’Muso o Theiloeng Holim’a Lehlabathe, Oli, le Bolumeli
KE NAHA efe e lekanang le Europe e ka Bophirimela ka boholo, e nang le baahi ba 12 000 000 feela, ’me e batlile e e-ba lehoatata kaofela? Ke ’muso ofe o theiloeng ka 1932, o ileng oa fumana oli e ngata ka 1938, ’me ea e-ba oa boraro o moholo mebusong e hlahisang oli ea tlhaho? Ke ’muso ofe o sebelisang Koran joaloka molao oa oona oa motheo ’me e le sebaka sa metse ea Maislam e ’meli e hlomphuoang ka ho fetisisa le litsi tsa borapeli ba Boislam?
Karabo ea lipotso tsena kaofela ke ’Muso oa Saudi Arabia, e busoang ke Morena Fahd Bin Abdul Aziz. E boholo ba li-square k’hilomithara tse 2 240 000, e hahiloe karolong e khōlō ea hloahloa ea Arabia, Leoatle le Lefubelu le ka bophirimela ho eona, Leoatle la Arabia ka boroa, Kou ea Leoatle la Arabia ka bochabela.
Ho tlile joang hore ke be le thahasello naheng ee ea Maarab? Ke ile ka bona memo koranteng, ea ho ea Motseng oa New York pontšong e tšehelitsoeng ka lichelete ke ’muso oa Saudi Arabia. Ke ile ka laba-labela hore ke tsebe haholoanyane ka mekhoa le tsela ea bophelo ena e fapaneng. Kaha mohlomong ke ne nke ke ka fihla Saudi Arabia, ke hobane’ng ha ke sa tlohelle Saudi Arabia hore e tle ho ’na?
Saudi Arabia—Ea Khale le e Ncha
Hang ha ke kena sebakeng sa lipontšo, ke ile ka elelloa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e etselitsoe ho etsa hore batho bohle ba ikutloe hamolemo ka naha ena ea Arabia. Ho ne ho na le liithuti tsa univesithi ea Saudi tse tsoang United States tse neng li sebeletsa joaloka batataisi ba nang le boitsebiso bo felletseng. Kaofela ha bona ba ne ba apere liaparo tsa thobe, e leng seaparo se selelele se sesoeu se tšoanang le purapera se fihlang maotong. E mong le e mong o ne a roetse ghutra, kapa tuku e sekoche e ’mala o mofubelu le o mosoeu, e tlanngoeng habeli ka mohala o motšo. Kaofela ha bona ba ne ba bua Senyesemane hantle ’me ba ne ba le mekhoa e metle haholo ha ba araba potso efe le efe eo ’na kapa leha e le mang a neng a ba botsa eona.
Ha ke ntse ke tsamaea mathuleng a lerootho, a neng a na le lifoto tsa lelapa la borena la Saudi haesita le pontšo ea li-slide tse ngata tse bontšang litšobotsi tse sa tšoaneng tsa Saudi Arabia, eaba ke etela sebaka se bontšang mekhoa ea Maarab le bophelo ba Boleleri. Tente e ntšo ea Baleleri e ne e bontšitsoe ka thepa eohle ea bophelo ba bona ba boleleri. Leha ho le joalo, ka baka la tsoelo-pele ea theknoloji ea mehla ea kajeno, mokhoa oa bophelo ba Boleleri, le pale ea bona ea ho amohela basele ka mofuthu, o ntse o fela.
Karolo e latelang ea leeto e ne e re hopotsa ka tšusumetso ea bolumeli e tsamaisang le ho laola bophelo ba Saudi Arabia—Boislam.a
Mecca, Kaaba, le Koran
Buka e halalelang ea Boislam, Koran, ho latela bukana ea ’muso, “e nkoa e le molao oa motheo oa [Saudi Arabia] ’me e fana ka litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro le tataiso.” Pampitšana e re: “’Muso o thea melao ea oona ea kahisano, lipolotiki, le moruo lithutong tsa Boislam.” Le hoja ho ne ho na le likopi tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho tsa Koran tse bontšitsoeng, sehlooho se seholo sa karolo ena e ne e le leeto le eang motseng o halalelang oa Mecca (Makkah, ka Searabia) e nang le setsi sa borapeli se seholo le Kaaba bohareng. Tsena li ne li tšoantšelitsoe ka litšoantšo tse khōlō.
