B.C.E.
Bajode ba lumela hore li ngotsoe tlas’a litekanyetso tse fapa-fapaneng le tse ntseng li theoha tsa pululelo. Ka baka leo, ba li ngola ka tatelano ena ho latela bohlokoa ba tsona:
Torah—libuka tse hlano tsa Moshe, kapa Pentateuch (e tsoang Segerikeng bakeng sa “meqolo e mehlano”), Molao, o entsoeng ka Genese, Exoda, Levitike, Numere, le Deuteronoma. Leha ho le joalo, lentsoe “Torah” hape le ka sebelisetsoa ho bua ka Bibele ea Sejode kaofela ha eona hammoho le molao oa molomo le Talmud (bona se leqepheng le hlahlamang).
Nevi’im—Baprofeta, ho akaretsa ho tloha ho Joshua ho theosa ho ea fihla baprofeteng ba baholo, Esaia, Jeremia, le Ezekiele, joale e be baprofeta ba “banyenyane” ba 12 ho tloha ho Hosea ho ea ho Malakia.
Kethuvim—Lingoliloeng, tse entsoeng ka libuka tsa lithoko, Lipesaleme, Liproverbia, Jobo, Sefela sa Lifela, le Lillo. Ho phaella moo e akarelletsa le Ruthe, Moeklesia, Esthere, Daniele, Esdrase, Nehemia, le Likronike tsa Pele le tsa Bobeli.
The Talmud
Ponong ea Molichaba, “Tanakh,” kapa Bibele ea Sejode, ke ea bohlokoa haholo ho lingoliloeng tsa Sejode. Leha ho le joalo, pono ea Sejode e kahosele. Bajode ba bangata ba ne ba tla lumellana le tlhaloso ea Adin Steinsaltz, eo e leng rabbi: “Haeba Bibele ke lejoe la sekhutlo la Bojode, Talmud eona ke tšiea e bohareng, e lopallang ho tloha metheong le e tšehetsang mohaho oohle oa moea le maikutlo . . . Ha ho buka e ’ngoe e bileng le tšusumetso e ka tšoanang le ea eona khopolong le mekhoeng ea bophelo ba Bajode.” (The Essential Talmud) E be joale Talmud ke eng?
Bajode ba Orthodox ha ba lumele feela hore Molimo o ile oa fana ka molao o ngotsoeng, kapa Torah, ho Moshe Thabeng ea Sinai empa hape hore Molimo o ile oa mo senolela litlhaloso tse tobileng tsa kamoo Molao oo o ka phethahatsoang, le hore tsena li ne li lokela ho fetisoa ka molomo. Sena se ile sa bitsoa molao oa molomo. Kahoo, Talmud ke kakaretso e ngotsoeng, e nang le litlhaloso le lipolelo tsa morao tsa molao oo oa molomo, tse bokelletsoeng ke bo-rabbi ho tloha lekholong la bobeli la lilemo C.E. ho kenella Mehleng e Bohareng.
Talmud ka tloaelo e arotsoe ka likarolo tse peli tse khōlō:
Mishnah: Pokello ea litlhaloso tse tlatsang Molao oa Mangolo, e theiloeng litlhalosong tsa bo-rabbi ba bitsoang Tannaim (matichere). E ile ea ngoloa qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo le mathoasong a lekholo la boraro la lilemo C.E.
Gemara (eo tšimolohong e neng e bitsoa Talmud): Pokello ea litlhaloso tsa Mishnah ea bo-rabbi ba nakong ea moraonyana (makholong a lilemo la boraro ho ea ho la botšelela C.E.).
Ho phaella likarolong tsena tse peli tse khōlō, Talmud e ka ’na ea akarelletsa litlhaloso tsa Gemara tse entsoeng ke bo-rabbi ho ea kenella Mehleng e Bohareng. Ba tsebisahalang har’a bana e ne e le bo-rabbi Rashi (Solomon ben Isaac, 1040-1105), ea ileng a etsa hore puo e thata ea Talmud e utloisisoe haholoanyane, le Rambam (Moses ben Maimon, ea tsejoang hamolemo e le Maimonides, 1135-1204), ea ileng a hlophisa bocha Talmud ho e etsa phetolelo e khutsufalitsoeng (“Mishneh Torah”), kahoo a etsa hore boitsebiso ba eona bo fumanoe habonolo ke Bajode bohle.
