Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/99 leq. 8
  • U Tla Re’ng ho Momosleme?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Tla Re’ng ho Momosleme?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Sebelisa Libukana Tsee?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Ho Pakela Batho ba Lipuo Tsohle le Malumeli
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Karolo 14—622 C.E. ho ea pele—Ho Ikokobelletsa Thato ea Molimo
    Tsoha!—1989
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 11/99 leq. 8

U Tla Re’ng ho Momosleme?

1 Na u kile ua ba le phihlelo ea ho pakela Momosleme? Haeba ho joalo, mohlomong u hlokometse hore Mamosleme a lumela ka tieo ho Molimo. Leha ho le joalo, a na le tsebo e fokolang ka Paradeise e tlang lefatšeng joalokaha baprofeta ba Jehova ba boletse esale pele, ’me re lakatsa ho arolelana tšepo eo le ’ona. (1 Tim. 2:3, 4) Boitsebiso bo latelang bo lokela ho u thusa ho fana ka bopaki bo botle.

2 Mamosleme a lumela ho Allah, kapa Molimo, ’me a lumela hore Muḥammad ke moprofeta oa Molimo. Buka ea ’ona e halalelang ke Koran, ’me bolumeli ba ’ona bo bitsoa Boislamo, e bolelang “boikokobetso.” Koran e bolela hore ho bua leshano le ho rapela litšoantšo ho fosahetse, hore Molimo o mong le hore hase karolo ea Boraro-bo-bong. E boetse e ruta ka ho se shoe ha moea, mollo oa lihele le paradeise e leholimong. Mamosleme a amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo empa a lumela hore e fetotsoe, ha Koran eona, e ntseng e ngotsoe ka puo ea eona ea qalong, e bolokiloe e hloekile.

3 Bontša Botsoalle, Masene le Temoho: Ha u buisana le Momosleme, bontša botsoalle le masene. (Liprov. 25:15) Hopola hore litumelo tsa Mamosleme li metse ka metso le hore tse ngata tsa tsona ke tseo a ithutileng tsona ka hlooho. Ka hona, ho nahanisisa ka lithuto tsa bolumeli le ho ikholisa ka seo thato ea Molimo e leng sona, ha ea ka ea e-ba karolo ea khōlo ea ’ona ea moea. (Baroma 12:2) Ho thusa Mamosleme, mamello le kutloisiso ke tsa bohlokoa haholo.—1 Bakor. 9:19-23.

4 Qoba ho sebelisa lipolelo tseo kelellong ea Momosleme li ka ’nang tsa u amahanya le Bokreste-’mōtoana. Totobatsa hore ha u karolo ea bolumeli ba K’hatholike kapa ba Prostanta, hore u fapane. Bua ka Bibele e le Buka ea Molimo. Kaha Mamosleme ha a rate polelo “Mor’a Molimo,” hangata ho molemo ho se e sebelise kapa ho se bue ka taba eo ho fihlela ho entsoe tsoelo-pele e itseng ea moea. Leha ho le joalo, u ka bua ka Jesu, u bua ka eena e le moprofeta kapa lenģosa. Qoba ho etsa khang. Haeba u hlokomela hore khalefo ea qala, ka tlhompho ikōpele tsela.

5 Ho molemo ho buisana le motho a le mong ho e-na le ho buisana le sehlopha. Hangata, ho molemo hore basali ba pakele basali ba bang, ’me banna ba pakele banna. Ka ho hlakileng, ho na le mekhelo ho sena, empa ho lokela ho sebelisoe kahlolo e molemo. Hape, Mamosleme a mangata a hlokolosi ka seo a se nkang e le moaparo le boitlhopho tse sa lokelang basali. Baralib’abo rōna ba lokela ho ela sena hloko.—1 Bakor. 10:31-33.

6 Lintho Tseo U ka Buang ka Tsona: Bua ka bolokolohi ka boholo ba Molimo le ka lerato la hae. U se ke ua tsilatsila ho bolela hore uena u molumeli oa ’nete, hore Molimo o mong (hase karolo ea Boraro-bo-bong) le hore borapeli ba litšoantšo bo fosahetse. Bua ka bokhopo bo teng lefatšeng kajeno—lintoa, merusu ea lehae, lehloeo la morabe le boikaketsi bo totobetseng har’a batho ba bangata ba bolumeli.

7 Bukana ea The Guidance of God—Our Way to Paradise e tla u fa temohisiso e eketsehileng ka lihlooho tse ka sebelisoang ho qala moqoqo le Mamosleme. E reretsoe hore e be e ipiletsang ho Mamosleme a phelang tikolohong eo ho eona a ka ’nang a ikutloa a lokolohile ho ithuta Bibele.

8 Ha u fana ka nehelano, u ka ’na ua re:

◼ “Ke etsa boiteko bo khethehileng ba ho buisana le Mamosleme. Ke ’nile ka bala ka bolumeli ba lōna, ’me kea kholoa kea nepa ha ke re Mamosleme a lumela ho Molimo a le mong oa ’nete le ho baprofeta bohle. [Emela karabo.] Ke lakatsa ho buisana le uena ka boprofeta bo bong ba khale bo bolelang esale pele ka ho fetoloa ha lefatše hore e be paradeise. Na nka u balla seo moprofeta a ileng a se ngola? [Bala Esaia 11:6-9.] Boprofeta bona bo nkhopotsa mantsoe a qotsitsoeng ho Koran a fumanehang bukaneng ena.” Phetla leqepheng la 9 la bukana ea Guidance of God, ’me u bale mantsoe a qotsitsoeng a ngotsoeng ka mongolo o motenya, a bontšang hore batho ba lokileng ba ja lefa la lefatše. Haeba a bontša thahasello, ntšetsa moqoqo pele ka ho tšohla serapa sa 7 ho isa ho sa 9 leqepheng le latelang. Siea bukana ka monehelo oa R1,20, ’me u lokisetse leeto la ho boela.—Bakeng sa nehelano e ’ngoe, bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1998, leqepheng la 6, serapeng sa 27.

9 Ha u khothalletsa motho hore le hlahlobe bukana ea Guidance of God, ho molemo hore u re ke puisano, eseng thuto ea Bibele. Ha le qeta bukana, e tlameha ebe seithuti se tla be se loketse ho ithuta bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo. Lingoliloeng tse ling tse reretsoeng Mamosleme ka ho khetheha ke pampitšana ea How to Find the Road to Paradise le bukana ea The Time for True Submission to God.

10 Ka tsebo ena ea litumelo tsa Boislamo le lintho tse ka a khopisang habobebe, re ka sebelisa temoho ha re khetha lingoliloeng tseo re li fang Mamosleme le tsela eo re a pakelang ka eona. E se eka Jehova a ka tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho thusa batho ba mefuta eohle ho ipiletsa lebitsong la hae ’me ba pholohe.—Lik. 2:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela