Bokomoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 14—622 C.E. ho ea pele—Ho Ikokobelletsa Thato ea Molimo
“Har’a manģosa ana Re phahamisitse a mang ho feta a mang.”—AlBaqarah (surah 2), temana 253, ho tsoa ho Qur’ana
BATHO ba lumelang ho Molimo o matla ’ohle, o lerato ba hlokomela bohlale ba ho ikokobeletsa thato ea oona. Ba ananela tataiso eo o faneng ka eona ka manģosa a tšepiloeng bakeng sa tsebo ea bomolimo. A mang a manģosa ana a amoheloa ke malumeli a mangata a maholo a lefatše. Ka mohlala, balateli ba fetang limillione tse 800 ba Boislame ba talima batho ba Bajode ba Bakreste Adama, Noe, Abrahama, Moshe, Davida, le Jesu, e le baprofeta ba baholo ba Molimo. Empa ba lumela hore oa bosupa o phahamisitsoe ho feta manģosa ’ohle a mang—moprofeta Muhammad.
Lebitso Boislame le na le moelelo, kaha le bolela ho ikokobetsa kapa ho inehela—molaong le thatong ea Allah. Motho ea phelang ka tsela ena ea boikokobetso kapa boinehelo o bitsoa “Momosleme,” leetsi-lephethi la lentsoe islame. Motho eo Mamosleme a lokelang ho ikokobelletsa eena ke Allah. Ha lebitso lena le talingoa e le la motho, Allah e nkuoe ho AlIlah, lentsoe la Searabia le bolelang “Molimo.” Lentsoe lena le hlahella ho Qur’an ka makhetlo a ka bang 2 700.
Moprofeta e Moholo oa Moislame
Muhammad bin Abdullah, (mora Abdullah), moqapi oa Boislame, o tsoaletsoe Mecca, Saudi Arabia, hoo e ka bang ka selemo sa 570 C.E. O ne a sa khotsofalla litumelo tsa moo tsa ho lumela melimong e mengata le litšebeletsong. Ho bonahala a sa ka a rata Bojode kapa Bokreste. H. M. Baagil, mongoli oa Momosleme, oa hlalosa: “Kaha Bokreste bo khelohile haholo lithuto tsa motheo tsa Jesu, ke ka lebaka leo Allah a ileng a romela Moprofeta oa Hae oa ho qetela, Muhammad, e le karolo ea Hae ea Morero oa tšimolohong, le oa liphetoho tsena tsohle.”
Muhammad o ile a kenya meetlo ea Searabia litšebeletsong tsa hae. Jerusalema le tempele ea eona tsa nkeloa sebaka ke Mecca le tempele ea eona e halalelang, Kaaba. Matsatsi a Moqebelo a Bajode le a Sontaha bakeng sa Bakreste a ile a nkeloa sebaka ke Labohlano e le letsatsi la thapelo ea sechaba. ’Me sebakeng sa Moshe kapa Jesu, Muhammad o ile a talingoa ke Mamosleme e le moprofeta e moholo oa Molimo.
Ha Muhammad a le lilemo tse ka bang 40, o ile a bolela hore o ile a bitsoa ho ba lenģosa la Molimo. Pele o ne a kopanela litumelo tsa hae le beng ka eena le metsoalle, ’me butle-butle a ipokella sehlopha sa balateli ba hae. Mehla e nepahetseng eo Boislame bo qalileng ka eona ke 622 C.E., ha a tloha Mecca a fallela Medina, ke ketsahalo e bitsoang hijrah, lentsoe la Searabia bakeng sa “ho falla.” Ka hona, matsatsi a Semosleme a ngoloa e le A.H. (Anno Hegirae, selemo sa ho falla).
Muhammad o ile a leka ho kenya Bajode ba Medina bolumeling ba hae bo bocha le mosebetsing oa hae e le moprofeta. Empa a hlōleha. Ba ile ba mo hanyetsa le ho kena mererong ea bolotsana ea lira tsa hae tsa Mecca le Medina. Hamorao lihlopha tsa Bajode tsa lelekoa naheng, ’me mothapo o le mong, oa Qurayzah, o ile oa felisoa ka ho bolaea banna ba ’ona le ho fetola basali le bana makhoba.
Qetellong, Mecca ea nkoa ka khotso ka 8 A.H. (630 C.E.), e le karolo e khōlō ea Kou ea Arabia. Lilemo tse seng kae ka mor’a lefu la Muhammad, khang ka hore na ke mang ea tla mo hlahlama e ile ea lebisa qhoebeshanong ea ka hare ho naha, sechaba sa arabela ka ho amohela maikutlo a mamellang lihlopha tseo e seng tsa Maislame le likhopolo tsa tsona.