[Litšoantšo]
Ka tlaase, Torah ea boholo-holo ho se tsejoang e le Lebitla la Esthere, Iran; ka letsohong le letona sefela sa thoriso sa Seheberu le Seyiddish se theiloeng Mangolong
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 226,227]
Bojode—Bolumeli Ba Mantsoe A Mangata
Ho na le ho se tšoane ho hongata likarolong tse fapa-fapaneng tsa Bojode. Ka neano, Bojode bo hatisa tšebeliso ea bolumeli. Liphehisano ka litaba tse joalo, ho e-na le litumelo, li bakile ho phahama ha maikutlo ho matla har’a Bajode ’me ho isitse ho theoeng ha likarolo tse tharo tse khōlō tsa Bojode.
BOJODE BA ORTHODOX—Lekala lena ha le amohele feela hore “Tanakh” ea Seheberu ke Mangolo a bululetsoeng empa hape le lumela hore Moshe o ile a fumana molao o boletsoeng ka molomo ho Molimo Thabeng ea Sinai ka nako e tšoanang leha a ne a amohela Molao o ngotsoeng. Bajode ba Orthodox ka thata-thata ba boloka litaelo tsa melao ka bobeli. Ba lumela hore Messia o sa ntsane a tla hlaha le ho tlisetsa Iseraele mehla ea boiketlo. Ka lebaka la maikutlo a hananang ka sehlopheng sa Bajode ba Orthodox, ho ile ha hlaha lihlopha tse sa tšoaneng. Mohlala o mong ke Bohasid.
Bahasid (Chasidim, e bolelang “bahalaleli”)—Bana ba talingoa e le ba lumelang boorthodox ka mokhoa o fetelletseng. Bo theiloe ke Israel ben Eliezer, ea tsejoang e le Baʽal Shem Tov (“Monghali oa Lebitso le Molemo”), bohareng ba lekholo la lilemo la bo18 Europe Bochabela, ba latela thuto e phahamisang ’mino le tantši, e fellang ka thabo ea mohlolo. Boholo ba litumelo tsa bona, ho akarelletsa ho tsoaloa ka ’mele o mocha, li theiloe libukeng tsa mehlolo tsa Bojode tse tsejoang e le Kabbala (Cabala). Kajeno ba etelloa pele ke bo-rebbe (Seyiddish bakeng sa “bo-rabbi”), kapa zaddikim, bao balateli ba bona ba ba nkang e le banna ba lokileng ka ho fetisisa kapa bahalaleli.
Bahasid kajeno ba fumanoa haholo-holo United States le Iseraele. Ba apara mofuta o khethehileng oa seaparo sa Europe Bochabela, haholo-holo se setšo, sa makholong a lilemo la bo18 le la bo19, se ba behang pooaneng haholo, haholo metseng e meholo ea kajeno. Kajeno ba arotsoe ka lihlopha tse latelang bo-rebbe ba sa tšoaneng. Sehlopha se seng se mafolo-folo haholo ke sa Balubavitcher, ba sokollang ka matla har’a Bajode. Lihlopha tse ling li lumela hore ke Messia feela ea nang le tokelo ea ho tsosolosa Iseraele joaloka sechaba sa Bajode ’me kahoo ba hanana le ’Muso oa Iseraele o matsohong a batho.
