Moloko oa Batho o Batla Molimo
KE HOBANE’NG ha rōna joaloka Lipaki tsa Jehova re nehiloe “puo e hloekileng”? Ka sebele, hase ka morero oa hore re ipolokele eona. Hase ka morero oa hore re tsebe ho thabela mokhoa oa bophelo o mabotho-botho o tšoanang le oo Bokreste-’mōtoana bo etsang lintho ka oona o sa hlokeng boiteko bo bongata, o sekisetsang. Ho e-na le hoo, ke ka morero oa hore ‘bohle ba tle ba bitse lebitso la Jehova, e le hore ba mo sebeletse mahetla a bapile.’ (Sofonia 3:9, NW) E, puo e hloekileng e akarelletsa ho sebetsa hammoho le baena le bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste ba limillione—ba tsoang merabeng eohle, lichabeng tsohle, le lipuong tsohle—bao ka botšepehi ba bolelang litaba tse molemo pele bofelo bo e-tla.—Mareka 13:10; Ba-Roma 13:11; Tšenolo 14:6, 7.
Ka linako tse ling, boboleli ba rōna kajeno bo hlahisa liphephetso tse sa tloaelehang. Ke hobane’ng ha ho e-ba joalo? Lekholong lena la bo20 la lilemo, ho bile le ho falla ho hoholo ha batho ka baka la lintoa, khatello, likhatello tsa moruo, le ka mabaka a mang. Ka baka leo, batho ba lipuo tse ngata le malumeli a mangata ba ’nile ba fallela lichabeng tseo e seng tsa habo bona. Kahoo, lihlopha tse khōlō tsa Mahindu, Mabuddha, le Mamosleme li ile tsa fallela lefatšeng la Bophirimela. Ha re ntse re aba puo e hloekileng ka ntlo le ntlo, re kopana le batho bana. Ka linako tse ling rea tsieleha hobane re tseba se fokolang haholo ka semelo sa bona sa bolumeli. Re ka etsa eng ka hona?—Bapisa le Liketso 2:5-11.
Re ka abelana ’nete joang le Momosleme kapa Mojode? Momosleme le Mojode ba fapane joang? Ke eng seo Mohindu a hlileng a se lumelang? Ke hobane’ng ha Masikh a roala lituku tse khōlō? Buka ea ’ona e halalelang ke efe? Mobuddha o fapane joang le Mohindu? Mashinto a Japane a lumela eng? Na Matao (Taoists) a Chaena kapa balateli ba Confucius ba lumela ho Molimo?a Mojode oa Orthodox o fapane joang le Mojode ea Khothalletsang Liphetoho kapa Mojode ea sa Batleng Liphetoho? Hore re tsebe ho finyella mefuta ena e sa tšoaneng ea batho, re tlameha ho utloisisa pono ea bona pele ebe joale re tseba kamoo re ka ba lebisang ka mosa le ka tsela e bohlale ho Molimo oa ’nete, Jehova.—Liketso 17:22, 23; 1 Ba-Korinthe 9:19-23; Ba-Kolosse 4:6.
Ho re thusa hore re be le kutloisiso e hlakileng haholoanyane ka malumeli a mang, lithuto tsa ’ona, le semelo sa histori ea ’ona, nakong ea Likopano tsa “Puo e Hloekileng” tsa 1990, lefatšeng lohle Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa lokolla khatiso e ncha e nang le sehlooho Moloko oa Batho o Batla Molimo. Re hlomelletsoe ka kofuto ena, re tla tseba ho bua hamolemonyana le batho bao e seng Bakreste hammoho le batho ba Bokreste-’mōtoana.