Kaaba, mohaho o moholo o lekanang ka mahlakoreng ’ohle o hahiloeng ka majoe oa ba oa koaheloa ka lesela le letšo le boima, o hlalosoa ke buka ea Boislam e le “sebaka sa borapeli seo Molimo o ileng oa laela Abrahama le Ishmaele ho se haha lilemo tse fetang 4 000 tse fetileng.”b Ka hona Boislam (bo theiloeng ke moprofeta Muḥammad lekholong la bosupa la lilemo C.E.) bo ipolela hore bo hokahantsoe le Abrahama, moeta-pele oa bapatriareka ba Bojode le Bokreste. Ke ka hona e leng se seng sa lihlopha tse khōlō tse tharo tsa bolumeli bo lumelang ho Molimo o le mong.
Ha e le hantle Kaaba e bohareng ba sebaka se feela se nang le mahlakore a mane a lekanang seo e leng karolo ea setsi se seholo sa borapeli sa Mecca. Leetong la selemo le selemo le eang sebakeng se halalelang (ḥajj), Mamosleme a fetang millione a phuthehela moo ka bongata bakeng sa ho rapela le ho potoloha Kaaba ka makhetlo a supileng. Momosleme e mong le e mong ea shahlileng o ikutloa a tlameha ho nka leeto lena bonyane hang bophelong ba hae. Pontšo e ne e boetse e akarelletsa setšoantšo sa sebaka se seholo sa borapeli sa Medina (Madinah, ka Searabia), e leng moo Muḥammad a patiloeng teng.
Se neng se thahasellisa ka ho khethehileng ke mamati a Kaaba a boima a khabisitsoeng a neng a bontšitsoe. Ka tloaelo, ke Mamosleme feela a eang ho a bona, kaha ke bona feela ba lumelletsoeng ho kena sebakeng sa borapeli sa Mecca. Ho ne ho le thata ho lumela hore ke a sebele ho fihlela ha motataisi a hlalosa hore e ne e le mamati a ’nileng a sebelisoa ho tloha ka 1942 ho isa ho 1982, ha a ne a ntšoa ’me ho kenngoa a macha. A entsoe ka gauda le silevera ’me a khabisitsoe ka matlapa a gauda a nang le litemana tse ngotsoeng ka Searabia tse tsoang ho Koran. Ho ne ho fanyehiloe kiswah, kapa kharetene e ntšo e boima, leboteng le haufi le ’ona eo ho neng ho koaheloa Kaaba ka eona, e ne e khabisitsoe ka litemana tse eketsehileng tse qotsitsoeng ho Koran tse ngotsoeng ka gauda.
Bophelo ba Kajeno Saudi Arabia
Ha ke ntse ke tsoela pele le leeto lena, ho ne ho na le lipono tse tšoantšetsang se etsahalang seterateng sa sebele, se nang le banna ba tsebang mesebetsi ea matsoho ba lohang meseme le ba bang ba etsang lijana ka tšepe. Ba bang ba ne ba etsa lieta tsa Maarabia ka letlalo. E mong o ne a etsa matlo a linonyana ka lifate. E mong hape o ne a bōpela lijana tsa letsopa lebiling le bōpelang le tsamaisoang ka maoto.
Qetellong ke ile ka fihla karolong e neng e bontša lintho tse finyelletsoeng ke Saudi Arabia ea kajeno. Ho ile ha totobala hore ho sibolloa ha oli ho ile ha fetola moruo oa Saudi le tekanyetso ea bophelo ba sechaba seo. ARAMCO (Arabian American Oil Company [K’hamphani ea Oli ea Arabia le Amerika]) e ile ea fumana matsete a mangata a oli ka 1938. Libotlolo tsa lisampole tse tšetseng mokelikeli o motšo li ne li bontšitsoe. Bukana ea k’hamphani e re: “Aramco joale e na le basebetsi ba fetang 43 000, liliba tse ka bang 550 tse kollang oli, lipeipi tse fetisang oli tse bolelele ba lik’hilomithara tse 20 500 le mechine e fetang 60 e arolang oli le gase.”
Ha ho makatse hore ka motheo o tiileng hakana oa moruo, libukana tsa boitsebiso li bontša hore Saudi Arabia e tšehetsa ka lichelete likolo le litsi tsa thuto tse 15 000 tse nang le liithuti tse fetang limillione tse 2,5. Thuto e fumaneha mahala bakeng sa motho e mong le e mong ho fihlela boemong ba univesithi. ’Me ho na le liunivesithi tse supileng.
