Ho Qalisa Lithuto ka ho Sebelisa Buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo
1 Jesu o itse, “E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.” (Mar. 13:10) Sena se ne se bolela hore barutuoa ba hae ba ne ba tla teana le batho ba lipuo, mekhoa, le limelo tse ngata tse fapaneng tsa bolumeli. Hape se ne se bolela hore barutuoa ba hae ba kajeno, Lipaki tsa Jehova, ba ne ba tla ba le kabelo ea ho ruta batho ba mefuta eohle.
2 Ntle ho pelaelo buka ea rōna e ncha ea Moloko oa Batho o Batla Molimo e tla thusa batho ba bangata haholoanyane ba lipelo li tšepahalang hore ba fumane Molimo oa ’nete, Jehova, le ho amohela tsela ea oona ea ’nete. (Joh. 4:21-24) Re ka qalisa lithuto tsa Bibele joang re sebelisa buka ee?
KAMOO U KA QALISANG THUTO KA TENG
3 Mohlomong u ne u se u ralile motheo oa thuto ea Bibele ketelong ea pele ha u hlokomela hore motho ea itseng ke oa bolumeli bofe. Mohlomong ketelong eo ea pele, u ile ua lebisa tlhokomelo ea mong’a ntlo khaolong kapa serapeng se itseng. U ka sebelisa ntlha eo ka eona nako eo kapa ketelong e latelang e le motheo oa puisano e lebisang thutong. Ka ho sebelisa lipotso tse leng botlaaseng ba leqephe, u ka ba le motheo o susumetsang monahano le ho thea puisano. Ha e le hantle, ha re thahaselle ho tsosa khang empa, ho fapana le hoo, re thahasella ho buisana ka boitsebiso ka tsela e utloahalang. Ho sa tsotellehe hore na re qala qalong ea buka kapa khaolong leha e le efe e ’ngoe, qetellong sepheo sa rōna e lokela hore e be ho lebisa motho eo likhaolong 10, 15, le 16. Hobane’ng?
4 Joang kapa joang ho batla Molimo oa ’nete ho lokela ho etsoa ka Kreste. Jesu o itse, “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.” (Joh. 14:6) Khaolo ea 10 e arabela potso ena ka ho hlakileng, “Na Jesu e ne e le Tsela e Isang ho Molimo?” E hlalosa bopaki ba Jesu, hore na re tseba joang hore e ne e se motho oa tšōmong, kamoo a ileng a boleloa esale pele boprofeteng, lebaka leo ka lona barutuoa ba hae ba pele ba neng ba lumela ho eena e le tsela e lebisang ho Molimo, le hore na re tseba joang hore o ne a amoheloa ke Molimo. (Joh. 6:44, 65) Likhaolo 15 le 16 li tšohla lihlooho tse reng “Ho Khutlela ho Molimo oa ’Nete” le “Molimo oa ’Nete le Bokamoso ba Hao.”
ELA HLOKO LITLHOKO TSA MOTHO KA MONG
5 Mohlomong ka mor’a ho ithuta ka makhetlo a ’maloa re ka bona e le bohlale ho fetela khatisong e theiloeng Bibeleng haholoanyane, joaloka buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Kaha buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo e etselitsoe ho lebisa batho ba limelo tse ngata tse fapaneng ho Molimo oa ’nete ho tloha sethathong, hase likhaolo tsohle tse tla ipiletsa ho batho bohle. Ho hlokahala hore re tsebe kamoo re ka fetolang nehelano ea rōna le tokisetso ea ho ithuta hore e lumellane le litlhoko tsa motho ka mong.—1 Ba-Kor. 9:19-22.
6 Ka mohlala, mohlomong re tsamaisitse buka ena ho motho ea ipolelang hore ke Mokreste. Joale, mohlomong potso eo u ka e botsang ha u etsa leeto la ho boela e ka ba e reng, “Ke hobane’ng ha ho e-na le malumeli a mangata a ipolelang hore ke a Bokreste?” Ka hona, khaolo ea 11 e buang ka bokoenehi le khaolo ea 13 e buang ka Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ka ba motheo oa ho qalisa thuto. Ha motho a hlokomela kamoo Bokreste-’mōtoana bo hlahileng ka teng, re tla mo thusa ho beha mabaka ka lithuto tsa Bibele tse hanyetsang lithuto tsa bokoenehi tsa Bokreste-’mōtoana. Re tšepa hore ’nete e tla lokolla kelello ea motho eo e le hore a ka hlaolela kamano le Jehova Molimo. (Joh. 8:31, 32) Joale thuto e ka ntšetsoa pele ka likhaolo 15 le 16 kapa ka buka ea Phela ka ho sa Feleng.
HO FINYELLA BATHO BA BOLUMELI BOO E SENG BA BOKRESTE
7 Ka mehla ha re ithuta le batho ba litumelo tse ling, re lokela ho bontša lerato la Bokreste le masene. Pauluse o ile a hatisa seo ha a ngola: “Polelo tsa lōna e be tse molemo ka mehla, tse nokiloeng ka letsoai, le tle le tsebe kamoo le tšoanetseng ho arabela e mong le e mong.” (Ba-Kol. 4:6) Bakeng sa Mahindu mohlomong re ka leka ho qalisa thuto leqepheng la 372 tlas’a sehloohoana se reng “Lefatše le Lecha le Tšepisitsoeng.” Joale u ka tsoela pele khaolong ea 5 e buang ka Bohindu. Senotlolo sa ho atleha ke ho tseba litlhoko tsa motho ka mong.—Bapisa le Liketso 17:22, 23.
8 Haholo-holo ho hlokahala hore re sebelise masene ha re buisana le Mamoseleme. Ntle ho pelaelo a tla khahloa ke khaolo ea 12 e buang ka Boislām. Ha sehlooho seo se ntse se hōlisoa, lipotsong ho fanoa ka litemana tsa Bibele tse ka bapisoang le ho bontša phapang pakeng tsa litemana tseo, haholo-holo ho tloha serapeng 23 ho ea pele. Re ipiletsa ho batho hore re fapanyetsane maikutlo le bona joalokaha Bibele e phehella: ‘“Tloong re lokise litaba,” ho rialo Jehova.’—Esa. 1:18, BPN; 1 Pet. 3:15.
9 Leka ho thusa batho ba malumeli a fapaneng hore ba batle Molimo oa ’nete. Hopola hore le hoja re jala le ho nosetsa, qetellong, ke Molimo ‘o ka melisang peō ea ’nete’ haeba mobu e le o nepahetseng.—1 Ba-Kor. 3:6, 7; Matt. 13:18-23.