Kofuto e Sebetsang
Buka ena e maqephe a 384 e na le likhaolo tse 16 tse tlalehang histori ea moloko oa batho ea ho batla Molimo ka lilemo tse 6 000 tse fetileng. E arabela lipotso tse ngata mabapi le malumeli a lefatše. Mohlala o mong oa lipotso tseo ke ona: Ke mabaka afe ao hangata a etsang qeto ka bolumeli ba motho? Ke hobane’ng ha e se phoso ho hlahloba malumeli a mang? Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa Roma e K’hatholike le Bobuddha? Ke karolo efe eo litšōmo li e phethang malumeling a mangata? Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba lumela boloing, tšebelisanong le meea, le boleping ba linaleli? Ke hobane’ng ha Mahindu a na le melimo le melimotsana e mengata hakaale? Masikh a fapane joang le Mahindu? Buddha e ne e le mang, ’me ke eng seo a neng a se ruta? Ke hobane’ng ha Boshinto e le bolumeli bo boholo ba Japane? Ke hobane’ng ha Bajode ba na le molao oa molomo le o ngotsoeng? Re tseba joang hore Kreste hase tšōmo feela? Koran e fapane joang le Bibele? Ke hobane’ng ha Mak’hatholike a bolela hore Petrose e bile eena mopapa oa pele? Ke hobane’ng ha moprista oa Mok’hatholike Luther a ile a ikarola Kerekeng ea Roma e K’hatholike?
Lipotso tsena li batla li sa fele, ’me khatiso ena e tletse likarabo e le hore re tsebe ho buisana le batho ba nang le limelo tse fapaneng tsa bolumeli ka katleho e khōloanyane. Buka ena e hlokomela hore batho ba bangata ba na le malumeli a bona le hore bolumeli ke taba ea botho. Leha ho le joalo, leqepheng la 8 ea tlaleha: “Hantle-ntle ho tloha tsoalong likhopolo tsa bolumeli kapa mekhoa ea boitšoaro li hlongoa likelellong tsa rōna ke batsoali ba rōna le beng ka rōna. Ka baka leo, hangata re latela likhopolo tsa bolumeli tsa batsoali ba rōna le batsoali ba batsoali ba rōna.” Sena se bolela hore “maemong a mangata ba bang ba re khethetse bolumeli ba rōna. E bile feela taba ea hore na re tsoaletsoe hokae hona neng.”—Bapisa le Ba-Filippi 3:4-6.
Joale buka ena e phahamisa potso e utloahalang. “Na ke ho utloahalang ho nka hore bolumeli boo motho a ileng a qobelloa ho ba ho bona ha a tsoaloa ke ’nete eohle?” Kahoo, motho e mong le e mong o khothalletsoa hore a hlahlobe malumeli a mang ka kelello e bulehileng. Ho joalokaha ho tlalehiloe leqepheng la 10: “Ho utloisisa lipono tsa ba bang ho ka isa puisanong e nang le moelelo haholoanyane le moqoqong pakeng tsa batho ba litumelo tse fapaneng.” E tsoela pele: “Ke ’nete hore batho ba ka ’na ba hanyetsana ka matla ka litumelo tsa bona tsa bolumeli, empa ha ho na motheo oa ho hloea motho e mong feela hobane a e-na le pono e fapaneng.”—Mattheu 5:43, 44.
Potso e ’ngoe ea motheo e hlahellang bukeng ena eohle ke hore, Na motho o na le sephefumolohi se sa shoeng, se pholohang lefung la hae ’me se tsoela pele ho phela ka mor’a lefu? Ka tsela e ’ngoe e itseng, e batla e le malumeli ’ohle a rutang thuto eo. Joalokaha Moloko oa Batho o Batla Molimo e tlaleha (leqephe 52): “Ha a ntse a batla Molimo, motho o itšoarelletse ka mahlokoa, a thetsitsoe ke pono ea bohata ea hore moea ha o shoe. . . . Tumelo ea hore moea ha o shoe kapa tse ling tse tšoanang le eona ke lefa le tlileng ho rōna ho theosa le lilemo tse likete.” Lipotso tse ling ke tsena: Na ho na le sebaka se bitsoang lihele moo liphefumolohi li hlokofatsoang teng? Tšepo ea ’nete bakeng sa bafu ke efe? Na Molimo o mong kapa ho na le melimo e mengata?—Genese 2:7; Ezekiele 18:4.
Motheo oa Lithuto tsa Bibele
E sebelisa tlhahlamano ea ’ona ho latela nako eo a hlahileng ka eona lefatšeng, buka ena e bua ka malumeli a maholo a moloko oa batho—Bohindu, Bobuddha, Botao, Boconfucius, Boshinto, Bojode, Bokreste, Bokreste-’mōtoana, le Boislam. Khaolong e ’ngoe le e ’ngoe ho qotsitsoe libuka tse halalelang tsa malumeli ana e le hore molumeli ofe le ofe ea tšepahalang a ka itlhahlobela likarolo tseo tse qotsitsoeng. Bakeng sa khaolo e buang ka Boislam, ho sebelisitsoe liphetolelo tse tharo tse fapaneng tsa Senyesemane tsa Koran. Khaolong e buang ka Bojode, ho qotsitsoe phetolelo ea morao-rao ea Mokhatlo oa Khatiso oa Bojode e bitsoang Tanakh—A New Translation of the Holy Scriptures.—Bapisa le Liketso 17:28; Tite 1:12.
E tšoere’ng bakeng sa ea sa lumeleng boteng ba Molimo kapa ea reng Molimo ha o tsejoe? Khaolo 14 e bua ka ho se lumele ho Molimo ha mehleng ea rōna le hore na ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li tseba hore Molimo o teng. Khaolong e ’ngoe le e ’ngoe ’mali o lebisoa Bibeleng. Kahoo, ka ho sebelisa khatiso ena, ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, re hlomelletsoe hamolemonyana bakeng sa ho qalisa lithuto tsa Bibele le batho ba bolumeli bo bong le bo bong kapa ba ipolelang ba se na bolumeli ho hang. E bua ka tlhompho le ka bohlale ka bolumeli ka bong, empa e phahamisa lipotso tse ka lebisang motho ho Jehova le ’neteng. Ho ba batlang Molimo ka tieo, buka ena e tla ba tlhohonolofatso ea sebele.—Pesaleme ea 83:18; Johanne 8:31, 32; 2 Timothea 3:16, 17.
Mabokose a rutang a akarellelitsoe khaolong e ’ngoe le ’ngoe. Ka mohlala, maqepheng a 226 le 227 ho na le lebokose le reng, “Bojode—Bolumeli ba Mantsoe a Mangata” le hlalosang likarohano tse khōlō tse fumanoang bolumeling ba Bojode. Tlas’a sehlooho “Bohindu—Ho Batla Tokoloho,” ho na le lebokose maqepheng a 116 le 117 se reng, “Bohindu—Melimo le Melimotsana e Meng.” Sena se fana ka letoto la melimo e ’maloa feela ea melimo e fetang limillione tse 330 e rapeloang ke Mahindu. Na Mabuddha a lumela ho Molimo joalokaha lefatše la Bophirimela le utloisisa lentsoe leo? Lebokose “Bobuddha le Molimo” le leqepheng la 145 le arabela potso eo. Buka ena e boetse e na le index bakeng sa litšupiso tsa kapele lihloohong tse khōlō. Pale ea mehloli e meholo e sebelisitsoeng phuputsong le eona ke motheo oa ho bala ho eketsehileng haeba motho a batla boitsebiso bo eketsehileng bo qaqileng.
Buka ena e na le lifoto le litšoantšo tse fetang 200, empa ha lia kenngoa moo bakeng sa mokhabiso feela. Setšoantšo ka seng se na le ntlha eo se e rutang e hlakisang bolumeli boo ho buuoang ka bona haholoanyane. Ka mohlala, leqepheng la 238 ho na le letoto la lifoto tse tšoantšang lipapiso tse ling tseo Jesu a li rutileng. Sebakeng se seng, ho na le letoto la litšoantšo tse hlano tse tšoantšang litšobotsi tse fapaneng tsa tšebeletso ea Kreste—mehlolo ea hae, ho fetoha ha ponahalo ea hae ho khanyang, lefu la hae la sehlabelo, le ho roma ha hae barutuoa ba hae ho bolela lefatšeng lohle.
Leqepheng la 289 ho na le tlhahlamano ea lifoto tse tla hapa thahasello ea Mamosleme. E isa ’mohi Mecca, ka har’a mohaho o moholo oa borapeli moo Kaaba e leng teng, ebe joale e mo lebisa lejoeng le letšo leo Mamosleme a le hlomphang. Borapeli bo fapa-fapaneng ba Bobuddha bo tšoantšitsoe leqepheng la 157. Mahindu a tla thahasella ho bona litšoantšo tsa melimo ea ’ona e tummeng, Ganesa le Krishna maqepheng a 96 le 117.
Ho ile ha botsoa basebeletsi ba Bakreste ba tšoanelehang lefatšeng lohle e le hore ho finyelloe katamelo e khethehileng bolumeling bo bong le bo bong bo boholo. Ka mohlala, bakeng sa likhaolo tse buang ka Bojode le bolumeli ba Bahaʼi boitsebiso ba bohlokoa bo tsoa Iseraele. Lipaki tsa linaha tsa Bomosleme li hlahlobile ka hloko litaba tse khaolong e buang ka Boislam. Boitsebiso ba bohlokoa bo buang ka Mahindu, Masikh le Majaine bo tsoa India. Basebeletsi ba ka Bochabela ba ile ba etsa bonnete ba hore khaolo e buang ka Mashinto e nepahetse, ’me ba bile ba fana ka keletso ka Bobuddha, Botao, le Boconfucius.
Ka baka la ho akaretsa ha buka ena bolumeli ka bong ka hloko, ba nang le eona ka puo ea bona ba tla tseba ho qalisa lithuto tsa Bibele khaolong e loketseng semelo sa bolumeli sa motho ka mong. Joale ba ka ’na ba lakatsa ho fetela khaolong e buang ka tšimoloho ea Bokreste ba pele le mabaka a ho lumela hore Kreste ke Moemeli oa ’nete oa Molimo, ea sebelisoang ho atametsa moloko oa batho ho Molimo. Ho na le likhaolo tse hlalosang kamoo bokoenehi bo tlileng ka teng, e leng ho felletseng ka likarohano le lihlotšoana tsa Bokreste-’mōtoana. Likhaolo tse peli tsa ho qetela li bontša kamoo borapeli ba ’nete bo tsosolositsoeng ka teng mehleng ena ea bofelo le seo bokamoso bo haufi bo se tšoaretseng Babylona e Moholo, ’muso oa Satane oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata. Ka mor’a moo, ho totobatsoa lefatše le lecha le tšepo ea Bibele ea tsoho.—Johanne 5:28, 29; 12:44-46; 14:6; Tšenolo 21:1-4.
Ruri ena ke khatiso e lokelang ho thusa batho ba bangata lefatšeng lohle ho atamela haufi le Molimo, joalokaha Jakobo a boletse lengolong la hae khaolong ea 4, temana ea 8: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela. Baetsalibe, hatlelang, ’me lōna ba pelo li peli, hlatsoang lipelo tsa lōna.” E, joalokaha Esaia a bolela: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi.”—Esaia 55:6; Johanne 6:44, 65.
Kaofela ha rōna a re tsoeleng pele ho fetohela tseleng e nepahetseng, re lebe ho ’Musi Morena oa bokahohle, Jehova Molimo. ’Me ka thuso ea khatiso ena, Moloko oa Batho o Batla Molimo, a re thuseng batho ba bang ba likete ho rapela Jehova “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23, 24) E se eka re ka phehella ho fumana ba batlang ’nete ’me re ba bolelle ka Molimo oa ’nete, hobane ruri o ka fumanoa!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Taoist” e bitsoa e le dow-ist; molumo oa eona o tšoana le oa now.
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Motho o ’nile a batla Molimo ka litsela tse ngata
[Setšoantšo]
Mak’hatholike a tšepahalang a retelehela ho Maria
[Setšoantšo]
Mahindu a hlompha nōka ea Ganges
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Harry Burdich, Transglobe Agency, Hamburg
[Setšoantšo]
Bajode ba bang ba chesehang ba roala lifilaktera
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
GPO, Jerusalem
[Setšoantšo]
Banna ba Mamosleme ba nka leeto la bolumeli ho ea Mecca
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Camerapix
[Setšoantšo]
Ba bangata ba rapela Buddha
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Jesu o ile a sebelisa lipapiso ho thusa batho ho fumana Molimo oa ’nete
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.