Hase Bolumeli Feela
Boislame ke tsela eohle ea bophelo, bo akarelletsang Naha, melao ea eona, meaho ea eona ea sechaba, le setso sa eona, ’me kahoo hase bolumeli feela. Sena se hlalosa lebaka leo ka lona buka Early Islam e bolelang hore ka lilemo tse fetang tse 600, “Boislame e ne e le bolumeli ba lefatše bo phephetsang haholo, tšusumetso ea bona e matla ea bopolotiki le setso sa bona sa bohlokoa haholo.”
Ka sebele, lilemo tse lekholo ka mor’a lefu la Muhammad, ’muso oa Arabia, o moholo ho feta ’Muso oa Roma sehlohlolong sa ’ona, o ne o tloha India ho phunyelletsa le Afrika Leboea ho fihla Spain, o thusa ho fetisa litšibollo tse entšitseng tsoelo-pele ea Bophirimela. O ile oa tlatsetsa haholo molaong, thutong ea lipalo, thutong ea linaleli, historing, lingoliloeng, thutong ea lefatše, filosofing, botšoantšising, merianeng, ’minong, le thutong ea bohlale ea bophelo ba batho.
Joaloka Naleli e Felloang ke Matla Kapele
“Litlhōlo tsa Arabia ebile litholoana tsa boboleli ba Muhammad ka ho toba,” ho bolela The Collins Atlas of World History. Empa ho na le lintho tse ling tse ileng tsa tlatsetsa ho atolosoeng ha Boislame. Ka mohlala, lintoa tsa bolumeli pakeng tsa Bakreste ba Byzantium le balateli ba Zoroaster oa Persia li ile tsa ba foufatsa hore ba se bone hore ba hōlisa Arabia.
Ho leka ho kopanya ’muso ka bolumeli e ne e se ntho e ncha. Empa “Mamosleme a ne a kholisehile hore a na le polelo ea ho qetela le e hlakileng ea ’nete ho Koran,” ho hlalosa mongoli Desmond Stewart. A ile a khotsofalla seo a nang le sona, “’me a lumela hore sohle se lokelang ho tsejoa se ne se tsejoa, le hore likhopolo tseo e seng tsa Mamosleme li ne li se bohlokoa.” Ka “manganga ba hana” liphetoho tse ling.
Ka baka leo, lekholong la bo11 la lilemo, ’muso o ne o se o oa. Stewart o ho tšoantša le “naleli e phatsimang sepakapakeng bosiu [eo] .. . matla a eona a felang kapele.” Ka baka leo, bolumeli bona, bo qalileng boikutlo ba boena le ho fana ka tsela e batlang e le bonolo ea katamelo ea motho ho Molimo, bo ile ba tlatsetsa ho oeng ha ’muso oo bo thusitseng ho o thea. Joalokaha o ile oa phahama kapele, ho oa ha ’ona ebile ha tšohanyetso. ’Muso o ne o shoele, empa bolumeli ba ’ona ba tsoela pele bo phela.b
Boikokobetso ba ’nete bo akarelletsa ho utloa Molimo, melao ea oona, le baemeli ba oona. Muhammad o ile a atleha ho kopanya merabe ea Maarabia sebakeng sa Arabia, a thea mokhatlo oa Boislame (Ummah) oo eena e neng e le hlooho ea oona le Qur’an. E ne e le ’muso oa bolumeli oo ho ikokobetsa ho ileng ha thusa ho ba etsa baena tlas’a moeta-pele a le mong. Boislame bo ile ba lumella ho sebelisoa ha sabole ho loantša lira tsa Maarabia. Sabole ena e ile ea thusa ho atolosa ’muso oa bona le bolumeli ba bona. Ha Muhammad a e-shoa, ho ile ha tsoha liphapang tse mabifi. Pele ebile liphapang tsa bopolotiki tse amang taba ea ho khetha Khalifah, moeta-pele. Hoo ha susumelletsa ba bangata ho sebelisa sabole khahlanong le baena ba bona. Ho kopanngoa ha bolumeli le ’muso ha sebeletsa ho arola mokhatlo oo. “Boikokobetso” ha boa ka ba kopanya batho tlas’a moeta-pele a le mong.
Polelo ea neano e re Muhammad ka boeena o profetile ho hōla ha lihlopha tse 72 tsa bokhelohi tsa Boislame. Empa kajeno litsebi li bua ka tse makholo a mangata.
Lihlopha tse peli tse khōlō ke Shia le Sunni. Leha ho le joalo, sehlopha ka seng se na le lihlotšoana tse ngata. Har’a Mamosleme a mang le a mang a 100, a ka bang 83 ke Masunni ’me a ka bang 15 ke Mashia. A mang a oela lihlopheng tse fapaneng tse joaloka ma-Druze, Mamosleme a Matšo, le Maabanga a Indonesia, a kopanyang Boislame le Bobuddha, Bohindu, le malumeli a moo.
Letšoao le khethollang sehlopha se senyenyane sa Mashia ke tumelo ea sona ea hore bolumeli le Qur’an li na le lithuto tseo ho leng thata ho li utloisisa, kapa tlhaloso ea sephiri. Empa sehlopha sa Mashia se hlahile ka lebaka la ho batla mohlahlami. Mashia (lentsoe le bolelang “balateli,” mabapi le ho ba “balateli ba ‛Alī”) a ne a khomaretse thutong e bitsoang tokelo ea molao, a bolela hore tokelo ea ho busa ke ea ‛Alī, motsoal’a Muhammad le mokhoenyana oa hae, le ho bana ba ‛Alī feela.
‛Alī le bana ba hae e ne e le bahlahlami, baeta-pele ba nang le taolo e felletseng ea moea. Ho na le ho se lumellane ka hore na ke bahlahlami ba bakae ba bileng teng, empa sehlopha se seholo haholo Mashia, se bitsoang Twelver Shia, se lumela hore ba bile 12. Ka 878 C.E. mohlahlami oa bo12 o ile a “pateha,” ho bolelang hore, o ile a nyamela ka mor’a ho tšepisa hore o tla khutla bofelong ba lefatše ho tla thea ’muso oa Boislame oa toka.
Selemo le selemo Mamosleme a Mashia a ikhopotsa boshoela-tumelo ba Ḥusayn, setloholo sa Muḥammad. Mongoli Rahman oa hlalosa: “Momosleme oa Shī‘ī o rutiloe ho tloha bongoaneng ka liketso tse phelisang tsa ketsahalo ena, ho ka etsahala hore a hōlise boikutlo bo matla ka ketsahalo e bohloko le ho hloka toka tse hlahisoang ke ho shoela tumelo.”
Na ke Bopaki ba Karohano?
“Ho kenyelletsoa ha filosofi ea Magerike le mohopolo ea ’ona lekholong la borobong la lilemo, ho hōlisitse filosofi e ikhethileng ea Boislame (falsafa) e bileng le phello e khōlō monahanong le ponong ea bolumeli ea Boislame ... Ha nako e ntse e tsamaea Boislame ka bobona, e le bolumeli le tsela ea bophelo, bo ile ba etsa liphetoho tse tebileng tse neng li ama kopano ea bona,” ho hlalosa The Columbia History of the World.
Ka mohlala, Bosufi, lentsoe la Bophirimela bakeng sa sephiri sa Boislame, bo hlahile lekholong la borobeli le la borobong la lilemo ’me kapele ba hōla ho ba mokhatlo o moholo oa bolumeli. Lekholong la bo12 la lilemo, batho ba bolumeli ba Sufi, kapa boena, ba ne ba tletse hohle. Ntlo ea baitlami ba Sufi e ne e se e batla e feta tempele ka bohlokoa. Bolumeli bona ba Bosufi bo ne bo kopanyelletsa ho itšereanya ka tsebo ea ho tsepamisa monahano nthong e le ’ngoe kapa tantši ea bohlanya, ho pheta-pheta lipolelo tse itseng ka lentsoe le phahameng, ho lumela mehlolo, le ho rapela bahalaleli.
Masufi a ne a sekisetsa litloaelong le litumelong tsa moo. Maturkey a ile a boloka liketso tsa ’ona tsa ho lumela meeeng e sa bonoeng, Maafrika lingakeng tsa ’ona tsa litaola, Maindia ho Bohindu ba bona le bahalaleling ba pele ba Bohindu le ho melimo, ’me Maindonesia—joalokaha The New Encyclopcedia Britannica e hlalosa—“ponong ea lefatše la bona la pele ho Boislame le koahetsoeng ke litšebeletso tse atileng tsa Boislame.”
Sehlopha se sa tsoa hlaha sa mehleng ea morao tjena ke bolumeli ba Baha’i bo tsoileng ho Boislame ba Shia mahareng a lekholo la bo19 la lilemo Iran. Se seng ke sehlopha sa Sunni se bitsoang Aḥmadīyah, se hlahileng morao lekholong la bo19 la lilemo India, ha Mirza Ghulam Ahmad, ea ipolelang hore ke moprofeta, a hlalosa hore eena ke setšoantšo sa Muḥammad, Jesu ea khutlileng, le ea tsoetsoeng ka sebōpeho sa Hindu Krishna. O rutile hore Jesu, ka mor’a hore a balehele lefu Golgotha, o ile a balehela India, moo a ileng a lula a sebetsa ho fihlela ha a e-shoa a le lilemo li 120.