BOJODE BA LIPHETOHO (hape bo tsejoa e le “Bo Seng Thata-thata” le “Bo Tsoetseng Pele”)—Mokhatlo ona o qalile Europe Bophirima ho ea qalong ea lekholo la lilemo la bo19. Bo theiloe likhopolong tsa Moses Mendelssohn, mohlalefi oa lekholong la lilemo la bo18 oa Mojode ea neng a lumela hore Bajode ba lokela ho amohela meetlo ea Bophirima ho e-na le ho ikarola ho Balichaba. Bajode ba liphetoho ba latola hore Torah e ne e le ’nete e senotsoeng ke Molimo. Ba talima melao ea Bajode ka lijo, bohloeki, le moaparo e le e fetiloeng ke linako. Ba lumela ho seo ba se bitsang “Mehla ea Bomessia ea ho ba bana ba motho Bokahohleng.” Lilemong tsa morao ba khutletse haholoanyane neanong ea Sejode.
BOJODE BO SEKISETSANG—Bona bo qalile Jeremane ka 1845 e le lehlomela la Bojode ba Liphetoho, boo, ho neng ho nahanoa hore bo lahlile mekhoa e mengata haholo ea neano ea Sejode. Bojode bo Sekisetsang ha bo amohele hore Moshe o ile a amohela molao o boletsoeng ka molomo ho Molimo empa hore bo-rabbi, ba neng ba batla ho fetolela Bojode mehleng e mecha, ba ile ba qapa Torah ea molomo. Bajode ba Sekisetsang ba ikokobeletsa melao ea Bibele le ea bo-Rabbi haeba “e lumellana le litlhokahalo tsa kajeno tsa bophelo ba Sejode.” (The Book of Jewish Knowledge) Ba sebelisa Seheberu le Senyesemane litšebeletsong tsa bona ’me ba boloka melao e thata-thata ea lijo (kashruth). Banna le basali ba lumelloa ho lula hammoho nakong ea borapeli, e leng ho sa lumelloeng ho Bojode ba Orthodox.
[Litšoantšo]
Ka letsohong le letšehali, Bajode Leboteng la ho Lla Jerusalema ’me, ka holimo, Mojode ea rapelang, a furalletse Jerusalema
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 230, 231]
Mekete Le Meetlo E Meng Ea Bohlokoa
Boholo ba mekete ea Sejode bo theiloe Bibeleng ’me, ka kakaretso, e ka ’na ea e-ba mekete ea linako tsa selemo e mabapi le ho kotula lintho tse fapa-fapaneng kapa e amanang le liketsahalo tsa histori.
▪ Shabbat (Sabbatha)—Letsatsi la bosupa la beke ea Sejode (ho tloha ha letsatsi le likela ka Labohlano ho fihlela ha letsatsi le likela ka Moqebelo) le talingoa le halaletsa beke, ’me ho bolokoa ho khethehileng ha letsatsi lena ke karolo ea bohlokoa ea borapeli. Bajode ba ea ntlong ea thapelo bakeng sa ho baloa ha Torah le lithapelo.—Exoda 20:8-11.
▪ Yom Kippur—Letsatsi la Lipheko, mokete o mahlonoko o khetholloang ka ho itima lijo le ho itekola. Ke tlhōrō ea Matsatsi a Leshome a ho Bontša Pako a qalang ka Rosh Hashanah, Selemo se Secha sa Sejode, se qalang ka Loetse ho latela almanaka ea batho ea Sejode.—Levitike 16:29-31; 23: 26-32.
▪ Sukkot (ka holimo, letsohong le letona)—Mokete oa Metlotloane, kapa Litabernakele, kapa Pokello. Ho ketekoa kotulo le qetello ea karolo e khōlō ea selemo sa temo. O tšoaroa ka Mphalane.—Levitike 23:34-43; Numere 29:12-38; Deuteronoma 16:13-15.
▪ Hanukkah—Mokete oa Nehelo. Mokete o ratehang o tšoaroang ka Tšitoe o hopotsang ka ho tsosolosa ha Maccabees boipuso ba Bajode ho tsoa pusong ea Syria le Greece le ho neheloa bocha ha tempele Jerusalema ka Tšitoe 165 B.C.E. Hangata o khetholloa ka ho bonesoa ha likerese ka matsatsi a robeli.
▪ Purim—Mokete oa Lotho. O ketekoa qetellong ea Tlhakola kapa mathoasong a Tlhakubele, ho ikhopotsa ho lokolloa ha Bajode Persia ho Hamane le leano la hae la ho felisa Bajode lekholong la lilemo la bohlano B.C.E.—Esthere 9:20-28.
▪ Pesach—Mokete oa Paseka. O theiloeng ho ikhopotsa ho lopolloa ha Iseraele botlamuoeng Egepeta (1513 B.C.E.). Ke o moholohali le oa khale haholo meketeng ea Sejode. O tšoaroa ka la 14 Nisane (almanakeng ea Sejode), hangata e oela mafelong a Tlhakubele kapa mathoasong a ’Mesa. Lelapa le leng le le leng la Sejode le kopana hammoho ho kopanela sejo sa Paseka, kapa Seder. Ka matsatsi a latelang a supileng, ha ho tomoso e ka jeoang. Nako ena e bitsoa Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang (Matzot).—Exoda 12:14-20, 24-27.
Meetlo e Meng ea Sejode
▪ Lebollo—Bakeng sa bashemane ba Bajode, ke mokhoa oa bohlokoa o etsoang ha lesea le le matsatsi a robeli. Hangata le bitsoa Selekane sa Abrahama, kaha lebollo e ne e le pontšo ea selekane sa Molimo le eena. Batho ba batona ba sokolohelang Bojodeng ba tlameha ho bolla le bona.—Genese 17:9-14.
▪ Bar Mitzvah (ka tlaase)—Moetlo o mong oa bohlokoa oa Sejode, oo ha e le hantle o bolelang “mora oa taelo,” “poleloana e khethollang hore motho o finyelletse khōlo ea bolumeli le ea molao le ho ba ketsahalo eo ho eona bashemane ba nkang boemo bona ka molao ha ba le lilemo li 13 le letsatsi le le leng.” O ile oa fetoha moetlo oa Sejode lekholong la lilemo la bo15 C.E.—Encyclopaedia Judaica.
▪ Mezuzah (ka holimo)—Ntlo ea Sejode hangata e khetholleha habonolo ka lebaka la mezuzah, kapa koomana e kenyang moqolo, ka lehlakoreng le letona la kosene ea monyako ha motho a kena. Ketsong mezuzah ke letlaloana leo ho lona ho ngotsoeng mantsoe a tsoang ho Deuteronoma 6:4-9 le 11:13-21. Lena le menoa hore le kene ka hare ho koomana. Koomana ena joale e manamisoa monyakong o mong le o mong oa kamore e ’ngoe le e ’ngoe eo ho luloang ho eona.
▪ Yarmulke (katiba e koahelang lehata ea banna)—Ho latela Encyclopaedia Judaica: “Bojode ba Orthodox . . . bo nka ho koahela hlooho, ka ntle le ka hare ho ntlo ea thapelo, e le pontšo ea botšepehi neanong ea Sejode.” Ho koahela hlooho nakong ea borapeli ha ho kae kapa kae moo ho boleloang ka ho Tanakh, kahoo Talmud e bolela hore ona hase moetlo o tlamang. Basali ba Bojode ba Hasid ba roala ntho e koahelang hlooho ka linako tsohle kapa ba beola lihlooho tsa bona e be ba roala moriri oa maiketsetso.
[Setšoantšo se leqepheng la 206]
Abrame (Abrahama), Ntat’a-moholo’a Bajode, O Ne A Rapela Jehova Molimo Hoo E Ka Bang Lilemong Tse Fetileng Tse 4 000
[Setšoantšo se leqepheng la 208]
Naleli ea Davida—letšoao le sa tsoeng ka Bibeleng la Iseraele le Bojode
[Setšoantšo se leqepheng la 215]
Mongoli oa Mojode a kopitsa mangolo a Seheberu
[Setšoantšo se leqepheng la 222]
Lelapa la Bajode ba Hasid le keteka Sabbatha
[Setšoantšo se leqepheng la 233]
Bajode ba chesehang ba roetse lifilaktera, kapa likoomana tsa meqolo ea thapelo, sephakeng le phatleng