Ho hlakile hore, hase oli feela e fumanehang Saudi Arabia. Mesebetsi e meholo ea tsamaiso ea ho nosetsa lijalo e se e phethiloe, ’me temo e tsoetse pele ho isa bohōleng boo naha e rekisetsang linaha tse ling tlhapi, likhoho, koro, dates, meroho, le lebese le lintho tse etsoang ka lona le tse ling tse hlahisoang ke masimo.
Ho na le Mahlakore a Mabeli a sa Tšoaneng Tabeng e ’Ngoe le e ’Ngoe
Ke ile ka qeta ketelo ea ka “Saudi Arabia” ka lihora tse tharo thahasello ea ka e hapiloe ke lintho tse finyelletsoeng ke sechaba seo ha ho bapisoa se leng senyenyane. Ke ile ka ipotsa hore na lintho li ka be li fapane hakaakang haeba sechaba se seng le se seng se ne se hlohonolofalitsoe ka tsela e tšoanang ka lipolokelo tsa mokelikeli oo ho etsoang peterole ka oona kapa lintho tse ling tsa bohlokoa tseo lefatše lohle le li hlokang.
Le hoja ke ile ka fumana ketelo ena e na le boitsebiso bo bongata, ho ile ha itlisa hore ke bone lintho tse siiloeng litabeng tsa bolumeli. Ha kea ka ka ithuta letho ka lejoe la sebele la Kaaba, meteor e ntšo e hlomphuoang ke Mamosleme a etelang Mecca. Pele Boislam bo theoa, Philip K. Hitti ho History of the Arabs ea hae o re lejoe lena, “le ne le hlomphuoa ka tšabo joaloka ntho e nang le matla a mohlolo.” Ho lumeloa hore ha Ishmaele a ne a ntse a haha Kaaba bocha, lengeloi Gabriele le ile la mo fa lejoe lena le letšo.
Ntho e ’ngoe e neng e siiloe pontšong ena ke bopaki ba likarohano tse peli tse khōlō tsa Boislam, Sunni, le Shia. Karohano ena e qalile morao koana ho bahlahlami ba Muḥammad ’me e bakoa ke ho se tšoane ha tlhaloso tabeng ea hore na ke bo-mang ba nang le tokelo ea ho ba majalefa a hae a moea—na tatellano ke ea leloko la Muḥammad joalokaha Mamosleme a sehlopha sa Shiite a bolela, kapa e theiloe tabeng ea ho khetheloa setulo joalokaha bongata ba Masunni bo bolela? Masaudi ke litho tsa sehlotšoana sa bokhelohi sa Wahhabi se khomarelang molao sa sekolo sa Hanbali, ke sona seo ho leng thata ka ho fetisisa har’a likolo tsena tse ’nè tsa Mamosleme a sehlopha sa Sunni.
Ho ne ho hlokomeleha hore basali ba Maarabia ha ba eo pontšong. Ke ile ka nahana hore ba siiloe ka baka la ho khomarela ka ho tiea ha Saudi tlhalosong ea melao ea Boislam karolong ea basali bophelong ba batho bohle.
Ha ke tsoa ka pontšong, ke ile ka susumeletseha ho hopola polelo ea Senyesemane e reng ho na le mahlakore a mabeli a sa tšoaneng tabeng e ’ngoe le e ’ngoe. Ka ntle seterateng, ho ne ho na le baipelaetsi ba Maarab ba neng ba fana ka lipampitšana tse bolelang ka liketso tse se nang bopaki tsa sehlōhō le ho hloka toka Saudi Arabia ba bile ba nyatsa ho ba sieo ha tsamaiso ea puso ea sechaba ka sechaba (ha ho na molao oa motheo kapa palamente). Ke ile ka elelloa hore bakeng sa batho ba bang lehlabathe, oli, le bolumeli hase taba eohle. Empa bonyane ke ne ke na le pono e hlakileng haholoanyane ea bophelo ba Saudi Arabia le phello ea Boislam bathong ba eona.—Se nehetsoe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa ho fumana tsebo e felletseng ka Boislam, bona buka Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1990, khaolo 12, “Boislām—Tsela e Isang ho Molimo ka Boikokobetso.”
b Ha ho na bopaki ba ketsahalo ena ka Bibeleng leha e le ba boteng ba Abrahama Mecca ea boholo-holo.—Genese 12:8–13:18.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 16]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
SAUDI ARABIA
Mecca
IRAN
IRAQ
SUDAN
Leoatle le Lefubelu
Leoatle la Arabia
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
(Ho tloha ka letsohong le letšehali) Mamati a Kaaba, Learabia le etsang mosebetsi oa matsoho, le mongolo oa Searabia o khabisitsoeng ka moloho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
David Patterson