Litlhalosong tsa hae ho Qur’an, mongoli oa Momosleme S. Abul A‛la Maududi o re: “Nakong ea tšenolo ea Al-Baqarah [sūrah e qotsitsoeng qalong ea sehlooho], baikaketsi ba mefuta eohle ba ile ba qala ho hlaha.” Ba ne ba kopanyelletsa “‘Mamosleme,’ munāfiqīn (baikaketsi). . . ba neng ba kholisehile likelellong ka ’nete ea Boislame empa ba se na sebete se lekaneng sa boitšoaro sa ho lahla meetlo ea bona ea pele.”
Kahoo ho tloha qalong feela, ho ne ho hlakile hore balateli ba bangata ba ile ba hlōleha ho ikokobelletsa Allah ka tsela eo Muḥammad a neng a batlile kateng. Empa ba bang ba ile ba ikokobetsa. Ho tlosa phephetso eo ba neng ba e hlahisa, Bokreste-’mōtoana ha boa ka ba itšoara tabeng ea “Ho Sebelisa Sabole,” joalokaha sehlooho se latelang se tla hlalosa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Qur’ān” (e bolelang “ho pheta ka hlooho“) ke mopeleto o ratoang ke bangoli ba Mamosleme oo re tlang ho o sebelisa mona ho e-na le mopeleto oa Bophirimela, “Koran.”
b Maikutlo a tloaelehileng a hor Boislame ke bolumeli ba Arabia a fosahetse. Mamosleme a mangata kajeno hase Ma-arabia. Indonesia, naha e tsebahalang ea Mamosleme, e na le balateli ba limillione tse 150.
[Lebokose le leqepheng la 12]
Ho U Thusa ho Utloisisa Boislame Haholoanyane
Lipilara tse Hlano tsa Boislame li hloka hore Mamosleme bonyane hang a bolele phatlalatsa tumelo ea ’ona e tsejoang e le Shahadah—“Ha ho na molimo empa ho na le Molimo; Muḥammad ke moprofeta oa Molimo”; ba rapele ka makhetlo a mahlano ka letsatsi; ba lefe zakat, lekhetho le tlamang, leo hajoale le bokelloang motheong oa boithatelo; ba itime lijo ho tloha hoseng ho fihlela ha letsatsi le likela ka khoeli ea borobong, Ramadan; ’me bonyane hang, haeba maemo a lichelete a lumela, ba nke hajj (leeto) le eang Mecca.
“Jihad” (“ntoa e halalelang”) e talingoa e le pilara ea botšelela ke sehlopha sa Khariji empa e seng Mamosleme kaofela. Morero oa eona, ho hlalosa The New Encyclopmdia Britannica, “hase ho fetolela batho tumelong ea Boislame empa ho e-na le hoo ke ho fumana matla a lipolotiki litabeng tsohle tsa sechaba hore ’muso o be tumellanong le melao-motheo ea Boislame.” Qur’an e lumella ‘ntoa e joalo e halalelang,’ e re: “U ke ke ua bolaea motho leha e le ofe eo Allah a u thibelang ho ’molaea, ntle le haeba e le ka lebaka le utloahalang.”—Surah 17:33.
Mohloli o moholo oa lithuto tsa Boislame le melao ea teng ke Qur’an, e ngotsoeng ka nako e ka holimo ho mashome a mabali a metso e mehlano a lilemo; sunnah (meetlo); ijmā‛ (boikutlo bo kopaneng ba sechaba); le qiyas (mohopolo oa botho). Molao oa Boislame, Sharī‘ah, o sebetsanang le bolumeli, lipolotiki, bolulo, lehae, le bophelo ba boinotšing ba Mamosleme, o ile oa kenngoa tšebetsong lekholong la borobeli le la borobong la lilemo C.E.
Mecca, Medina, le Jerusalema, ka tatellano ea tsona, ke litulo tse tharo tse halalelang haholo tsa Mamosleme: Mecca ka lebaka la tempele ea eona ea Kaaba, eo thuto ea neano e bolelang hore Abrahama o e hahile; Medina, moo tempele ea Muḥammad e neng e le teng; le Jerusalema hobane moo, thuto ea neano e bolela hore ke moo Muḥammad a nyolohetseng leholimong a le teng.
[Setšoantšo/’Mapa leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’Muso oa Boislane sehlohlolong sa oona